Japane
H O KHOMARELA mosebetsi o thata le bonngoe morerong li har’a litšoaneleho tse nyolotseng Japane tšenyong ea Ntoa ea II ea Lefatše hore e be boemong ba eona ba kajeno e le e ’ngoe ea likoankoetla tsa indasteri tsa lefatše. Kajeno naha ena e nang le batho ba limilione tse 125 e tsebahala haholo ka mabitso a khoebo a lik’hamera tsa eona, likoloi le thepa ea motlakase ho feta ho tsebahala ka lipalesa tsa lifate tsa eona tsa cherry, li-azalea tsa eona le Thaba Fuji e roetseng tlōkola ea lehloa e limithara tse 3776.
Leha ho le joalo, tsoelo-pele ea puso ea Molimo ka mor’a ntoa e ’nile ea e-ba e khahlang le ho feta. Ka 1951 kopanong e neng e le Tokyo ho bile teng baromuoa ba ka bang 40 ba tsoang Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower le bahoeletsi ba ka bang 200 ba Majapane. N. H. Knorr, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, o ile a re o lebeletse nako eo ka eona ho tlang ho ba le baboleli ba ’Muso ba Majapane ba bangata hoo ho tlang ho ba thata ho fumana baromuoa har’a bona. Letsatsi leo le ne le se hōle haholo le ho fihla! Jesu Kreste e le motheo oa bona, ho nkile baromuoa lilemo tse leshome, e le basebetsi-’moho le Molimo, ho bokella bahoeletsi ba Majapane ba pele ba 1000. Empa ka 1992, ka karolelano, khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho ne ho eketsoa ka bahoeletsi ba bacha ba 1000. (Bapisa le 1 Bakorinthe 3:9-11.) Palo e akaretsang ea basebeletsi ba ’Muso oa Molimo lihlekehlekeng tse bōpang Japane e fihlile tlhōrōng ea ba 220 663, ho ’nile ha fihleloa tlhōrō e ncha khoeli le khoeli ka lilemo tse 18 tse fetileng. Ho etsahetseng ke karolo e thabisang ea ho phethahala ha Esaia 60:8, 9, e reng: “Bao ba fofang joalo ka maru le joalo ka maeba a rurelang matlung a ’ona, ke bo-mang? Etsoe lihleke-hleke li lebeletse ’na.”
Buka ea Selemo ea 1973 (ea Senyesemane) e ile ea tlaleha e ’ngoe ea histori ena ea pele e tsoang Japane, ho fihlela selemong sa 1972, ha ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 14 000, ho akarelletsa le ba fetang 3000 ba tšebeletsong ea bopula-maliboho e atolohang ka potlako. Histori ena e boetse ea hlahlojoa mona le ho atolosoa ka lilemo tse 25.
Peō ea Pele ea ’Nete ea ’Muso
Naheng ee eo ho ea ka neano e leng ea Bobuddha le Boshinto, peō e hlahisitseng kotulo e ngata hakaale ea moea e jetsoe joang? Ka 1911, C. T. Russell, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, o ile a nka leeto la ho ea lekola Japane. O ile a tlaleha hore baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba nyahame haholo le hore batho ka kakaretso ba bontšitse thahasello e fokolang ea ’nete bolumeling. Leha ho le joalo, o ne a e-na le maikutlo a hore seo batho ba se hlokang e ne e le “Kosepele ea ’Muso.” R. R. Hollister, oa Moamerika, o ile a khethoa e le moemeli oa Mokhatlo Bochabela. Lipampitšana le libuka, ho akarelletsa le The Divine Plan of the Ages, li ile tsa fetoleloa, ’me ho ile ha ajoa likopi tse limilione, li ajoa haholo-holo ke basebetsi ba moo ba hiriloeng. Ka 1926, Junzo Akashi, Lejapane la Moamerika, o ile a romeloa Japane e le moemeli oa Mokhatlo. Ofisi ea lekala e ile ea thehoa Kobe mathoasong a 1927, ’me e ile ea fallisetsoa Tokyo hamorao selemong seo. Ka 1938 palo ea barekisi ba libuka tsa bolumeli ba abang limakasine le libuka e ne e nyolohetse ho 110. Empa ho pholletsa le naha ho ne ho hlohlelletsoa boikutlo bo feteletseng ba bochaba ba bolumeli, ’me hona ho ile ha lebisa ka ho toba Ntoeng ea II ea Lefatše. Ka la 21 June, 1939, ka nako e le ’ngoe, litho tse 130 tsa Todaisha (e bolelang “Mokhatlo oa Ntlo e Qhooeng ea Leseli,” kamoo mokhatlo o hlophisitsoeng oa sebaka seo oa Lipaki tsa Jehova o neng o bitsoa kateng ka nako eo) li ile tsa tšoaroa ’me tsa kenngoa teronkong, e leng ho ileng ha felisa tšebetso e hlophisitsoeng lilemong tsa ntoa.
Ka bomalimabe, molebeli oa lekala o ile a fetoha mokoenehi ha a le tlas’a khatello. Ka ntle ho mekhelo e seng mekae, e kang lelapa la Ishii le la Miura, boholo ba litho tsa Todaisha li ile tsa mo latela ha a tlohela tšebeletso ea Jehova. Ho hlōleha ha sehlopha sena ho ka boetse ha hlalosoa e le ka lebaka la ho latela motho, Junzo Akashi. O ile a amohela tloaelo ea neano ea Majapane ea ho nyala sethepu, le hoja a ne a se a ntse a e-na le mosali. Mosali eena o ile a tsoela pele ho bula maliboho ka botšepehi ka lilemo tse 40 le ho feta, New York, ’me ba bang ba sa ntse ba mo hopola ka kameho West Manhattan e le Morali’abo rōna Ogawachi. Ha baromuoa ba tsoang Gileade ba ne ba kena Japane ka mor’a ntoa, ba ile ba fumana sehlopha se seholo sa Todaisha Osaka. Bana ba ne ba lefisa chelete bakeng sa kolobetso, ’me ho hobe le ho feta, ba ne ba latetse Akashi ka ho amohela tsela ea bophelo ea boitšoaro bo bobe haholo. Ba ile ba hana ho tlohela tsela eo ea bophelo; kahoo bakeng sa bohloeki ba phutheho, ba ka bang 30 ba bona ba ile ba tlameha ho khaoloa.
Ba Ileng ba Sala ba Tšepahala
Ha ho bapisoa, nahana ka Jizo le Matsue Ishii, bao ba neng ba le har’a barekisi ba pele ba libuka tsa bolumeli ba Majapane. Ba ile ba akaretsa naha eohle lilemong tsa ho tloha ka 1929 ho ea ho 1939. Ka June 1939, ba ile ba tšoaroa ’me ba kenngoa teronkong Sendai. Matsue o ntse a hopola selemo sa hae sa pele ha a koaletsoe chankaneng a le mong ka seleng e nyenyane, e litšila le e nang le matsetse. O ne a sa lumelloe ho itlhatsoa kapa ho tola, ’me ’mele oa hae o ne o lonngoe ke litšitšili. O ile a theoha ’meleng ho fihlela a le boima ba lik’hilograma tse 30, e le letlalo le masapo feela, ’me a bonela lefu haufinyane. Ha a romeloa teronkong e ’ngoe, o ile a hlaphoheloa hanyenyane bophelong, ’me o ile a lokolloa ho ea qetellong ea 1944. Monna oa hae o ile a tšoaroa ka tsela e tšoanang, ’me hamorao o ile a bonahatsa botšepehi ba hae hape ha a ne a hana tšelo ea mali. (Lik. 21:25) O ile a shoa a le lilemo li 71. Matsue o ile a tsoela pele e le Paki e tšepahalang ho tla fihlela kajeno. O re: “Boholo ba ba neng ba le teng pele ho ntoa ba neng ba ipabola tseleng ea ho etsa lintho le bohlaleng ba bona ba ile ba tlohela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ha ba le tlas’a khatello e khōlō. . . . Ba ileng ba sala ba tšepahala ba ne ba se na tsebo e khethehileng ’me ba ne ba sa hlahella. Ka sebele kaofela ha rōna re tlameha ho tšepa Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle.”—Liprov. 3:5.
Banyalani ba bang ba tšepahalang e ne e le Katsuo le Hagino Miura, ba ileng ba kenela tšebeletso ea ho rekisa libuka tsa bolumeli ka 1931. Le bona ba ile ba tšoaroa ka 1939, Hiroshima. Ba ile ba hana ho rapela moemphera kapa ho tšehetsa matla a sesole sa Japane. Katsuo o ile a otloa hampe-mpe, ’me o ile a koalloa chankaneng ho fihlela bomo ea athomo e senya teronko eo ka August 1945. Le hoja a ne a le lilemo li 38 feela, bophelo ba hae bo ne bo senyehile. Ha a lokolloa, o ne a shebahala joaloka monna-moholo. O ile a khutlela ka leboea ho Ishinomori, moo Hagino, ea ileng a lokolloa pejana, a neng a ntse a hōlisa mora oa bona, Tsutomu.
Katsuo o ile a boetse a kopana le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova joang? Koranta e ka sehloohong ea Japane, Asahi, e ile ea fumana hore mafumahatsana a mahlano, baromuoa ba Watch Tower, a tlile Osaka ho tla phela bophelo ba Sejapane ntlong ea Sejapane. Batlalehi ba litaba ba ile ba ba etela ’me ba ngola sehlooho se setle se nang le litšoantšo se neng se bapisa baralib’abo rōna ba bahlano le mangeloi, ao joaloka lipalesa tsa sefate sa cherry, a theohileng leholimong. Sehlooho seo se bile sa fana ka aterese ea lehae la baromuoa. Lik’hilomithara tse makholo-kholo ka leboea, Katsuo o ile a oela sehlooho sena. Kapele-pele o ile a boela a ikopanya le mokhatlo o hlophisitsoeng ’me a ngolisa e le pula-maliboho. O ile a sebeletsa ka botšepehi ho fihlela a e-shoa ka 1957.
Miyo Idei o ntse a sebeletsa Kobe, Japane, ho fihlela kajeno a le lilemo li 92. O mameletse mathata a mangata nakong ea lilemo tse 65 a le ’neteng. Pale e hlollang ea bophelo ba hae e ile ea hlaha ho Molula-Qhooa oa September 1, 1991.
“Ma-49”
Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše maemo bakeng sa ho bolela a ile a e-ba molemo haholo. Empa ka 1947, Junzo Akashi o ile a tsebisa ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn, New York, hore ha a sa lumellana le lithuto tsa Bibele. Kapele-pele Mor’abo rōna Knorr o ile a romela molaetsa Hawaii oa hore baithaopi ba Majapane a Hawaii ba tle sehlopheng sa bo11 sa Sekolo sa Gileade bakeng sa koetliso ea boromuoa. Molebeli oa lekala la Hawaii, eo e neng e le mongoli oa J. F. Rutherford mathoasong a bo-1920, o ile a kōpa: “Empa, Mor’eso Knorr, ho thoe’ng ka ba ha Haslett?” Kahoo memo e ile ea atolosetsoa le ho Don Haslett le mosali oa hae, Mabel, le hoja ba ne ba le haufi le ho ba le lilemo tse 50. Gileade, Shinichi Tohara le Elsie Tanigawa ba ne ba ruta liithuti tse fetang 20 Sejapane.
Ka 1949 “Mahawaii”—Don le Mabel Haslett, Jerry le Yoshi Toma, Shinichi le Masako Tohara le bana ba bona ba bararo, le Elsie Tanigawa—ba ile ba nka likabelo motseng o ruthuthiloeng ke libomo oa Tokyo. Hona selemong seo, bana ba ile ba lateloa ke sehlopha sa Australia, se entsoeng ka Adrian Thompson, Percy le Ilma Iszlaub, le Lloyd le Melba Barry, ba ileng ba abeloa ho ea motseng o harasoantsoeng ke ntoa oa Kobe. Baromuoa bana ba pele Japane ba ile ba bitsoa “ma-49.” Ho bana, ba tšeletseng ba shoetse likabelong tsa bona “ba ntse ba le ntoeng,” kamoo ho boleloang kateng, ’me ba bang ba robeli ba ntse ba sebeletsa ka nako e tletseng Japane le Brooklyn, New York. Ka 1949, bahoeletsi ba robeli ba sebaka seo le bona ba ile ba tlaleha nako eo ba e qetileng tšebeletsong ea ’Muso.
Khōlo Tokyo
Sehlopha sa Hawaii se ile sa etsa tsoelo-pele e tsotehang Tokyo. Yoshi Toma oa hopola hore selemong seo sa ka mor’a ntoa, ba ile ba sebetsa sebaka seo ba ea “matlong a chekiloeng leralleng.” O re: “Batho ba ne ba futsanehile ’me ba loanela ho hlaphoheloa liphellong tsa ntoa. Lijo li ne li kepeloa, ’me Don Haslett o ne a ee a eme moleng le baahelani bakeng sa ho fumana kotola ea k’habeche.” Empa beng ba matlo ba ne ba le mohau ba bile ba le mosa, ba mamela ka mamello ha baromuoa bana ba kikitlela ka linehelano tsa bona tsa Sejapane. Baromuoa ba ile ba tlameha ho ithuta ho rola lieta tsa bona ha ba kena ka tlung. Joale ebe ba kenella kamoreng e haufi le eo. Empa lisiling li ne li le tlaase, me Don Haslett, ea neng a le molelele, o ile a ba le maoma a mangata ka ho thula ka hlooho. Ka mor’a selemo kapa tse peli, “Mahawaii” a ile a haha motheo o tiileng Tokyo, eo hona joale e nang le liphutheho tse 139.
Ho “ma-49,” Lipaki tse tlotsitsoeng Don le Mabel Haslett ba ile ba beha mohlala o babatsehang mosebetsing oa tšimo esita leha ba se ba hōlile lilemong. Ha Don a e-shoa ka 1966, barab’abo rōna ba tšeletseng ba neng ba nkile lekese la hae ha ba kena Holong ea ’Muso bakeng sa tšebeletso ea sehopotso, kaofela e ne e le bahlankana bao a ba rutileng ’nete le bao ka nako eo ba neng ba sebeletsa lelapeng la Bethele la Japane le neng le e-na le litho tse 19, Tokyo.
Mabel o ile a phela lilemo tse robeli ka mor’a lefu la Don. Ha a le lilemo tse fetang 70, o ile a tšoaroa ke kankere maleng a maholo. Sepetlele se ka sehloohong sa Tokyo se Toranomon, ka ho nahanela se ile sa lumela ho mo sebetsa ka ntle ho mali, hafeela a ne a ka kena sepetlele libeke tse peli pele ho tšebetso. Letsatsing la hae la pele moo, ngaka e nyenyane e ile ea mo etela ka kamoreng ea hae, e batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha a hana mali. Sena se ile sa lebisa lipuisanong tse ntle tsa Bibele tse ileng tsa tsoela pele letsatsi le leng le le leng ho fihlela a il’o sebetsoa. Ka lebaka la hore tšebetso ena e ne e le e tebileng, ho ile ha kopanela lingaka tse ’nè. Ha Mabel a hlaphoheloa, o ile a hooa: “Ho rohakoe Adama oa leqheku!” E ne e le ho loketseng hakaakang! Mabel o ile a ba tlhokomelong e khethehileng letsatsi le le leng feela, ha bakuli ba bang ba bane ba bileng le tšebetso e tšoanang letsatsing leo empa ba ile ba tšeloa mali ba bile kamoreng eo ea tlhokomelo e khethehileng matsatsi a ’maloa. Joale ho thoe’ng ka ngaka ela e nyenyane? Hamorao, e ile ea bolella Mabel: ‘U ne u sa tsebe, empa ho ne ho e-na le lingaka tse hlano ka kamoreng eo ea tšebetso. Ke ile ka kena le ’na, ho ea etsa bonnete bo feletseng ba hore ha ba u tšele mali.’ Dr. Tominaga o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele Yokohama. Kajeno, eena le mosali oa hae le ntat’ae le mosali oa hae ke litho tse mafolofolo tsa phutheho. Ho bile le litholoana tse babatsehang hakaakang ka ho lula sepetlele!
Mabel o ile a tsoela pele le tšebeletso ea hae ea boromuoa a le Tokyo lehaeng la baromuoa Mita. Ha a ne a le lilemo li 78, kankere e ile ea khutla, ’me a tlameha ho lula betheng. Leha ho le joalo, mantsiboeeng a mang ha baromuoa ba tla hae ’me ba bolela liphihlelo tse monate tseo ba neng ba e-ba le tsona phutuhong ea Kingdom News, Mabel o ile a tsitlallela hore ba mo tentše ’me ba mo ise ka ntle ho ea aba Kingdom News. O ne a e-na le matla a lekaneng a ho etela matlo a mararo feela a haufi, ’ona matlo a mararo ao a ileng a a pakela ka lekhetlo la pele ha a fihla Japane. Libeke tse seng kae hamorao o ile a qeta tsela ea hae ea lefatšeng ’me a fetela kabelong ea hae ea leholimong.—Bapisa le Luka 22:28, 29.
Liphetoho Kobe
Le Kobe khōlo e ile ea bonahala kapele. Kopano ea pele ea sebele ea puso ea Molimo Japane e ile ea tšoareloa mabaleng a maholo a lehae la baromuoa Kobe, ho tloha ka la 30 December, 1949, ho ea ho la 1 January, 1950. Lenane la ba bileng teng le ile la phahamela ho ba 101 Sebokeng sa Phatlalatsa ka Sontaha, se neng se tšoaretsoe holong ea sekolo, Tarumi, Kobe. Ba bararo ba ile ba kolobetsoa ntlong e khōlō ea ho tola ea sechaba Tarumi.
Adrian Thompson, ea tsoang sehlopheng sa baromuoa ba Kobe, o ile a etsa tsoelo-pele e tsotehang puong ea Sejapane ’me ka 1951, o ile a khethoa ho ba molebeli oa potoloho oa pele Japane. Hamorao e ile ea e-ba molebeli oa setereke oa pele. O ile a etsa ho hoholo ho rala motheo o tiileng bakeng sa khōlo e tlang. E le mora oa morali’abo rōna eo e neng e le pula-maliboho oa khale ea tšepahalang New Zealand, o ne a iketselitse lebitso e le sebapali sa bolo ea rugby se sehlopheng sa pele, empa ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše, o ile a tlohela botumo ba lipapali ’me ea e-ba Paki e kolobelitsoeng, eaba o kenela tšebeletso ea nako e tletseng Australia. Le hoja a ile a shoa ka 1977, “Tommy” o tla lula a ntse a hopoleloa matla a hae a se nang moeli le ho “tsitlallela boinehelo bo ikhethang” ho Jehova.—Num. 25:11, NW.
Ho nkile baromuoa nako e telele hore ba tloaele mahae, meetlo le puo tsa Majapane, empa ntho e ka sehloohong eo ba neng ba e thahasella e ne e le ho arolelana le ba bang ’nete ea Bibele. “Tiger” (Percy) Iszlaub, Moqueensland oa Australia ea nang le botsoalle, oa hopola: “Re ne re khanna lithuto tse ngata tsa Bibele. Ke ne ke e-na le tse 36, ’me Ilma le ba bang le bona ba ne ba e-na le hoo e ka bang tse lekanang. Liithuti li ne li atisa ho tla lehaeng la baromuoa ho tla ithuta, tse ling letsatsi le leng le le leng. Ho ne ho khannoa lithuto tsa Bibele kamoreng e ’ngoe le e ’ngoe ea ntlo eo, tse tharo kapa ho feta bosiu bo bong le bo bong. Re ne re bala boitsebiso ba ho ithuta ka Senyesemane le ka Sejapane. E le ho thusa liithuti, ka bobeli re ne re bala hore na ke mela e mekae ho ea fihla karabong. E ne e le mokhoa o tsamaeang butle, empa e ne e le ntho e makatsang kamoo ba neng ba utloisisa kateng ka ho bala mangolo feela le ho a bapisa le lingoliloeng. ’Me kajeno ba ’neteng!”
Matsatsing a pele, baromuoa ba ne ba e-na le lingoliloeng tse fokolang tsa ’Muso bakeng sa boboleli ba bona. Lebokose la khatiso ea Sejapane la pele ho ntoa la buka ea Light, Buka ea Bobeli, le ne le fihlile Kobe, empa batho ba ne ba ee ba re, ‘Ke ne ke tla rata ho bala Buka ea Pele, pele.’ Leha ho le joalo, e mong oa Majapane a pele a ho kena ’neteng Kobe, o ile a thahasella ka lebaka la ho bala Buka ea Bobeli ’me hamorao, o ile a hōla tsebong ’me ea e-ba molebeli oa potoloho. Kapelenyana, ho ile ha sebelisoa boitsebiso bo tsoang bukeng ea “’Nete e be ea Molimo.” Ba ’maloa ba neng ba ithuta ba ile ba iketsetsa liphetolelo tsa bona tsa likhaolo tsa buka eo, ’me tsena li ile tsa fotoa ’me tsa alimisanoa har’a baromuoa hore ba li sebelise lithutong tse ling tsa Bibele. Empa tse ling tsa liphetolelo tseo li ne li belaetsa. Ilma Iszlaub o ile a makala ha a fumana hore ho kenyelelitsoe ‘litlhaloso tse entsoeng ke Mofumahali Ilma Iszlaub’ mongolong o botlaaseng ba maqephe phetolelong e ’ngoe e joalo.
Lilemo tse ka bang leshome hamorao, motseng oa Fukuoka, Percy o ile a ba le phihlelo e ikhethang. Kimihiro Nakata, motšoaruoa ea mabifi ea ahloletsoeng lefu ea ileng a lefeloa ho bolaea banna ba babeli, o ile a kōpa thuto ea Bibele, ’me e ne e le Percy ea ileng a ithuta le eena. Ka lebaka la thuto eo, Kimihiro o ile a lahla ‘botho ba hae ba khale’ ka ho feletseng. O ile a kolobelletsoa teronkong, ’me Percy o ile a mo hlalosa e le “e mong oa bahoeletsi ba chesehang ka ho fetisisa ba ’Muso bao ke ba tsebileng.” (Baef. 4:22-24) O ile a ithuta Braille a ba a ikopiletsa le buka ea “’Nete e be ea Molimo,” bukana ea “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso” le lihlooho tsa Molula-Qhooa le Tsoha! a li isa Brailleng. Lingoliloeng tsena li ile tsa ajoa likarolong tse sa tšoaneng tsa Japane, ho akarelletsa le likolong tsa lifofu. Leha ho le joalo, hoseng ha la 10 June, 1959, koloi ea sepolesa e ile ea emisa lehaeng la baromuoa. Kimihiro o ne a kōpile hore Percy a be teng ha a bolaoa hoseng hoo. Percy o ile a lumela. Ka lebaleng la polao, ba ile ba bua hakhutšoanyane, ’me qetellong, ba bina pina ea ’Muso hammoho. Kimihiro o ile a re ho Percy: “Percy, ke hobane’ng ha u tlakasela? Ke ’na ea lokelang hore ebe ke ferekane maikutlo.” Pele a fanyehoa, mantsoe a hae a ho qetela e bile ana: “Kajeno ke ikutloa ke e-na le tšepo e matla ho Jehova le sehlabelong sa thekollo le tšepong ea tsoho. Ke tla robala ho se hokae, ’me haeba e le thato ea Jehova, ke tla kopana le lōna kaofela Paradeiseng.” O ile a romela litumeliso tse mofuthu ho barab’abo lefatšeng ho pota. Kimihiro o ile a shoa ho khotsofatsa toka, a fana ka bophelo bakeng sa bophelo—eseng e le sekebekoa se se nang tšepo, se thatafetseng, empa e le mohlanka ea inehetseng, ea kolobelitsoeng, ea tšepahalang oa Jehova.—Bapisa le Liketso 25:11.
Ka mor’a hore a loane le kankere ka lilemo tse ka bang leshome, Ilma Iszlaub o ile a shoela Ebina, Japane, Lehaeng la Bethele ka la 29 January, 1988. Ka morao ho moo, e le setho sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Percy o ile a ba teng libokeng tsa selemo le selemo tsa Mokhatlo ka makhetlo a mangata, a fana ka tlaleho e ntle ka Japane ketsahalong ea morao tjena; joale le eena o ile a shoa ka 1996.
Kobe, ho sa tsotellehe mokoallo oa puo, Melba Barry o ile a qala thuto ea Bibele letsatsing la hae la pele tšebeletsong ea tšimo, bofelong ba 1949. Ho ile ha hlaha bahoeletsi ba babeli ba bacha thutong eo, ’me e mong oa bana, Miyo Takagi, o ile a bula maliboho mashome a ’maloa a lilemo. Hamorao o ile a bolella Melba hore o ne a khahliloe ke ho bona baralib’abo rōna ba babeli ba baromuoa ba feta le har’a masimo a seretse ha ba mo etela. Hona joale, lilemo tse 48 hamorao, setulo sa likooa se nka Miyo ho mo isa ka ntlo le ntlo ha a ntse a tsoela pele tšebeletsong ea hae. Ka lilemo tse ka tlaase ho tse tharo, pele a abeloa tšebeletso ea boromuoa hape Tokyo, Melba o ile a thusa batho ba ka bang ba supileng ho amohela ’nete. Bana ba ile ba mamella ka lilemo, ’me ka thabo, ba ile ba boela ba pholoha le tšisinyeho e khōlō ea lefatše Kobe ka 1995.
Baromuoa ba Eketsehileng Tšimong
Mathoasong a 1950, baralib’abo rōna ba bahlano ba tsoang sehlopheng sa bo11 sa Gileade ba ileng ba sitoa ho fumana mangolo a tumello ea ho kena New Caledonia ba ile ba abeloa ho ea Kobe, Japane. Bana ba ne ba akarelletsa Lois Dyer, eo hona joale a butseng maliboho ka lilemo tse 67, le Molly Heron. E bile balekane ka lilemo tse fetileng tse 49, hona joale ba sebeletsa ba le lehaeng la baromuoa Mita Tokyo. Pale ea bophelo ba Lois e hlahile ho Molula-Qhooa oa May 1, 1982.
Molly Heron oa hopola: “Lehae la Kobe le ne le le leholo, ’me re ile ra tšoara Sehopotso likhoeli tse tšeletseng ka mor’a hore baromuoa ba pele ba fihle. Ba ka bang 180 ba ile ba e-ba teng, ba tlala kamore ea ho jela le phasejeng ’me ba bang ba ne ba bile ba mametse puo e tolokoang ba hlahile lifensetereng.” Ka mor’a hore ba utloe tsebiso sebokeng seo mabapi le tšebeletso ea tšimo, ba ka bang 35 ba ile ba e-ba teng hoseng ho latelang (ka Sontaha) hore ba kopanele. Mor’abo rōna Barry oa tlaleha: “Moromuoa e mong le e mong o ile a tlameha ho tsamaea le batho ba sa tsoa thahasella ba bararo kapa ba bane ha ba e-ea ka ntlo le ntlo, ’me kaha baromuoa ba ne ba e-s’o bue phollatsi, beng ba matlo ba ne ba retelehela metsoalleng ea rōna ea Majapane ’me ba bua le eona. Hore na batho bana ba sa tsoa thahasella ba ne ba bolella beng ba matlo eng, ha rea ka ra hlola re tsebile.”
Bofelong ba June 1950, ka tšohanyetso ho ile ha qhoma Ntoa ea Korea. Ka ho hlakileng baromuoa ba Japane ba ne ba rata ho tseba hore na litho tse robeli tsa sehlopha sa bona tse sebeletsang Korea li ne li tsoella joang. Ha hoa ka ha hlokahala hore ba lete nako e telele. Letsatsing la bobeli ka mor’a hore ntoa e qhome, ba bang ba baromuoa ba Kobe ba ne ba khutlela hae ka terene. Terene e ’ngoe e tsoang nģeng e fapaneng le ea bona e ile ea fihlela hong le ea bona seteisheneng. Ha literene tseo tse peli li tsamaea, bonang! Baromuoa ba Kobe ba ile ba bona litho tse robeli tsa sehlopha sa baromuoa ba Korea li eme ka lehlakoreng le leng la seporo. Ba ile ba e-ba le kopano e monate hakaakang! Ba leng Korea ba ile ba khona ho tsoa naheng eo ka sefofane sa ho qetela se neng se nkile batho ba seng ntoeng. Joale lehae la Kobe le ile la eketseha ho tloha ho baromuoa ba 10 ho ea ho ba 18. Tšimo e motseng oo, eo boholo ba eona e leng lithako, e ile ea fumana bopaki ka ho feletseng haholo.
Kapele Scott le Alice Counts ba ile ba ea lehaeng la Tokyo, empa ka October, baromuoa bohle ba robeli ba Korea ba ile ba fallela lehaeng le lecha le ileng la buloa Nagoya. Sehlopheng sena sa ba tsoang Korea, ke Don Steele feela le mosali oa hae, Earlene, ba ileng ba khutlela naheng eo ha maemo a ba lumella.
Masimo a Butsoelitse Kotulo
Grace le Gladys Gregory ba bile har’a ba ileng ba kopanela ho hlomeng lehae la Nagoya. Ba ile ba fumana tšimo eo e butsoelitse kotulo. Ka April 1951, Grace o ile a kopana le Isamu Sugiura ea lilemo li 18, ea neng a sebeletsa morekisi oa lipiano. Gladys oa hopola: “’Mè oa Isamu o ne a mo hōliselitse sehlotšoaneng sa bolumeli ba Boshinto, ’me o ne a boleletsoe hore Japane e ne e le shinshu (naha ea bomolimo) le hore kamikaze (moea o fokang oa bomolimo) e ne e tla sireletsa Japane le ho ba thusa ho hlōla ntoa. Leha ho le joalo, tumelo ea hae melimong ea Majapane e ile ea soahlamana, ha Japane e inehela ’me a feta tlas’a maemo a moruo o nyotobelang le khaello ea lijo tse bakiloeng ke ntoa. Ntate oa hae o ile a bolaoa ke khaello ea phepo e nepahetseng selemo ka mor’a hore ntoa e lale. Isamu e monyenyane o ile a arabela tšepong ea lefatšeng la paradeise ’me o ile a kolobetsoa kopanong ea potoloho ka October 1951.”
Ho bile teng baromuoa ba ka bang 50 kopanong eo, hammoho le Majapane a ka bang 250. Isamu o ile a khahloa ka ho tebileng ke taba ea hore baromuoa ba ne ba tsoakana ka bolokolohi le Majapane ka ntle ho leeme, le hoja Ntoa ea II ea Lefatše e ne e sa tsoa lala lilemo tse ka bang tse tšeletseng pejana. Ka mor’a lilemo tse 45 tsa tšebeletso ea moea oohle, ho akarelletsa le Sekolo sa Gileade le mosebetsi oa potoloho le oa setereke, hona joale Mor’abo rōna Sugiura o sebeletsa Bethele Ebina e le setho sa Komiti ea Lekala.
Gladys Gregory o hopola a etela mosali e mong eo e neng e bile Mobuddha ka lebitso ’me hamorao a ile a retelehela likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana; empa le tsona a ile a li tlohela, a ferekane. O ne a nyahame ha baruti ba sitoa ho hlalosa ka ho hlakileng hore na Molimo ke mang le hore na ke hobane’ng ha ba ne ba sa sebelise lebitso la botho la Molimo, le hoja le hlaha ka makhetlo a ka bang 7000 ka Bibeleng ea hae (Bungotai, phetolelo ea khale e tloaelehileng). Ho e-na le ho arabela lipotso tsa hae tse ngata, moruti oa hae o ne a ile a mo bolella hore a “lumele feela.” O ile a fumana kopi ea Molula-Qhooa (o neng o hatisoa hang ka khoeli ka Sejapane ho tloha ka May 1951) eo Gladys a neng a ile a e fa moahelani oa mosali eo. A khahliloe ke seo a ileng a se bala, o ile a tsoa letšolo ho batla Gladys. Mabapi le phihlelo ena, hamorao Gladys o ile a re: “Ha a bona likarabo tsa Bibele lipotsong tsa hae, li ile tsa mo ama pelo. Kapele-pele o ile a tla Thutong ea Buka ea Phutheho. Ha a le moo o ile a utloa ho etsoa litsebiso tsa ho ea tšebeletsong bakeng sa letsatsi le latelang ’me le eena a bolela hore o lakatsa ho ea. Re ile ra leka ho mo thibela ka ho mo bolella hore ho hlokahala hore a ke a ithute hanyenyane pele. O ile a re: ‘Ho lokile, ke tla ithuta, empa le ’na ke batla ho ea tšebeletsong!’ O ile a ea, ’me o ile a tlaleha lihora tse fetang 50 khoeling eo ea pele! O ile a kolobetsoa ka nako ea selemo ’me a qala ho bula maliboho, ’me hamorao a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng ea behang litholoana. A le lilemo li 80, o ntse a le tšebeletsong ea bopula-maliboho.”
Jehova o Ile a Hōlisa
Baralib’abo rōna ba bahlano ba baromuoa ba ileng ba abeloa ho ea Osaka ka 1951 ba ne ba thabile hore ebe batho ba bangata ba ne ba tla ka ho toba lehaeng la baromuoa bakeng tsa lithuto tsa bona. Empa baromuoa bana ba bacha ba ne ba thatafalloa ke ho khetholla batho ba Majapane. Lena Winteler, ea tsoang Switzerland, o re: “Ha batho bana ba fihla, bohlano ba rōna re ne re ee re ee re le sehlopha ’me re re ba ikhethele hore na ea ba khannelang thuto ke ofe ho rōna.” Ba ikemiselitse ho etsisa meetlo ea Majapane, baromuoa ba ne ba ee ba kolokise meqathatso bakeng sa hore e sebelisoe ke batho ba ba etelang, empa baromuoa ba ne ba sa tsebe phapang pakeng tsa meqathatso ea baeti le meqathatso ea ho ea ntloaneng. Ka letsatsi le leng seithuti se ile sa nkela Lena ka thōko ’me sa hlalosa: “Ha re sebelise meqathatso ea ntloaneng bakeng sa baeti.” Baromuoa ba ile ba ithuta hanyane ka hanyane.
Nako le nako, barab’abo rōna ba baromuoa ba Kobe ba ne ba ee ba etele Osaka ho tla thusa baralib’abo rōna ba bahlano ba masoha. Ka nako eo Osaka eohle ho ne ho e-na le bahoeletsi ba seng bakae feela. Ka lekhetlo le leng, Lloyd Barry o ile a kopanela le baromuoa ba bang ba Osaka konsareteng ea ’mino oa opera e neng e tšoaretsoe lebaleng le leholo la baseball le Koshien. Ho ile ha e-ba le tlhaloso ena: ‘Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e babatsehang haeba re ne re ka tlala lebala lee ka kopano ka letsatsi le leng!’ Ntho e neng e bonahala eka e ke ke ea etsahala.
Leha ho le joalo, ho ea qetellong ea 1994, Mor’abo rōna Barry, eo hona joale e leng setho sa Sehlopha se Busang, Brooklyn, o ile a memeloa ho tla fana ka puo ea nehelo ea Holo ea Kopano e sa tsoa hahuoa Hyogo, e sebeletsang liphutheho tse 52 sebakeng sa Kobe. E ne e le seboka se thabisang, seo ho sona ho neng ho tlile ba bang ba bahoeletsi ba pele ba Majapane. Ho ne ho lokiselitsoe kopano e khōloanyane letsatsing le latelang. ’Me e ne e lokela ho tšoareloa hokae? Hona Lebaleng lela la Baseball la Koshien. Ba fetang 40 000 ba ile ba bokana, ’me e ne e le sehlopha se laolehileng hakaakang! Ba bangata ba ile ba boela ba e-ba teng libakeng tse ling tse 40 ho pholletsa le Japane, ba hokahantsoe ka thelefono. Kahoo kakaretso ea ba bileng teng e ne e feta 254 000—e bile e feta le ea ba neng ba le teng kopanong e khōlō ea New York ka 1958. Jehova ‘o hōlisitse’ ka mokhoa o babatsehang hakaakang Japane!—1 Bakor. 3:6, 7.
Mathoasong a 1951 ho ile ha buloa lehae la baromuoa Yokohama. Motse ona le oona o ile oa ipaka e le tšimo e behang litholoana haholo. Mohlokomeli oa pele oa lehae lena Gordon Dearn, eo hona joale a shoetsoeng ke mosali, o ntse a tsoela pele tšebeletsong ea hae ea nako e tletseng lekaleng la Tokyo Ebina. Kajeno ho na le liphutheho tse 114 Yokohama, ’me keketseho e ntse e tsoela pele, barab’abo rōna ba sebakeng seo ba tsoela pele moo baromuoa ba siileng teng.
Ka 1952 lehae la baromuoa le ile la boela la thehoa motseng oa Kyoto. Baromuoa ba tsoang Osaka le Kobe ba ile ba tlosoa Kyoto ba ea kopana le sehlopha se chesehang sa baromuoa ba bacha moo. Ka April 1954, Lois Dyer le Molly Heron le bona ba ile ba abeloa ho ea Kyoto ba tloha Kobe.
Kyoto, ho na le litempele tse ka bang sekete, hoo e ka bang e le ’ngoe k’honeng e ’ngoe le e ’ngoe. Motse oo ha oa ka oa qhomisoa ka libomo nakong ea ntoa, e le hore ho ka bolokoa litempele. Lois oa hopola: “Ha re le moo, re ile ra kopana le Shozo Mima, raholeseile ea korosari ea neng a hlaphoheloa a ntse a le hae bokuling bo bolelele. Le hoja e ne e le Mobuddha ea chesehang, o ile a mpolella hore o batla ho tseba ka Molimo oa ’nete. Ho bile bonolo haholo ho qala thuto ea Bibele le eena. Hamorao mosali oa hae le barali ba hae le bona ba ile ba ithuta, ’me lelapa lohle le ile la kena ’neteng. Eena Shozo eloa oa maoba e bile tšiea ea moea Phuthehong ea Kyoto.”
Margrit Winteler, ea tsoang Switzerland, o ile a tla kopana le moholoane oa hae Lena, Kyoto. O ile a fumana hore kabelong ena e ncha o ne a tlameha ho tloaela puo ea matsoho hammoho le e buuoang. Ka mohlala, monna ea lebeletseng hore mosali oa hae a etse qeto mabapi le hore na o amohela libuka kapa che a ka ’na a tsokotsa monoana oa hae o monyenyane ho bontša hore mosali ha a eo hae. Ha mosali eena, a ka ’na a phahamisa monoana oa hae o motona, o emelang monna, ’me a bolele hore ha a eo hae. Margrit o ile a hlokomela hore ha batho ba Kyoto ba ka ’na ba lulela ho sheba limakasine tseo ba li fuoang, ba phetla leqephe ka leng butle, ha e le hantle ba ne ba li hana ka puo ea ’mele ’me ba batla hore a hlokomele seo ntle le hore bona ba rialo. Leha ho le joalo, ho hang hase likarabelo tsohle, ebang ke ka mantsoe kapa ka puo ea ’mele, tseo e neng e le tse hanyetsang. Kajeno ho na le liphutheho tse hōlang tse 39 tsa Lipaki tsa Jehova Kyoto.
Ho Sebetsana ka Katleho le Mariha a Batang le Puo e Ncha
Ha baromuoa ba eketsehileng, ho akarelletsa le Adeline Nako le molekane oa hae Lillian Samson, ba fihla Japane ba e-tsoa Hawaii ka 1953, ba ile ba abeloa motseng o batang o ka leboea oa Sendai. Bosiu tekanyo ea mohatsela e ne e theohela ka tlaase ho ntlha ea khoamo ka likhato tse 5 Celsius. Don le Mabel Haslett ba ne ba thehile lehae le lecha la baromuoa mono ka October selemong se ka pele ’me ba ne ba se ba e-na le Shinichi le Masako Tohara. Kaha a ne a hōletse libakeng tse chesang, Mahawaii a ile a fumana mariha a batang Sendai e le phephetso. A ile a tsejoa e le “Mahawaii a macha a hoamisitsoeng ke serame.”
Lillian oa hopola: “Ka lekhetlo la pele bophelong ba rōna, re ile ra ithuta ho kapa patsi bakeng sa setofo sa ho pheha. Ho ne ho futhumala feela ka kichineng, kahoo re ne re ee re leke ho futhumatsa libethe tsa rōna ka yutanpo, sefuthumatsi sa bethe sa tšepe sa Majapane. Motšehare, re ne re ee re reke ishi-yakiimo (lipatata tse besitsoeng ka majoe), re li kenye ka lipokothong bakeng sa ho futhumatsa matsoho, ebe rea li ja bakeng sa lijo tsa motšehare.”
Leha ho le joalo, e ne e se serame feela se hlahisang mathata. Ho fihlela baromuoa ba ithuta ho bala litlhaku tsa Sejapane, ho ne ho e-na le maemo a sa tloaelehang. Adeline ha a e-s’o lebale letsatsi leo, ka lebaka la ho se tsebe ho bala Sejapane, a ileng a pepeta alamo ea mollo ea tšohanyetso, a nahana hore ke tšepe ea monyako e khubelu. Batho ba ile ba tsoa ba phalla lifoleteng tsa bona ho tla bona hore na ho etsahala’ng. O ile a hla a fumana khalemelo e matla bakeng sa hoo.
Leha ho le joalo, seo baromuoa bao ba se hopolang, se akarelletsa ho hongata ho feta liphihlelo tsa botho lilemong tsa bona tse qalang Japane. Ho bona, bara le barali babo bona ba likete-kete ba Majapane le liketsahalo tseo ba li kopanetseng hammoho kaofela li na le sebaka ‘albamong ea bona ea lelapa.’ Re u mema hore u hlahlobe maqephe a albamo eo ha re hetla morao liketsahalong tse ling tse tlatselitseng khōlong ea mokhatlo oa puso ea Molimo Japane.
Bo-pula-maliboho ba Khethehileng ba Bula Masimo a Macha
Tšebetso ea bo-pula-maliboho ba khethehileng e ’nile ea e-ba ntlha ea bohlokoa ho haseng molaetsa oa ’Muso ho isa likhutlong tse hōle tsa naha. Ba bang ba bana ba ne ba koetlisoa ke baromuoa ka bobona, ’me ba bontša cheseho e babatsehang e tšoanang bakeng sa Jehova. Ka nako e tšoanang ha baromuoa ba sebetsa libakeng tse ling, bo-pula-maliboho bana ba khethehileng ba Majapane ba ile ba romeloa metseng e menyenyane le litoropong tse nyenyane. Ba bangata ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba pele, le hoja ba ne ba kolobelitsoe nako e khutšoanyane feela ha ba khethoa, ba bontšitse boinehelo le mamello tse ikhethang.
Hisako Wakui o ile a khethoa ka mor’a selemo le likhoeli tse ’nè feela a kolobelitsoe. Eena le molekane oa hae, Takako Sato, e bile bo-pula-maliboho ba khethehileng hammoho ho tloha ka 1957. Pakeng tsa bona, likabelong tse robong, ba thusitse batho ba fetang 80 hore e be Lipaki tse kolobelitsoeng.
Mabapi le liphello tsa ho hlohonolofatsoa ke Jehova ho e ’ngoe ea lithuto tsa pele tsa Bibele eo a ileng a e khanna, Hisako oa tlaleha: “O ne a chesehela ho ea kerekeng, empa o ile a re, ‘Haeba ke thuto ea Bibele, nka e etsa letsatsi le leng le le leng.’ Hoba a ithute hore lebitso la Molimo ke Jehova le hore ke Ntate oa Jesu, o ile a tsoa kerekeng ’me kapele o ne a tsoile a le tšebeletsong ea tšimo.” Cheseho ea hae ha ea ka ea fokotseha ha a fallela sebakeng se batang haholo moo ho neng ho se na phutheho. Kajeno, monna oa hae le bana ba bane kaofela ba ’neteng. Bashemane ba bararo ba sebeletsa e le baholo, ’me morali oa hae ke pula-maliboho ea khethehileng.
Ha ba le Tsuru, Seterekeng sa Yamanashi, Hisako le Takako ba ile ba fumana hore khōlo e tla butle haholo. Ba neng ba e-ba teng libokeng e ne e e-ba ba bane kapa ba bahlano feela. Molebeli oa potoloho o ile a nahana hore mohlomong ba lokela ho abeloa tšimo e ’ngoe e batlang e beha litholoana haholoanyane, empa baralib’abo rōna ba ne ba sa chesehele ho tloha Tsuru. Ba ne ba lumela ka matla hore, kaha Jehova o ile a ba romela Tsuru, e tlameha ebe o na le linku mono. Kahoo molebeli oa potoloho o ile a re: “Haeba ho ka tla batho ba 18 puong ea phatlalatsa bofelong bona ba beke, ke tla fetisetsa takatso ea lōna Mokhatlong ea hore le rata ho lula kabelong ena.” Bo-pula-maliboho ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho ea ka Mangolo hore batho ba tle sebokeng ka Sontaha. Ho makatsang, ba 19 ba ile ba e-ba teng! Bekeng e latelang, palo ea ba bang teng e ile ea khutlela ho ba bane kapa ba bahlano, empa bo-pula-maliboho ba ile ba khona ho ntšetsa pele mosebetsi oa bona tšimong eo. Kajeno Phutheho ea Tsuru e na le sehlopha se setle sa bahoeletsi le Holo e ntle ea ’Muso.
Kazuko Kobayashi ke pula-maliboho e mong ea khethehileng ea sebelelitseng ka lilemo tse 40 ho bula masimo a macha. Ha Pauline Green, moromuoa Kyoto, a ne a kopana le eena ka lekhetlo la pele Kazuko o ne a ntse a batla ho fumana morero oa bophelo. Pauline o ile a mo bontša Moeklesia 12:13, ’me sena se ile sa khotsofatsa Kazuko. O ile a fihlela qeto ea hore tsela ea bophelo ea moromuoa eo e tšoana haufi-ufi le tsela eo Mokreste a lokelang ho phela ka eona, kahoo a iketsetsa pakane ea bophelo bo joalo. Ha a khethoa e le pula-maliboho ea khethehileng, e ne e le lilemo tse tharo feela a kolobelitsoe. Empa kapele o ile a qala ho latsoa tšireletso e lerato ea Jehova tšebeletsong ea hae e khethehileng, ’me o ile a bona liphello tse ntle. Kazuko le eena o ile a utloisisa kamoo batho metseng ea mahaeng ba ikutloang kateng—tšabo ea hore na ba bang ba ka ’na ba nahana’ng e susumetsa liqeto tsa bona. O ile a sebetsana le see joang? O re: “Ke ile ka etsa boiteko ba ho ba motsoalle oa bona. Ke rata batho, ’me hohle moo ke neng ke e-ea teng ke ne ke leka ho hopola hore Jehova le eena oa ba rata. Joale ho ne ho le bonolo ho ba motsoalle oa bona.”
Ka March 1971, ofisi ea lekala e ile ea romela bo-pula-maliboho ba khethehileng ba bacha ba eketsehileng ho ea bolela libakeng tse ka thōko. Ba joalo hantle e ne e le baralib’abo rōna ba babeli ba banyenyane ba sa tsoa feta lilemong tsa bocha, Akemi Idei (hona joale ke Ohara) morali oa Miyo Idei ea nketsoeng lapeng, le Kazuko Yoshioka (hona joale Tokumori), ba ileng ba abeloa ho ea Kaga bohareng ba Japane. Ho fihlela ka nako eo, ba ne ba ile ba sebeletsa tlas’a “tšireletso” ea batsoali ba bona le liphutheho tsa habo bona. Kazuko oa hopola: “Joale, lintho li ne li fapane. E ne e le rōna feela ba bolelang litaba tse molemo tšimong eo re neng re e abetsoe.” E le hore ba ka etsa metsoalle le batho, ba neng ba belaella batho basele, ba ile ba itloaetsa ho itsebisa ka leleme la moo, ba sebelisa hantle mokhoa oo batho bao ba o sebelisang oa ho bua. Har’a ba ileng ba amohela ’nete ke bahlankana ba bararo ba neng ba le thiming ea mabelo. Kazuko o pheta hore ha ba bararo bao ba qala ho ea tšebeletsong ea tšimo, o ile a ba le bothata ba ho ipapisa le bona. E ne e le limathi tsa mabelo a malelele, ’me ba ne ba hlile ba matha ho tloha ntlong ea polasing e ’ngoe ho ea ho e latelang.
Ha bo-pula-maliboho ba khethehileng ba chesehang ba ne ba paka moo pele e neng e le masimo a sa abuoang, lenane la liphutheho le lihlopha tse ka thōko le ile la eketseha, la fihla ho tse 1000 ka January 1976.
Liphetoho Okinawa
Tsoelo-pele e ne e e-ba teng le lihlekehlekeng tsa Okinawa. Lihlekehleke tseo, tse nang le baahi ba 1200 000 li ne li le tlas’a tsamaiso ea United States ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Maokinawa ka tlhaho a thōtse, a na le mamello, a mofuthu a bile a na le botsoalle. Bara le barali babo rōna ba Maokinawa le bona ba bonahatsa litšoaneleho tse ntle tsa mamello le cheseho bakeng sa ’nete.
Okinawa e ile ea abeloa lekala la Japane, ’me Lloyd Barry, eo ka nako eo e neng e le molebeli oa lekala Tokyo, o ile a etela moo ka lekhetlo la pele ka 1953. O ile a khahlametsoa ke barab’abo rōna ba bane, kaofela e le basebetsi ba tsosolosang mehaho ba tsoang Philippines, bao kapele-pele ba ileng ba mo isa setsing sa khalemelo sa Lebotho la United States, moo ho neng ho koaletsoe masole a mararo. Bahlankana bana ba ne ba ile ba emela ’nete ea Bibele empa e le ka tsela e batlang e le bohlasoa. Ba ile ba feteletsa lintho. Ka mohlala, ba ne ba hlobaetsa ba mohahong oo kaofela ka ho bina lipina tsa ’Muso ka lentsoe le phahameng ho fihlela bosiu bo boholo. Ba ile ba thusoa hore e be ba leka-lekaneng haholoanyane. Ho sa le joalo, moruti oa teronko o ile a re, kamoo a talimang litaba kateng, ’Muso oa Kreste o ne o sa le hōle ka lilemo tse sekete. E mong oa bahlankana bana hamorao o ile a sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele Brooklyn; boraro ba bona kaofela e ile ea e-ba bahlanka ba nang le boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste. Ketelong eo ho ile ha tšoaroa seboka le batho ba sehlekehlekeng moo ba fetang 100 ba bokaneng ntlong e ’ngoe ea mohlongoa-fatše oa Quonset.
Letsoalloa la Okinawa, Yoshi Higa, o ne a le teng sebokeng seo. Okinawa ke tloaelo ho pata litōpō tsa bafu lehaheng le leholo, leo monyako oa lona o bōpehileng joaloka pōpelo—ho bontša hore ba shoang ba khutlela sebakeng seo ba tsoang ho sona. Yoshi o ne a ile a fumana setšabelo lehaheng le joalo nakong ea Ntoa ea Okinawa e mahlo-mafubeli Ntoeng ea II ea Lefatše. Ha a sheba litōpō tsa batho moo, o ne a kholisehile hore bafu e hlile ba shoele. Ha a ithuta Bibele, o ile a amohela thuto ea eona habonolo ka boemo ba bafu le tšepo e babatsehang ea tsoho.
Yoshi e bile mohoeletsi oa pele oa Mookinawa le pula-maliboho oa kamehla oa pele. Seteishene sa seea-le-moea sebakeng seo se ’nile sa labalabela ho hasa lipuisano tsa Bibele, empa baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba le botsoa ho fana ka mananeo ana. Leha ho le joalo, ba ile ba fumana hore Yoshi o ne a utloisisa haholo ho koala sekheo seo. Ka likhoeli tse ngata o ile a bala lihlooho tsa limakasine tsa Molula-Qhooa.
Kapele ho ile ha e-ba bonolo ho lokisetsa kopano ea potoloho bakeng sa bahoeletsi ba bacha ba ka bang 12 ba moo, likarolo tsa lenaneo li tšoeroe ka Sejapane, Adrian Thompson a chenchana le Lloyd Barry. Mosebetsi o ile oa atoloha ka potlako, palo ea bahoeletsi le bo-pula-maliboho e ile ea eketseha ka potlako e khōlō.
Yoshi Higa o ile a kenela mosebetsi oa bopula-maliboho ka May 1954. Ka lilemo tse 43 tsa tšebeletso e tšepahalang ea bopula-maliboho, o thusitse batho ba fetang 50 hore ba ithute ’nete, a mangata a ‘mangolo a hae a puello’ a pele ke a tsoang kerekeng ea moo Shuri. (2 Bakor. 3:1-3) O ntse a tsoela pele ka mosebetsi oa bopula-maliboho Ginowan.
Paki e ’ngoe e chesehang haholo ke Mitsuko Tomoyori, mohlolohali, ea ileng a qala ho bula maliboho le morali oa hae Masako ka 1957 Shuri, motse-moholo oa boholo-holo oa Okinawa. Mahlo a Mitsuko a ntse a phatsima ha a pheta tsa lilemo tse 40 tse fetileng tseo a li thabetseng tšebeletsong ea bopula-maliboho le ka batho ba bangata bao a ba thusitseng ho amohela ’nete e isang bophelong bo sa feleng.
Ka 1965, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa theha lekala Okinawa, moromuoa ea tsoang Hawaii, Shinichi Tohara, e le molebeli oa lekala. (Ke oa leloko la Maokinawa.) Tokisetso ena e ile ea tsoela pele le ka mor’a hore lihlekehleke tseo li khutlisetsoe taolong ea ’muso oa Japane ka 1972. Ha tokisetso ea Komiti ea Lekala e qala ho sebetsa ka February 1976, Shinichi Tohara, James Linton (moromuoa oa Australia), le Chukichi Une (letsoalloa la Okinawa a bile a tsoa Gileade) ba ile ba khetheloa ho sebeletsa komiting.
Ho Hlokahala Tiisetso
Selemong sa tšebeletso sa 1976, e le ka sepheo sa ho atolosa boboleli ba litaba tse molemo, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba abeloa lihlekehlekeng tse eketsehileng tse tlas’a lekala la Okinawa. Lihlekehlekeng tse ling, ho ne ho e-na le karabelo e ntle. Ho tse ling ho nkile lilemo tse ngata pele tloaelo, tumela-khoela le litlamo tse tiileng tsa malapa li ka hlōloa. Ho ne ho hlokahala tiisetso e khōloanyane ho bo-pula-maliboho ba khethehileng ba abetsoeng ho sebetsa moo. Ka lebaka la ho se tšepe batho ba tsoang ka ntle, hangata ho ne ho batla ho le thata ho bona ho fumana libaka tsa bolulo ho sa tsotellehe hore na ho ne ho e-na le matlo a mangata a sa luloeng. Ka linako tse ling ntlo feela e neng e le teng e ne e le eo motho a ileng a ipolaela ho eona. Empa, ka lebaka la tumela-khoela e teng sebakeng seo, ntlo e joalo e ne e ke ke ea sebelisoa e le sebaka sa seboka.
Leha ho le joalo, ka ho tiisetsa haholoanyane, bo-pula-maliboho ba ile ba qala ho bona litholoana. Sehlekehlekeng sa Tokuno Shima, lelapa le leng le ile la tla puong ea phatlalatsa ketelong ea molebeli oa potoloho. Ntate o ne a thahasella papali e tummeng haholo ea moo ea ntoa ea lipoho. (Lipoho lia qabanngoa ho bona hore na ke efe e nang le matla a maholoanyane a ho kharametsa.) O ne a e-na le poho e ikhethang eo a e koetliselitseng litlhōlisano tseo. Empa thahasello ea hae e ne e tsositsoe Bibeleng ke morali oa hae eo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa bua le eena ha a le Japane. Lelapa leo le ile la amohela thuto ea Bibele, ’me eena, mosali oa hae, morali oa hae, le bara ba bararo e ile ea e-ba Lipaki tse inehetseng. Malapa a mabeli a boahisani le ’ona a ile a kena ’neteng. Sehlopha sena se ile sa fetoha setsi sa sebele se phetheselang sa tšebetso. Hona joale ho na le phutheho ea bahoeletsi ba 49 le bo-pula-maliboho ba 16 sehlekehlekeng sena se senyenyane.
Sehlekehlekeng se hōle se ka boroa sa Ishigaki, bahoeletsi ba ile ba makatsoa ke hore ho be le mohlankana, ralitebele ea tsebahalang, ea ntseng a ba batla ’me a kōpa thuto ea Bibele. O ne a ile a ithuta pele ha a le Yokohama, empa o ne a ntse a tšaba ho tobana le boikarabelo boo ’nete ea Bibele e bo supang. E le hore a ka bo qoba, o ne a balehetse Iriomote, sehlekehlekeng se nang le baahi ba qalikaneng moo a ileng a ikutloa a kholisehile hore ho ne ho ke ke ha e-ba le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ka mor’a nako e khutšoanyane o ile a bona lingoliloeng tsa Watch Tower ’me o ile a hlolloa ha a hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li se li boletse le moo. O ile a fihlela qeto ea hore ha ho tsela eo a neng a ka baleha ka pel’a Jehova ka eona. (Bapisa le Jonase 1:3.) A sebelisa aterese ea mohoeletsi e mong e neng e ngotsoe ho e ’ngoe ea lingoliloeng tseo, o ile a batla Lipaki sehlekehlekeng se haufi sa Ishigaki. Ka nako e khutšoanyane, e ile ea e-ba Paki e inehetseng le pula-maliboho e chesehang.
Ka mor’a ketelo ea libaka ea Milton Henschel ka September 1980, Okinawa e ile ea boetse ea oela tlas’a lekala la Japane. Mor’abo rōna Tohara le mosali oa hae, le Mor’abo rōna Une le mosali oa hae, ba ile ba tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng Okinawa, ’me Mora le Morali oabo rōna Linton bona ba ile ba khutlela mosebetsing oa setereke lihlekehlekeng tse khōloanyane tsa Japane.
Barab’abo Rōna ba Tsamaeang ba Phetha Karolo ea Bohlokoa
Ka lebaka la moea oa boitelo oa balebeli ba tsamaeang le basali ba bona, ba ile ba khona ho tlatsetsa ka litsela tse ngata keketsehong le khōlong ea moea ea liphutheho tsa Japane. Tšebeletso ea bona e na le phello e hahang liphuthehong. Barab’abo rōna baa hlokomela hore balebeli bana le basali ba bona ba siile ‘matlo le bo-’mè le bo-ntate ka lebaka la litaba tse molemo.’—Mar. 10:29.
