Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w17 October leq. 31
  • E-ba Mokreste ea Mosa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Mokreste ea Mosa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re ka Ithuta’ng ho Morutuoa eo Jesu a Neng a mo Rata?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Johanne o Batla ho Utloa Litaba ho Tsoa ho Jesu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
w17 October leq. 31
John o fuoa bukana ea “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso” ke Paki ea Jehova

E-BA MOKRESTE ea Mosa

NTATE oa John o kolobelitsoe lilemong tsa bo-1950 a kolobeletsoa toropong ea Gujarat, India. John le bana babo hammoho le ’mè oa bona e ne e le Maroma a ratang bolumeli ba ’ona haholo. Ba ne ba sa rate bolumeli ba ntate oa bona.

Ka letsatsi le leng ntate oa John o ile a kopa mora oa hae ho mo isetsa lengolo ho e mong oa metsoalle ea hae phuthehong ea bona. Hoseng ha letsatsi leo, John o ile a itematsa habohloko ha a bula moqomo oa lesenke. Leha ho le joalo, kaha John o ne a mamela ntate oa hae, o ile a tlamisa monoana o neng o tsoa mali eaba o phethahatsa thomo ea ntate oa hae.

Ha a fihla moo, o ile a fumana mohats’a motsoalle oa ntate oa hae eo le eena e leng Paki ea Jehova. Ha ’mè eo a amohela lengolo, a hlokomela leqeba monoaneng oa John ’me a kopa ho mo thusa. O ile a ntša lebokose la hae la thuso ea pele, a hlatsoa leqeba leo eaba oa le tlamisa. Ha a qeta, a etsetsa John tee eaba o buisana le eena ka molaetsa oa Bibele.

Nakong eo John o ile a ba le boikutlo bo fapaneng ka Lipaki, eaba o botsa ’mè eo lipotso tse peli tseo eena le ntate oa hae ba neng ba sa lumellane ka tsona. Na Jesu ke Molimo, le hore na ho nepahetse hore Bakreste ba rapele Maria? Ka mor’a ho ithuta lintho tse ngata ka setso sa John sa bogujarati, ’mè eo oa Paki a mo arabela ka tsela e khotsofatsang eaba o mo fa bukana ea “Litaba Tse Molemo tsa ’Muso oa Molimo.”

Hamorao ha a ntse a bala bukana ena, John o ile a qala ho utloisisa Bibele. O ile a ea ho moruti oa hae, ’me a mo botsa lipotso tse tšoanang le tseo a li botsitseng Paki eo a neng a buisana le eona. Moruti eo o ile a hlokofala hang-hang eaba o mo betsa ka Bibele a re: “U Satane! Mpontše moo Bibele e reng Jesu ha se Molimo. Mpontše moo e reng ha rea lokela ho rapela Maria. Mpontše.” John o ile a tšoha haholo ha a hlokomela kamoo moruti a ileng a itšoara kateng ’me a re: “Le ka mohla nke ke ka hlola ke le beha kerekeng e K’hatholike.” John ha aa ka a hlola a ea kerekeng e K’hatholike.

John o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki, a emela borapeli ba ’nete ’me a sebeletsa Jehova. Litho tsohle tsa lelapa labo li ile tsa etsa se tšoanang. John o ntse a e-na le lebali la leqeba monoaneng oa hae le hoja ho se ho fetile lilemo tse 60. O ntse a hopola kamoo Bakreste ba ileng ba mo tšoara ka mosa kateng, e leng se mo thusitseng ho kopanela borapeling boo Jehova a bo amohelang.—2 Bakor. 6:4, 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela