Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 28 April, 2014.
Josefa o ile a thusoa ke eng hore a qobe ho etsa boitšoaro bo bobe le mosali oa Potifaro? (Gen. 39:7-12) [La 3 Mar, w13 2/15 leq. 4 ser. 6; w07 10/15 leq. 23 ser. 16]
Josefa ke mohlala o motle joang ho batho ba mahlomoleng le ba tšoaroang ka leeme? (Gen. 41:14, 39, 40) [La 10 Mar, w04 1/15 leq. 29 ser. 6; w04 6/1 leq. 20 ser. 4]
Ke mabaka afe a ileng a etsa hore Josefa a tšoarele barab’abo? [La 17 Mar, w99 1/1 leq. 30 lir. 6-7]
Moloko oa Benjamine o ile oa phethahatsa boprofeta bo ho Genese 49:27 joang? [La 24 Mar, w12 1/1 leq. 29, lebokose]
Exoda 3:7-10 e re ruta’ng ka Jehova? [La 31 Mar, w09 3/1 leq. 15 lir. 3-6]
Jehova o ile a phelela tlhaloso ea lebitso la hae joang mehleng ea Moshe? (Ex. 3:14, 15) [La 31 Mar, w13 3/15 maq. 25-26 lir. 5-6]
Ho ea ka Exoda 7:1, Moshe o ile a etsoa hore a tšoane le Molimo joang ho Faro? [La 7 Apr, w04 3/15 leq. 25 ser. 7]
Le hoja Baiseraele ba ile ba bona kamoo Jehova a ileng a ba pholosa kateng Egepeta, hamorao ba ile ba bontša boikutlo bofe, hona re ithut’ang ho see? (Ex. 14:30, 31) [La 14 Apr, w12 3/15 maq. 26-27 lir. 8-10]
Ke hobane’ng ha mantsoe a reng “nka le jara ka mapheo a lintsu” a opile khomo lenaka ha a bontša kamoo Jehova a neng a sebelisana le sechaba sa Iseraele ka lerato kateng? (Ex. 19:4) [La 28 Apr, w96 6/15 leq. 10 ser. 5–leq. 11 ser. 2]
Ke ka tsela efe Jehova a tlisang “kotlo bakeng sa liphoso tsa bo-ntate” melokong e latelang? (Ex. 20:5) [La 28 Apr, w04 3/15 leq. 27 ser. 1]