Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 12/1 leq. 3
  • Na ho ka Etsahala Hore Lefatše le be Bonngoeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho ka Etsahala Hore Lefatše le be Bonngoeng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lelapa la Jehova le Thabela Bonngoe ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bolokang Bonngoe Matsatsing Ana a ho Qetela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lefatšeng ka Bophara Batho ba ba Bonngoeng—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Bonngoe bo Khetholla Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 12/1 leq. 3

Na ho ka Etsahala Hore Lefatše le be Bonngoeng?

NA LEFATŠE la rōna le lintšing tsa ho bōpa khotso kapa le mathuleng a ho oeloa ke tlokotsi? Ho bonahala eka ho na le mabaka a utloahalang a ka tšehetsang maikutlo ana ka bobeli.

Ka lehlakoreng le leng, baeta-pele ba bang ba lefatše ba bua ba kholisehile hore khotso ea lefatše ke ntho e ka fihleloang—mohlomong ba haroha matsoalo ha ba nahana hore na haeba khotso ea lefatše e sa finyelloe boemo ba lefatše e tla ba bofe. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba tšosoa ke lipotso tse kang tsena: Ke linaha life tse nang le libetsa tse bolaeang la rita? Na li tla ba sebete sa ho li sebelisa? Ho ne ho tla etsahala’ng haeba li ne li ka li sebelisa?

Histori e bontša hore bora le khethollo esale e le tsona lintho tse ka sehloohong tse sitisang tšepo ea hore ho ka ba le bonngoe, ’me ho e-na le hore bolumeli bo time hlaha ena bo ’nile ba e roteletsa le ho feta. James A. Haught, eo e leng motlalehi oa litaba o ngotse sena: “Ntho efe kapa efe e arolang batho e ka baka lehloeo, ’me e ’ngoe ea lintho tse matla haholo tse arolang batho ke bolumeli.” Steven Weinberg oa sengoli o na le maikutlo a tšoanang, o ngotse a re: “Ho sa tsotellehe maikutlo a atileng a hore bolumeli bo etsa hore batho e be ba ‘lokileng,’ ho totobetse hore bo etsa hore batho ba bang ba etse liketso tse nyarosang. Bolumeli ke bona bo susumelletsang batho ba lokileng hore ba etse bobe.”

Na ho na le tšepo ea hore lefatše la rōna le tla ke le be bonngoeng? Ho joalo! Empa joalokaha re tla bona, hase motho kapa malumeli a batho a tla etsa hore lefatše le be bonngoeng.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 3]

Na lefatše le tšoana le seqhomane se mothating oa ho phatloha?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela