Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/14 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 8/14 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 August, 2014.

  1. Levitike 18:3 e ka re thusa joang hore re qobe ho ba le pono e khopameng ea se nepahetseng le se fosahetseng? (Baef. 4:17-19) [La 7 July, w02 2/1 leq. 29 ser. 4]

  2. Taelo e ho Levitike 19:2 e re ruta eng, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaelletsa ho e mamela? [La 7 July, w09 7/1 leq. 9 ser. 5]

  3. Molao-motheo oo molao oa boholo-holo oa ho khoahlapisa o thehiloeng ho oona o re ruta eng? (Lev. 19:9, 10) [La 7 July, w06 6/15 maq. 22-23 ser. 13]

  4. Ke hobane’ng ha re ka re molao oa “leihlo bakeng leihlo” o ne o sa khothalletse boiphetetso? (Lev. 24:19, 20) [La 14 July, w09 9/1 leq. 22 lir. 3-4]

  5. Ke neng e neng e tla ba phoso hore Moiseraele a lefise motho e mong phaello, hona ke neng e neng e ke ke ea e-ba phoso? (Lev. 25:35-37) [La 21 July, w04 5/15 leq. 24 ser. 3]

  6. Ke hobane’ng ha Bibele e atisa ho bua ka meloko e 12 ea Iseraele empa ha e le hantle e ne e le 13? (Num. 1:49, 50) [La 28 July, w08 7/1 leq. 21]

  7. Mabapi le ho nahanela ba seng ba hōlile, re ka ithuta eng tlalehong e ho Numere 8:25, 26 e buang ka tšebeletso e tlamang ea Balevi? [La 11 Aug., w04 8/1 leq. 25 ser. 1]

  8. Ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe ka mohlolo Egepeta, ke hobane’ng ha ba ile ba tletleba, ’me re ka ithuta eng ea bohlokoa tlalehong ee? (Num. 11:4-6) [La 18 Aug., w95 3/1 leq. 16 ser. 10]

  9. Re ka ithuta’ng ho seo Moshe a ileng a se etsa ha Eldade le Medade ba itšoara joaloka baprofeta? (Num. 11:27-29) [La 18 Aug., w04 8/1 leq. 26 ser. 4]

  10. Re ithuta molao-motheo ofe oa bohlokoa taelong e neng e re Baiseraele “ba iketsetse mophetho o litjellane molekeng oa liaparo tsa bona”? (Num. 15:37-39) [La 25 Aug., w04 8/1 leq. 26 ser. 7]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela