Nicaragua
Ke ka nepo ho thoeng Nicaragua ke paradeise ea tropike. Mabōpo a eona a ka bochabela a sikile le Leoatle la Caribbean le metsi a hloekileng, a maputsoa. Maqhubu a Leoatle la Pacific a phutla lebōpo la eona le ka bophirimela. Ha motho a e talima a le phahameng, naha ena e tletse meru, mapolasi le linōka ’me matša a mangata a tšoana le mahakoe liphuleng tseo ho tsona ho kileng ha foqoha seretse se chesang. Empa matša ana ekare ke matangoana ha a bapisoa le a mabeli a maholohali—e leng Letša la Nicaragua le Letša la Managua. Letša la Nicaragua e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 8 200, e leng karolo ea 6 lekholong ea naha eohle!
Motse-moholo e leng Managua, o haufi le lebōpo le ka boroa la Letša la Managua, eo boholo ba eona e leng lisekoere-k’hilomithara tse 1 000. Ka nepo, “Managua,” ka puo e ’ngoe ea sebaka seo e bolela “sebaka sa metsi a mangata.” E le khubu ea puso le khoebo, Managua e na le baahi ba ka bang milione—e leng karolo ea 20 lekholong ea baahi ba naha eo ba limilione tse hlano. E mochophorong o bataletseng oa Pacific, ’me baahi ba eona ke karolo ea 60 lekholong ea baahi ba Nicaragua. Karolo ea 30 lekholong e lula libakeng tse lithaba tse bohareng, ’me ba bang—e leng ba ka bang ka tlaase ho karolo ea 10 lekholong—ba lula libakeng tse peli tse hare-hare bochabela tse ikemetseng tseo baahi ba tsona ba qalikaneng, ’me boholo ba tsona bo lekana le halofo ea naha ka kakaretso.
Moeling o ka boroa oa Nicaragua, mochophoro oa Amerika Bohareng o sesefala lipakeng tsa Leoatle la Caribbean le Leoatle la Pacific ho fihlela sebaka se lipakeng tsa ’ona e e-ba lik’hilomithara tse 220. Empa kahobane Nōka ea San Juan e phalla e tsoa Letšeng la Nicaragua e kena Leoatleng la Caribbean, letša lena le Leoatle la Pacific li aroloa feela ke Mochophoro oa Rivas o bolelele ba lik’hilomithara tse 18. Pele ho etsoa Kanale ea Panama, Nōka ea San Juan le Letša la Nicaragua e ne e le leliboho le ratoang haholo ke baeti, ’me seo se etsa hore sebaka seo se khahlehe haholo. Ka sebele, histori e senola hore sebaka sena se bile tlas’a puso ea lichaba tse ngata, tse akarelletsang Mamaya, Maaztec, Matoltec le Machibcha, hammoho le mebuso ea linaha tse ling—tse kang Spain, Fora, Great Britain, Netherlands, United States le Soviet Union.
Tšusumetso ea merabe le lichaba tse ngata e bonahala ka ho hlaka sechabeng sena sa Nicaragua se nang le lipuo le litso tse sa tšoaneng. Le hoja bongata ba batho ba lulang linaheng tsa Pacific e le mak’halate a buang Sepanishe, e leng litloholo tsa Masepanishe le matsoalloa a moo, sebaka sa Caribbean se tletse merabe-rabe. Mamiskito, Macreole le mak’halate ke eona mefuta e atileng har’a methoaela ea Masumo, Marama le Magarifuna—e leng litloholo tsa mak’halate a Maafrika le Macaribbean. Le hoja bongata ba batho bana bo ntse bo bua puo ea bona bo bile bo bolokile setso sa bona, ke batho ba ikokobelitseng, ba atamelehang le ba nang le botsoalle. Ke batho ba ratang bolumeli haholo, ’me ba bangata ba rata Bibele.
Joalokaha re tla bona tlalehong ena, bophelo ba batho ba Nicaragua bo ’nile ba fetoloa ke likoluoa tsa tlhaho le tseo ba ipaketseng tsona. Ka mohlala, lekholong le fetileng la lilemo, Managua e ile ea ripitloa ke litšisinyeho tse peli tsa lefatše tse qalileng ka nģ’a Pacific ea mochophoro. Nicaragua e ka bochabela e bile le mefuta e sa tšoaneng ea likoluoa tsa tlhaho—e leng maholiotsoana a senyang a qalileng nģ’a Leoatle la Atlantic. Ho phaella moo, ntoa ea lehae, liphetohelo tsa lipolotiki le mebuso ea khatello e bakile likoluoa tse eketsehileng.
Leha ho le joalo, metsi a hloekileng a ’nete ea Bibele a phalletse naheng ena e ntle ea matša le linōka, a tlisa khothatso le tšepo ho batho ba likete ba lipelo li tšepahalang. (Tšen. 22:17) Ka sebele matletsetletse a lijo tsa moea tse fumanehang Nicaragua kajeno ke bopaki ba hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso naheng ena, haholo-holo lilemong tse 60 tse fetileng, ha boboleli ba litaba tse molemo bo ne bo fokola.
Qalong Boboleli bo ne bo Fokola
Ka la 28 June, 1945, Francis le William Wallace, bara ba motho ba fumaneng mangolo sehlopheng sa pele sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, ba ile ba fihla Managua. Ba ile ba qalisa mosebetsi o hlophisitsoeng oa boboleli ba litaba tse molemo Nicaragua ba betla tsela bakeng sa baromuoa ba latelang. Empa hase bona ba pele ba ho bolela molaetsa oa ’Muso naheng ena, kaha morali’abo rōna oa pula-maliboho ea neng a etetse moo ka 1934 o ne a se a ile a tsamaisa lingoliloeng Managua le likarolong tse ling tsa naha eo. Leha ho le joalo, ka 1945 ke batho ba seng bakae feela ba neng ba tseba Lipaki Tsa Jehova.
Ha bara ba Wallace ba qalisa boboleli, ba ne ba sebelisa keramafono ’me ba letsa lirekoto tsa Bibele—e leng ntho e neng e sa tloaeleha mehleng eo Nicaragua! Kahoo, khoeling ea pele, batho ba 705 ba ile ba mamela molaetsa oa ’Muso.
Ka October selemong sona seo, ho ile ha fihla baromuoa ba bang ba bane—e leng banyalani ba bitsoang Harold le Evelyn Duncan hammoho le Wilbert le Ann Geiselman. Kaha ba ne ba chesehela ho bolela ka ’Muso ka litsela tsohle, ba ile ba lokisetsa liboka tsa phatlalatsa. Kahoo, ka November 1945, batho ba Nicaragua ba ile ba kopana le batho seterateng ba nkileng limemo tsa puo ea Bibele. Le hoja ho ne ho bonahala eka lenaneo le tla sitisoa ke morusu oa lipolotiki le lintoa tsa seterateng, seboka se ile sa tsoela pele ka khotso, ’me puo eo ea pele ea mameloa ke batho ba fetang 40. Khabareng, thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke le Seboka sa Tšebeletso li ile tsa qala ho tšoareloa lehaeng la baromuoa.
Selemo sa 1946 e bile se thabisang ho baromuoa le ho bao e bileng ba pele ba ileng ba amohela molaetsa oa Bibele. E mong oa bao ba pele ba ileng ba amohela molaetsa oa Bibele e bile Arnoldo Castro ea lilemo li 24, ea bososelang ha a hopola kamoo a qalileng ho tseba ’nete ea Bibele. O re: “’Na le bao ke neng ke lula le bona, e leng Evaristo Sánchez le Lorenzo Obregón, re ile ra rera ho ithuta Senyesemane. Eaba ka letsatsi le leng Evaristo o tla a tsoka buka ha a tsoa ’marakeng ’me o re: ‘Ke fumane Leamerika le tla re ruta Senyesemane!’ Ha e le hantle, oo e ne e se morero oa ‘mosuoe’ enoa, empa Evaristo o ne a nahana joalo. Ka hona ha nako eo re lumellaneng ka eona e fihla, ka boraro ba rōna re ne re thabile re lebeletse ho rutoa Senyesemane. ‘Mosuoe’ oa rōna oa moromuoa e leng Wilbert Geiselman, o ne a hloletsoe ha a bona ‘liithuti tsa Bibele’ tse thahasellang hakana li mo emetse, li tšoere buka.”
Arnoldo o re: “Buka eo e ne e le ea ‘’Nete E Tla Le Lokolla,’ ’me re ne re ithuta eona habeli ka beke. Ha rea ka ra qetella re ithutile Senyesemane hakaalo, empa re ile ra ithuta ’nete ea Bibele.” Arnoldo o ile a kolobetsoa ka August 1946 kopanong ea Cleveland, Ohio, U.S.A., ka mor’a moo a khutlela Nicaragua ho ea sebeletsa e le pula-maliboho. Ha selemo seo se fela, ba babeli bao a neng a lula le bona ba ile ba kolobetsoa.
Hona joale ha a se a le lilemo li 83, Evaristo Sánchez o hopola linako tseo tse fetileng ka thabo. O re: “Qalong, re ne re se na sebaka seo re kopanelang ho sona. Re ne re fokola ka palo, kahoo re ne re kopanela lehaeng la baromuoa. Hamorao, ho ile ha hiroa ntlo e mekato e ’meli ’me re ne re kopanela moo kamehla re le 30 ho isa ho 40.”
Bahlankana bana ba bararo e bile bona baahi ba pele ba Nicaragua ba ho tsamaea le baromuoa tšebeletsong, ba qala Managua ’me ka mor’a moo ea ntan’o ba libakeng tse ka thōko. Managua eo ka nako eo baahi ba eona ba neng ba le 120 000, e ne e le nyenyane ho feta kajeno. Sebaka feela se katiloeng e ne e le literata tse 12 tse bohareng ba toropo. Evaristo oa hopola: “Re ne re tsamaea ka maoto. Ho se na libese, litsela li sa katoa, e le liporo le litsela tsa likariki feela. Kahoo ho itšetlehile ka hore na nako ea selemo ke ea lipula kapa le baletse, re ne re thunthetsoa ke lerōle kapa re qhafutsa seretseng.” Empa boiteko ba bona bo ile ba putsoa, ha ho e-ba le batho ba 52 Sehopotsong ka April 1946.
Ho Thehoa Lekala
Khoeling eona eo, Nathan H. Knorr le Frederick W. Franz, ba tsoang ntlo-khōlō e Brooklyn, ba ile ba etela Nicaragua ka lekhetlo la pele. Ketelong ea bona ea matsatsi a mane, batho ba 158 ba ile ba mamela puo ea phatlalatsa ea Mor’abo rōna Knorr e reng “Thabang, Lōna Lichaba.” Mor’abo rōna Franz o ile a fetolela puo ena Sepanisheng. Pele a tsamaea, Mor’abo rōna Knorr o ile a theha ofisi ea lekala la Lipaki Tsa Jehova Nicaragua hore e hlokomele mosebetsi. William Eugene Call, ea lilemo li 26 ’me a sa tsoa romeloa sebakeng seo a tsoa Costa Rica, o ile a khethoa hore e be mohlanka oa lekala.
Lilemong tse mashome tse latelang, ofisi ea lekala e ile ea theha mahae a baromuoa libakeng tse kang Jinotepe, Masaya, León, Bluefields, Granada le Matagalpa. Ho ile ha boela ha etsoa litokisetso tsa hore molebeli oa potoloho a etele liphutheho le lihlopha tse sa tsoa thehoa e le hore a khothatse le ho matlafatsa barab’abo rōna.
Katleho ea Bahanyetsi ke ea Motsotsoana
Kapele-pele cheseho ea barab’abo rōna e ile ea beha litholoana, e leng se ileng sa khopisa baruti ba Bokreste-’mōtoana. Khanyetso ea pele e simolohile Bluefields, e leng toropo e Lebōpong la Caribbean moo baromuoa ba babeli ba neng ba abetsoe teng. Maemo a ile a mpefala ka la 17 October, 1952, ha ho ntšoa taelo ea lekhotla khahlanong le Lipaki Tsa Jehova. Taelo ena e ileng ea tekeneloa ke ofisiri ea Lefapha la Tjako e neng e thibela mosebetsi oa Lipaki e ne e hlohlelelitsoe ke baruti ba K’hatholike.
Baromuoa ba Bluefields, León, Jinotepe le Managua ba ile ba bolelloa taelo ena. Boipiletso bo ileng ba etsoa ho ba boholong—ho akarelletsa le mopresidente oa mehleng eo, Anastasio Somoza García—e ile ea e-ba ba lefeela. Barab’abo rōna ba ile ba qala ho kopana ka lihlopha tse nyenyane, mosebetsi oa ho tsamaisa limakasine seterateng o ile oa khaotsa, ’me lingoliloeng tsa lekala tsa isoa libakeng tse sireletsehileng. Lira tsa rōna tsa bolumeli li ne li atlehile ho thibela mosebetsi ka ho etselletsa Lipaki Tsa Jehova ka hore ke Makomonisi. Ho ile ha batloa ’muelli oa molao e le hore ho ka ipiletsoa Lekhotleng le ka Holimo-limo la Toka khahlanong le qeto eo.
Le hoja barab’abo rōna ba bang ba ile ba inehela tšabong ea batho, bongata bo ile ba ema bo tiile. Kaha baromuoa ba ne ba hōlile moeeng ba bile ba se na tšabo, ba ile ba matlafatsa barab’abo rōna ba sebakeng seo, ba ileng ba tsoela pele ho bolela le ho bokana hammoho e le ha ba ikokobeletsa Lentsoe la Molimo. (Lik. 1:8; 5:29; Baheb. 10:24, 25) Ka la 9 June, 1953—ka mor’a hore thibelo e sebetse likhoeli tse robeli feela—lekhotla le ka holimo-limo le ile la tsebahatsa qeto ea lona e tšehetsang Lipaki Tsa Jehova, e emelang tokelo ea motheo ea ho rapela le ho bua ka bolokolohi. ’Momori ona o ile oa hlōleha ka hohle-hohle.
Liphephetso Tsa Baromuoa ba Pele
Baromuoa ba pele ha baa ka ba hanyetsoa ke baruti feela. Nahana ka mohlala oa Sydney le Phyllis Porter, ba fumaneng mangolo a bona sehlopheng sa bo12 sa Gileade. Ha ba fihla Nicaragua ka July 1949, Sydney o ile a khetheloa ho sebeletsa e le molebeli oa potoloho naheng eohle. O hlalosa hore na mosebetsi oa potoloho o ne o le joang mehleng eo. “Re ne re palama libese le literene. Hangata ho ne ho se na barab’abo rōna bao re ka fihlelang ha bona, kahoo re ne re inkela mealo ea rōna le setofo se senyenyane bakeng sa ho belisa metsi le ho pheha. Hangata re ne re e-ba sieo lekaleng libeke tse leshome lekhetlo ka leng. Leha ho le joalo, tšimo e ne e hlahisa litholoana hoo ho neng ho le thata ho hlokomela batho ba thahasellang libakeng tse ling. Ka mohlala, hamorao ha re etela potoloho ea Managua, Phyllis o ne a khanna lithuto tsa Bibele tse 16! O ne a fumana nako hokae? O ne a khanna lithuto tsa hae matsatsing ao re neng re sa potolohe ka ’ona le mantsiboeeng ao ho sa tšoaroeng liboka ka ’ona.” Baromuoa bao ba pele ba ne ba itetse hakaakang!
Doris Niehoff, ea ileng a fihla ka 1957, o bolela sena ka maikutlo a hae a pele: “E ne e le bofelong ba March, nakong ea selemo eo le baletseng ka eona, kahoo naha e ne e le putsoa. Ka nako eo ho ne ho se na likoloi tse ngata; ho e-na le hoo, motho e mong le e mong o ne a palama pere—’me a nka sethunya! Ho ne ho tšoana le ho ba sethaleng sa baesekopo ea Ma-cowboy. Mehleng eo, batho ba bangata ba ne ba ruile kapa ba futsanehile, ’me bongata ba bona bo ne bo futsanehile. Ho ileng ha mpefatsa boemo le ho feta, Nicaragua le Honduras li ne li tseka naha, ’me likhoeli tse tšeletseng pele ke fihla, Mopresidente Somoza García o ile a fenethoa ’me naha ea oela tlas’a puso ea sesole.”
Doris o tsoela pele: “Ke ne ke abetsoe motseng oa León, moo ho nang le univesithi. Kaha ke ne ke sa tsebe Sepanishe hantle, bana ba sekolo ba ne ba rata ho bapala ka ’na. Ka mohlala, ha ke ne ke kōpa ho khutlela ho bana ba bang ba sekolo ho buisana le bona ka Bibele, ba ne ba lumela empa ba tšeha ha ba mpolella ‘mabitso’ a bona. E mong o ile a ithehella ka ’molai oa mopresidente, ’me e mong a ithehella ka sekhukhuni se tummeng hampe! Kea ipotsa hore na ho tlile joang hore ke se ke ka kenngoa teronkong ha ke khutla ke tlil’o batla bana ba sekolo ba neng ba mphile mabitso ao!”
Puisano le Mobishopo oa Matagalpa
Motse oa Matagalpa o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 130 ka leboea ho Managua, ’me o pota-potiloe ke lithaba tsa sebaka seo ho lengoang kofi ho sona. Ka 1957 baromuoa ba bane ba ile ba abeloa moo. Agustín Sequeira, moprofesa oa mehleng oa mathematics kolecheng e taolong ea baitlami ba Josephine, o hopola boemo ba bolumeli bo neng bo le teng Matagalpa ka nako eo. O re: “Batho ba bangata e ne e le Mak’hatholike ’me ba tšaba baprista haholo-holo mobishopo. O ne a emetse e mong oa bana ba ka ha a kolobetsoa.”
Boemo bona bo ne bo thatafaletsa lekala ho fumanela baromuoa sebaka sa bolulo. Ka mohlala, ha ofisi ea lekala e lokisetsa ho hiroa ha ntlo, e ile ea tsebisa mong’a eona, eo e neng e le ’muelli oa molao, hore baromuoa ba tla tšoarela liboka tsa Bokreste moo. A re: “Ha ho bothata.”
Ha a hlalosa se ileng sa etsahala hamorao, Doris Niehoff o re: “Letsatsing leo ka lona re neng re fihla re nkile thepa ea ntlo, mong’a eona o ne a bonahala a tšoenyehile. A re o re romeletse thelekramo a re tsebisa hore re se ke ra tla. Hobane’ng? Mobishopo o ile a mo tšosa ka hore haeba a re hirisetsa ntlo, mora oa hae a ke ke a kena sekolo sa K’hatholike. Ka lehlohonolo re ne re sa ka ra fumana thelekramo eo re se re bile re lefile rente ea khoeli eo.”
Doris oa phaella: “Khoeling eo re ile ra fumanela ntlo e ’ngoe thateng. Ha mobishopo a leka ho qobella mohoebi eo ea sebete e leng mong’a ntlo, o ile a araba: ‘Haeba u tla ntefa li-cordoba tse makholo a mane ka khoeli, ke tla ba leleka.’ Ka sebele, mobishopo ha aa ka a mo lefa. Leha ho le joalo, ha aa ka a nyahama, eaba o ea mabenkeleng ’ohle ’me o beha li-poster tse lemosang batho hore ba se ke ba bua le Lipaki Tsa Jehova. A ba a bolella beng ba mabenkele hore ba se ke ba re rekisetsa letho.”
Ho sa tsotellehe cheseho ea baromuoa, ha ho le ea mong Matagalpa ea neng a thahasella ho emela ’nete ea Bibele. Leha ho le joalo, Agustín, moprofesa oa mathematics, o ne a e-na le lipotso tse ngata tse hlokang likarabo. Ka mohlala, o ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha liphiramide li ntse li le teng ha bo-Faro ba li hahileng bona e le khale ba shoele! O sa ntse a hopola ka ho hlaka ha moromuoa a mo etela ’me a araba lipotso tsa hae ka Bibele. Agustín oa hlalosa: “Ke ile ka khahloa ke mangolo a bontšang hore motho ha aa bōpeloa ho shoa, empa o bōpetsoe ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise le hore bafu ba tla tsosoa. Ke ile ka lemoha hang-hang hore ena ke ’nete.” Agustín o ile a arabela joang? Agustín o re: “Ke ile ka qala ho bolella e mong le e mong kolecheng eo ke neng ke ruta ho eona, ho akarelletsa le hlooho ea sekolo, eo e neng e le moitlami. Eaba o re ke mo etele ka Sontaha re tl’o buisana ka ‘bofelo ba lefatše.’ Ke ile ka makala ha ke fihla moo ke fumana hore mobishopo oa Matagalpa o nkemetse.”
O ile a re: “Motsoall’a ka, ke utloa ba re u felloa ke tumelo.”
Ka araba: “’Na ke felloa ke tumelo? Nkile ka ba le tumelo ’na? Ke hona ke ithutang ho ba le tumelo ea ’nete.”
Eaba ke ho qala ha puisano ea lihora tse tharo moo moitlami a ntseng a mametse. Ka linako tse ling cheseho ea Agustín bakeng sa tumelo ea hae e ncha e ile ea mo susumelletsa ho bua puo-phara. O bile a re tumelo eo e seng ea Bokreste ea hore moea oa motho ha o shoe ke ho ja batho chelete ka bolotsana. E le ho hlakisetsa mobishopo taba, Agustín a re: “Ka mohlala, ha re re ’Mè o shoele. Ka tloaelo ke tla tla ho uena hore u mo etsetse ’Misa hobane moea oa hae o le pelekatoring. Ua ntefisa bakeng sa tšebeletso eo. Ka mor’a matsatsi a robeli, ke ’Misa o mong hape. Ka mor’a selemo, ke o mong hape, joalo-joalo. Empa, ha ho mohla u reng ho ’na: ‘Motsoall’a ka, ha ke sa tla etsa ’Misa kaha moea oa ’mè oa hao o se o tsoile pelekatori.’”
Mobishopo a re: “Ooh! Hobane ke Molimo feela ea tsebang hore na o tsoa neng!”
Agustín a araba: “Joale u tsebile joang ha o kena e le hore u qale ho ntefisa?”
Ha puisano e ntse e tsoela pele Agustín o ile a qotsa temana e ’ngoe hape ea Bibele, moitlami a re ho mobishopo: “Bona Monghali! O sebelisa Bibele esele; ea Lutere!”
Mobishopo a araba: “Che, eo ke Bibele eo ke mo fileng eona.”
Ha puisano e ntse e tsoela pele, Agustín o ile a makatsoa ke ho utloa mobishopo a re motho ha aa lokela ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Bibeleng. Agustín o re: “Ka mor’a puisano eo ke ne ke kholisehile hore baruti ba Bokreste-’mōtoana, joaloka baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu, ba rata lineano tsa kereke ho feta Lentsoe la Molimo.”
Mohoeletsi oa pele Matagalpa e bile Agustín Sequeira ea kolobelitsoeng ka February 1962. O ile a hatela pele moeeng, hamorao ea e-ba pula-maliboho, ea ntan’o ba moholo, ’me ho tloha ka 1991 ea e-ba setho sa Komiti ea Lekala la Nicaragua. Selemong sa tšebeletso sa 2002, Matagalpa e ne e e-na le liphutheho tse tsoelang pele tseo ka bobeli li neng li e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 153.
Bo-pula-maliboho ba Khethehileng ba sa Khathaleng
Ba bangata ba ileng ba amohela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ba ile ba susumelletseha ho atolosa tšebeletso ea bona ka ho kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho. Ba bang ba bona ke Gilberto Solís; mosali oa hae, María Cecilia; le khaitseli ea hae, María Elsa. Ka boraro ba bona ba ile ba kolobetsoa ka 1961, ’me lilemo tse ’nè ka mor’a moo ea e-ba thimi e atlehang ea bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ba le bararo ba ile ba theha kapa ba matlafatsa liphutheho tse robong tse sa tšoaneng likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Sebaka se seng seo ba ileng ba abeloa ho sebetsa ho sona ke Sehlekehleke sa Ometepe se Letšeng la Nicaragua.
Ometepe e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 276 ’me e bile teng ka lebaka la ho foqoha ha seretse se chesang lithabeng tse peli, e ’ngoe ea tsona e bophahamo ba limithara tse 1 600. Ha motho a shebile lithaba tsena a le sebakeng se phahameng li bonahala li e-na le mokhamo bohareng. Ho tloha ka matjeke, bo-pula-maliboho bana ba bararo ba ne ba palama bese ho fihlela moo ba ka khonang ha ba il’o sebetsa Ometepe ebe ba tsamaea ka maoto—hangata ba sa roala lieta—ho sika le lebōpo le tletseng lehlabathe ho ea metseng e mengata ea sehlekehleke seo. Ka likhoeli tse 18, ba ile ba hlophisa lihlopha tse ka thōko tsa liithuti tsa Bibele ho pholletsa le Ometepe, se seholo ka ho fetisisa se ne se le Los Hatillos.
Nakong e fetileng, bahoeletsi ba bangata ba bacha ba Los Hatillos ba ne ba iphelisa ka ho lema koae, empa joale matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele a ne a se a sa ba lumelle ho etsa mosebetsi oo. Ka hona ba bangata ba ile ba iphelisa ka ho tšoasa litlhapi le hoja ba ne ba sa fumane chelete e kaalo. Lelapa la ha Solís le ile la thaba hakaakang ha le bona tumelo e kaalo, ho phaella bopaking bo bong bo bongata ba hore Jehova o hlohonolofatsa tšebeletso ea bona ka ho enneng! Ha e le hantle, kapele palo ea bahoeletsi sebakeng seo e ile ea fihla ho 32, e leng se ileng sa etsa hore ho hlokahale Holo ea ’Muso. E mong oa bahoeletsi ba bacha, e leng Alfonso Alemán, o ne a lema mahapu ’me ka mosa a fana ka karolo ea setša seo bakeng sa ho haha holo. Empa bahoeletsi ba Los Hatillos ba ne ba tla fumana chelete ea ho haha hokae?
Gilberto Solís o ile a hlophisa baithaopi hore ba jale peō ea mahapu, eo ba e filoeng ke Mor’abo rōna Alemán, setšeng seo ba se filoeng. Gilberto o ile a khothalletsa sehlopha sena ho hlokomela “mahapu ana a Jehova,” ’me a beha mohlala ka ho sebetsa ka thata. María Elsa, mosali ea se nang ’mele empa a le matla, o hlalosa kamoo sehlopha sena se senyenyane sa bahoeletsi se ileng sa hlokomela mahapu ao. O re: “Re ne re tsoha ka matjeke, ho sa le lefifi, ’me re nosetsa tšimo. Re ile ra ba le chai hararo. A tšela Letša la Nicaragua ka seketsoana sa hae, Mor’abo rōna Alemán o ne a isa mahapu Granada moo a neng a a rekisa teng ’me a reka thepa ea mohaho. Ke kamoo Holo ea ’Muso ea Los Hatillos e ileng ea hahoa kateng, ’me ke ka lebaka leo mor’eso a ileng a re ke holo e nyenyane e hahiloeng ka mahapu.” Ho tloha qalong eo e nyenyane, hona joale Sehlekehleke sa Ometepe se na le liphutheho tse tharo tse tsoelang pele.
Boikokobetso, boikutlo bo nepahetseng le ho tšepa Jehova ka ho feletseng tseo Gilberto, mosali oa hae le khaitseli ea hae ba ileng ba li bontša li ile tsa ama lipelo tsa batho ba bangata. Gilberto o ne a tloaetse ho re: “Re lokela ho nka ba bacha e le manamane. Le hoja ba khahlisa, ba sa ntse ba fokola. Le ka mohla re se ke ra halefisoa ke mefokolo ea bona, ho e-na le hoo re ba thuse hore ba be matla.” Ha ho pelaelo hore boikutlo bona bo lerato bo thusitse bo-pula-maliboho bana ba bararo ba behang mohlala ho thusa batho ba 265 hore ba inehele le ho kolobetsoa! Mosali oa Gilberto o shoele a tšepahala, ’me kaha Gilberto o se a le lilemo li 83, bophelo ba hae bo se bo fokola haholo. Leha ho le joalo, takatso ea hae ea ho sebeletsa Jehova e matla ho feta leha e le neng pele. Ha e le María Elsa, haufinyane ha a ne a botsoa hore na o ikutloa joang ka mor’a lilemo tse 36 e le pula-maliboho, o ile a araba a re: “Joaloka mohla ke qalang! Ke thabile ’me ke leboha Jehova kamehla bakeng sa ho re tlisa mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng o halalelang le ho re fa sebakanyana paradeiseng ena e ntlehali ea moea.” Ho theosa le lilemo, bo-pula-maliboho ba bangata ba sebetsang ka thata, ba kang lelapa la ha Solís, ba bone litholoana tsa ’Muso Nicaragua, ka lebaka la tlhohonolofatso e enneng ea Jehova.
Tšisinyeho ea Lefatše ea 1972 Managua
Ka mor’a khitla ka la 23 December, 1972, Managua e ile ea e-ba le tšisinyeho ea lefatše ea tekanyo ea 6,25 sekaleng sa Richter, e leng eo matla a eona a lekanang le a libomo tsa athomo tse 50. Ofisi ea lekala e ne e le ka bochabela ho Managua, e leng bohōle ba literata tse 18 feela ho tloha khubung ea tšisinyeho ea lefatše. Levi Elwood Witherspoon, eo e neng e le molebeli oa lekala ka nako eo, o re: “Baromuoa bohle ba ne ba robetse. Ha tšisinyeho e emisa, re ile ra potlakela ka ntle har’a seterata. Eaba ho latela litšisinyeho tse peli tse nyenyane. Matlo a re potolohileng a oa. Hohle motseng ho ne ho tletse lerōle, ’me setsi sa khoebo se ne se tuka malakabe.”
Khubu ea tšisinyeho ea lefatše e ne e le ka tlas’a setsi sa khoebo hantle, ’me ka metsotsoana e 30 feela, Managua e ile ea hloka baahi. Baphonyohi ba ile ba fata tsela ea ho tsoa lerōleng le maloanlahleng, ba loanela ho hema. Ba bangata ha baa ka ba pholoha. Le hoja ho hakanngoa hore palo ea batho ba shoeleng e feta 12 000, palo e nepahetseng ha e tsejoe. Hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea matlo a Managua e ile ea heleha, eaba batho ba ka bang 250 000 ba hloka mahae. Matsatsi a mararo ka mor’a tšisinyeho ea lefatše, batho ba ka bang 100 000 ka letsatsi ba ile ba baleha motseng.
Lerato la Bokreste ke Mohloli oa Thuso
Motšehare o moholo letsatsing lona leo, ofisi ea lekala e ne e fumane tlaleho e feletseng e tsoang ho balebeli ba liphutheho ba Managua. Bara bana babo rōna ba tšepahalang ba ile ba sebetsa hammoho ka potlako le ka tumellano ’me ba ne ba se ba hlotse setho se seng le se seng sa phutheho ho tiisa hore na se hloka eng. Hoa thabisa hore ebe ha ho na motho ea ileng a shoa har’a Lipaki tse fetang 1 000 motseng oo, empa tse fetang karolo ea 80 lekholong li ne li senyehetsoe ke matlo.
Lerato la Bokreste le ile la susumelletsa batho ba Jehova ba linaheng tsa boahelani ho phallela barab’abo bona, ’me pele ho feta lihora tse 22 ka mor’a tšisinyeho, ho ile ha fihla literaka tse nkileng lijo, metsi, meriana le liaparo lekaleng. Ha e le hantle lekala e bile lona la pele le ileng la tlisa liphallelo. Ho phaella moo, baithaopi ba bangata ba ile ba tšolohela moo ba tsoa liphuthehong tse sa tšoaneng tsa Nicaragua, ’me ntle ho tšenyo ea nako bohle ba ne ba se ba ntse ba hlophisa liaparo, ba paka lijo ’me ba li romela. Ho ile ha ba ha amoheloa liphallelo tse tsoang ho Lipaki tse linaheng tse hōle tsa lefatše.
Letsatsi ka mor’a tšisinyeho, molebeli oa lekala o ile a kopana le baemeli ba tsoang makaleng a Costa Rica, El Salvador le Honduras e le ho hlophisa thuso e eketsehileng. Ka lerato Lipaki tsa Nicaragua tse lulang ka thōko ho Managua li ile tsa amohela barab’abo rōna ba ileng ba lokela ho tloha motse-moholo. Lipaki tse setseng li ile tsa aroloa ka lihlopha bakeng sa liboka tsa Bokreste le tšebeletso ea tšimo. Molebeli oa potoloho o ile a etela lihlopha tsena ka morero oa ho li khothatsa le ho li tlisetsa liphallelo.
Ka lebaka la tšisinyeho ena, moruo oa naha eohle o ile oa thefuleha. Leha ho le joalo, le hoja bophelo bo ile ba thatafala, kaho ea Liholo Tsa ’Muso le matlo a barab’abo rōna e ile ea tsoela pele. Ho phaella moo, liphutheho li ile tsa tlala batho ba bangata ba thahasellang. Ho hlakile hore Jehova o ile a khahlisoa ke batho ba hae ha ba ntse ba etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele bophelong ba bona.—Mat. 6:33.
Buka ea Selemo ea 1975 (ea Senyesemane) e ile ea tlaleha: “Boholo ba liphutheho tse leshome le metso e mene tsa Managua li sa ntse li kopanela mehahong e tletleraneng kapa maphepheng a masenke. Ho thahasellisang ke hore palo ea ba bang teng libokeng e imenne habeli ho tloha selemong se fetileng. Barab’abo rōna ba bile le keketseho ea karolo ea 20 lekholong ka holimo ho karolelano ea bahoeletsi ea selemong se fetileng. Hona joale ho na le ba 2 689 ba bolellang ba bang ’nete, ’me ho ile ha kolobetsoa ba 417.”
Keketseho ena e sa khaotseng e ile ea etsa hore lekala la khale le be lenyenyane. Kahoo u ka inahanela hore na bahoeletsi ba ile ba thaba hakaakang ha ho ne ho phethoa ofisi e ncha ea lekala le lehae la baromuoa ka December 1974—lilemo tse peli feela ka mor’a tšisinyeho eo e khōlō! Lekala le lecha le ne le le seterateng se khutsitseng se bitsoang El Raizón lik’hilomithara tse 16 ka boroa ho toropo ea Managua.
Baromuoa ba Beha Mohlala oa Lerato le Bonngoe
Esale bara ba babeli ba Wallace ba fihla ka 1945, baromuoa ba Nicaragua e bile mehlala e metle ea tumelo, mamello le ho rata batho. Litšobotsi tseo tse ntle li ile tsa etsa hore baromuoa ba atamelane ka bobona ’me ba atamelane le barab’abo rōna ba sebakeng seo. Moromuoa ea bitsoang Kenneth Brian o re: “Ka mor’a tšisinyeho ea Managua, re ile ra thusa lekaleng, ra ntša barab’abo rōna ha bona ’me ra ba thusa ho pata beng ka bona ba shoeleng. Ho sebetsa hammoho tlas’a maemo ao ho etsa hore le atamelane haufi.” Ha Marguerite Moore (eo pele e neng e le oa ha Foster) a bua ka baromuoa-’moho le eena, o re: “Le hoja re ne re le merabe e sa tšoaneng le limelo tsa rōna li sa tšoane ’me re e-na le botho bo sa tšoaneng, moea oa bonngoe ba lelapa o ile oa re thusa hore re lule re thabile kabelong ea rōna, ho sa tsotellehe mefokolo ea rōna.”
Kenneth le Sharan Brian bao e leng baromuoa ba nka e le tokelo e khethehileng hore ebe ba ruile molemo mehlaleng ea baromuoa ba nang le phihlelo, ba kang Francis le Angeline Wallace, Sydney le Phyllis Porter le Emily Hardin. Sharan oa hopola: “Bohle ba ne ba sebetsa ka thata ’me ho ne ho totobetse hore ba rata mosebetsi oa bona.”
Ho theosa le lilemo, banyalani ba bangata ba baromuoa ba ne ba etsa mosebetsi oa ho potoloha. Ka sebele motheo o tiileng o ileng oa raloa ke baromuoa o ile oa tlatsetsa khōlong ea moea Nicaragua ho theosa le lilemo tse qalang tse 30 tsa mosebetsi sebakeng seo. Leha ho le joalo, mohaho oo oa moea o ne o le haufi le ho lekoa, eseng ke tšisinyeho e ’ngoe ea lefatše, empa ke ho hong ho tšoarellang le ho kotsi moeeng—bochaba le phetohelo.—1 Bakor. 3:12, 13.
Ho Lekoa ka Malakabe a Phetohelo ea Lipolotiki
Ho ella qetellong ea 1970, phetohelo ea lipolotiki e neng e hlohlelelitsoe ke Lebotho la Sechaba la Tokoloho la Sandinista (FSLN, ka Sepanishe) e ile ea e-ja setsi Nicaragua. E ile ea fella ka ho ketoloa ha ’muso oa sesole o busitseng naha ena ka lilemo tse 42. Ha a bua ka nako eo, Ruby Block, eo e bileng moromuoa Nicaragua ka lilemo tse 15, o re: “Lilemo tseo tsa ho tota ha liphatlalatso tsa bohata tsa lipolotiki li ile tsa etsa hore motho e mong le e mong a tlale tšabo. Ho ne ho tloaelehile hore ho be le liqhoebeshano tse mabifi lipakeng tsa sesole le litho tsa Sandinista. E le hore re tsoele pele ka tšebeletso ea rōna, re ne re lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng.”
Kaha Lipaki Tsa Jehova li ne li sa jele paate litabeng tsa lipolotiki, li ne li atisa ho qosoa ke batšehetsi ba Sandinista ka hore ke lihloela tsa ’muso oa Somoza kapa tsa Central Intelligence Agency (CIA) ea Amerika. Ho ile ha boela ha tsoha moea oa ho hloea batho ba linaha tse ling. Ka mohlala, ha Elfriede Urban eo e leng moromuoa a ne a le tšebeletsong, monna e mong o ile a mo qosa ka hore ke sehloela. O ile a re: “U bolela’ng? Ha kea nka k’hamera kapa mochine o theipang. Ho feta moo nka hloela eng kapa mang motseng oo?”
O ile a araba: “U koetlisitsoe hantle hoo mahlo a hao e leng k’hamera ’me litsebe tsa hao le boko e leng mochine o theipang.”
Lepetjo le neng le tloaelehile literateng tsa Managua mehleng eo e ne e le le reng: “Bokreste le phetohelo ke ntho e le ’ngoe!” Maikutlo a neng a tloaelehile Latin America ka bo-1970, e ne e le a thuto ea bolumeli ea tokoloho, e leng pono e neng e buelloa ke lequloana la Marx Kerekeng ea Roma e K’hatholike. Ho ea ka The Encyclopædia Britannica, sepheo sa thuto ena ea bolumeli ea tokoloho e ne e le ho thusa “mafutsana le ba hateletsoeng ka hore [bolumeli] bo itšunya-tšunye litabeng tsa lipolotiki le tsa sechaba.”
Ruby Block oa hopola: “Potso eo batho ba neng ba atisa ho re botsa eona ke e reng, ‘Le re’ng ka phetohelo?’ Re ne re ba bolella hore tharollo e le ’ngoe feela ea mathata a batho ke ’Muso oa Molimo.” Ho ne ho le thata hore motho a lule a tšepahala ho Jehova boemong boo ba ho hloka botsitso lipolotiking. Ruby oa phaella: “Ke ne ke rapela Jehova kamehla hore a mphe matla a ho lula ke sa jele paate, eseng lipuong tsa ka feela, empa le kelellong le pelong.”
Ka mor’a likhoeli tse ngata tsa merusu, ka May 1979 FSLN e ile ea liha ’muso. Mopresidente Somoza Debayle o ile a lelekeloa ka ntle ho naha, ’me Lebotho la hae la Sesole la qhaloa. Ka July selemong sona seo, lekhotla le lecha la nakoana la ’Muso oa Tsosoloso ea Sechaba le ile la qala ho busa. Ho hakanngoa hore baahi ba 50 000 ba Nicaragua ba ile ba shoa nakong ea phetohelo ena.
Ho ile ha etsahala’ng ka barab’abo rōna? Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso (ea Senyesemane) ea October 1979 ho ile ha hlaha tsebiso ena e latelang: “Barab’abo rōna ba thabile ’me ba tsoela pele ho ea libokeng le ho etsa mosebetsi oa ho bolela le ho ruta. Nakong ena ea merusu, . . . ho shoele barab’abo rōna ba bararo. Ba bangata ba ne ba hloka bolulo, empa kaha bongata ba bona bo ne bo hirile, bothata bo ka sehloohong e bile ba ho utsuoa le ho senngoa ha thepa ea bona. Lipalangoang li ’maloa. Libese tse ngata li soahlamane, ke hona ho lokisoang litsela ’me peterole e fokola haholo.” Leha ho le joalo, liteko tse matla li larile ka pel’a batho ba Jehova.
Ho Tšoaroa le ho Lelekoa Naheng
Kapele ka mor’a moo ho ile ha totobala hore ’muso o mocha o nyatsa ho se jele paate ha Lipaki Tsa Jehova. Ka mohlala, Lefapha la Thepa e Tsoang le e Kenang ka Har’a Naha ha lea ka la hlola le re lumella ho fumana lingoliloeng tse tsoang ka ntle. Ho phaella moo, molao o entsoeng ka 1981 o ne o hloka hore mekhatlo eohle ea sechaba le ea bolumeli e ngolisoe ka molao. Barab’abo rōna ba ne ba tla thibeloa ho fihlela ba ngolisitsoe ka molao. Ka masoabi, likōpo tsa bona ha lia ka tsa arajoa.
Ka September 1981, Andrew le Miriam Reed ba ile ba tšoaroa ba le mosebetsing oa potoloho bohareng ba naha. Ba bile litlamong ka matsatsi a leshome literonkong tse fapaneng moo ba neng ba sotloa teng. Qetellong, ba ile ba isoa ntlo-khōlō ea sepolesa, moo ba ileng ba qeta boholo ba nako ba koaletsoe ka liphaposing tse fapaneng tsa teronko. Ba ne ba lula ba hlongoa lipotso, ka linako tse ling ho ne ho feta lihora tse ngata ba ntse ba hlongoa lipotso, ka morero oa hore ba fane ka mabitso a barab’abo rōna ba ikarabellang. Ka bobeli ba bona ba ile ba bolelloa hore molekane e mong o boletse hore ke sehloela sa CIA, leha ho le joalo lelapa la Reeds e ne e se baahi ba United States! Qetellong, ba ile ba bolelloa hore sohle se etsahetseng empa e le phoso. Le hoja ho se mohla ba ileng ba qosoa ka molao, ba ile ba lelekeloa Costa Rica. Leha ho le joalo, pele ba tsamaea, ba ile ba bolelloa hore ho se nke lihlomo ha Lipaki Tsa Jehova ke ntho e sa amoheleheng, le hore moahi e mong le e mong oa Nicaragua o lokela ho lula a loketse ho loanela naha ea habo.
Ka mokhoa o bohlale, Komiti ea Lekala e ile ea matlafatsa koetliso ea barab’abo rōna ba sebakeng seo e le hore ba ka ba boemong ba ho lebela mosebetsi haeba ho ka etsahala hore ofisi ea lekala e koaloe. Khabareng, ho ile ha e-ba le thupelo bakeng sa balebeli ba potoloho le batšehetsi ba bona, ha e-ba le lithuto tsa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso bakeng sa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba bangata le Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Leha ho le joalo, ho ne ho batla ho le boima ho lokisetsa likopano tse khōlō.
Ka mohlala, le hoja ba boholong motseng oa Masaya ba ne ba lumetse ha ho sebelisoa lebala la lipapali bakeng sa e ’ngoe ea Likopano Tsa Setereke Tsa “Botšepehi ’Musong” e neng e tla ba ka December 1981, ba ile ba roba tšepiso ea bona lihora tse 36 feela pele ho kopano. Qeto ena e ne e sa etsoa ke ramotse empa e ne e entsoe ke ’muso. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba lemosoa esale pele ka sena. Kahoo letsatsi pele ho kopano, ba ile ba kōpa morali’abo rōna e mong ea mosa hore ho sebelisoe polasi ea hae eo a ruetseng likhoho ho eona bakeng sa kopano. E ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse 8 ho tloha Managua. Baithaopi ba ile ba sebetsa bosiu bohle e le hore ba ka lokisa sebaka sena. Barab’abo rōna ba ka holimo ho 6 800 ba ile ba bolelloa ka sebaka sena se secha sa kopano.
Lekala Lea Koaloa
Ka Moqebelo oa la 20 March 1982, ka 6:40 hoseng, Ian Hunter o ne a ntse a phehela baromuoa-’moho le eena lijo tsa hoseng. Ka ntle, ho ile ha ema bese e tletseng balaoli ba ikarabellang bakeng sa ho fallisetsa batho ka ntle ho naha hammoho le masole a hlometseng ka merathatha. Masole a ile a lika-liketsa ofisi ea lekala le lehae la baromuoa. Ian o re: “Balaoli ba ile ba re motho e mong le e mong a pake sutuk’heise e le ’ngoe feela le mokotlana oa letsoho. Ha baa ka ba fana ka mabaka, empa sohle seo ba ileng ba se bua ke hore ba re isa ntlong eo re tla lula ho eona ka nakoana, ha ba ntse ba etsa lipatlisiso. Ka lenyele, Reiner Thompson, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala, o ile a kena ka ofising ’me a letsetsa mahaeeng a mang a baromuoa a ba bolella se etsahalang.”
Ruby Block oa hopola: “Seo ke ithutileng sona letsatsing leo, ke se hlileng se boleloang ke mantsoe a Pauluse a reng: ‘Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli . . . likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.’ (Bafil. 4:6, 7) Reiner Thompson o ile a re etsetsa thapelo lesole le hlometseng le shebeletse le le kichineng, ’me kaofela ha rōna re ile ra re ‘Amen’ e tlohang pelong. Ka mor’a moo, re ile ra khoba matšoafo, le hoja re ne re sa tsebe hore na ho tla etsahala eng letsatsing leo. Re ne re kholisehile hore ho sa tsotellehe se tla etsahala, Jehova o tla re fa matla a ho mamella. Ke tla lula ke hopola thuto eo le ho e nka e le ea bohlokoa.”
Mor’abo Hunter o hlalosa se ileng sa latela, o re: “Ba ile ba re palamisa bese ’me ba re isa polasing ea kofi e mahaeng. Ke ile ka hopotsa ba boholong hore kaha re naheng eo e seng ea habo rōna re na le tokelo ea ho bua le ofisi ea bonģosa ea habo rōna. Ba ile ba nkaraba ka hore boemo ba qomatsi bo phatlalalitsoeng qalong ea beke, bo tlositse litokelo tsohle tse joalo le hore hang ha re se re le ka ntle ho naha re ka bua le mang kapa mang eo re ratang ho bua le eena. Ka lekhetlo la pele ba ile ba lumela ka mokhoa o sa tobang hore re lelekoa Nicaragua.” Letsatsing leo, baromuoa ba robong ba lulang lekaleng ba ile ba isoa moeling oa Costa Rica ba arotsoe lihlopha.
Khabareng, baromuoa ba lulang mahaeng a mang a mabeli ba ile ba nka bohato ka potlako ka mor’a hore Mor’abo rōna Thompson a letse. Ka thuso ea barab’abo rōna ba sebakeng seo, ba ile ba balehisa thepa e ngata, ho akarelletsa le mochine oa khatiso, ’me ba phutha thepa ea bona e ngata. Ha liofisiri tsa lefapha la tjako li fihla, li ile tsa makala ha li fumana matlo ao a se a batla a omme ’me baromuoa ba ntse ba paka lisutuk’heisi tsa bona. Mantsiboeeng ao baromuoa ba leshome ba neng ba lula matlong ao a mabeli ba ile ba isoa boema-fofaneng. Phyllis Porter o re: “Ba ile ba re re batho ba sa batleng liphetoho, empa ha ho na motho ea ileng a hlahloba thōtō ea rōna. Le hoja re ne re se na litekete tsa sefofane, litekete tsa thōtō ea rōna li ne li bontša hore re lelekeloa Panama.” Baromuoa ba babeli feela ba neng ba setse ka har’a naha—e leng banyalani ba Brithani ba neng ba le tšebeletsong ea potoloho—ba ile ba lelekoa naheng ena ka mor’a likhoeli tse seng kae.
Ka mor’a matsatsi a seng makae, baromuoa ba ile ba boela ba kopana lekaleng la Costa Rica. Ha ba le moo Sehlopha se Busang se ile sa ba abela ho tsoela pele ka tšebetso ea bona linaheng tse haufi tse kang Belize, Ecuador, El Salvador le Honduras. Leha ho le joalo, Reiner le Jeanne Thompson le Ian Hunter ba ile ba sala Costa Rica ka nakoana e le hore ba ka lula ba buisana le barab’abo rōna bao ka nako eo ba neng ba okametse mosebetsi Nicaragua.
Barab’abo rōna ba Nicaragua ba ile ba tsoella joang? Mor’abo rōna Hunter o ile a tlaleha: “Ka mor’a ho llisoa ke litaba tsa ho lelekoa ha rōna, barab’abo rōna ba ratehang ba ntse ba tsoela pele. Litho tsa komiti ea naha tse sa tsoa khethoa li etella pele ka katleho, ’me re kholisehile hore li tla etsa mosebetsi o motle.” Félix Pedro Paiz, eo e bileng molebeli oa potoloho oa Nicaragua ka nako e telele, o hopola kamoo barab’abo rōna ba ileng ba ikutloa kateng ha baromuoa ba tsamaea: “Re ile ra utloa bohloko haholo. Ka sebele ba ne ba itetse ’me ba tšepahala. Mohlala oa bona o ile oa matlafatsa barab’abo rōna ’me oa rala motheo o tiileng oa mosebetsi naheng ena.”
Mosebetsi o ne o Behetsoe Meeli, Empa o sa Thibeloa
Ka linako tse ling mebuso e sitoa ho utloisisa lebaka leo ka lona Lipaki Tsa Jehova li sa jeleng paate lipolotiking, ntoeng le likhohlanong tsa lichaba. Hangata sena se etsa hore ho be le maikutlo a sa tšoaneng ka batho ba Molimo. Ka mohlala, tlas’a puso ea Somoza lilemong tsa bo-1950 le bo-1960, bahanyetsi ba ne ba ba qosa ka hore ke Makomonisi. Empa joale batšehetsi ba Sandinista ba nyatsa barab’abo rōna ka hore ke lihloela tsa CIA ea Amerika. Mecha ea phatlalatso le eona e ile ea ba tšehetsa, ea ba bitsa “batho ba sa batleng liphetoho.”
Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova ha lia ka tsa thibeloa, le hoja lipakeng tsa 1982 le 1990 tokoloho ea tsona ea borapeli e ne e behetsoe meeli. Ka mohlala, li ne li sitoa ho kenya lingoliloeng ka har’a naha. Ho ile ha etsoa tokisetso ea hore sohle seo li se etsang se behoe leihlo—ha e le hantle, sohle se etsoang ke batho ka kakaretso.
Re ne re Behiloe Leihlo ke Lihloela Tsa Motse
Buka ea boitsebiso Laebraring ea Congress e re: “Hang ka mor’a phetohelo FSLN e ile ea boela ea hlophisa lihlopha tse khōlō tsa mahata-’moho Nicaragua.” Lihlopha tsena li ne li akarelletsa basebetsi, mokhatlo oa basali, balisa ba likhomo, lihoai le balemi. Ho latela buka ena ea boitsebiso, “ka 1980, Manicaragua a 250 000 e ne e le litho tsa mekhatlo ea Sandinista.” Mekhatlo e matla ho ena e ne e le e nang le tsamaiso e kang ea Bokomonisi ea Likomiti Tsa Tšireletso Tsa Sandinista (Comités de Defensa Sandinista ka Sepanishe), kapa CDS. Buka ena e re kaha CDS e ne e entsoe ka likomiti tsa metse, e ne e bala batho seterateng se seng le se seng metseng, kahoo “e ne e tseba metsamao ea motho e mong le e mong.” E ne e le kofuto e atlehang e bokellang le ho aba boitsebiso bakeng sa ’muso.
Kapele mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa behoa leihlo, haholo-holo ka lebaka la letšolo la ho li senya lebitso. Batho ba neng ba belaelloa ka ho se batle liphetoho le “ho ba majela-thōko” ba ne ba qosoa joalo-joalo ke litho tsa motse tsa CDS ho balaoli ba Sandinista. Hangata batho bana ba ne ba tšoaroa ke manģosa a Lefapha la Tšireletso ea Naha, e leng sepolesa sa mautloela.
Mosebetsi o mong oa CDS e ne e le ho hlophisa bo-matjekelane. Batho feela ba tloaelehileng, banna le basali, ba ne ba kōptjoa hore ba hlokomele mesebetsi leha e le efe ea tlōlo ea molao kapa ea khanyetso metseng ea bona. Lipaki li ne li sa etse mosebetsi oo ebile li sa lumele hore liboka tsa beke le beke tsa CDS li tšoareloe mahaeng a tsona. Leha ho le joalo, li ne li lumela ho etsa mosebetsi o mong oa boithaopo, o kang ho hloekisa literata. Ho ntse ho le joalo, Lipaki li ne li talingoa e le tse chesehelang bolumeli ka ho feteletseng ebile e le tšokelo Naheng. Mor’abo rōna e mong o re: “Karolong e khōlō ea lilemo tseo tse leshome, mantsoe a reng: ‘Re u behile leihlo’ a ne a ngotsoe leboteng le ka pele la ntlo ea ka.”
Ba ne ba le Seli Empa ba le Sebete
Barab’abo rōna ba ne ba le seli ha ba e-ea libokeng tsa Bokreste le tšebeletsong hore ba se ke ba tsosa libata masene. Liboka li ne li tšoaroa ka lihlopha tse nyenyane moo batho ba ke keng ba hlokomela, mahaeng a batho kapa Liholong Tsa ’Muso tse se nang matšoao. Ho itšetlehile ka boemo ba motse ka mong, hangata barab’abo rōna ba ne ba sa bine lipina tsa ’Muso libokeng. Ha nako e ntse e ea, bahoeletsi ba ile ba ngola linomoro liforomong tse sa tšoaneng le litlalehong tse sebelisoang ke phutheho ho e-na le ho ngola mabitso a bona. Ho phaella moo, ba thahasellang ba ne ba sa mengoe libokeng ntle le haeba ba se ba qetile bonyane likhoeli tse tšeletseng ba ithuta ’me ba bontša hore ba tsoela pele moeeng.
Palo ea ba bang teng likopanong e ile ea fokotsoa, ’me lenaneo la khutsufatsoa. Likemiso tsa puo le boitsebiso bo bong li ile tsa romeloa phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe, moo baholo ba sebaka ka seng ba neng ba lokisetsa le ho fana ka tsona liphuthehong tsa bona ba thusoa ke bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang. Litho tsa komiti ea naha le balebeli ba tsamaeang ba ne ba e-ba teng likopanong tse ngata kamoo ho ka khonehang.
Libaka tsa likopano li ne li boleloa ka molomo, ’me ha ho kopano leha e le ’ngoe ho tsena e sa kang ea tšoaroa. Leha ho le joalo, libaka tse ling tsa kopano li ile tsa tlameha ho fetoloa motsotsong oa ho qetela. Ka mohlala, ka 1987 motseng o mong oa mahaeng, ho ile ha lokisetsoa kopano ea ba 300 ka mor’a ntlo ea mora e mong oabo rōna. Ka tšohanyetso, ho ile ha hlaha molaoli oa sesole le masole a hae. Molaoli enoa o ile a botsa: “Ho etsahala’ng moo?”
Kaha mor’abo rōna o ile a hlokomela ka lirifi tsa monna eo hore ke oa Lefapha la Tšireletso ea Naha, o ile a araba: “Re tlil’o ba le phathi.” Ka mor’a moo, molaoli eo o ile a tsamaea. Kaha bara le barali babo rōna ba ne ba kholisehile hore ba boholong baa ba belaella, ba ile ba qhaqha ntho e ’ngoe le e ’ngoe bosiung bona boo. Ka 5:00 hoseng, litulo, sethala le thepa ea ho pheha li ne li isitsoe sebakeng se seng se ka bang bohōle ba k’hilomithara le halofo. Ho ile ha sebelisoa bahlankana ba lebelo ho tsebisa barab’abo rōna sebaka se secha sa kopano. Neng-neng hoseng hoo, ho ile ha fihla teraka e tletseng masole sebakeng sa pele ka morero oa ho emisa kopano, ho qobella bacha ho kena tšebeletsong ea sesole le ho tšoara barab’abo rōna ba etellang pele. Empa ba ile ba fumana mong’a ntlo feela.
Molaoli enoa oa sesole o ile a botsa: “Athe batho ba ile kae?”
Mora enoa oabo rōna a araba: “E, re bile le phathi maobane bosiu, empa hona joale e felile.”
Molaoli enoa a botsa: “Le ne le sa tšoara kopano?”
Mor’abo rōna a re: “Ichebele. Ha ho letho mona.”
A sa khotsofala, molaoli enoa o ile a tsoela pele: “Litente tse neng li le moo maobane tsona li kae?”
Mor’abo rōna a boela a re: “Phathi e felile. Ba nkile ntho e ’ngoe le e ’ngoe ba tsamaea.”
Ka mor’a moo masole a itsamaela. Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba ne ba ntse ba thabela lenaneo la moea le matlafatsang sebakeng se seng.
Jesu o itse: “Bonang! Ke le romela le le joaloka linku har’a liphiri; ka hona le be seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo le hloke molato joaloka maeba.” (Mat. 10:16) Bahoeletsi ha baa ka ba ela mantsoe ana hloko tabeng ea liboka le likopano feela empa le tabeng ea tšebeletso ea tšimo. Kahoo, ba ile ba qoba ho sebetsa ka lihlopha tse khōlō empa ba sebetsa ka masene ka lihlopha tsa ba babeli tšimong eo ba e abetsoeng esale pele. Molebeli oa potoloho ea bitsoang Félix Pedro Paiz oa hlalosa: “Re ne re lokela ho ba hlokolosi. Re ne re nka Bibele feela. Letsatsi ka leng ke ne ke tsamaea le barab’abo rōna ba sa tšoaneng tšimong. Ha ke etetse liphutheho tse ling, ke ne ke ea thutong ea buka ea phutheho ka Labobeli mantsiboea, ke ea ho e ’ngoe ka Labone, ’me ke ea ho e ’ngoe ka Sontaha. Likarolong tse ling tsa naha, ho ne ho sa hlokahale hore re be seli hakaalo.”
Ho Amohuoa Thepa le ho Tšoaroa
Bosiung bo bong ka July 1982, mekhopi ea batho ba ka bang 100 ho ea ho ba fetang 500, e tsamaea le manģosa a Lefapha la Tšireletso ea Naha, e ile ea hlasela Liholo Tsa ’Muso likarolong tse sa tšoaneng tsa naha, ea li hapa “ka lebitso la sechaba.” Ka la 9 August pakeng tsa 7:00 le 9:00 mantsiboea, Liholo Tsa ’Muso tse ling tse hlano, Holo ea Kopano le mohaho oo pele e neng e le oa lekala o seterateng sa El Raizón le tsona li ile tsa hapuoa. Ka mor’a hore baromuoa ba lelekoe naheng ka March, barab’abo rōna ba tšeletseng ba Nicaragua le banyalani ba baromuoa ba setseng ba ile ba tsoela pele ho lula lekaleng e le hore ba ka hlokomela thepa. Leha ho le joalo, qetellong ba boholong, ba tšehelitsoe ke mokhopi o lerata, ba ile ba ba leleka, ba sa ba fe le nako ea ho phutha thepa ea bona.
’Muso o ile oa beha Liholo Tsa ’Muso tse hapuoeng tlas’a taolo ea CDS, tseo joale ho neng ho thoe ke “thepa ea sechaba.” Kamoo ho neng ho bonahala kateng, liholo tseo li ne li tlil’o sebelisetsoa merero ea sechaba. Qetellong, ho ile ha sebelisoa mehaho e 35 ho e 50 ntle ho tumello ea molao, le hoja ho se mohla e ileng ea hapuoa.
Har’a moea ona o matla oa bochaba, barab’abo rōna ba ikarabellang ba ne ba behiloe leihlo ba bile ba sokeloa. Ka mohlala, metseng e meng mekhopi ea CDS e ile ea hlekefetsa barab’abo rōna malapeng a bona ka lihora tse ngata, e hoeletsa liqoso le mapetjo a lipolotiki. Balaoli ba Lefapha la Tšireletso ea Naha ba ile ba phenya-phenya malapeng ba ba ba inkela thepa. Baholo ba bangata, ho akarelletsa le litho tsa komiti ea naha, ba ile ba tšoaroa ’me ba hlekefetsoa.
E mong oa baholo ba pele ba ileng ba tšoaroa ka tsela ena ke Joel Obregón, eo e neng e le molebeli oa potoloho ka nako eo. Ka la 23 July, 1982, manģosa a Lefapha la Tšireletso la Naha a ile a lika-liketsa ntlo eo eena le mosali oa hae, Nila, e neng e le baeti ho eona ’me ba ba tšoara. Nila o ile a lumelloa ho bona monna oa hae ka mor’a ho etsa boiteko bo matla ka libeke tse hlano, le hoja e ne e le ka metsotso e meraro feela ebile ho e-na le molebeli ea hlometseng. Ho ne ho hlakile hore Joel o ne a tšoeroe hampe, hobane Nila o ile a hlokomela hore o otile ’me o sitoa ho bua hantle. Lenģosa le leng la mo bolella: “Joel ha a batle ho sebelisana le rōna.”
Ka mor’a matsatsi a 90 a tšoeroe, qetellong Joel o ile a lokolloa—a theohile ’meleng ka lik’hilograma tse 20. Baholo ba likarolong tse ling tsa naha le bona ba ile ba tšoaroa, ba hlongoa lipotso, ba ntan’o lokolloa. Mohlala oa bona oa botšepehi o ile oa matlafatsa tumelo ea barab’abo bona hakaakang!—Bona lebokose le reng “Tšoaro e Mpe ea Sepolesa sa Mautloela,” leqepheng la 99-102.
Ho Qobelloa ho Ngolisetsa Sesole ho Leka Bacha ba Bakreste
Ka ho khetheha barab’abo rōna ba bacha ba ile ba angoa ke molao o ileng oa qala ho sebetsa ka 1983 oa ho qobelloa ho ngolisetsa sesole o tsejoang e le Tšebeletso ea Sesole ea Lerato la Naha. Banna ba pakeng tsa lilemo tse 17 le 26 ba ne ba qobelloa ka molao hore ba qete lilemo tse peli tšebeletsong ea sesole ’me ba qete tse ling tse peli ba koala likheo. Ha ba se ba kene sesoleng, ba ne ba isoa kampong ea sesole bakeng sa koetliso. Ho ne ho se na tokisetso ea hore motho a hane ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo; ea hanang, o ne a ba litlamong ha a ntse a letetse nyeoe ’me ka mor’a moo a ahloleloe ho hlola teronkong lilemo tse peli. Barab’abo rōna ba ile ba talimana le teko ena ka sebete, ba ikemiselitse ho lula ba tšepahala ho Jehova.
Ka mohlala, ka la 7 February 1985, Guillermo Ponce, ea lilemo li 20 oa pula-maliboho ea kamehla Managua, o ne a il’o khanna lithuto tsa Bibele ha a tla tšoaroa ke mapolesa. Kaha o ne a se na karete ea boitsebahatso ea sesole, o ile a isoa kampong ea koetliso ea sesole. Empa ho e-na le ho nka lihlomo, Guillermo a qala ho pakela bacha ba sa tsoa kena sesoleng. Ha e mong oa balaoli ba sesole a bona seo, o ile a halefa a re: “Hase kerekeng mona; ke kampong ea sesole. Ha u le mona u tla mamela rōna!” Guillermo o ile a araba ka ho qotsa mantsoe a Liketso 5:29 a reng: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” Molaoli eo ea halefileng, e leng mokoetlisi oa sesole oa Cuba, o ile a phamola Bibele ho eena ’me a mo sokela ka ho re: “Re tla kopana mantsiboea”—o ne a bolela hore Guillermo o tla sotloa kelellong ho fihlela a inehela.
Ka lehlohonolo, molaoli enoa ha aa ka a phetha tšokelo ea hae. Leha ho le joalo, ka mor’a matsatsi a mararo Guillermo o ile a isoa teronkong e ’ngoe moo a ileng a qeta likhoeli tse robong tlas’a maemo a boima. Ho ntse ho le joalo, o ile a tsoela pele ho bula maliboho, a khanna lithuto tsa Bibele le liboka teronkong. Hamorao nakong ena e thata, Guillermo o ile a tšehetsa komiti ea naha ka tsela ea bohlokoa.
Ho e-na le ho kenngoa teronkong, barab’abo rōna ba bang ba ile ba qobelloa ho ea lithabeng hore ba kene sesoleng se bitsoang Mabotho a Ntoa a Tšohanyetso. Lebotho ka leng le ne le e-na le lihlopha tse hlano kapa tse tšeletseng tsa banna ba 80 ho ea ho 90 ba koetliselitsoeng ntoa likhoeng tsa lithaba, moo ntoa e neng e kupa khahlanong le lingangele (likhukhuni tse khahlanong le batšehetsi ba Sandinista). Le hoja barab’abo rōna ba ne ba hana ho apara junifomo ea sesole le ho nka lihlomo, ba ile ba qobelloa ho ea lepatlelong la ntoa, ba bile ba ntse ba hlekefetsoa le ho hlapaoloa.
Giovanni Gaitán ea lilemo li 18 o ile a mamella tšoaro e joalo. Ho ile ha etsoa boiteko ba ho qobella Giovanni ho kena sesoleng pejana ho kopano ea setereke ea December 1984, eo a neng a rerile ho kolobetsoa ho eona. O ile a isoa kampong ea koetliso ea sesole moo ka matsatsi a 45 masole a ileng a leka ho mo qobella ho ithuta ho sebelisa sethunya le ho loana sekhoeng. Empa tumellanong le letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele Giovanni o ile a hana ho “ithuta ntoa.” (Esa. 2:4) Ha aa ka a apara junifomo ea sesole leha e le ho nka lihlomo. Leha ho le joalo, o ile a qobelloa ho hoanta le masole ka likhoeli tse 27 tse latelang.
Giovanni o re: “Ke ile ka ipoloka ke le matla ka ho rapela ke sa phetse, ke nahanisisa ka seo ke ithutileng sona nakong e fetileng le ho pakela masole leha e le afe a bontšang thahasello. Hangata ke ne ke hopola mantsoe a mopesaleme a reng: ‘Ke tla phahamisetsa mahlo a ka lithabeng. Thuso ea ka e tla tsoa hokae? Thuso ea ka e tsoa ho Jehova, Moetsi oa leholimo le lefatše. A ke ke a lumella leoto la hao hore le therekele. Ea u lebelang a ke ke a otsela.’”—Pes. 121:1-3; 1 Bathes. 5:17.
Le hoja Giovanni a ile a qobelloa ho ea lebaleng la ntoa ka makhetlo a 40 a sa tšoaneng, o ile a pholoha a sa lemala. Ka mor’a hore a lokolloe, o ile a kolobetsoa ka la 27 March, 1987, ’me kapele ka mor’a moo a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Barab’abo rōna ba bangata ba bacha ba bile le liphihlelo tse tšoanang.—Bona lebokose le reng “Ba Qobelloa ho ea Mabaleng a Ntoa,” leqepheng la 105-6.
Ho Sireletsa Boemo ba ho se Jele Paate
Mecha ea litaba e laoloang ke ’muso, hammoho le CDS, e ile ea etselletsa Lipaki Tsa Jehova ka hore li sebelisa tšebeletso ea ntlo le ntlo ho etsa letšolo khahlanong le Tšebeletso ea Sesole ea Lerato la Naha. Ho ne ho thoe Lipaki li beha tšireletso ea naha kotsing ka ho susumelletsa bacha ba Nicaragua ho hana tšebeletso ea sesole. Le hoja liqoso tsena li ne li se na motheo, li ne li phetoa hangata hoo li neng li etsa hore bachochisi le baahloli ba be leeme. Ho ileng ha mpefatsa lintho le ho feta, ke hore baeta-pele ba likereke tse hlaheletseng tsa Evangeli, ba neng ba bolela hore ba tšehetsa phetohelo le bona ba ile ba qosa ba sa jeleng paate ka mabaka a bolumeli, ka hore ke “lira tsa sechaba.”
Paki e ’ngoe ea ’muelli oa molao e ile ea sebetsana le linyeoe tsa boipiletso tsa barab’abo rōna ba bacha ba 25 ba neng ba ahloletsoe ho hlola lilemo tse peli teronkong ka lebaka la ho hana tšebeletso ea sesole. Kaha ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli ho ne ho sa lumelloa ka molao, sepheo sa boipiletso bona e ne e le hore ba fokoletsoe nako ea kahlolo, ka lebaka la boitšoaro bo botle ba baqosuoa, hore ebe ha ba na tlaleho ea hore ba tlōtse molao le hore ebe ha baa hana ho tšoaroa. Ka lebaka leo, nako ea likahlolo tse ling e ile ea fokotsoa ka likhoeli tse 6 ho ea ho tse 18.
Julio Bendaña o re: “Hoa thahasellisa ho tseba hore ntle ho Lipaki Tsa Jehova, ha ho na mocha leha a le mong ea ileng a hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la bolumeli. Ke ile ka ba motlotlo ho bona barab’abo rōna ba lilemo li 17 ba sireletsa ho se jele paate ha bona ka kholiseho e tiileng ka pel’a moahloli le mochochisi oa sesole ba ntse ba pota-potiloe ke bahanyetsi ba shebeletseng.”—2 Bakor. 10:4.
Khatiso e Etsoa ka Sekhukhu
Nakong ena eohle, Sehlopha se Busang se ile sa tsoela pele ho thusa le ho tataisa barab’abo rōna ba Nicaragua ka lekala la Costa Rica le ka komiti ea naha ea Nicaragua. Empa lingoliloeng tse tsoang ka ntle ho naha li ne li thibetsoe, ka hona, ho ne ho tla fanoa ka ‘lijo ka nako e tšoanetseng’ joang? (Mat. 24:45) Jehova o ile a boela a bula tsela.
Ka 1985 barab’abo rōna ba ile ba khona ho fumana lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling tsa Bibele ka thuso ea k’hamphani e ’ngoe ea khatiso. Leha ho le joalo, mokhoa ona o ne o sa sireletseha kaha o ne o pepesa mosebetsi oa rōna ho bahanyetsi. Kahoo, ho ile ha etsoa qeto ea ho sebelisa mochine oa khatiso o neng o sebelisetsoa ho hatisa mananeo a kopano le limemo tsa Sehopotso pele lekala le koaloa. Mochine ona o ne o sebelisetsoa lehaeng la morali’abo rōna e mong ea neng a lula ka thōko ho Managua.
Ka masoabi, ka November selemong sona seo, mochine ona oa khatiso o ile oa oela liatleng tsa ’muso. Ba sa lumelle tšitiso ena ho emisa mosebetsi, ka potlako barab’abo rōna ba ile ba lokisa mochine oa khale o etsang likopi, oo ba ileng ba o reha lebitso la bosoasoi la Mokoko. Pele, o ne o sebelisoa bakeng sa ho hatisa limemo, mangolo le mananeo. Ha barab’abo rōna ba hlōleha ho o fumanela likarolo tse ncha, ba ile ba batla mochine o mong o etsang likopi ’me ba o reha Tsuonyana. Hamorao lekala la El Salvador le lona le ile la ba fa mochine. Ho latela tloaelo ea bona ba ile ba o reha Sethole.
Le hoja e ne e se mochine oa morao-rao, o ne o atleha haholo ’me tsela ea ho hatisa e ne e akarelletsa tšebeliso ea liboto tseo barab’abo rōna ba neng ba re ke las tablitas, kapa liboto tse nyenyane. Liboto tsena tse neng li entsoe ke Pedro Rodríguez, ea neng a etsa lik’habote, ea kolobelitsoeng ka 1954, e ne e le liforeimi tse peli tse mahlakore a mane tse kopantsoeng ka lihokelo tse tšoareletseng nete foreiming e ka holimo le khalase kapa lepolanka foreiming e ka tlaase. Moetso oa tsona o ne o le bonolo, ’me le khatiso e le bonolo. Stensele sa pampiri se thaepiloeng se ne se kenngoa foreiming e ka holimo ’me se matahanngoa le nete, ebe ho kenngoa pampiri e sa ngollang foreiming e ka tlaase. Ho ne ho tšasoa nete ena ka enke ho sebelisoa rolara, ’me ka mor’a khatiso ka ’ngoe ho ne ho kenngoa pampiri e ’ngoe e sa ngollang.
Le hoja mosebetsi ona o ne o le boima, ho ne ho hatisoa lintho tse ngata ka mokhoa ona oa khatiso, ho akarelletsa le buka ea lipina ea Binelang Jehova Lithoriso, ka lipina tsohle tsa ’Muso tse 225. Edmundo Sánchez, ea neng a sebetsa khatisong, oa hopola: “Hang ha barab’abo rōna ba se ba tloaetse ho sebelisa liboto tsena tse nyenyane, ba ne ba hatisa maqephe a 20 ka motsotso. Ka kakaretso, re ne re hatisa libuka tsa lipina tse 5 000.”
Mosali oa Edmundo, e leng Elda, e ne e le e mong oa baralib’abo rōna ba pele ba ho thusa ho etsa listensele tsa mechine e etsang likopi. A sebelisa mochine oa ho thaepa o sa sebeliseng motlakase, Elda, eo hape a neng a e-na le bana, o ne a qala hoseng haholo ’me a atisa ho sebetsa ho fihlela bosiu a ntse a thaepa lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa listenseleng tse tla sebelisoa mechineng e etsang likopi. Oa hopola: “Edmundo o ne a ee a mphe kopi ea makasine e tsoang Costa Rica. Ke ne ke sa tsebe hore na ho na le lihlopha tse kae tsa khatiso kapa hore na li sebeletsa hokae; seo ke neng ke se tseba ke mosebetsi oo ke o abetsoeng feela. Ke ne ke boetse ke tseba hore haeba re ne re ka fumanoa, ntlo ea rōna, thepa ea rōna ea ka tlung—ntho e ’ngoe le e ’ngoe—e ne e tla nkuoa ’me re ne re tla tšoaroa, mohlomong re be re ‘nyamele.’ Leha ho le joalo, lerato la rōna ho Jehova le ile la felisa tšabo leha e le efe ea batho eo ho ka etsahalang hore ebe re ne re e-na le eona.”
Litsi Tsa Khatiso
Guillermo Ponce o hopola kamoo litsi tsa khatiso li neng li le kateng. Mosebetsi oa hae e ne e le ho hlahloba liphoso lingoliloenng ebile e le mohokahanyi lipakeng tsa barab’abo rōna ba etsang listensele le ba hatisang lingoliloeng le ho li aba. Mor’abo rōna Ponce oa hlalosa: “Malapa a Lipaki tse ling a ne a sebelisoa e le litsi tsa khatiso. Setsi ka seng e ne e le kamore e ka har’a kamore, e leng ho neng ho etsa hore ho be le sebaka se senyenyane seo ho sebeletsoang ho sona. E le hore molumo oa mochine o etsang likopi o se ke oa utloahala, re ne re letsa lik’hasete kapa seea-le-moea ka ntle ho setsi sa khatiso ebe re nyolla molumo.”
Ba fufuletsoe, barab’abo rōna ba ne ba sebetsa lihora tse robong kapa tse leshome ka har’a likamore tsena tse nyenyane ba etsa likopi tsa Molula-Qhooa kapa lingoliloeng tse ling. Hangata, ha baahelani ba qala ho belaela kapa e mong a tsebisa ba boholong, thepa eohle e ne e lokela ho fallisetsoa lelapeng le leng ka ho panya ha leihlo.
Ho ne ho nkoa hore mosebetsi ona ke tšebeletso ea Bethele, ’me o ne o etsoa ke barab’abo rōna ba bacha ba masoha. Felipe Toruño o ne a le lilemo li 19 ’me a sa tsoa kolobetsoa ha a tla memeloa ho tla sebeletsa ho se seng sa litsi tsena. Felipe o re: “Ke ne ke se ke ntse ke lebeletse hore ke tla sebeletsa kamoreng e nyenyane e bipetsaneng le e nkhang mokelikeli o lokisang liphoso tsa ho thaepa. Ho ne ho chesa haholo, ’me ho ne ho khantšoa ka lebone le lenyenyane la motlakase.”
Ho ne ho boetse ho e-na le mathata a mang. Ka mohlala, ha ho ne ho hlokahala hore mochine o lokisoe—e leng se neng se etsahala khafetsa—u ne u ke ke ua o nka feela ua o isa moo o lokisoang. Batho ba ne ba tla botsa: ‘Mochine oo o etsang likopi ke oa mang? Le hatisa eng? Na mosebetsi oo o lumeletsoe ke ’muso?’ Kahoo barab’abo rōna ba ne ba lokela ho itokisetsa mochine ’me ka linako tse ling ba iketsetsa likarolo tsa oona. Bothata bo bong e ne e le ba hore motlakase o time khafetsa. Mor’abo rōna Ponce oa hopola: “Kaha lihlopha tse hatisang li ne li sa batle ho salla morao ka mosebetsi, ka linako tse ling ke ne ke ba fumana ba sebetsa ba khantšitse lebone la parafine, linko tsa bona li tletse mosili. Kananelo, boikutlo le boitelo ba bahlankana bana li ile tsa ntšusumelletsa hore ke ’ne ke tsoele pele.”
Mehopolo e Thabisang
Felipe Toruño o hopola ka thabo lilemo tse ’nè tseo a li qetileng a hatisa sekhukhung. Felipe o re: “Kamehla ke ne ke hopola hore barab’abo rōna ba lebeletse lijo tsena tsa moea ka thahasello e khōlō. Kahoo, ho sa tsotellehe lithibelo tse ngata tseo re neng re li etselitsoe, re ile ra sebeletsa ka thabo.” Omar Widdy, ea ileng a kopanela mosebetsing ona ho tloha ka June 1988 ho fihlela o phethoa ka May 1990, oa hopola: “E ’ngoe ea lintho tse ileng tsa nkhahla haholo ke moea oa lerato le mofuthu la bara ba motho. Ba bacha mosebetsing ba ne ba ikemiselitse ba bile ba thahasella ho ithuta, ’me ba ile ba rutoa mesebetsi e sa tšoaneng ka mamello. Maemo ao ho neng ho sebeletsoa ho ’ona a ne a se matle, empa baithaopi bana, le hoja ba ne ba le banyenyane lilemong, e ne e le banna ba moea ba utloisisang hore tšebeletso ena e hloka boitelo.”
Giovanni Gaitán le eena o ile a sebeletsa setsing sa khatiso. Oa hopola: “Kananelo bakeng sa Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ke eona e ileng ea re matlafatsa. Nakong eo re ne re sa buseletsoe letho bakeng sa litšenyehelo tsa rōna, empa seo se ne se sa re tšoenye; re ne re e-na le seo re se hlokang. Ke ne ke se ke ile ka ba maemong ao ho ’ona ke ileng ka tlameha ho itšetleha ka Jehova ka ho feletseng. Kahoo, ke ne ke sa tšoenyeha hakaalo ka litlhoko tsa lintho tse bonahalang. Barab’abo rōna ba kang Guillermo Ponce, Nelson Alvarado le Felipe Toruño, le hoja ba ne ba le bacha, e ne e le mehlala e metle ho ’na. Barab’abo rōna ba hōlileng ba eteletseng pele le bona ba ile ba ’matlafatsa. Ka sebele, ha ke nahana, ke bona hantle hore phihlelo eo eohle e ile ea etsa hore bophelo ba ka e be bo enneng.”
Bohle ba bileng le karolo mosebetsing o etsoang ka sekhukhu ba ile ba bona tšehetso ea Jehova ka litsela tse ngata, esita le mosebetsing oa khatiso. Mor’abo rōna Gaitán o re: “Ka tloaelo stensele se le seng se hatisa ka makhetlo a 300 ho ea ho a 500. Rōna re ne re se sebelisa ka makhetlo a 6 000!” Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore listensele le thepa e ’ngoe e hatisang li sebelisoe ka makhetlo a eketsehileng? Le hoja li ne li sokoleha ka har’a naha, li ne li fumaneha feela mabenkeleng a laoloang ke ’muso moo ho li reka ka bongata ho neng ho tla tsosa libata masene, ’me ho kenye moreki kotsing ea ho tšoaroa. E, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba barab’abo rōna, hobane ba boholong ha baa ka ba fumana litsi tsa khatiso kapa ba li koala, haese mochine oa pele oa khatiso.
Barab’abo rōna ba neng ba sebeletsa malapa a bona le bona ba ile ba thusa mosebetsing ona, hangata ba ipeha kotsing e khōlō. Ka mohlala, bongata ba bona bo ile ba isa lingoliloeng likarolong tsohle tsa naha ka likoloi tsa bona. Ka linako tse ling ba ne ba tsamaea letsatsi lohle ba feta libakeng tse ngata tsa sesole tsa tlhahlobo. Ba ne ba tseba hore haeba ba ka fumanoa, likoloi tsa bona li ka nkoa, ba tšoaroa le ho kenngoa teronkong. Leha ho le joalo, ba ne ba sa tšabe letho. Ho hlakile hore bara bana babo rōna ba ne ba hloka tšehetso e feletseng ea basali ba bona, bao ba bang ba bona ba neng ba phetha karolo ea bohlokoa nakong ena e thata joalokaha re tla tloha re bona.
Basali ba Moea ba Sebete
Basali ba bangata ba Bakreste ba ile ba bontša sebete se tsotehang le botšepehi lilemong tseo mosebetsi o neng o thibetsoe ka tsona Nicaragua. Ba sebelisana le banna ba bona, ba ile ba bula mahae a bona bakeng sa khatiso e etsoang ka sekhukhu, hangata e le ka likhoeli tse ngata lekhetlo ka leng. Ba ne ba bile ba phehela basebetsi lijo, ka litšenyehelo tsa bona. Nelson Alvarado ea neng a thusa ho hokahanya mosebetsi oa khatiso, oa hopola: “Ho ile ha e-ba le kamano e haufi ea Bokreste pakeng tsa rōna bahlankana le barali bana babo rōna. E ile ea boela ea e-ba bo-’m’a rōna. ’Me rōna, joaloka bara, re ne re ba bakela mosebetsi o mongata. Ka linako tse ling, re ne re sebetsa ho fihlela ka hora ea bone hoseng ho finyella palo e hlokahalang ea lingoliloeng ka nako, haholo-holo ha ho ne ho lokiselitsoe mosebetsi o eketsehileng, o kang ho hatisa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Ka linako tse ling, bobeli ba rōna re ne re chenchana mosebetsing hoo e ka bang ka lihora tse 24. Empa, joang kapa joang, barali bana babo rōna ba ne ba re phehela lijo esita le ka matjeke.”
Malapa ao e neng e le litsi tsa khatiso a ne a boetse a lokela ho etsa mosebetsi oa ho lebela. Hangata mosebetsi ona o ne o etsoa ke bo-’me ba malapa kaha banna ba bangata ba ne ba e-ea mosebetsing motšehare. Morali’abo rōna e mong oa hopola: “E le hore molumo oa mochine o se ke oa utloahala, re ne re letsa seea-le-moea ebe re nyolla molumo. Ha motho a fihla hekeng, re ne re lemosa barab’abo rōna ba hatisang ka ho tobetsa konopo e neng e khantša lebone le khethehileng kamoo ho hatisetsoang kateng.”
Hangata baeti e ne e e-ba Lipaki kapa seng. Ho ntse ho le joalo, baralib’abo rōna ba ne ba leka ho ba tsamaisa kapele kamoo ho ka khonehang le ka bohlale. Joalokaha u ka nahana, e ne e se kamehla ho leng bonolo ho etsa sena, hobane barali bana babo rōna ba ne ba tloaetse ho amohela baeti ka mofuthu. Nahana ka mohlala oa Juana Montiel, eo ho neng ho e-na le sefate sa linate tsa cashew jareteng ea hae. Kaha Lipaki li ne li atisa ho tla kha linate sefateng sena, jarete ea Juana e ile ea fetoha sebaka seo batho ba neng ba kopana ho sona. Juana oa hopola: “Ha re e-ba le tokelo ea hore lehae la rōna le sebelisoe e le setsi sa khatiso, ’na le monna oa ka re ile ra se rema. Re ne re ke ke ra bolella barab’abo rōna hore na ke hobane’ng ha ka tšohanyetso re se re sa thahaselle baeti, empa re ne re tseba hore mosebetsi oa khatiso o lokela ho sireletsoa.”
Consuelo Beteta, ea seng a hlokahetse, o ile a kolobetsoa ka 1956. Lehae la hae le lona e ne e le setsi sa khatiso. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba ke ke ba paka likoloi ka pel’a ntlo ea hae ha ba il’o nka lingoliloeng esere ba tsosa libata masene. Kahoo ba ne ba li paka sebakeng se sireletsehileng—e leng lehaeng la mor’abo rōna seterateng se latelang. Puisanong le Morali’abo rōna Beteta pele a hlokahala, o ile a bua ka matsatsi ao. A bua a tletse thabo, o ile a re: “Limakasine tsena li ne li pakoa ’me li kenngoa ka har’a mekotla e eang liphuthehong tse fapaneng. Mokotla o mong le o mong o ne o le boima ba lik’hilograma tse 15. E le hore re li ise ha mora enoa oabo rōna, ’na le ngoetsi ea ka re ne re roala mekotla ena hloohong ebe re tšela lengope le ka mor’a ntlo ea ka. Ha ho mohla baahelani ba ka ba kileng ba e-ba le pelaelo hobane mekotla eo re neng re e roala e ne e tšoana le eo basali ba bangata ba neng ba e roala.”
Barab’abo rōna ba ne ba ananela barali bao babo rōna ba tšepahalang, ba sebete hakaakang! Guillermo Ponce ha a bua lebitsong la barab’abo rōna ba bangata ba neng ba sebetsa le eena ka nako eo, o re: “E ne e le tokelo e khōlō hakaakang ho sebetsa le bona!” Ka ho utloahalang, basali bana ba khabane ba Bakreste, hammoho le banna ba bona, e ne e le mehlala e metle ho bana ba bona. Kahoo a re lebiseng tlhokomelo liphephetsong tseo bana ba neng ba tobana le tsona lilemong tseo tse sa lebaleheng.
Bana ba Tšepahalang
Joaloka batsoali ba bona, bana ba ba neng ba nka karolo mosebetsing oa khatiso o etsoang ka sekhukhu le kabong ea lingoliloeng le bona ba ne ba tšepahala ka tsela e ikhethang. Claudia Bendaña, eo bana ba hae ba babeli ba neng ba ntse ba le hae ka nako eo, oa hopola: “Ka likhoeli tse hlano re ne re e-na le mochine o hatisang ka kamoreng e ka morao. Hang feela ha bana ba tsoa sekolong ba ne ba batla ho thusa barab’abo rōna. Empa ba ne ba ka etsa’ng? Ho e-na le ho ba leleka, barab’abo rōna ba ile ba ba lumella hore ba kopanye maqephe a Molula-Qhooa ka seteipolara. Bana ba ne ba thabela hakaakang ho sebetsa le bahlankana bao, ba neng ba ba khothalletsa ho hopola litemana tsa Bibele le lipina tsa ’Muso ka hlooho!”
Morali’abo rōna Bendaña o itse: “E le hore re boloke lekunutu, ’na le monna oa ka re ile ra hlalosetsa bana ba rōna hore re phela linakong tse thata, le hore mosebetsi ona ke oa Jehova ’me ke habohlokoa haholo hore re lule re tšepahala. Ba ne ba sa lokela ho bolella mang kapa mang ka sena—leha e le beng ka rōna esita le bara le barali babo rōna ba Bakreste. Hoa thabisa hore ebe bana bana ba ile ba tšepahala le ho mamela.”
Lehae la Aura Lila Martínez ke le leng la mahae a pele a ho sebelisoa e le litsi tsa khatiso. Litloholo tsa hae li ile tsa thusa ho hlophisa maqephe, ho a kopanya ka seteipolara le ho a paka. Le bona ba ile ba tloaelana haholo le barab’abo rōna ba sebeletsang lehaeng la bona. ’Me le ka mohla ha baa ka ba bolella ba bang ka mosebetsi oo. Eunice oa hopola: “Re ne re kena sekolo le ho bapala hammoho le bana ba Bendaña le Eugarrios, empa leha ho le joalo, re ne re sa tsebe hore ho hatisoa lingoliloeng habo bona le bona ba sa tsebe hore li hatisoa habo rōna ho fihlela ho fetile lilemo tse ngata. ‘Na ho joalo? Le heno?’ re ile ra botsana re maketse. Re ne re hōla re le metsoalle ea hlooho ea khomo, empa ha rea ka ra bolellana letho. Ka ho hlakileng, ena e ne e le tsela ea Jehova ea ho sireletsa mosebetsi.”
Liphihlelo tseo tsa mehleng ea pele li ntse li e-na le tšusumetso e ntle ho bacha bana. Emerson Martínez, eo e seng e le mohlanka ea sebeletsang ea tšebeletsong ea nako e tletseng e khethehileng, o re: “Barab’abo rōna ba litsing tsena e bile mohlala ho ’na. Ba ne ba le lilemo li 18 le 19 empa ba ile ba nthuta ho ananela boikarabelo ba moea, ho sa tsotellehe hore na bo bonyenyane hakae, ’me ke ile ka ithuta bohlokoa ba ho etsa mosebetsi o motle. Haeba ke ne ke siile esita le leqephe le le leng ha ke a kopanya, motho e mong o ne a tla lahleheloa ke boitsebiso boo. Sena se ile sa etsa hore ke bone bohlokoa ba ho etsetsa Jehova le barab’abo rōna sohle se matleng a ka.”
Elda María, morali oa Edmundo le Elda Sánchez, o ne a thusa ka ho tsamaisa listensele tsa Molula-Qhooa tseo ’mè oa hae a neng a li thaepile. O ne a li laela baesekeleng ha a li isa ntlong ea Mor’abo rōna Ponce e bohōle ba literata tse hlano. Pele Morali’abo rōna Sánchez a fa morali oa hae listensele o ne a li phuthela ka hloko ’me a li kenya ka basketeng e nyenyane. Elda María o re: “Ho tloha ha ke sa le monyenyane haholo, batsoali ba ka ba ile ba nthuta ho mamela. Kahoo ha nako ena ea thibelo e fihla, ke ne ke se ke tloaetse ho latela litaelo ka hloko.”
Na o ne a utloisisa likotsi tseo barab’abo rōna ba neng ba okametse mosebetsi oa khatiso—ho akarelletsa le ntat’ae—ba neng ba tobane le tsona? Elda María o re: “Hangata pele Ntate a tloha hae, o ne a mpolella hore ha a ka a tšoaroa, ke se ke ka tšoha kapa ka utloa bohloko. Leha ho le joalo, ha a ne a lieha ho fihla hae, ke hopola ’na le ’Mè re rapela hangata hore a sireletsehe. Re ne re atisa ho bona batho ba Lefapha la Tšireletso ea Naha ba pakile ka pel’a ntlo ba re shebile. Haeba ’Mè a il’o bulela motho monyako, ke ne ke phutha thepa eohle ea hae ebe kea e pata. Ke motlotlo haholo ka mohlala le koetliso eo batsoali ba ka ba ileng ba mpha eona mabapi le ho tšepahala ho Jehova le ho barab’abo rōna.”
Bacha ba bangata ba nakong eo ba ralile motheo e tiileng bocheng ba bona ’me hona joale ba tšebeletsong ea nako e tletseng, hape ba bangata ba sebeletsa maemong a boikarabelo liphuthehong. Tsoelo-pele ea bona ke bopaki ba tlhohonolofatso e enneng ea Jehova ho batho ba hae, bao ho seng le ea mong oa bona ea kileng a hloka lijo tsa moea nakong eo e thata. Ha e le hantle, litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ile tsa tsebahala hohle, ’me tsa boela tsa oela “mobung o motle” har’a ba likete ba neng ba koaletsoe teronkong mehleng ea Sandinista. (Mar. 4:8, 20) Ho tlile joang hore see se etsahale?
Peō ea ’Muso ea Jaloa Teronkong
Ka mor’a Phetohelo ea Sandinista, litho tsa Lebotho la Sesole le hlōtsoeng hammoho le bafetoheli ba lipolotiki ba ile ba e-ba litlamong pele ba hlaha ka pel’a makhotla a molao a khethehileng ao linyeoe tsa ’ona li ileng tsa tšoaroa ho tloha bofelong ba 1979 ho ea mathoasong a 1981. Litho tse ngata tsa Lebotho la Sesole li ile tsa ahloleloa lilemo tse ka bang 30 Cárcel Modelo (Teronko ea Modelo), e leng chankana e khōlō ea Tipitapa, e bohōle ba lik’hilomithara tse 11 ka leboea-bochabela ho Managua. Joalokaha re tla tloha re bona, batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang literonkong tseo tsa maemo a boima le tse subuhlellaneng ba ile ba lokoloha moeeng.
Ho ella mafelong a 1979, moholo e mong oa Managua o ile a fumana lengolo le tsoang ho Paki e ’ngoe e neng e le litlamong, empa e e-s’o isoe Cárcel Modelo, ka lebaka la ho ba sesoleng pusong ea Somoza pele e tseba ’nete. Lengolong lena, mora enoa oabo rōna o ne a kōpa lingoliloeng tseo a ka li abelang batšoaruoa-’moho le eena. Baholo ba babeli ba ileng ba isa lingoliloeng ha baa ka ba lumelloa ho bona mora enoa oabo rōna. Leha ho le joalo, sena ha sea ka sa mo nyahamisa, kaha o ile a tsoela pele ho pakela batšoaruoa-’moho le eena a ba a khannela ba bang lithuto tsa Bibele.
E mong oa liithuti tseo, e leng Anastasio Ramón Mendoza, o ile a tsoela pele ka potlako moeeng. Oa hopola: “Ke ne ke rata seo ke ithutang sona hoo ke ileng ka qala ho tsamaea le mor’abo rōna ha a ntse a pakela batšoaruoa ba bang. Ba bang ba ile ba re leleka; ba bang ba re mamela. Ka mor’a nako e khutšoanyane, re ne re ithutela lebaleng re le 12 nakong ea khefu.” Hoo e ka bang selemo hamorao, ho ile ha kolobetsoa a le mong sehlopheng seo sa pele.
Mathoasong a 1981, sehlopha sena se senyenyane sa liithuti tsa Bibele se ile sa isoa Cárcel Modelo le batšoaruoa ba bang, moo se ileng sa tsoela pele ho bolella ba bang litaba tse molemo. Ka nako e tšoanang, lingoliloeng tsa Bibele li ne li abuoa ka lenyele har’a batšoaruoa, ’me tse ling tsa tsona li ile tsa oela “mobung o motle.”
Nahana ka mohlala oa José de la Cruz López le lelapa la hae, bao kaofela e neng e se Lipaki. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng José a kentsoe teronkong, mosali oa hae o ile a fumana Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ho Lipaki tseo a ileng a kopana le tsona seterateng. Sepheo sa hae e ne e le ho e fa monna oa hae. José oa hlalosa: “Ha ke qala ho bala buka ea Lipale tsa Bibele, ke ne ke nahana hore ke buka ea kereke ea evangeli. Ke ne ke sa tsebe letho ka Lipaki Tsa Jehova. Buka ena e ile ea nkhahla hoo ke ileng ka e bala ka makhetlo a mangata ’me ka qala ho e arolelana le batšoaruoa-’moho le ’na ba 16, bao kaofela ba neng ba e thabela. Ho ne ho tšoana le ho noa metsi a khathollang. Batšoaruoa ba liseleng tse ling le bona ba ile ba e alima, ho fihlela e likolohile kampo eohle, ea qetella e ranthane joaloka likarete tsa khale.”
Bongata ba batšoaruoa-’moho le José e ne e le litho tsa kereke ea evangeli; ba bang e bile e le baruti. José o ile a qala ho bala Bibele le bona. Leha ho le joalo, o ile a nyahama ha a botsa hore na Genese 3:15 e bolela’ng ’me a bolelloa hore ke sephiri. Ka letsatsi le leng motšoaruoa e mong, eo e neng e le seithuti sa Bibele, o ile a re ho José: “Karabo e ka bukeng eo ea hao e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Nka ithuta eona le uena haeba u rata.” José o ile a lumela, ’me ka thuso ea buka ea Lipale tsa Bibele, a ithuta hore na Genese 3:15 e bolela’ng. Ka mor’a moo, o ile a qala ho tloaelana le batšoaruoa ba neng ba ikamahanya le Lipaki.
E ’ngoe ea lintho tse ileng tsa hulela José sehlopheng sena se ikhethang se Cárcel Modelo e ne e le boitšoaro ba sona bo botle. José o re: “Ke ne ke bona batho bao ke neng ke tseba hore ba ne ba itšoere hampe ba se ba itšoere hantle ka lebaka la ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova.” Khabareng, mosali oa José o ile a ’na a fumana lingoliloeng ho Lipaki ’me a li fetisetsa ho monna oa hae ea ileng a tsoela pele moeeng. Ha e le hantle, sehlopha seo a ithutang le sona se ile sa mo abela karolo e itseng kampong moo a neng a ka paka ho tloha seleng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Ka tsela eo o ile a khona ho alima batho ba thahasellang lingoliloeng tsa hae tse seng kae ’me a ba memela libokeng, tse neng li tšoaroa kampong nakong ea khefu.
Ho Hlokomela Litlhoko Tsa Moea Tsa Batšoaruoa
Phutheho ea East Managua e ile ea hlokomela litlhoko tsa moea tsa batšoaruoa ba ntseng ba eketseha Cárcel Modelo ba neng ba bala lingoliloeng ’me ba tsoela pele moeeng. E le hore sena se ka etsoa, phutheho e ile ea etsa lenaneo leo ho lona bara le barali babo rōna ba itseng ba neng ba isetsa batšoaruoa lingoliloeng ka sekhukhu. Baeti ba ne ba lumelloa ka mor’a matsatsi a mang le a mang a 30 ho ea ho a 60, empa motšoaruoa o ne a ka eteloa feela ke motho eo a neng a mo kōpile pele. Kahoo hase bohle ba thahasellang ba neng ba khona ho eteloa ke Lipaki tsa sebakeng seo. Leha ho le joalo, seo e ne e se bothata hobane batšoaruoa ba ne ba bokana hammoho ’me ba arolelana lintho.
Baholo ba Phutheho ea East Managua ba ile ba thusa ho hlophisa mosebetsi oa sehlopha se eketsehang ka har’a Cárcel Modelo. Ba ile ba lula ba iteanya le batšoaruoa ba etellang pele moeeng, ba ba hlalosetsa tsela ea ho tšoara liboka tsa beke le beke, tsela ea ho phetha mosebetsi oa boboleli ka mokhoa o hlophisehileng le ho tlaleha mosebetsi o joalo. Ka lehlakoreng le leng, batšoaruoa bana ba ne ba fetisetsa boitsebiso bona ho ba bang. Ka sebele ho ne ho hlokahala tlhophiso ea puso ea Molimo, hobane ka nako eo ho ne ho se ho thehiloe sehlopha se seholo sa liithuti tsa Bibele teronkong.
Qalong Cárcel Modelo e ne e e-na le likampo tse ’nè, ’me ho ne ho ka lula batšoaruoa ba 2 000 kampong e le ’ngoe. Julio Núñez, e leng e mong oa baholo ba neng ba etile, oa hlalosa: “Kampo ka ’ngoe e ne e ikemetse, ka hona liboka tsa beke le beke li ne li tšoareloa sebakeng sa boikhathollo sa kampo ka ’ngoe ’me ka kakaretso ho ne ho e-ba le batho ba ka bang 80.”
Ho Kolobelletsoa ka Moqomong
Ha ba bacha ba ntse ba tsoela pele, ba ’maloa ba ile ba bolela hore ba lakatsa ho kolobetsoa. Baholo ba etileng ba ile ba lumela hore ba bang ba tšoanelehela ho kolobetsoa ’me ba thusa batšoaruoa ba eteletseng pele moeeng ho lokisetsa kolobetso ka letsatsi le tsamaisanang le la kopano e tšoaretsoeng ka ntle ho teronko. Ka tloaelo ho ne ho fanoa ka puo ea kolobetso bosiu ba pele ho kopano ka har’a e ’ngoe ea lisele, ’me hoseng ho latelang ha batšoaruoa ba il’o hlapa, bakolobetsuoa ba ne ba kolobetsoa.
José de la Cruz López o ile a kolobelletsoa teronkong ka November 1982. Oa pheta: “Ke kolobelitsoe ka moqomong oa lithōle. Re ile ra o hlatsoisisa ka sesepa. Eaba re ala lakane ka hare ’me re o tlatsa metsi. Leha ho le joalo, re sa ntse re bokane bakeng sa kolobetso, ho ile ha fihla balebeli ba hlometseng. Ba botsa: ‘Le lumeletsoe ke mang hore le kolobetse?’ Mor’abo rōna ea eteletseng pele o ile a hlalosa hore motho ha a hloke tumello ea ho etsa seo Molimo a mo laelang sona. Balebeli ba ile ba lumela empa ba ne ba batla ho shebella kolobetso. Ba ntse ba shebeletse, ke ile ka botsoa lipotso tse peli tse botsoang ba eang kolobetsong, eaba ke qoelisoa ka har’a moqomo.” Bonyane ke batšoaruoa ba 34 ba ileng ba qetella ba kolobelitsoe ka tsela ena.
Batšoaruoa ba bang ba ile ba hatela pele ka potlako. E mong oa bona ke Omar Antonio Espinoza, ea ileng a qeta lilemo tse 10 ho tse 30 tseo a neng a li ahloletsoe Cárcel Modelo. Nako le nako batšoaruoa ba ne ba isoa liseleng tse ling, ’me selemong sa bobeli Omar a le moo, o ile a lula le Paki ka seleng. Omar o ile a lemoha hore batšoaruoa ba bang ba ne ba eteloa ke monna enoa ea ba rutang Bibele. A khahliloe ke seo a se bonang le ho se utloa, Omar le eena o ile a kōpa hore a rutoe Bibele.
Omar o ile a qala ho ithuta ka buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, a bala sehlooho se le seng ka letsatsi. Ka mor’a matsatsi a 11, o ne a batla ho ba mohoeletsi. Ha a qeta likhaolo tse 22 tsa buka ena, o ile a kōpa hore a kolobetsoe. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba mo kōpa hore a iphe nako ea ho nahanisisa ka taba ena. Ba bile ba buella hore a ithute buka e ’ngoe e leng ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e neng e sa tsoa ba teng teronkong. Omar o ile a qeta ho bala buka eo pele ho feta khoeli. Ho feta moo, o ile a tlohela ho tsuba ’me a etsa liphetoho tse ling. Ho hlakile hore ’nete ea Bibele e ne e fetola bophelo ba hae. Ha barab’abo rōna ba bona liphetoho tsena ba ile ba kholiseha hore takatso ea hae ke ea sebele, kahoo Omar o ile a kolobelletsoa ka moqomong ka la 2 January, 1983.
Puo ea Matsoho ea Teronkong
E le hore ba ka fetisa boitsebiso bo fanoeng ke baholo ba etileng kapa ho bo bokella, bo kang litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo, bahoeletsi ba litlamong ba ne ba lokela ho buisana ba le liseleng tse sa tšoaneng. Mor’abo rōna Mendoza, ea kolobelelitsoeng teronkong ka 1982, o bolela kamoo sena se neng se etsoa kateng.
O re: “Ba bang ba rōna, re ile ra ithuta mofuta oa puo ea matsoho o qapiloeng ke batšoaruoa. Ha e le nako ea ho keteka Sehopotso, re ile ra hakanya nako eo letsatsi le liketseng ka eona, eaba rea hoehlana e le hore kaofela re ka rapela ka nako e tšoanang. Re ne re etsa sena selemo le selemo. Puo ea matsoho e ne e boetse e re thusa ha re ithuta Molula-Qhooa. Ha barab’abo rōna ba liseleng tse ling ba se na tokollo e ithutoang bekeng eo, re ne re ba bolella thuto eohle ka puo ea matsoho. Motho ea amohelang molaetsa o ne a o tolokela motsoalle oa hae ka lentsoe le phahameng ebe motsoalle oa hae o ngola litaba tsa sehlooho seo fatše.” Empa lijo tsa moea li ile tsa kena joang teronkong?
Lijo Tsa Moea li Matlafatsa Batšoaruoa
Baholo, malapa a bona le bahoeletsi ba bang ba Phutheho ea East Managua ba ne ba etela batšoaruoa kamehla Cárcel Modelo. Ka lilemo tse ka bang leshome, ba ne ba tlisetsa barab’abo bona lijo tsa nama le tsa moea, ho akarelletsa le Molula-Qhooa le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ho hlakile hore lijo tsa moea li ne li lokela ho patoa.
Moholo e mong o ile a pata limakasine ka har’a masoba a melamu ea hae e ikokotlelang. Julio Núñez o re: “Bana le bona ba ile ba thusa, kaha ba ne ba tšoha ba phentsoe.” Baeti ba ne ba bile ba khona ho tlisa litšoantšetso tsa Sehopotso teronkong.
Sele ka ’ngoe e ne e e-na le matsatsi a eona a baeti, ’me hangata batho ba lumeletsoeng ho eta ba ne ba qeta letsatsi lohle le motšoaruoa lebaleng le leholo. Ka tsela ena, batšoaruoa ba Lipaki ba seng bakae ba ne ba ka kopana le bara le barali babo bona ba Managua le ho fumana lijo tsa moea. Hamorao, ha batšoaruoa bana ba khutlela liseleng tsa bona ba ne ba ka arolelana le ba bang seo ba se fumaneng.
Esita le lipina tsa ’Muso li ne li sa qheleloe ka thōko. Mor’abo rōna López o re: “Seleng ea rōna, ke a le mong feela ho rōna ea neng a buisana le barab’abo rōna ba etileng. Kahoo e ne e le boikarabelo ba motšoaruoa eo ho ithuta lipina tse seng kae ebe o re ruta tsona. Kaha re ne re e-na le buka ea lipina e le ’ngoe feela, re ne re itlhakisa pele ho liboka.” Mor’abo rōna Mendoza e ne e le e mong oa batšoaruoa ba seng bakae ba ka eteloang ke Lipaki. Mor’abo rōna Mendoza o re: “Carlos Ayala le lelapa la hae ba ile ba nketela. Barali ba hae ba babeli ba nthuta bonyane lipina tsa ’Muso tse robong, tseo ke ileng ka li ruta metsoalle ea ka.” Mor’abo rōna López ke e mong oa ba ithutileng lipina tseo ho motšoaruoa e mong. Oa hopola: “Hamorao ha ke qala ho ba teng libokeng ka ntle ho teronko, ke ne ke thabile empa ke makaletse hore re ne re ntse re bina lipina tse tšoanang.”
Ho Lula re le Matla Moeeng Teronkong
Barab’abo rōna le batho ba thahasellang ba ile ba tlameha ho mamella boemo ba mofuta ofe teronkong ’me ba ile ba khona ho lula ba le matla joang moeeng? Mor’abo rōna Mendoza oa hopola: “Re ne re kepeleloa lijo teronkong. Batšoaruoa bohle ba ne ba atisa ho otloa ’me ka linako tse ling balebeli ba ne ba thunya pel’a rōna ha re ntse re paqamisitsoe fatše. Sena sohle se ne se etsoa ka morero oa ho re tšosa. Ha ho ne ho e-na le likhohlano pakeng tsa batšoaruoa ba bang le balebeli, kaofela ha rōna re ne re jarisoa molato ebe re isoa lebaleng re hlobotse hore re chesoe ke letsatsi. Rōna Lipaki re ne re sebelisa menyetla ena ho hahana le ho khothatsana. Re ne re hopola litemana tsa Bibele le ho arolelana lintlha tseo re neng re ithutile tsona thutong ea botho. Liphihlelo tsena li ile tsa re thusa ho lula re momahane ’me re le matla.”
Ba sebelisa nako e ngata eo ba nang le eona ba sa etse letho, Lipaki tse ngata le batho ba thahasellang ba ile ba bala Bibele kaofela ka makhetlo a mane kapa a mahlano. Ba ne ba tloaetse ho ithuta ka hloko le ka makhetlo-khetlo lingoliloeng tsohle tse thehiloeng Bibeleng tseo ba neng ba li fumana. Mor’abo rōna Mendoza o hopola Libuka Tsa Selemo ka kananelo e khethehileng. Oa hopola: “Liphihlelo tsa linaha tse sa tšoaneng, limmapa—re ile ra li bala kaofela. Selemo le selemo re ne re bapisa keketseho, lenane la liphutheho, lenane la ba bacha ba kolobelitsoeng le lenane la ba bileng teng Sehopotsong naheng ka ’ngoe. Lintho tsena li ne li re thabisa haholo.”
Ka tlas’a maemo ana, kapele-pele bahoeletsi ba bacha ba ile ba fumana tsebo e eketsehileng ea Lentsoe la Molimo haesita le ea tlhophiso ea puso ea Molimo. Hape e ile ea e-ba baboleli le mesuoe e chesehang. Ka mohlala, ka February 1986, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 43 ba khannang lithuto tsa Bibele tse 80 Cárcel Modelo. Karolelano ea ba bang teng libokeng tsa beke le beke e ne e le 83.
Haufinyane batšoaruoa bana ba fumaneng tokoloho ea moea ba ne ba tla fumana tokoloho e eketsehileng, hobane ’muso o ile oa etsa qeto ea ho tšoarela batšoaruoa bohle ba lipolotiki. Ka lebaka leo, bahoeletsi ba ho qetela ba 30 ba Cárcel Modelo ba ile ba lokolloa ka la 17 March, 1989. Kapele-pele Phutheho ea East Managua e ile ea lokisetsa hore baholo ba ikopanye le bahoeletsi ba sa tsoa lokolloa libakeng tseo ba falletseng ho tsona. Baholo bana ba ile ba amohela barab’abo bona ba sa tsoa lokolloa, bao hamorao bongata ba bona e ileng ea e-ba baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho.
Lithibelo ha Lia ka Tsa Emisa Mosebetsi oa Boboleli
Ho sa tsotellehe maemo a thata le a likotsi, palo ea bahoeletsi ba Nicaragua e ile ea tsoela pele ho eketseha ka sekhahla nakong ea lithibelo. Ha e le hantle, libakeng tse ling ho ile ha thehoa liphutheho tseo boholo ba tsona li neng li bōpiloe ka batho ba bacha. E ’ngoe ea tsona ke Phutheho ea La Reforma. Bo-pula-maliboho ba khethehileng, Antonio Alemán le mosali oa hae, Adela, ba ne ba tsamaea letsatsi le leng le le leng ba il’o paka metseng ea mahae e pakeng tsa Masaya le Granada. O mong oa metse ena e ne e le La Reforma. Sebakeng sena, mathoasong a 1979, lelapa la Alemán le ile la ithuta le Rosalío López, mohlankana ea neng a sa tsoa shoelloa ke mosali. Ka mor’a moo Rosalío o ile a bolella ba bohoeng ba hae, bao a neng a lula le bona, lintho tseo a neng a ithuta tsona. O ile a bua le mohoehali oa hae pele, eaba o bua le banab’abo mosali ka ho latellana. Kapele litho tsa lelapa tse 22 li ile tsa bonoa li e-ea libokeng Masaya, e bohōle ba lik’hilomithara tse 6.
Ka letsatsi le leng, ba bohoeng ba Rosalío ba ile ba re ho eena: “Libokeng re ithutile hore Lipaki Tsa Jehova li bolela ka ntlo le ntlo, empa rōna ha re ho etse.”
Rosalío o ile a re: “Ho lokile, re tla ea tšimong Moqebelong ona.” ’Me ba ile ba fela ba etsa joalo! Ba ile ba ea ntlong e le ’ngoe ba le 22, Rosalío ea e-ba eena ea buang! Ha Antonio a tla bakeng sa thuto e latelang, Rosalío a mo bolella a bososela: “Kaofela ha rōna re ile ra ea tšimong bekeng ena!” Le hoja Antonio a ne a thabisitsoe ke cheseho ea liithuti tsa hae, o ile a khothalletsa banyalani bana ba bacha hore ba lokise litaba tse itseng pele.
Ka December 1979, Rosalío le e mong oa bo-soare ba hae ka mosali oa hae ea seng a hlokahetse, Húber López, e bile bona ba pele ba ileng ba kolobetsoa sehlopheng seo, ba bang ba latela kapele ka mor’a moo. Phutheho ea La Reforma e ile ea thehoa lilemo tse tharo ka mor’a moo. E qalile e e-na le bahoeletsi ba 30—bao kaofela e neng e le litho tsa lelapa le le leng! Ka mor’a nako e itseng, Húber, moholoane oa Ramón, le Rosalío ba ile ba khethoa hore e be baholo. Ka 1986, litho tsa phutheho tse 54 li ile tsa sebeletsa e le bo-pula-maliboho.—Bona lebokose leqepheng la 99-102.
Ka lebaka la boboleli bo chesehang ba litho tsa Phutheho ea La Reforma, ho ile ha qetella ho thehiloe liphutheho tse ling tse tšeletseng metseng e haufi. Hape hopola hore ba boholong ba ne ba ntse ba behile barab’abo rōna leihlo ’me ba tenoa ke cheseho ea bona. Húber López oa hopola: “Masole a ne a lula a re tšoenya empa seo ha sea ka sa re sitisa ho bolela.” Ha e le hantle, mosebetsi oa boboleli o ile oa eketseha nakong ena e thata. Joang? Hobane barab’abo rōna ba bangata ba ile ba felloa ke mosebetsi ’me ea e-ba bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba thusang.
Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona. Ka 1982, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba litaba tse molemo ba 4 477 Nicaragua, empa ka 1990—ka mor’a lilemo tse robeli tsa lithibelo le mahloriso—palo eo e ne e se e nyolohetse ho 7 894. Eo e ne e le keketseho ea karolo ea 76 lekholong!
Lithibelo Lia Tlosoa
Ka February 1990, puso ea Nicaragua e ile ea fetoha ka mor’a likhetho tseo baemeli ba machaba ba neng ba li behile leihlo. Kapele ka mor’a moo, lithibelo tse behetsoeng Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tlosoa, ho qobelloa ho ngolisetsa sesole ha felisoa, ’me likomiti tsa tšireletso tsa qhaloa. Le hoja ba ne ba le hlokolosi, barab’abo rōna ba ne ba se ba sa tšabe baahelani ba bona ba ratang litaba. Ka September selemong seo, Ian Hunter, eo e neng e le setho sa Komiti ea Lekala Guatemala, e ile ea e-ba mohokahanyi e mocha oa komiti ea naha ea Nicaragua.
Lilemong tse robeli tse tlang pele ho seo, komiti ea naha e ne e okametse mosebetsi Nicaragua e se na ofisi kapa thepa ea ofisi. Ka sebele, Mor’abo rōna Hunter o ne a thabetse hore ebe o tlile le mochine o thaepang oo a neng a o sebelisa lekaleng la Guatemala! Mor’abo rōna oa sebakeng seo, e leng Julio Bendaña, ka mosa o ile a fa barab’abo rōna ba neng ba e-na le mosebetsi o mongata boholo ba thepa ea hae ea ofisi.
Ho ile ha fumanoa ntlo sebakeng se ka thōko ho Managua hore e sebelisoe e le ofisi ea lekala. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ’maloa ba ne ba sa tloaela mosebetsi o tloaelehileng oa Bethele, kaha ba ne ba tloaetse ho sebetsa sekhukhung libakeng tse sa tšoaneng ka linako tse fapa-fapaneng. Empa ba ile ba arabela hamolemo koetlisong ’me ba etsa liphetoho tse hlokahalang. Bongata ba bahlankana bana bo tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi, ba bang ba sebeletsa mefuteng e sa tšoaneng ea tšebeletso ea nako e tletseng.
Ho ile ha boela ha romeloa barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling e le hore ba ka thusa ka mosebetsi oa lekala. Kenneth le Sharan Brian bao e neng e le baromuoa ba ile ba tlosoa Honduras ba khutlisetsoa Nicaragua mafelong a 1990. Ka January 1991, Juan le Rebecca Reyes, ba neng ba fumane mangolo sehlopheng sa pele sa Lekala la Sekolo sa Gileade le Mexico, ba ile ba tla ba e-tsoa Costa Rica, ba lateloa ke Arnaldo Chávez, eo hammoho le mosali oa hae María ba ileng ba fumana mangolo sehlopheng sa pele sa Mexico. Lothar le Carmen Mihank ba ile ba fihla lilemo tse peli hamorao ba e-tsoa Panama, moo Lothar a neng a sebeletsa Komiting ea Lekala. Ba bangata ba ile ba abeloa ho sebetsa lekaleng lena le lecha, moo ba ileng ba thusa ho hlophisa mosebetsi bocha. Kajeno Bethele ea Nicaragua e na le litho tse 37 tsa merabe e sa tšoaneng.
Ka February 1991 ho ile ha khethoa Komiti ea Lekala hore e nke sebaka sa komiti ea naha, ’me lekala la Nicaragua la buloa bocha ka molao ka la 1 May, 1991. Joale ho ne ho raliloe motheo bakeng sa khōlo ea nakong e tlang, ’me khōlo eo e ne e tla ba e kaakang! Ho tloha ka 1990 ho ea ho 1995, ho ile ha kolobetsoa barutuoa ba bacha ba 4 026—e leng keketseho ea karolo ea 51 lekholong. Khōlo ena e ile ea etsa hore ho be le tlhokahalo e potlakileng ea libaka tse loketseng tsa liboka. Leha ho le joalo, u ka ’na ua hopola hore ka 1982, mekhopi e ile ea ikhapela litša tse 35.
Ho Khutlisoa ha Litša
Ha Liholo Tsa ’Muso li ne li nkoa ka mahahapa ka lekhetlo la pele, barab’abo rōna ha baa ka ba amohela qeto eo ba phuthile matsoho empa hang-hang ba ile ba ipiletsa ’musong, ba sebelisa Molao oa Motheo oa Nicaragua bakeng sa ho ikemela. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore barab’abo rōna ba ne ba sebetsa tumellanong le sohle se hlokoang ke molao, ha baa ka ba atleha. Ka 1985 barab’abo rōna ba ile ba ngolla eo e neng e le mopresidente oa Nicaragua ka nako eo ba kōpa ho ngolisoa ka molao le ho khutlisetsoa thepa ea bona. Ho phaella moo, ka makhetlo a mangata ba ile ba kōpa ho buisana le letona la tsa ka hare. Empa boiteko bona bohle e ile ea e-ba ba lefeela.
Ha puso e ncha e nka marapo ka April 1990, hang-hang barab’abo rōna ba ile ba kenya kōpo e ’ngoe, lekhetlong lena ho letona le lecha la tsa ka hare, ba kōpa hore Lipaki Tsa Jehova li ngolisoe hape ka molao. Ba ile ba thaba hakaakang le ho leboha Jehova ha ka mor’a likhoeli tse ’nè feela, kōpo ea bona e amoheloa! Ho tloha ka nako eo, ’muso oa Nicaragua o file Watch Tower Bible and Tract Society tumello ea ho sebetsa boemong ba machaba le ho phetha mosebetsi oa eona ka bolokolohi le ho ntšoa lekhethong ho fuoang mekhatlo eo e seng ea khoebo. Leha ho le joalo, ho khutlisetsoa Liholo Tsa ’Muso ho ne ho se bonolo, hobane tse ling tsa tsona li ne li “filoe” batšehetsi ba ’muso oa pele.
Barab’abo rōna ba ile ba ipiletsa Komiting e sa tsoa thehoa ea Naha Bakeng sa Tlhahlobisiso ea Taba ea Litša Tse Nkiloeng ka Mahahapa, ba kōpa ho khutlisetsoa litša tsohle tse hapiloeng. E bile mosebetsi o boima le o ferekanyang haholo-holo ka lebaka la likōpo tse tšoanang tsa boipiletso tse tsoang mekhatlong le bathong ba bang. Ka mor’a ho qeta selemo re leka ka matla, setša se seng se ile sa khutlisoa ka January 1991. Barab’abo rōna ba ile ba boela ba etela batho ba lulang Liholong Tsa ’Muso e le hore ba ka lokisa litaba. Empa bongata ba batho bana bo ne bo ikutloa hore bo “fumane” litša tseo ka molao nakong ea phetohelo.
Setša sa lekala se ile sa khutlisoa hamorao selemong seo, empa ho ile ha tlameha hore ho fumanoe setša se seng bakeng sa lelapa le lulang moo. Lilemong tse latelang, hanyane ka hanyane barab’abo rōna ba ile ba khutlisetsoa litša tse 30 ho tse 35 ’me ’muso oa ba lefa bakeng sa litša tseo ba neng ba sitoa ho li fumana.
Ho Sebetsana ka Katleho le Likoluoa Tsa Tlhaho
Ntle le litšisinyeho tsa lefatše tseo ho builoeng ka tsona pejana tlalehong ena, Nicaragua e boetse ea thefuloa ke ho foqoha ha seretse se chesang le maholiotsoana. Ho tloha ka 1914 thaba e foqohang seretse ho feta tse ling naheng eo, Cerro Negro, e phatlohile ka makhetlo a 12, ea koahela libaka tse khōlōhali tsa lijalo ka molora. Elfriede Urban, moromuoa ea neng a sebeletsa León nakong eo e foqohang seretse ka 1968 le 1971, o hlalosa hore na ho bile joang: “Lehlabathe le letšo le molora li ile tsa koahela motse ka libeke tse peli. Ho ile ha hlokahala hore le tlosoe ka likharafu marulelong e le hore a se ke a oa. Batho ba ne ba tšoanela ho tšoha hobane León ea khale e ne e kile ea koaheloa ka tsela eo lilemong tse makholo tse fetileng. Moea o ne o fefolela lehlabathe lena hohle. Le ne le le ka lieteng tsa rōna, liaparong, libetheng, lijong esita le ka har’a maqephe a libuka tsa rōna! Leha ho le joalo, boemong bona bohle, barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho ba teng libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo.”
Ka October 1998, Leholiotsoana Mitch, leo litsebi tse ling li ileng tsa re ke “leholiotsoana le bolaileng batho ba bangata ka ho fetisisa Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše lilemong tse makholo a mabeli tse fetileng,” le ile la hohola Amerika Bohareng. Encarta Encyclopedia e re: “Mitch e ile ea bolaea batho ba pakeng tsa 3 000 le 4 000 Nicaragua ’me ea baka tšenyo e khōlō. Lipula tse matla li ile tsa etsa letša mohohlong oa thaba e foqohang seretse ea Casitas, tsa baka ho ritsa ha seretse ho ileng ha koahela sebaka se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 80 (lisekoere-maele tse 30), ha ripitla metsana e mengata.” Likhakanyo tsa morao-rao li re ho ile ha e-shoa batho ba fetang 2 000.
Joaloka linaheng tse ling tse amehileng, Lipaki Tsa Jehova Nicaragua li ile tsa etsa letšolo le leholo la liphallelo. Metseng e meng, baithaopi ba Lipaki ba ile ba ikarola lihlopha tsa bapalami ba libaesekele ba ileng ba ea libakeng tseo ho leng thata hore likoloi li fihle ho tsona e le hore ba ka fumana hore na barab’abo rōna ba ntse ba tsoella joang le ho isa lijo le lintho tse ling. Hangata e ne e e-ba bona ba pele ba tlisang liphallelo, e leng se neng se thabisa barab’abo bona ba seng ba se na mahae. Kapele-pele Lipaki tsa Costa Rica le Panama li ile tsa romela lithane tse 72 tsa lijo le liaparo. Ka mor’a hore ho hlokomeloe litlhoko tse potlakileng, basebetsi ba tlisang liphallelo ba ile ba tsoela pele ka likhoeli tse ngata ba lokisa Liholo Tsa ’Muso le ho hahela barab’abo rōna matlo a macha.
Nicaragua “e ’Ngoe”
Ka 1987 ’muso o ile oa theha libaka tse ling tse peli tse ikemetseng ka bochabela ho Nicaragua. Pele li ne li tsebahala e le Zelaya, hona joale li bitsoa North Atlantic Autonomous Region (RAAN ka Sepanishe) le South Atlantic Autonomous Region (RAAS). Le hoja ka kakaretso libaka tsena li le boholo ba karolo ea 45 lekholong ea Nicaragua, batho ba lulang ho tsona ke karolo ea 10 feela lekholong ea baahi bohle ba naha.
RAAN le RAAS tse nang le merafo e qalikaneng ea khauta le silevera li nama ho tloha methipoloheng e ka bochabela ea libaka tse lithaba tse matsaranka ho fihlela matšeng le mekhoabong ea Mosquito Coast. Lipakeng tsa tsona ho na le meru e fapa-fapaneng ea tropike, lesabasaba le nang le lifate tsa phaena le tsa palema le linōka le melapo e mengata e tsoelipanang ho ea fihla Leoatleng la Caribbean. Ho theosa le lilemo ho hahiloe metse, litoropo le metsana ea mak’halate le ea Mamiskito le ea matsoalloa a mang.
Ho bongata ba Mamiskito, Masumo, Marama le Macreole ao e leng baahi ba sebaka sena, motse-moholo, e leng Managua, ekare ke lefatše le leng. Ka sebele, ho ntse ho se na litsela tse katiloeng tse kopanyang libaka tse ka bochabela le tse ka bophirimela. Le hoja sebakeng sa Atlantic ho buuoa Sepanishe, batho ba bangata ba bua Semiskito, Secreole kapa e ’ngoe ea lipuo tsa naha eo. Bongata bo bolela hore ke Maprostanta, haholo-holo ba tsoang Moravia, ho fapana le sebakeng sa Pacific seo boholo ba baahi ba sona e leng Mak’hatholike. Hoo e ka bang ka litsela tsohle—sebōpeho sa naha, puo, histori, setso le bolumeli—libaka tse ka bochabela li fapana ka ho feletseng le tse ka bophirimela. Kahoo litaba tse molemo li ne li tla amoheloa joang Nicaragua “e ’ngoe”?
Molaetsa oa ’Muso o Fihla Libakeng Tse Hōle
Baromuoa ba bang ba Lipaki ba ile ba etela sebakeng se ka bochabela ho ea se hloela hoo e ka bang ka 1946 ’me ba tsamaisa lingoliloeng. Ka bo-1950, molebeli oa potoloho Sydney Porter le mosali oa hae, Phyllis, ba ile ba etela metsana e lebōpong ea Bluefields le Puerto Cabezas le Lihlekehleke tsa Corn le metse ea merafo ea Rosita, Bonanza le Siuna. Sydney oa pheta: “Ka nako e ’ngoe ha re ne re e-ea merafong, re ile tsa tsamaisa limakasine tse fetang 1 000 le libuka tse 100. Motho e mong le e mong o ne a thabela ho bala.” Kapele ka mor’a moo ho ile ha thehoa lihlopha tse ikemetseng metseng ena, ’me ho tloha ka bo-1970, hanyane ka hanyane lihlopha tsena tsa fetoha liphutheho.
Leha ho le joalo, ho ile ha feta lilemo tse ngata pele likarolo tse ling tsa RAAN le RAAS li finyelloa ka litaba tse molemo. Tse ling tsa lintho tse neng li sitisa mosebetsi oa boboleli e ne e le bohōle ba libaka tseo, ho hlokahala ha litsela tse eang ho tsona le lipula tsa tropike tse nang ka likhoeli tse robeli. Empa tsena e ne e se litšitiso tse ke keng tsa hlōloa, joalokaha bo-pula-maliboho ba bangata ba chesehang le ba sebete ba bontšitse. Ka lebaka la boikemisetso ba bona le ho sebetsa ka thata, hona joale ho na le liphutheho tse supileng le lihlopha tse robong, tse nang le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 400, likarolong tsa RAAN le RAAS.
E le ho bontša liphephetso tseo Lipaki li neng li tobana le tsona libakeng tsena, nahana ka mohlala oa mor’abo rōna ea lilemo li 22. O qeta lihora tse ka bang robeli a tsamaea litseleng tse lithaba hararo ka beke a e-ea libokeng tsa phutheho e batlang e le haufi motseng oa merafo oa Rosita. Ke mohlanka ea sebeletsang le pula-maliboho oa kamehla sebakeng seo. Kaha ke eena feela Paki lelapeng labo, o tloaetse ho paka a le mong sebakeng sena se lithaba moo matlo a qaqolohaneng ka lihora tse peli. Haeba letsatsi le mo likella a le tšebeletsong, o robala hona moo ebe o tsoela pele ho paka letsatsing le hlahlamang, kaha ho thata ho khutlela hae hore a e’o robala teng. Ntat’ae o sa tsoa shoa haufinyane, a tlohela mora enoa oabo rōna, e leng eena e moholo, hore a jare boikarabelo ba ho hlokomela lelapa. Ho sa tsotellehe seo, e ntse e le pula-maliboho. Ha e le hantle, e mong oa barab’abo ba nama e se e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me o tsamaea le eena tšebeletsong.
Selemo le selemo ho tloha ka 1994 ofisi ea lekala e ’nile ea hlophisa matšolo a boboleli sebakeng sena se nammeng. Bo-pula-maliboho ba nakoana ba khethehileng, ba khethiloeng har’a bo-pula-maliboho ba kamehla ba chesehang, ba sebetsa litoropo le metsana e RAAN le RAAS ka likhoeli tse ’nè nakong eo le baletseng. Bo-pula-maliboho bana ba sebete ba feta mochesong o boima, libakeng tse matsaranka, ba kopana le linoha, liphoofolo tse hlaha, metsi a sa hloekang le ho ipeha kotsing ea ho tšoaroa ke mafu a tšoaetsanoang. Sepheo sa bona ke ho fana ka bopaki bo phethahetseng, ho khannela batho ba thahasellang lithuto tsa Bibele le ho tšoara liboka tsa Bokreste ho akarelletsa le Sehopotso. Litholoana tseo ba li fumanang li boetse li thusa ofisi ea lekala ho bona hore na ke hokae moo bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ka abeloang teng. Ho theosa le lilemo, lenaneo lena le thusitse hore ho thehoe liphutheho le lihlopha litoropong tsa Waspam le San Carlos, haufi le Nōka ea Coco ka leboea-bophirimela bo hōle.
Le hoja mak’halate a mangata a buang Sepanishe a tšolohetse RAAN le RAAS, Mamiskito e sa ntse e le bona batho ba bangata haholo libakeng tsena. Lingoliloeng tse ling tse thehiloeng Bibeleng li fumaneha ka Semiskito, ’me bo-pula-maliboho ba bangata ba ithutile puo ena. Ka lebaka leo, molaetsa oa ’Muso o bile le phello e molemo bathong bana ba nang le moea oa ho amohela baeti le ba ratang Bibele.
Ka mohlala, haufi le Nōka ea Likus sebakeng sa RAAN ho na le motsana oa Mamiskito oa Kwiwitingni, o nang le matlo a 46, ao a 6 ho ’ona a neng a se na batho nakong ea letšolo la bopula-maliboho la 2001. Selemong seo bo-pula-maliboho ba nakoana ba khethehileng ba ile ba khanna lithuto tsa Bibele tse 40 motsaneng oo—e leng thuto e le ’ngoe ntlong ka ’ngoe! Ka mor’a khoeli e le ’ngoe feela, liithuti tse tharo li ile tsa batla ho kolobetsoa, ’me e mong e ne e le motlatsi oa moruti oa Kereke ea Moravia ea sebakeng seo. Banna ba babeli le basali ba lulang le bona ba ne ba batla ho ba bahoeletsi, empa ba ne ba e-s’o nyalane ka molao. Kahoo, ka mosa bo-pula-maliboho ba ile ba ba hlalosetsa litekanyetso tsa Bibele mabapi le lenyalo le kolobetso. Nahana thabo eo bo-pula-maliboho bana ba bileng le eona pele ba e-ea hae, ha ba atameloa ke banna bana le basali ba bona ba tšoere mangolo a lenyalo!
Haesale ho etsoa letšolo leo le atlehileng, kamehla bahoeletsi ba Waspam ba ’nile ba tsamaea lik’hilomithara tse 19 ba e-ea Kwiwitingni ho thusa ba thahasellang ho tsoela pele moeeng le ho ba koetlisetsa tšebeletso.
Nakong eo bo-pula-maliboho ba nakoana ba khethehileng ba ntseng ba paka metseng e ’maloa ea Mamiskito haufi le Nōka ea Coco ba ile ba teana le sehlopha se seholo sa Maamerika se ntse se etsa mosebetsi oa kahisano. Bo-pula-maliboho bana ba ile ba ba siela limakasine tsa Senyesemane. Motsaneng oa Francia Sirpi, haufi le Nōka ea Wawa, litho tsa kereke ea Baptiste li ne li ntse li haha sekolo se senyenyane. Moeta-pele oa sehlopha sa kaho o ile a bolella e mong oa bo-pula-maliboho, a re: “Ke khahloa ke mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Le tlile mona ho tla ruta Bibele. Ekare bolumeli ba ka bo ka etsa joalo.”
Ho Hlokahala Barab’abo Rōna ba Nang le Phihlelo
Nakong ea thibelo, hoo e ka bang karolo ea 60 lekholong ea Lipaki tsa Nicaragua e ne e e-ba teng libokeng tse neng li lekana le malapa a manyenyane. ’Me li ne li e-na le lingoliloeng tse seng kae tse sebelisoang tšebeletsong. Likopano li ne li tšoaroa ka liphutheho, ’me lenaneo e le le khutsufalitsoeng. Barab’abo rōna ba seng bakae bao e bileng e leng lihlooho tsa malapa ba ne ba tšoarela balebeli ba potoloho molepo empa e le ka nakoana feela. Ho phaella moo, malapa a mangata a Lipaki tsa khale a ile a fallela libakeng tse ling lilemong tseo tse tletseng moferefere. Kahoo, ha mosebetsi o boela o lumelloa ka molao, ho ne ho e-na le tlhokahalo e potlakileng ea baholo le bo-pula-maliboho ba nang le phihlelo.
Ha e le hantle, baholo ka bobona ba ne ba labalabela ho koetlisetsoa tsamaiso ea mokhatlo, athe bahoeletsi ba ne ba hloka tataiso linthong tse kang ho tsamaisa lingoliloeng tšimong. E le ho hlokomela litlhoko tsena, Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa hore ba fumaneng mangolo Likolong Tsa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi tse neng li tšoaretsoe El Salvador, Mexico le Puerto Rico ba romeloe Nicaragua. E mong oa bara bana babo rōna, Pedro Henríquez, ea fumaneng mangolo sehlopheng sa pele sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi El Salvador, o ile a qala ho potoloha Nicaragua ka 1993. Balebeli ba potoloho ba 11 ba nang le phihlelo ba tsoang Mexico le bona ba ile ba “tšelela” sebakeng sena sa kajeno sa Macedonia ho ea thusa.—Lik. 16:9.
Lilemong tse robong tse fetileng, Nicaragua e boetse ea fumana ba 58 ba fumaneng mangolo Gileade, ba lulang mahaeng a tšeletseng a baromuoa ho pholletsa le naha. Khōlo ea bona ea moea e tlatselitse boemong bo matla ba moea liphuthehong ’me ba thusitse bacha ba bangata ho talima tšebeletso ea nako e tletseng e le pakane e lakatsehang.
Ba ileng ba tla Nicaragua lilemong tsa bo-1960 le bo-1970 ba tlil’o sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō ba ne ba re ke paradeise ea boboleli. Ho ntse ho le joalo le kajeno. Mor’abo rōna ea sebeletsang Lefapheng la Tšebeletso lekaleng oa hlalosa: “Nicaragua e sa ntse e le naha eo ho eona ho itšetlehileng ka mohoeletsi hore na o batla ho khanna lithuto tsa Bibele tse kae, kaha ho na le thahasello e khōlō.” Ka ho utloahalang, ba bangata ba chesehelang ho thusa moo tlhokahalo e leng khōlō le ba balileng litšenyehelo ba ’nile ba ithaopela ho sebeletsa Nicaragua. Ha e le hantle, ka April 2002, bo-pula-maliboho ba 289 ba tsoang linaheng tse 19 ba ne ba se ba falletse moo ho ea thusa. Lipaki tsa sebakeng seo li leboha hakaakang hore ebe ho na le bakotuli baa bohle!—Mat. 9:37, 38.
Kopano e Khōlō e Thabisang
Pele mosebetsi o thibeloa, ho ile ha tšoaroa kopano ea ho qetela e khōlō ka 1978. Kahoo inahanele hore na barab’abo rōna ba ne ba hloletsoe hakaakang ha ba fumana memo ea ho ea kopanong ea setereke e neng e tla tšoareloa Managua ka December 1999! Litho tsa malapa li ile tsa khothalletsoa hore li qalelle ho boloka chelete bakeng sa litšenyehelo tsa leeto le tse ling e le hore bohle ba ka ba teng. E le hore li ka fumana chelete ena, ho ile ha hlokahala hore Lipaki tse ling li leke makhobonthithi. Ka mohlala, kaha nama ea kolobe e ratoa haholo Nicaragua, tse ngata li ile tsa reka likolobe, tsa li rua ’me hamorao tsa li rekisa. Ka lebaka la tokisetso e bohlale le boikemisetso, Lipaki tse 28 356 le batho ba thahasellang ba tsoang libakeng tsohle tse lebōpong ba ile ba khona ho tla lebaleng la sechaba la papali ea baseball Managua bakeng sa Kopano ea Setereke ea “Lentsoe la Molimo la Boprofeta,” e ileng ea qala ka la 24 December.
Ba tlileng kopanong ba ile ba thaba hakaakang ka Moqebelo ho bona ha ho kolobetsoa batho ba 784—e leng batho ba bangata ka ho fetisisa ba kileng ba kolobetsoa historing ea mosebetsi Nicaragua! Baromuoa ba kileng ba sebeletsa moo pele ba ne ba le teng ’me ba phetela bamameli liphihlelo tse khothatsang. Ho feta moo, kopano e ile ea e-ba le tšusumetso e matla le e momahanyang ka ho susumelletsa bohle ho sa tsotellehe hore na ba bua puo efe kapa ke ba morabe ofe, hore ba ikemisetse ho feta leha e le neng pele ho hatela pele “puong e hloekileng” ea ’nete ea moea “e le hore [ba sebeletse Jehova] ka mahetla a bapileng.”—Sof. 3:9.
Ho Sireletsa Tokelo ea Rōna ea ho Phekoloa Ntle ho Tšelo ea Mali
Ho na le Likomiti Tsa Bohokahanyi Tsa Lipetlele (li-HLC) tse tharo Nicaragua, tseo mosebetsi oa tsona o laoloang ke Lefapha la Boitsebiso ba Litšebeletso Tsa Lipetlele le lekaleng. Ntle le ho thusa bakuli ba Lipaki ha ho e-ba le khang e amang tšelo ea mali, likomiti tsena li leka ho tsebisa lingaka le liithuti tsa bongaka ka mekhoa e meng e mengata ea phekolo e ka sebelisoang ntle ho tšelo ea mali e amohelehang ho Lipaki Tsa Jehova.
Ho finyella seo, litho tsa li-HLC li ile tsa fana ka lipuo le linehelano tsa video ho lingaka le liithuti tsa bongaka, tseo bongata ba tsona li faneng ka litlhaloso tse molemo. Ha e le hantle, lingaka tse ngata tse buoang le lingaka tse robatsang batho ka lithethefatsi li bontšitse hore li ikemiselitse ho sebelisana le Lipaki Tsa Jehova ho hlompha boemo ba tsona bo thehiloeng Bibeleng tabeng ea tšelo ea mali.
Boikemisetso ba ho Tsoela Pele
Histori ea puso ea Molimo Nicaragua e fana ka bopaki bo bongata ba hore likoluoa tsa tlhaho kapa tse bakiloeng ke batho li ke ke tsa thibela hore litaba tse molemo li tsoele pele. Ka sebele, Jehova o entse hore “e monyenyane” a fetohe “ba sekete.” (Esa. 60:22) Tlaleho ea pele ea tšebeletso ea tšimo ea naha, e rometsoeng ka 1943, e ile ea bontša tšebetso ea bahoeletsi ba bararo feela; lilemo tse 40 hamorao ho ne ho se ho e-na le bahoeletsi ba 4 477. Ka 1990 ha baromuoa ba lumelloa ho khutla, palo eo e ile ea nyolohela ho 7 894! Tlhohonolofatso ea Jehova e ile ea tsoela pele ho theosa le lilemo tsa bo-1990, e leng nako eo ka eona palo ea bahoeletsi ba ’Muso e ileng ea imena ka makhetlo a ka bang mabeli.
Ha ho pelaelo hore keketseho ena e entse hore ho be le tlhokahalo e potlakileng ea Liholo Tsa ’Muso. Ka lebaka leo, ofisi ea lekala e laetse hore ho be le lenaneo le pharaletseng la kaho le akarelletsang kaho ea Liholo Tsa ’Muso tse eketsehileng tse 120, ntle ho ea lekala le lecha Ticuantepe, lik’hilomithara tse 11 ka boroa ho Managua. Lekala le tla phethoa ka April 2003.
Lilemong tsa morao tjena moruo oa Nicaragua o ntlafetse, haholo-holo Managua, e leng motse oo ho oona ho ileng ha e-ba le menyetla e eketsehileng ea mosebetsi, thuto le boithabiso. Hohle motseng ho bonahala merero e tsoelang pele ea kaho, ’me motse oo hona joale o na le lireschorente, liteishene tsa peterole le litsi tsa khoebo tse tletseng thepa e rekisoang le mekhabiso e meng e mengata ea linaha tsa Bophirimela.
Tikoloho e joalo e nang le liteko tse ngata e hlahisetsa Bakreste liphephetso tse ncha. Moholo e mong oa khale o itse: “Liphetoho li etsahala ka potlako. Ho joaloka ho beha sekotlolo se tletseng lipompong ka pel’a ngoana eo esale a itjella raese le linaoa feela ebe u re ho eena: ‘U itlhokomele!’ E, re tseba tsela ea ho sebeletsa Jehova mathateng, empa joale re tobane le sera se mano. Boemo bo thata haholoanyane.”
Leha ho le joalo, botšepehi, cheseho le sebete seo batho ba Jehova ba se bontšitseng lilemong tsa thibelo li sa ntse li beha litholoana tse ntle. Bana ba bangata ba hōtseng nakong eo hona joale ke baholo, bo-pula-maliboho le baithaopi ba Bethele. Hona joale Nicaragua e na le lipotoloho tse 17 tse bōpiloeng ka liphutheho tse 295, ho akarelletsa le lihlopha tse 31 tse ka thōko. Tlaleho ea August 2002 e bontšitse tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 16 676, empa ba bileng teng Sehopotsong selemong seo ke ba 66 751!
Ka hona, re rapella hore batho ba bangata naheng ena e nang le lintho tsa mefuta-futa ba tsebe Jehova pele ‘selemo sa hae sa kamohelo’ se fela. (Esa. 61:2) E, e se eka Ntate oa rōna oa leholimo a ka tsoela pele ho atolosa meeli ea paradeise ea rōna ea moea ho fihlela lefatše lohle le “tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esa. 11:9.
[Lebokose le leqepheng la 72]
Tlhahlobo e Akaretsang ea Nicaragua
Naha: Nicaragua ke naha e khōlō ka ho fetisisa Amerika Bohareng. Lithaba tse bohareng li e arotse likarolo tse peli. Karolo e ka bophirimela e na le matša. Kaha karolo e ka bochabela e otile, boholo ba eona ke meru ea tropike le liphula. Nicaragua e na le lithaba tse ka bang 40 tse kileng tsa foqoha seretse se chesang; tse ling tsa tsona li sa ntse li ka foqoha seretse se chesang neng kapa neng.
Batho: Bongata ke mak’halate a buang Sepanishe—e leng lesika la Maindia a Amerika le Maeurope. Maindia a seng makae a Monimbó le Subtiaba a lula lebōpong le ka bophirimela, athe sebakeng se ka bochabela ho lula Maindia a Mamiskito, Masumo le Marama, hammoho le Macreole le Macaribbean a Maafrika. Bolumeli bo ka sehloohong ke ba Roma e K’hatholike.
Puo: Sepanishe ke eona puo ea molao. Ho boetse ho buuoa lipuo tsa matsoalloa a sebakeng seo.
Mokhoa oa boipheliso: Temo ke mohloli o ka sehloohong oa tšehetso ea moruo oa Nicaragua.
Lijo: Lijalo tse ka sehloohong tse jeoang teng ke raese, poone, linaoa, mabele, libanana, cassava le litholoana tsa mefuta-futa. Lihlahisoa tse romeloang linaheng tse ling li akarelletsa kofi, tsoekere, libanana, tlhapi le nama ea khomo.
Tlelaemete: Nicaragua ke naha ea tropike. Ho na pula ea botebo ba lisenthimithara tse 190 ho ea ho tse 380, ho itšetlehile ka sebaka ka seng. Lithempereichara haufi le mabōpo e ka ba likhato tse 26 tsa Celsius. Libakeng tse lithaba ho phola-pholile.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 99-102]
Tšoaro e Mpe ea Sepolesa sa Mautloela
Húber le Telma López
Pale ea Bophelo ba Bona: Ke batsoali ba bana ba bararo ba seng ba hōlile. Húber ke moholo phuthehong ea habo.
Tlas’a ’muso oa phetohelo, bahlanka ba sebeletsang le baholo ba ne ba atisa ho tšoaroa ke litho tsa Lefapha la Tšireletso ea Naha ’me ba kenngoa litlamong ka nako e etsang letsatsi ho ea ho libeke tse ngata e le hore ba hlongoe lipotso. Ka lebaka la ho se jele paate ho thehiloeng Bibeleng, Lipaki Tsa Jehova li ne li qosoa ka hore li hlohlelletsa batho ho fetohela ’muso le hoja li sa ka tsa qosoa ka molao. Ba re hlomang lipotso ba ne ba batla mabitso a “barupeli” le “baeta-pele” ba rōna.
E mong oa barab’abo rōna ba bangata ba ileng ba feta maemong ana ke Húber López, eo kajeno e leng moholo le ntate oa bana ba bararo ba seng ba hōlile. Ka December 1985, Mor’abo rōna López o ile a tšoaroa a le ha hae La Reforma, motseng oa mahaeng o bohōle ba lik’hilomithara tse 40 ka boroa-bochabela ho Managua. Mosali oa hae, Telma, o pheta tsieleho ea letsatsing leo:
“Ka 4:00 thapama, lijipi tse peli li ile tsa ema ka pel’a ntlo ea rōna, ho e ’ngoe ho ne ho palame manģosa a Lefapha la Tšireletso ea Naha, ho e ’ngoe ho palame masole a ileng a lika-liketsa ntlo. Ha ke bolella manģosa ana hore monna oa ka ha a eo, a ile a re ’na le bana re tsoele ka ntle, a re a batla ho phenyekolla ntlo. Leha ho le joalo, mor’a rōna oa letsibolo, Elmer, ea neng a le lilemo li leshome o ile a sala ka tlung. O ne a shebile ha ba qala ho phahlolla raka ea libuka tsa lefatše le tsa puso ea Molimo. Monna oa ka o ne a patile litlaleho tse ling tsa phutheho pakeng tsa libuka tseo. Ha bahlaseli bana ba nka libuka ba li isa lijiping, Elmer o ile a hoeletsa: ‘Ntate, na le tlil’o nka le libuka tsa ka tsa sekolo?’ Lesole leo la araba ka bohale: ‘Ho lokile, li nke.’ Mora oa rōna o ile a pholosa libuka tsa hae ka tsela eo hammoho le litlaleho tsa phutheho.
“Ha re ntse re e-ja lijo tsa mantsiboea letsatsing leo, masole a ile a khutla. A re supile ka lithunya, a ile a nka monna oa ka bana ba ntse ba shebile, ba lla. Masole ana ha aa ka a re bolella hore na a mo nkela’ng kapa a mo isa kae.”
Ha a hlalosa se ileng sa latela, Mor’abo rōna López o re: “Ke ile ka isoa teronkong ea Masaya ’me ka kenngoa seleng e nang le linokoane tsa mefuta eohle. Hang-hang ke ile ka ipolela hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me ka qeta lihora tse ’maloa ke ntse ke pakela banna bana. Ka khitla, motho e mong o ile a ntšupa ka sethunya eaba o ntaela hore ke tsoele ka ntle ho sele ’me ke kene jiping e emeng ka ntle lefifing. Ke ile ka bolelloa hore ke iname, empa ha ke kena, ke ile ka tseba ba bang ba bane ka jiping ba inamisitseng lihlooho. E ne e le bahlanka ba sebeletsang le baholo ba Masaya ba neng ba tšoeroe mantsiboeeng ao.
“Ka makhetlo a mabeli bosiung boo, ba ile ba re tšosa ka hore ba tla re bolaea, pele tšimong ea kofi ’me ka mor’a moo ba re isa motseng, moo ba ileng ba re kolokisa leboteng. Ka makhetlo a mabeli ho ne ho bonahala eka ba emetse ho utloa hore na re tla re’ng, empa kaofela ha rōna ra le nyaea la koloba. Qetellong, ba ile ba re isa teronkong ea Jinotepe ’me ba re kenya liseleng tse arohaneng ka matsatsi a mararo.
“Re ne re lumelloa ho robala lihora tse seng kae feela. Ho ne ho le lefifi la bonka-ntjana ka liseleng tsa rōna, kahoo re ne re sa tsebe hore na ke bosiu kapa ke motšehare. Khafetsa re ne re bitsetsoa kamoreng e ’ngoe re il’o hlongoa lipotso ka mosebetsi oa rōna oa boboleli, liboka le mabitso a ‘baeta-pele’ ba rōna. E mong oa ba neng ba ntlhoma lipotso o ile a ba a ntšosa ka hore o tla tšoara batsoali ba ka ’me a ba qobelle ho tsoa ka litaba. Ha e le hantle, ke ile ka utloa mantsoe a batsoali ba ka, mosali oa ka le litho tse ling tsa lelapa ke ntse ke le ka seleng. Leha ho le joalo, seo ke ileng ka se utloa e ne e le mantsoe a rekotiloeng a reretsoeng ho nthetsa e le hore nka lumela hore litho tsa lelapa la ka li bitsitsoe ho tla hlongoa lipotso.
“Ka letsatsi la bone, e leng Labone, ke ile ka bolelloa hore ke tla lokolloa. Empa pele ke ne ke lokela ho tekena phatlalatso ea ho ikana hore ke tla tlohela ho bolella ba bang ka bolumeli ba ka. Ke ile ka boela ka bolelloa hore Lipaki tsa heso li se li tekenne—ka ho hlakileng e ne e le leshano. Ba neng ba ntlhoma lipotso ba ile ba re: ‘Haeba u hana ho tekena, re ke ke ra u lokolla ’me u tla bolla mona.’
“Ka araba: ‘Ha ho le joalo, ke kōpa hore le se ke la ntokolla; ntloheleng hona mona.’
“‘Hobane’ng ha u rialo?’
“‘Hobane ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me mosebetsi oa ka ke ho bolela.’
“Ke ile ka makala ha re lokolloa kaofela re le bahlano ka letsatsi le le leng. Ka sebele, Jehova o ile a araba lithapelo tsa rōna ’me a re matlafatsa e le hore re ka lula re khutsitse le hore re se ke ra eka barab’abo rōna. Leha ho le joalo, ka mor’a ketsahalo eo re ile ra lula re behiloe leihlo.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 105, 106]
Ba Qobelloa ho ea Mapatlelong a Ntoa
Giovanni Gaitán
O Kolobelitsoe ka: 1987
Pale ea Bophelo ba Hae: O ne a saletsoe ke libeke tse seng kae feela a kolobetsoa ha a tšoaroa, o ile a qobelloa ho tsamaea le BLI ka likhoeli tse 28. E bile pula-maliboho oa kamehla ka lilemo tse fetang robeli.
Bara ba bang babo rōna ba bacha ba ile ba qobelloa ho tsamaea le Mabotho a Ntoa a Tšohanyetso (BLI ka Sepanishe) a neng a loana likhoeng tsa lithaba.
E mong oa bona e ne e le Giovanni Gaitán. Ha e sa ntse e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang, Giovanni o ile a qeta likhoeli tse 28 a e-na le BLI. O ile a tšoaroa libeke tse seng kae pele a kolobetsoa. Giovanni oa pheta: “Liteko tsa ka li qalile ka mor’a ntoa ea pele. Molaoli o ile a ntaela ho hlatsoa junifomo e qaphalelitsoeng ke mali ea lesole le shoeleng. Ke ile ka hana, ka mo bolella hore ho etsa joalo e ne e tla ba bohato ba pele bo tla fella ka hore ke sekisetse ho se jele paate ha ka ha Bokreste. Molaoli eo o ile a halefa ’me a ntjabela lerameng. A ntša sethunya a se beha hloohong ea ka ’me a se khoephetsa empa ha sea ka sa thunya. Kahoo a nkotla ka sona sefahlehong a ntšokela ka hore haeba ke ntse ke sa mo mamele, o tla mpolaea.
“Likhoeling tse latelang tse 18, motho enoa o ile a ntšulafalletsa bophelo. Ka makhetlo a mangata, o ile a ntlama matsoho letsatsi lohle hoo ke neng ke sitoa ho ja. Boemong boo, hangata ke ne ke qobelloa ho tsamaea sekhoeng ke eteletse sehlopha pele, sethunya le liqhomane li faselelitsoe ka mokokotlong oa ka—e le hore nka ba phofu e ka sehloohong ea sera! O ile a nkotla ’me a ntšokela ka hore o tla mpolaea, haholo-holo nakong ea ntoa e mahlo-mafubelu ha batho ba ntse ba shoa ka thōko ho ’na ’me ke hana ho nka lithunya tsa bona. Empa ha kea ka ka mo hloea ebile ha kea ka ka tšoha, hobane Jehova o ile a etsa hore ke be sebete.
“Hoseng ho hong ka March 1985, ’na le bara ba bang babo rōna re ile ra theoloa lithabeng ra isoa moo malapa a rōna a neng a lumeletsoe ho re etela teng haufi le Mulukukú, e bohōle ba lik’hilomithara tse 300 ka leboea-bochabela ho Managua. Ha re ntse re ja ’me re qoqa le litho tsa malapa a rōna, ke ile ka bona molaoli enoa a lutse a le mong. Ke ile ka mo isetsa lijo. Ha a qeta ho ja o ile a mpitsa. Ke ne ke lebeletse hore ke tla kena khathatsong, empa ka makala ha a kōpa tšoarelo bakeng sa tsela eo a neng a ntšoere ka eona. O ile a ba a mpotsa ka seo ke se lumelang. E ne e le lekhetlo la ho qetela ke mo bona; kapele ka mor’a moo o ile a shoella kotsing ea teraka ea sesole.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 116-118]
Litho Tse Peli Tsa Komiti ea Naha Lia Hopola
Nakong ea thibelo, mosebetsi Nicaragua o ile oa e-ba tlas’a taolo ea lekala la Costa Rica. Ho ile ha khethoa komiti ea naha Nicaragua e le hore e hlokomele mosebetsi sebakeng seo. Barab’abo rōna ba babeli ba neng ba sebeletsa komiting eo, e leng Alfonso Joya le Agustín Sequeira, ba hopola linako tseo tsa teko.
Alfonso Joya: “Ke ne ke le moholo Managua ha ke memeloa ho sebeletsa komiting eo ea naha ka 1985. Mosebetsing oa ka oa boipheliso ke ne ke le mookameli oa lekala le leholo la banka e tsebahalang. Tsebo eo ke neng ke e fumane mosebetsing e ile ea ’nolofalletsa ho sebelisa lichelete tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova hamolemo nakong eo ka eona chelete ea Nicaragua e neng e felloa ke matla ka potlako, ’me moruo oa eona o putlama. Esita le lieta feela tjee, tse neng li rekoa ka li-cordoba tse 250, ka ho panya ha leihlo li ne li se li rekoa ka li-cordoba tse limilione tse peli!
“Nakong ena e thata moruong, ho ile ha boela ha e-ba le leqeme la peterole, le ileng la thatafalletsa barab’abo rōna ho isa lingoliloeng liphuthehong tse hōle. Jehova o ile a re thusa ka ho ’nolofalletsa ho thusa barab’abo rōna ka peterole e hlokahalang.
“Lelapa la ka le ne le sa tsebe hore ke setho sa komiti ea naha. Ka nako eo, ke ne ke le lilemo li 35 ’me ke tšoaneleha bakeng sa boemo ba ho koala likheo sesoleng. Ka makhetlo a mane a sa tšoaneng, masole a ile a leka ho nqobella ho ngolisetsa sesole, ’me ka lekhetlo le leng a ba a ntata lapeng. Ke sa ntse ke hopola ketsahalo eo hantle, hobane mosali oa ka le bana ba bararo ba banyenyane ba ne ba le pel’a ka ha ke supiloe ka sethunya. Ka ho hlollang, ha kea ka ka felloa ke mosebetsi bankeng.”
Agustín Sequeira: “Ke ne ke le pula-maliboho ea khethehileng motsaneng oa Boaco ha baromuoa ba lelekoa ka har’a naha ka 1982. Hamorao, ka ba le tokelo ea ho khetheloa ho ba setho sa komiti ea naha. Barab’abo rōna phuthehong ea heso ba ne ba sa tsebe hore ke khethiloe. Ke ne ke tsoha ka 4:00 hoseng, ke etsa mosebetsi oa ofisi ebe ke kopanela tšebeletsong ea tšimo le phutheho.
“Litho tsohle tsa komiti ea naha li ne li sebelisa mabitso a iqapetsoeng ha re ntse re phetha boikarabelo ba rōna, ’me ra lumellana hore re se ke ra bolellana makolopetso a mosebetsi oa rōna. Sena e ne e le tšireletso haeba re ne re ka tšoaroa. Re ne re se na ofisi empa re sebeletsa mahaeng a sa tšoaneng. Kaha mokotlana oa libuka o ne o ka tsosa libata masene, ka linako tse ling ke ne ke kenya lipampiri tsa ofisi ka mokotlaneng ebe ke beha lieiee ka holimo li hlahisitse mahaba. Ka makhetlo a seng makae ke ile ka pholoha ka lesoba la nale.
“Litho tsa Komiti ea Lekala ea Costa Rica li ile tsa re etela ka makhetlo a ’maloa ho re khothatsa le ho re tataisa. Ketsahalo eo ke sa e lebaleng le e khothatsang ka ho fetisisa ke ha ho ne ho neheloa lekala la Costa Rica ka January 1987, hobane ka nako eo ’na le setho se seng sa komiti ea naha re ile ra thabela ho kopana le litho tse peli tsa Sehlopha se Busang.”
Pejana tlaleho ena e hatisoa, Mor’abo rōna Sequeira o ile a hlokahala. O ne a le lilemo li 86 ’me a bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse fetang 22. E ne e le setho sa Komiti ea Lekala Nicaragua.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 122, 123]
Re Fumane Tokoloho ea ’Nete Teronkong
Pakeng tsa 1979 le 1989, Cárcel Modelo e ne e tletse batšoaruoa ba masole le ba lipolotiki bao e neng e le litho tsa ’muso oa pele. Molaetsa oa ’Muso o ile oa phunyelletsa marako ana, oa kena lipelong le likelellong tsa batho ba tšepahalang ’me oa ba thusa ho hlaolela botho bo kang ba Kreste. (Bakol. 3:5-10) Batšoaruoa ba pele baa hlalosa.
José de la Cruz López: “Ha ke le teronkong, ke ne ke halefile ke bile ke se na tšepo, ke se na bokamoso. Eaba ke teana le batšoaruoa-’moho le ’na ba neng ba fetohile Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka khahloa ke tsela eo ba hlalosang Bibele ka eona le boitšoaro ba bona bo botle. Qetellong, ke ile ka khotsofala moeeng ’me ka ba le tšepo. Ke ile ka ba le maikutlo a hore haeba ke ne ke ikemiselitse ho tela bophelo ba ka molemong oa ’muso oa batho o sa faneng ka tšepo ea sebele, ke habohlokoa hakaakang hore ke tšepahalle Ea nteletseng Mora oa hae! Ka mor’a hore ke lokolloe teronkong, mosali oa ka le barali ba ka le litho tse ling tse tharo tsa lelapa le bona ba ile ba ithuta ’nete. Ka sebele, le ka mohla nke ke ka khona ho buseletsa Jehova ka seo a nketselitseng sona.”
Mor’abo rōna López ke moholo Managua.
Omar Antonio Espinoza: “Ha ke le lilemo li 18, ke ile ka ahloleloa lilemo tse 30 ’me ka qeta lilemo tse 10 teronkong pele ke tšoareloa. Le hoja ke ne ke ikoahlaela hore ke ile ka lahleheloa ke tokoloho ea ka, ke ile ka tseba Jehova teronkong ’me ka fumana tokoloho ea ’nete. Pele ke ne ke phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng, empa joale ke fetohile ka hohle-hohle. Ke leboha Jehova hore ebe ka kutloisiso ea moea senoelo sa ka se tletse. Ke na le boikemisetso bo tšoanang le ba Joshua: ‘Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.’—Josh. 24:15.”
Mor’abo rōna Espinoza ke moholo motseng oa Rivas.
Anastasio Ramón Mendoza: “Ka mor’a likhoeli tse seng kae feela ke koaletsoe teronkong, ke ile ka qala ho ipalla Bibele. Eaba ke qala ho e bala le motšoaruoa-’moho le ’na eo e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Kapele-pele ke ile ka kholiseha hore ke fumane ’nete. Empa ke ile ka chechisetsa kolobetso morao hobane ke ne ke hloile batho ba ileng ba ntšoara—e leng boikutlo boo ke neng ke tseba hore Jehova ha a bo amohele.
“Ke ile ka rapela ka matla, ke kōpa tšoarelo le thuso ea ho hlōla boikutlo ba ka bo kotsi. Jehova o ile a sekehela lithapeli tsa ka tsebe, hobane o ile a nthuta hore ke se ke ka hloea batho, empa ke hloee boikutlo le liketso tse mpe. Ke ile ka kolobetsoa ka 1982. Haesale ke lokolloa ka 1989, ke ithutile Bibele le ba bangata bao e neng e le masole le ba bang ba neng ba le boemong bo tšoanang le ba ka. Hona joale ba bang ke barab’eso ba moea.”
Mor’abo rōna Mendoza ke mohlanka ea sebeletsang Managua.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 141-145]
Lithapelo Tsa Moruti Lia Arabeloa
Teodosio Gurdián
O Kolobelitsoe ka: 1986
Pale ea Bophelo ba Hae: Hona joale Mor’abo rōna Gurdián ke moholo Phuthehong ea Wamblán.
Ka 1986, ha ntoa lipakeng tsa Sandinista le lingangele e le mahlo-mafubelu, bahoeletsi ba babeli ba phutheho e nyenyane ea San Juan del Río Coco ba ile ba nka leeto la lik’hilomithara tse 100 ba ea ka leboea Wamblán, e leng motse o bohareng ba sebaka se lithaba maralleng a omeletseng haufi le moeli oa Honduras. Sehlopha se senyenyane sa Lipaki se neng se lula sebakeng seo se ile sa falla Wamblán lilemo tse peli pejana ka lebaka la ntoa. Bara bana babo rōna ba babeli ba ne ba batla monna ea bitsoang Teodosio Gurdián. Teodosio o hlalosa lebaka leo ba neng ba mo batla ka lona.
“Ke bile moruti kerekeng ea evangeli Wamblán. Kereke ea rōna e ne e laoloa ke Mokhatlo oa Sechaba oa Baruti ba Nicaragua (ANPEN ka Sepanishe), e leng mokhatlo oa baruti bohle ba bolumeli ba Prostanta Managua. Ka mor’a hore batšehetsi ba Sandinista ba qale ho busa, ANPEN e ile ea tekena selekane e lumela hore baruti le litho tsa likereke tsa bona ba tla tšehetsa Likomiti Tsa Tšireletso Tsa Sandinista le mekhatlo e meng, ho akarelletsa le sesole. Empa sena se ile sa ntšoenya, hobane ke ile ka ipotsa, ‘Mosebeletsi oa Molimo a ka nka lihlomo joang?’
“Eaba ke fumana buka ea Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—Li Tsoa Mohloling Ofe? lelapeng la Lipaki le neng le lula Wamblán ka nako eo. Ke ile ka e bala ho fihlela ka khitla. Ke ile ka boela ka qala ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! kamehla. Qetellong, tsena e ne e le lijo tsa moea tsa sebele. Ha e le hantle, ke ne ke bile ke sebelisa boitsebiso boo ha ke rera. Ka mor’a hore balaoli ba kereke ba tsebe ka sena, ba ile ba mpitsetsa liofising tse khōlō Managua.
“Kaha balaoli ba ne ba nahana hore ke haelloa ke tsebo ea boruti, ba ile ba mpha lihlapiso tsa ho ea ithuta ka likhoeli tse robeli Managua. Leha ho le joalo, lintho tseo ke ithutileng tsona lingoliloenng tsa Lipaki li ne li thehiloe Bibeleng. Kahoo ke ile ka botsa balaoli ba kereke lipotso tse ngata, tse kang, ‘Ke hobane’ng ha re sa bolele ka ntlo le ntlo joaloka Bakreste ba pele? Ke hobane’ng ha re ntša karolo ea leshome haeba baapostola ba ne ba sa hloke hore e ntšoe?’ Ha kea ka ka khotsofatsoa ke likarabo tsa lipotso tsa ka, ’me kapele batho bana ba ile ba qala ho re ke Paki.
“Ka mor’a ketsahalo ena, ke ile ka khaotsa ho ea kerekeng ’me ka batla Lipaki Tsa Jehova Managua. Empa e ne e le ka 1984, ’me Lipaki li ne li kopanela ka sekhukhu. Kahoo ka mor’a hore ke li batle ka libeke tse peli ke sa li fumane, ke ile ka khutlela Wamblán ’me ka phelisa lelapa la ka ka ho lema poone le linaoa serapeng se senyenyane.
“Lipaki tse neng li lula Wamblán li ne li abile lingoliloeng tse ngata pele li tloha sebakeng seo. Kahoo ha ke fumana lingoliloeng tsena malapeng ao ke a etetseng, ke ne ke botsa: ‘Na buka ee lea e bala? Na le ka nthekisetsa eona?’ Ba bangata ba ne ba mpha tsona, kahoo ke ile ka ba le libuka tse ’maloa tsa puso ea Molimo.
“Le hoja ke ne ke sa ipolele phatlalatsa hore ke Paki, batho ba Wamblán le bona ba ile ba qala ho re ke eona. Kahoo, kapele manģosa a Lefapha la Tšireletso ea Naha a ile a mpotsa lipotso mabapi le mosebetsi oa ka. Ba ba ba mpolella hore nka paka metseng e haufi haeba nka ba bolella mabitso a batšehetsi ba lingangele. Ke ile ka araba: ‘Haeba nka etsa seo le se kōpang, ke tla be ke latotse Molimo oa ka, ’me nke ke ka se etsa. Jehova o batla hore ke inehele ho eena feela.’
“Ka lekhetlo le leng, ofisiri ea sesole e ile ea nkōpa hore ke tekene tokomane e bontšang hore ke tšehetsa Sandinista. Ka hana. Eaba e ntša sethunya ’me e ntšokela ka ho re: ‘Ha u tsebe hore re ka felisa batho ba kotulang moo ba sa jalang le ba sa tšehetseng phetohelo?’ Empa ho e-na le ho nthunya, e ile ea mpha nako ea ho nahanisisa. Bosiung boo ka re mosali oa ka a sale hantle. Ka mo bolella ka re: ‘Le haeba nka tekena pampiri eo, ke ntse ke tla shoa. Empa haeba nka shoa ke sa e tekena, Jehova a ka nkhopola tsohong ea bafu. Hlokomela bana bao ’me u tšepe Jehova. O tla re thusa.’ Hoseng ha letsatsi le latelang ke ile ka bolella ofisiri ena ka re: ‘Ke ’na enoa. Etsa seo u se ratang, empa nke ke ka tekena.’ Ea ōma ka hlooho ’me ea re: ‘Kea u lebohela. Ke tsebile hore u tla araba ka tsela eo. Ke tseba Lipaki Tsa Jehova.’ Eaba ea ntokolla.
“Ka mor’a moo, ke ile ka paka phatlalatsa, ke ea metseng e thōko ’me ke khothalletsa ba thahasellang ho bokana hammoho. Har’a ba pele ba ileng ba arabela e bile banyalani ba hōlileng; eaba ho latela malapa a mang. Kapele ba neng ba e-ba teng libokeng kamehla ba ne ba e-ba 30. Ke ne ke sebelisa litokollo tsa khale tsa Molula-Qhooa ke fana ka puo, kaha re ne re e-na le kopi e le ’ngoe feela. Ke ne ke bile ke ithuta Bibele le masole a mang, le leng la ’ona e ile ea e-ba Paki hamorao.
“Ka 1985 lesole le neng le etetse motseng ka nakoana le ile la mpolella hore ho na le phutheho ea Lipaki Tsa Jehova Jinotega, e bohōle ba lik’hilomithara tse 110 ka boroa ho Wamblán. Ke ile ka kōpa seithuti sa Bibele sa Wamblán hore se mphelehetse ho ea sebakeng seo. Ka mor’a ho botsa ’marakeng Jinotega, qetellong re ile ra fumana lehae la Lipaki. Mosali o ile a bula monyako. Ha re mo bolella hore re Lipaki Tsa Jehova, a re botsa hore na re tlile Sehopotsong. Re ile ra botsa: ‘Sehopotso ke eng?’ Ha a utloa seo, a bitsa monna oa hae. Ha a utloa hore re tiile, a re re kene. Ka masoabi, Sehopotso se ne se tšoeroe mantsiboeeng a fetileng, empa re ile ra qeta matsatsi a mararo re le lehaeng la bona ’me ra kopanela Thutong ea Buka ea Phutheho ka lekhetlo la pele.
“Ka mor’a hore re khutlele Wamblán, ke ile ka tsoela pele ho paka le ho tšoara liboka ke le mong. Eaba letsatsi pele ho Sehopotso sa 1986, ho fihla barab’abo rōna ba babeli bao ho buuoeng ka bona qalong. Kapele sehlopha sa rōna se senyenyane sa liithuti tsa Bibele se ile sa tsebisa bohle ba thahasellang metsaneng e haufi, ’me ba 85 ba e-ba teng Sehopotsong sa rōna sa pele.
“Ke ile ka kolobetsoa ka October selemong seo, hammoho le lithuto tsa ka tsa Bibele tsa pele—banyalani ba hōlileng bao ho buuoeng ka bona pejana, bao ka nako eo ba neng ba le lilemong tsa bo-80. Kajeno Phutheho ea Wamblán e na le bahoeletsi ba 74 le bo-pula-maliboho ba kamehla ba 3. Ke na le tokelo ea ho sebeletsa ke le e mong oa baholo. Ka 2001, re ile ra tšoara Sehopotso metsaneng e meng e meraro ho akarelletsa le Wamblán, ha e-ba le ba 452.”
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 80, 81]
NICARAGUA—LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA
1925
1934: Morali’abo rōna oa pula-maliboho ea neng a etetse moo o tsamaisa lingoliloeng ka har’a naha.
1937: Puso ea Somoza ea qala.
1945: Ba pele ba fumaneng mangolo Gileade baa fihla.
1946: N. H. Knorr le F. W. Franz ba etela Managua. Ho thehoa lekala.
1950
1952: Ka tlhohlelletso ea baruti ba K’hatholike, mosebetsi oa thibeloa.
1953: Lekhotla le ka Holimo-limo le tlosa thibelo.
1972: Tšisinyeho ea lefatše e ripitla Managua.
1974: Ofisi e ncha ea lekala le lehae la baromuoa lia phethoa.
1975
1979: Batšehetsi ba Sandinista ba ketola puso ea Somoza. Ho shoa batho ba ka bang 50 000 phetohelong.
1981: Lipaki Tsa Jehova lia thibeloa.
1990: Lipaki Tsa Jehova li boetse li lumelloa ka molao.
1994: Ho khethoa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba lekholo. Ho latela liphutuho tse tšoanang.
1998: Leholiotsoana Mitch le ruthutha Amerika Bohareng, le bolaea batho ba 4 000 Nicaragua.
2000
2002: Ho na le bahoeletsi ba mafolofolo ba 16 676 Nicaragua.
[Krafo]
(Sheba sengoliloeng)
Kakaretso ea Bahoeletsi
Kakaretso ea Bo-pula-maliboho
20 000
15 000
10 000
5 000
1950 1975 2000
[Limmapa tse leqepheng la 73]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
HONDURAS
NICARAGUA
Matagalpa
León
MANAGUA
Masaya
Jinotepe
Granada
Letša la Nicaragua
Sehlekehleke sa Ometepe
Mochophoro oa Rivas
Nōka ea San Juan
Bluefields
COSTA RICA
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]
[Setšoantšo se leqepheng la 70]
Ka holimo: Francis (ka ho le letšehali) le William Wallace le khaitseli ea bona Jane
[Setšoantšo se leqepheng la 70]
Ka tlaase (moleng o ka morao, ho tloha holimo ho ea tlaase): Wilbert Geiselman, Harold Duncan le Francis Wallace; (moleng o ka pele, ho tloha holimo ho ea tlaase): Blanche Casey, Eugene Call, Ann Geiselman, Jane Wallace le Evelyn Duncan
[Litšoantšo tse leqepheng la 71]
Ka holimo: Adelina le Arnoldo Castro
Ka ho le letona: Dora le Evaristo Sánchez
[Setšoantšo se leqepheng la 76]
Doris Niehoff
[Setšoantšo se leqepheng la 76]
Sydney le Phyllis Porter
[Setšoantšo se leqepheng la 79]
Agustín Sequeira e bile mohoeletsi oa pele Matagalpa
[Setšoantšo se leqepheng la 82]
María Elsa
[Setšoantšo se leqepheng la 82]
Gilberto Solís le mosali oa hae, María Cecilia
[Litšoantšo tse leqepheng la 87]
Tšisinyeho ea lefatše ea 1972 e ile ea ripitla Managua
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Andrew le Miriam Reed
[Setšoantšo se leqepheng la 90]
Ruby le Kevin Block
[Setšoantšo se leqepheng la 92]
Ho ile ha sebelisoa polasi bakeng sa Kopano ea Setereke ea “Botšepehi ’Musong”
[Litšoantšo tse leqepheng la 95]
Baromuoa ba ileng ba lelekoa Nicaragua ka 1982
[Setšoantšo se leqepheng la 109]
Barab’abo rōna ba neng ba hatisa lingoliloeng tlas’a thibelo, ka mechine e etsang likopi, Mokoko, Sethole le Tsuonyana
[Setšoantšo se leqepheng la 110]
Elda Sánchez o ne a lokisa listensele a sa tšabe
[Setšoantšo se leqepheng la 115]
Barali bana babo rōna ba ne ba pheha lijo ’me ba lebela ha barab’abo rōna ba ntse ba hatisa
[Setšoantšo se leqepheng la 126]
Moleng o ka pele: Bara ba bang babo rōna ba ithutileng ’nete teronkong, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: J. López, A. Mendoza le O. Espinoza; mola o ka morao: Carlos Ayala le Julio Núñez, baholo ba ileng ba etela teronkong ho ea thusa barab’abo rōna moeeng
[Setšoantšo se leqepheng la 133]
Ka mor’a hore lithibelo tse behetsoeng Lipaki Tsa Jehova li tlosoe ntlo ena e ile ea sebeletsa e le ofisi ea lekala
[Litšoantšo tse leqepheng la 134]
Ka mor’a Leholiotsoana Mitch, baithaopi ba bang ba ile ba thotha lijo le thepa e ’ngoe ka libaesekele. Ba bang ba ile ba tsosolosa Liholo Tsa ’Muso le matlo
[Setšoantšo se leqepheng la 139]
Banacruz, batho ba RAAN moo litaba tse molemo li boleloang ho sa tsotellehe liphephetso
[Setšoantšo se leqepheng la 147]
Kopanong ea Setereke ea 1999 ea “Lentsoe la Molimo la Boprofeta,” e leng kopano ea pele e khōlō e kileng ea tšoaroa ho tloha ka 1978, ho bile le ba 28 356
[Setšoantšo se leqepheng la 147]
Ba bileng teng kopanong ba ile ba bona ha ho kolobetsoa ba 784—e leng palo e khōlō ka ho fetisisa ea ba kileng ba kolobetsoa historing ea Nicaragua
[Setšoantšo se leqepheng la 148]
Komiti ea Lekala mathoasong a 2002, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Ian Hunter, Agustín Sequeira, Luis Antonio González le Lothar Mihank