Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 6/1 leq. 3
  • Bobe—Na bo Tsoile Taolong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bobe—Na bo Tsoile Taolong?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botle Khahlanong le Bobe—Ntoa e sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Botle bo Tla ke bo Hlōle Bobe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Eng se Etsang Hore re be Molemo Kapa re be Babe?
    Tsoha!—2010
  • Kamoo Botle bo Tla Hlōla Bobe Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 6/1 leq. 3

Bobe—Na bo Tsoile Taolong?

Moshanyana ea bohelehele o thonaka ntho e itseng lebaleng—ke seqhomane sa fatše—’me e mo siea a foufetse a bile a holofetse bophelo bohle ba hae. ’Mè o lahla lesea la hae le sa tsoa hlaha, o le pata ka har’a matlakala ka thōko ho tsela. Motho ea lelekiloeng mosebetsing o khutlela sebakeng seo a neng a sebetsa ho sona, o thunya motho e mong le e mong eo a mo bonang, ebe hamorao oa ipolaea. Motho ea hlomphuoang motseng o hlekahleka bana ba se nang mokhoa oa ho itšireletsa ka ho kopanela liphate le bona.

KA MASOABI, litlaleho tsa liketso tse joalo tse mpe li se li tloaelehile haholo mehleng ea rōna. Ho soabisang le ho feta ke hore hangata, litlaleho tsena li pupetsoa ke litlhaselo tse reretsoeng ho timetsa merabe e meng le bokhukhuni. Sehlooho se itseng sa bohlophisi se phatlalalitsoeng ka 1995 se itse: “Lekholo lena la lilemo le bile lebe hoo ho ka thoeng ke lekholo la lilemo le laoloang ke Satane. Ha ho mohla batho ba kileng ba e-ba le tšekamelo e matla hakana le tjantjello ea ho bolaea batho ba bang ba limilione, ka lebaka la morabe, la bolumeli kapa boemo.”

Ka nako e tšoanang, batho ba silafatsa moea le lefatše, ba qeta lirafshoa tsa lona, le ho bolaea mefuta e mengata ea liphoofolo tse seng li le haufi le ho fela. Na batho ba ka felisa liketso tsee tse mpe le ho etsa hore lefatše e be sebaka se molemo le se sireletsehileng? Kapa na ebe ho leka ho etsa joalo ho ne ho tla tšoana le ho leka ho khaphela leqhubu la leoatle morao ka lefielo? Moprofesa ea ngotseng haholo ka taba ena ea bobe o itse: “Ke na le tjantjello e matla haholo ea hore ke tlise liphetoho lefatšeng le ho ntlafatsa maemo a lona. Empa ha ho bonahale eka lefatše lena le ka ntlafala.” Mohlomong le uena u ikutloa joalo.

Tsela eo lefatše lena le tsamaeang ka eona e ka tšoantšoa le sekepe se tsamaeang leoatleng le ntseng le befa le le ntseng le e-ba kotsi haholo letsatsi le letsatsi. Le hoja ho se motho ea batlang ho ea moo se lebileng teng, matsapa ’ohle a ho leka ho se khutlisa aa hlōleha. Sekepe sena se kena ka har’a sefefo se matla le se kotsi, ho se letho le se thibang.

Ka tsela e itseng, ho ka thoe boemo bona bo ntseng bo mpefala bo bakiloe ke ho se phethahale ha batho. (Baroma 3:23) Leha ho le joalo, tsela eo bobe bo atileng ka eona, ho pharalla ha bona le ho phehella ha bona ho tsoile taolong hoo lonya leo batho ba le etsang le bontšang hore ho na le se ba susumetsang. Na ebe mohlomong ho na le matla a itseng a bobe a sa bonahaleng a laolang batho? Haeba a le teng, ke a eng, hona re ka itšireletsa joang? Lipotso tsena li tla arajoa sehloohong se latelang.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

© Heldur Netocny/Panos Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela