“’Nete ke Eng?”
’MUSISI oa Moroma Ponse Pilato o ile a botsa Jesu potso eo ka tsela e eisang. Hase hore o ne a batla karabo, ’me Jesu le eena ha aa ka a mo fa eona. Mohlomong Pilato o ne a nka hore ’nete ke ntho e thata hore motho a ka e utloisisa.—Johanne 18:38.
Kajeno batho ba bangata ba eisa ’nete ka tsela ena, batho bana ba akha baeta-pele ba bolumeli, barupeli le bo-ralipolotiki. Ba lumela hore ’nete—haholo-holo e mabapi le boitšoaro le ’nete litabeng tsa bolumeli—hase ntho e tōpileng empa e itšetlehile ka motho ka mong, ’me e lula e fetoha. Ha e le hantle, sena se bolela hore batho ba ka ikhethela hore na ke sefe se nepahetseng le hore na ke sefe se fosahetseng. (Esaia 5:20, 21) Se boetse se bolela hore batho ba nke boitšoaro bo neng bo amoheleha melokong e fetileng le lintho tse neng li nkoa e le tsa bohlokoa e le tse siiloeng ke nako.
Ke habohlokoa hore re ele hloko polelo e ileng ea etsa hore Pilato a botse potso ena. Jesu o ne a ile a re: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” (Johanne 18:37) Jesu o ne a sa nke ’nete e le ntho e sa hlakang e ke keng ea utloisisoa. O ile a tšepisa barutuoa ba hae sena: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.
’Nete e joalo e ka fumanoa hokae? Ka lekhetlo le leng ha Jesu a ne a rapela Molimo o ile a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Bibele e ngotsoeng ka pululelo ea Molimo, e senola ’nete e fanang ka tataiso e ka tšeptjoang ebile e fana ka tšepo e tiileng bakeng sa bokamoso—e leng bophelo bo sa feleng.—2 Timothea 3:15-17.
Ka ho se tsotelle Pilato o ile a lahla monyetla oa ho ithuta ’nete eo. Na u tla tšoana le eena? Ke hobane’ng ha u sa botse Lipaki Tsa Jehova hore na “’nete” eo Jesu a neng a ruta ka eona ke eng? Li tla thabela ho u bolella ’nete eo.