Ha balebeli ba potoloho ba ne ba etela liphutheho mehleng ea pele, ho ne ho e-na le matlo a fokolang haholo a nang le sebaka sa sebele sa ho ba boinotšing. Empa ho amohela ha bona ka cheseho ntho leha e le efe e teng ho ile ha ba etsa ba ratehang ho barab’abo bona. Keiichi Yoshida o hopola a qabohile ka nako e ’ngoe ea morao tjena ka 1983 ha eena le mosali oa hae ba ne ba lula le mor’abo rōna oa lesoha le lelapa labo le sa lumelang ntlong e khōlō ea polasi karolong e ka leboea ea Honshu. O re: “Re ile ra lumelisoa ka mofuthu ke lelapa lena ’me ra bontšoa moo re tla robala teng—kamore e nang le aletare e khōlō ea Buddha. Re ne re le mothating oa ho robala, ha Monna-moholo, a sa lemosa le letho, a apere liaparo tsa bosiu, a bula lemati ’me a sa re letho ho rōna, a letsa tšepe ea aletare, a chesa libano, a etsa lithapelo tsa hae, ’me a itsoela ka monyako o mong oa kamore. Ba bang ba ile ba mo latela. Re ile ra qeta beke eo kaofela re lebeletse se tla etsahala re sa tsebe hore na ho etela aletare ho tla tla neng kapa hona hore ho tla hlaha ka monyako ofe. Empa re ile ra qeta beke e thabisang le lelapa lena le mosa le le amohelang baeti.”
Balebeli ba tsamaeang, bao hona joale ba leng 209, ba na le karolelano ea lilemo tse ka bang 20 tšebeletsong ea nako e tletseng. Boholo ba bona e ne e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Semelo sena se ba nolofalletsa ho fana ka koetliso e ntle bopaking ba ntlo le ntlo. Ho chesehela ha bona tšebeletso ea tšimo ho tlatselitse haholo moeeng oa bopula-maliboho o babatsehang Japane.
Ba bang ba balebeli bana ba potoloho ba thusitse ho susumelletsa batho ka bomong le malapa ho fallela libakeng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea Lipaki tsa ’Muso. Ba bang ba ile ba lebisa tlhokomelo e khethehileng ho balekane ba sa lumelang, ka phello ea hore ba bang ba fetohile Lipaki tse kolobelitsoeng. Bacha le bona ba ’nile ba thusoa ho hahamalla lipakane tsa moea ka lebaka la thahasello e khethehileng ea botho eo ba e bontšoang le mohlala o behoang ke barab’abo rōna ba tsamaeang.
Baromuoa ba Tsoela pele ho Kopanela
Ka bo-1970, baromuoa ba ne ba abeloa metseng e menyenyane. Libakeng tsena batho ba ne ba e-na le tšekamelo ea ho khomarela mekhoa e tloaetsoeng le ho tlangoa ke meetlo, kahoo mosebetsi oa ho etsa barutuoa o ile oa tsoela pele butle haholo. Moo ho neng ho e-na le liphutheho, baromuoa ba ile ba thusa barab’abo rōna ba moo hore ba fumane phihlelo ka ho ba lumella hore ba etelle pele. Akita, Gifu, Kofu, Kawaguchi, Kochi, Nagano, Wakayama le Yamagata e ne e le e meng ea metse eo ba ileng ba e sebeletsa.
Ka mamello ba ile ba ikemisetsa ho thusa Lipaki tsa moo ho ananela bohlale ba ho amohela ’nete ea Bibele ka kakaretso. (Baheb. 6:1) Masao Fujimaki, molebeli ea okamelang oa phutheho e Kofu, o hopola ha phutheho e ne e ithuta buka ea Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Mor’abo rōna e mong ea hōlileng o ne a e-na le bothata ka taeo ea hore banna ba lokela ho bontša kameho e lerato phatlalatsa ho basali ba bona. O ile a re: “Ka ho hlakileng ena ke ntho e ke keng ea etsahala ho rōna ba hōlisitsoeng pele ho ntoa.” Ka lekunutu Richard Bailey, e mong oa baromuoa phuthehong eo, ka mosa o ile a mo thusa, a re: ‘Linnete tseo re ithutang tsona li lokela ho hlōla semelo sa bochaba le moloko; kamehla lia sebetsa ’me kamehla li molemo. Haeba re nyenyefatsa karolo leha e le efe ea ’nete, re ka ’na ra ba le sebete sa ho qhela le litšobotsi tsa bohlokoa haholoanyane tsa eona.’ (Luka 16:10) Mor’abo rōna o ile a utloisisa, ’me ka mor’a moo o ile a bonoa a lutse ka thabo le mosali oa hae—phihlelo e ncha ho bona.
Le ka litsela tse ling, Lipaki tsa moo li ile tsa rua molemo ka ho kopanela le baromuoa. Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Ba ne ba hlasimolohile ’me ba ne ba tseba mokhoa oa ho sebeletsa Molimo ka thabo. Ho bona ke ile ka boela ka ithuta bohlokoa ba ho khomarela melao-motheo e thehiloeng leratong ho e-na le ho etsa melao.”—Deut. 10:12; Lik. 13:52.
Baromuoa ba ile ba thusa ba bangata hore ba ikutloe ba labalabela hore e be karolo ea mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše ka bophara. Kazuko Sato, eo pele a ileng a ithuta le Melba Barry ha a le Tokyo, o hopola kamoo a ileng a matlafatsoa kateng ha a ntse a bula maliboho sebakeng sa mahaeng moo ho neng ho e-na le bora bo bongata ba bolumeli. A ikutloa a jeoa ke bolutu, o ile a ngolla baromuoa bao a neng a kopanela le bona phuthehong ea habo ea pele: “Ke bolela ke le mong to!” Lengolo le ile la khutla le e-na le melaetsa e tsoang ho baromuoa ba ’maloa, ba bang ba ikitlaelitse ba ngotse ka litlhaku tsa Sejapane, ba re: “Kazuko, ha u mong! Mamela, ’me u nahane u utloa liqi hōjana, maoto a barab’abo rōna ba chesehang le ba tšepahalang ho pota lefatše.”—Bapisa le Tšenolo 7:9, 10.
Hona joale, baromuoa ba 41 ba ntse ba sebeletsa ba le mahaeng a mahlano a boromuoa Japane—Yamagata, Iwaki, Toyama, le a mabeli Tokyo. Ho phaella moo, baromuoa ba robong ba sebeletsa mosebetsing oa ho tsamaea, ’me ba robong ba Bethele Ebina. Baromuoa bana ba ile ba beha mohlala o motle botšepehing ho Jehova le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. Ka lipuo le ka liketso, ba tlatselitse ho ‘atoloseng’ pono le ho tebiseng kutloisiso ea ’nete ka lehlakoreng la Lipaki tsa Jehova tse Japane.—2 Bakor. 6:13; Baef. 3:18.
Mesebetsi ea Lehlabula ho Akaretsa Masimo a sa Abuoang
Ba bang le bona ba ile ba kopanela ho haseng litaba tse molemo metseng e ka mathōko le litoropong. Ka 1971 memo e ile ea atolosetsoa ho bo-pula-maliboho ba kamehla ea ho ea sebetsa masimong a sa abuoang likhoeling tsa lehlabula. Joale ka 1974, tokisetso ea bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana bakeng sa likhoeli tse tharo tsa lehlabula e ile ea hlahisoa. Selemo se seng le se seng, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba 50 ba ne ba abeloa ho ea libakeng tse fapaneng tse 25, ’me ho ile ha tsamaisoa libuka tse ngata.
Ka 1980, ho ne ho setse batho ba ka bang 7800 000 feela ba phelang libakeng tse sa abeloang phutheho leha e le efe Japane. Kahoo ho e-na le ho abela bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana, ofisi ea lekala e ile ea mema liphutheho, lihlopha tsa bo-pula-maliboho ba kamehla, le malapa ho ea sebetsa masimong a sa abuoang likhoeling tsa lehlabula. Ho Lipaki tsa Majapane, tse ikutloang li lokolohile haholoanyane ha li etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hammoho, ena e ne e le tebello e thabisang.
Liphello e bile tse thabisang. Ka 1986, mohoeletsi e mong ea neng a sebetsa tšimong e sa abuoang o ile a atamela ntlo e ’ngoe e holim’a thaba motseng oa Miwa Seterekeng sa Ibaraki ’me o ile a amoheloa ke ’mè oa lelapa ea neng a nkile buka ea Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. O ne a ile a fumana libuka tseo lekhetlong la pele ’me o ne a li balile ka makhetlo a mangata. O ne a batlile Bibele mabenkeleng a libuka a bile a tetse ’me joale o ne a thabile ha a utloa hore lelapa la Bakreste le ne le tla fallela motseng oo. Thuto ea Bibele e ile ea qaloa ka potlako, ’me hona joale lelapa lohle le ’neteng.
Butle-butle litoropo tse setseng le metse e setseng li ile tsa abeloa liphutheho tse haufi.
Taeo e Khethehileng Bakeng sa Baholo
Ha boboleli ba litaba tse molemo bo hasana, palo le boholo ba liphutheho le eona e ile ea hōla. Hangata ho ne ho e-ba le mor’abo rōna a le mong feela ea tšoanelehang, mohlomong ba babeli, hore ba etelle phutheho pele. Ba seng bakae ho bana ba ne ba fumane koetliso e khōlō litabeng tsa phutheho. Empa ka mor’a ho hlahisoa ha tokisetso ea baholo ka la 1 October, 1972, baholo ba sa tsoa khethoa ba ile ba memeloa ho ea ofising ea lekala Numazu ’me ba ile ba fuoa taeo e khethehileng ea libeke tse peli.
Ka sebele sekolo sena e ne e le bohato ba bohlokoahali. Barupeli ba ile ba leka ho thusa barab’abo rōna ho bona bohlokoa ba ho bontša lerato la ’nete le ba ho ba ba leka-lekaneng le ho ba le kahlolo e molemo ha ba sebelisana le Lipaki tse ling. (2 Bakor. 1:24) Hape, ba ile ba hatisa bohlokoa ba hore motho a hlokomele lelapa la hae moeeng. (1 Tim. 3:4; 5:8) Hangata sena se ne se sa hatisoe malapeng a Bochabela.
Barab’abo rōna ba ne ba labalabela ho ea hae ba nkile taeo eohle eo ba ka e khonang ha ba tsoa sekolong. Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba e-na le tšekamelo ea ho ithuta ho hopola ka hlooho joalokaha ba ne ba etsa linakong tsa bona tsa ho kena sekolo. Takashi Abe, e mong oa barupeli, oa hopola: “Liithuti li ne li lula ho fihlela e e-ba bosiu haholo li ntse li etsa mosebetsi o boima oa ho ngola lintlha tsa lipuisano tsa letsatsi leo. Re ile ra leka ho li thibela hore li se ke tsa ngola lintlha tse ngata le ho etsa melao, empa ho e-na le hoo, ra li khothalletsa hore li sebelise likelello tsa tsona ho nahana le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.”—Baroma 12:1; Baheb. 5:14.
Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba e-ba teng sekolong sena ka ho etsa boitelo bo boholo. Ba bang ba ile ba tsamaea ho tloha Hokkaido e lehloa, lik’hilomithara tse 1300 ho ea ka leboea; ba bang, ba tloha libakeng tse chesang tsa Okinawa, lik’hilomithara tse 1800 ho ea ka boroa. Ho ne ho akarelletsoa le ba neng ba tobane le ho ea batla mesebetsi e mecha ha ba khutlela malapeng a bona. Ka 1977 ho ile ha tšoaroa sekolo sa matsatsi a mabeli se tšoareloa libakeng tse sa tšoaneng ho pholletsa le naha. Sena se ile sa nolofalletsa barab’abo rōna haholo hore ba be teng.
Ho Sebetsana ka Katleho le Khanyetso ea Lelapa
Ho ba Mokreste Japane ho na le liphephetso tsa hona. Hiroko Eto, eo e bileng pula-maliboho ka lilemo tse 37, oa hlalosa: “Haholo-holo libakeng tsa mahaeng, ba bacha ba fumana khanyetso e khōlō e tsoang ho beng ka bona ba phelang motseng. Beng ka bona ba hlajoa ke lihlong ka hore ba be le setho sa lelapa se fapaneng le tse ling motseng, ’me ho tšaba batho ho matla haholo.”
’Mè oa Hiroko, Yuriko Eto, o ne a ile a rata Bibele le pele a kopana le Lipaki tsa Jehova. Empa, ka 1954, ha li mo thusa ho utloisisa morero oa Molimo oa ho se nkele mohlatsoana oa Bakreste ba tšepahalang leholimong feela empa hape le ho etsa lefatše paradeise e tletseng ka bahlanka ba thabileng ba Jehova, o ne a labalabela ho arolelana litaba tsena tse molemo le ba bang. Eena le bana ba hae ka mamello ba thusitse ba bangata ho hlōla ho tšaba batho e le hore ba ka amoheloa ke Jehova.
Mabapi le boiteko ba hae ba ho thusa mosali e mong ea tšepahalang, Hiroko o ile a ba le phihlelo e latelang. ’Mè oa lelapa ea ileng a qala ho ithuta o ile a tobana le khanyetso e tsoang ho matsal’ae, eo a neng a lula le bona eena le monna oa hae. A sa batle ho senya khotso ea lelapa, ’mè enoa oa lelapa o ile a khaotsa ho ithuta. Hiroko o re: “Ke ne ke ee ke mo shebe tseleng ’me ke mo khothalletse hore a be mosa ho matsal’ae le ho mo bontša ka mohlala kamoo ho ithuta Bibele ho bang le phello e ntle kateng. Ka bohlale o ile a botsa monna oa hae lipotso ka seo a ithutang sona ’me butle-butle a etsa hore le eena a thahaselle. Lekhetlo la pele monna oa hae o ile a mo bolella: ‘Sebakeng sa mahaeng se joaloka sena, ho thata ho ba Mokreste.’ Leha ho le joalo, ho rata Jehova ho ile ha ba thusa ho hlōla khanyetso e khōlō.” Hona joale bona le mora oa bona e moholo ba kolobelitsoe. Monna, e le mohlanka ea sebeletsang, o khanna Thuto ea Buka ea Phutheho lapeng ha hae, ’me ’mè oa hae o ile a makatsa e mong le e mong ha a e-ba teng sebokeng ha mora a fana ka puo ea hae ea pele ea phatlalatsa.
Hangata khanyetso e hlaha ho balekane ba lenyalo. Banna ba bang ba hanyetsa ka lebaka la ho boulela kapa hobane ba hōletse tikolohong eo ho eona boikutlo ba hore ba batona ba nkoa ba phahametse basali bo tloaelehileng. Ha Keiko Ichimaru ea sa tsoa nyaloa a qala ho ithuta Bibele mathoasong a bo-1970, monna oa hae, Hiroyuki, o ile a mo hanyetsa ka matla ’me a mo bolella hore a se ke a ea libokeng. Hamorao Hiroyuki o ile a hlalosa: “Ke ne ke sitoa ho amohela khopolo ea hore nke ke ka ba oa bohlokoa ho feta bolumeli ba hae.” Keiko o ne a rata monna oa hae, kahoo ka bohlale o ile a mo kōpa hore a hlahlobe hore na seo a ithutang sona se molemo kapa che. Monna o ile a etsa qeto ea ho ithuta Bibele ka boeena empa o ne a sa e utloisise. Qetellong o ile a botsa mosali oa hae hore na a ka ba teng thutong ea hae. Ka bobeli e ile ea e-ba Lipaki tse kolobelitsoeng. Qetellong, Hiroyuki e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla ’me hona joale ke moholo.
Ka mor’a hore mosebetsi oa ho boleloa ha ’Muso o qale Chikugo ka 1971, Mayuki Sakamoto e bile eena oa pele oa ho amohela molaetsa oa Bibele. Monna oa hae, Toyota, o ile a hanyetsa ha mosali oa hae le mora oa hae e monyenyane ba qala ho ea libokeng motseng o haufi. A ikemiselitse ho mo thibela, Toyota o ile a matlafatsa khanyetso ea hae. Ka lilemo tse 14, esita le ka mor’a hore a kolobetsoe ka 1973, monna o ile a ’na a tsoela pele ho mo hanyetsa. Ka lekhetlo le leng, o ile a mo supa ka sethunya ’me a hoeletsa: “Ke tla u bolaea haeba u sa khaotse!” Karabelo ea hae e bonolo e ile ea etsa hore Toyota a thahaselle. O ile a ipotsa hore na ke eng e entseng hore a tiee hakana.
Ho sa tsotellehe phihlelo eo eohle, Mayuki o ile a batla ho bontša monna oa hae lerato. Ha ho mohla a ileng a tela ho leka ho mo thusa ho ithuta ’nete. (1 Pet. 3:1, 2) Ka letsatsi le leng, Toyota, a halefisitsoe ke taba ea hore ebe mosali oa hae le mora oa hae ba bula maliboho ha eena a sebetsa mosebetsi oa boipheliso, a ea moo a sebetsang ’me a tlohela mosebetsi oa hae. Bona e ne e le bohato bo boholo ho eena hobane banna ba Majapane ka kakaretso ba talima mosebetsi oa bona e le ntho e batlang e halalela. Toyota o ne a nahana hore mosali oa hae le mora oa hae ba tla mo utloela bohloko. Empa ha a fihla hae ’me a ba bolella seo a se entseng, ba ile ba opa liatla. Sena se ile sa etsa hore Toyota a nahane. Kapele-pele ka mor’a moo o ile a qala ho ithuta. Ka mor’a nako o ile a kopanela le bona mosebetsing oa ho bula maliboho, ’me hona joale o sebeletsa e le moholo oa Mokreste.
Qalong ea bo-1970, banna ba neng ba e-ba teng libokeng tsa rōna ka lekhetlo la pele hangata ba ne ba ee ba re ke basali le bana feela ba bang teng. Empa esale ho tloha ka nako eo, banna ba mashome a likete ba entse tsoelo-pele e babatsehang moeeng. Hona joale mokhatlo o hlophisitsoeng o na le motheo o tiileng oa banna ba hōlileng moeeng ba hlokomelang litlhoko tsohle tsa mokhatlo o hlophisitsoeng. Har’a bona ho na le ba bang ba neng ba hanyetsa morao koana ka bo-1970.
Bo-pula-maliboho ba ea Sekolong
Ka lebaka la karolo e phahameng lekholong ea basebeletsi ba bo-pula-maliboho (karolo ea 25 ho ea ho ea 30 lekholong) phuthehong ka ’ngoe ka bo-1970, ho ile ha e-ba le ba bangata ba ngolisang bakeng sa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, se ileng sa qala ka January 1978 Japane. Sekolo sena se tlatselitse haholo khōlong ea moea ea liphutheho.
Ba pele ba ileng ba memeloa sekolong e ne e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa le balebeli ba tsamaeang hammoho le basali ba bona. Shigeru Yoshioka, e mong oa barupeli ba pele, oa hopola: “E ne e le thuso e khōlō ho ba le bo-pula-maliboho bana ba nang le phihlelo lihlopheng tsa pele. Seo re ileng ra ithuta sona litlhalosong le liphihlelong tsa basebeletsi bana ba hōlileng tsebong, re ile ra khona ho se arolelana le lihlopha tsa morao.”
Ho tloha ka February 1980, Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se ne se tšoaroa potolohong e ’ngoe le e ’ngoe. Balebeli ba potoloho le bara ba bang babo rōna ba hōlileng tsebong ba bileng teng thupelong eo ba ile ba sebeletsa e le barupeli. Lilemo tse robeli ka mor’a ho khakoloa ha sekolo, ka karolelano ho ne ho e-na le keketseho ea selemo le selemo ea karolo ea 22 lekholong palong ea bo-pula-maliboho ba kamehla, ha ho bapisoa le keketseho ea karolo ea 12 lekholong ho bahoeletsi. Hona joale, lipotoloho tse ngata li ba le lihlopha tsa bo-pula-maliboho tse peli kapa ho feta tsa liithuti tse 25 ho ea ho tse 30 selemo le selemo.
Boholo ba bo-pula-maliboho ba bang teng sekolong sena ba ntse ba le bacha ’neteng, empa ka lebaka la sekolo sena, ba fumana ho itšepa le tsebo tšebeletsong ea bona ’me ba ithuta thuto ea bohlokoahali bophelong ba Bokreste. Pula-maliboho e mong o ile a li beha tjena: “Ho tla fihlela hona joale, tšebeletso, koetliso ea bana, botho ba Bokreste le tsebo ea Bibele e ne e le lintho tse kopakaneng kaofela ka kelellong ea ka. Leha ho le joalo, ka thupelo ea sekolo ea matsatsi a leshome, ke ile ka khona ho li hlophisa kaofela ha tsona ho li beha libakeng tsa tsona tse loketseng.” Ka September 1997, ho ne ho se ho tšoeroe lihlopha tse 3650, tse bileng le bo-pula-maliboho ba 87 158.
Batho ba Mefuta Eohle ba Arabetse
Batho ba tsoang limelong tse sa tšoaneng ba etsa motsoako o thahasellisang o bōpang mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo Japane. Toshiaki Niwa ke moholo ea nang le mekhoa e metle phuthehong e Yokohama. Empa qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, o ne a ntse a koetlisetsoa ho khanna Ohka, sefofane sa rokete, bakeng sa ho bjaramanya sefofane sa libomo ka ho shoela ho ba lireng khahlanong le likepe tsa ntoa tsa United States. Tšebeletso e joalo e ne e talingoa e le bopaki ba boinehelo ho moemphera. Leha ho le joalo, ntoa e ile ea fela pele a ka ba le monyetla oa ho shoela naha ea habo. Hamorao mosali oa hae o ile a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ha Toshiaki a ithuta hore Lipaki li ne li bolokile ho se nke lehlakore ka tieo nakong ea ntoa, le eena o ile a thahasella. Ka 1977 o ile a kopanela le mosali oa hae ho arolelaneng le ba bang molaetsa oa Bibele oa khotso.
Le lefatšeng la boithabiso, re fumane batho bao ka thabo ba ileng ba fetola mokhoa oa bona oa bophelo ho ba barorisi ba Jehova. Yoshihiro Nagasaki o ne a thehile sehlopha sa ’mino oa jazz le metsoalle e mengata ea koleche. Ba ile ba kōpa monna e mong ea ileng a ba ruta jazz hore e be moeta-pele oa bona. Monna enoa, Yoshimasa Kasai, e mong oa libini tse ka sehloohong tsa jazz Japane, khabareng o ne a ile a kopana le “Trummy” Young, seletsi sa terompeta se etileng se tsoang Hawaii. Yoshihiro, eo hona joale a sebeletsang Komiting ea Lekala, oa hopola: “Ho tloha hona letsatsing leo, lithuto li ile tsa qala, eseng tsa ’mino, empa tsa ’nete. Re ne re sa thahaselle ho hang, empa kahobane o ne a cheseha haholo ’me re sa batle hore a re lahlehele e le moeta-pele oa sehlopha sa rōna, re ile ra mo mamela.” Ba bile ba lumela ho ithuta. Leha ho le joalo, moo Yoshihiro a ileng a fetoha teng e bile ha a e-ba teng kopanong ea potoloho ka April 1966. Kopanong eo, morutoana oa sekolo se phahameng eo a neng a kopane le eena pejana o ile a mema Yoshihiro hore a kopanele le eena tšebeletsong ea tšimo. O ne a paka ka Bibele, ’me eena a fana ka limemo ho beng ba matlo. Oa hopola: “Ka lekhetlo la pele, ’nete e ile ea hla ea qala ho bolela ho hong ho ’na.” Ka mor’a ho ea kopanong eo, o ile a ea tšebeletsong letsatsi le leng le le leng ’me a tsoela pele ka potlako. Litho tse ’nè ho tse tšeletseng tsa sehlopha seo hona joale ke Lipaki tse mafolofolo.
Shinji Sato e ne e le moprista Tempeleng ea Izumo e tummeng Seterekeng sa Shimane, e ’ngoe ea litempele tsa bohlokoahali tsa Boshinto Japane. Hape o ne a sebeletsa e le morupeli oa sehlotšoana sa bolumeli sa Izumo Oyashirokyo. Le hoja a ne a sebelelitse e le moprista oa Boshinto hoo e ka bang lilemo tse 20, o ne a ferekane ke ho hloka toka le ho haella ha lerato hoo a ho hlokometseng har’a baprista. O ile a hlokomela hore melimo ea Boshinto ha e fane ka pholoho, ’me a qala ho batla Molimo oa ’nete. A qala ho bala Bibele, empa o ne a ntse a e-na le lipotso tse ngata.
Ke kahoo e itseng ha a le seterateng a ileng a kopana le eo a tloaelaneng le eena eo a mo tsebang hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Kahoo o ile a botsa lipotso tseo a lumelang hore li tla khetholla bolumeli ba ’nete: “Na bolumeli ba hao bo lokolohile lipolotiking? Na mokhatlo oa lōna ke o sa etseng phaello? Na lithuto tsa lōna li tsoa ho Molimo ho e-na le ho tsoa bathong? Na batho ba ntlo-khōlō ea lōna ba sebelisa seo ba se bolelang?” Eaba oa botsa: “Haeba mokhatlo oa lōna o lumellana le maemo ana, na u ka ba mosa ka ho lekaneng hore u ka nthuta Bibele?” O ile a ikutloa a imolohile hakaakang ha qetellong a lokoloha ho Babylona e Moholo! (Tšen. 18:4) O re: “Hona joale ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ke ruta ba bang tsela ea Molimo oa ’nete, ke ikutloa feela joalokaha ho tlalehiloe ho Liproverbia: ‘Lehlohonolo la Jehova le entša motho, hase mokhathala oa hae o mo ekeletsang leruo.’”—Liprov. 10:22.
Baetsi ba litšoantšo ba tummeng le libini, mongoli oa lipale tse qabolang, sebeti sa sumo le litsebi tsa ho palama libaesekele kaofela ba siile likhanya tsa bona tsa nakong e fetileng. Litsebi tse kang lingaka, sengoli se hloahloa se tsebahalang le babuelli ba molao ba bone leseli la ’nete ’me ba sebelisa tsebo ea bona ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Bao e kileng ea e-ba litho tsa likenke, ba mabifi, mapolesa le bo-ralipolotiki ba lula hammoho ka khotso le barab’abo bona ba moea. (Esa. 11:6-9) Baitlami ba banna ba Buddha, baprista ba Boshinto le ea ileng a iqapela bolumeli ba hae ba tsoile Babylona e Moholo. (Tšen. 18:2) Matichere a likolo, bo-rakhoebo ba hlaheletseng ba Majapane le litsebi mesebetsing e sa tšoaneng ba sebetsa hammoho mesebetsing ea puso ea Molimo. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hōlile hore o akarelletse batho ba mefuta eohle ba thusitsoeng hore ba “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.”—Baef. 4:24.
Moea o Chesehang oa Bopula-maliboho
Ho sa tsotellehe ho fokotseha ha tšimo le ho se tsotelle bolumeli ho ntseng ho hōla, ho ntse ho tsoela pele ho e-ba le cheseho e khōlō bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho. Selemo, ha palo e khōlō ea bo-pula-maliboho ba thusang e kenella mananeng a bo-pula-maliboho, kakaretso ea bo-pula-maliboho bohle e phahamela ho ba fetang karolo ea 50 lekholong ea bahoeletsi. Ka March 1997, ba 108 737 ba ne ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho.
Hangata potso e botsoang ke hore, “Ke hobane’ng ha ho e-na le bo-pula-maliboho ba bangata hakaale Japane?” Ho bonahala ho e-na le mabaka a ’maloa. Motheo oa khōlo ea ka mor’a ntoa Japane o ile oa raloa ke baromuoa ba chesehang, ’me liithuti tse ananelang li ikemiselitse ho etsisa ba li rutang. (Luka 6:40) Ka lebaka leo, ho futsoa ha cheseho bakeng sa tšebeletso ho ile ha fetisetsoa molokong o latelang oa barutuoa. Hape, ka kakaretso ke ’nete hore matlo a Majapane ke a itekanetseng haholo, kahoo a hloka nako e fokolang ho a boloka a le boemong bo botle, ’me boholo ba nako, bophelo ka tloaelo bo bolokoa e le bo itekanetseng. Hona ho ka nolofalletsa bo-’mè ba malapa haholo hore ba etelletse lithahasello tsa moea pele. (Mat. 6:22, 33) Ho phaella moo, ka kakaretso boemo ba leholimo Japane ke bo itekanetseng, ’me ho ’nile ha e-ba le maemo a molemo a lipolotiki le a moruo naheng ena.
Semelo sa setso le litšobotsi tsa sechaba li bonahala e le lebaka le leng hape. Ka kakaretso, batho ba Japane ba mamela litaelo, ba arabela khothatsong e tsoang sehlopheng, hape baa cheseha mosebetsing oa bona. Mabapi le sena, Shinichi Tohara, Lejapane la Moamerika, ea ileng a tla Japane e le e mong oa baromuoa ba pele ka mor’a ntoa, o ile a re: ‘Bafofisi ba lifofane tsa ho shoela ho ba lireng ba ile ba shoela moemphera ka ho tobisa lifofane tsa bona likepeng tsa sera. Haeba Majapane a tšepahalla marena a batho hakaalo, a ne a tla etsa eng haeba a fumana Morena oa ’nete, Jehova?’ E, takatso e tiileng ea ho khahlisa Jehova ke eona e susumetsang kōpo e ’ngoe le e ’ngoe ea bopula-maliboho.
Batsoali ba Bulang Maliboho
Bo-pula-maliboho ke bo-mang? Boholo ke baralib’abo rōna, bao boholo ba bona ba leng lenyalong ’me ba e-na le bana. Bo-pula-maliboho ba bangata ha ba tšehetsoe ke banna ba bona le beng ka bona ba sa lumelang.
Mutsuko oa Fujisawa, eo e bileng pula-maliboho ka lilemo tse fetang 20, o re: “Ha ke qala ho bula maliboho, morali oa ka oa ho fela o ne a e-na le likhoeli tse seng kae feela. Monna oa ka, a sebeletsa banka, hangata o ne a sa fihle hae pele re khutla libokeng tsa rōna tsa mantsiboea. Le hoja ho ne ho hloka boiteko bo boholo haholo, ke ne ke batla ho tsoela pele ke bula maliboho.” O ile a putsoa ha bana ba hae kaofela ba bararo, hoba ba qete sekolong se phahameng, ba kopanela le eena tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ka mor’a lilemo tse ngata tsa khanyetso e ileng ea lateloa ke boiphapanyo, monna oa hae le eena o ile a qala ho fetoha. E ile ea e-ba thabo e kaakang ho Mutsuko ha, ka phuthehong, a mametse mora oa hae a nehelana ka karolo ea pele ea puo ea phatlalatsa, a lateloa ke monna oa hae, ea ileng a fana ka ea ho qetela!
Bo-ntate ba bulang maliboho le bona ba ba le tšusumetso e ntle. Hisataka o ne a tseba hore ntate oa hae o ile a tlohela boemo ba hae e le tichere ea data processing e le hore a ka khona ho bula maliboho. Nakong ea phomolo ea lehlabula ea Hisataka ho tloha ha a le sekolong sa mathomo, ntate oa hae o ile a mo mema hore a tsamaee le eena mosebetsing oa hae, oa ho tsamaisa lebese esale hoseng. Hisataka oa hopola: “Hoo e ka bang ka nako eo leholimo ka bochabela le tletseng mafube, Ntate o ile a mpolella maikutlo a hae a tebileng ka kamoo ho putsang kateng ho sebeletsa Jehova ka moea oohle. Ho mo bona a sebeletsa Jehova ka thabo ho ile ha ntšusumelletsa ho feta lipuo leha e le life.” Hisataka hona joale o sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele ea Ebina.
O Pholositsoe Karoshi
Ba bang ba ’nile ba re: “Haeba u hlile u labalabela ho sebetsa, sebetsa k’hamphaning ea Majapane.” Lebaka ke hobane monna oa lelapa oa Mojapane o inehetse ka ho feletseng mosebetsing oa hae ’me o qeta lihora tse telele mosebetsing oa hae. Leha ho le joalo, bo-ntate ba bang ba kileng ba sebetsa ho isa boemong ba karoshi (lefung ka lebaka la ho ipolaisa mosebetsi) hona joale ba inehetse, eseng k’hamphaning ea mosebetsi oa boipheliso, empa ho Jehova Molimo ’me ba kopanetse le malapa a bona tšebeletsong ea bopula-maliboho.
Shunji ea tsoang sebakeng sa Kobe, ea neng a tloaetse ho sebeletsa k’hamphani e khōlō ea kaho, o re: “Se neng se ntšusumetsa e ne e le ho khomarela khoebo ea ka le takatso ea ho atleha. Ha litša tsa mosebetsi li ne li le hōle le hae, ke ne ke khutlela lapeng la ka mafelong a beke feela ha maemo a ntumella.” Ke eng se ileng sa fetola seo sohle? Oa araba: “Ke ne ke tšaba lefu, ke ne ke khathatseha ka se ka ’nang sa etsahalla lelapa la ka haeba nka shoa. Ke ne ke tsieleha hore na ke hobane’ng ha mosali oa ka le mora oa ka kamehla ba lula ba thabile ka ho ea bolela.” Ha Shunji a ne a thusa phutheho ea moo ka makolopetso a bothekniki bo amehang ho haha Holo ea bona ea ’Muso, moholo e mong o ile a mo khothalletsa hore a be le thuto ea Bibele. O ile a ho etsa, ’me hona joale o kopanela thabo ea tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla le lelapa la hae. Hape o thabela ho sebeletsa Komiting ea Kaho ea Libaka.
Ho hloka tumelo ea sebele le moea oa boitelo ho lihlooho tsa malapa ho siea se neng se talingoa e le mosebetsi o nang le tšireletso oa bophelo bohle oa k’hamphani ebe joale li il’o sebetsa mesebetsi e batlang e sa tsitsa ea nakoana e le hore li ka ba le nako e hlokahalang bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho. Ntate oa Mitsunobu ea tsoang Chiba o ile a fetola mosebetsi oa hae. K’hamphaning e khōlō moo a neng a sebetsa teng le moo bao a neng a sebetsa le bona ba seng ba le maemong a bookameli, o ne a tsamaea liofising, a bokella lipampiri tse sebelitseng bakeng sa ho ea sebelisoa hape. Ka kananelo ea ’nete, Mitsunobu o re: “Ke leboha batsoali ba ka hakaakang ba ileng ba nthuta ho ananela letlotlo la tšebeletso ea bopula-maliboho, kahoo ba nthusa ho bo etsa mosebetsi oa ka!” Ba etsang liphetoho tse joalo bophelong ba kholisehile hore meputso ea chelete ke ea nakoana le hore matlotlo a moea ke a molemo o moholohali.—Mat. 6:19-21.
Itlhokomele Hore U Phele Halelele!
Mathata a tebileng a bophelo le ’ona a boetse a hlōtsoe ke ba bang ba lakatsang ka tieo ho etsa sohle se matleng a bona tšebeletsong ea Jehova. “Tlas’a maemo a matle, u tla phelela ho bona mora oa hao a hōla. Le ka mohla u se ke ua ipolaisa mosebetsi, empa itlhokomele ka hohle hore u phele halelele.” Ho buile joalo ngaka e ileng ea fumana mathata a bophelo ba Yaeko Ono a amang pelo ea hae. Ka nako eo mora oa hae o ne a le lilemo li tharo. Ha a le tseleng e eang hae a tsoa sepetlele o ile a ipotsa: “Nka phela bophelo ba ka kaofela ho se na letho leo ke ikoahlaelang lona joang?” Nakong eo a fihlang hae ka eona, o ne a entse qeto ea ho ba pula-maliboho. Ha beng ka eena ba tseba ka sena, ba ne ba amehile, empa seo ha sea ka sa mo fetola maikutlo. O re: ‘Ke ile ka qala ho bula maliboho ka September 1978. Ka nako eo ke ne ke sa tsebe hore ke moimana. ’Mè o ile a kula hampe haholo. Boemo ba ka le bona ba mpefala. Leha ho le joalo, mantsoe a Jesu a ile a mpha sebete: “Ka tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta thaba e ka tloha.” (Mat. 17:20) Ke ile ka etsa qeto ea ho etsa sohle seo nka se khonang.’
Ka mor’a lilemo tse 17, Yaeko o ile a re: “Ke na le boikutlo ba hore matsoho a tšelisang a Jehova a ne a ntse a nkopile.” Ka linako tse ling mathata a ile a batla a mo hlōla, empa o ne a ee a phete mahlohonolo a Jehova, ’me sena se ile sa mo thusa ho tiisetsa. A susumelitsoe ke cheseho ea hae, monna oa hae o ile a qala ho ithuta. ’Me thabo ea hae e ile ea fihla sehlohlolong ha monna oa hae e e-ba molekane oa hae oa pula-maliboho, e le karabo lithapelong tsa hae tse matla!
Bo-pula-maliboho ke ba bohlokoa ka tsela ena Japane. Ho ka boleloa ba eketsehileng ba bangata—ba joaloka mor’abo rōna ea neng a shoele litho ho tloha molaleng ho ea tlaase empa kamehla e le mohloli oa khothatso ho ba bang ha a sebeletsa e le pula-maliboho haholo-holo ka ngollano, morali’abo rōna ea hlahileng qalong ea lekholo lena la lilemo ’me a qetile lilemo tsa hae tsa ho qetela tse 13 ho fihlela ka 1994 e le pula-maliboho sebakeng se pota-potiloeng ke lehloa le moholo oa sefofu ea ileng a fallela toropong e ’ngoe ho ea bula maliboho le ho ea thusa phutheho e nyenyane mono. Bana kaofela ha bona, joaloka lipaki tse tšepahalang tsa khale, le hoja ba e-na le mefokolo ea nama, ba ile “ba etsoa ba matla” ke Molimo hore ba etse thato ea hae.—Baheb. 11:32-34.
New World Translation Ka Sejapane
Lefatšeng ka bophara, ho sebelisoa ha Bibele ka boeona tšebeletsong ea phatlalatsa e ’nile ea e-ba letšoao le khethollang la Lipaki tsa Jehova. Japane bahoeletsi ba ne ba lakatsa ka tieo ho ba le Bibele e nepahetseng, e balehang habonolo ka Sejapane sa kajeno. Ba bangata ba ne ba sokola ka phetolelo ea khale. Ho sa tsotellehe ho sebelisoa ha lipolelo tse ntle le ho sebelisoa ha lebitso le halalelang la Molimo ka ho lumellana, ho ne ho le thata ho ba keneng sekolo ka mor’a ntoa hore ba utloisise tsela eo mantsoe a bōpileng lipolelo kateng ka tsela ea boholo-holo. Kahoo, ka January 1970 barab’abo rōna lekaleng ba ne ba thabile ka ho feletseng ha ba amohela lengolo le tsoang ntlo-khōlō le ba fang tumello ea ho fetolela karolo ea Segerike ea New World Translation Sejapaneng.
Lilemo tse tharo hamorao, Kopanong ea Machaba ea “Tlhōlo ea Bomolimo” Osaka, letšoele la ba 31 263 le ile la opa mahofi ka thabo e sa thijoeng ha Lyman Swingle, oa Sehlopha se Busang, a etsa tsebiso ea ho lokolloa ha khatiso ea Sejapane ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Nakong ea lilemo tse robong ka mor’a hore e lokolloe, ho ile ha ajoa likopi tse 1140-000, li le ngata ka hoo e ka bang ka makhetlo a 75 ho feta palo ea bahoeletsi ka nako eo ha e qala ho hatisoa. Bibele eo e ile ea hatisoa United States, empa ho ne ho se hōle haholo hore ho hatisoa le ho kopanngoa ho joalo ha libuka ho etsetsoe mehahong ea rōna Japane.
Na Libaka Tsa Liboka li ne li ka Ntlafatsoa?
Ha palo ea liphutheho e ntse e tsoela pele ho eketseha ho pholletsa le Japane, ho ile ha totobala ka ho eketsehileng hore libaka tse loketseng tsa liboka li hlokahala haholo. Pele ho bo-1970, e ne e le liphutheho tse fokolang haholo tse nang le libaka tsa tsona tsa liboka. Ha e le hantle, ho ne ho e-na le Liholo tsa ’Muso tse robong feela tse nehetsoeng lilemong tse leshome kaofela tsa bo-1960. Liphutheho tse ngata li ne li kopanela liholong tsa sechaba tse hiriloeng kapa malapeng.
Ha a hopola maemo a sa thabiseng a ‘liboka tsena tse tšoareloang libakeng tse sa tšoaneng,’ Ai Nakamura, morali’abo rōna ea Hirosaki, o re: “Hoo e ka bang ka 1963, re ne re hira Holo ea Thuto ea motse bofelong ba beke e ’ngoe le e ’ngoe, ’me matsatsing ao holo e koetsoeng ka ’ona, phutheho ea batho ba ka bang 15 e ne e e-tla sebokeng ha ka. Kaofela re ne re lokela ho thusa ho nka limakasine, libuka le sethala sa sebui le tse ling, nako e ’ngoe le e ’ngoe ha re e-na le seboka.” Liholo tse hirisoang hangata li ne li e-na le lephoka le matla la koae hammoho le mapetjo a lipolotiki kapa a bolumeli le mekhabiso. Ha ho le se seng sa libaka tsena se neng se lokela litaba tsa moea tsa liboka tsa Lipaki.
Molly Heron le Lois Dyer ba hopola holo eo ba neng ba e hira Kyoto bakeng sa liboka. E ne e le kamore e aliloeng tatami, kapa moseme, e mokatong oa bobeli oa lebenkele. Ho ne ho e-na le likamore tse ling ka mahlakoreng a mang. Ka lehlakoreng le leng, ho ne ho tšoareloa thupelo ea lithuto tsa seletsa se likhoele sa Sejapane se bitsoang samisen; ka lehlakoreng le leng, banna ba ne ba bapala go, morabaraba oa Sejapane. “Ha moferefere oo o ntse o tsoela pele, re ne re leka ho khanna Thuto ea rōna ea Molula-Qhooa. E ne e le seo re neng re tlameha ho se sebelisa matsatsing ao,” ho rialo Lois Dyer. Ka lebaka la hobane re ne re se na libaka tse tsitsitseng tsa liboka joalokaha lihlopha tse ling tsa bolumeli li ne li e-na le tsona, batho ba ne ba e-na le maikutlo a hore re ne re le feela sehlotšoana sa bolumeli se se nang thuso, sa nakoana.
Empa bohareng ba bo-1970, ha palo ea liphutheho tse ncha e ntse e eketseha, barab’abo rōna ba ne ba batla mehaho eo ba ka e sebelisang e le Liholo tsa ’Muso. Ka July 1974 liphutheho tse 646 li ne li sebelisa Liholo tsa ’Muso tse ka bang 200 ho pholletsa le naha. Ho tsena, tse 134 li ne li nehetsoe selemong sa tšebeletso sa 1974 feela.
Le hoja barab’abo rōna ba ne ba haelloa licheleteng, tsebo ea bona ea boqapi e ne e se na moeli. Ka mohlala, sehlekehlekeng sa Kyushu, Phutheho ea Kitakyushu Wakamatsu e ile ea haha Holo ea ’Muso ea lisekoere-mithara tse 130 setšeng se neng se fanoe ke e mong oa bahoeletsi ba sebaka seo. Phutheho e ile ea fumana mapolanka a sebelitseng le lithaele tse rulelang mahala tse tsoang matlong a mahlano a neng a heletsoa. Ba ile ba boela ba fumana mapolanka a ntlo ea sechaba ea ho tolla e neng e se e sa sebetse. Thepa feela ea mohaho eo ba ileng ba e reka ke ea likarolo tse neng li tla bonahala ha holo e felile. Mohahong o mong oa libaesekopo o haufi o neng o se o sa sebetse, ho ile ha fumanoa litulo mahala, tsa pentoa ’me tsa kenngoa ka holong. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng tsa mosebetsi o boima, barab’abo rōna ba ne ba e-na le Holo e ntle ea ’Muso.
Ka lebaka la theko e phahameng haholo ea litša, Lipaki tse ling tse neng li e-na le litša libakeng tsa litoropo, li ile tsa heletsa matlo a tsona ’me tsa a haha bocha a e-na le Holo ea ’Muso mokatong oa pele ’me tsona li lule mokatong o ka holimo.
Ho ne ho Hlokahala Hore Kaho ea Lekala e Lule e Khema le Linako
Feela joalokaha ngoana ha a hōla a feta liphahlo tsa hae, ho joalo le ka mehaho e sebelisoang ke lekala la Japane, nako le nako ho ile ha hlokahala hore e atolosoe e le hore ho ka hlokomeloa khōlo ea palo ea Lipaki naheng eo. Ka 1971, lipolane li ne li se li raliloe bakeng sa fektheri e mekato e meraro le Lehae la Bethele le mekato e mehlano tse neng li lokela ho hahuoa Numazu, moo ho nang le pono e hlakileng ea Thaba Fuji.
Qalong, mehaho ea fektheri e ne e sebelisetsoa haholo-holo ho hatisa Molula-Qhooa le Tsoha! tsa Sejapane. Ntlheng ena, ho hatisoa ha tokollo e khethehileng ea Tsoha! ea October 8, 1972, mochineng o mocha oa khatiso oa rotary oa Tokyo Kikai o sa tsoa kenngoa oa lithane tse 40 e ne e le bohato bo boholo. E ne e le makasine ea pele e hlahisitsoeng ke barab’abo rōna mochineng oa rōna o hatisang Numazu. Empa basebetsi ba khatiso ba ne ba sa tla ithuta ho hongata. Ka linako tse ling ba ne ba ipotsa hore na ba tla ke ba khone ho sebelisa mochine oo hantle na. Mor’abo rōna e mong ea sebetsang sehlopheng seo sa ba hatisang o ile a re: “Matsatsing ao, litlhaku tse ling li ne li le tenya ke enke hoo u neng u ka ’na ua li bala ka ho li thetsa!” Litlhaku tse ling li ne li sa bonahale kapa e le letheba le lerootho. Leha ho le joalo, ha barab’abo rōna ba ntse ba rua phihlelo, boleng ba khatiso bo ile ba ntlafala hanyane ka hanyane ’me palo ea limakasine tse tsamaisoang tšebeletsong ea tšimo e ile ea eketseha.
Ha Mor’abo rōna Knorr a ne a bua lenaneong la nehelo ea mehaho eo ea lekala e Numazu ka 1973, baeti ba ne ba bokane sebakeng se feela mokatong oa boraro fekthering e ncha. Ha a bua ka hore na mokato oo o tla sebelisetsoa eng, o ile a re: “Sebaka sena se feela se emela tumelo ea lōna. Re lumela hore sebaka sena se tla hlokahala ka nako ea selemo kapa tse peli. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o hatela pele, le hona ka lebelo le potlakileng.”
Joalokaha Mor’abo rōna Knorr a ile a bolela esale pele, sebaka seo se ile sa phakisa sa sebelisoa. Ka 1974 ho ne ho hlokahala mehaho e meng e ’meli—o mong e le oa setoro ’me o mong e le oa bolulo bakeng sa basebetsi. Toshio Honma o re: “Ena e ne e le kaho ea pele eo Lipaki li ileng tsa iketsetsa eona Japane. Re ne re batla re amehile ka hore na ho tla ba le basebetsi ba nang le phihlelo ba lekaneng kapa che. Molimo o ile a re hlohonolofatsa ka ho re fa batho ba kang Tadazo Fukayama, molebeli oa kaho ea nang le phihlelo ea lilemo tse fetang 30 a sebetsa konterakeng ea mohaho e khōlō.”
Ka mor’a lilemo mosebetsi oa boipheliso o mo isa hōle le hae, Tadazo o ne a sa tsoa tlohela mosebetsi oa hae e le hore a ka ba le nako e eketsehileng le lelapa la hae. Kahoo o ne a ferekane maikutlo ha a ne a kōptjoa hore a nahane ka monyetla oa ho tla Numazu ho tla laola katoloso ea Bethele. Na o ne a tla tlameha ho siea lelapa la hae hape? Karabelo e tsoang lekaleng e ne e re “che!” Mosali oa hae le bara ba babeli, ba lilemo li 18 le 20, le bona ba ne ba menngoe.
Le hoja mehaho e ileng ea hahuoa ka nako eo e ne e batla e le menyenyane ha e bapisoa le seo e neng e le hona se tlang, morero ona o ile oa fa barab’abo rōna phihlelo le ho kholiseha hore ka thuso ea Jehova ba ka sebetsana le merero e meholoanyane.
Barab’abo Rōna ba Moo ba Amohela Boikarabelo bo Boima Haholoanyane
Ka April 1975, Lloyd Barry, eo e neng e bile molebeli oa lekala ho tloha ka 1952, o ile a tloha Japane ho ea sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. O ne a ile a kopanela ka cheseho mosebetsing nakong eo mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo o ileng oa hōla ho tloha ho bahoeletsi ba 8 ka 1949 ho ea ho baboleli ba ’Muso ba chesehang ba fetang 30 000. Ha a tloha bolebeli ba lekala bo ile ba tšepeloa Toshio Honma, mor’abo rōna oa Lejapane eo ka nako eo a neng a sebeletsa e le molebeli oa fektheri.
Mabapi le tsebo ea ho etsa lintho ea Mor’abo rōna Honma, motlatsi oa hae fekthering o ile a re: “Toshio e ne e se motho ea shebellang ’me a letele hore motho e mong a mo bolelle seo a lokelang ho se etsa bohato ka bohato. U ne u ka mo fa mosebetsi eaba ua mo bolella, ‘Re nka tsela ena,’ joale o ne a nka lesokoana ebe oa titima. E ne e le mohlophisi ea molemo ’me o ne a susumetsa batho.”
Phetoho e ’ngoe ea tlhophiso e ile ea etsahala ka February 1976. Tumellanong le makala a mang ’ohle ho pholletsa le lefatše, bolebeli ba lekala Japane bo ile ba behoa tlas’a komiti ea barab’abo rōna ho e-na le hore bo be tlas’a molebeli a le mong oa lekala. Ba bahlano ba pele ba ho khethoa e ne e le Toshio Honma, mohokahanyi, Masataro Oda, Shigeo Ikehata, Kiichiro Tanaka le James Mantz. Tokisetso ena e ncha e ile ea amoheloa habonolo ke barab’abo rōna ba Majapane, kaha ba ne ba tloaelane haholo le khopolo ea ho sebetsa ka sehlopha le ka ho fihlela liqeto ba le ntsoe-leng. E mong oa litho tsa komiti hamorao o ile a hlokomela: “Ka tokisetso ea Komiti ea Lekala, barab’abo rōna ba talima sehlopheng sa barab’abo rōna ba hōlileng moeeng e le baemeli ba mokhatlo o hlophisitsoeng. Sena se na le phello ea ho lebisa tlhokomelo ea barab’abo rōna mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo ho e-na le mothong a le mong.” Ha ho tlameha ho etsoa qeto e boima, tokisetso ena e fana ka sehlopha sa banna ba moea ba nang le limelo le tsebo tse sa tšoaneng bakeng sa ho e hlahloba le ho batla tataiso ea moea o halalelang le ea Lentsoe la Molimo.
Ka January 1983, Masataro Oda, ea ileng a sebeletsa Bethele ho tloha ka February 1960, e ile ea e-ba mohokahanyi. O ile a nkela Mor’abo rōna Honma sebaka, eo ka nako ena a neng a e-na le mora ea lilemo li peli eo a lokelang ho mo hlokomela. Ba bang ba ileng ba sebeletsa Komiting ea Lekala ho tloha ka nako eo ka linako tse sa tšoaneng ba akarelletsa Ryosuke Fujimoto, Percy Iszlaub, Isamu Sugiura, Yoshihiro Nagasaki, Makoto Nakajima, Kenji Mimura le Richard Bailey. Hona joale barab’abo rōna ba supileng ba sebeletsa Komiting ea Lekala. Joalokaha mosebetsi o atolohile, e mong le e mong oa bara bana babo rōna ka boikokobetso o tlatselitse ka litalenta tsa hae ho ntšetseng pele lithahasello tsa ’Muso oa Molimo karolong ena ea tšimo ea lefatše.
Mor’abo rōna Oda oa hlokomela: “Ntlheng ena, ha re hetla morao, re ka bona bohlale ba bomolimo tokisetsong ea komiti. Ho tloha ka 1976, ha tokisetso ea komiti e qala ho sebetsa, mosebetsi o hōlile ho isa bohōleng boo ho seng motho ea neng a ka o etsa a le mong. Jehova o ile a fa Sehlopha se Busang bohlale ba ho abela barab’abo rōna ba bangata boikarabelo, ’me ka tsela ena ho phalla ha mosebetsi hantle ha hoa sitiseha.”
Barab’abo Rōna ba Moo ba Hlophisa Likopano
Ka ho tšoanang, ka bo-1970 boikarabelo bo mabapi le tlhophiso ea likopano bo ile ba qala ho fetisetsoa ho Lipaki tsa sebaka ka seng. E mong oa balebeli ba pele ba setereke ba Majapane oa ho sebeletsa e le molebeli oa kopano e ne e le Takashi Abe. O ne a ile a fumana phihlelo ea bohlokoa ka ho sebetsa le baromuoa ba joaloka Percy Iszlaub. Percy e ne e bile molebeli oa kopano Kopanong ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng” e neng e tšoaretsoe Lebaleng la Libaesekele la Korakuen le Tokyo ka 1969. Lilemo tse peli hamorao, Mor’abo rōna Abe o ile a sebeletsa e le molebeli oa kopano bakeng sa kopano ea sechaba e neng e tšoaretsoe lebaleng le tšoanang. Ka phihlelo eo a ileng a e fumana kopanong ea 1969, tšebetso e ile ea tsamaea hantle. Empa boikarabelo bo boima haholoanyane e ne e le hona bo tlang.
Ka 1973, Mor’abo rōna Abe o ile a khethoa ke Mokhatlo hore e be molebeli oa kopano bakeng sa Kopano ea Machaba ea “Tlhōlo ea Bomolimo” ea matsatsi a mahlano e neng e tla tšoareloa Osaka. Ho ne ho lebeletsoe lenane la ba ka bang 30 000, ho akarelletsa le baeti ba 400 ba tsoang linaheng tse ling. O ile a itšoara joang? Oa hopola: “Ha ke fumana lengolo la khetho, ke ile ka kula hampe ’me ka qeta matsatsi a ’maloa ke robetse, ke sa khone le ho lula feela. Ke ne ke nahana feela ka phephetso ea ho hlophisa mafapha ’ohle a kopano. Ke ile ka thaba hakaakang ha, likhoeli tse seng kae pele ho kopano, ke amohela bukana ea Convention Organization e tsoang ho Mokhatlo! Ka ho latela mekhoa ea tšebetso e thehiloeng Bibeleng, mathata a mangata a ile a rarolloa.”
E ’ngoe ea liphephetso tse bileng teng hang-hang e bile ho lokisetsa litulo tse lekaneng bakeng sa baeti bohle. Kopano e ne e lokela ho tšoareloa Lebaleng la Mekete Lipontšong (1970) Memorial Park, Osaka, empa lebala leo le ne le se na litulo kapa sethala. Liphutheho tse haufi li ile tsa kōptjoa boitsebiso mabapi le litulo tse phuthoang tse ka hireloang kopano. Motseng o mong ho ile ha kopanoa le lihlooho tsa likolo tsohle. Hape, mookameli oa k’hamphani e khōlōhali e etsang thepa ea motlakase Japane o ile a botsoa hore na k’hamphani ea habo e ka rata ho hirisa litulo bakeng sa kopano. Moemeli oa k’hamphani eo o ile a kopana le molebeli oa kopano mabapi le kōpo ena. Le hoja k’hamphani eo e ne e se na litulo tse eketsehileng tse phuthoang tseo e ka li hirisang, e ile ea ithaopela ho etsa monehelo oa chelete bakeng sa ho hira litulo tse 5000. Ho ntse ho le joalo ho ne ho hlokahala litulo tse eketsehileng. Tharollo e ile ea e-ba efe? Ho etsa libenche ka mapolanka a lisekefole a hiriloeng k’hamphaning ea mohaho. Libenche li ile tsa qetoa matsatsi a seng makae pele ho kopano, ’me bamameli ba 31263 ba ile ba mamela puo ea phatlalatsa. Ka lebaka la lenane la tsona le ntseng le hōla, lena e ne e le lekhetlo la ho qetela hore Lipaki tsa Jehova tsohle li khone ho bokana hammoho kopanong e le ’ngoe Japane le Okinawa.
Litho tse hlano tsa Sehlopha se Busang hammoho le molebeli oa fektheri ba tsoang ntlo-khōlō ea lefatše Brooklyn ba ile ba e-ba teng kopanong eo ’me ba khothatsa bamameli. Ho ne ho le teng baeti ba bang ba tsoang Australia, Brithani, Canada, Guatemala, Hawaii, Jeremane, New Zealand, Nigeria, Papua New Guinea le United States, ho etsa hore kopano eo e hle e be ea machaba.
Ka mor’a kopano eo ea Osaka, barab’abo rōna ba eketsehileng ba moo ba ile ba qala ho jara boikarabelo ba ho hlophisa likopano. Sena se ile sa etsa hore barab’abo rōna ba nolofalloe ke ho leka-lekanya mosebetsi oa pele ho kopano le boikarabelo bo bong ba bona. Ho phaella moo, balebeli ba tsamaeang joale ba ne ba ka tsepamisa tlhokomelo ea bona kabelong ea bona ho e-na le ho qeta likhoeli pele ho kopano e ’ngoe le e ’ngoe mosebetsing oa kopano.
Likopano Tsa Machaba Tsa “Tumelo e Hlōlang” Tsa 1978
Kopano ea bone ea machaba e ileng ea tšoareloa Japane e ne e le Kopano ea “Tumelo e Hlōlang” ea matsatsi a mahlano ka 1978. Lekhetlong lena, ho ile ha sebelisoa litša tse ’nè tsa kopano e le hore e mong le e mong a ka ba le sebaka. Kopano e khōlō e neng e tšoaretsoe Osaka e bile le tlhōrō ea ba neng ba le teng ba 31 785, ho akarelletsa le baeti ba fetang 200 ba tsoang United States, Canada, Jeremane, Switzerland, hammoho le ba tsoang linaheng tse ling tsa Europe, Asia le Amerika Boroa. Litho tse tharo tsa Sehlopha se Busang li ne li le teng ho ea ba le karolo lenaneong la kopano.
Moea o motle oa tšebelisano o ile oa hlaoleloa ka lilemo tse ngata. Barab’abo rōna ba ile ba kholiseha ka botlalo hore ka thuso ea Jehova ba ka sebetsa esita le likabelo tse khōlō tsa puso ea Molimo.
Ho Tloha ho Beng Sebaka sa Bowling ho ba sa Holo ea Kopano
Ho ile ha totobala hore ho phaella ho beng le Liholo tsa ’Muso, barab’abo rōna ba ne ba hloka ho ba le libaka tse khōloanyane tse ka tšeptjoang bakeng sa likopano. Mathoasong a bo-1970, mehaho e mengata ea sechaba e ne e ke ke ea hirisetsa lihlopha tsa bolumeli, ’me likonteraka tsa libaka tsa lipapali tsa ka tlung li ne li ka hlakoloa motsotsong oa ho qetela hobane liketsahalo tsa lipapali tsa sebaka seo e ne e le tsona tse tlang pele. Hirofumi Morohashi, ea ileng a sebeletsa e le molebeli oa kopano sebakeng sa Tokyo ka lilemo tse ngata, o hopola ketsahalo e ileng ea susumetsa barab’abo rōna hore ba qale ho batla Holo ea bona ea Kopano. O re: “Ka 1974 re ile ra beheletsa ho sebelisoa ha holo e serapeng sa boithabiso se Motseng oa Oyama bakeng sa kopano ea rōna ea potoloho ka li-yen tse 200-000 [R3100]. Hamorao, serapa seo sa boithabiso se ile sa oa licheleteng. Re ile ra ba le bothata bo boholo ha re leka ho fumana chelete ea peeletso hammoho le ho fumana sebaka se seng bakeng sa kopano.” Joale Percy Iszlaub o ile a ba bontša litšoantšo tse tsoang Australia tsa fektheri ea khale ea ho loha e ileng ea fetoloa Holo ea Kopano e ntle. Barab’abo rōna Tokyo ba ile ba ikutloa hore ke nako ea hore le bona ba ke ba leke ntho e tšoanang le eo.
Ba ile ba fumana sebaka sa bowling se neng se sa sebelisoe. Se ne se le Higashi-Matsuyama, mathōkong a Tokyo. Mong’a mohaho oo, ka ho se tsebe Lipaki tsa Jehova, o ile a ngolla lelapa leo a neng a ile a lula le lona United States ’me a le botsa ka Lipaki tsa Jehova. O ile a fumana karabelo e ntle haholo e mo bolella hore Lipaki tsa Jehova e ne e le sehlopha se tšepahalang ka ho fetisisa sa bolumeli United States. Ho tloha moo lintho li ile tsa tsamaea hantle, ’me ho ile ha etsoa konteraka.
Kahoo, ka December 1976, ho ile ha phethoa Holo ea pele ea Kopano Japane. Ho sa le joalo, morero o mong oa bohlokoa oa kaho o ne o ntse o tsoela pele.
Jehova o Tataisa Bohato
Nakong eo mehaho e atolositsoeng ea Numazu e neng e neheloa ka eona ka 1977, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba fetang 40 000. Lekala le ile la laeloa hore le shebe setša se fetang se Numazu ka karolo ea 300 lekholong. Ho ile ha fumanoa fektheri ea khale ea masela Ebina, bohareng ba Numazu le Tokyo, e leng setša sa lihekthere tse ka bang tse supileng. Setša sena se ne se le seholo ho feta se Numazu ka karolo ea 1600 lekholong. Empa na Sehlopha se Busang se ne se tla lumela bohato boo naheng eo theko ea litša e leng e phahameng hakaale? Setša sena se ne se tla bitsa chelete e menang habeli chelete eo United States e ileng ea e lefa ha e ne e reka Alaska hape ho Russia ka 1867. Ka nakoana, ha hoa ka ha e-ba le karabelo e tsoang ntlo-khōlō. Toshio Honma o re: “Joale, ka tšohanyetso, Mor’eso Barry o ile a tla a tsoa New York a e-na le Max Larson, molebeli oa fektheri ea Mokhatlo Brooklyn, ho tla sheba setša seo, ’me re ile ra fuoa tumello. Ha re hetla morao hona joale keketsehong eo re bileng le eona ka lilemo tse 20 tse fetileng, re leboha Jehova ka ho re tataisa hore re reke setša seo se seholohali.”
Ka January 1979 kaho ea fektheri e mekato e ’meli, mohaho oa ofisi, mehaho e meraro ea bolulo e nang le likamore tsa Bethele tse 161, Holo ea ’Muso, le mehaho e ’meli ea ho sebeletsa e ile ea qaloa. E ne e le o mong oa merero ea kaho o moholohali o kileng oa etsoa ke Lipaki tsa Jehova hohle lefatšeng ho fihlela ka nako eo.
Banna ba bangata ba malapa ba nang le tsebo ea kaho ba ile ba tlohela mesebetsi ea bona ea pele ’me ba fallela Ebina le malapa a bona kapa metseng e haufi le moo e le hore ba ka kopanela mosebetsing oa ho haha. Yoshiaki Nishio e ne e le e mong oa bona. Ha a amohela memo ea hae ea pele ea hore a tl’o kopanela morerong ona joaloka ea sebetsanang le lipeipi tsa metsi, o ne a sa tsoa fallela torotsoaneng e ’ngoe Sehlekehlekeng sa Shikoku ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Kaha o ne a e-na le bana ba banyenyane ba bararo, ka nako eo o ne a sa sebetse, ’me a se na chelete e lekaneng, o ne a ile a hana lekhetlo la pele. Empa ha a amohela memo ea hae ea boraro ka poso e potlakileng, o ile a ikutloa hore ke Jehova ea mo bolellang hore a tsamaee. O ile a buisana taba le mosali oa hae, ea ileng a ithaopela ho hlokomela lelapa ha a le sieo. Yoshiaki oa hopola: “Ha ke fihla Bethele, ke ile ka hlokomela ka nako eo hore re ne re memiloe ka bohlano ba rōna! E ne e le ntho e tsotehang!” Bana ba bararo ba ile ba hōla ’me ea e-ba bo-pula-maliboho, ’me e mong oa bona hona joale o sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele Ebina.
James Mantz, molula-setulo oa Komiti ea Kaho, oa hopola: “Nako le nako re ne re bona Jehova a re bulela menyako mabapi le kaho eo. Re ne re e-na le se neng se bonahala eka ke marako a ke keng a hlooa ka pele ho rōna. Puso ea Setereke sa Kanagawa e ne e e-na le e meng ea melao e thata ka ho fetisisa ea taolo ea tšilafalo naheng eo kaofela. Re ile ra bolelloa hore re se ke ra qhalla le lerotholi le le leng la metsi a litšila kanaleng e fetang har’a setša. Empa Jehova o ile a re bulela tsela. Fektheri ea pele e neng e le setšeng seo e ne e pholisa mechine ea eona ka metsi a tsoang lilibeng tse tharo. Metsi ao a ne a qhalloa kanaleng ’me a ne a sebelisetsoa ho nosetsa lijalo tsa baahelani. Ha baahelani ba utloa hore phepelo ea metsi ana e tla psha, ba ile ba ea ofising ea motse ’me ba ipelaetsa, ‘Re itšetlehile ka metsi a tsoang setšeng seo bakeng sa lijalo tsa rōna.’ Kahoo bahlanka ba ’muso ba motse ba ile ba etsolla qeto ea bona ’me ba beha tekanyo ea metsi ao re tlamehang ho a tšela ka kanaleng eo letsatsi ka leng e le hore re ka fepela balemi ka metsi. Ho phaella metsing a litšila a hloekisitsoeng a kenang ka kanaleng, re ile ra tlameha ho pompela metsi a tsoang lilibeng tsa rōna ho khotsofatsa litlhoko tsa balemi.”
Mehaho e phethiloeng e ile ea neheloa ho Jehova ha Frederick Franz, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, a le teng ka la 15 May, 1982. Lloyd Barry le mosali oa hae, Melba, le bona ba ne ba le teng ’me ba ile ba kopanela lenaneong la nehelo. Ha Mor’abo rōna Barry a buisana ka lipotso le liithuti-’moho le eena tse 14 tsa Gileade tse ileng tsa romeloa Japane ho tloha ho ba sehlopha sa bo11, bamameli ba ne ba ka utloa lerato la hae le tebileng bakeng sa barab’abo ba Majapane.
Tsoelo-pele Bongateng le Bolenng
Bahoeletsi ba ile ba tsoela pele ho eketseha; ho bile joalo le ka tlhokahalo ea libuka. Le pele ho neheloa mehaho e Ebina, ka October 1979 lekala le ile la e-ba le mochine oa lona oa pele oa khatiso web offset. Mochine ona o hatisang o ne o le boima ba lithane tse 75, o le bolelele ba limithara tse 20 ’me o ka hlahisa limakasine tse 300 ka motsotso, ka mebala e feletseng. Na seo se ile sa hlokomela litlhoko tsa rōna?
Mor’abo rōna Mantz oa hopola: “Ka 1981 re ile ra ba le ketelo ea libaka ka Mor’abo rōna Jaracz. O ile a hlokomela hore re sebetsa bosiu le motšehare mochineng oa rōna oa khatiso ’me a buella hore re kōpe tumello ea ho reka oa bobeli. Re ne re le leqe ho kōpa mochine oa bobeli oa khatiso hobane re ne re e-na le boikutlo ba hore ho ba le o le mong ke ho baballa chelete. Leha ho le joalo, ka nako ea khoeli re ile ra fumana litaelo tse tsoang Brooklyn tsa hore re odare mochine oa rōna oa bobeli oa khatiso oa rotary offset. Ka nako eo, re ne re sa hlokomele se larileng ka pele ho rōna. Empa ha o fihla ka May selemo hamorao, kapele-pele re ile ra tlameha ho qala ho hlahisa New World Translation e feletseng ka Sejapane bakeng sa hore e lokolloe likopanong tsa setereke tse neng li le hōle ka likhoeli tse peli feela. Likopanong tseo ho ne ho boetse ho lokela ho lokolloa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Kahoo re ile ra boela ra bona letsoho la Jehova le tsamaisa litaba. Ho hang re ka be re sa ka ra hlahisa limakasine, Libibele le libuka tsa rōna kaofela mochineng o le mong oa khatiso.”
Mochine oa boraro, oa Mitsubishi o nang le matla a maholo, o ile oa kenngoa ka 1984. O ne o hatisa ka lirolo tse peli tsa pampiri ka nako e le ’ngoe le likarolo tse ’nè tsa mebala ho phaella ho karolo e ’ngoe ea o motso; o ne o khona ho hlahisa limakasine tse 1000 ka motsotso. Ka nako eo, e ne e le mochine oa khatiso o lebelo ka ho fetisisa ka har’a naha ’me e ile ea e-ba ntho eo ho buuoang ka eona har’a bahatisi ba lefatše. Ichiki Matsunaga, ea neng a filoe koetliso e khethehileng ea ho tsamaisa mochine oa khatiso, o ne a hloletsoe ha a o bona o sebetsa ka lebelo la oona le feletseng. O ile a re: “Empa, ke ho hlollang le ho feta ho nahana ka lebelo le makatsang leo molaetsa o hatisitsoeng o tla tsamaea ka lona.”
Ho ka sebetsanoa ka katleho joang le limakasine tse 60 000 ka hora? Qetellong, barab’abo rōna ba sebetsang lefapheng la mechine ba ile ba qapa le ho haha tsamaiso ea lebanta la motlakase le neng le tsamaisa limakasine tse tsoang mochineng oa khatiso ho feta karolong e li penyang ea hydraulic le mochine o mahare a mararo o li sehang ho li isa moo li pakoang teng. Molebeli oa tšebetso eo oa hlalosa: “Mochine oa khatiso o kenngoa rolo ea pampiri e boima ba halofo ea thane metsotso e meng le e meng e 20, ’me qetellong ea lebanta lena, limakasine li pakoa ka ho toba mabokoseng a nang le aterese, a loketseng ho romeloa.” Ka metsotso e mehlano pampiri e tloha rolong e feta mochineng o hatisang, o pomang le ho kena mabokoseng. Tsamaiso ena e hokahaneng e fokotsa palo ea basebetsi le sebaka se seholo sa setoro.
Khatiso ea boleng bo phahameng e bileng teng ka lebaka la thepa ena, hammoho le lintlafatso litšoantšong le bolenng ba pampiri, e ile ea phahamisa ho ipiletsa ha limakasine tsena haholo. Ka cheseho bahoeletsi ba ile ba fana ka tsona tšebeletsong ea tšimo.
“Mokoloko oa Litsebi”
E le ho iphaphatha le bohato ba ho fetohela khatisong ea offset, Mokhatlo o ile oa qala ho etsa mosebetsi oa oona oa pele ho khatiso ka k’homputha. Na ho ne ho e-na le Lipaki tsa Majapane tse nang le tsebo ea theknoloji tse ka itlhahisang bakeng sa phetoho ee? E! Yasuo Ishii, e mong oa bo-pula-maliboho ba theknoloji lefapheng la saense ea k’homputha Japane, o ne a fetohile e mong oa bahlanka ba inehetseng ba Jehova. Hape o ne a arolelane tumelo ea hae le basebetsi-’moho le eena. Ka lebaka leo, batho ba tšeletseng bao e neng e le lienjiniere tsa tsamaiso ea lik’homputha le litsebi tsa mananeo a k’homputha ba ne ba fetohile Lipaki tse kolobelitsoeng. Sehlopha seo kaofela se ile sa amohela memo ea ho kopanela morerong oa Mokhatlo, ba bang e le Mabethele ’me ba bang e le ba sebetsang Bethele ba tloha lapeng. Ha a hopola se ileng sa etsahala, Toshio Honma, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala ka nako eo, o ile a re: “Jehova o ne a e-na le mokoloko oa litsebi ka oona motsotso oo li neng li hlokahala ka oona.”
Mabapi le k’homputha e tlang ho sebelisoa, ofisi e Brooklyn e ne e buelletse ho reka ka lease k’homputha e khonang ho sebetsana le lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe e potlakang ea IBM e neng e tla lokolloa haufinyane ea moetso oa 4341. Lekala la Japane la Mokhatlo e ne e le la bobeli, ka lotho, hore le fumane mofuta ona oa morao-rao oa lik’homputha. Leha ho le joalo, moemeli oa k’hamphani eo Japane o ile a ba le boikutlo ba hore ho ne ho tla ba molemo ho e fa e mong oa bareki ba bona ba kamehla ea neng a ka khona ho etsa mananeo a k’homputha. Barab’abo rōna ba bahlano le morali’abo rōna ba sebetsang morerong oa rōna ka potlako ba ile ba rala litekanyetso bakeng sa litlhoko tse ikhethang tsa Mokhatlo. Hoba e bone litekanyetso tsena tse qaqileng, k’hamphani eo e ile ea akarelletsa odara ea rōna habonolo thomellong ea eona ea pele ea mofuta ona o mocha.
Tlas’a tataiso e hloahloa ea litsebi tsena, bara le barali babo rōna ba fetang 40 ba bacha ba ithaopang ba ile ba koetlisoa hore e be baetsi ba mananeo. Pakane e ne e le ho haha tsamaiso e itšebetsang ka ho feletseng bakeng sa ho seta litlhaku le ho li hlophisa bakeng sa lingoliloeng tsa Mokhatlo tsa Sejapane. Tsamaiso ena e ile ea bitsoa SCRIPT (System of Character Reproduction Incorporating Photo-Typesetting [Tsamaiso ea Tlhahiso ea Litlhaku e Kopanyelletsang ho Seta Litlhaku ka ho li Fota]). Ka nako e ka tlaase ho lilemo tse peli, e ne e loketse ho lekoa. Sengoliloeng sa pele se hlahisitsoeng ka tsamaiso ena e bile buka e maqephe a 192 ea “Let Your Kingdom Come.”
Ka 1987 matla a lik’homputha tsa lefatše a ne a se a tsoetse pele ho isa bohōleng boo a ka sebetsanang le litlhoko tse ikhethang tsa mongolo oa Sejapane. Kahoo ha mochine oa ho seta litlhaku ka ho li fota o hokahantsoeng le tsamaiso ea SCRIPT o robeha, ho ile ha fetoheloa mokhoeng o seng theko e boima oa Mokhatlo oa ho seta litlhaku. Litšobotsi tse ikhethang tseo barab’abo rōna ba ileng ba li qapa bakeng sa tsamaiso ea SCRIPT, e kopanyelletsang “alfabeta” ea Sejapane e nang le litlhaku tse rarahaneng tsa Sejapane tse ka bang 8000, joale li ile tsa kopanyelletsoa tsamaisong ea MEPS. Baetsi ba bangata ba mananeo ba sebelitseng tsamaisong ea sebaka seo ea Sejapane hona joale ba sebetsa linaheng tse ling ho tšehetsa tsamaiso ea khatiso ea Mokhatlo lefatšeng ka bophara.
Lefapha le Lecha Lea Qaleha
Ka lilemo tse ka bang 30, setsi sa khatiso sa Mokhatlo se Brooklyn se ’nile sa fepela Japane ka libuka tseo e li hlokang bakeng sa ho ajoa tšimong. Empa ha mosebetsi oa ho hahuoa ha fektheri e ncha Ebina ka 1978 o tsoela pele, ho ile ha etsoa qeto ea hore lekala la Japane le qale ho iketsetsa libuka tsa lona.
Ha a utloa ka seo re rerileng ho se etsa, mookameli e mong oa k’hamphani e khōlō ea bōka o ile a re etela. Eitse ha a utloa hore re ikemiselitse ho iketsetsa bōka ba rōna, o ile a ithaopela ho re fumanela lintho tse sebelisoang tse bo etsang le thepa eo re tlang ho e hloka. Kapa haeba re khetha, o ne a ka thabela ho re etsetsa bōka ka litšenyehelo tsa hae. Hobane’ng? Lilemo tse seng kae pejana, o ne a ile a ba teng pontšong ea mechine e kopanyang libuka le e hatisang mane Chicago, U.S.A. Ha ba le moo eena le sehlopha sa hae ba ile ba kopana le barab’abo rōna ba tsoang Bethele Brooklyn, ba ileng ba ba memela ho ea bona setsi sa khatiso sa Mokhatlo oa Watchtower se New York. Tšebetso eo kaofela, haholo-holo mosa le ho sebetsa ka thata ha barab’abo rōna, e ile ea khahla sehlopha seo haholo. Joale o ne a batla ho re thusa ka tsela leha e le efe eo a ka e khonang. Ho ile ha fumaneha ho le theko e tlaase ho fumana bōka ho eena ho feta hore re iketsetse bona. Re ile ra boela ra khona ho kopana le ba bang ba fanang ka thepa e ’ngoe kahobane re ile ra ba tsebisoa ke eena, ’me sena se feletse ka ho boloka chelete e ngata.
Baetsi ba bangata ba mechine ba ile ba sebelisana le rōna ka tsela e tšoanang. Ha baemeli ba baetsi ba mechine e pomang le e bokellang likarolo tsa libuka bakeng sa ho li kopanya ba tla Ebina ho tla etsa konteraka, ba ile ba khahloa ka ho teba ke sohle seo ba ileng ba se bona setšeng sa kaho, haholo-holo ke baithaopi ba sebetsang ka thata. Ka lebaka leo ba ile ba re ba tla theola theko ea mechine ea bona ka li-yen tse 1000 000 (R44 300).
Ke Mang ea Neng a ka Koetlisa Barab’abo Rōna?
Ho ne ho se na motho fekthering ea nang le phihlelo leha e le efe ka ho kopanngoa ha libuka. Robert Pobuda o ne a memetsoe Brooklyn ho ea fumana koetliso ea libeke tse tšeletseng le ho ea fumana boitsebiso bakeng sa ho tla koetlisa barab’abo rōna Japane. Boitsebiso boo bo ile ba fetoleloa ’me ha tšoaroa thupelo ea ho kopanngoa ha libuka. Bo ile ba tlatsoa ka thuso ea litsebi tse tsoang lik’hamphaning tsa khoebo tse ileng tsa tla ’me tsa tla ruta barab’abo rōna ho sebelisa thepa ea ho kopanya libuka. Hape re ile ra lokisetsa ho ea bona libaka tse ling tsa khoebo tsa ho kopanya libuka ho ea bona tšebetso ea tsona.
Ka lekhetlo le leng, ka mor’a ho bona sebaka se joalo sa ho kopanya libuka, barab’abo rōna ba ile ba memeloa ofising ea mookameli. O ile a botsa: “Na lea tseba hore na ke hobane’ng ha ke ile ka le lumella hore le tle? Ka tloaelo ho hang ha re lumelle batho ba kopanyang libuka ba tsoang ka ntle hore ba tl’o bona fektheri ea rōna, empa beke pele le kōpa tumello ea ho tla bona, Paki e ile ea nketela ha ka ’me ea mpha limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ke ile ka khahloa ke mekhoa ea eona e metle le seo ke ileng ka se bala limakasineng tseo.” O ile a amohela libuka tse eketsehileng, ho akarelletsa le peeletso ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, ’me a lumela hore o tla thusa ho koetlisa barab’abo rōna ba ’maloa ka nako ea khoeli fekthering ea hae.
Ka lilemo ho tloha ka nako eo, ba sebetsang moo ho kopanngoang libuka ba ’nile ba tsoela pele ho ntlafatsa botsebi ba bona le ho tebisa tsebo ea bona. Lik’hamphani tsa khoebo tse kopanyang libuka le tsona li ile tsa romela basebetsi ba tsona ho tla bona fektheri ea rōna. Ha ba ome mathe ka lebaka la bohloeki le tlhokomelo e lebisoang linthong tse nyenyane tseo ba li hlokomelang. James Mantz, eo e kileng ea e-ba molebeli oa fektheri, oa hopola: “Ho na le k’hamphani e le ’ngoe e kopanyang libuka e ileng ea fuoa tumello ea ho etsa video ha baemeli ba eona ba ntse ba tsamaea ba bona mohaho ka tsela e tloaelehileng. Ba ne ba rerile ho sebelisa video eo ho koetlisa basebetsi ba fektheri ea bona. Ba ne ba e-na le thepa e tšoanang ’me ba ne ba etsa mosebetsi o tšoanang, empa ba ne ba batla ho sebelisa Mabethele e le mehlala ka lebaka la boikutlo ba ’ona, bo bonahalang lifahlehong tsa ’ona tse thabileng ha a ntse a sebetsa, le hore a ne a etsa mosebetsi hantle haholo.” Mor’abo rōna Mantz o boetse o hopola ho makala ha motsamaisi e mong oa khoebo ea ileng a bona sebaka seo ho kopanngoang libuka ho sona sa Mokhatlo. Motsamaisi eo o ile a re: “Bacha ba Majapane ba susumetsoa ke seo ba se bitsang matšoao a mararo a ‘K’—kiken, kitanai le kitsui.” Seo se bolela se kotsi, se litšila le se batlang ho hongata ho feta se lebeletsoeng. Haeba mosebetsi o akarelletsa leha e le efe ea lintho tsena, boholo ba bacha ha ba o thahaselle. Empa ha ho joalo fekthering ea Ebina.
Thahasello e ikhethang e ile ea bontšoa sebakeng sa rōna sa ho kopanngoa ha libuka tsa deluxe. Sebaka sa ho kopanngoa ha libuka mehahong ea rōna Ebina se fetohile o mong oa mehloli e ka sehloohong ea boitsebiso mabapi le ho kopanngoa ha libuka tsa deluxe Japane. Sebakeng sena sa ho kopanngoa ha libuka, Libibele tsa sekoahelo sa letlalo li hlahisoa ka bongata.
Ho Hlahisa New World Translation e Feletseng
Ho fetohela ho hatiseng ka mechine ea offset, ho hlongoa ha sebaka sa ho kopanngoa ha libuka le ho qaptjoa ha tsamaiso ea SCRIPT kaofela li ile tsa rala motheo oa ho hlahisa New World Translation e feletseng.
Tumello ea ho tsoela pele ka ho fetolela karolo ea Mangolo a Seheberu a New World Translation e ile ea fanoa ka 1975. Bona e ne e lokela ho ba boiteko bo kopanetsoeng. Bafetoleli ba bararo ba ile ba khethoa hore ba kopanele morerong ona. Ho ne ho ka etsoa eng ho boloka boemo bo phahameng ba ho lumellana har’a basebetsi ba sa tšoaneng? Lethathamo le batsi le le qaqileng la mantsoe a sebelisoang phetolelong, hammoho le boitsebiso ka mareho-makhethi, liphoofolo, limela, lirafshoa, mebala, mafu le lintho tse kang lithulusi, liaparo, lijo le linyehelo tsa sehlabelo li ile tsa etsoa ’me tsa arolelanoa har’a bafetoleli. Lihlopha tsa mantsoe a tšoanang le lipoleloana tsa bohlokoa tse makholo-kholo le tsona li ile tsa tlameha ho ithutoa ka hloko ’me tsa phaelloa mathathamong ao. Hamorao, bafetoleli ba Bibele ea Sejapane ba ne ba le har’a ba ileng ba memeloa ho ea arolelana phihlelo ea bona le ba neng ba qapa mokhoa oa ho thusa phetolelong ea Bibele ntlo-khōlō. Litlhahiso tsa bona li har’a tse sebelisoang ke bafetoleli ba Bibele lefatšeng ho pota hona joale.
New World Translation e feletseng ka Sejapane e ile ea hatisoa le ho kopanngoa mehahong ea rōna e Ebina. E le hore ho ka hlahisoa Libibele tse 136 000 tse neng li hlokahala bakeng sa ho lokolloa Likopanong tsa Setereke tse 17 tsa “’Nete ea ’Muso” ka 1982, Lefapha le Etsang Litšoantšo tsa Khatiso, ntlo ea khatiso le sebaka sa ho kopanngoa ha libuka li ile tsa sebetsa lihora tse 24 ka letsatsi. Ba bang ba barab’abo rōna ba ne ba sebetsa lihora tse 12 ho ea ho tse 16 ebe ba suthela ba bang. Ba ile ba khothatsoa ke ho hopola hore ba ne ba ntšetsa pele mosebetsi oo Esdrase, ‘mongoli ea masene oa molao oa Molimo,’ a ileng a o etsa mehleng ea boholo-holo. Empa le hoja Esdrase a ne a etsa mosebetsi oa hae ka letsoho, bona ba ne ba sebelisa mochine oa khatiso oa web offset o nang le lebelo le phahameng ho o phetha ka Sejapane. E le khopotso ea ho etsisa mongoli eo ea masene, ba ile ba maneha mantsoe a Esdrase 7:6 lehlakoreng la mochine o hatisang.
Selemong seo barab’abo rōna kaofela ba neng ba sebetsa ho kopanyeng libuka ba ile ba e-ba teng kopanong ea ho qetela Fukushima. Ba ile ba qeta Bibele ea ho qetela e neng e hlokahala bakeng sa ho lokolloa metsotso e robeli feela pele letsatsi la ho qetela la mosebetsi le fela pele ho kopano. Shigeru Yoshioka, ea neng a sebetsa sebakeng seo sa ho kopanngoa ha libuka ka nako eo, oa hopola: “Re ne re soahlamane ke mokhathala, empa ha re bona meokho ea thabo lifahlehong tsa barab’abo rōna ha ba amohela New World Translation e feletseng eo e leng khale e letetsoe, kaofela re ile ra ikutloa hore boiteko boo e ne e le bo loketseng.”
Kaha phetolelo ea Sejapane ea Bibele e ne e kentsoe k’homputheng, ho ne ho se thata ho e hlahisa ka likhatiso tsa boholo bo sa tšoaneng. Ka lilemo ho tloha ha e phethoa ka 1982, ho se ho hlahisitsoe likopi tse ka bang 3000 000 tsa New World Translation ea Sejapane ka likhatiso tse sa tšoaneng.
Katoloso e Eketsehileng ho Hlokomela Khōlo
Feela joaloka mocha ea hōlang ka potlako, mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo Japane kapelenyana o ile oa feta mehaho ea oona ea lekala. Ka February 1984 ho ile ha etsoa tsebiso ea katoloso e eketsehileng, lekhetlong lena ho akarelletsa katoloso ea fektheri e mekato e tšeletseng le mohaho oa bolulo oa mekato e robeli, ka bobeli e na le mekato e tlas’a lefatše. Fektheri e ncha e ne e lokela ho ba le sebaka se ka bang boholo ba lisekoere-mithara tse 22500, se menang habeli sa fektheri ea pele ea Ebina. Mohaho o mocha oa bolulo o ne o tla ba le likamore tse 128 bakeng sa baithaopi ba Bethele.
Mosebetsi oa kaho katolosong eo o ile oa qala ka September 1984 ’me o ile oa phethoa ka February 1988. Nakong ena palo ea bahoeletsi Japane e ile ea feta 100 000 ’me e ’nile ea tsoela pele ho hōla. Morero ona o ne o tla hlomella lekala hore le se ke la sebeletsa feela litlhoko tse hōlang tsa tšimo ea Japane empa hape le ho thusa linaha tse ling ka litlhoko tsa khatiso. Ka la 13 May, 1989, mehaho e mecha e ile ea neheloa ho Jehova, Eena ea tlisitseng keketseho e ileng ea etsa hore mehaho eo e hlokahale.
Ho Hlokomela Lelapa La Motho Ho Feta Lithahasello Tse Ling
Ka linako tse ling ba phatlalatso ea litaba sechabeng ba ’nile ba lebisa tlhokomelo ea sechaba ho Lipaki tsa Jehova. Phutuho e ’ngoe ea phatlalatso ea litaba ka 1986 e ile ea hlokomelisa ka kamoo Lipaki tsa Jehova li hlokomelang bana ba tsona kateng. Sehlooho sa litaba ho Mainichi Daily News se ne se baleha tjena: “Motsamaisi ea ka Sehloohong oa JNR o Beha Meja Fatše ho ea ba le Lelapa.” Japane, ntate ea nang le bana ba lilemong tsa bocha o tobana le pharela ha a tlosoa ka mosebetsi, esita le haeba ho bolela ho nyolloa mosebetsing. Ho tlosoa ka mosebetsi ho etsoa ho sa tsotellehe boemo ba lelapa. Ha bana ba bona ba le sekolong se phahameng, hangata batsoali ha ba batle ho tloha motseng oa habo bona joaloka lelapa. Ka tloaelo ntate o lumela ho tlosoa ka mosebetsi ’me a siee lelapa la hae. Ka Sejapane, sena se bitsoa tanshinfunin. Sehlooho sa koranta eo se ile sa tlaleha hore Takeshi Tamura, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a khethetsoe ho ba motsamaisi-kakaretso oa Lekala la Kyushu la Tsamaiso ea Literene ea Sechaba ea Japane (JNR [Japanese National Railways]). Leha ho le joalo, o ile a khetha ho tlohela mosebetsi ho e-na le ho nka boemo bona bo hlomphehang ebe o siea lelapa la hae. “Mosebetsi oa ho ba motsamaisi-kakaretso o ka nkoa ke mang kapa mang. Empa ke ’na feela eo e leng ntate oa bana ba ka,” kamoo ho boletseng Mor’abo rōna Tamura, joalokaha a qotsitsoe ho e ’ngoe ea likoranta.
Batho ba ne ba maketse. Pejana phatlalatso ea litaba e ne e ile ea neta Lipaki tsa Jehova ka hore li sehlōhō, e li hlalosa e le batho ba utloisisang ho tlohella bana ba tsona hore ba shoe. Empa joale, monna ke enoa eo ka lebaka la ho batla ho ba le lelapa la hae a bileng le sebete ka ho lekaneng ho tlohela mosebetsi oa boemo oo banna ba bangata ba JNR ba neng ba ka o loanela. Batlalehi ba thelevishene ba ile ba ea ka ntlo le ntlo. Ba ile ba buisana ka lipotso le bo-rakhoebo ba tanshinfunin ha ba theoha tereneng ho ea ba le malapa a bona bofelong ba beke. Batlalehi ba ile ba botsa batho hore na ba ile ba ikutloa joang ka qeto ea Mor’abo rōna Tamura. Karabelo e tloaelehileng e bile hore: ‘Ke khahloa ke qeto ea hae. Ke lakatsa eka nka be ke e-na le sebete sa ho etsa se tšoanang.’
Ha a hopola se etsahetseng, Mor’abo rōna Tamura o re: “Ha ke tsebe hore na koranta ea Mainichi e ile ea fumana boitsebiso boo joang. Hangata, ha boitsebiso bo joalo bo phonyoha, ka boomo JNR e fetola likabelo tsa basebetsi kaofela ho paka feela hore se tlalehiloeng e ne e se ’nete. Leha ho le joalo, lekhetlong lena ho bile joalokaha phatlalatso ea litaba e ile ea tsebisa. E tlameha ebe Jehova o ile a bona hore ketsahalo eo e-ea phatlalatsoa. Ka phatlalatso ea litaba, Majapane a ile a fumana molaetsa oa hore Lipaki tsa Jehova ke batho ba tsotellang malapa a tsona.” Kajeno, Mor’abo rōna Tamura le lelapa la hae kaofela ba sebeletsa e le baboleli ba evangeli ba nako e tletseng. Ke molebeli ea okamelang phuthehong ea habo, ’me mora oa hae ke moithaopi oa nakoana Bethele.
Tsoelo-pele Okinawa
Ka mor’a hore Okinawa e kenngoe tlas’a lekala la Japane, ho ile ha etsoa tsoelo-pele e ntle tšimong eo, moo lineano tsa khale li ntseng li e-na le tšusumetso e matla bophelong ba batho. Botsofali ha boa ka ba thibela Kiku Sunagawa ea lilemo li 70 hore a nke mosebetsi oa bopula-maliboho. Ka lilemo tse ngata esale a le litlamong tsa yuta ea moo, kapa ea buisanang le meea. Empa o ile a ameha maikutlo ka ho teba ha a ithuta ka Mangolong hore Molimo oa ’nete o na le lebitso le hore a ka bala pelo. Kapele-pele o ile a senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e-na le eona e neng e amana le yuta. Joale o ile a ikemisetsa ho ithuta ho bala e le hore a ka fumana tsebo e tletseng haholoanyane ka thato ea Molimo. Motho ea mo khannelang thuto ka mamello o ile a mo fa thuso e hlokahalang. O ile a kolobetsoa ka 1981, ’me selemong se latelang o ile a ngolisa e le pula-maliboho.
Le hoja pele a ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, joale o ne a khona ho ruta monna ea hōlileng oa seithuti sa Bibele ho bala le ho ngola e le hore eena le mosali oa hae ba ka tsoela pele hammoho ho ea kolobetsong. Banyalani bao ba nang le kananelo ba ile ba fa Phutheho ea Akamichi setša se loketseng seo ho sona ho ka hahuoang Holo ea ’Muso e ncha e ntle. Boiteko ba Kiku bo ile ba hlohonolofatsoa ka ho tsoelang pele ha baralib’abo ba babeli ba banyenyane le bona ba itokolla tšusumetsong ea yuta e le hore ba ka sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova.
Ka 1989 banyalani ba hōlileng lilemong Hamamatsu ba ile ba amohela kabelo ea ho ea paka sehlekehlekeng se senyenyane sa Aguni Jima, lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha lebōpong la Okinawa. Ba ile ba rekisa lireng tsa bona tsa lenyalo bakeng sa ho fumana chelete e hlokahalang bakeng sa ho ea sehlekehlekeng sena se hōle. Ho ile ha sebelisoa matsatsi a 20 bakeng sa ho etela matlo a 600 a sehlekehlekeng sena. Ka letsatsi le leng ha ba ntse ba tsamaea pel’a motero oa majoe ba bataoloa ke letsatsi la hlabula, bananyana ba babeli ba ile ba ba fa metsi a nooang a ka libotlolong tsa bona. Ba susumelitsoe ke mosa oa banana bana, banyalani bao ba ile ba etsa qeto ea ho etela batsoali ba bana bao. Ha ba itsebahatsa e le Lipaki tsa Jehova, batsoali ba ile ba ba amohela ka mofuthu. Batho bana ba ne ba e-s’o bone leha e le bafe ba Lipaki tsa Jehova esale ba falla Okinawa likhoeli tse robeli tse fetileng. Ho ile ha lokisetsoa thuto ea Bibele ka poso, ’me hamorao thuto e ile ea fetisetsoa phuthehong e ’ngoe Naha, Okinawa. Batsoali bao hammoho le morali oa bona e moholo ba ile ba kolobetsoa ka 1993. Ba thusa batho ba bangata sehlekehlekeng seo se thōko hore ba ithute ’nete.
Ka 1980, ha Okinawa e ne e khutlela tlas’a lekala la Japane, palo ea bahoeletsi Okinawa le lihlekehlekeng tsa boahisani e ne e le 958 liphuthehong tse 22. Hona joale ho na le baboleli ba ’Muso ba fetang 2600 ba mafolofolo ba sebeletsang Seterekeng sa Okinawa.
Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka Lia Thusa
Ka mashome a ’maloa a lilemo liphutheho li ’nile tsa haha Liholo tsa tsona tsa ’Muso ka phihlelo le lichelete tse teng sebakeng seo, empa ho ne ho e-na le mathata a mohaho, a molao le a mang. Liphutheho tse ngata li ne li sa ele hloko taba ea ho lumellana ha mebala ha ho khabisoa holo. Baithaopi ba se nang tsebo e itseng ea mosebetsi e ne e le bona ba etsang karolo e khōlō ea basebetsi, ’me ho ne ho nka nako e telele ho phetha mesebetsi. Mesebetsi e meng ea kaho e neng e hloka likhoeli, esita le lilemo, e ne e beha bomoea ba phutheho kotsing ’me haholo-holo ba ba neng ba ameha kahong. Nako e ne e fihlile ea hore ba nahanele monyetla oa ho sebelisa melao-motheo ea kaho e potlakileng e neng e ntse e sebelisoa United States.
Komiti ea Kaho ea Libaka ea pele e ile ea thehoa sebakeng sa Tokyo ka September 1990. Ka morao ho moo ho ile ha thehoa tse ling tse supileng bakeng sa ho hlokomela likarolo tse ling tsa naha. Ka March 1991 Holo ea ’Muso ea pele Japane eo ho eona ho neng ho sebelisitsoe mekhoa ea kaho e potlakileng e ile ea ema Nakaminato, Seterekeng sa Ibaraki. Le hoja sefefo se matla letsatsing la bobeli se ile sa liehisa mosebetsi ka nakoana, holo e nkang batho ba 120 e ile ea phethoa ka matsatsi a mane feela.
Esale ho tloha ka nako eo, Likomiti tsa Kaho tsa Libaka tse 8 tsa pele ho pholletsa le Japane li eketsehile ho ba tse 11, tse thusang kahong ea Liholo tsa ’Muso ho tloha ho tse 80 ho ea ho tse 100 selemo le selemo. Tsena li akarelletsa mehaho e nang le Liholo tsa ’Muso tse peli le liholo tse nang le mokato o ka tlaase oo e leng sebaka sa ho paka makoloi ka lebaka la theko e phahameng ea litša. Okinawa, Komiti ea Kaho ea Libaka e ile ea tlameha ho lokisa lipolane tsa eona e le hore e ka sebetsana ka katleho le maholiotsoana ao hangata a otlang lihlekehleke tseo.
Letsatsi pele morero oa kaho e potlakileng o qala bakeng sa Phutheho ea Kochinda, Okinawa, mor’abo rōna ea ileng a fana ka setša seo o ile a hlokahala. Lepato la hae le ile la lokisetsoa ho ba ka 4:00 thapama ka Sontaha se latelang—Holong ea ’Muso e neng e e-so ho hahuoe. Mor’abo rōna o ne a tsebahala haholo sebakeng seo, kahoo lepato la hae le ile la tsebisoa ka phatlalatso ea litaba. Ha ba bona motheo oa konkreite feela setšeng sa kaho, batho ba ile ba botsa: “Na le tla hle le hahe mohaho ka nako bakeng sa lepato?” E, holo e ile ea phethoa ka nako, ’me batho ba bangata, ho akarelletsa le ba bang ba molao le ba lipolotiki, ba ile ba bokana moo ho tla mamela puo ea sehopotso.
Nakong ea hona joale, ho na le Liholo tsa ’Muso tse 1796 ho pholletsa le Japane le Okinawa, ’me tse 511 tsa tsena li hahiloe kapa tsa nchafatsoa ka mokhoa oa kaho o potlakileng. Liholo tsena ke bopaki bo hlakileng ba boteng ba Lipaki tsa Jehova ’me li tlisa thoriso e loketseng ho Molimo eo li mo rapelang.
Liholo Tsa Kopano ho Pholletsa le Naha
Ho ka buuoa se tšoanang ka Liholo tsa Kopano, moo mananeo a likopano tsa potoloho le a letsatsi le khethehileng la kopano a tšoareloang teng. Ho qala ka bo-1980, Liholo tsa Kopano li ile tsa hahuoa ka ho latellana—Kansai, Ebina, Chiba, Tokai, Hyogo, Gumma, Hokkaido le Tochigi. Holo ea Kopano ea borobong, e hahiloeng Kyushu, e ile ea phethoa ka 1997.
Boitšoaro bo behang mohlala ba barab’abo rōna ba sebetsang ka thata hangata bo ne bo sebeletsa ho fetola lipelo tsa baahelani bao pele ba neng ba se na tšekamelo e ntle. Ha Holo ea Kopano ea Tokai e ne e hahuoa haufi le Nagoya, moahelani e mong o ile a hanyetsa morero oo ka matla ’me a leka ho hlophisa phutuho ea ho o thibela. O ne a e-tla setšeng seo letsatsi le leng le le leng ho tla bona hore na ho etsahala’ng. Ka letsatsi le leng o ile a tla a nkile sakha. Ha mor’abo rōna ea ikarabellang morerong oo a mo botsa hore na o rerile ho etsa’ng, o ile a re: “Esale ke shebeletse seo le neng le ntse le se etsa ho tla fihlela hona joale. ’Me ho bonahala eka moru oa bamboo o koetse tsela ea lōna. Ntumelleng ke le thuse kajeno.” O ile a kenya letsoho a thusa.
Ka 1995, ha barab’abo rōna ba ne ba haha Holo ea Kopano ea Hokkaido sehlekehlekeng se ka leboea, lichelete li ne li hlile li haella. Kahoo ba ile ba thabela ho fumana litulo tse 2000 mahala. Hoo ho ile ha etsahala joang? Nakong ea kaho, tšisinyeho e khōlōhali ea lefatše e ile ea otla Kobe le metse eo e ahisaneng le eona, ea etsa hore mehaho e mengata e be e se nang thuso. Kobe Kokusai Kaikan, e neng e akarelletsa le holo e ntle ea likonsarete, e ne e le o mong oa eona. Ka mor’a hore ho etsoe qeto ea ho liha mohaho oo, tlaleho ea litaba tsa thelevishene e ile ea bontša libini li salisa holo eo hantle. Ha li bona phatlalatso eo ea litaba, Lipaki tse etsang mosebetsi oa phallelo Kobe li ile tsa kopana le ba ikarabellang mohahong oo ’me tsa fumana tumello ea ho tlosa litulo le ho li isa Holong ea Kopano ea Hokkaido. Karolo ea boraro ea litulo tse 2000 e ne e le tse ncha-ncha, ’me tse ling li ne li tla sebelisoa ka mor’a hore li boele li lokisoe. K’hamphani e ileng ea heletsa holo eo ea konsarete e ne e thabile hore ebe litulo tseo li tlositsoe tseleng ea eona.
Ho qala ka Liholo tsa Kopano ea Tochigi le Hokkaido ka 1995, bara le barali babo rōna ba tšoanelehang ho sebeletsa tlas’a Likomiti tsa Kaho tsa Libaka bakeng sa kaho ea Liholo tsa ’Muso ba ile ba ameha le ho haheng Liholo tsa Kopano. Barab’abo rōna ba nka Liholo tsa bona tsa Kopano e le tsa bohlokoa haholo le monyetla oa ho kopana hammoho nakong ea likopano tsa bona. Ba lemoha hore mehahong ena e metle ho boetse ho na le bopaki bo bong ba tlhohonolofatso e enneng ea Jehova boitekong ba bona ba boitelo bo loketseng ba thoriso.
Litša Tse Loketseng Tsa Likopano
Ka bo-1980 boholo ba likopano tsa setereke tse khōlō li ne li tšoareloa mabaleng a lipapali a bulehileng. Sena se ne se akarelletsa ho sebetsana ka katleho le mocheso oa lehlabula o feteletseng le mongobo hammoho le maholiotsoana, a qalang ho otla Japane hoo e ka bang nakong ea likopano tsa lehlabula.
Ka 1983 kopano ea setereke bakeng sa batho ba fetang 20 000 e ne e lokiselitsoe ho tloha ka la 18 ho ea ho la 21 August Mabaleng a Greenery, Pontšong ea Memorial Park, Osaka. Ha ba lokisetsa, baithaopi ba ile ba emisa litente tse peli tse khōlōhali ka Sontaha, sa la 14 August. Leha ho le joalo, leholiotsoana le tsamaeang ka moea oa lebelo la lik’hilomithara tse 160 ka hora le ne le lebile ka ho toba Osaka. Barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho qhaqha litente e le hore ba ka qoba kotsi. Shogo Nakagawa, molebeli oa kopano, o re: “Ntlo-khōlō ea kopano e ne e shebahala joaloka seteishene sa ho lisa boemo ba leholimo ha barab’abo rōna ka hloko ba shebile hore na leholiotsoana lena le tsoela pele joang.
“La la 16 le ile la fetoha letsatsi la thapelo. Hore kopano e tle e qale ka nako, barab’abo rōna ba ne ba tlameha ho qala ho hloma litente ka 5:00 hoseng, la 17 August. Koranta ea mantsiboeeng a la 16 August e ne e baleha tjena: ‘Ho Lebeletsoe Sefefo Sebakeng sa Osaka.’ Hore re tle re emise litente ka nako, leholiotsoana le ne le tla tlameha ho tsamaea ka potlako ’me le fapohe le lebe ka letsohong le letona, le maru a ka bophirimela a ne a tla tlameha ho apoha. Ke sona se ileng sa etsahala hantle. Ka 4:00 hoseng ka la 17, pula e ne e e-na ka matla karolong e ka boroa ea Osaka empa eseng tikolohong ea setša sa kopano. Litente li ile tsa boela tsa hlongoa ka nako bakeng sa kopano, e ileng ea qala ka 1:20 motšehare ka Labone la la 18, feela joalokaha ho ne ho lokiselitsoe.”
Leha ho le joalo, butle-butle, mabala a boithabiso a ka hare le liholo tseo ho tsona ho ka lulang batho ba fetang 10 000 li ile tsa fumaneha. Ka bo-1990, Lipaki tsa Jehova li ile tsa qala ho hira liholo tsena tse nang le moea o laoloang. Se seng sa liboka tsena tse khōlōhali tsa ka tlung se ile sa tšoareloa Lebaleng la Lipapali la Dome Tokyo ka 1992. Ka kakaretso, batho ba 39 905 ba ile ba e-ba teng Kopanong ena ea Setereke ea “Bajari ba Leseli.” Kaha lebala leo le ne le le bohareng ba Tokyo, kopano eo e ne e le bopaki bo botle ho bashebelli. Monna e mong ea sebetsang haufi le lebala la lipapali o ile a lumela ho pula-maliboho ea ileng a etela ha hae hore eena le basebetsi-’moho le eena ba ne ba nyatsa Lipaki. Empa ka mor’a ho shebella baeti ba tlileng kopanong, o ile a ikōpela tšoarelo ’me a re: “Kaha joale pono ea ka e fetohile, ke tla bala limakasine tseo le mosali oa ka.”
Ho Amoheloa Batho ba Balehisitsoeng
Ka bo-1980 matla a barab’abo rōna a ho tlatsa tlhokahalo e ’ngoe a ile a behoa tekong. Feela joalokaha Bakreste lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le menyetla ea ho bontša botebo ba lerato la bona ka ho thusa balumeli-’moho le bona ba hlokang Judea, ho joalo le ka Lipaki tsa Jehova Japane lilemong tsa morao tjena li bile le menyetla ea ho bonahatsa litšoaneleho tsena tsa Bokreste linakong tsa koluoa. (Lik. 11:28, 29; Baroma 15:26) Tsela eo li ileng tsa ho etsa ka eona e fane ka bopaki bo tsoelang pele ba ho phethahala ha mantsoe a Jesu: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Joh. 13:35.
Mohlala oa pele oa mesebetsi e meholo ea liphallelo o etsahetse ka mor’a hore Thaba Mihara e sehlekehlekeng sa Izu Oshima e qhome seretse ka la 21 November, 1986. Ka 4:17 thapama, Jiro Nishimura, moholo phuthehong eo e leng eona feela sehlekehlekeng seo, o ile a utloa ho phatloha ho hoholo. Mor’abo rōna Nishimura o ile a re: “Ha ke tsoela ka ntle, ho ne ho e-na le leru holim’a Thaba Mihara le tšoanang hantle le le kang la ho phatloha ha bomo ea athomo.” Ka nako ea hora, litšisinyeho tsa lefatše tse 80 li ile tsa sisinya sehlekehleke seo. Ka bosiu bo le bong ho ile ha balehisoa batho ba fetang 10 000 sehlekehlekeng seo.
Lihora tse seng kae ka mor’a ho phatloha hoo, ho ile ha thehoa likomiti tsa phallelo Hloahloeng ea Izu le Tokyo bakeng sa ho hlokomela Lipaki tse balehisitsoeng moo. Ka mor’a taelo ea ho balehisa batho sebakeng seo, Yoshio Nakamura o ile a ikopanya le ba bang ba tsoang liphuthehong tsa Tokyo ho potlakela moo likepe li emisoang teng ka hora ea bobeli hoseng ho ea thusa litho tsa Phutheho ea Izu Oshima. E mong oa ba ileng ba balehisoa moo hamorao o ile a re: “Ha re theoha sekepeng, re ile ra bona letšoao le reng, ‘Lipaki tsa Jehova.’ . . . Mosali oa ka o ile a seka meokho, kaha o ile a imoloha haholo ha a fumana barab’abo rōna ba le teng ho tla re khahlametsa moo likepe li emisoang teng.”
Ho Phatloha ha Shimabara
Ka nako e ka tlaase ho lilemo tse hlano hamorao, ka June 1991, Thaba Fugen e Hloahloeng ea Shimabara haufi le Nagasaki e ile ea phatloha. Ho ile ha shoa batho ba fetang 40. Paki e ’ngoe le bana ba eona bao ntlo ea bona e neng e le tseleng ea khase e chesang ka ho fetisisa le molora ba ile ba phonyoha ka lesoba la nale. Ho bahoeletsi ba 42 ba kopanelang le Phutheho ea Shimabara, ba 30 ba ile ba tlameha ho baleha. Phutheho e ne e ke ke ea hlola e sebelisa Holo ea eona ea ’Muso, kaha e ne e eme sebakeng se kotsi. Liphutheho ho pholletsa le naha li ile tsa tsebisoa ka litlhoko tsa barab’abo bona ba sebakeng se oetsoeng ke kotsi, ’me ho ile ha buloa ak’haonte ea banka bakeng sa chelete ea liphallelo. Karabelo e bile e potlakileng; e ne e le khōlō hoo banka ea sebaka seo e ileng ea hlolloa. E ile ea kōpa hore chelete e romeloang e ke e emisoe ka nakoana ha e ntse e leka ho qetela ho sebetsana le e seng e rometsoe. Ka nako e ka tlaase ho khoeli, Komiti ea Liphallelo ea sebaka seo e ile ea kōpa hore liphutheho li khaotse ho romela chelete, kaha e ne e se e amohetse e fetang eo e neng e e hloka. Ho phaella ho hlokomeleng ba ileng ba lahleheloa ke mesebetsi le matlo a bona, menehelo e ileng ea romeloa e ile ea etsa hore ba khone ho haha Holo ea ’Muso e ntle e ncha bakeng sa Phutheho ea Shimabara le e ’ngoe bakeng sa Phutheho ea Arie e neng e sa tsoa thehoa, eo joale halofo ea baphaphathehi e neng e kopanela le eona.
Litšebeletso tsa liphallelo, hammoho le kameho e lerato e bontšitsoeng mangolong a fetang 3000 a amohetsoeng, ka ho tebileng li ile tsa ama lipelo tsa Lipaki tse sebakeng sa koluoa. Ka lebaka leo, ka April selemong se latelang koluoa eo, bahoeletsi ba 28 ba Phutheho ea Shimabara hammoho le litho tse kolobelitsoeng tse 20 tsa Phutheho ea Arie kaofela ba ile ba ngolisa tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang bakeng sa khoeli eo. E ne e le pontšo ea teboho ea bona ho Jehova.
Ho Hlokahala Thuso ea Molao
Ka ho hlakileng, Satane o ntse a sa thabisoa ke tšebetso e kopaneng ea bahlanka ba Jehova. Joaloka linaheng tse ling, o lekile ho hloma mekoallo ho sitisa tsoelo-pele ea batho ba Jehova. Sena se entse hore ka linako tse ling ho hlokahale hore ho isoe litaba makhotleng.—Bapisa le Liketso 25:11.
E le hore ho ka sebetsanoa le maemo a hlokang keletso ea molao, ho ile ha thehoa lefapha la molao ofising ea lekala karolong e qalang ea bo-1980. Ka 1991 ’muelli e mong oa molao e mocha lilemong, hammoho le mosali oa hae, ba ile ba ithaopela ho sebeletsa ka nako e tletseng lekaleng. Ka mor’a ho bonana le barab’abo rōna ba litsebi tsa molao, o ile a lokisetsa boitsebiso bo bongata bo molemo bakeng sa lihlopha tsa baholo litabeng tse kang ho hira le ho ba le Liholo tsa ’Muso, ho sebetsana hantle le pefo khahlanong le batho ba Jehova, le mehato e bohlale e ka nkuoang likhohlanong tsa tlhalo le ho ba le tokelo ea molao ea ho nka bana. Ho phaella moo, lekala le ile la fuoa keletso e hlokahalang ho sebetsana le liphetoho melaong e amanang le ho hatisa, ho romela libuka tsa Bibele ka ntle ho naha le litaba tse ling tse tšoanang.
Letsoalo la Bolumeli le Tlisoa Lekhotleng
Nyeoe ea bohlokoa e ileng ea tlisoa ka pel’a makhotla e ne e ama Kunihito Kobayashi ea lilemo li 16, ea neng a ngolisitse Kobe Municipal Industrial Technical College. (Japane, likoleche tsa theknoloji li fana ka thupelo e sa tlameng ea lilemo tse hlano e akarelletsang lilemo tse tharo sekolong se phahameng.) Likolo tse itseng li ne li se li tloaetse ho feilisa kapa ho leleka barutoana ba neng ba sa kopanele koetlisong ea ho itšireletsa ka ntle ho libetsa. Kahoo ba ne ba amohuoa tokelo ea thuto. Nakong ea ketelo ea Lloyd Barry e le molebeli oa libaka lekaleng leo ka December 1986, ho ile ha buelloa hore mor’abo rōna ea behang mohlala ea neng a tobane le bothata bona, haholo-holo mora oa moholo, a khethoe le hore ho hlahleloe nyeoe ka makhotleng khahlanong le ho tebeloa ha hae.
Ka 1990, Kunihito Kobayashi hammoho le barutoana ba bang ba bane ba ne ba hanne ho ikoetlisetsa kendo (botsebi ba ho bapala ka sabole ba Japane) tumellanong le taelo ea Esaia 2:4 ea ‘ho tea liphehla tsa ntoa mehoma le ho se hlole ba ithuta ho loana.’ Ka lebaka leo ba ile ba haneloa ho fetela sehlopheng se latelang. Kunihito, le hoja e ne e le ea ka holimo-limo lithutong sehlopheng sa hae, o ile a lelekoa sekolong ka lebaka la ho feila thuto ea tlhokomelo le tlhakiso ea ’mele lilemo tse peli ka ho latellana. Kunihito le ba bang ba bane ba ile ba qosa sekolo ka bohato boo se bo nkileng, ba bolela hore litokelo tsa bona tsa mantlha tsa bolokolohi ba borapeli le thuto li hataketsoe. Ka mor’a ho ipiletsa ka makhetlo a sa tšoaneng, e bile nyeoe ea Kunihito e ileng ea qetella e fihlile Lekhotleng le ka Holimo-limo. Ka la 8 March, 1996, baahloli ba Lekhotla le Hlahlamang Lekhotla le ka Holimo-limo ka ntsoe-leng ba ile ba mo ahlolela hantle, ba bolela hore koleche ena e fositse ka ho mo qobella ho khetha pakeng tsa bolumeli ba hae le thuto. Lena e ne e le lekhetlo la pele lekhotla le fana ka kahlolo nyeoeng eo ho eona bolokolohi ba bolumeli bo neng bo sekasekoa khahlanong le bolaoli ba sekolo mabapi le lenaneo la sona la thuto. Mookameli e mocha o ile a bitsa sehlopha sohle sa barutoana, a lumela hore sekolo se ile sa haelloa ke kahlolo e molemo, ’me a ba kōpa hore “ka mofuthu ba amohele Monghali Kobayashi e le morutoana hammoho le bona.” Ka April 1996, lilemo tse ’nè ka mor’a hore a lelekoe, Mor’abo rōna Kobayashi, joale a le lilemo li 21, o ile a qala ho boela sekolong.
Qeto eo e ile ea tlalehoa ka mokhoa o batsi ho pholletsa le naha, ’me Lipaki tsa Jehova li ile tsa thaba hore ebe lebitso la Jehova le litsela tsa hae tse lokileng li ile tsa boela tsa hlokomelisoa sechaba le hore ho ile ha fanoa ka bopaki bo molemo.—Mat. 10:18.
Ho Bontša Tlhompho Bakeng sa Molao oa Molimo ka Mali
Le hoja ho ameha ho bontšitsoeng ke Lipaki tsa Jehova ka bophelo ba batho ba bang ho tsebahala haholo, ho ’nile ha hlokahala hore ho etsoe boiteko bo boholo ho hlōla lehloeo le metseng ka metso khahlanong le tlhompho ea Lipaki bakeng sa khalalelo ea mali. (Gen. 9:4; Lik. 15:28, 29) Pele ho bo-1980, ofisi ea lekala e ile ea boloka lethathamo la lipetlele le lingaka tse ileng tsa buoa ka ntle ho mali. Empa lena e ne e se lethathamo la lingaka tse nang le tšebelisano-’moho; tse ling li mpile tsa buoa ka ntle ho mali ka lekhonono.
Na ho ne ho ka etsoa ho eketsehileng ho thusa Lipaki tse hlokang mabitso a lingaka tse utloisisang ho buoa ka ntle ho mali? Akihiro Uotani, ea ileng a ameha ka ho toba ho khotsofatseng tlhoko ena, oa hopola: “Re ne re ferekane, kaha hangata re ne re sa tsebe hore na re etse’ng ka batho ba tsietsing ba letsetsang Mokhatlo ba batla mabitso a lingaka tse neng li utloisisa ho buoa ka ntle ho mali.” Joale, mathoasong a 1989, ho ile ha fihla menyenyetsi Japane e bolelang hore lithupelo tsa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC [Hospital Liaison Committee]) li ne li ntse li tšoaroa United States. Ka ho thahasella taba ena, lekala le ile la ngola lengolo le botsang ntlo-khōlō Brooklyn. Hamorao, ka November hona selemong seo, ho ile ha amoheloa lengolo le tsoang lefapheng la Boitsebiso bo Mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele Brooklyn le tsebisa lekala hore Komiti e Hatisang e fane ka tumello ea ho tšoara thupelo ea HLC Japane ka March 1990. E ne e tla ba e ’ngoe ea tsa pele tse tšoareloang ka ntle ho United States.
Ho phaella lithong tse 91 tsa HLC tse sa tsoa khethoa, balebeli ba tsamaeang ba 111, lingaka tse 25 tseo e leng Lipaki tse tsoang Japane, barab’abo rōna ba 44 ba tsoang Rephabliking ea Korea le barupeli ba 3 ba tsoang Brooklyn ba ne ba tla ba teng. Thupelo eo e ne e tla tšoaroa ka Senyesemane ’me e fetoleloe Sekoreeng le Sejapaneng.
Mor’abo rōna Uotani oa hopola: “Nakong ea thupelo eo, barupeli khafetsa ba ile ba hatisa hore hoa hlokahala ho ‘ruta lingaka.’ Ba bang ba ile ba bontša ho belaela ho hoholo mabapi le hore na ho buisana le lingaka ka lipotso le ho etela lipetlele ka sepheo sa ho ruta lingaka ho ne ho tla amoheloa Japane. Ho ne ho le joalo haholo-holo kaha ka tloaelo Majapane a ne a amohela phekolo leha e le efe e sebelisoang ke lingaka a sa botse lipotso, ’me lingaka li ne li se na tšekamelo ea ho buisana le batho ba sa rutehang ka seo li se etsang. Leha ho le joalo, ka mor’a thupelo eo barupeli ba bararo ba ile ba theha lihlopha le litho tsa Komiti ea Bohokahanyi ’me ba etela lipetlele sebakeng sa Tokyo, ka liphello tse ntle haholo.”
Ho Ruta ba Phatlalatso ea Litaba le Lingaka
Ka lebaka la litlaleho tse leeme le boitsebiso bo sa nepahalang bo hlahang likoranteng, ho bile le boikutlo ba hore ho lokela ho etsoa boiteko ba ho ruta ba phatlalatso ea litaba hammoho le lingaka ka boemo ba rōna ka mali. Kahoo, ho qala ka September 1990, ka mor’a ho lokolloa ha bukana e reng Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, lekala le ile la qala phutuho ea ho kopana le batlalehi ba neng ba ngola lihlooho tse buang ka bongaka bakeng sa likoranta tsa sechaba le tsa sebaka ka seng. E ile ea ipaka e atlehile haholo. Ba bang ba batlalehi, ba khahliloe ke seo ba ileng ba se bontšoa, ba bile ba ithaopela hore ba tla ngola sehlooho se buang ka lingaka tse buoang ka ntle ho mali.
Phello e ’ngoe e ntle ea phutuho ena e bile hore batlalehi ba saense bakeng sa likoranta tse ka sehloohong tsa sechaba ba tsebise HLC ea Osaka hore Ethics Committee of the National Center for Circulatory Disease (Komiti ea Litekanyetso tsa Batho tsa Setsi sa Sechaba Bakeng sa Mafu a Potolohang ka Mali) e ne e buisana ka hore na e ka sebetsana joang le Lipaki. Kapele-pele, ho ile ha ngoloa lengolo le kōpang ho buisana ka lipotso le motsamaisi oa setsi seo. Ka bobeli motsamaisi le motlatsi oa molula-setulo oa Komiti ea Litekanyetso tsa Batho ba ile ba e-ba teng sebokeng sena. Ka lebaka leo, ka la 22 April, 1991, ho ile ha etsoa qeto ea ho hlompha litokelo tsa Lipaki tse hanang tšelo ea mali.
Ka mor’a qalo ena e ntle, ho ile ha kopanoa le likomiti tsa litekanyetso tsa batho lipetleleng tse ling ka liphello tse tšoanang. Ha Komiti ea Litekanyetso tsa Batho bakeng sa Lipetlele tsa Motse o Moholo oa Tokyo le Lefapha la Bapepisi e ne e lokisetsa tataiso e mabapi le hore na ho ka sebetsanoa joang le ho hana tšelo ea mali ka mabaka a bolumeli, moemeli oa Boitsebiso bo Mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele ea tsoang lekaleng le litho tsa HLC Tokyo, ba ile ba memeloa ho kopanela. Komiti ea litho tse 13 e ile ea buella hore lipetlele tsohle tse 16 tse tsamaisong ea puso ea motse-moholo Tokyo li hlomphe litakatso tsa bakuli bao e leng batho ba baholo ba lakatsang phekolo e se nang mali esita le haeba lingaka li e-na le boikutlo ba hore mali a ne a hlokahala. Mainichi Shimbun e ile ea tlaleha: “Tabeng ea mokuli ea tlisoang sepetlele a akhehile empa a e-na le tokomane e pakang hore ha a batle tšelo ea mali, ngaka e tlameha ho etelletsa pele takatso eo.” Ho feta moo, e ile ea bolela hore “litakatso tsa bana ba sekolo se phahameng mabapi le tšelo ea mali li tla hlomphuoa joalokaha eka e ne e le batho ba baholo.”
Esita le lipetlele tseo pele li neng li e-na le matšoao a balehang tjena “Ha ho Amoheloe Lipaki tsa Jehova” li fetotse maikutlo a tsona ’me li utloisisa ho phekola Lipaki le ho sebelisa mekhoa e se nang mali ha li li phekola. Hona joale ho na le mabitso a fetang 15 000 lethathamong la lingaka tse nang le tšebelisano-’moho. Lingaka tse ling li ile tsa ikutloa li hlokomolohiloe haeba HLC ea sebaka seo e li tlōlisa mahlo holimo. Ka October 1995 Sepetlele sa Shin-Tokyo se Matsudo se ile sa qala lenaneo la ho phekola ka ntle ho mali, e leng leo ka ho feletseng le hlomphang boemo ba Lipaki ka mali. Kahoo, ho nkiloe mehato e metle e tsoelang pele tabeng ena ea bohlokoa.
Lerato Le Tsamaeang Le Tlhophiso
Joalokaha Jesu Kreste a boletse esale pele, matsatsing ana a ho qetela litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše li tsoela pele ho otla sebakeng se seng ka mor’a se seng. (Mat. 24:3, 7) E ’ngoe ea tsena e ile ea otla sebakeng sa Kobe ka Labobeli, la 17 January, 1995. Tšisinyeho ena ea lefatše, ea tekanyo ea 7,2 sekaleng sa Richter, e ile ea feta ka bophelo ba batho ba fetang 5000 ’me ea siea ba likete-kete ba se na mahae. Har’a Lipaki tse 9000 tse phelang sebakeng se amehileng, Lipaki tse kolobelitsoeng tse 13 le bahoeletsi ba 2 ba sa kolobetsoang ba ile ba lahleheloa ke bophelo ba bona. Hiroshi le Kazu Kaneko, banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba sebeletsang Phuthehong ea Nishinomiya Central, ba ile ba fumanoa tlas’a mauluulu a folete ea khale hoseng hoo. Ho ile ha nka lihora tse ’nè ho ntša Mor’abo rōna Kaneko, empa mosali oa hae Kazu o ne a silakane hoo a neng a se a shoele. Ka lebaka la hore Hiroshi o bile tlas’a mauluulu a boima nako e telele, liphio tsa hae li ile tsa khaotsa ho sebetsa, tsa mo siea a le boemong bo bobe ka ho fetisisa ka matsatsi a mangata. Hiroshi o ile a re: “Ho ile ha hatiseha ka ho teba ho ’na ho hlokomela kamoo lintho tse bonahalang li se nang thuso kateng. Ho fapana le moo, ke ile ka hlokomela bohlokoa ba litšoaneleho tse ka hare tse kang tumelo le tšepo. Litšoaneleho tseo li re thusa ho hlōla maemo a mabe ka ho fetisisa ao re ka tobanang le ’ona.”
Li susumelitsoe ke lerato le tebileng bakeng sa barab’abo tsona, Lipaki li ile tsa potlakela ho fana ka thuso. Ka lehlohonolo, lipotoloho tse tikolohong ea Kobe li ne li hlophisitsoe ho arola motse ho tloha leboea ho ea boroa. Kaha tšisinyeho eo e ile ea otla sebaka seo mosikong oa lebōpo ho tloha bochabela ho ea bophirimela, potoloho ka ’ngoe e ne e e-na le liphutheho tse sa amehang tse ka thusang tse hlokang. Baholo liphuthehong tse haufi tse sa amehang ba ile ba nka bohato ba pele ba ho hlophisa mosebetsi oa liphallelo. Letsatsi ka mor’a ho reketla ha pele, mokoloko oa lithuthuthu tse 16 o ile oa isa lijo le metsi liphuthehong toropong ea Kobe.
Balebeli ba potoloho ba ile ba hloma litsi tsa phallelo tsa nakoana hang-hang bakeng sa ho hlokomela Lipaki tse sebakeng se amehileng. Lekala le ile la khetha Liholo tsa ’Muso tse tšeletseng tse neng li sa heletsoa e le litsi tsa phepelo ea liphallelo. Yoshihiro Nagasaki, setho sa Komiti ea Lekala, ea ileng a ea sebakeng se anngoeng a palame ka morao sethuthuthung sa Paki-’moho le eena, oa hopola: “Ka nako ea lihora tse hlano, liholo tseo li ne li tletse tsoete! Re ile ra tlameha ho kōpa barab’abo rōna ho faposa liphallelo tseo ho li isa Liholong tse haufinyane tsa Kopano.” Ho ile ha hlongoa litsi tsa phepelo moo baemeli ba tsoang liphuthehong tsa moo ba neng ba ka lata thepa e hlokahalang, ’me ebe baholo phuthehong ka ’ngoe ba aba phepelo eo ho litho tsa eona.
Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba ‘sebetse se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.’ (Bagal. 6:10) Ka thabo Lipaki li ile tsa arolelana le baahelani ba tsona seo li se fumaneng. Matsatsi a mabeli ka mor’a tšisinyeho ea lefatše ea Kobe, ha moholo oa Paki a hlokomela hore liphallelo bakeng sa Lipaki li ne li anetse empa hore batho ba bang ba ne ba hloka, kapele-pele o ile a ntša livene tse peli tse tletseng lijo ho li isa setsing sa sebaka seo sa baphaphathehi.
Ho Fanoa ka Thuso e Eketsehileng
Tlhokomelo e ile ea boela ea lebisoa litlhokong tsa maikutlo le tsa moea. Ho ile ha etsoa litokisetso kapele hore ho tsoeloe pele ka liboka tsa phutheho. Phutheho e ’ngoe e ile ea kopanela serapeng sa boikhathollo hona letsatsing leo la tšisinyeho ea lefatše. Ka Sontaha se latelang tšisinyeho eo, boholo ba liphutheho tse sebakeng seo li ile tsa tšoara Thuto ea tsona ea kamehla ea Molula-Qhooa. E le ho hlokomela litlhoko tsa maikutlo le tsa moea tsa ba amehileng, balebeli ba potoloho ba supileng ba ile ba romeloa lipotolohong tse hlano tse amehileng ho phaella ho balebeli ba tsona ba kamehla ba potoloho. Ba ile ba etsa maeto a khethehileng ho ea matlafatsa barab’abo bona le ho ba thusa ho boloka lithahasello tsa ’Muso li le ka pele bophelong ba bona ho sa tsotellehe koluoa.
Liholo tsa ’Muso tse leshome li ne li fetohile tse sa sireletsehang hore li ka sebelisoa. Mahae a barab’abo rōna ba bangata a ne a senyehile ka ho feletseng kapa kammoho. Likomiti tsa Kaho tsa Libaka tse 11 Japane ka bomong li ile tsa hlophisa lihlopha tsa basebetsi ba ka bang 21 hore ba lokise matlo a senyehileng. Sehlopha sa liphallelo sa Lipaki tse tsoang United States se ile sa tla ka litšenyehelo tsa sona ho tla kopanela mosebetsing ona. Pele lihlopha tsena li qeta mosebetsi oa tsona, li ne li lokisitse matlo a 1023 ’me li hlekile matlo a 4 a neng a senyehile. Liholo tsa ’Muso tse hlano li ile tsa hahuoa bocha ’me tse ’nè li ile tsa lokisoa ke barab’abo rōna ba itetseng ba ileng ba hlaha ka makhalo ’ohle a naha.
Litho tse sa lumelang tsa malapa li ile tsa tšoaroa ka mosa o tšoanang le o ileng oa bontšoa litho tse lumetseng tsa malapa a joalo. Morali’abo rōna ea nang le monna ea sa lumelang le bana ba bane o ile a lahleheloa ke mora oa hae oa bobeli tšisinyehong ea lefatše. Lelapa leo le ile la lula Holong ea ’Muso le Lipaki tse ling tse 70 beke e le ’ngoe. A hlokomela kamoo barab’abo rōna ba ileng ba bontša kameho kateng le ho fana ka thuso e sebetsang, monna eo o ile a qala ho ananela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka letsatsi le leng o ile a etela ntlo-khōlō ea liphallelo Suita. Mono o ile a bona barab’abo rōna ba bangata ba sebetsa ka thata molemong oa batho bao ba sa ba tsebeng. O ile a ferekana maikutlo, ’me ha aa ka a khona ho thiba meokho. Hona letsatsing leo, o ile a lumela ho ithuta Bibele.
Ho Sebetsana Hamolemo le Liphetoho
Ha lilemo li ntse li feta, boemo bo fetohile Japane. Ho ea bofelong ba March 1992, lilemo tse 43 ka mor’a hore sehlopha sa pele sa baromuoa se fihle ka 1949, tšimo eohle e abetsoeng lekala la Japane e ne e koaheloa kamehla ka litaba tse molemo tsa ’Muso. Leha ho le joalo, maikutlo le maemo a batho le ’ona a fetohile, ’me sena se ile sa hloka ho tenyetseha ka lehlakoreng la Lipaki tsa Jehova.
Rodney Kealoha, moromuoa ea bileng mosebetsing oa ho tsamaea ka lilemo tse ngata, o ile a hlokomela: “Lilemo tse 25 tse fetileng [ka bo-1970], batho ba Japane e ne e le ba nang le mekhoa e metle haholo le ba nang le botsoalle. Ha Lipaki li ba etela, le hoja ba ne ba sa thahaselle, ba ne ba mamela.” Batho ba ne ba ipha nako ea ho bala ’me ka kakaretso ba ne ba hlompha boitšoaro bo botle le taolo ea kahisano. Leha ho le joalo, butle-butle ba ile ba khelosoa haholoanyane ke katleho e hōlang ea lintho tse bonahalang. Basali ba malapa ba ile ba qala ho sebetsa. Ke batho ba fokolang ba neng ba fumanoa ba le teng hae motšehare. Ba neng ba le teng hae hangata ba ne ba tšoarehile haholo hore ba ka ba le moqoqo o molelele ka bolumeli ’me ba ne ba sa rate ho amohela libuka tseo ba neng ba ikutloa hore ha ba na nako ea ho li bala.
Mehaho e nang le tšireletso e phahameng le mahae a nang le liinthak’homo a ne a hahuoa. Bahoeletsi ba libakeng tsena ba ile ba tlameha ho etsa liphetoho mabapi le ho fana ka linehelano tsa bona ka liinthak’homo. Ba ile ba ithuta ho khutlela ho ba bontšitseng feela mosa le mekhoa e metle. Hiroko, pula-maliboho ea sebetsang Sapporo, o ile a soetsoa ka inthak’homo ke mosali e mong ea ileng a re e ne e le Moshinto. A kholisehile hore e tlameha ebe mosali eo o na le pelo e ntle ka lebaka la lentsoe la hae le hlasimollang le mokhoa o motle, Hiroko o ile a khutlela. Butle-butle o ile a theha setsoalle ka inthak’homo. Ka mor’a maeto a joalo ka likhoeli tse leshome, qetellong o ile a lumelisoa ka, “Ke kōpa u eme hanyenyane,” ’me mosali eo o ile a hlaha monyako ’me a mo memela hore a kene ka tlung. Puisano e tabeng ea lelapa kapele e ile ea lebisa thutong ea Bibele, ’me ha latela kolobetso. Morali’abo rōna e mocha, eo hona joale e leng pula-maliboho, o ne a fela a e-na le pelo e ntle.
Kaha batho ba bangata ke ka seoelo ba e-bang teng hae motšehare, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e ile ea buella bopaki bo eketsehileng ba mantsiboea le ba seterateng. Kapele-pele bahoeletsi ba ile ba arabela ka cheseho. Kapele, ho pholletsa le Japane, ba ne ba ka bonoa ba hlahisitse Molula-Qhooa le Tsoha! literateng, haholo-holo ho likoloha liteisheneng tse phetheselang tsa literene.
Mohlala oa sebele ke oa morali’abo rōna ea haufi le Yokohama. Le hoja a ne a e-na le mosebetsi oa nako e tletseng, o ne a batla ho ba pula-maliboho ea thusang. Moholo o ile a hlahisa hore letsatsi le letsatsi pele a e-ea mosebetsing oa hae oa boipheliso, a ka ’na a paka seterateng haufi le seteishene sa terene ho tloha ka 6:00 ho ea ho 8:00 hoseng. Ka mor’a ho hlōla ho ba boi ha hae le ho songoa qalong ke bao a tsamaeang le bona, o ile a qala tselana ea makasine ho batho ba ka bang 40 ba neng ba thabela ho fumana limakasine. Bana ba ne ba akarelletsa ba tsamaeang ka lipalangoang, basebetsi ba seteisheneng le beng ba mabenkele ba haufi. Ka karolelano limakasine tseo a neng a li tsamaisa ka khoeli li ne li le 235 tšimong eo ho eona ka tloaelo bo-pula-maliboho ba neng ba tsamaisa tse ka bang 30. Ka ho arolelana lintlha tsa Mangolo le batho ka metsotso e seng mekae feela ka letsatsi, o ile a khona ho qala lithuto tse tšeletseng tse sa tšoaneng tsa Bibele—e ’ngoe le lepolesa.
Bahoeletsi ba bang ba ile ba sebelisa litlhahiso tsa ho paka ka thelefono e le hore ba ka finyella batho ba mehahong e nang le tšireletso e phahameng. Ho phehella le ho buella sehlooho se ipiletsang ho butse tsela bakeng sa lithuto tse ngata tsa Bibele. Ha morali’abo rōna e mong ea neng a sebelisa thelefono a botsa mosali e mong hore na o kile a nahana ka hore na bokamoso bo mo tšoaretse’ng eena le lelapa la hae, mosali eo o ile a re o kile a ho nahana. Ho nyahamisoa ke hore ba bang ha ba na matla a ho mo thusa ho ne ho amme bophelo ba hae. Ka lebaka leo o ne a itšehlile thajana ha hae. A susumelitsoe ke kameho ea ’nete e bontšitsoeng ke Paki, o ile a lumela ho ea kopana le eona suphamaketeng e ’ngoe e haufi. Hoba a bontšoe likahare tsa buka ea Bophelo ba Lelapa, o ile a lumela habonolo ho ithuta Bibele.
Tšebeletso ea tšimo e mafolofolo hammoho le ho hōla tsebong ha liphutheho ho feletse ka khōlo e tsitsitseng le e tsoelang pele. Letoto la hona joale la litlhōrō tse latellanang tsa bahoeletsi le ile la qala ka January 1979 ’me le tsoetse pele le sa khaohe ka lilemo tse fetang tse 18. Ho pholletsa le halofo ea ho qetela ea bo-1980 le mathoasong a bo-1990, keketseho ea bahoeletsi Japane ka karolelano e ne e le ba fetang 10 000 selemo le selemo. Ka March 1995, ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba 200 000 naheng eo. Ka August 1997, bahoeletsi ba 220 663 ba ne ba kopanela le liphutheho tse 3785 ha ho bapisoa le bahoeletsi ba 14 199 liphuthehong tse 320 ka August 1972. Leha ho le joalo, palo e ntseng e eketseha ea bana hase bahoeletsi bao puo eo ba e nyantseng letsoeleng e leng Sejapane.
Thuso Bakeng sa Lihlopha Tsa Lipuo Lisele
Ka lebaka la moruo o matla oa Japane, basebetsi ba bangata ba buang lipuo tse ling ka ntle ho Sejapane ba falletse naheng ena. Bana ba akarelletsa le Lipaki tsa Jehova. Japane ha e sa le naha eo puo ea teng e batlang e le e mong le e mong ea e buang e leng Sejapane. Baahi ba buang puo esele ba ne ba ka thusoa joang moeeng?
Pele ho bo-1980, ho ne ho e-na le baahi ba batlang ba fokola ba lipuo lisele. Lihlopha tse nyenyane tse ka thōko kapa liphutheho li ’nile tsa thehoa Misawa, Tachikawa le Okinawa molemong oa basali le bana ba tlhokomelong ea basebetsi ba sesole sa United States hammoho le batho ba bang ba thahasellang.
Se seholohali ho li feta e ne e le se litsing tsa sesole sa Amerika tse Okinawa. Ka 1968, Karl le Evalyn Emerson, bao pele e neng e le baromuoa Korea, ba ile ba falla le mora oa bona e monyenyane ho ea thusa baahi ba Okinawa ba buang Senyesemane. Hamorao ba ile ba kopanela tšimo ena e behang litholoana le Bill le Mary Ives le Wayne le Penny Frazee ba tsoang sehlopheng sa bo40 le sa bo52 sa Gileade. Wayne, a khanna koloi e nyenyane ea mokeretla e matla a 360cc ho pota-pota Setsi sa Sesole sa Moeeng se pharaletseng sa Kadena, o ne a atleha haholo-holo ha a sebetsa har’a ba ngoliselitseng bosole kahobane a kile a ba sesoleng. Ba le hammoho, Wayne le Penny ba ile ba khona ho thusa batho ba ka bang 100 ho ea kolobetsong nakong ea lilemo tse 15 tseo ba li sebelelitseng Okinawa. Ba ne ba atleha haholo tšebeletsong ea bona hoo ofisiri e ’ngoe e ikarabellang ea setsi se seng sa sesole e ileng ea kōpa hore ba bolele sebakeng se seng. Hobane’ng? E ile ea belaela: “Le nka banna ba ka ba tšoanelehang ka ho fetisisa.”
Le hoja batho ba ne ba sa khaotse ho fihla le ho tsamaea ka phuthehong, ha ba abeloa litsing tse ling tsa sesole, batho ba hlileng ba baloang ka likete ba bile teng libokeng ’me ba makholo-kholo ba thusitsoe hore ba emele Jehova. Boholo ba bana bo tsoetse pele ho sebeletsa Jehova ha ba khutlela United States. Ba bang ba fetohile baholo le bahlanka ba sebeletsang. E mong oa bana, Nick Simonelli, hamorao o ile a ba sehlopheng sa bo93 sa Gileade, a hata moo ea neng a ithuta le eena a hatileng teng. Hona joale o sebeletsa Ecuador le mosali oa hae.
Tšimo ea Senyesemane Japane
Ho ea bofelong ba bo-1970, ha Ntoa ea Vietnam e lala, lihlopha tse buang Senyesemane Japane li ile tsa fela butle-butle. Empa mathoasong a bo-1980, ha a hlokomela palo ea batho ba buang Senyesemane haufi le Setsi sa Likepe sa Sesole sa Moeeng sa Atsugi sa United States, metsotso e 15 ha u tsamaea ka koloi ho tloha Bethele, James Mantz, e monyenyane, o ile a mema batsoali ba hae, bao ka nako eo ba neng ba lula California, U.S.A., hore ba tšelele Bochabela ho tla ba thusa. (Bapisa le Liketso 16:9.) Kahoo ka March 1981, ba le lilemo li 62 le 59, James Mantz, e moholo, le mosali oa hae, Ruth, ba ile ba fallela Sagamihara haufi le setsi sa Atsugi. Ruth oa hopola: “Tšimo ea rōna e ne e le hohle moo re neng re ka fumana batho ba buang Senyesemane.” Setho se seng sa lelapa la Bethele ea Ebina sea hopola: “Ha a ntse a etsa mosebetsi oa seterateng, Ruth o ne a atisa ho emisa masole a macha lilemong a Maamerika a palameng libaesekele a phakalalitse matsoho e le hore a ba bontše limakasine.” Ka bomalimabe, James Mantz, e moholo, o ile a hlokahala nakoana ka mor’a hore a fihle Japane, empa Ruth o ile a lula sebakeng seo ’me a thusa batho ba ’maloa ho kena ’neteng. Sehlopha sa Senyesemane se senyenyane sa Sagamihara se ile sa e-ba phutheho ka October 1985.
Ha moruo oa Japane o ntse o e-ba matla ka bo-1980, palo ea basele e ile ea eketseha ka tsela e tšosang. Mafilipino, Maamerika Boroa, Maafrika, Machaena le Makorea a likete tse ngata a ile a kena naheng eo ka bongata e le basebetsi ba linaha lisele. Mokhatlo o ile oa nka bohato ho atolosetsa thuso ea moea basebetsing bana ba tsoang linaheng lisele. Bo-pula-maliboho ba Majapane ba buang Senyesemane, ho akarelletsa le ba bangata ba sebeletsang Bethele, ba ile ba abeloa ho thusa. Mor’abo rōna e mong ea bileng phuthehong ea Senyesemane ka lilemo tse ngata o ile a re: “Ha Mokhatlo o qala ho etella pele ho sena, keketseho e ile ea e-ba teng kapele-pele.” Ka la 1 September, 1997, ho ne ho e-na le liphutheho tsa Senyesemane tse 18, li etsa potoloho e arohileng.
Thuso Bakeng sa Batho ba Brazil
Palo e khōlō ea Majapane ao batsoali ba ’ona kapa batsoali ba batsoali ba ’ona ba ileng ba fallela Brazil e ile ea khutlela Japane ho tla sebetsa, empa e ne e sa tsebe Sejapane kapa sona Senyesemane. Ka 1986, banyalani bao e kileng ea e-ba baromuoa, Kazuyuki le Nanako Kiritani, ba neng ba sebeletsa Brazil, ba ile ba fallela Yokohama, moo ho neng ho e-na le baralib’abo rōna ba seng bakae ba buang Sepotoketsi le liithuti tsa Bibele. Sehlotšoana sena se ile sa qala ho ba le Thuto ea Molula-Qhooa hammoho le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se khutsufalitsoeng hang ka khoeli ka Sepotoketsi.
Selemo ka 1991, Mokhatlo o ile oa mema baholo ba bararo ba tsoang Brazil, ba neng ba lula Tokyo, Nagoya le Toyohashi, hammoho le Mor’abo rōna Kiritani, ho tla buisana ka tsoelo-pele ea tšimo ea Sepotoketsi. Ka August 1991 lihlopha tse ’nè tsa Sepotoketsi li ile tsa qala ho sebetsa. Lekala le ne le ile la thaotha Mabethele a ithaopang ’me la qala litlelase tsa puo ea Sepotoketsi Bethele. A ile a ithuta puo eo ka mafolofolo ’me ea e-ba karolo ea motheo oa lihlopha tsa Sepotoketsi. Lihlopha tse thehiloeng bocha li ile tsa fetoha liphutheho kapele, ’me ka lilemo tse tšeletseng, ho ne ho e-na le liphutheho tse 21 tsa Sepotoketsi, tsena le tsona li theha potoloho ea tsona.
Tšimo ea Sepanishe ea Buleha
Ka September 1987, ho ile ha tšoaroa seboka sa pele ka Sepanishe ho thusa baralib’abo rōna ba robeli ba neng ba ntse ba kopanela le sehlopha sa Sepotoketsi ho fihlela ka nako eo. Louis Delgado, mor’abo rōna oa lesoha ea tsoang Peru, o ile a etella pele. Mehleng eo ba bang ba baralib’abo rōna ba ne ba tsamaea lihora tse tšeletseng ho ea ba teng libokeng tsa Sepanishe, empa thuso ea moea eo ba ileng ba e fumana e ile ea tšoanela boiteko boo. Ka lebaka la mokoallo oa puo, ba bang ba ileng ba nyaloa ke baahi ba Japane bakeng sa tšireletso ea lichelete ba ne ba e-ba le mathata a lenyalo hape ba ne ba e-ba le bothata ba ho hlalosa maikutlo a bona ho baholo ba liphuthehong tsa Sejapane.
Tšebeletso ea tšimo bakeng sa sehlopha sa Sepanishe le eona e ne e le phephetso. E le hore ho ka hlophisoa masimo, ba ile ba ea liteisheneng tsohle tse 29 tsa Seporo sa Yamanote, seporo sa terene se hokahanyang bohare ba Tokyo, ba batla mabitso a Sepanishe a menyakong ea matlo. Le hoja e ne e khathatsa ebile e nka nako, tšebetso ena e ile ea fana ka tšimo e lekaneng bakeng sa hore ba e sebetse.
Nakong ea motšehare, lihlopha tsa baralib’abo rōna li ne li ee li etele libakeng tseo ho tsona ho lulang basali ba bangata ba Macolombia. Basali bao ba ne ba sebetsa libareng tseo hangata li neng li tsamaisoa ke yakuza, Mafia ea Majapane. Ha mosali e mong ho bonahala a tsoela pele moeeng, yakuza e ne e kenella ’me e mo isa sebakeng se seng. Leha ho le joalo, seithuti se seng se joalo sa Bibele se ile sa tsoela pele ho fihlela bohōleng boo se hlokomelang hore se lokela ho fetola mosebetsi hore se tle se thabise Jehova. Sena se ne se bolela ho baleha le ho ipatela yakuza. Ka thuso ea motho ea se khannelang thuto, qetellong se ile sa khona ho khutlela naheng ea habo sona.
Kahoo, mathoasong a bo-1990, ha palo e khōlō ea basebetsi e tšolohela Japane e e-tsoa Peru, Argentina, Paraguay, Bolivia le linaheng tse ling, Jehova o ne a e-na le sehlotšoana sa Sepanishe se lokiselitsoeng ho ba hlokomela litlhokong tsa bona tsa moea. Ka 1991 ho ile ha qaloa tlelase ea Sepanishe bakeng sa Mabethele a ratang ho thusa. Ka nako ea selemo ba bang ba ne ba fana ka lipuo tsa phatlalatsa. Ka 1993 ho ile ha thehoa phutheho ea pele ea Sepanishe sebakeng sa Tokyo. Ka 1997, ho ne ho e-na le liphutheho tse 13 tse hōlang tsa Sepanishe. Tsena li etsa potoloho e arohileng ea puo esele.
Ho Thusa ba Tsoang Asia
Palo e khōlō ea Machaena le eona e ne e tšolohela Japane. Har’a ’ona e ne e le barutoana ba likete hammoho le litloholo tsa bana ba Majapane a ileng a sala Chaena qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ho ne ho hakanyetsoa hore Machaena a fetang 300 000 a ne a lula Japane, ao a 200 000 a ’ona a neng a le sebakeng se seholo sa Tokyo. Ha ba phahamisa mahlo a bona ’me ba talima tšimo ea Chaena, barab’abo rōna ba ne ba ka bona hore e ne e soeufaletse kotulo, ‘empa basebetsi ba ne ba se bakae.’—Mat. 9:37; Joh. 4:35.
Masayuki Yamamoto le mosali oa hae, Masako, ba ne ba qetile lilemo tse robeli ba le tšebeletsong ea boromuoa Taiwan. Ka 1992, Mabethele a ’maloa a ratang ho ea thusa baahi ba buang Sechaena ba ile ba rutoa Sechaena. Kapele-pele, Masayuki o ile a ikopanya le ba buang Sechaena, ’me ho ile ha qaloa sehlopha sa Sechaena ka bahoeletsi ba 28. Boholo e ne e le bo-pula-maliboho ba Majapane, bao le hoja ba ne ba ntse ba kikitlela ka Sechaena sa bona, ba neng ba chesehela ho thusa ba thahasellang ba buang puo eo. Cheseho e joalo ea Lipaki tsa Majapane e ile ea susumetsa lipelo tsa Machaena. Mosali e mong e mocha o ile a amohela buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela e tsoa ho mor’abo rōna ea neng a kena sekolo le eena. O ile a bala buka eo ka beke e le ’ngoe. Sena se ile sa mo susumelletsa ho qala ho ba teng libokeng tsohle. O ile a hlolloa ke ho bona Majapane a mangata hakaalo a ithuta Sechaena hore feela a tle a khone ho arolelana litaba tse molemo le batho ba buang Sechaena. Eena le khaitseli ea hae e mo hlahlamang ba ile ba tsoela pele ka potlako, ’me ba ile ba kolobetsoa pele selemo se fela. O ne a khanna lithuto tsa hae tsa Bibele le pele a kolobetsoa.
Ka May 1993 ho ile ha tšoaroa kopano ea potoloho ea pele ea Sechaena. Ho ile ha e-ba teng ba 399 ’me ha kolobetsoa ba 8. Kapelenyana ho ile ha e-ba le liphutheho tsa Sechaena sa Mandarin tse hlano tse sebetsang, hammoho le sehlopha sa thuto ea buka sa Sechaena phuthehong e ’ngoe ea Sejapane.
Lihlopha Tsa Lipuo Tse Ling
Bofelong ba bo-1980, Penn Pitorest le mosali oa hae, Phiksang, ba ile ba qala ho ithuta Bibele. Ka bobeli e ne e le baphaphathehi ba tsoang Cambodia ’me ba ile ba lahleheloa ke batsoali ba bona polaong e sehlōhō naheng ea habo bona. Tsoelo-pele e ne e tsamaea butle hobane ho ne ho hlile ho se lingoliloeng tseo ho ka ithutoang ka tsona ka Secambodia. Empa ba ile ba qetella ba kolobelitsoe. Ka ho ameha ka litlhoko tsa moea tsa baphaphathehi-’moho le bona ba tsoang Cambodia, ba ile ba ikemisetsa ho ba khannela lithuto tsa Bibele. Kapelenyana ho ile ha thehoa sehlotšoana sa Secambodia. Ba ile ba fumana thuso e eketsehileng ka 1994 ha Molula-Qhooa o qala ho hlaha ka Secambodia. Ka morao ho moo, barab’abo rōna ba leshome ba tsoang Bethele ba ile ba qala ho ithuta puo eo ’me ba ile ba abeloa ho ea libokeng tsa Secambodia.
Le hoja sehlopha se seholohali se buang puo esele Japane e le se buang Sekorea, boholo ba bona ba utloisisa Sejapane, kahoo ka lilemo ho ne ho se na phutheho e arohileng bakeng sa bona. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ho ile ha totobatsoa hore Makorea a lulang Japane a ka utloisisa ’nete kapelenyana haeba a ne a ithuta eona ka puo ea habo ’ona. Sena se ile sa lebisa ho thehoeng ha sehlopha sa Sekorea haufi le Bethele ka April 1996, ’me hamorao, ea e-ba sehlopha se seng Motseng oa Itami, Seterekeng sa Hyogo.
Liphutheho tse sa lokelang ho hlokomolohuoa ke tsa puo ea matsoho. Baithaopi ba bangata ba ithutile puo ea matsoho ea Sejapane hore ba tle ba tsebe ho thusa batho ba nang le bothata ba ho utloa ho pholletsa le naha. Ho tloha ka 1982 Mokhatlo o ile oa hlophisa hore ho fetoleloe puong ea matsoho likopanong tse itseng tsa setereke. Leha ho le joalo, boiteko bo tiileng ba ho thusa ba nang le bothata ba ho utloa bo ile ba qala ka 1992, ha ho ne ho thehoa liphutheho tsa puo ea matsoho motseng oa Fukuoka le oa Kumamoto. Ho boetse ho lokiselitsoe livideo tsa puo ea matsoho. Hona joale ho na le liphutheho tse 11 le lihlotšoana tse 9 ho pholletsa le Japane tseo ka mafolofolo li thusang batho ba nang le bothata ba ho utloa.
Kahoo Lipaki tsa Jehova Japane li entse boiteko bo botle ba ho finyella le ho thusa lihlopha tse ngata tsa lipuo naheng eo hore li rue molemo litabeng tse molemo ka puo eo li e utloisisang hamolemo.
Ho Chesehela Sekolo se Secha
Ka 1993 baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha ba ile ba buleheloa ke monyetla o mocha Japane. Ba ile ba fuoa monyetla oa hore ba atolose tšebeletso ea bona ka hare le ka ntle ho naha. James Hinderer le David Biegler, barab’abo rōna ba babeli ba nang le phihlelo ea lilemo tse ngata mosebetsing oa ho tsamaea, ba ile ba romeloa ba tsoa United States ho ea khanna sehlopha sa pele sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Japane. Sehlopheng sena sa pele se khannoang ka Senyesemane, ho ne ho boetse ho e-na le bashebelli ba supileng ba tsoang Japane, Rephabliking ea Korea le Philippines. Bashebelli bana ba ne ba lokisetsoa hore ba tle ba sebeletse e le barupeli linaheng tsa habo bona.
Ha se bolela kamoo liithuti li ruileng molemo kateng sekolong sena, seithuti se seng sehlopheng sa pele se ile sa re: “Ke nahana hore ba bangata ho rōna re ne re thatafalloa ke ho beha mabaka litabeng tse itseng le ho etsa liqeto ka ho sebelisa melao-motheo e loketseng ea Bibele. Re ne re nolofalloa haholoanyane ho sebelisa melao. Empa nakong ea sekolo, ka ho sebelisoa khafetsa ha lipotso tse peli, ‘Hobane’ng?’ le ‘Joang?’ re ile ra koetlisetsoa ho nahanisisa ka mabaka a linnete le likarabo.” Ha se pheta ntlha e tšoanang, seithuti se seng sehlopheng seo se hopola se ileng sa etsahala ha e mong oa barupeli a etsa tlhahiso ea hore mohlanka ea sebeletsang ea hlokomelang limakasine a ka lokisetsa nehelano ea limakasine bakeng sa ho sebelisoa ha ho fanoa ka limakasine tse ncha tse fihlang ebe joale o arolelana sena le bahoeletsi. Potso e ileng ea botsoa ke se seng sa liithuti mabapi le sena e ile ea hlahisa tlhakiso e hlollang ea phapang pakeng tsa ho loka le molemo. Morupeli eo o ile a hlalosa: “Ho loka ke ho phethahatsa litaelo tse ngotsoeng, empa molemo o fetela ka nģ’ane ho se hlokoang e le hore ho ka ruisoa ba bang molemo. Ha ho hlokahale hore re be ba lokileng feela empa hape re be ba molemo ’me re etse sohle seo re ka se khonang ho ruisa litho tsa phutheho molemo, ka ntle ho molao o ngotsoeng.”
Barab’abo rōna ba bacha ba masoha Japane ka kakaretso ha ba potlakele ho nyala. Ba neng ba le lihlopheng tse 18 tsa pele ka karolelano ba ne ba e-na le lilemo tse 29, ba e-na le lilemo tse 13 ba le ’neteng le lilemo tse 8 tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka August 1997, liithuti tse fetang 790 li ne li fumane mangolo lihlopheng tse 33 tsa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, ba likete ba ntse ba letile hore ba ee. Hoba ba fumane mangolo, ba bang ba ile ba abeloa mosebetsi oa potoloho, oa bopula-maliboho bo khethehileng le oa boromuoa.—Pes. 110:3.
Melemo e utluoa kapele ha baholo bana le bahlanka ba sebeletsang ba koetlisitsoeng hantle ba sebetsa le liphutheho. Moholo e mong, ha a hlalosa ka tšusumetso e ntle eo moithuti e mong a bileng le eona phuthehong ea bona, o ile a re: “Phutheho e fetohile e tletseng bophelo le e thabileng haholoanyane. Moea oa bopula-maliboho o ile oa eketseha, ’me litho tsohle tsa phutheho li ile tsa e-ba le kananelo e tebileng bakeng sa bohlokoa ba ho etsa lintho ho latela kemiso ea puso ea Molimo. Cheseho ea bacha bakeng sa litaba tsa moea e ile ea totisoa, ’me ba bangata ba ile ba ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.” Kahoo, liphutheho li ’nile tsa matlafatsoa le ho hahuoa.
Ho Romela Baemeli Likopanong Tsa Mose ho Maoatle
Ho bile le menyetla e mengata ka lilemo tse ngata bakeng sa Lipaki tsa Jehova Japane hore li “atolohe” mabapi le ho bontša lerato ho barab’abo tsona ba machaba. (2 Bakor. 6:13) Ha ho nka maeto a eang mose ho e-ba bonolo haholoanyane, Mokhatlo o ile oa mema lekala la Japane hore le romele baemeli likopanong tse khethehileng tsa machaba tse ileng tsa tšoareloa Europe, Afrika, Asia, Linaheng tsa Amerika, Hawaii le New Zealand.
Palo ea baemeli ba arabelang limemong tsena e ile ea eketseha ho theosa le lilemo, ’me ho ne ho tloaelehile ho fumana lipalo tse khōlō tsa bo-pula-maliboho le basebeletsi ba bang ba nako e tletseng har’a baemeli bao. Ka 1996, ha likopano tse khethehileng li ne li tšoaretsoe Czech Republic le Hungary, ho ne ho e-na le basebeletsi ba nako e tletseng ba 1114 har’a baemeli ba 1320 ba tsoang Japane.
Seo baemeli ba Majapane ba se boneng le ho se utloa likopanong tsena tse khethehileng se ile sa pharalatsa pono ea bona ’me sa ba susumelletsa haholoanyane ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle. Shigeo Ikehata, ea ileng a etela Rephabliking ea Korea, Hong Kong, Philippines le Taiwan bakeng sa likopano tsa machaba ka 1978, oa hlalosa: “Ke ile ka khahloa ka ho tebileng ke tlamo ea lerato e neng e le teng har’a bara le barali babo rōna linaheng lisele. Ho iponela ka mahlo hore Lipaki tsa Jehova li tlamahantsoe ke puo e hloekileng ka ho khethehileng ho ile ha susumetsa kananelo ea ka bakeng sa litokelo tsa ka tsa tšebeletso le se fuperoeng ke lithapelo tsa ka.”
Ka ho etela linaha tseo ho tsona bahlanka ba Jehova ba ileng ba mamella mahloriso a tšabehang le ka ho utloa liphihlelo tsa bona ka ho toba, baemeli bana ba ile ba susumelletseha ho batla ho etsisa tumelo ea bona. Misako Oda o ile a ea kopanong ea machaba ea pele moo e kileng ea e-ba Soviet Union, St. Petersburg, ka 1992. Oa hopola: “Ha pina e bulang e qala letsatsing la pele la kopano, morali’abo rōna oa Lerussia ea neng a lutse pel’a ka o ile a qala ho lla. Ha ke phahamisa mahlo ke ne ke bona baralib’abo rōna ba bangata ba Marussia ba tletse likhapha ka mahlong, ba sa khone ho qeta pina eo. Ke ile ka leboha Jehova ka ho teba bakeng sa mosa oa hae o sa tšoanelang ka ho ntumella, ’na motho ea e-song ho ka a latsoa mahloriso a mofuta oo ba fetileng tlas’a ’ona, hore ke be teng le bona le ho ea kopanela le bona motsotso oo oa bohlokoahali oa tlhōlo bakeng sa Jehova le bakeng sa barab’abo rōna ba tšepahalang.”
Morali e mong oabo rōna e mocha oa pula-maliboho, Seiko Namba (hona joale ke Nakajima), o hopola kopano ea Buenos Aires hantle ka 1990. O re: “Ke ithutile ho bara le barali babo rōna ba Argentina kamoo lerato le kananelo li bontšoang kateng hammoho le bohlokoa ba ho bontša ba bang maikutlo a joalo. Morali e mong oabo rōna ea hōlileng o ile a nkopa ha re tsamaea ’me a mpha mpho. O ne a sekile meokho, a re, ‘Hasta luego en el Paraíso’ [Ke tla u bona Paradeiseng] khafetsa. Ka mor’a hore ke khutlele Japane, ke ile ka leka ho bontša lerato le joalo le mosa ho batho ba phuthehong ea heso le tšimong ea heso.” Baemeli ba bang ba Majapane, le hoja ka kakaretso ba batla ba le lihlong ba bile ba sa bue haholo, le bona ba ile ba thusoa ke ho kopanela le baemeli-’moho le bona ba Latin America hore e be ba nang le botsoalle haholoanyane ha ba bontša lerato la bona.
Lilemong tse fetileng, lekala la Japane le bile le tokelo ea ho romela baemeli ba likete likopanong tse khethehileng tse tšoaretsoeng linaheng tse ling. Karabelo e hlollang ha limemo li romeloa liphuthehong e bontša kamoo barab’abo rōna ba nang le cheseho le kananelo ka tsela e phahameng kateng bakeng sa monyetla ona oa ho ba le lelapa labo bona la Bokreste la machaba.
Ho Tlatsetsa Tlhokong ea Lefatše ka Bophara
Ke tokelo e khōlō ho khona ho tlatsetsa hona joale ka litsela tse sa tšoaneng kamanong ea bara ba motho lefatšeng ka bophara. Kaha le fumane phihlelo ea bohlokoa ea ho hatisa, lekala la Japane le khona ho thusa makala a boahisani ka litlhoko tsa ’ona tsa khatiso. Hona joale ho hlahisoa likopi tse fetang 9000 000 tsa Molula-Qhooa le Tsoha! khoeli le khoeli fekthering ea Ebina ka lipuo tse leshome.
Hona joale lekala la Japane le hatisa libuka, Libibele, libukana le libukana tse lekanang le makasine ka lipuo tse 26, ho akarelletsa le Sechaena, Selao, Sesinhalese, Setamile (bakeng sa Sri Lanka), Sethai le lipuo tse 11 tsa Philippines, kaofela ka mebala e feletseng. Mechine e hatisang ka lebelo le phahameng ea offset rotary e nolofalletsa fektheri hore e arabele ka potlako litlhokong tse tšimong. Ka mohlala, ka September 1993, ho ile ha romeloa thepa Japane bakeng sa ho hatisa phetolelo e khethehileng ea Bibele ea Setagalog eo e leng khale e emetsoe e akarelletsang le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Bohareng ba October, Libibele tse 70 000 tsa Setagalog li ne li hatisitsoe le ho romeloa, hantle feela ka nako hore li tle li lokolleloe barab’abo rōna likopanong tsa bona tsa setereke ka December. Libibele tsa Secebuano le Seiloko li ile tsa latela kapele ka mor’a moo. Libibele tsa Sepotoketsi le Sepanishe tsa deluxe le tsona hona joale li se li hatisoa Ebina.
Ka mor’a hore ho thehoe lefapha la Litšebeletso tsa Phetolelo ntlo-khōlō ea lefatše ka 1989, lekala la Japane le ile la mengoa hore le kopanele ho thuseng bafetoleli ho pholletsa le Asia le libakeng tsa Pacific. Batho ba fetang halofo ea baahi ba lefatše ba phela mona, empa bongata ba batho bao, ba buang lipuo tse ngata, lingoliloeng tsa Watch Tower ha li e-s’o fihle ho bona. Barab’abo rōna ba Majapane ba nang le tsebo ea phetolelo le ba tloaelaneng le thepa ea lik’homputha ba bile le tokelo ea ho etela India, Pakistan, Sri Lanka, Nepal, Lebanon, Malaysia, Thailand, Cambodia, Indonesia, Myanmar, Solomon Islands, Guam le linaheng tse ling, ho ea thusa ho fumana, ho koetlisa le ho hlophisa lihlopha tsa bafetoleli hammoho le ho kenya mananeo a k’homputha a qapiloeng ke Mokhatlo ho thusa bafetoleli.
Ho Khothatsana
Ba bang ba sa lokelang ho hlokomolohuoa ke bara le barali babo rōna ba Majapane ba 76 bao, ha ba etsisa baromuoa ba sebeletsang Japane, ba amohetseng ka cheseho likabelo tsa ho ea ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso linaheng tse robong mose ho maoatle. Ba kopanyelletsoang sehlopheng sena ke baithuti ba 13 ba tsoang Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Linaha tseo ba abetsoeng ho ea ho tsona li akarelletsa Brazil (7), Cambodia (1), Guam (2), Malaysia (2), Nigeria (1), Papua New Guinea (11), Paraguay (8), Solomon Islands (5) le Taiwan (39). Mangolo a amoheloang a e-tsoa ho ba likabelong tsa bona a bontša hore ba atlehile ho ithuta ho sebetsana le lipuo tse ncha, meetlo, lijo le mafu a libaka tse chesang, hape ebile ba utloisisang ho ea sebeletsa libakeng tse saletseng morao, ka linako tse ling ho se na metsi a lipompo, khase, kapa motlakase, ha ho bapisoa le nala ea Japane ea kajeno. Ba hlaoletse ho rata batho ba moo ’me ba ithutile khotsofalo ea bomolimo. Ba thabetse hore ebe ba ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso ka tsela ena.
Ha keketseho ea puso ea Molimo Japane e boetse e etsa hore ho hlokahale ho atolosa mehaho ea lekala, mosebetsi o ile oa tsoela pele ka tšebelisano ea machaba. Morero oo o akarelletsa mehaho e ’meli ea bolulo e mekato e 13 le moaho o mekato e 5 oa tšebeletso. Ka 1994, Frank Lee, ea tsoang United States, o ile a abeloa ho ea sebeletsa e le molebeli oa kaho. Steve Givins, mohlanka oa machaba ea tsoang United States, le eena o sebeletsa komiting ea kaho. Baithaopi ba fetang 49 ke ba tsoang Australia, Canada, Costa Rica, Engelane, Finland, Fora, Italy, Luxembourg, New Zealand, le United States ho tla kopanela mosebetsing. Bana kaofela ba ile ba thabela ho tela bophelo bo batlang bo tsitsitse linaheng tsa habo bona e le hore ba tle ba arolelane phihlelo ea bona le tsebo le barab’abo bona linaheng tse ling le ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele.
Ho ikhethang hape e bile karabelo e hlollang ea barab’abo rōna ba Majapane, ha basebetsi ba fetang 4600 ba nang le tsebo le ba se nang eona ba etsa likōpo tsa ho tla sebetsa morerong ona. Boholo ba bona ba tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō e le hore ba tle ba sebetse morerong ona esita le ka nako e khutšoanyane feela. Ho akarelletsa ho tlohela mesebetsi le ho siea malapa. Empa ba ikutloa ba putsitsoe ka ho enneng bakeng sa boiteko ba bona.
Ba Hōlile Empa ba Ntse ba Cheseha
Khōlo ea bongata bona bo boholo ba barorisi ba Jehova Japane e qalile ka ho fihla ha baromuoa ba tsoang sehlopheng sa bo11 sa Gileade ka 1949 le 1950. Ba bang ba ile ba ikopanya le bona, ho akarelletsa le ba bang ba tsoang sehlopheng sa bo7 le ba eketsehileng ba tsoang lihlopheng tsa moraonyana tjena. Ba 59 ba bona ba ntse ba le tšebeletsong ea nako e tletseng Japane. Ba bang ba bona hona joale ba lilemong tsa bo-70 le bo-80, ’me ba ntse ba cheseha tšebeletsong. Lois Dyer, ka mor’a lilemo tse 64 a ikemiselitse tšebeletsong ea nako e tletseng, o ile a re: “Ke tsoela pele ho rapela ka tšepo joalokaha Davida a ile a etsa ka bokheleke, ‘Ha matla a ka a fela, . . . Molimo, u se ke ua ntlohela ho fihlela botsofaling bo boputsoa.’” (Pes. 71:9, 18) Jehova ha aa e-s’o lahle bana ba tšepahalang ba qetileng karolo e khōloanyane ea bophelo ba bona tšebeletsong e tšepahalang ea ’Muso. Setho se seng sa lelapa la baromuoa se ile sa hlalosa ka tsela ena: “Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o tšoana le ’mè ea re thatelang ka kobo e mofuthu ebe o re tšoarela haufi.”
Ba 21 ba mehoke ena hona joale ba lehaeng la baromuoa le Mita, Tokyo. Mohaho oa pele Tokyo oo e neng e le oa lekala o ile oa nchafatsoa ka ho feletseng hore baromuoa bana ba hōlileng lilemong ba lule teng. Ke lelapa la baromuoa le ikhethang! Ka karolelano ba na le lilemo tse 74 le lilemo tse 50 ba le ’neteng. Ba robeli ba bona ba tsoa sehlopheng sa bo11 sa Gileade. Le le hammoho, lelapa la baromuoa le fane ka bopaki bo bongata ka lilemo-lemo, le thusa batho ba ka bang 567 ho ithuta ’nete. Le hoja litho tse ’maloa tsa lelapa lena li se li kenelletse lilemong tsa bo-80 ’me li e-ba le mathata a tebileng a bophelo, ho hang ha lia lula feela. Selemong sa tšebeletso sa 1997, ka karolelano li entse lihora tse fetang 40 tšebeletsong ea tšimo ka khoeli ’me tsa tsamaisa limakasine tse 17 291 le libuka tse makholo-kholo tšimong ea tsona eo li e sebetsang haholo. Mehoke ena e hlomphuoa ke litho tsa phutheho ea habo eona hape e hlomphuoa ke baahelani ba eona.
Ruth Ulrich, hona joale a le selemong sa hae sa bo87 a phela, o qetile tse 68 tsa lilemo tseo mosebetsing oa bopula-maliboho le oa boromuoa. O re: “E bile ho matlafatsang tumelo ho ’na ho bona batho bana bohle ba e-tsoa malumeling a bohetene ba kena ’neteng ’me ba hlile ba fetoha bara le barali babo rōna.”
Joalokaha re qetile ho sheba “albamo ea lelapa” e re bolellang ka histori ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova Japane, re kopane le ba bangata ba bahlanka bana ba chesehang ba Jehova. Empa bana ke ba seng bakae feela ho ba fetang 220 000 ba teng Japane ba bolelang litaba tse molemo ka ’Muso oa Molimo. Baromuoa ba khotsofetse ka ho tebileng ka se finyeletsoeng ke bana le litloholo tsa bona tsa moea, ho isa molokong oa boraro le oa bone. Ba boetse ba lebeletse ka thahasello e khōlō ho bona hore na ke karolo efe eo Jehova a sa ntseng a tla batla hore ba e phethe, nakong ea matsatsi a qetellang a tsamaiso ena ea lintho le lefatšeng la hae le lecha, leo hona joale le leng haufi haholo!
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]
[Litšoantšo tse leqepheng la 71]
Bahoeletsi ba tšepahalang ba Majapane ba tsoang linakong tsa pele ho ntoa: (1) Jizo le Matsue Ishii, (2) Miyo Idei, (3) Katsuo le Hagino Miura
[Litšoantšo tse leqepheng la 72, 73]
Baromuoa ba bang ba ileng ba qala ho sebeletsa Japane ka 1949-50: (1) Don le Mabel Haslett, (2) Lloyd le Melba Barry, (3) Jerry le Yoshi Toma, (4) Elsie Tanigawa, (5, 6) Percy le Ilma Iszlaub, (7) Norrine Thompson (eo e neng e le Miller pele), (8) Adrian Thompson, (9) Lois Dyer, (10) Molly Heron, (11) Shinichi le Masako Tohara
[Setšoantšo se leqepheng la 79]
N. H. Knorr (ka ho le letšehali, ka holimo) a bua kopanong, ka 1951, lehaeng la baromuoa Kobe
[Setšoantšo se leqepheng la 81]
Grace (ka holimo) le Gladys Gregory, ba tsoang sehlopheng sa bo11 sa Sekolo sa Gileade
[Setšoantšo se leqepheng la 82]
Margrit Winteler (ka ho le letona, sehlopha sa bo23 sa Gileade) o ile a kopana le moholoane oa hae Lena (sehlopha sa bo15) Japane
[Setšoantšo se leqepheng la 88]
Don Haslett le Lloyd Barry Lehaeng la Bethele Tokyo, 1953
[Setšoantšo se leqepheng la 89]
Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba Majapane ba ileng ba sebeletsa ka lilemo tse 40 (ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona): Takako Sato, Hisako Wakui, Kazuko Kobayashi
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Lekala la Okinawa, 1979
[Setšoantšo se leqepheng la 95]
Ho tsoa ho ea fana ka bopaki mariha Hokkaido
[Setšoantšo se leqepheng la 95]
Ka holimo: Adeline Nako
Ka tlaase: Lillian Samson
[Setšoantšo se leqepheng la 99]
Yuriko Eto
[Setšoantšo se leqepheng la 102]
Lelapa le thabileng la bo-pula-maliboho le tsoela tšebeletsong ea tšimo
[Setšoantšo se leqepheng la 110]
Ofisi ea lekala Tokyo, 1949-62
Ofisi ea lekala Tokyo, 1963-73
Mehaho ea lekala Numazu, 1972-82
[Setšoantšo se leqepheng la 115]
Toshio Honma, molebeli oa lekala bohareng ba bo-1970
[Setšoantšo se leqepheng la 116]
Komiti ea Lekala ka 1997 (ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona): Richard Bailey, Shigeo Ikehata, Isamu Sugiura, Masataro Oda, Makoto Nakajima, Yoshihiro Nagasaki, Kenji Mimura
[Setšoantšo se leqepheng la 124]
James Mantz o ile a kopanela bolebeling ba fektheri (a bontšitsoe le mosali oa hae, Sarah)
[Setšoantšo se leqepheng la 132]
Liholo tsa Kopano: Hyogo, Ebina, Kansai
[Setšoantšo se leqepheng la 139]
Kunihito Kobayashi
[Setšoantšo se leqepheng la 142]
Kobe ka mor’a tšisinyeho ea lefatše ka 1995
[Setšoantšo se leqepheng la 150]
Masayuki le Masako Yamamoto
[Litšoantšo tse leqepheng la 156]
Baemeli ba Majapane likopanong tsa mose ho maoatle: (1) Kenya, (2) Afrika Boroa, (3) Russia
[Litšoantšo tse leqepheng la 158]
Ofisi ea lekala le Lehae la Bethele Ebina; setšoantšo se ka hare se bontša likatoloso tse neng li ntse li etsoa ka 1997