Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/15 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 6/15 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 29 June, 2015. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e ka tšohloang ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.

  1. Ke hobane’ng ha tsela eo Mikale a buileng le Davida ka eona e ne e fosahetse, hona banyalani ba ka ithuta’ng tlalehong ee? (2 Sam. 6:20-23) [La 11 May, w11 8/1 leq. 12 ser. 1]

  2. Moprofeta Nathane o ile a etsa’ng ha Jehova a mo khalemela ka hore ebe o boleletse Davida hore a hahe tempele? (2 Sam. 7:2, 3) [La 11 May, w12 2/15 leq. 24 lir. 6-7]

  3. Ke hobane’ng ha Nathane a ile a phetela Davida papiso e tlalehiloeng ho 2 Samuele 12:1-7 ho e-na le hore a mo bolelle ka ho toba hore o entse sebe se tebileng? Tlaleho ee e ka re thusa hore re be mesuoe e molemo ka tsela efe? [La 18 May, w12 2/15 leq. 24 lir. 2-3]

  4. Ke hobane’ng ha Absalome a ile a khona ho qhekella Baiseraele, hona re ka itšireletsa ho “bo-Absalome” ba kajeno joang? (2 Sam. 15:6) [La 25 May, w12 7/15 leq. 13 ser. 7]

  5. Jehova o ile a hlokomela Davida joang nakong eo a neng a hlile a hloka, hona re ka ithuta’ng? (2 Sam. 17:27-29) [La 1 June, w08 9/15 leq. 6 lir. 15-16]

  6. Mohlala oa Davida o ka re ruisa molemo ofe tseleng eo a ileng a tšoara molichaba ea bitsoang Itai ka eona? (2 Sam. 18:2) [La 1 June, w09 5/15 leq. 27 ser. 7]

  7. Batho ba hōlileng ka phuthehong ba ka rua molemo ofe mohlaleng oa Barzilai? (2 Sam. 19:33-35) [La 8 June, w07 7/15 leq. 15 lir. 1-2]

  8. Mantsoe a Davida a tiisetsa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang eng? (2 Sam. 22:26) [La 15 June, w10 6/1 leq. 26 lir. 6-7]

  9. Nathane o ile a bontša botšepehi ho Molimo joang, hona re ka mo etsisa joang kajeno? (1 Mar. 1:11-14) [La 22 June, w12 2/15 leq. 25 lir. 1, 4-5]

  10. Ke maemong afe moo mohlanka oa Molimo a ka behang mabaka a sa utloahaleng e le ha a batla ho hlokomoloha melao ea Molimo joaloka Solomone? (1 Mar. 3:1) [La 29 June, w11 12/15 leq. 10 lir. 12-14]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela