Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/09 leq. 7
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ho Paka ka Thelefono ho ka ba Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Na U Kenya Letsoho ho Etsa Hore Liboka Tsa Bokreste e be Tse Hahang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 11/09 leq. 7

Lebokose la Lipotso

◼ Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho ba seli ha ba lokisetsa hore bahoeletsi ba bang ba mamele liboka tsa phutheho ka thelefono?

Ho na le batho bao ka linako tse ling ba sitoang ho ba teng libokeng tsa phutheho Holong ea ’Muso ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo kapa boemo bo bong boo ba sitoang ho bo qoba. Ka lebaka leo, liphutheho tse ngata li lokiselitse hore batho bao ba mamele liboka ka thelefono ba le lapeng. Baholo ba abetsoeng mosebetsi ona ba lokela ho ba seli le ho hlophisa lintho ka hloko ho tiisa hore tokisetso ena e lerato e tsoela batho ba e hlokang e le kannete molemo. Kahoo, ba lokela ho etsa litokisetso le ho hlokomela hore ‘lintho tsohle li etsahala ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.’—1 Bakor. 14:40.

Tabeng ena baholo ba tla ameha haholo ka bahoeletsi ba liphutheho tsa habo bona ba tšoeroeng ke mafu a sa foleng kapa ba kulang hoo ba sa khoneng ho tloha lapeng. Ba bang ba ka ’nang ba kenyelletsoa tokisetsong ena ke bahoeletsi ba kulang ka nakoana kapa ba holofetseng kapa liithuti tsa Bibele tse hatelang pele tse kulang hoo li sa khoneng ho tloha lapeng. Batho bana ba balelloa har’a ba bileng teng libokeng. Haeba ho se na lithelefono tse eketsehileng tse ka anelang batho bohle ba sa khoneng ho tla libokeng ka mabaka a utloahalang, mohlomong ho ka etsoa litokisetso tse ling tse kang ho ba rekotela liboka.

Ke ’nete hore motho a ke ke a rua molemo o tšoanang le oa ha a le teng ka seqo libokeng. Ha re e-na le barab’abo rōna, rea “khothatsana” ’me sena se thusa ba bacha hore ba bone hore ke habohlokoa ho ba teng libokeng. Ha re le libokeng, re rua molemo o moholo ha ho etsoa lipontšo, ’me baholo ba khona ho re thusa ebile re utloa mofuthu oa lerato la bara ba motho. Eitse ha morali e mong oabo rōna ea hōlileng a tsoa ka Holong ea ’Muso, eaba motho e mong oa mo haka, ’me seo morali eo oabo rōna a ileng a se bua ke ’nete ha a re: “Ha ho motho ea ka u hakang ha u mametse liboka ka thelefono!”—Bar. 1:11, 12.

Joaloka Anna “eo le ka mohla a neng a sa hlokoe tempeleng,” kajeno ba bangata ba hōlileng ba ba teng kamehla libokeng tsa Bakreste ho itšetlehile ka maemo a bona a bophelo le a mang. (Luka 2:36, 37) Le hoja ba mamela liboka ka thelefono ha ho hlokahala, ha ba nke sena e le mokhoa o bonolo oa ho se ee libokeng Holong ea ’Muso. E se eka re ka etsisa mohlala oa bona o motle ’me ra tsoela pele ho thabela ho etsa boiteko ba ho ba teng libokeng tsa rōna ha re ntse re sebeletsa Molimo oa rōna e moholo, Jehova.—Pes. 95:1-3, 6; 122:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela