-
Thuto e Iqapetsoeng ea 1: Moea ha o ShoeMolula-Qhooa—2009 | November 1
-
-
Thuto e Iqapetsoeng ea 1: Moea ha o Shoe
Thuto ee e iqapetsoeng e qalile hokae?
“Bo-rafilosofi ba pele ba Bakreste ba ile ba sebelisa khopolo ea Bagerike ea hore moea ha o shoe, ba nahana hore moea (soul) ke ntho e entsoeng ke Molimo eaba o o kenya ’meleng oa mosali nakong eo a emolang.”—The New Encyclopædia Britannica (1988), Volume 11, leqepheng la 25.
Bibele e ruta eng?
“Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”—Ezekiele 18:4, Bibele ea Sesotho.
Ha Bibele e bua ka ho bōptjoa ha motho oa pele e re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea [ka Seheberu, neʹphesh] o phelang.”—Genese 2:7.
Lentsoe la Seheberu, neʹphesh, le fetoletsoeng e le “moea,” le bolela ‘sebōpuoa se hemang.’ Ha Molimo a bōpa motho oa pele Adama, Ha aa ka a mo kenya moea (soul) o sa shoeng, empa o kentse matla a bophelo a etsang hore motho a lule a phela ka ho phefumoloha. Ka hona, ha Bibele e bua ka “moea” e bua ka ntho e phelang. Haeba moea o arohana le matla a bophelo ao Molimo a ileng a fana ka ’ona, oa shoa.—Genese 3:19; Ezekiele 18:20.
Thuto ea hore moea ha o shoe e ile ea etsa hore ho be le lipotso tse ling: Moea o ea hokae ka mor’a lefu? Ho etsahala joang ka moea oa batho ba khopo? Ha batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba amohela thuto e iqapetsoeng ea hore moea ha o shoe, sena se ile sa etsa hore ba amohele thuto e ’ngoe e iqapetsoeng—e leng thuto ea mollo oa lihele.
Bapisa litemana tsena tsa Bibele: Moeklesia 3:19; Matheu 10:28; Liketso 3:23
THUTO EA ’NETE:
Ha motho a e-shoa o khaotsa ho phela
-
-
Thuto e Iqapetsoeng ea 2: Ba Khopo ba Hlokofatsoa LihelengMolula-Qhooa—2009 | November 1
-
-
Thuto e Iqapetsoeng ea 2: Ba Khopo ba Hlokofatsoa Liheleng
Thuto ee e iqapetsoeng e qalile hokae?
“Ho bo-rafilosofi bohle ba boholo-holo ba Bagerike, ea bileng le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa thutong e tloaelehileng ea Lihele ke Plato.”—Histoire des enfers (Histori ea Lihele), e ngotsoeng ke Georges Minois, leqepheng la 50.
“Ho qala mahareng a lekholo la 2 la lilemo AD, Bakreste ba ileng ba rutoa filosofi ea Bagerike ba ile ba utloa ho hlokahala hore ba hlalose tumelo ea bona ho latela filosofi eo . . . Filosofi eo ba neng ba hlile ba e rata e ne e le ea Plato [lithuto tsa Plato].”—The New Encyclopædia Britannica (1988), Volume 25, leqepheng la 890.
“Se rutoang ke Kereke se tiisa hore lihele li teng le hore ke mollo o sa feleng. Hang ka mor’a lefu, meea ea batho ba shoang ba e-na le libe tse tebileng e ea liheleng, moo e fumanang tlhokofatso ea lihele, e leng ‘mollo o sa feleng.’ Kotlo e ka sehloohong ea lihele ke ho aroloa ho Molimo ka ho sa feleng.”—Catechism of the Catholic Church, khatiso ea 1994, leqepheng la 270.
Bibele e ruta eng?
“Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa, empa bafu ha ba tsebe letho, . . . kaha ha ho na mosebetsi kapa monahano kapa tsebo kapa bohlale Sheole, e leng moo u eang teng.”—Moeklesia 9:5, 10, Revised Standard Version.
Lentsoe la Seheberu, Sheole, le bolelang “nģalo ea bafu,” le fetoletsoe e le “lihele” Libibeleng tse ling. Temana ee e senola eng ka boemo ba bafu? Na ba hlokofatsoa Sheole e le hore ba lefelle libe tsa bona? Che, kaha “ha ba tsebe letho.” Ke kahoo mopatriareka Jobo ha a ne a utloile bohloko bo fetisisang ka lebaka la ho kula haholo, a ileng a kōpa Molimo: “Mpate liheleng [Sheole, ka Seheberu].” (Jobo 14:13; Douay-Rheims Version) Kōpo ea Jobo e ne e tla be e bolela’ng haeba Sheole e ne e le sebaka seo ho sona batho ba hlokofatsoang ka ho sa feleng? Lihele, ho latela Bibele, e mpa feela e le lebitla le tloaelehileng moo motho a seng a ke ke a etsa letho.
Ka sebele tlhaloso ena ea lihele ea utloahala ebile e lumellana le Mangolo. Ke ketso efe e fosahetseng hoo Molimo ea lerato a ka hlokofatsang batho ka ho sa feleng ka lebaka la eona? (1 Johanne 4:8) Empa haeba thuto ea mollo oa lihele e iqapetsoe, joale ea hore moea o ea leholimong eona?
Bapisa litemana tsena tsa Bibele: Pesaleme ea 146:3, 4; Liketso 2:25-27; Baroma 6:7, 23
THUTO EA ’NETE:
Molimo ha a hlokofatse batho liheleng
-
-
Thuto e Iqapetsoeng ea 3: Batho Bohle ba Lokileng ba ea LeholimongMolula-Qhooa—2009 | November 1
-
-
Thuto e Iqapetsoeng ea 3: Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong
Thuto ee e iqapetsoeng e qalile hokae?
Ka mor’a hore baapostola ba Jesu ba shoe, Bangoli ba Lithuto Tsa Bokreste ba ile ba qala ho nkoa e le ba bohlokoa qalong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E. Ha New Catholic Encyclopedia (2003), Volume 6, leqepheng la 687 e hlalosa lithuto tsa bona, e re: “Thuto e tloaelehileng e ne e le ea hore bophelo bo thabisang ka ho fetisisa leholimong bo fuoa meea e seng e arohane le ’mele, hang hoba e hloekisoe ka tsela leha e le efe e hlokahalang ha motho a se a shoele.”
Bibele e ruta eng?
“Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.”—Matheu 5:5.
Le hoja Jesu a ile a tšepisa barutuoa ba hae hore o tla ba “lokisetsa sebaka” leholimong, o bontšitse hore hase bohle ba lokileng ba tla ea teng. (Johanne 3:13; 14:2, 3) Na haa ka a rapella hore thato ea Molimo e “etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong”? (Matheu 6:9, 10) Ha e le hantle, ho na le libaka tse peli tseo ba lokileng ba tla ea ho tsona. Palo e fokolang e tla busa leholimong le Kreste empa ba bangata ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Tšenolo 5:10.
Ha nako e ntse e e-ea, baeta-pele ba boholo-holo ba kereke ba ile ba fetola pono ea bona ka seo kereke e se phethang mona lefatšeng. Liphello e bile life? The New Encyclopædia Britannica, e re: “Kereke e ile ea be e se e iphetola ’Muso oa Molimo o letetsoeng.” Kereke e ile ea ipha matla a eketsehileng ka ho kena lipolotiking, e iphapanyetsa mantsoe a hlakileng a Jesu a hore balateli ba hae ha baa lokela ho ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19; 17:14-16; 18:36) Ka lebaka la tšusumetso ea Moemphera Constantine oa Roma, kereke e ile ea koenehela litumelo tse ling tsa eona, eo e ’ngoe ea tsona e leng ea hore na Molimo o joang.
Bapisa litemana tsena tsa Bibele: Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Johanne 17:3; 2 Timothea 2:11, 12
THUTO EA ’NETE:
Batho ba bangata ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng, eseng leholimong
-
-
Thuto e Iqapetsoeng ea 4: Molimo ke Boraro-bo-bongMolula-Qhooa—2009 | November 1
-
-
Thuto e Iqapetsoeng ea 4: Molimo ke Boraro-bo-bong
Thuto ee e iqapetsoeng e qalile hokae?
“Batho ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a hore Thuto ea Boraro-bo-bong ho bonahala e le e iqapetsoeng ho ea bofelong ba lekholo la bone la lilemo. Ha e le hantle sena ke ’nete . . . Taba ena e iqapetsoeng ea ‘Molimo a le mong Bathong ba bararo’ e ne e se na motheo o tiileng, ebile e sa teba bophelong ba Bakreste le tumelong ea bona pele lekholo la bone la lilemo le fela.”—New Catholic Encyclopedia (1967), Volume 14, leqepheng la 299.
“Seboka sa Nicaea se ile sa tšoaroa ka la 20 May 325 [C.E.]. Seboka sena se ne se tsamaisoa ke Constantine ’me ka mafolofolo e le eena ea laolang lipuisano, a ba a hlahisa . . . moralo oa bohlokoahali o bontšang kamano ea Kreste le Molimo molao-motheong o ileng oa fanoa sebokeng seo, e leng ‘oa boleng bo le bong le Ntate.’ . . . Ka lebaka la ho tšaba moemphera eo, babishopo bohle ba ile ba saenela molao-motheo oo, ntle ho ba babeli feela, le hoja ba bangata ba bona ba ne ba sa lumellane le oona.”—Encyclopædia Britannica (1970), Volume 6, leqepheng la 386.
Bibele e ruta eng?
“Setefane a tlala Moea o Halalelang, a lelala holimo, a bona khanya ea Molimo, le Jesu a eme letsohong le letona la Molimo. A re: Bonang! ke bona maholimo a phetliloe, le Mor’a motho a eme ka letsohong le letona la Molimo.”—Liketso 7:55, 56, Bibele ea Sesotho.
Pono ee e ne e ruta eng? Setefane, a tletse matla a sebetsang a Molimo, o ile a bona Jesu “a eme ka letsohong le letona la Molimo.” Ho hlakile hore Jesu ha ea ka ea e-ba Molimo hape ka mor’a hore a tsosoe ’me a nyolohele leholimong, empa e ile ea e-ba motho oa moea ea ikemetseng. Ponong ena ha ho moo ho buuoang ka motho oa boraro ea lutseng pel’a Molimo. Ho sa tsotelle boiteko bo entsoeng ba ho fumana Mangolo a tšehetsang thuto ea Boraro-bo-bong, moruti oa Dominica ea bitsoang Marie-Émile Boismard, bukeng ea hae ea À l’aube du christianisme—La naissance des dogmes (Qaleho ea Bokreste—Tšimoloho ea Lithuto Tsa Kereke), o ile a re: “Mantsoe a reng ho na le batho ba bararo ho Molimo a le mong . . . ha ho moo a fumanoang Testamenteng e Ncha.”
Thuto ena eo Constantine a ileng a e buella e ne e reretsoe ho felisa likhaohano tse neng li le teng ka har’a Kereke lekholong la bone la lilemo. Empa ha e le hantle e ile ea etsa hore ho be le potso e ’ngoe hape: Na Maria, ea ileng a tsoala Jesu, e ne e le “’Mè oa Molimo”?
Bapisa litemana tsena tsa Bibele: Matheu 26:39; Johanne 14:28; 1 Bakorinthe 15:27, 28; Bakolose 1:15, 16
THUTO EA ’NETE:
Thuto ea Boraro-bo-bong e qalile bofelong ba lekholo la bone la lilemo
-