Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 7/15 leq. 32
  • “Paki e Tšepahalang Maholimong”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Paki e Tšepahalang Maholimong”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 7/15 leq. 32

“Paki e Tšepahalang Maholimong”

KE KHALE liroki le bangoli ba lipina ba tlotla khoeli ka lebaka la botle ba eona. Ka mohlala, pina e bululetsoeng ke Molimo e bua ka mosali e mong e “motle joaloka khoeli e tolokileng.” (Sefela sa Lifela 6:10) ’Me ha mopesaleme e mong a reneketsa khoeli o e bitsa “paki e tšepahalang maholimong.” (Pesaleme ea 89:37) Polelo ee e mabapi le khoeli ke ea bohlokoa hakae?

Ka botšepehi khoeli e qeta ho potoloha lefatše ka mor’a matsatsi a mang le a mang a 27,3. Kahoo, ha ho thoe khoeli ea tšepahala ho boleloa hore e ka tšeptjoa. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba mopesaleme o ne a nahanne ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo ha a ne a bua mantsoe ao. O ile a bitsa khoeli “paki e tšepahalang” pineng ea boprofeta e buang ka ’Muso oo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba o rapelle.—Matheu 6:9, 10.

Lilemong tse fetang 3 000 tse fetileng, Jehova Molimo o ile a hlaba selekane sa ’Muso le Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo. (2 Samuele 7:12-16) Morero oa selekane seo e ne e le ho rala motheo oa hore ka molao, Jesu Kreste a lule teroneng ea Davida ka ho sa feleng e le mojalefa oa hae. (Esaia 9:7; Luka 1:32, 33) Ha mopesaleme a bina ka terone ea “peō” ea Davida, o ile a re: “E tla tiisoa ka thata joaloka khoeli ho isa nakong e sa lekanyetsoang, le joaloka paki e tšepahalang maholimong.”—Pesaleme ea 89:36, 37.

‘Mohloli oa leseli o laolang bosiu’—e leng khoeli—ke khopotso e loketseng ea hore puso ea Kreste e tla ba teng ho ea ho ile. (Genese 1:16) Ha Daniele 7:14 e bua ka ’Muso oa hae e re: “Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.” Khoeli ke paki e re hopotsang ’Muso oo le mahlohonolo ao o tla a tlisetsa batho.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Moon: NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela