Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb03 maq. 150-255
  • Philippines

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Philippines
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003
  • Lihloohoana
  • Leseli la ’Nete le Khanya ka Lekhetlo la Pele
  • Khōlo e Potlakileng ho sa Tsotellehe Ntoa
  • Baromuoa Baa Fihla
  • Ho Tsoela Pele ho Theosa le Lilemo Tsa Bo-1970
  • Ho Qala ho Paka Libakeng Tse ka Thōko—Tsa Lithaba
  • Ho Paka Libakeng Tse ka Thōko
  • Ho Sebelisa Mekhoa Eohle ho Bolela Litaba Tse Molemo
  • Baromuoa Baa Fihla
  • Baromuoa Baa Tsamaea
  • Thabo ea ho Thusa ba Bang ho Etsa Jehova Qhobosheane ea Bona
  • Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se Hlomella Baholo
  • Thuso Bakeng sa Bo-pula-maliboho
  • Boiteko ba Pele ba ho Hatisa ka Mokhoa oa Offset
  • Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova o Lokisetsa MEPS
  • Lijo Tsa Moea ka Nako e le ’Ngoe
  • Lintoa Tsa Masole le Marabele
  • Liteko Tsa ho se Jele Paate
  • ‘Ha ba sa Tla Ithuta Ntoa’
  • Palo ea Likopano ea Eketseha
  • Jehova o Hlohonolofatsa Boiteko ba ho ba Teng
  • Likopano Tse Ikhethang
  • Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka Lipuo Tse Ngata
  • Lelapa la Bethele le Tšehetsa Tšebeletso ea Tšimo
  • Ho Bolella “Batho ba Mefuta Eohle” ’Nete
  • Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōlō
  • Morabe oa Maaeta o Ithuta ’Nete
  • Ho Lokolla Batšoaruoa
  • Basebeletsi ba Nako e Telele ba Hatela Pele
  • Liholo Tse Ntle Bakeng sa Borapeli ba Jehova
  • Ho Fetola Mohopolo Mabapi le Kemiso ea Liboka
  • Liholo Tsa Kopano
  • Setša sa Lekala Sea Atoloha
  • Ho Haha Mehaho e Mecha ea Lekala
  • Mafilipino e ba Basebeletsi ba Machaba
  • Merusu ha e Thibele Mosebetsi
  • Ho Khutlela Makhotleng ka Lebaka la Tseko ea ho Lumelisa Folakha
  • Mosebetsi o Tsoela Pele ho sa Tsotellehe Likoluoa
  • Ho Romela Lingoliloeng Tsa Bibele
  • Ka Mose Oane ho Meeli
  • Ho Pakela Batho ba Lipuo Tse Ling
  • Esita le ba sa Utloeng Litsebeng Baa “Utloa”
  • Ho Hlokahala Mehaho e Meholoanyane
  • Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se Finyella Litlhoko
  • Khatelo-pele
  • Ho Ikemisetsa ho Tsoela Pele
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003
yb03 maq. 150-255

Philippines

Makhasi a kokonate a tlokomang lifateng tsa tropike, mabōpo a leoatle a lehlabathe le lesoeu, maoatle a matle—ke kamoo Philippines e leng kateng. Sehlopha sena sa lihlekehleke tse 7 100 se ’nile sa bitsoa Liperela Tsa Maoatle a Bochabela. Se etsang hore e khahlehe le ho feta ke batho ba teng ba thabileng ba mofuthu le ba ratang tantši le ’mino. Ha u ka etela sehlekehlekeng sena, ho ka etsahala hore u se hlole u lebala kamoo batho bana ba nang le botsoalle le ba batle ba lulang sebakeng seo ba u amohetseng ka mofuthu kateng.

Leha ho le joalo, ba bangata ba talima Philippines e le sebaka se ba hopotsang maemo a fapaneng—e leng a koluoa. U ka ’na ua hopola ho phatloha ha Thaba ea Pinatubo, eo mahoholi a eona a seretse se chesang a ileng a ripitla metse ka ho feletseng; kapa mohlomong u ka hopola koluoa e mpe ka ho fetisisa ea leoatleng e ileng ea etsahala nakong ea khotso lefatšeng, eo ho eona ho ileng ha e-shoa batho ba likete ha seketsoana se bitsoang Doña Paz se thulana le sekepe sa oli. Ha e le hantle, Setsi sa Belgium sa Lipatlisiso Tsa Lisosa Tsa Likoluoa se ile sa bontša hore Philippines ke sebaka sa likoluoa tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng. Litsokotsane, meroallo, litšisinyeho tsa lefatše le ho foqoha ha seretse se chesang ke lintho tse tloaelehileng. Ha u kopanyelletsa le ho futsaneha ha baahi ba bangata ba eona, u bona naha e ntle e nang le mathata a eona.

Ho pholletsa le Philippines, Lipaki Tsa Jehova li phathahane ka ho ruta batho ba 78 000 000 ba lulang sebakeng seo ’nete ea Bibele. Mosebetsi ona ha o bonolo. Ntle le tšokelo ea likoluoa tsa tlhaho, ho finyella ho batho ba lihlekehleke tsena tse ngata tse nyenyane le libaka tse ka thōko tse lithabeng le likhoeng ke phephetso. Leha ho le joalo, mosebetsi ona o ntse o etsoa. Batho ba Jehova ba bile le matla a ho mamella le ho tsoela pele ho sa tsotellehe maemo a sa tšoaneng ao ba ileng ba tobana le ’ona. Ka lebaka leo, Jehova o ba hlohonolofalitse mosebetsing oa bona oa ho etsa barutuoa.

Ho na le litsela tseo ka tsona Lipaki tsa Philippines li tšoanang le Baiseraele ba boholo-holo ba neng ba lakatsa ho tsosolosa borapeli ba ’nete Jerusalema. Ba ne ba khothatsoa ka mantsoe a Nehemia a reng: “Thabo ea Jehova ke qhobosheane ea lōna.” (Neh. 8:10) Ho sa tsotellehe liphephetso tseo ba neng ba talimane le tsona, Baiseraele ba ile ba tsoela pele ka thabo mosebetsing oa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Joaloka Baiseraele ba mehleng ea Nehemia, Lipaki Tsa Jehova ho pholletsa le Philippines li rutoa Lentsoe la Molimo. Le tsona li etsa thabo ea Jehova qhobosheane ea tsona.

Leseli la ’Nete le Khanya ka Lekhetlo la Pele

Philippines e ikhetha ka hore ke eona feela naha ea Asia eo boholo ba baahi ba eona e leng Mak’hatholike a Roma. Qalong Mafilipino a ne a e-na le malumeli a ’ona, empa lilemong tse fetang 300 tsa puso ea Spain batho ba ile ba qobelloa ho ba Mak’hatholike. Le hoja boeta-pele ba United States ba lilemo tse 50 bo ile ba pepesetsa batho mefuta e meng ea bolumeli, Bok’hatholike e ntse e le bona bolumeli bo atileng. Karolo ea 80 lekholong ea baahi e bolela hore ke litho tsa bolumeli boo.

Ka 1912, Charles T. Russell, moeta-pele oa Liithuti Tsa Bibele—e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng—o ile a emisa Manila a le leetong la ho fana ka puo ho pota lefatše. Ka la 14 January, o ile a fana ka puo Manila Grand Opera House e nang le sehlooho se reng “Bafu ba Hokae?” Bamameli ba ile ba abeloa libuka.

Mathoasong a bo-1920 ho ile ha jaloa peō e eketsehileng ea ’nete ea Bibele ha Mor’abo rōna William Tinney ea tsoang Canada a e-tla e le moemeli oa Liithuti Tsa Bibele ea latelang. O ile a lokisetsa sehlopha sa thuto ea Bibele. Ka lebaka la ho kula, o ile a tlameha ho khutlela Canada, empa Mafilipino a thahasellang a ile a ntšetsa sehlopha sena sa thuto ea Bibele pele. Libuka tse neng li romeloa ka poso li ile tsa thusa ho etsa hore ’nete e lule e phela ka lipelong tsa batho. Ho ile ha e-ba joalo ho fihlela mathoasong a bo-1930. Ka 1933 molaetsa oa ’nete o ne o phatlalatsoa Philippines seteisheneng sa seea-le-moea sa KZRM.

Selemong sona seo, Joseph dos Santos o ile a tloha Hawaii a nka leeto la boboleli ho pota lefatše. Sebaka sa pele seo a ileng a emisa ho sona ke Philippines, empa ha aa ka a hlola a fetela pele. Mor’abo rōna dos Santos o ile a fuoa boikarabelo ba ho etella pele mosebetsi oa boboleli ba ’Muso sebakeng seo le ho theha ofisi ea lekala. Ofisi e ile ea qala ho sebetsa ka la 1 June, 1934. Mor’abo rōna dos Santos, hammoho le batho ba seng bakae ba sebakeng seo ba batlang ho sebeletsa Jehova ba ile ba phathahana boboleling le kabong ea lingoliloeng. Le hoja ho ne ho e-na le khanyetso, ka 1938 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 121 naheng eo, ’me ho bona ba 47 e ne e le bo-pula-maliboho.

Le hoja Maamerika a ne a ruta Senyesemane, barab’abo rōna ba ile ba hlokomela hore batho ba ithuta Bibele hamolemo ka puo ea bona. E ne e le phephetso hobane ho pholletsa le Philippines, ho ne ho buuoa lipuo tse ka bang 90. Leha ho le joalo, ho ile ha etsoa boiteko ba ho fetolela lingoliloeng lipuong tse ling tse khōlō. Ka 1939 ofisi ea lekala e ile ea tlaleha: “Hona joale re etsa lirekoto [tsa lipuo tsa Bibele] ka Setagalog, ’me ha re se re li entse re lebeletse ho sebelisa mechine ea molumo le keramafono haholoanyane tlotlisong ea Morena.” Ba ile ba boela ba tlaleha mosebetsi oa ho fetolela buka ea Riches ka Setagalog. Ka mor’a lilemo tse peli, ho ile ha phethoa phetolelo ea libuka ka lipuo tse ling tse ’nè tse khōlō tsa Philippines, ka hona seo se ile sa bula tsela ea hore molaetsa oa ’Muso o utloisisoe ke batho ba bangata naheng eo.

Florentino Quintos eo e neng e le tichere, ke e mong oa ba ileng ba arabela molaetseng oa ’nete lilemong tseo. O ile a tseba ho hong ka batho ba Jehova ka lekhetlo la pele ha a ne a buisana le motho ea bileng teng puong ea Mor’abo rōna Russell Manila ka 1912. Ka 1936, Florentino o ile a fumana libuka tsa Bibele tse 16 tse mebala-bala ho e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, Florentino o ne a phathahane mosebetsing oa botichere, kahoo ka nako e itseng, libuka tsena tse mebala-bala li ile tsa lula li khabisitse li sa baloe. Majapane a ile a hlasela, eaba ntoa ea kupa, ’me mesebetsi e mengata e tloaelehileng ea emisa. Joale Florentino a ba le nako ea ho bala, a fela a etsa joalo. O ile a qeta ho bala buka ea Riches, Lira le ea Salvation ka nako e khutšoanyane. O ile a sitisoa ho bala ke ho baleha Majapane, empa peō ea ’nete e ne e se e jetsoe pelong ea hae.

Khōlo e Potlakileng ho sa Tsotellehe Ntoa

Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea tlisetsa bahlanka ba Jehova liphephetso tse ncha ho pholletsa le sehlopha sena sa lihlekehleke. Ha ntoa e qala ho loana, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 373 Philippines. Le hoja ba ne ba fokola ka palo, ba ile ba bontša cheseho e ikhethang le ho tenyetseha le maemo ha ba leka ho ntšetsa borapeli bo hloekileng pele.

Bara ba bang babo rōna ba Manila ba ile ba fallela metsaneng e ka ntle ho toropo le ho tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa boboleli sebakeng seo. Ntoa e ile ea thatafatsa ho romeloa ha lingoliloeng tsa Bibele ka har’a naha, empa barab’abo rōna ba ne ba khona ho tsamaisa lingoliloeng tse ileng tsa bolokoa malapeng pele ho ntoa. Ha lingoliloeng tseo li felile, ba ile ba alima batho libuka.

Salvador Liwag, eo e neng e le tichere, ea ileng a tlohela mosebetsi oa hae e le hore e ka ba ’moleli oa litaba tse molemo oa nako e tletseng, o ne a le Mindanao ha ntoa e qala. Eena le barab’abo rōna ba bang ba ile ba balehela likhoeng le lithabeng. Ha ba le moo ba ile ba tsoela pele ho etsa mesebetsi ea puso ea Molimo. Ha ba ntse ba etsa mesebetsi ena, ba ne ba tlameha ho ba hlokolosi ho qoba hore Majapane a ba qobelle ho kena sesoleng sa ’ona. Ka nako e tšoanang, likhukhuni tse khahlanong le Majapane li ne li atisa ho belaella barab’abo rōna ka ho ba limpimpi tsa Majapane.

Hoa hlolla hore ebe ho ne ho e-na le menyetla ea ho tšoara likopano tse nyenyane nakong eo Majapane a neng a hlasetse. Ho ile ha tšoaroa kopano ea potoloho Manila; ba bangata ba e-ba teng. E ’ngoe e ile ea tšoaroa Lingayen. Baahi ba sebakeng seo ba ne ba maketse ha ba bona batho bao ba sa ba tsebeng ba kena ka literaka; empa ha ho le ea mong ea ileng a sitisa, ’me kopano ena e ile ea atleha.

Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi ona, ’me Lipaki tsa eketseha. Ka mor’a lilemo tse ’nè feela, barorisi ba Jehova ba neng ba le 373 qalong ea ntoa ba ne ba se ba feta 2 000.

Hopola hore Mor’abo rōna dos Santos o ne a abetsoe ho etella pele tlhophisong ea mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Philippines. Ka January 1942 o ile a kenngoa kampong ea teronko ea Majapane Manila. Leha ho le joalo, le eena o ile a lula a cheseha. O itse: “Ke ile ka bolela litaba tse molemo ho batho ba bangata kamoo nka khonang kampong.” Bophelo ba kampong bo ne bo le boima, ’me ba bangata ba ile ba bolaoa ke tlala. Ha Mor’abo rōna dos Santos a kenngoa teronkong, o ne a le boima ba lik’hilograma tse 61, empa ha a lokolloa, o ne a se a le boima ba lik’hilograma tse 36 feela.

Maamerika a ile a lokolla batšoaruoa ka 1945 ’me a tšepisa ho khutlisetsa Mor’abo rōna dos Santos Hawaii, empa a hana. Hobane’ng? O ne a thabela ho etsa mosebetsi oa ’Muso, ’me a batla ho etsa sohle se matleng a hae hore o tsoele pele Philippines. Ho feta moo, motho ea nkang sebaka sa hae o ne a e-s’o fihle. Mor’abo rōna dos Santos o ile a re: “Ke ne ke tla lula ho fihlela a fihla!” Ha a bua ka Joseph dos Santos, Hilarion Amores o itse: “O ne a sebetsa ka thata a bile a thahasella litlhoko tsa moea tsa barab’abo rōna.”

Baromuoa Baa Fihla

Pele ho ntoa le ka mor’a eona barab’abo rōna ba Mafilipino ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang, le hoja ba ne ba sa koetlisoa ka tsela e khethehileng. Leha ho le joalo, kapele ka mor’a ntoa, thuso e ile ea fihla. Earl Stewart, Victor White le Lorenzo Alpiche ba fumaneng mangolo Gileade ba ile ba fihla ka la 14 June, 1947. Qetellong ho ne ho tla ba le motho ea nkang sebaka sa Mor’abo rōna dos Santos. Ka 1949 o ile a khutlela Hawaii le mosali oa hae le bana.

Mor’abo rōna Stewart o ile a khetheloa ho ba mohlanka oa lekala. Bongata ba baromuoa ba bang ba ileng ba fihla lilemong tseo tsa pele ba ile ba isoa tšimong. Ha a bua ka phello ea ho ba le baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade, Victor Amores, ea ileng a romeloa Gileade a e-tsoa Philippines o re: “E bile thuso e khōlō bakeng sa ho hlophisa mosebetsi. Barab’abo rōna ba ile ba ithuta ho hong ho bana ba fumaneng mangolo Gileade. Ka lebaka leo ha e-ba le tsoelo-pele. Pele ho 1975, palo ea bahoeletsi e ile ea batla e e-ba 77 000, athe ka 1946 re ne re le 2 600 feela.” Ka mor’a barab’abo rōna ba bararo ba fihlileng pele, ho ile ha fihla baromuoa ba bang ba ’maloa, ho akarelletsa ba ha Brown le ba ha Willett, ba ileng ba sebeletsa Cebu, ba ha Anderson, ba neng ba sebeletsa Davao. Ba bang ba ileng ba fihla ke ba ha Steele, ba ha Smith le Mor’abo rōna Hachtel le Mor’abo rōna Bruun. Neal Callaway o ile a fihla ka 1951. Hamorao o ile a nyala morali’abo rōna oa sebakeng seo, ea bitsoang Nenita, ’me ba sebeletsa hoo e ka bang likarolong tsohle tsa Philippines ho fihlela a e-shoa ka 1985. Denton Hopkinson le Raymond Leach ba tsoang Brithani ba ile ba fihla ka 1954, ’me ba ntse ba tsoela pele ho tšehetsa mosebetsi Philippines ka mor’a lilemo tse fetang 48.

Baromuoa ba fumaneng mangolo Gileade ba tsoang linaheng lisele hase bona feela ba tlatselitseng tlhophisong le katolosong ea mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Philippines. Ka bo-1950, barab’abo rōna ba Mafilipino ba ile ba memeloa Sekolong sa Gileade, ’me bongata ba bona ba khutlela ha habo bona ho ea sebeletsa teng. Ba bararo ba pele e bile Salvador Liwag, Adolfo Dionisio le Macario Baswel. Victor Amores, eo ho buuoeng ka eena pejana, o ile a sebelisa koetliso ea hae mosebetsing oa ho tsamaea le Bethele. Hamorao o ile a ea hlokomela lelapa empa a khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng. O ile a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang, ka mor’a moo a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng Profinseng ea Laguna, hammoho le mosali oa hae, Lolita, ho fihlela a le ka holimo ho lilemo tse 70.

Ho Tsoela Pele ho Theosa le Lilemo Tsa Bo-1970

Ha mosebetsi o ntse o tsoela pele ka potlako, palo ea bahoeletsi e ile ea ’na ea eketseha, ea feta 77 000 ka 1975. Ka kakaretso, bahlanka ba Jehova ba ile ba lula ba phela moeeng ’me ba tsoela pele ho sebeletsa Molimo ka botšepehi. Leha ho le joalo, ho na le ba bangata ba ileng ba khaotsa ho sebeletsa Jehova ha tsamaiso ena ea kajeno ea lintho e sa fele ka 1975. Ka 1979, palo ea bahoeletsi e ne e le ka tlas’a 59 000. Cornelio Cañete, ea neng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho lilemong tsa bo-1970, o itse: “Ba bang ba ile ba kolobetsoa ka lebaka la 1975 ’me ba tsoela pele ka lilemo tse seng kae. Ka mor’a 1975, ba ile ba tlohela ’nete.”

Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba hloka khothatso ea hore ba ’ne ba be le pono e nepahetseng ka tšebeletso ea Bokreste. Kahoo ofisi ea lekala e ile ea nka bohato ba ho hlophisa lipuo tse khethehileng. Ka lebaka leo, ha hoa ka ha khothatsoa ba kopanelang tšebeletsong feela empa ho ile ha khothatsoa le ba neng ba se ba sa kopanele tšebeletsong hore e be barorisi ba Jehova hape. Barab’abo rōna ba ile ba utloisisa hore ba sebeletsa Molimo ba sa nahana ka letsatsi le itseng, empa ba mo sebeletsa ka ho sa feleng. Palo ea bahoeletsi ba ’Muso e eketsehile haholo, ho tloha nakong eo ka eona e ileng ea fokotseha ka nakoana. Ba sa kang ba lebala molemo oohle oa Jehova ka lebaka la ho nyahama ba hlohonolofalitsoe e le kannete!

Ho Qala ho Paka Libakeng Tse ka Thōko—Tsa Lithaba

Lihlekehleke tse likete tsa Philippines li qalikane ho pholletsa le leoatle le boholo ba lik’hilomithara tse 1 850 ho tloha leboea ho ea boroa le tse 1 100 ho tloha bochabela ho ea bophirimela. Lihlekehleke tse ling ha li na baahi, ’me tse ngata li na le lithaba tse matsaranka. Ho thata ho finyella batho libakeng tseo tse ka thōko.

Sebaka se seng seo ho leng thata ho se finyella ke Kalinga-Apayao. Lithabeng tse matsaranka tsa Cordillera Central tse ka leboea ho Luzon, batho ba arohane ka merabe le metse, o mong le o mong o na le puo ea oona le meetlo ea oona. Le hoja ho bolaea lira ka morero oa ho boloka lihlooho tsa tsona ho ne ho felisoe lekholong la bo20 la lilemo, ho ’nile ha rena lehloeo pakeng tsa metse, le ileng la fella ka likhohlano le lipolao. Geronimo Lastima o itse: “Lilemong tse fetileng, ho ne ho le thata ho romela bo-pula-maliboho ba khethehileng libakeng tsena. Batho ba motse ba ne ba lelekisa barab’abo rōna ka morero oa ho ba bolaea.”

Tharollo e ne e le ho romela baralib’abo rōna. Geronimo o ile a hlalosa: “Ba ne ba sa lelekise basali. Ho latela moetlo basali ha baa lokela ho ntšoa kotsi.” Baralib’abo rōna ba ne ba atleha ho ruta batho ba sebaka seo ’nete. Joale batho ba sebaka seo ba ile ba kolobetsoa, ’me ea e-ba bo-pula-maliboho. Ba ne ba utloisisa setso sa batho ba habo bona ’me ba tseba kamoo ba ka ba pakelang ka katleho kateng. Ka lebaka leo, “litsomi” li tletse hohle lithabeng tsena—e leng litsomi tsa ba batlang ’nete. Ka bo-1970, ho ne ho e-na le Lipaki tse seng kae feela Kalinga-Apayao; hona joale ho na le lipotoloho tse peli.

Ka ho tšoanang, profinseng e haufi ea Ifugao e sebakeng se lithaba, ho ne ho se na Paki le e ’ngoe mathoasong a bo-1950. Ho ile ha isoa bo-pula-maliboho ba kamehla ba bararo hore ba pakele batho ba lulang sebakeng seo ho sona ho ’nileng ha lengoa raese ka makholo a lilemo. Ha ’mela o ntse o puta, batho ba sebakeng seo ba ile ba qala ho amohela ’nete. Kajeno sebakeng seo ho na le liphutheho tse 18 le bahoeletsi ba 315.

Lithabeng tse hōle ka leboea ho Abra, ho thata ho finyella metseng eo ho eona ho se nang Lipaki. Molebeli oa potoloho ea nang le takatso e matla ea ho bolela litaba tse molemo libakeng tse ka thōko-thōko o ile a mema ba bang ba 34 hore ba sebetse le eena boboleling sebakeng se haufi le Tineg. (Lik. 1:8) Kaha ha ho na lipalangoang tsa sechaba, sehlopha sena se ile sa tsamaea ka maoto ka matsatsi a supileng lithabeng e le hore se finyelle metseng e leshome e nang le mahae a ka bang 250.

Molebeli oa potoloho oa hlalosa: “Ho ne ho le thata ho tsamaea matsoapong re nkile thepa eohle ea rōna. Matsatsing a mane ho a tšeletseng a leeto la rōna, re ile ra robala ka ntle kapa pel’a nōka.” Ho ne ho fetile nako e telele esale ho pakoa metseng e meng. Sebakeng se seng, ba ile ba kopana le monna ea ileng a re: “Lipaki Tsa Jehova li ile tsa pakela Ntate lilemong tse 27 tse fetileng. O ile a re bolella hore Lipaki Tsa Jehova li bolela ’nete.” Sehlopha sena kaofela se ile sa tsamaisa libuka tse 60, limakasine tse 186, libukana tse 50 le lipampitšana tse 287 ’me sa khanna lithuto tsa Bibele tse ngata.

Ho Paka Libakeng Tse ka Thōko

Palawan ke sehlekehleke se seholo sa Philippines. Ke mochophoro oa lik’hilomithara tse 434. Kaha se hōle le lerata le tšubuhlellano ea lihlekehleke tse nang le batho ba bangata, Palawan ke lehae la meru la merabe e sa tšoaneng le metsana e mengata e qalikaneng, ho akarelletsa le ea bajaki. Kaha o ne a ikemiselitse ho amohela mosebetsi leha e le ofe, Raymond Leach oa moromuoa o ile a romeloa sebakeng seo hore e be molebeli oa potoloho. Ho ne ho e-na le Lipaki tse seng kae ’me motho a lokela ho nka maeto a malelele. Oa hopola: “Ke ile ka abeloa ho sebeletsa sebakeng seo ho tloha ka 1955 ho ea ho 1958, ’me ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 14 feela Palawan. Ke ne ke nka libeke tse hlano ho ba etela.”

Ho tloha ka nako eo, ho bile le tsoelo-pele e ngata, le hoja ho sa ntse ho e-na le mathata a mangata sebakeng sena. Febe Lota, eo hona joale a leng ka holimo ho lilemo tse 40, o ile a qala ho sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng Palawan ka 1984. O bolela se ileng sa etsahala ha a ntse a sebeletsa Dumaran, o re: “Re ile ra fihla ntlong eo re neng re nahana hore ke ea ho qetela. Re ne re sa nahane hore ho na le e ’ngoe, empa e ne e le teng!” Hare-hare ka har’a lifate tsa palema ho ne ho lula banyalani bao mosebetsi oa bona e neng e le ho hlokomela serapa sa lifate tsa kokonate. Ho feta moo, ba ne ba thahasella Bibele!

Febe o re: “Haeba e ne e se ka lebaka la ho sebeletsa Jehova, ke ne nke ke ka khutlela sebakeng seo.” E le hore ba fihle sebakeng seo, Febe le mosebetsi-’moho le eena ba ne ba qeta letsatsi ba tsamaea ho pholletsa le lirapa tsa lifate tsa kokonate lebōpong la leoatle le tletseng lehlabathe le mafika. Ha leoatle le befile, ba ne ba tsamaea metsing a ba khutlang mangoleng. Kaha ho ne ho le hōle, ba ile ba etsa qeto ea ho ea hang ka khoeli ebe ba qeta matsatsi a ’maloa. Kahoo ho ne ho hlokahala hore ba nke lijo, libuka, limakasine le liaparo tse eketsehileng. “Ho ne ho hlokahala boitelo hore re ipepesetse mocheso oa letsatsi le likokoanyana tse lomang. Re ne re fihla re re tee! ke mofufutso.” Leha ho le joalo, boiteko ba bona bo ile ba putsoa ha ba bona banyalani ba thahasellang ba hatela pele ka potlako thutong ea bona ea Bibele.

Banyalani bana ba ile ba tlameha ho tlohela mosebetsi oa bona serapeng sa lifate tsa kokonate ka mor’a hore moenjiniere oa bona, oa Mobaptiste a tsebe hore ba ithuta le Lipaki. Febe o ile a hlolloa ha a boela a bona e mong oa banyalani bana, e leng mosali. Hase feela hore o ne a se a kolobelitsoe, empa Febe o re: “O ne a e-na le rōna sebokeng sa bo-pula-maliboho se neng se tšoeroe kopanong ea setereke.” Ke thabo e kaakang e tlisoang ke ho bona litholoana tsa mesebetsi eo motho a e entseng!

Sehlekehlekeng se seholo sa Mindanao se karolong e ka boroa ea Philippines, ho na le libaka tse ngata tseo ho leng thata ho fihla ho tsona. Nathan Ceballos o sebelelitse sebakeng seo e le molebeli oa potoloho a tsamaea le mosali oa hae. Libekeng tseo ba neng ba sa etele liphutheho ka tsona, ba ne ba paka libakeng tse ka thōko. Ba ne ba mema bara le barali ba bang babo rōna hore ba tsamaee le bona. Ka lekhetlo le leng sehlopha seo se ile sa tsamaea ka lithuthuthu tse 19 e le hore se ka fihla metseng e mengata. Litsela li mpe ebile li tletse seretse, ’me Lipaki li ile tsa tlameha ho tšela linōka le linōkana, tseo bongata ba tsona li neng li se na marokho. Le hoja batho ba libakeng tseo ba se na chelete, ba ile ba nehela ka mafielo ho bontša kananelo bakeng sa lingoliloeng tseo barab’abo rōna ba ba tliselitseng tsona. Ak’u inahanele hore na ho ne ho le joang ha barab’abo rōna ba khutlela hae, lithuthuthu tsa bona li laetse mafielo! Nathan o re: “Kaofela ha rōna re ile ra khutlela hae re khathetse ’me re tšoehla empa re thabile, re tseba hore re entse thato ea Jehova.”

Ho Sebelisa Mekhoa Eohle ho Bolela Litaba Tse Molemo

Lilemong tsa morao tjena, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o khothalelitse baboleli ba ’Muso ho sebelisa monyetla o mong le o mong bakeng sa ho paka. Mokhoa ona o atlehile haholo libakeng tsa naha ena tse nang le baahi ba bangata. Metse e meholoanyane, e kang Davao, Cebu le Metro Manila e batlile e tšoana le metse e meng e meholo ea lefatše, e nang le litsi tsa khoebo tse ngata le libaka tsa bolulo tse khethehileng. Ho entsoe eng ho finyella batho libakeng tsee?

Makati e potolohong eo ho fihlela morao tjena e ’nileng ea sebeletsoa ke Marlon Navarro. Marlon ea fumaneng lengolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, o ile a sebetsa ka thata ho lokisetsa boboleli motseng oa khoebo oa Makati, e leng sebaka se abetsoeng liphutheho tse tharo. Bara le barali babo rōna bao bongata ba bona e neng e le bo-pula-maliboho ba ile ba khethoa le ho koetlisoa e le hore ba ka sebetsa sebaka sena ka katleho. Ho ’nile ha khannoa lithuto tsa Bibele litsing tsa mabenkele le lirapeng tsa boikhathollo karolong ena ea motse; tse ling tsa liithuti tsena tsa Bibele li ba teng libokeng.

Cory Santos le mora oa hae, Jeffrey, ke bo-pula-maliboho. Ba atisa ho paka seterateng hoseng, ka linako tse ling ba qala ka 6:00 hoseng. Hoo e ka bang ka nako eo, ba kopana le batho ba tlang hae ba tsoa mosebetsing bosiu. Ba bile ba qalisitse lithuto tsa Bibele ha ba ntse ba paka seterateng. Ba bang bao ho kopanoeng le bona ka tsela ena ba hatetse pele ho fihlela ba kolobetsoa.

Ka thōko ho metse e meholo le teng, bahoeletsi ba ’nile ba falimehela menyetla ea ho pakela ba bang. Norma Balmaceda, eo e bileng pula-maliboho ea khethehileng ka lilemo tse fetang 28, o ile a buisana le mosali e mong ea neng a emetse sepalangoang. Norma o ile a botsa mosali eo, a re: “U ea hokae?”

A araba: “Profinseng ea Quirino.”

“Ke haeno?”

“Che, empa monna oa ka o rera ho fallela teng hobane bophelo ba Ifugao bo boima.”

Sena se ile sa bula monyetla oa hore Norma a bolele litaba tse molemo tsa ’Muso, o tla rarolla mathata a batho. Eaba baa arohana. Ka mor’a nako e telele, kopanong ea potoloho, mosali e mong o ile a atamela Norma ’me a itsebisa eena, a mo bolella hore o kile a buisana le eena. O ne a se a kolobelitsoe, ’me barali ba hae ba babeli le monna oa hae ba khanneloa thuto ea Bibele.

Ofising ea lekala ea Motse oa Quezon, barab’abo rōna ba falimehela ho sebelisa monyetla o mong le o mong bakeng sa ho paka. Ka mohlala, Felix Salango, o tsebahala ka ho chesehela ho pakela ba bang. O ne a atisa ho ba pula-maliboho ea thusang ha a sa ntse a sebeletsa Bethele. Ka 2000, ha ho ne ho hahuoa mohaho o mong oa bolulo, Felix o ile a lemoha basebetsi ba neng ba hiretsoe ho haha lebota le ka ntle la mohaho. O ile a ea ho moenjiniere ea ka sehloohong ’me a kōpa tumello ea ho buisana le basebetsi. Felix o re: “Ka mor’a lijo tsa motšehare, ke ile ka ea kahong, moo moenjiniere a neng a itse basebetsi ba fetang 100 ba bokane teng. Ka ba bolella ka mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ’me ka ba hlalosetsa hore ho hlokahala hore motho a be le tsebo e le hore a ka pholoha matšoenyeho a maholo. Ke ne ke nkile lebokose la libukana le la libuka tsa Tsebo. Ke ile ka hlalosa hore haeba basebetsi ba e-na le thahasello ea ho ithuta Lentsoe la Molimo, ba ka nka se seng sa lingoliloeng tsena.” Felix o ile a boela a hlalosa kamoo mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o tšehetsoang kateng lefatšeng ka bophara ’me a beha lingoliloeng le enfelopo pel’a sefate sa kokonate. Ba bangata ba ile ba nka buka kapa bukana ’me bongata ba bona bo ile ba ntša le monehelo.

Ba bang ba ne ba thahasella ho ithuta, ho akarelletsa le moenjiniere. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ka Mantaha, Laboraro le Labohlano nakong ea lijo tsa motšehare, Felix o ile a lokisetsa ho ithuta le eena bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Moenjiniere a re ho Felix: “Seo ke ithutang sona mona, ke se hlalosetsa mosali oa ka le metsoalle.” Baenjiniere ba bang ba babeli ba sebetsang moo ba ne ba batla ho ithuta, hammoho le molebeli le bangoli ba seng bakae. Ka sebele, ho paka ha monyetla o mong le o mong o hlaha ho tlisa tlhohonolofatso ea Jehova.

Baromuoa Baa Fihla

Ho theosa le lilemo, baromuoa ba koetlisitsoeng ba 69 ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba ea Philippines ho ea thusa mosebetsing oa boboleli ba ’Muso. Ba entse sena ka litsela tse sa tšoaneng. Denton Hopkinson le Raymond Leach, bao ho buuoeng ka bona pejana, qalong ba ile ba isoa tšimong e le baromuoa ka mor’a moo ea e-ba balebeli ba potoloho. Hamorao ba ile ba fuoa likabelo ofising ea lekala.

Ka bo-1970 ho ile ha fihla ba fumaneng mangolo Gileade ho tla thusa ka mosebetsi oa khatiso o sa tsoa qalisoa. Ba bang ba bona ke Robert Pevy le mosali oa hae, Patricia, bao pele ba neng ba sebeletsa Engelane le Ireland. Robert o ile a thusa ho theha lefapha la ho ngola ofising ea lekala ea Philippines. E mong le e mong o ne a utloile bohloko ha ba tsamaea ka 1981 ba il’o sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše Brooklyn, New York, U.S.A.

Dean le Karen Jacek ba ile ba fihla ba e-tsoa United States ka 1980, ’me ka mor’a ho ithuta Setagalog ka nakoana Laguna, ba isoa lekaleng. Ka mor’a hore ba koetlisoe ka ho eketsehileng ka 1983, ba ile ba thusa barab’abo rōna—ba sebakeng seo le lihlekehlekeng tse haufi—ho ithuta ho sebelisa lenaneo la k’homphieutha le qapiloeng ke Lipaki Tsa Jehova le neng le hlokahala bakeng sa khatiso ea lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tsa sebaka ka seng.

Hubertus (Bert) le Jeanine ba tsoang Netherlands ba ile ba fihla ka 1988. Lekala le ne le le haufi le ho qalisa mosebetsi oa kaho o moholo. Kaha banyalani bana ba ne ba e-na le phihlelo mosebetsing oa kaho ea makala ebile Bert a tloaelane le ho sebelisa mechine e meholo, ba ile ba abeloa ho sebetsa kahong ena. Bert o ne a sebelisa mechine ena a bile a koetlisa ba bang. O re: “Ho tloha qalong ke ne ke ruta barab’abo rōna ba sebakeng sena ho khanna literaka, mochine o fatang, khofu, terekere le nkholi. Qetellong, batho ba neng ba sebetsa ka mechine e meholo ba ne ba le 20 ho isa ho 25.”

Hamorao, ba ile ba sebetsa le ba bang ba bane ba fumaneng mangolo Gileade—e leng Peter le Beate Vehlen ba tsoang Jeremane le Gary le Teresa Jeane Melton ba tsoang United States. Ba ha Vehlen le bona ba ne ba e-na le phihlelo mosebetsing oa kaho ea makala, ’me ba ha Melton ba ne ba e-na le phihlelo ea lilemo tse hlano ea ho sebeletsa Bethele ea United States. Kaofela ba ile ba tlatsetsa mosebetsing oa kaho ea lekala lena.

Lilemo tse ngata pejana, ka 1963, lehae la baromuoa le ne le koetsoe, kaha bo-pula-maliboho ba Mafilipino ba tšoanelehang ba ne ba ka hlokomela mosebetsi oa tšimo. Leha ho le joalo, ka 1991 Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa ho romela baromuoa ba tšeletseng tšimong eo. Le hoja baromuoa bana ba ne ba e-na le phihlelo mosebetsing oa lekala, ba ne ba boetse ba e-na le phihlelo e neng e ka sebelisoa hamolemo tšimong. Ka mohlala, Jeanine Hoefnagels o qalile ho ba pula-maliboho ea khethehileng a le lilemo li 18. O ne a ka sebelisa phihlelo ea hae le matjato a hae ho khothatsa barab’abo rōna le ba bacha ’neteng. Monna oa hae, Bert, ha a bua ka melemo e meng, o itse: “Ha baromuoa ba sebetsa tšimo ea sebaka sena batho ba utloisisa hore mosebetsi oa rōna ke oa lefatše lohle.” Khabareng, baromuoa ba bang ba ’nile ba tsoela pele ho etsa mosebetsi oa tsamaiso le e meng lekaleng.

Philippines e ’nile ea bona baromuoa ba kena ba tsoa.

Baromuoa Baa Tsamaea

Ha baromuoa ba ntse ba fihla, Philippines e ile ea qala ho romela bo-pula-maliboho ba Mafilipino linaheng tse ling ho ea kopanela mosebetsing oa boromuoa. Le hoja bo-pula-maliboho ba sebakeng seo ba ne ba sa koetlisoa joaloka ba fumaneng mangolo Gileade, ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba bangata ba ipabolang. Ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, mosebetsi oa ho etsa barutuoa o atolohile ka potlako Philippines ho feta linaheng tse haufi. Kahoo, ho tloha ka 1964, bo-pula-maliboho ba tšoanelehang ba Mafilipino ba ’nile ba memeloa ho ea sebeletsa Asia le libakeng tse ling tsa Pacific e le baromuoa. Ba bang ba bona e ne e le banyalani, empa bongata e ne e le bo-pula-maliboho ba masoha ba nang le phihlelo ea lilemo tse leshome kapa ho feta tšebeletsong ea nako e tletseng. Hoo e ka bang bohareng ba 2002, ho ne ho se ho rometsoe ba 149 linaheng tse 19. Ba 74 ba ntse ba le likabelong tsa bona. Ha ba ntse ba letetse ho fumana litokomane, bana bao e tla ba baromuoa ba qeta nako ba le ofising ea lekala moo ba fumanang koetliso le phihlelo e tla ba thusa likabelong tsa bona. Baromuoa baa ba tlatselitse joang mosebetsing oa boboleli ho theosa le lilemo, ’me ba bile le liphihlelo life tse bohloko le tse thabisang?

Rose Cagungao (eo hona joale e leng oa ha Engler) le Clara dela Cruz (eo hona joale e leng oa ha Elauria) ke ba pele ba ileng ba tsamaea. Ba ile ba isoa Thailand. Ka mor’a nako e ka etsang selemo, Angelita Gavino o ile a ea sebetsa le bona. Ka sebele, joaloka baromuoa ba bang, ho ne ho le thata ho ithuta puo. Ha a bua ka ho ithuta Sethai, Angelita o re: “Libekeng tse seng kae tse qalang, ke ile ka ikutloa ke ferekane kaha sohle se ngotsoeng bukeng se ne se shebahala joaloka ‘libōkō,’ ’me libokeng ho ne ho se motho eo re buang le eena ka lebaka la ho se tsebe puo.” Empa ba ile ba ithuta puo ena ’me ba ntse ba e sebelisa ho thusa ba bang.

Ka mor’a bao ba seng bakae ba tsamaileng pele, bo-pula-maliboho ba bangata ba ratang ba ile ba romeloa lenyelenyele linaheng tse sa tšoaneng. Porferio le Evangeline Jumuad ba ile ba isoa Korea ka 1972. Ba ile ba tseba puo hantle, ’me ka mor’a lilemo tse peli le halofo ba le tšimong ea boromuoa, ba ha Jumuad ba ile ba isoa mosebetsing oa potoloho.

Ka 1970, Salvacion Regala (eo hona joale e leng oa ha Aye) e ne e le e mong oa baralib’abo rōna ba robong ba Mafilipino ba ileng ba fihla Hong Kong ho qalisa mosebetsi oa boromuoa. Phephetso ea hae ea pele e bile ho ithuta Secanton. Puo ea Secanton e na le mekhoa e robong ea ho bitsa mantsoe. Mokhoa oo u bitsang lentsoe ka oona o ka fetola moelelo oa lona. Salvacion o hopola ha a thatafalloa ho bitsa mantsoe ka mokhoa o nepahetseng hoo a kileng a bolella seithuti sa hae sa Bibele hore ba tlohile moo ba neng ba lula teng “ka lebaka la sethotsela” ha a ne a leka ho re “ka lebaka la rente e phahameng.” O ile a qetella a tseba puo ena. Salvacion o thusitse batho ba fetang 20 ho ithuta ’nete ea Bibele. Hona joale o kopana le Maindonesia a mangata a sebetsang malapeng Hong Kong, kahoo o leka ho ithuta Seindonesia.

Rodolfo Asong, mor’abo rōna ea botsoalle le ea mafolofolo, o ile a talimana le maemo a fapaneng ka ho feletseng ha a abeloa ho sebeletsa Papua New Guinea ka 1979. O ile a ithuta puo ka mafolofolo hoo ka mor’a nako e khutšoanyane a le moo e ileng ea e-ba molebeli oa potoloho. Leha ho le joalo, ho etela liphutheho tsa Papua New Guinea ho ne ho fapane haholo le ho etela liphutheho tsa Philippines. O re: “Ke ile ka tseba ho soka seketsoana sa mapolanka ke eme, joaloka baahi ba moo.”

Ha a bua ka likopano, Rodolfo oa pheta: “Ka lebaka la bohōle ba libaka le ho haella ha lipalangoang, re ne re lokisetsa likopano tse ngata tse nyenyane. E neng e tšoaretsoe motseng oa Larimea ke e nyenyane ka ho fetisisa eo nkileng ka ba ho eona. Ka kakaretso ho bile teng batho ba leshome.” Ka lekhetlo le leng, o ile a khethoa e le molula-setulo oa kopano e neng e tšoaretsoe motseng oa Agi. O re: “Ke ile ka boela ka khetheloa ho ba molula-setulo oa kopano, ho hlokomela Molumo le lefapha la Lijo, ho ba motsamaisi oa tšoantšiso, le ho bapala karolo ea Morena Davida.” Ka sebele o ile a ikakhela ka setotsoana kabelong eo ’me hamorao a thabela tšebeletso ea boromuoa Lihlekehlekeng Tsa Solomon.

Ka 1982, Arturo Villasin, mor’abo rōna ea tenyetsehang ea tsoang Luzon, o ile a romeloa Lihlekehlekeng Tsa Solomon. O ile a sebeletsa moo e le molebeli oa potoloho ’me a fumana maemo a fapane haholo le Philippines. Lihlekehleke tse ngata li ne li ka finyelloa habonolo ka sefofane. Oa pheta: “Ka lekhetlo le leng, sefofane sa rōna se ile sa soahlamana, empa kaofela ha rōna ra pholoha. Ka le leng ra batla re thula thaba kaha ho ne ho le lerootho.” Ha a bua ka ho etela liphutheho tse ling, o itse: “Re tsamaea merung re hloa maralla a moepa a liretse ha re etela liphutheho tse libakeng tsa baroa ba rapelang baholo-holo ba bona.” Arturo o ile a hlokahala ka tšohanyetso ka lebaka la ho kula ka 2001, empa o tla hopoloa ka nako e telele e le moromuoa ea tšepahalang.

Ho na le liphihlelo tse ngata tse kang ena tsa bara le barali babo rōna ba Mafilipino ba rometsoeng likabelong tsa boromuoa Asia le Pacific. Ho sa tsotellehe mathata, bahlanka bana ba Jehova ba itetseng le ba ratang ba tšehelitse mosebetsi oa boboleli haholo linaheng tsena.

Thabo ea ho Thusa ba Bang ho Etsa Jehova Qhobosheane ea Bona

Tlhohonolofatso ea Jehova e tlisa thabo. (Liprov. 10:22) Adelieda Caletena, ea ileng a romeloa Taiwan ka 1974, o re: “Ka sebele ke thabile haholo ’me ke leboha Jehova ka lebaka la ho hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna mona le ho mpha monyetla oa ho o etsa.”

Paul le Marina Tabunigao, bao hona joale ba sebeletsang Lihlekehlekeng Tsa Marshall, ba re: “Re thusitse batho ba 72 ho sebeletsa Jehova. Re thabela hore ebe hona joale bongata ba bona ke baholo, bahlanka ba sebeletsang, bo-pula-maliboho ba khethehileng, bo-pula-maliboho ba kamehla le bahoeletsi ba phutheho ba mafolofolo.”

Lydia Pamplona, ea sebelelitseng Papua New Guinea ho tloha ka 1980, o thusitse batho ba 84 ho fihlela ba inehela le ho kolobetsoa. O sa tsoa tlaleha hore o khannela batho ba 16 lithuto tsa mahae tsa Bibele, bao bongata ba bona ba kopanelang libokeng. Ha ho pelaelo hore maikutlo a hae a tšoana le a baromuoa ba bangata, ha a re: “Ke leboha Jehova ka tšebeletso eo a mphileng eona. E se eka a ka tsoela pele ho hlohonolofatsa tšebeletso ea rōna tlotlisong ea hae.”

Makala ao baromuoa ba Mafilipino ba rometsoeng ho ’ona a ile a ananela tšebeletso ea bona tšimong. Lekala la Thailand le ile la ngola: “Baromuoa ba tsoang Philippines ba etsa mosebetsi o tsoileng matsoho. Ke mehlala ea botšepehi ho theosa le lilemo tse ngata tseo ba bileng Thailand ka tsona. Ba tsoela pele ho sebetsa leha ba se ba hōlile. Ba rata Thailand le batho ba Thailand; ba nka sebaka sena e le lehae la bona. Re leboha haholo ha le re romeletse baromuoa bana ba khabane.”

Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se Hlomella Baholo

Hoo e ka bang ka nako eo bo-pula-maliboho ba Philippines ba neng ba romeloa linaheng tse ling ka lekhetlo la pele, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ile oa koetlisa barab’abo rōna ba tšoanelehang ba ntseng ba eketseha ba jereng boikarabelo liphuthehong tsa sebaka ka seng. Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso e bile e ’ngoe ea litsela tse ka sehloohong tsa ho etsa hore koetliso ena e atlehe.

Sekolo sa pele se ile sa qala ka 1961 ’me se ne se nka khoeli. Jack Redford, eo e neng e le morupeli Gileade eo hamorao a ileng a sebeletsa e le moromuoa Vietnam, o ile a fuoa kabelo ea ho ruta sekolong sena Philippines. Sekolo sa pele se ile sa tšoareloa lekaleng ka Senyesemane.

Le hoja ba bangata ba tseba Senyesemane, kamehla ke habohlokoa hore ho nahaneloe batho ba lipuo tse ling tsa Philippines. Baholo ba bangata ba ne ba tla rua molemo o moholoanyane sekolong haeba se tšoaroa ka puo ea bona. Kahoo, ho tloha bohareng ba bo-1960, sekolo sena se ile sa tšoaroa ka lipuo tse ’maloa. Cornelio Cañete o hopola ha a ne a abeloa ho ruta ho pholletsa le Lihlekehleke Tsa Visayan le Mindanao. Oa bososela ha a re: “Ke ne ke ruta ka lipuo tse tharo sekolong sena, e leng: Secebuano, Sehiligaynon le Sesamar-Leyte.”

Ho theosa le lilemo, ho ’nile ha etsoa liphetoho sekolong sena, ho akarelletsa tokisetso ea sona ea nako. Haufinyane, sekolo sena se ile sa tšoaroa ka mafelo-beke—sa baholo sa nka letsatsi le halofo ’me sa bahlanka ba sebeletsang sa nka letsatsi. Leha ho le joalo, ho tšoara sekolo sena ka lipuo tse robeli e sa ntse e le phephetso. Baholo ba leng lekaleng ba tsebang lipuo tsena ba ea likolong tsena ho ea koetlisa balebeli ba tsamaeang. Balebeli ba tsamaeang bona ba tšoarela baholo ba liphutheho le bahlanka ba sebeletsang likolo tsena. Ho sa ho qetela se ileng sa tšoaroa, baholo ba 13 000 le bahlanka ba sebeletsang ba 8 000 ba ruile molemo koetlisong ena.

Thuso Bakeng sa Bo-pula-maliboho

Hamorao bo-pula-maliboho le bona ba ile ba fuoa koetliso e eketsehileng. Sehlopha sa pele sa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se ile sa tšoaroa ka 1978. Bohle bao e neng e le bo-pula-maliboho ka nako eo, ho akarelletsa le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba ile ba memeloa ho ba teng sekolong seo. Ho tloha ka nako eo, kantle ho 1979 le 1981, sekolo sena se ’nile sa tšoaroa selemo le selemo.

Bo-pula-maliboho ba ruile molemo o moholo sekolong sena, empa ba ile ba tlameha ho tobana le liphephetso e le hore ba ka ba teng sekolong sena. Ba bang ba ile ba sebelisa chelete ea ho qetela e le hore ba ka ea sekolong seo. Ba bang ba mameletse mathata a lipalangoang.

Ba ileng ba e-ba teng sekolong se neng se tšoaretsoe motseng oa Santiago ba ile ba tobana le mathata a sa lebelloang. Rodolfo de Vera, eo e neng e le molebeli oa potoloho, o ile a re: “Ka la 19 October, 1989, ka tšohanyetso Santiago, Isabela, e ile ea hlaseloa ke setsokotsane se matla se fokang ka lebelo la lik’hilomithara tse 205 ka hora. Ha sekolo se kena hoseng hoo ka Holong ea ’Muso, pula e ne e fafatsa ebile ho foka moea o mosesaane, kahoo re ile ra tsoela pele ka sekolo sa bo-pula-maliboho. Leha ho le joalo, moea o ile oa ipha matla, ’me mohaho oa qala ho sisinyeha. Kapele, marulelo a fefoha. Re ne re batla ho tsoa, empa ra bona hore ka ntle ho kotsi haholoanyane ka lebaka la lintho tse fokaelang.” Le hoja mohaho o ile oa qala ho heleha, bohle ba ile ba pholoha ba sa tsoa kotsi. Ba bolela hore ha baa pholoha feela ka lebaka la Jehova empa le ka lebaka la tlhahiso e makasineng ea Tsoha! ea ho ipata ka tlas’a tafole kapa deske maemong a joalo. Mor’abo rōna de Vera o itse: “Re ile ra ipata ka tlas’a litafole. Ha setsokotsane se fetile, re ne re koahetsoe ke makala le likhechana tsa masenke, empa bohle ba ileng ba lula ka mohahong tlas’a litafole ha baa ka ba tsoa kotsi.”

Selemo ka seng, ho tšoaroa likolo ka lipuo tse supileng. Ho fihlela selemong sa tšebeletso sa 2002, ho tšoeroe likolo tse 2 787 ’me ho tsona ha koetlisoa bo-pula-maliboho ba 46 650. Ena e bile tokisetso e ntle hakaakang ea ho thusa bo-pula-maliboho ho ntlafatsa tsebo ea bona le ho tšepa Jehova ka ho feletseng ha ba ntse ba ‘khanya e le maseli lefatšeng’!—Bafil. 2:15.

Boiteko ba Pele ba ho Hatisa ka Mokhoa oa Offset

Mosebetsi oohle o etsoang tšimong le liphuthehong o ne o tla ba boima haholoanyane ha ho ne ho se na lingoliloeng tsa Bibele tsa boleng bo phahameng. Lingoliloeng tsa tšimo ea Philippines li ’nile tsa hatisoa Brooklyn ka lilemo tse ngata. Leha ho le joalo, mathoasong a bo-1970, ho ile ha hahoa fektheri setšeng sa lekala Motseng oa Quezon. Ho ile ha kenngoa mochine oa khatiso oa letterpress o tšoanang le oa Brooklyn. Sena se ile sa nolofalletsa lekala hore le hatisetse limakasine tsohle setšeng seo.

Leshomeng leo la lilemo, ho ile ha hlaka hore mokhoa oa khatiso oa letterpress, o sebelisang poleiti e chesang, o ne o ea o fela indastering ea khatiso ’me o nkeloa sebaka ke mokhoa oa khatiso oa offset. Taelo e tsoang ntlo-khōlō ea lefatše e ile ea bontša hore le rōna re tla etsa phetoho ena butle-butle.

Ka 1980 lekala le ile la reka thepa e hatisang ka mokhoa oa phototypesetting. Lekala la Afrika Boroa le ne le se le e-na le thepa eo ’me le ile la thusa barab’abo rōna ba Philippines ho e sebelisa. Mokhoa ona oa typesetting o sebetsang ka k’homphieutha o ne o sebelisoa mochineng oa khatiso oa offset o neng o hatisa lipampiring tse nyenyane o ileng oa rekoa ka nako e batlang e tšoana.

Thepa ena e ile ea etsa hore barab’abo rōna ba khone ho ithuta mekhoa e seng mekae e sebelisoang khatisong ea offset. David Namoca, ea neng a se a e-na le phihlelo e ngata ea ho sebelisa mochine oa khatiso oa Linotype bakeng sa ho hatisa ka mokhoa oa letterpress, o ile a ithuta ho sebelisa thepa ea phototypesetting. Bara ba bang babo rōna ba ile ba ithuta ho etsa lipoleiti tsa mokhoa oa khatiso oa offset le ho hatisa mochineng oa khatiso o sa tsoa rekoa. Kahoo, bofelong ba 1980, lekala le ne le se le sebelisa mokhoa oa khatiso oa offset bakeng sa ho hatisa litokollo tse itseng tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le limakasine ka lipuo tse sa buuoeng ke batho ba bangata.

Ho fetohela mokhoeng ona oa khatiso oa offset le hona ho ile ha hloka hore ho sebelisoe lik’homphieutha ho thusa barab’abo rōna ba fetolelang le ba lokisetsang khatiso. Butle-butle barab’abo rōna ba ile ba e-ba le phihlelo le kholiseho. Ha ba ntse ba tsoela pele ho sebelisa mekhoa ena, lenane la likhatiso le ile la eketseha le boleng ba tsona ba ntlafala. Ha e le hantle, ka 1982 barab’abo rōna ba ne ba thahasella ho ntlafatsa mosebetsi oa bona hoo ba ileng ba hatisa Kingdom News No. 31, ka mebala e mene, ba sebelisa mochine oa offset o hatisang ka ’mala o le mong. Pampiri e ne e hatisoa ka makhetlo a tšeletseng—ho hatisoa ka makhetlo a mane lehlakoreng la mebala e mene ’me ho hatisoa ka makhetlo a mabeli lehlakoreng la mebala e ’meli. E ne e le mosebetsi o moholo, e ka ’na eaba boleng ba oona bo ne bo se botle hakaalo; empa e mong le e mong o ne a thabetse ho bona Kingdom News ea mebala e mene e hatisitsoeng thepeng ea rōna ea khatiso.

Tokisetso eo e ile ea thusa ho qalisa lintho, empa ho sebelisoa ho feletseng ha mokhoa oa khatiso oa phototypesetting le oa offset o sebetsang ka k’homphieutha ho ne ho tla finyelloa joang? Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ne o e-na le litokisetso tse itseng, ’me lekala la Philippines le ne le le haufi le ho rua molemo ho tsona.

Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova o Lokisetsa MEPS

Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore ho etsoe lenaneo la k’homphieutha la phototypesetting le neng le tla finyella litlhoko tse khethehileng tsa ho phatlalatsa litaba tse molemo ka lipuo tse ngata. Lenaneo lena la Multilanguage Electronic Phototypesetting System (MEPS) le ile la etsoa Brooklyn. Le hoja thepa ea khatiso eo lekala le neng le e sebelisa ka nakoana e ne e thakhotse tšebeliso ea lik’homphieutha le khatiso ea lingoliloeng tse seng kae ka mokhoa oa offset, MEPS e ne e tla etsa hore lekala la Philippines le tsoele pele karolong ena, hammoho le makala a mang lefatšeng lohle.

Malapa a mabeli a Philippines a ile a memeloa Wallkill, New York. Barab’abo rōna ba ile ba koetlisetsoa ho hlokomela lenaneo la k’homphieutha la MEPS le ho le sebelisa mosebetsing oa ho lokisetsa khatiso. Lelapa le leng, e leng Florizel Nuico le mosali oa hae, le ile la lula Brooklyn ka nako e itseng, moo Mor’abo rōna Nuico a ileng a ithuta ho sebelisa mechine ea khatiso ea M.A.N. e hatisang ka mokhoa oa offset. Sena ke sona seo lekala la Philippines le neng le se hloka e le hore le ka sebelisa lik’homphieutha ka botlalo ha le lokisetsa ho hatisa ka mokhoa oa offset.

Ka 1983 mochine oa M.A.N. o hatisang ka mokhoa oa offset o ile oa fihla Philippines. O ile oa kopanngoa ka thuso ea Lionel Dingle ea tsoang lekaleng la Australia. Mor’abo rōna Nuico o ile a qala ho koetlisa barab’abo rōna ba sebaka seo ho latela seo a ithutileng sona Brooklyn. Bofelong ba 1983, ho ile ha hatisoa limakasine mochineng ona ka lekhetlo la pele. Leha ho le joalo, lenaneo lena la khatiso le ne le e-s’o sebetse ka ho feletseng, kahoo ka nako e itseng, ho ne ho hatisoa limakasine ka ho sebelisa mekhoa e ’meli ea khatiso, e leng oa poleiti e chesang le oa offset.

Ho ne ho ke ke ha nka nako e telele pele lenaneo lena le sebetsa ka ho feletseng. K’homphieutha ea pele e sebelisang MEPS e ile ea fihla bofelong ba 1983, ’me barab’abo rōna ba babeli ba neng ba koetlisitsoe Wallkill ba qalisa mosebetsi oa ho ruta ba bang ho sebelisa thepa ea MEPS le ho e hlokomela. Kapele, mosebetsi oa khatiso o ne o tsoela pele. Litho tse ngata tsa lelapa la Bethele li ile tsa koetlisoa ka ho feletseng mabapi le tšebeliso ea lenaneo lena phetolelong, ho ngoleng boitsebiso, ho hlophiseng litlhaku, ho hatiseng ka mokhoa oa phototypesetting hammoho le ho lokiseng lik’homphieutha. Philippines, koetliso ena e thatafatsoa ke lipuo tse ngata tse buuoang. Molula-Qhooa feela o hatisoa ka lipuo tse supileng, ntle ho Senyesemane. Lenaneo la MEPS le ne le loketse mosebetsi ona hantle.

Boleng ba lingoliloeng tse hatisoang bo ile ba ntlafala ka tsela e bonahalang. Ha a bua ka ba etsang mosebetsi oa khatiso, Cesar Castellano, ea sebetsang fekthering, o re: “Bongata ba barab’abo rōna ba sebetsa masimong. Ba bang ba ne ba sa tsebe ho sebetsa ka mechine. Hoa khahlisa ho bona kamoo Jehova ka moea oa hae a susumetsang barab’abo rōna hore ba khone ho etsa mesebetsi e mengata ho akarelletsa le oa khatiso.” Barab’abo rōna ba ile ba ithuta ’me bahoeletsi tšimong ba ile ba fumana lingoliloeng tse ipiletsang haholoanyane. Empa tsoelo-pele ena ea theknoloji ea mekhoa ea khatiso e ile ea e-ba le molemo oa bohlokoa haholoanyane—e leng oa moea.

Lijo Tsa Moea ka Nako e le ’Ngoe

Ha limakasine tsa Philippines li ne li hatisoa Brooklyn, ho ne ho feta likhoeli tse tšeletseng pele litaba tse hlahileng makasineng ea Senyesemane li ka hatisoa ka lipuo tsa Philippines. Le hoja limakasine li ne li fetoleloa sebakeng seo, ho romela likopi tsa lingoliloeng tse eang khatisong le maqephe a nang le liphoso ho ea le ho khutla ’me qetellong ho ntan’o romeloa limakasine tse hatisitsoeng ho ne ho nka nako e telele. Ha limakasine li se li hatisetsoa Philippines ka bo-1970, ho ile ha bolokoa nako, empa li ne li ntse li hatisoa likhoeli tse tšeletseng ka mor’a tsa Senyesemane. Bongata ba barab’abo rōna ba Mafilipino ba ile ba nahana, ‘Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ha limakasine tsa lipuo tsa rōna li hatisoa ka nako e le ’ngoe le tsa Senyesemane?’ E bile toro ka nako e telele.

Leha ho le joalo, ka ho sebelisoa ha lenaneo la MEPS le mekhoa e mecha ea khatiso, seo pele e neng e le toro e ile ea e-ba ntho ea sebele. Sehlopha se Busang se ile sa hlokomela hore ho ithuta boitsebiso bo le bong ka nako e tšoanang ho tla matlafatsa bonngoe ba batho ba Jehova. Ho ile ha phehelloa pakane ena, ’me ka January 1986, Molula-Qhooa oa Senyesemane o ne o hatisoa ka nako e le ’ngoe le oa lipuo tse ’nè tsa sebakeng seo e leng: Secebuano, Sehiligaynon, Seiloko le Setagalog. Kapele lipuo tse ling li ile tsa latela. E bile ho hlollang hakaakang ha likopanong tsa 1988 ho lokolloa buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka lipuo tse tharo tsa sebakeng seo ka nako e le ’ngoe le Senyesemane! Barab’abo rōna ba ne ba thabile—ba sa thabela feela lingoliloeng tsa boleng bo phahameng tseo ba tla li tsamaisetsa batho ba thahasellang empa ba ne ba thabetse ho rua molemo lenaneong le le leng la lijo tsa moea ka nako e le ’ngoe le bongata ba barab’abo bona lefatšeng lohle.

Lingoliloeng tsa rōna li ile tsa ntlafatsoa nakong ea meferefere likarolong tse ling tsa naha. Lingoliloeng tsena li ne li tla totobatsa tlhokahalo ea hore bohle ba etse Jehova qhobosheane ea bona.

Lintoa Tsa Masole le Marabele

Lilemong tsa bo-1980, mesebetsi ea marabele e ile ea ipha matla libakeng tse ngata ka har’a naha. A mang e ne e le litho tsa mokhatlo oa Bokomonisi. Lintoa pakeng tsa mabotho a ’muso le mabotho a bafetoheli li ne li atile. Hangata lintoa tsena li ne li leka botšepehi ba barab’abo rōna ho Jehova.

Sebakeng se seng moo ho neng ho e-na le phutheho ea bahoeletsi ba 62, hoseng ho hong ha barab’abo rōna ba tsoha, ba ile ba fumana marabele le masole a loketse ho loana. Matlo a barab’abo rōna a ne a le hare. Moholo e mong o ile a ea mabothong a marabele, ’me e mong a ea mabothong a ’muso. Ba ile ba kōpa mabotho ana hore a se ke a loanela moo ka lebaka la baahi ba bangata ba neng ba tla ameha. Kōpo ea bona e ile ea hlokomolohuoa. Kaha barab’abo rōna ba ne ba sa khone ho baleha, ba ile ba bokana Holong ea ’Muso. Moholo o ile a rapela ka nako e telele le ka lentsoe le phahameng hoo mabotho a ’muso a emeng ka ntle a neng a utloa. Ha barab’abo rōna ba tutuboloha, ba ile ba fumana mabotho ana a mabeli a ile sebakeng se seng; ha hoa ka ha e-ba le ntoa. Bara bana babo rōna ba ne ba kholisehile hore Jehova o ba sirelelitse.

Dionisio Carpentero e bile molebeli ea tsamaeang ka lilemo tse 16, a tsamaea le mosali oa hae. O sa ntse a hopola se etsahetseng selemong sa hae sa pele a le mosebetsing oa potoloho, profinseng ea Negros Oriental, e boroa-bohareng ho Philippines. O re: “Re ile ra etela Phutheho ea Linantuyan. Re ne re thabile hobane ka Laboraro, bahoeletsi ba 40 ba ile ba sebetsa le rōna tšebeletsong ea tšimo. Empa re ne re sa elelloe hore mabotho a marabele a re behile leihlo. Sebaka seo ba neng ba ipata ho sona se ne se le pel’a Holo ea ’Muso. Ba bane ba bona ba ile ba ea moo re fihletseng teng ka 4:00 thapama ho batla boitsebiso ka rōna. Moholo oa moo o ile a hlalosa hore ke molebeli oa potoloho ’me ke etela phutheho ea bona ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng.”

Kamoo ho bonahalang kateng, banna bao ha baa ka ba lumela seo ba se bolelloang. Ho e-na le hoo, ba ile ba e-ba le pelaelo ea hore Dionisio ke lesole ’me ba re moholo a mo ntšetse ka ntle hore ba mo bolaee. Moholo o ile a re ba mpe ba bolaee eena pele. Eaba baa tsamaea.

Dionisio o tsoela pele: “Lintja li ile tsa bohola bosiu bohle, ho bontša hore marabele a ne a ntse a le teng. Bosiung boo re ile ra rapela ka makhetlo a mane, re kōpa Jehova hore a re tataise. Le hoja e ne e le nakong ea komello, pula e ile ea na haholo. Banna ba neng ba emetse ho re bolaea ba tsamaea.”

Ka mor’a liboka tsa Sontaha, Dionisio o ile a bolella baholo hore eena le mosali oa hae ba tla fetela phuthehong e latelang. Leha ho le joalo, ba ne ba tlameha ho feta sebakeng seo marabele a ipatang ho sona. Dionisio o re: “E mong oa banna bao o ne a hlolisitse ka fensetere. Re bile ra mo bolella hore rea tsamaea. Leha ho le joalo, ka 8:00 mantsiboea, marabele a ile a ea Holong ea ’Muso a re batla. Moholo o ile a a bolella hore re se re tsamaile ebile re fetile sebakeng seo a ipatang ho sona. Ka ho makatsang, ha aa ka a re bona. Phihlelo ena e ile ea re ruta ho tšepa Jehova le ho ba sebete ha re talimane le mathata.” Dionisio o tsoela pele ka thabo tšebeletsong hammoho le mosali oa hae.

Ka linako tse ling lintoa tse joalo li thatafatsa mosebetsi oa ho paka. Ho ba libakeng tse joalo ka linako lisele ho ka etsa hore motho a iphumane a le sebakeng seo ho sona ntoa e kupang. Leha ho le joalo, maemong a mang sehlopha se seng se ile sa tsebisa barab’abo rōna ka ntoa e tlang. Ha seo se etsahala, barab’abo rōna ba khetha ho paka sebakeng se khutsitseng haholoanyane ho fihlela ntoa e lala. Leha ho le joalo, mosebetsi oa ho paka ka ’Muso o tsoela pele, ’me barab’abo rōna ba ithutile ho tšepa Jehova.

Liteko Tsa ho se Jele Paate

Jesu ha a bua ka balateli ba hae o itse: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Joh. 17:14) Joaloka linaheng tse ling, Lipaki Tsa Jehova tsa Philippines ha lia kena lipolotiking tsa lefatše le lintoeng tsa sesole. Ha li ‘nke sabole’; ho e-na le hoo, li tlohetse libetsa tsa tsona ’me li phehella khotso joalokaha li rutiloe ke Jehova. (Mat. 26:52; Esa. 2:4) Boemo bona ba ho se nke lehlakore bo tsebahala hantle Philippines eohle, ’me batho ka mahlakoreng ’ohle ba hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova ha li kotsi. Leha ho le joalo, ho bile le linako tseo ka tsona bahlanka ba Jehova ba ileng ba tlameha ho bontša boemo ba bona ka ho hlaka litabeng tsena. Sena se ile sa ba sireletsa.

Kaha Wilfredo Arellano ke molebeli ea tsamaeang, o na le phihlelo e ngata ea ho sebeletsa masimong a sa tšoaneng, ho a mang ho rena khotso ’me ho a mang ha e eo. Ka 1988 o ile a etela phutheho e ’ngoe e boroa-bohareng ho Philippines. Barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ne ba hateletsoe ke bafetoheli hore ba kopanele le bona ho fetoheleng ’muso. Barab’abo rōna ba ile ba hana ba tiile.

Wilfredo o bolela se etsahetseng: “Nakong ea ketelo ea ka, mabotho a ’muso a ne a le tšimong ea phutheho. A ne a batla ho etsa baahi masole a malala-a-laotsoe a tla loantša bafetoheli. Sebokeng seo barab’abo rōna ba bileng le sona le baemeli ba ’muso, ba ile ba fuoa monyetla oa ho hlalosa lebaka leo ka lona e neng e ke ke ea e-ba litho tsa bafetoheli kapa masole a ’muso a malala-a-laotsoe. Le hoja baahi ba bang ba moo ba ne ba le khahlanong le boemo ba rōna, babuelli ba ’muso ba ne ba re hlompha.”

Wilfredo o bolela se ileng sa latela: “Mora e mong oabo rōna, ha a khutlela polasing ea hae ka mor’a seboka, o ile a kopana le sehlopha sa banna se hlometseng le batšoaruoa ba babeli ba koahetsoeng lifahleho. O ile a botsoa hore na o bile teng sebokeng sa ’muso, ’me a bolela hore o bile teng. Banna bana ba hlometseng ba ne ba batla ho tseba hore o kene sesoleng sa malala-a-laotsoe, e leng seo a neng a sa se etsa, ’me a hlalosa boemo ba hae ba ho se jele paate. Kahoo, o ile a lumelloa ho ea hae. Metsotso e seng mekae hamorao, o ile a utloa sethunya se lla habeli ’me a hlokomela hore batšoaruoa ba babeli ba koahetsoeng lifahleho ba bolauoe.”

Ka bo-1970 le mathoasong a bo-1980, molao oa Philippines o ne o qobella baahi bohle ho vouta. Ba neng ba tlōla molao ona ba ne ba kenngoa teronkong. Sena se ile sa fa batho ba Jehova monyetla oa ho bontša botšepehi ba bona ho Molimo. Joaloka barab’abo bona lefatšeng lohle, bahlanka ba Jehova ba Philippines ba lutse ba sa jele paate lipolotiking, ’me e se “karolo ea lefatše.”—Joh. 17:16.

Ka mor’a hore ho buse ’muso o mong ka 1986, molao oa motheo oa naha o ile oa fetoloa, baahi ba se ke ba hlola ba qobelloa ho vouta. Sena se nolofalelitse barab’abo rōna bophelo. Leha ho le joalo, ba bangata ba ’nile ba talimana le liteko tse ling, haholo-holo ba lilemong tsa ho kena sekolo.

‘Ha ba sa Tla Ithuta Ntoa’

Irene Garcia o hōletse karolong e bohareng ea Luzon profinseng ea Pampanga. O bile le bothata boo e ntseng e le teko ho bacha ba bangata. E ne e le tlamo hore ba sekolong se phahameng ba koetlisetsoe sesole. Leha ho le joalo, liithuti tseo e leng Lipaki Tsa Jehova li entse qeto ea hore li ke ke tsa kopanela lenaneong le li rutang mekhoa ea ho loana. Taba ea pele, Irene o ile a rapella thuso ho Jehova. Joale, a ntse a hopotse bacha ba bararo ba Baheberu ba mehleng ea moprofeta Daniele, o ile a ea ho molaoli ea koetlisetsang sesole ’me a kōpa hore a lokolloe koetlisong ea sesole. (Dan., khao. 3) Le hoja a ne a sa utloisise boemo ba hae ka ho feletseng, o ile a ananela tlhaloso ea hae. Leha ho le joalo o ile a mo lemosa hore o tla fumana limaraka tse tlaase ka lebaka la ho se kopanele koetlisong eo. Irene o ile a re: “Ho lokile. Ke tla leka ho sebetsa ka thata lithutong tse ling.” O ile a fuoa mosebetsi o mong ho e-na le ho koetlisetsoa sesole. O itse: “Sena se ile sa etsa hore bana ba bang ba Lipaki ba se ke ba e-ba le bothata ha ba kōpa ho lokolloa koetlisong ea sesole, ’me ke ile ka ’na ka ba e mong oa ba leshome ba ipabotseng lithutong tsa bona.”

Hase balaoli bohle ba koetlisetsang sesole ba ileng ba lumella bana ho lokolloa koetlisong. Balaoli ba bang ba ile ba thatafalletsa liithuti ho fumana mangolo. Ho ntse ho le joalo, ho boloka melao-motheo ea Jehova ho rutile bacha ba likete thuto ea bohlokoa ea hore: Ho ema ba tiile ka lehlakoreng la ’Muso oa Jehova le ho lula ba sa jele paate litabeng tsa lefatše lena ho fella ka tšireletso le tlhohonolofatso ea Jehova.—Liprov. 29:25.

Palo ea Likopano ea Eketseha

A re lebiseng tlhokomelo lipokanong tsa moea tsa batho ba Jehova. Kamehla li tlisa thabo. Kaha palo ea Lipaki e ne e fokola pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, ha hoa ka ha e-ba le lipokano tse khōlō ho fihlela ka mor’a ntoa. Leha ho le joalo, ho ile ha etsoa boiteko ba ho matlafatsa barab’abo rōna ka tsela ena. Ha e le hantle, Buka ea Selemo ea 1941 (ea Senyesemane) e ne e e-na le tlaleho ea kopano ea Manila ea March 1940.

U tla hopola hore Majapane a ne a kentse Joseph dos Santos teronkong. O ile a qetella a lokolotsoe ke mabotho a Maamerika mathoasong a 1945. O ne a amehile ka boiketlo ba moea ba barab’abo rōna, bao bongata ba bona ba neng ba le bacha mokhatlong o hlophisitsoeng. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho ba thusa ho ithuta kamoo ba ka rutang ba bang ’nete ea Mangolo ka katleho ka lithuto tsa lehae tsa Bibele. Kopano e akaretsang e ileng ea tšoareloa Lingayen, Pangasinan, ho ella qetellong ea 1945, e bile mokhoa o mong oa ho finyella sena. Ho bile le ba ka bang 4 000, e leng se bontšang hore ho ne ho e-na le thahasello e ngata nakong eo. Ena e bile ketsahalo e thabisang hakaakang, kaha ntoa e ne e letse!

Ho tloha nakong eo ho ea pele, palo ea ba bang teng kopanong e ile ea eketseha ha palo ea bahoeletsi e eketseha. Lilemo tse ka bang 17 hamorao, palo eo ea ba 4 000 e ile ea nyolohela ho 39 652. Eaba kopano e tšoareloa libakeng tse supileng, eseng ho se le seng joaloka pele. Ka mor’a lilemo tse ling tse 15 (1977), palo ea ba bileng teng kopanong e ile ea feta 100 000. Ka nako eo, ho ile ha tšoaroa likopano tse 20 naheng eohle. Ka mor’a lilemo tse robeli, palo ea ba bang teng e ile ea feta 200 000, ’me ka 1997, palo ea ba bang teng likopanong tsa setereke e ne e feta 300 000. Bakeng sa selemo sa 2002, ho ile ha e-ba bonolo ho lokisetsa likopano tse 63, e leng tse ngata ka ho fetisisa. Ho tsamaea lihlekehlekeng tsena ke phephetso ebile ka linako tse ling ho hloka chelete e ngata. Ho tšoarela likopano libakeng tse ngata ho etsa hore li be haufi le barab’abo rōna, e leng ho ba nolofalletsang ho ba teng ho tsona. Ka lebaka leo, ba bangata ba rua molemo meketeng ena ea moea.

Jehova o Hlohonolofatsa Boiteko ba ho ba Teng

Ho ne ho se bonolo ho ba teng likopanong tse nyenyane le tse khōlō. Ka 1947, karolong e ka leboea ea naha, barab’abo rōna ba ile ba tsamaea ka liketsoana tse peli ho theosa le Nōka ea Abra ha ba ea kopanong ea potoloho motseng oa Vigan, o pel’a lebōpo. Ha ba fihla molomong oa nōka, ba qhaqha liketsoana tsena ’me ba rekisa likoqo tsa tsona e le hore ba ka reka litekete tsa bese e neng e tla ba khutlisetsa hae lithabeng ka mor’a kopano. Ba ne ba tla ba nkile mekotlana e meholo ea raese, mangata a patsi, liphate, ba e-na le bana ba bangata ebile ba bososela ka mofuthu ’me ba bososela haholoanyane ha kopano e ntse e tsoela pele. Ka raese, patsi, lipaola le liphate, ba ne ba hlokomela litlhoko tsa bona tsa nama.

Ka 1983 sehlopha sa ba tsoang Phuthehong ea Caburan ka boroa ho Philippines profinseng ea Davao del Sur se ile sa qeta matsatsi a mararo se tsamaea ka maoto sebakeng se lithaba ho ea fihla moo liketsoana li emang teng. Eaba se qeta letsatsi le leng se tsamaea ka seketsoana ho ea fihla motseng oa kopano. Se ile sa ikutloa hore boiteko boo se bo entseng le litšenyehelo tsa sona hase letho ha ho bapisoa le botsoalle bo thabisang boo se bileng le bona le ba bang Kopanong ea Setereke ea “Bonngoe ba ’Muso.”

Ka 1989 lelapa le leng le nang le bana ba babeli bao e mong a leng lilemo li peli ’me e mong a e-na le tse ’nè, le ile la tsamaea lik’hilomithara tse 70 ka maoto ho tloha motseng oa El Nido o Palawan e le hore le ka ba teng kopanong ea potoloho. Ba ile ba qeta matsatsi a mabeli ba tsamaea likhoeng moo tsela e neng e tsamaea e sa bonahale. Ba ile ba tlameha ho tsamaea ba tlosa likoili ’meleng ea bona. Ho hobe le ho feta, pula e ile ea qeta matsatsi a mabeli e na e sa khaotse. Ho ne ho e-na le melatsoana le linōka tse ngata tseo ba neng ba lokela ho li tšela, empa ho se na marokho. Lelapa lena le ile la fihla le sireletsehile, ho sa tsotellehe mathata ana. Ba ile ba thabela botsoalle le barab’abo rōna hakaakang sebakeng seo!

Libakeng tse ling, ho haella ha chelete ho ne ho thatafalletsa malapa ho ba teng likopanong. Ramon Rodriguez o bile le bothata boo ka 1984. O lula le lelapa la hae Sehlekehlekeng sa Polillo se ka thōko ho lebōpo la Luzon le ka bochabela. Ramon ke motšoasi oa litlhapi. Ho ne ho setse beke feela pele ho kopano, empa lelapa la hae la batho ba supileng le ne le e-na le chelete ea ho isa motho a le mong feela kopanong. Ba ile ba rapela Jehova mabapi le taba ena, ka mor’a moo Ramon le mora oa hae ea lilemo li 12 ba ea tšoasa litlhapi. Ba ea leoatleng ’me ba akhela matlooa a bona empa ba se ke ba atleha. Ka mor’a nako e itseng, mora oa hae o ile a mo phehella hore ba khutlele haufi le hae ’me ba leke. Ha ba le moo ba ile ba leka hape. Ramon o re: “Re ne re sa lebella sena, empa ha re hula matlooa a ne a tletse litlhapi, li ne li le ngata hoo li ileng tsa tlala seketsoana.” Ba ne ba tšoasitse litlhapi tsa boima ba lik’hilograma tse fetang 500! Ha ba li rekisa, ba ile ba fumana chelete e lekaneng bakeng sa hore lelapa lohle la ha Rodriguez le ee kopanong.

Bosiung bo latelang, barab’abo rōna ba bang ba batlang ho ea kopanong ba ile ba akhela matlooa a bona sebakeng sona seo ’me ba tšoasa litlhapi tse ling tsa boima ba lik’hilograma tse 100. Ramon oa phaella: “Batšoasi ba litlhapi bao e seng Lipaki ba ileng ba akhela matlooa a bona ka nako e tšoanang ba ile ba makala hobane ha baa ka ba tšoasa le e ’ngoe. Ba ile ba re: ‘Molimo oa bona o ba hlohonolofalitse hobane ba ea kopanong.’” Khafetsa, malapa a Lipaki a Mafilipino a ithutile hore ho etelletsa lintho tsa moea pele bophelong le ho sebetsa tumellanong le lithapelo ho tlisa thabo le tlhohonolofatso ea Jehova.

Likopano Tse Ikhethang

Batho ba Jehova lefatšeng lohle ba nka mehopolo eo ba nang le eona ka likopano tse fetileng e le ea bohlokoa. Barab’abo rōna ba Philippines hase mekhelo. Le hoja mananeo ’ohle a kopano a nkoa e le a bohlokoa, a mang e ba a khethehileng hoo a sieang mehopolo e tebileng lipelong le likelellong. Ka linako tse ling tsena ke likopano tsa machaba, kapa tseo baromuoa ba eang ho tsona ha ba khutlela linaheng tsa habo bona ’me ba phetela ba leng teng liphihlelo tsa bona.

Joalokaha ho boletsoe pejana, ho na le bara le barali babo rōna ba bangata ba Mafilipino ba sebeletsang e le baromuoa linaheng tse ling tsa Asia le lihlekehlekeng tsa leoatle. Ka makhetlo a ’maloa, Lipaki lefatšeng lohle li ’nile tsa ntša menehelo ea ho thusa baromuoa ho khutlela linaheng tsa habo bona e le hore ba ka ba teng likopanong tsa moo. Baromuoa ba Mafilipino le bona ba ile ba rua molemo tokisetsong ena e lerato. Ka 1983, 1988, 1993 le 1998, ho ile ha thusoa ba bangata ho khutlela Philippines e le hore ba ka thabela likopano le malapa abo bona le metsoalle. Litlaleho tsa 1988 li bontša hore baromuoa ba 54 ba sebeletsang linaheng tse 12 ba ne ba khutletse Philippines bakeng sa likopano. Ka nako eo, baromuoa bana ba 54 ka karolelano ba ne ba qetile lilemo tse 24 ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ho utloa seo ba se buang le liphihlelo tsa bona ho ile ha thabisa e mong le e mong haholo.

Ba bang ba hopola likopano ka lebaka la liketsahalo tse amanang le tsona le boikemisetso ba barab’abo rōna ba ho tsoela pele ho sa tsotellehe litšitiso. Ka mohlala, pejana ho Kopano ea Setereke ea “Khotso ea Bomolimo” e neng e tšoaretsoe Surigao, Mindanao, ka 1986, setsokotsane se fokang ka lebelo la lik’hilomithara tse 150 ka hora se ile sa hlasela motse. Marulelo a lebala la lipapali a ile a senyeha haholo. Phepelo ea motlakase ea motse oohle e ile ea khaoha ’me ha hoa ka ha e-ba le motlakase ho fihlela ka mor’a kopano. Metsi a ne a khuoa sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse tšeletseng. Seo ha sea ka sa sitisa Lipaki ho bokana hammoho. Barab’abo rōna ba ile ba lokisa sethala se senyehileng ’me ba se beha haufi le sebaka sa lipapali tsa ka tlung se haufi le lebala la lipapali. Ba ile ba hira jenereithara bakeng sa mabone, tsamaiso ea molumo le sehatsetsi se phaposing ea ho jela. Le hoja ho ne ho lebeletsoe hore ho tla ba le batho ba 5 000, ba ileng ba thabela kopano ba ne ba le 9 932! Ka sebele, bana e ne e se Bakreste hafeela lintho li ba tsamaela hantle.

Likopano tsa machaba li ’nile tsa hopoleha ka ho khetheha. Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa hore ho tšoareloe likopano tsa machaba Manila ka 1991 le ka 1993. Ba tlileng kopanong ba ile ba siea mehopolo e sa lebaleheng motseng. Bara le barali babo rōna ba Mafilipino ba ile ba khothatsoa hakaakang kaha bongata ba bona ha ba khone ho etela linaha tse ling! (Bar. 1:12) Ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba khahloa ke kamohelo e mofuthu ea baeti ea barab’abo rōna ba Mafilipino. Banyalani ba bang ba tsoang United States ba ile ba ngola: “Re le leboha ka ho khethehileng bakeng sa kamohelo ea lōna e mofuthu. Le re amohetse ka mofuthu!”

Ka 1993, ho ile ha sebelisoa mabala a mararo a lipapali Manila, ’me neng le neng ha setho sa Sehlopha se Busang se fana ka puo, mabala ’ohle a mararo a ne a hokahanngoa ka thelefono. Ba tlileng kopanong ba ne ba thabile hakaakang ha ba bona Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e lokolloa ka Setagalog! Morali’abo rōna e mong e mocha o itse: “Ke ne ke thabile haholo. Ke ne ke lebeletse nako eo ka eona re tla ba le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Setagalog. E bile ho hlollang hakaakang ha re e fumana!”

Ka 1998 boemo bo ile ba fetoha. Ka lekhetlo la pele ho tloha ka 1958, Philippines e ile ea memeloa ho romela baemeli linaheng tse ling. Kahoo, ba 107 ba ile ba e-ba teng kopanong e neng e tšoaretsoe Lebōpong le ka Bophirimela la United States. Ka September, ba bang ba 35 ba ile ba e-ba le tokelo ea ho ea kopanong ea machaba ea Korea. Likopano tse joalo li phethile karolo ea bohlokoa ho ruteng le ho kopanyeng batho ba Jehova le ho thusa bohle ho etsa Jehova qhobosheane ea bona.

A re lebiseng tlhokomelo ea rōna mosebetsing o etsoang tšimong. See se finyeletsoe joang naheng ee e nang le lipuo tse ngata hakaale?

Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka Lipuo Tse Ngata

Joalokaha ho boletsoe pele, ho bonolo hore batho ba ithute ’nete ka lipuo tsa bona. Sena ke phephetso Philippines kaha ho buuoa lipuo tse ngata. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa leka ka matla ho pakela batho ka lipuo tsa bona le ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng.

Hangata, batho ba buang puo e itseng ba pakeloa ke ba seng ba tseba puo eo. Maemong a mang moo e leng Lipaki tse seng kae tse buang puo ea sebaka seo, bahoeletsi ba chesehang le bo-pula-maliboho ba ile ba ithuta eona. Ka tsela ena, ba etsisa moapostola Pauluse, eo e ileng ea e-ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.”—1 Bakor. 9:22.

Le hoja Philippines e le naha ea bone linaheng tse nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa ba buang Senyesemane, ena hase puo ea batho ba sebakeng seo. Hase bohle ba tsebang ho bala Senyesemane hantle, kahoo ho hlokahala lingoliloeng ka lipuo tse ’maloa tsa Philippines. Ho theosa le lilemo, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse ling tse 17. Lipuo tse ling li na le bukana e le ’ngoe feela kapa tse peli—tse kang Setausug, e leng puo e buuoang ke Maislamo a lulang ka boroa, kapa Seibanag, se buuoang ke morabe o monyenyane o lulang karolong ea naha ena e ka holimo-limo ka leboea. Ka ho tloaelehileng, batho ba utloisisa le ho bua hantle e ’ngoe ea lipuo tse khōlō tse supileng. Molula-Qhooa o fetoleloa le ho hatisoa ka tsona kaofela. Kahoo, ho sebelisoa lipuo tsena lenaneong la moea Liholong Tsa ’Muso le likopanong tse khōlō le tse nyenyane.

Lilemong tsa morao tjena, ’muso o khothalelitse batho ho sebelisa Sepilipino, e leng puo e batlang e tšoana le Setagalog. Ho theosa le lilemo, phello ea sena e ’nile ea bonahala. Palo ea batho ba buang Sepilipino le ea lingoliloeng tsa sona e eketsehile, athe palo ea batho ba buang lipuo tse ling le ea lingoliloeng tsa tsona ha ea fetoha. Sena se bonoa ka ho hlaka palong ea Melula-Qhooa e hatisoang. Ka 1980, ho ne ho ajoa limakasine tsa Setagalog tse 29 667 tokollo ka ’ngoe. Ka 2000, palo ena e ile ea imena ka makhetlo a mararo, ea nyolohela ho 125 100 tokollo ka ’ngoe. Nakong eona eo, ho ile ha e-ba le phetoho e nyenyane kabong ea limakasine tsa Senyesemane le keketseho e itekanetseng kabong ea limakasine tsa lipuo tse ling tsa Philippines.

Lelapa la Bethele le Tšehetsa Tšebeletso ea Tšimo

Ho na le basebeletsi ba nako e tletseng ba 380 ofising ea lekala la Lipaki Tsa Jehova le Motseng oa Quezon, eo e leng karolo ea Metro Manila e phetheselang. Basebetsi ba 69 ba fetolela le ho hlahloba liphoso lingoliloenng tsa puo ea moo. Ba bang ba basebetsi bana ba sa tsoa qeta ho fetolela Mangolo a Seheberu a Phetolelo ea Lefatše le Lecha lipuong tse tharo: Secebuano, Seiloko le Setagalog. Ho tloha ha ho lokolloa Mangolo a Segerike a Bibele ena ka 1993, barab’abo rōna ba ’nile ba lebella hore ba be le Phetolelo ea Lefatše le Lecha e feletseng. Ba ne ba thabile hakaakang ha ba fumana khatiso ea Setagalog e ileng ea lokolloa kopanong ea setereke bofelong ba 2000! Ho ile ha latela likhatiso tsa Secebuano le Seiloko kapele ka mor’a moo. Hona joale batho ba likete tse makholo tšimong ba ka rua molemo phetolelong ena ea Mangolo a Halalelang e hlakileng, e nepahetseng le e utloahalang.

Litho tsa lelapa la Bethele la Philippines li na le limelo tse sa tšoaneng ’me li bua lipuo tse sa tšoaneng tse 28. Kahoo, ba bangata ba tšoaneleha hamolemo bakeng sa ho fetolela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Leha ho le joalo, ho fetolela ke karolo feela ea mosebetsi o etsoang Bethele.

Baithaopi ba Bethele ba etsa mesebetsi e sa tšoaneng e tlatsetsang mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho bolela tšimong. Barab’abo rōna ba bang ba hatisa limakasine le lingoliloeng tse ling. Baithaopi ba boetse ba li isa libakeng tse sa tšoaneng tsa Luzon. Ba bang ba etsa mesebetsi e sa tšoaneng Lelapeng la Bethele ka bolona, e kang ho lokisa thepa, ho pheha le ho hloekisa. Ba bang ba sebetsa Lefapheng la Tšebeletso moo ba amohelang le ho romela mangolo a lipuo tse ngata ho thusa liphutheho, balebeli ba tsamaeang le basebeletsi ba nako e tletseng ba tšimong. U ka inahanela hore na ho sebetsanoa le mangolo a makae a liphutheho tse 3 500 tse sehlopheng sena sa lihlekehleke!

Ho tloha nakong eo ka eona ofisi ea lekala e neng e thehoa ka lekhetlo la pele ka 1934 ho fihlela bohareng ba bo-1970, mosebetsi o etsoang lekaleng o ne o le kalosong ea mohlanka oa lekala kapa molebeli. Ka mor’a hore Joseph dos Santos a khutlele Hawaii, Earl Stewart, eo e neng e le moromuoa ea tsoang Canada, o ile a jara boikarabelo boo ka lilemo tse 13. Ka mor’a moo ho ile ha e-ba le barab’abo rōna ba bang ba babeli ba ileng ba sebeletsa ka nako e khutšoanyane. Ka 1966, Denton Hopkinson, ea ileng a fihla ka 1954, o ile a khethoa hore e be molebeli oa lekala. O ile a sebeletsa hamolemo boemong boo ka lilemo tse leshome ho fihlela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bona ho loketse ho etsa tokisetso e ncha bakeng sa bolebeli ba makala lefatšeng ka bophara.

Tumellanong le tataiso e eang makaleng lefatšeng lohle, ka February 1976 Komiti ea Lekala e ile ea fuoa boikarabelo ba ho hlokomela lekala ho e-na le hore le hlokomeloe ke motho a le mong. Sehlopha sena sa banna ba tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang se ne se tla ikarabella bakeng sa ho etsa liqeto tse amang mosebetsi tšimong le ofising ea lekala. Qalong Komiti ea Lekala ea Philippines e ne e e-na le litho tse hlano. Hamorao, kaha boholo ba litho tsa pele e ne e le baromuoa ba tsoang linaheng tse ling, ho ile ha hlokahala hore ho eketsoe palo ea barab’abo rōna ba Mafilipino. Ka nakoana ha e-ba le litho tse supileng.

Kapele-pele ho ile ha bonoa melemo ea tokisetso ena ea Komiti ea Lekala. Denton Hopkinson, eo hona joale a sebeletsang e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala, o re: “Ha ke hopola nako e fetileng, ke bona kamoo bohato bona e bileng bo bohlale le bo nakong kateng. Ka lebaka la mosebetsi o mongata le boholo ba mokhatlo o hlophisitsoeng, motho a le mong o ne a ke ke a khona ho etsa lintho tsohle. Hona joale kaofela re jara boikarabelo bo lekanang.”

Liproverbia 15:22 e re: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” Kopano ke matla. Komiti ea Lekala ea Philippines e sebelisa molao-motheo oo. Ho tloha ha Mor’abo rōna Hopkinson a khethoa e le molebeli oa lekala, mosebetsi le palo ea litho tsa lelapa la Bethele li imenne ka makhetlo a leshome. Hona joale Komiti ea Lekala e na le litho tse hlano tsa ba sebelelitseng Jehova ka nako e telele. Ka karolelano, ba bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse 50. Ka sebele phihlelo ea bona e bile molemo hobane mosebetsi lihlekehlekeng tsohle o tsoetse pele ka potlako tlas’a tataiso ea Jehova. Komiti ea Lekala le litho tsohle tsa lelapa la Bethele li nka ho hlokomela mosebetsi ona e le tokelo e khōlō.

Ho Bolella “Batho ba Mefuta Eohle” ’Nete

Ka sebele ho etsa mosebetsi oa boboleli ho tumellanong le thato ea Molimo ea hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Ke “mefuta” efe ea batho e thusitsoeng ke baboleli ba chesehang Philippines eohle?

Marlon e ne e le motho ea atisang ho ba mathateng. Motseng oa habo o ne a tsebahala e le motho ea mekhoa e mebe: ea tsubang, ea tahoang, ea sebelisang lithethefatsi le ea nang le metsoalle e mebe. Ha Lipaki li fihla, ’mè oa Marlon o ile a thahasella molaetsa oa ’Muso. Bo-pula-maliboho ba ne ba tsamaea litseleng tse lerōle le tse liretse ha ba il’o ithuta le eena. Qalong Marlon o ne a sa thahaselle ho ba teng thutong empa o ne a feta khafetsa. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba neng ba khannela ’mè oa hae thuto ba ile ba mo bontša thahasello. Ka mor’a nako e itseng, ha aa ka a qalisa ho ithuta feela empa o ile a kuta moriri oa hae o neng o fihla thekeng e le hore a ka ba teng sebokeng ka lekhetlo la pele Holong ea ’Muso. A tsoela pele ka potlako, ’me batho ba ne ba makaletse liphetoho tse khōlō tseo a ileng a li etsa mabapi le tsela eo a neng a phela ka eona. Hona joale Marlon ke pula-maliboho oa nako e tletseng, ea bolellang ba bang ’nete. Ke eng se ileng sa mo susumelletsa ho amohela ’nete? O ile a bontša hore mamello ea bo-pula-maliboho ba neng ba ithuta le ’mè oa hae e ile ea mo kholisa hore ba ’neteng.

Ba bang ba ka bonahala e le mofuta o ke keng oa amohela ’nete. Leha ho le joalo, baboleli ba litaba tse molemo ha ba ahlole batho empa ba ba fa monyetla oa ho mamela. Sehlekehlekeng se senyenyane sa Marinduque, pula-maliboho ea khethehileng o ile a paka ntlong e ’ngoe. Ha a qeta, a botsa hore na ho na le motho e mong ea lulang moo. Mong’a ntlo a araba a re: “U se ke ua itšoenya ka ho mo etela; o mabifi ebile o halefa kapele.” Leha ho le joalo, pula-maliboho enoa a nahana hore motho eo o lokela ho fuoa monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso. Ha a e-ea a lebile monyako, pula-maliboho enoa a bona eka monna enoa o ne a mo letetse. A bososela, a kōpa ho mo khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. A makala hore ebe monna enoa, ea bitsoang Carlos, o bonahala a thabetse kōpo ena ea hae. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena le mosali oa hae.

Ha pula-maliboho enoa a khutlela ka lekhetlo la bobeli, Carlos o ile a bolela hore eena le mosali oa hae ba bile le mathata a tebileng ’me ba ile ba leka ho ipolaea. Nakong eo ka eona pula-maliboho a neng a tlile ka lekhetlo la pele mokatong o ka tlaase, Carlos o ile a hloaea tsebe a mamela, ’me a utloa mong’a ntlo a nyahamisa pula-maliboho eo hore a se ke a ea mokatong o ka holimo. Ha a utloa seo, a rapela hore pula-maliboho enoa a hlokomolohe keletso eo ’me a tle hobane mohlomong e ne e le karabo ea thapelo ea bona ea hore ba fumane khotso ea kelello. Thuto ea bona ea Bibele e ile ea fela ea ba tlisetsa khotso ea kelello. Ba ile ba kolobetsoa ba le babeli, ’me hona joale mosali oa Carlos ke pula-maliboho oa kamehla.

Monna e mong ea bitsoang Victor o ne a tseba lithuto tsa Bobuddha le Bok’hatholike. A qala ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le malumeli a mangata hakana lefatšeng. A qala ho batla ’nete. Ka mor’a ho hlahloba Boislamo, Bohindu, Boshinto, Boconfucius, khopolo ea ho iphetola ha lintho le lifilosofi tse ling, a fumana hore kaofela ha tsona ha li mo khotsofatse. Ha a ntse a batlisisa, a fumana hore ke Bibele feela e nang le boprofeta bo nepahetseng. Ka hona, a lebisa tlhokomelo eohle ea hae ho batlisiseng Bibele. Ka ho batlisisa ka Mangolong, eena le kharebe ea hae Maribel, ba fihlela qeto ka bobona hore Boraro-bo-bong, mollo oa lihele le pelekatori ke lithuto tsa bohata. Ho ntse ho le joalo, ho ne ho bonahala hore ho na le ho hong ho haellang.

Ka mor’a nako e itseng a nyalane le Maribel, Victor o ile a buisana le Paki ’me a ithuta hore ke habohlokoa ho sebelisa lebitso la Molimo. Ka mor’a ho sheba seo ka Bibeleng ea hae, hang-hang Victor a qala ho sebelisa lebitso la Jehova lithapelong tsa hae. Kapele o ne a kopanela libokeng Holong ea ’Muso ’me a hatela pele ka potlako moeeng. Eena le Maribel ba kolobelitsoe ka May 1989, ’me hona joale Victor ke molebeli oa potoloho, ea matlafatsang liphutheho.

Bo-pula-maliboho ba thusitse batho ba maemong a sa tšoaneng. Primitiva Lacasandile, eo e leng pula-maliboho ea khethehileng karolong e ka boroa ea Luzon, o ile a qala ho ithuta Bibele le banyalani ba bang motseng o mong. Ba ne ba e-na le bana ba babeli. Ba ne ba futsanehile. Ka nako e ’ngoe ha Primitiva a tlil’o khanna thuto ea Bibele, a makala ha a fumana ngoana oa letsibolo a fanyehiloe ka mokotla marulelong a ntlo a ntse a lla. Primitiva o re: “’Mè oa hae o ne a tšoere thipa a le makhatheng a ho bolaea ngoana. Ke ile ka mo thiba eaba ke mo botsa hore na ke hobane’ng ha a il’o etsa joalo. ’Ma’e a bolela hore ke ka lebaka la mathata a bona a chelete.” Primitiva a ba eletsa ka Bibele bothateng ba bona, ka lebaka leo a boloka bophelo ba ngoana. Ba ile ba tsoela pele ho ithuta Bibele ’me ba qala ho ba teng libokeng, le hoja ho ne ho hlokahala hore ba tsamaee lik’hilomithara tse robeli ho ea fihla teng. Banyalani bao ba ile ba hatela pele ’me ba kolobetsoa, hona joale monna ke moholo ka phuthehong. Primitiva o re: “Hona joale ngoana eo ea batlileng a bolaoa ke pula-maliboho oa kamehla. Ka sebele, mosebetsi oo Jehova a o fileng bahlanka ba hae o pholosa bophelo hona joale le nakong e tlang.”

Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōlō

Ho sa ntse ho e-na le libaka tse ngata moo ho nang le bahoeletsi ba ’Muso ba seng bakae. Bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba ithaopetse ho ea libakeng tsena. Pascual le Maria Tatoy e ne e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Ba ile ba ithaopela ho tsamaea le Angelito Balboa, e leng pula-maliboho ea khethehileng, ho ea thusa ho sebetsa tšimo ea Lihlekehleke Tsa Coron, karolong e ka bophirimela ea Philippines. E le hore ba ka iphelisa, Pascual o ne a tšoasa litlhapi le mor’abo rōna e mong ’me Maria a etsa lijo tse bobebe a li rekisa.

Ha molebeli oa potoloho a etile, o ile a bua ka tlhokahalo e leng teng sehlekehlekeng sa Culion. Sebaka sena se ne se e-na le lehae la balepera, ’me ho e-na le bahoeletsi ba bane feela. O ile a kōpa ba ha Tatoy ho ea sebakeng seo. Pascual le Maria ba ile ba lumela, ’me Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba bona. Culion e qalileng ka bahoeletsi ba bane e se e e-na le liphutheho tse peli.

Bohareng ba bo-1970, batho ba bangata ba ile ba baleha Vietnam ba palame liketsoana. Bongata ba bona bo ile ba fihla Philippines. Likampo tsa baphaphathehi li ile tsa sebetsa ka lilemo tse ka bang 20. Kampo e khōlō e ne e le Sehlekehlekeng sa Palawan. Bara ba bang babo rōna ba Mafilipino ba ile ba ithaopela ho bolella batho bana ’nete. Mor’abo rōna e mong ea buang Sevietnam o ile a tloha United States ho tla thusa. Ba bang ba lulang kampong ba ile ba amohela ’nete. Ba bang ba ile ba tseba lebitso la Jehova le Lipaki tsa hae pele ba fallela sebakeng se seng.

Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba sebeletsa libakeng tse ngata tse ka thōko tsa Philippines. Ba atisa ho tsamaea le bahoeletsi ba bang le bo-pula-maliboho ha ba sebetsa libakeng tse hōle. Norma Balmaceda o pheta litaba tsa ho sebetsa profinseng e lithaba ea Ifugao. O re: “Re atisa ho ea ka Mantaha, re nkile mekotla ea rōna e tletseng lingoliloeng, liaparo le lijo—tse lekaneng ho fihlela Moqebelo hoseng. Mantsiboea rea khutla e le hore re ka ea libokeng tsa phutheho.”

Liphutheho tse ling li lokisetsa maeto a boboleli, haholo-holo ha boemo ba leholimo bo le botle. Ka linako tse ling li qeta matsatsi a ’maloa kapa beke li e-ea masimong a ka thōko. Nicanor Evangelista, eo e seng e le setho sa Bethele, o hopola ha a ne a etsa mosebetsi oo. O re: “Libakeng tse ka thōko, ke moetlo oa Mafilipino hore haeba a thahasella, a re: ‘Robaletsang. Le phehele mona.’ Ka linako tse ling bo-pula-maliboho ba ne ba ithuta Bibele le batho ba thahasellang ho fihlela bosiu hobane ba robaletsa hona moo.”

Morabe oa Maaeta o Ithuta ’Nete

Ha bahlanka ba Jehova ba leka ho pakela batho ba mefuta eohle, ba ile ba kopana le Maaeta, kapa Manegritos, e leng lebitso le leng la ’ona. Ho nkoa hore Maaeta ke baahi ba pele ba Philippines. Ba batla ba fokola ka palo, ’me ha ho bonolo ho kopana le bona. Lebaka ke hore bongata ba bona ke bo-hloma-u-hlomole merung ea lithaba, ba tsoma liphoofolo kapa ba batla litholoana le meroho. Ba tšoana le Baroa ba Afrika, ha ba fete lisenthimithara tse 150 ka bolelele, ba batšo, ’me moriri oa bona o likhokoloana. Ba bang ba itsoakantse le batho ba bang, ’me ba bang ba hahile haufi le metse e meholo. Ba bangata ba ne ba lula lithabeng tse potolohileng Thaba ea Pinatubo empa ba tloha nakong eo ho foqohang seretse se chesang.

Sehlopha se seng sa Maaeta se lula Sehlekehlekeng sa Panay, Philippines e bohareng. Lodibico Eno le lelapa la hae ke Maaeta a sebakeng seo. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ile ha tlisa liphetoho tse ngata bophelong ba Lodibico. O re: “Pele, ke ne ke etsa lintho tse ngata tse mpe: ke hlafuna betel nut, ke tsuba, ke noa ebile ke becha. Hape ke ne ke le mabifi. Lelapa la rōna le ne le sa thaba. Hoja ke ne ke sa khaotsa ho etsa lintho tseo tse mpe, nka be ke se ke shoele. Joale ke hloekile. Meno a ka a neng a se a le masehla, a se a soeufetse. Ke moholo ka phuthehong. Ke fumane litlhohonolofatso tsena kaofela ho Jehova Molimo.” Ho tšoana le lelapa lena la Maaeta, esita le batho ba merabe e menyenyane ba lokolotsoe ke ho latela tsela ea Jehova.—Joh. 8:32.

Ho Lokolla Batšoaruoa

Batho ba bang ba thusitsoeng ke ba teronkong. Ho tloha ka bo-1950, Lipaki Tsa Jehova li entse boiteko bo khethehileng ba ho etela batšoaruoa. Ba bangata ba thusitsoe hore ba amohele tsela ea ’nete.

Ha a sa le mocha, Sofronio Haincadto e ne e le e mong oa ba ileng ba fetohela ’muso. O ile a tšoaroa ’me a ahloleloa lilemo tse tšeletseng teronkong. Ha a le Teronkong ea New Bilibid e Luzon, o ile a hlokomela motšoaruoa e mong ea sa kopaneleng litšebeletsong tsa bolumeli tsa batšoaruoa. O ile a tseba hore monna eo o fetohile e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Seo se ile sa lebisa lipuisanong tsa Bibele tsa kamehla. Sofronio o re: “Ke ile ka kholiseha hore seo pele ke neng ke se loanela se ne se ke ke sa hla sa fetola sechaba hore e be se molemo.” O ile a ithuta hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka tlisang liphetoho tse hlokahalang. Ka thuso ea barab’abo rōna ba phutheho e haufi, Sofronio o ile a hatela pele moeeng ’me a kolobelletsoa selibeng sa teronko sa ho nosetsa lijalo.

Ka mor’a ho phetha kahlolo ea hae, Sofronio e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla, hamorao ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng. Ha a ntse a le tšebeletsong ea nako e tletseng, o ile a thusa batho ba ka bang 15 ho amohela tsela ea ’nete. Ka mor’a ho nyala, o ile a ba le bana ba tšeletseng. Ba bararo ho bona ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me e mong oa bona ke molebeli oa potoloho. Ka 1995, bara ba hae ba babeli ba ile ba e-ba teng Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. ’Nete e ile ea lokolla Sofronio, lelapa la hae le ba bang bao a ba thusitseng.

Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ’nile ba pakela batšoaruoa teronkong ea Iwahig e Palawan, ha e le hantle, ba ile ba lumelloa ho haha Holo ea ’Muso e nyenyane ka har’a jarete ea teronko. Motšoaruoa e mong ea neng a ahloletsoe ho chesa thepa ka boomo, ho utsoa le ho bolaea batho ba ’maloa o ile a qala ho ithuta. Ha a thusoa ho sebelisa seo a ithutileng sona bukeng ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, o ile a fetola bophelo ba hae hakaakang!

Ka mor’a lilemo tse 23 a le litlamong, o ile a tsebisoa hore o tla lokolloa haufinyane. O ile a bolela hore o lakatsa ho lula le lelapa la hae hape ka mor’a nako e telele hakaalo. Leha ho le joalo, lelapa la hae le ne le soabile ebile le tšohile hoo le ileng la romela molaetsa o reng: “Re kōpa u se ke ua hlola u khutla.” Le ne le sa tsebe liphetoho tse khōlō tseo Lentsoe la Molimo le neng le li entse bophelong ba hae. Le ile la makala hakaakang ha monna enoa oa Mokreste ea khutsitseng le ea tletseng khotso a khutlela motseng oa habo!

Teronko ea basali e khōlō ka ho fetisisa ka har’a naha e Mandaluyong, Metro Manila. Ka lilemo tse ngata, Lipaki Tsa Jehova li ne li lumeletsoe ho etela mona ka seoelo. Leha ho le joalo, boemo bo ile ba fetoha ha mosali e mong ea neng a ithuta Bibele a tlisoa teronkong ena. Ba boholong ba ile ba bolela hore o lokela ho kopanela le sehlopha se seng sa bolumeli moo, empa a tiisa hore a ke ke a etsa joalo, a hlalosa hore o batla ho rapela le Lipaki Tsa Jehova feela. Ba boholong ba lumela ’me ba lumella Lipaki ho etela sebaka sena beke le beke. Ho tloha ka nako eo ho kolobelitsoe basali ba ’maloa, ’me kamehla phutheho e haufi e tšoara Thuto ea Molula-Qhooa le liboka tse ling molemong oa batšoaruoa ba thahasellang ba basali.

Molaetsa oa ’nete o tliselitse batšoaruoa ba bang tokoloho e ikhethang. Le bona ke ba bohlokoa ho Jehova, ’me batho ba hae ba thabela ho thusa ba joalo.

Basebeletsi ba Nako e Telele ba Hatela Pele

Maele a Bibele a re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” (Liprov. 16:31) Ka sebele, ho hotle hakaakang ho bona ba entseng thabo ea Jehova qhobosheane ea bona ka lilemo tse ngata!

Pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo o ne o le monyenyane Philippines. Ke ba seng bakae ba bileng tšebeletsong ka lilemo tse ngata hakaalo. Kahoo, ho khothatsa hakaakang ho tseba Leodegario Barlaan! O bile tšebeletsong ea nako e tletseng ho tloha ka 1938. Nakong ea ntoa eena le metsoalle ea hae ba ile ba hlekefetsoa ke Majapane, empa ba tsoela pele ho bolela. Ha ntoa e letse, eena le mosali oa hae, Natividad, ba tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me qetellong ba memeloa mosebetsing oa ho tsamaea. Hamorao ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba likooa profinseng ea Pangasinan. Natividad o ile a hlokahala ka 2000, empa Leodegario o ntse a le kabelong eo. E mong le e mong o khothatsoa ke boikemisetso ba hae ba ho etsa seo a ’nileng a se etsa kamehla—mosebetsi oa boboleli.

Mosebetsi oa ho paka o ile oa akofa ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Ba bangata ba ithutileng ’nete ka nako eo ba ntse ba sebeletsa le hona joale. Ka mohlala, nakong ea ntoa Pacifico Pantas o ne a bala lingoliloeng tsa Bibele tsa baahelani ba hae ba Lipaki. O re: “Ke ile ka qala ho ea libokeng. Eaba ke ngolisetsa ho ba pula-maliboho ea tloaelehileng [eo hona joale e leng oa kamehla], empa ke ne ke e-s’o kolobetsoe. Ba ile ba re ke kolobetsoe, eaba kea kolobetsoa.” E ne e le ka 1946. Mosebetsi oa Pacifico oa bopula-maliboho o ile oa mo isa likarolong tse ngata tsa naha. O ile a thabela le litokelo tse ling. O re: “Ke ile ka memeloa sehlopheng sa bo16 sa Gileade ’me ka ba teng kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe New York City ka 1950. Ka mor’a hore ke fumane lengolo, ka sebeletsa ke le molebeli oa potoloho Minnesota le Dakota Leboea, U.S.A., eaba ke khutlela Philippines ho ea sebeletsa ke le molebeli oa setereke karolong ea naha e ka leboea ho Nōka ea Pasig, ho tloha Manila ho ea fihla Mindanao.”

Lilemong tse latelang, Mor’abo rōna Pantas o ile a sebetsa mesebetsi e sa tšoaneng Bethele le ho ba molebeli ea tsamaeang. Pacifico o ile a nyala ka 1963. Eena le mosali oa hae ba e-ba le bana, ka hona ba tlameha ho hlokomela lelapa la bona. Ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova e le lelapa, ’me bana bohle ba bararo ba hōtse e le barorisi ba Jehova. Hona joale ka boraro ba bona ke baholo, ’me e mong o fumane lengolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. E mong o sebeletsa Bethele. Le hoja Mor’abo rōna Pantas a se a hōlile e ntse e le tšusumetso e ntle ka phuthehong.

Liholo Tse Ntle Bakeng sa Borapeli ba Jehova

Batho ba Jehova ba Philippines ba sa tsoa ba le Liholo Tsa ’Muso e le litsi tsa borapeli. Bongata bo ’nile ba kopanela mahaeng a barab’abo rōna ka lilemo tse ngata. Ka sebele, esita le lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ne ba tšoarela liboka matlong. (Bar. 16:5) Leha ho le joalo, morao tjena ha liphutheho li ntse li hōla, ho ile ha hlokahala hore ho fumanoe libaka tse tšoanelehang tseo batho ba bangata ba ka kopanelang ho tsona.

David Ledbetter o itse: “Ba bangata ba ne ba thatafalloa ka lebaka la ho haelloa ke chelete. Esita le motseng o moholo oa Metro Manila, re ne re e-na le Holo e le ’ngoe feela ea ’Muso e hahiloeng setšeng sa phutheho. Libakeng tsohle tse ling, Liholo Tsa ’Muso li ne li hahiloe litšeng tseo e seng tsa phutheho.” Meputso ea barab’abo rōna e ne e le menyenyane hoo liphutheho li neng li se na chelete ea ho reka litša.

Barab’abo rōna ba ile ba sebelisa libaka leha e le life tseo ba neng ba ka li fumana. Ka bolokolohi ba ne ba arolelana seo ba nang le sona. Ka mohlala, Denton Hopkinson o hopola Santos Capistrano, mor’abo rōna oa Manila ea ileng a nehelana ka mokato oa bobeli oa ntlo ea hae hore o sebelisoe e le Holo ea ’Muso ka lilemo tse ka bang 40. Mor’abo rōna Hopkinson o re: “Ka mor’a hore mosali oa Mor’abo rōna Capistrano a hlokahale, bana ba hae ba ile ba lula mokatong o ka tlaase. Holo ea ’Muso e ne e le mokatong o ka holimo, ’me o ne a e-na le kamore e nyenyane e nang le kichine. Holo ea ’Muso e ne e jele sebaka se seholo sa mokato oa bobeli. U ne u ka ’na ua nahana hore e ne e le tšitiso ho eena empa o ne a thabetse hore boemo bo be ka tsela eo. Ke kamoo barab’abo rōna ba neng ba ikutloa kateng.”

Qetellong, ho ile ha khoneha ho haha Liholo Tsa ’Muso litšeng tsa phutheho. Peso e ile ea matlafala, ’me ka bo-1980, meputso ea eketseha hanyenyane, ka lebaka leo ha e-ba bonolo ho alima chelete. Kahoo, liphutheho tse ’maloa tsa khona ho alima chelete.

Sehlopha se Busang se ile sa qalisa tokisetso e lerato e ileng ea ntlafatsa lintho haholo. United States le Canada ho ile ha etsoa litsebiso tse mabapi le Letlōle la Liholo Tsa ’Muso, ka mor’a nako e seng kae, Philippines e ile ea rua molemo cheleteng e nehetsoeng ka morero o khethehileng oa ho haha Liholo Tsa ’Muso. Tokisetso ena e latela molao-motheo oa hore “ho leka-lekanya ho ka ba teng,” ho etsang hore ho be bonolo ho alima chelete. (2 Bakor. 8:14, 15) Lintho li ile tsa qala butle-butle, empa ha barab’abo rōna ba utloa kamoo tokisetso ena e sebetsang kateng libakeng tse ling ba bangata ba ile ba susumelletseha ho ba le Holo ea bona ea ’Muso.

Tokisetso ee e thusitse hakaakang! Ofisi ea lekala e tlaleha sena mabapi le kalimo ea lichelete bakeng sa Liholo Tsa ’Muso: “Ka kakaretso ho bile le merero ea kaho ea Liholo Tsa ’Muso tse 1 200. Ka sebele e bile le tšusumetso e khōlō ka har’a naha.” Le hoja qalong lichelete li ne li tsoa linaheng tse ling, qetellong barab’abo rōna ba Mafilipino ba ile ba khona ho tšehetsa lenaneo lena ka bobona. Ha ofisi ea lekala e bua ka taba ena e re: “Ho se ho fetile lilemo tse ngata chelete ea kaho ea Liholo Tsa ’Muso e ntse e tsoa tefong ea chelete e alimiloeng le menehelong ea barab’abo rōna ba Philippines. Sena se bontša hore esita le libakeng tse futsanehileng, ho ka finyelloa molemo o mongata o moholo haeba chelete e kopanngoa.”

Hona joale liphutheho tse ngata li na le Liholo Tsa ’Muso. Ho na le liphutheho tse ka bang 3 500 ka har’a naha, ’me ho sa ntse ho e-na le tse hlokang libaka tseo li kopanelang ho tsona. Leha ho le joalo, liphutheho tse ka bang 500 li na le bahoeletsi ba ka tlaase ho 15 ’me li ke ke tsa khona ho alima chelete ea ho haha Liholo Tsa ’Muso. Kahoo morao tjena ho khothalelitsoe hore liphutheho li kopane e le hore li ka nolofalloa ke ho ba le Liholo Tsa ’Muso.

Ho Fetola Mohopolo Mabapi le Kemiso ea Liboka

Ho sa tsotellehe hore na li na le Holo ea ’Muso kapa che, liphutheho tse ling li libakeng tse ka thōko. Barab’abo rōna ba tsamaea lihora tse peli, tse ’nè kapa tse ngata ho feta moo ba tsamaea libakeng tse matsutla-tsutla ha ba e-ea libokeng. Ka lebaka leo, ho na le libaka tseo ho leng thata hore ho ka tšoareloa liboka ho tsona ka makhetlo a fetang le le leng ka beke. Kahoo, liboka tsa liphutheho tse ngata li ne li tšoaroa ka letsatsi le le leng ntle ho Thuto ea Buka ea Phutheho. Barab’abo rōna ba ne ba e-tla ba itokiselitse ho kopanela libokeng tse ’nè. Ba ne ba tla le lijo tsa motšehare. Ka tsela ena, ho ne ho hlokahala hore ba tsamaee tsela ena e telele hanngoe feela ka beke ha ba e-ea libokeng, ’me lintho tse ling tse kang tšebeletso ea tšimo li etsoa sebakeng seo motho ka mong a lulang ho sona ka matsatsi a mang.

Ka bo-1980, liphutheho tse ngata tse seng hōle hakaalo, esita le tse litoropong, li ile tsa qala ho sebelisa mokhoa ona. Mohlomong mathata a moruo a ile a etsa hore ba bang ba nahane ka mokhoa oa ho baballa chelete. Ho ea libokeng ka matsatsi a seng makae feela ho ile ha fokotsa maeto le litšenyehelo. Barab’abo rōna ba bang ba ne ba amehile haholo ka menyetla ea bona, mohlomong ba sebelisa matsatsi a mang bakeng sa mabaka a botho, a kang ho hahamalla thuto kapa mosebetsi oa boipheliso.

Liphutheho tse eketsehileng li ile tsa qala ho tšoara liboka tse ’nè ka letsatsi le le leng, ’me tse ling tsa tšoara liboka tsohle tse hlano ka letsatsi le le leng! Leha ho le joalo, sena se ne se bolela hore liphutheho tse ngata tsa Philippines li suthetse hōle le se etsoang ke batho ba Jehova lefatšeng ka bophara, ba tšoarang liboka ka matsatsi a mararo a sa tšoaneng ka beke. Tabeng ena barab’abo rōna ba ne ba batla ba lahlehetsoe ke botsitso. Molebeli oa libaka o ile a hlokomelisoa taba ena nakong ea ketelo ea hae ka 1991. Eaba e tsebisoa Sehlopha se Busang. Se ile sa arabela ka ho re: “Ha re lumele hore ona ke mokhoa o motle ntle leha ho e-na le maemo a ke keng a qojoa.” Ho ile ha tsebisoa barab’abo rōna ba litoropong pele, ha ntan’o tsebisoa ba libakeng tsa mahaeng.

Ho ile ha boleloa hore ntle le ho iphaphatha le tokisetso e sebelisoang lefatšeng ka bophara ea liboka, liphutheho li tla rua molemo haholo moeeng ka ho tšoara liboka ka matsatsi a sa tšoaneng ho e-na le ho leka ho peteletsa boitsebiso bohle ka lihora tse tharo le halofo ho isa ho tse ’nè. Bana le batho ba sa tsoa thahasella ba ne ba imeloa ke kemiso ena. Baholo ba ne ba ka lokisetsa lipuo tsa boleng bo phahameng ha ba lokisetsa seboka se le seng kapa tse peli ho e-na le tse ngata.

Liphutheho li ile tsa arabela joang keletsong ee? Tse ngata li ile tsa arabela hamolemo, kapele-pele tsa etsa liphetoho hore li tšoare liboka har’a beke. Hona joale, ntle le liphutheho tse libakeng tse ka thōko-thōko, liphutheho tse ngata li thabela lenaneo le leka-lekaneng la moea beke le beke.

Liholo Tsa Kopano

Ka lilemo tse ngata, lipotoloho li ne li tšoarela likopano mabaleng a lipapali a sekolo, libakeng tsa lipapali tsa ka tlung, libakeng tsa mabelo kapa mehahong e meng ea sechaba. Ho sa tsotellehe litšitiso leha e le life, barab’abo rōna ba ne ba ananela menyetla ena ea ho thabela botsoalle.

Ho tšoana le Liholo Tsa ’Muso, ho ne ho se bonolo ho fumana Liholo Tsa Kopano. Ho ile ha hlahella mathata a moruo le tabeng ena. Leha ho le joalo, lipotoloho tse ngata li ne li thahasella ho ba le libaka tseo li kopanelang ho tsona. Ka lebaka leo, ho hahiloe Liholo tse ’maloa Tsa Kopano tse itekanetseng. Hangata liholo tsena li sebelisoa ke potoloho e le ’ngoe kapa tse peli, ha li sebelisoe ke lipotoloho tse ngata joaloka linaheng tse ling tse ngata. Maemong a mangata, litša li ne li neheloa kapa li rekoa ka theko e tlaase, haholo-holo libakeng tsa mahaeng. Joale barab’abo rōna ba ne ba kopanya menehelo ea bona ebe ba haha mohaho o itekanetseng—hangata e le holo e bulehileng ka mahlakoreng e nang le marulelo bakeng sa ho sireletsa bamameli, fuluru ea konkreiti, sethala le litulo.

Metro Manila, esita le seo se ne se se bonolo ka lebaka la litša tse theko e phahameng hammoho le litšenyehelo tsa ho haha mohaho o loketseng toropong. Liphutheho tsa sebakeng seo li ile tsa theha letlōle bakeng sa morero oo, empa chelete e amohetsoeng e ne e le nyenyane haholo ho feta e hlokahalang bakeng sa ho reka setša. Lilemong tsa bo-1970, bo-1980 le karolong e khōlō ea bo-1990, likopano tsa Metro Manila li ile tsa tsoela pele ho tšoareloa likolong, mabaleng a lipapali le libakeng tse ling tse joalo.

Ho sa le joalo, palo ea liphutheho le lipotoloho tsa Metro Manila e ile ea tsoela pele ho eketseha, e leng se ileng sa etsa hore ho be le tlhokahalo e potlakileng ea Holo ea Kopano. Ho ile ha qala letšolo la ho batla setša se loketseng. Ho ile ha romeloa mangolo liphuthehong ho li tsebisa ka tokelo ea tsona ea ho tšehetsa morero oa kaho ka lichelete. Ka 1992 ho ile ha fumanoa setša se boholo ba lihekthere tse tšeletseng, haufi le setereke sa Lagro karolong e ka leboea ea Metro Manila.

Liphutheho tsa Metro Manila li ile tsa tšehetsa morero ona oa kaho ka ho romela menehelo le baithaopi. Basebeletsi ba machaba ba ile ba tla ba tsoa linaheng tse ngata ho tla thusa ka mosebetsi. E mong oa bona, e leng Ross Pratt ea tsoang New Zealand, o re: “Ka March 1997 re ile ra fumana tumello e tsoang Brooklyn ea hore re qale. E ne e le mosebetsi o moholo oa ho cheka, ’me ho ile ha ntšoa mobu oa lik’hubiki-mithara tse 29 000 e le ho lokisetsa setša bakeng sa mohaho. Ho ne ho e-na le basebetsi ba kamehla ba 50 ho ea ho 60. Holo ea Kopano e ile ea phethoa ka November 1998.” Eaba ea neheloa. Kaha ka Holong ena ho ka lula batho ba 12 000, likopano tsa setereke le tsona li ka tšoareloa ho eona. Mahlakore a bulehileng a Holo ena ea Kopano a etsa hore moea o pholileng o foke habonolo ha bamameli ba ntse ba mametse lenaneo ka hare. Hona joale lipotoloho tse 16 tsa Metro Manila le mathōko a eona li thabela mananeo a moea holong ena.

Setša sa Lekala Sea Atoloha

Ha palo ea liphutheho le lipotoloho e ntse e eketseha, ho ile ha e-ba le mosebetsi o eketsehileng lekaleng. Ka 1980 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 60 000 tšimong. Pele ho feta lilemo tse leshome, Philippines e ile ea e-ba e ’ngoe ea linaha tse nang le bahoeletsi ba fetang 100 000. Nakong eona eo, lelapa la Bethele le ile la eketseha ho tloha ho litho tse 102 ho ea ho tse 150. Leha ho le joalo, esita le mathoasong a bo-1980, sebaka se ne se ntse se e-ba senyenyane lekaleng. Ho ne ho hlokahala sebaka se seholoanyane.

Sehlopha se Busang se ile sa laela hore ho fumanoe setša se seholoanyane. Felix Fajardo o bolela se ileng sa etsahala: “Re ile ra ea ka ntlo le ntlo ho fumana hore na ho na le setša se rekisoang pel’a Bethele. Beng ba litša ba Mafilipino le ba Machaena ba ile ba re ha ba rekise litša tsa bona. Mong’a setša se seng o ile a tiisa a re: ‘Machaena ha a rekise. Rea reka. Ha ho mohla re rekisang.’” Kahoo, nakong eo, ho ne ho bonahala ho se letho le ka fumanehang haufi le lekala.

Ho ile ha batloa setša libakeng tse ling. Haeba ho hlokahala, ofisi ea lekala e ne e tla fallela ka ntle ho toropo. Ho ile ha fumanoa litša tse ’maloa liprofinseng tse haufi. Sehlopha se Busang se ile sa thahasella setša se seholo se haufi le San Pedro, Laguna, se rekisoang ke mor’abo rōna ka theko e tlaase. Sa fana ka tumello ea ho se reka. Litokisetso tsa tsoela pele bakeng sa ho haha liofisi, Lehae la Bethele le fektheri setšeng seo. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, ho ile ha bonahala hore ho fallela moo e ne e se thato ea Jehova. Ho ne ho se na lithelefono, litsela li le mpe ’me e le sebaka se sa sireletsehang. Ha totobala hore setša sena ha sea lokela lekala. Kahoo sa etsoa polasi bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa lelapa la Bethele. Leha ho le joalo, seo ha sea ka sa rarolla bothata ba sebaka se seholoanyane se hlokahalang bakeng sa ho haha ofisi ea lekala.

Lintho li ile tsa fetoha ka tsela e sa lebelloang eo ho bonahalang e ne e le tataiso ea Jehova. Felix o tsoela pele: “Ka tšohanyetso, moahelani oa rōna a re: ‘Re rekisa setša sa rōna—sa lisekoere-mithara tse 1 000. Re batla ho le rekisetsa sona.’ Kahoo Sehlopha se Busang sa re re se reke. Re ne re nahana hore se lekane, empa ha re romela lipolane tsa rōna ntlo-khōlō ea lefatše lohle, ra bolelloa: ‘Mohlomong le ka batla setša se seng hape. Ho hlokahala se seholoanyane.’

“Kapele ka mor’a moo, ngaka e ’ngoe le ’muelli oa molao ba tla ’me ba re: ‘Re batla ho le rekisetsa setša sa rōna.’ Le sona se ne se le boholo ba lisekoere-mithara tse 1 000. Ka mor’a moo, mosali e mong ea neng a e-na le setša se boholo ba hekthere e le ’ngoe se haufi o ne a batla ho se rekisa. O ile a se rekisa ka theko e tlaase. Re ne re nahana hore joale re na le setša se seholo. Empa ntlo-khōlō ea re: ‘Fumanang se seng hape.’”

Eaba ho fihla thuso e sa lebelloang. Ngaka le ’muelli oa molao ba neng ba re rekiselitse setša sa bona ba ile ba ea ho baahelani ba bang ’me ba ba kholisa hore ba rekise litša tsa bona. Ka bomong ba ile ba tšepisa hore ba ka rekisetsa lekala litša tsa bona. Ka mor’a hore ho rekoe hoo e ka bang litša tsohle tse haufi, ho ile ha boela ha tsebisoa ntlo-khōlō. Karabo ea boela ea e-ba ho re: “Ho hlokahala se seholoanyane.” Barab’abo rōna ba ipotsa: ‘Joale re tla ea kae? Re lekile menyetla eohle.’

Hoo e ka bang ka nako ena, ho ile ha fumanoa mohala o mabapi le setša sa rakhoebo eo pele a neng a itse, “Machaena ha a rekise.” Se ne se se se rekisoa! Felix oa hlalosa: “’Na le Mor’abo rōna Leach re ile ra fumana hore ha ho na motho e mong ea se thahasellang. Kahoo ra se reka ka theko e tlaase haholo. Hoa bonahala hore Jehova o ne a kentse letsoho tabeng ena.” Re ile ra fumana setša se seng se boholo ba hekthere, ’me qetellong, ntlo-khōlō ea re: “Le na le setša se lekaneng hore le ka qala ho lokisetsa ho haha.”

Ha nako e ntse e feta ’me maemo a fetoha, ho ile ha totobala hore polasi e San Pedro ha e sa hlokahala. Bongata ba lijo tsa lelapa la Bethele bo ne bo ka rekoa ka theko e tlaase ho feta litšenyehelo tsa ho li lema polasing. Kahoo ho ile ha etsoa qeto ea ho rekisa polasi eo. Ka 1991 e ne e se e le ea motho e mong. Chelete eo e rekisitsoeng ka eona e ile ea sebelisoa ho koahela litšenyehelo tsa ho haha mehaho e mecha ea lekala.

Ho Haha Mehaho e Mecha ea Lekala

Joale setša sa lekala se ne se le seholo ka makhetlo a fetang a mararo ho sa pele se boholo ba hekthere se rekiloeng ka 1947. Ka thuso ea Ofisi ea Boenjiniere ea Sebaka ea lekala la Lipaki Tsa Jehova la Japane, ho ile ha etsoa lipolane, ’me mosebetsi oa ho lokisa setša oa qala bohareng ba 1988. Mehaho e meng ea khale ea lehong e ile ea heletsoa. Mehaho e mecha e ne e tla akarelletsa mohaho oa bolulo o mekato e 11 le fektheri e khōlō e mekato e ’meli. Ho ne ho tla hahoa Holo ea ’Muso setšeng seo.

Ntle le ba fumaneng mangolo Gileade ba neng ba abetsoe ho thusa, bara le barali babo rōna ba ka bang 300 ba tsoang linaheng tse ka bang hlano bao e leng basebeletsi ba machaba ba nako e telele le baithaopi ba machaba ba nakoana ba ile ba tla thusa kahong. Baahelani ba ile ba makala ha ba bona hore batho ba tsoang linaheng tse ling ba tlil’o thusa. Ba ne ba maketse le ho feta ha ba utloa hore bongata ba bona bo itefeletse litšenyehelo tsa leeto! Bara le barali babo rōna ba sebakeng seo ba ile ba tlatsetsa bonngoeng ba machaba.

Joaloka tabeng ea ho fumana setša, tataiso ea Jehova e ile ea totobala ha kaho e ntse e tsoela pele. Ka mohlala, ke k’hamphani e le ’ngoe feela Philippines e neng e etsa marulelo a neng a hlokahala bakeng sa mohaho oo. Leha ho le joalo, odara ea thepa ea lekala e ne e le ea bo301 lethathamong la liodara tsa k’hamphani eo! Barab’abo rōna ba ile ba lokisetsa ho bua ka ho toba le mopresidente oa k’hamphani ena, ’me ba hlalosa hore mosebetsi oa rōna ke oa boithaopo. Boto ea batsamaisi ba k’hamphani ena e ile ea amohela kōpo ea barab’abo rōna ’me ea etelletsa odara ea bona pele lethathamong la liodara tsa eona. Kapele ka mor’a hore thepa ena e tlisoe, basebetsi ba k’hamphani eo ba ile ba teraeka.

Barab’abo rōna ba bangata ba sebetsang kahong ea lekala ba ile ba bontša moea o motle. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ho ne ho fihla baithaopi ba ka bang 600 ba tsoang liphuthehong tse haufi ba tlil’o thusa. Ha e le hantle, karolo ea 30 lekholong ea mosebetsi e entsoe ke baithaopi bana.

Ho ile ha hahoa mohaho oa boleng bo phahameng. Kaha lihlekehleke tsa Philippines li sebakeng seo ho sona ho atisang ho foqoha seretse se chesang, barab’abo rōna ba neng ba rala morero oa kaho ba ile ba tiisa hore mohaho oo oa mekato e 11 o ka ema o tiile nakong ea litšisinyeho tse matla. Mehaho ee ea boleng bo phahameng e ne e fapane hakaakang le ea pele, eo o mong oa eona o hahiloeng ka bo-1920! Ea khale e ile ea heletsoa ho hlekela e mecha sebaka.

Qetellong, ka la 13 April, 1991, lekala le ile la neheloa. John Barr oa Sehlopha se Busang a fana ka puo ea nehelo ho bamameli ba 1 718. Bara le barali babo rōna ba sebelelitseng Jehova ka lilemo tse fetang 40 ba ile ba memeloa lenaneong ’me ba le thabela hammoho le baeti ba tsoang linaheng tse leshome. Letsatsing le latelang, ba 78 501 ba ile ba rua molemo lenaneong la moea le hahang le ileng la hokahanya libaka tse tšeletseng ka thelefono sehlopheng sena sa lihlekehleke.

Mafilipino e ba Basebeletsi ba Machaba

Nakong ea kaho ea lekala, bahlanka ba machaba ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba ruta barab’abo rōna ba Mafilipino mosebetsi. Hubertus Hoefnagels, ea neng a koetlisa ba bang, o itse: “Barab’abo rōna ba bangata ba sebakeng sena ba ne ba cheseha haholo, ’me ba khonne ho sebelisa seo ba ithutileng sona.” Ka lebaka leo, ha mosebetsi oa kaho oa Philippines o fela, ba bang ba bara bana babo rōna ba koetlisitsoeng ba ile ba khona ho romeloa mererong ea kaho ea makala linaheng tse ling e le basebeletsi ba machaba, haholo-holo Asia Boroa-bochabela.

E mong oa bona ke Joel Moral, ea tsoang Profinseng ea Quezon. O ile a tla morerong oa kaho Manila ka lekhetlo la pele ka morero oa ho ithaopela ho sebetsa beke e le ’ngoe. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokoa thuso ea hae, kahoo a kōptjoa hore a lule nako e teletsana. Le hoja a ne a se na phihlelo e kaalo kahong, ho sebetsa morerong oa kaho ea lekala ho ile ha mo fumantša tsebo kapele ka ho ithuta ho basebeletsi ba machaba.

Le pele morero oa kaho o phethoa Philippines, ho ile ha e-ba le tlhoko ea ho thusa lekaleng le lecha la Thailand. Joel o re: “Ke ne ke sa lebella, empa ke ile ka memeloa ho ea Thailand. Phihlelo ea ka ea kaho Philippines e bile thuso e khōlō bakeng sa ho lokisetsa mosebetsi oa machaba.” O ile a lula Thailand nako e fetang selemo a thusa kahong.

Joshua le Sara Espiritu ba ile ba tsebana ha ba ntse ba sebetsa hammoho kahong ea lekala la Philippines. Ba ile ba nyalana kapele ka mor’a hore lekala le neheloe, ’me ba ipehela pakane ea ho sebetsa hammoho e le basebeletsi ba machaba. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ba ile ba memeloa ho ea sebetsa kahong linaheng tse ling. Ho tloha ka nako eo, ba sebelelitse linaheng tse hlano: tse tharo Asia le tse peli Afrika. Joshua ha a bua ka phihlelo ea hae ha a ntse a le Philippines o re: “Ha re ntse re sebetsa le barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling, re ile ra ithuta mesebetsi. Joale re na le tsebo eo re ka e arolelanang le ba bang.” Ha ba romeloa linaheng tse ling, ba ne ba bolella barab’abo rōna ba moo ba re: “Re ke ke ra lula re le teng. Nakong e tlang le tla tsoela pele ka mosebetsi.” Ha a bua ka pakane ea hae ea ho ea linaheng tse ling, o re: “Ha re ele ho sebetsa feela moo, re leka ka matla ho ruta barab’abo rōna.”

Ka sebele, ho ea linaheng tse sa tšoaneng ho hloka ho tenyetseha. Jerry Ayura o ile a romeloa libakeng tse ’maloa, ho akarelletsa le Thailand, Samoa Bophirimela le Zimbabwe. Oa hlalosa: “Ke ithutile hore Jehova o sebelisa batho ba limelo tsohle. Rea ba rata hobane Jehova oa ba rata.” Bara baa babo rōna ba Mafilipino ba thabile hakaakang hore ebe ba ka tlatsetsa mosebetsing oa Jehova linaheng tse ling!

Merusu ha e Thibele Mosebetsi

Ho etsa thabo ea Jehova qhobosheane ho akarelletsa ho tsoela pele ho tšepahala ho eena, esita le linakong tse thata. Ho bile le menyetla e mengata ea hore bahlanka ba Jehova ba Philippines ba bontše sena.

Le hoja molao oa sesole o ile oa fela ka la 17 January, 1981, merusu e ile ea tsoela pele ho fihlela ka bo-1980. Ka February 1986 ho ile ha busa ’muso o mong. Leha ho le joalo, nakong eo puso e oelang matsohong a macha ha hoa ka ha e-ba le merusu, esita le liphutheho tse libakeng tseo phetohelo ea “People’s Power” e etsahetseng ho tsona li ile tsa tsoela pele ho tšoara liboka le ho bolela ntle ho tšitiso. Ha letšoele la “People’s Power” le feta, bahoeletsi ba ile ba bona baruti le baitlami ba le har’a lona ’me ba le susumelletsa ho nka khato.

Kapele-pele ’muso o mocha o ile oa etsa liphetoho tse itseng. Leha ho le joalo, merusu ha ea ka ea fela. Lilemong tse tharo tsa pele tsa ’muso o mocha, ho ile ha e-ba le boiteko ba ho phethola ’muso ka makhetlo a ’maloa, ’me ka linako tse ling ha e-ba le tšollo ea mali. Ka lekhetlo le leng nakong ea kaho ea lekala, basebetsi ba kaho ba tsoang libakeng tse ling le ba moo ba ile ba makala ha ba sheba motseng ’me ba bona masole a koenehileng a qhomisa kampo ea ’ona ka libomo. Litlhaselo tsena e ne e le tsa nakoana, empa li ne li etsa hore ho hlokahale hore liphutheho tse ling li khothalletsoe ho kopanela Liholong Tsa ’Muso libakeng tse sireletsehileng.

Merusu lipakeng tsa mabotho a ’muso le a bohanyetsi e ’nile ea tsoela pele ka lilemo tse ngata libakeng tse ling tsa Mindanao. Ha barab’abo rōna ba ntse ba phetha tšebeletso ea bona, ho ’nile ha hlokahala hore ba sebelise bohlale ’me ba tšepe Jehova. Renato Dungog, ea fumaneng lengolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi eo hona joale e leng molebeli oa potoloho, o ile a sebeletsa sebakeng se neng se tletse merusu. Ka nako e ’ngoe ha Renato a emetse sekepe, lesole le leng le ile la mo botsa: “U ea kae?”

Renato a hlalosa: “Ke mosebeletsi ea tsamaeang oa Lipaki Tsa Jehova. Ke etela barab’abo rōna habeli ka selemo ho ba matlafatsa le ho etsa mosebetsi oa boboleli le bona.”

Lesole leo la araba: “E tlameha ebe Molimo o na le uena, ho seng joalo u ka be u shoele.” Kahoo ho sa tsotellehe meferefere, barab’abo rōna ba tsoela pele ho etsa mosebetsi oa bona ba tšepile Jehova, ’me ba hlomphuoa haholo ka lebaka la seo.

Ho Khutlela Makhotleng ka Lebaka la Tseko ea ho Lumelisa Folakha

Botšepehi ba bacha ho Molimo bo ’nile ba lekoa. Ka la 11 June, 1955, Mopresidente Ramon Magsaysay o ile a tekenela Taelo ea Rephabliki ea No. 1265 hore e be molao o hlokang hore bana bohle ba likolong tsa sechaba le tsa praefete ba lumelise folakha ea Philippines. Bana ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba hana ka lebaka la letsoalo, joalokaha bacha ba Lipaki ba etsa lefatšeng lohle. (Ex. 20:4, 5) Le hoja ba hlompha letšoao la naha, ka lebaka la letsoalo ba ke ke ba kopanela ho seo ba se nkang e le liketso tsa bolumeli tsa ho rapela ntho leha e le efe. Ha bana ba ha Gerona sebakeng sa Masbate ba ne ba lelekoa sekolong ka lebaka la ho se lumelise folakha, sena se ile sa fella ka nyeoe e ileng ea ea Lekhotleng le ka Holimo-limo la Philippines ka 1959. Leha ho le joalo, lekhotla ha lea ka la hlompha boemo ba bolumeli ba Lipaki Tsa Jehova. Le ile la pheha khang ka hore folakha “hase setšoantšo” le hore “folakha ha e amane le bolumeli ho hang.” Kahoo lekhotla la nka boikarabelo ba ho beha molao oa hore na ke eng seo e leng bolumeli le seo e seng bona.

Ka sebele, sena ha sea ka sa fetola seo Lipaki li se lumelang. Barab’abo rōna ba ile ba emela melao-motheo ea Mangolo ba tiile. Qeto ea lekhotla e ile ea baka mathata a itseng, le hoja a ne a se maholo joalokaha ho ne ho lebeletsoe.

Ha hoa ka ha hlola ho e-ba le tseko ea ho lumelisa folakha ho fihlela qeto ea lekhotla e kenngoa Molaong oa Tsamaiso oa 1987. Ka mor’a moo, ka 1990 bana ba Lipaki Tsa Jehova ba ’maloa ba sebakeng sa Cebu ba lelekoa sekolong. Mookameli oa likolo o ile a tsitlella hore molao oo o bolokoe. Bana ba eketsehileng ba ile ba lelekoa.

Mecha ea litaba e ile ea hasa litaba tsa ho lelekoa ha bana likolong. Eaba komiti ea litokelo tsa botho e thahasella bana bana, ba neng ba tingoa monyetla oa ho ithuta. Ho ne ho bonahala hore maikutlo ha a sa tšoana le a ka 1959. Na e ne e se e le nako ea Jehova ea ho pepesa taba hape? Ernesto Morales, eo e neng e le moholo Cebu ka nako eo, o itse: “Bahlophisi, bo-ralikoranta, matichere le ba bang kaofela ba ile ba re phehella hore re ise taba ena khotla.” Ho ile ha tsebisoa Lefapha la Molao le lekaleng le le ntlo-khōlō. Ho ile ha etsoa qeto ea ho hlahlela nyeoe.

Leha ho le joalo, Lekhotla le Tlaasana le Lekhotla la Maipiletso le ile la liha kahlolo e sa thabiseng. A ne a sa ikemisetsa ho hanyetsa qeto ea Lekhotla le ka Holimo-limo nyeoeng ea 1959 ea Gerona. Tsela feela ea ho rarolla bothata bona e ne e tla ba ho khutlisetsa nyeoe ena Lekhotleng le ka Holimo-limo. Na le ne le tla rata ho utloa nyeoe ee? Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la lumela! Felino Ganal, ’muelli oa molao oa Paki o ile a hlahlela nyeoe lekhotleng le ka holimo-limo. Ka mor’a matsatsi a seng makae, Lekhotla le ka Holimo-limo la ntša taelo ea hore bana bohle ba lelekiloeng ba boele sekolong, ha ho sa ntse ho emetsoe qeto nyeoeng ena.

Mahlakore ka bobeli a ile a beha mabaka a ’ona. Ka mor’a ho a hlahlobisisa, Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la fetola qeto e entsoeng ka 1959 ’me la tšehetsa tokelo ea bana ba Lipaki Tsa Jehova ea ho hana ho lumelisa folakha, ho pheta kano ea botšepehi le ho bina pina ea sechaba. Lekhotla le ile la liha kahlolo ena ea bohlokoahali la re: “Taba ea hore motho a qobelloe ho lumelisa folakha, . . . ka ho sokeloa . . . ka hore o tla lelekoa sekolong, ke ntho e sa tsejoeng molokong oa hona joale oa Mafilipino a itšoareletseng ka matla Setšoantšong sa Molao oa Litokelo Tsa Botho o tiisang hore a na le bolokolohi ba puo, bolokolohi ba bolumeli le ba borapeli.” Lekhotla la boela la etsa qeto ea hore ho leleka Lipaki Tsa Jehova likolong e tla ba “ho hatakela tokelo ea tsona . . . , tlas’a Molao oa Motheo oa 1987, ea ho fumana thuto ka bolokolohi.” Manila Chronicle e itse: “Lekhotla le ka Holimo-limo le lokisa ho hloka toka ha lilemo tse 35 ho Lipaki Tsa Jehova.”

Baipelaetsi ba ile ba etsa tšisinyo ea hore qeto eo e hlahlojoe bocha, empa ka la 29 December, 1995, Lekhotla le ka Holimo-limo la hana tšisinyo eo. Kahoo, qeto eo e ntse e sebetsa. A tlhōlo e hlollang bakeng sa batho ba Jehova!

Mosebetsi o Tsoela Pele ho sa Tsotellehe Likoluoa

Joalokaha ho boletsoe qalong ea tlaleho ena, Philippines e atisa ho oeloa ke likoluoa. A re hlahlobeng likoluoa tse ling tse oetseng barab’abo rōna.

Litšisinyeho tsa lefatše: Kaha lihlekehleke tsena li sebakeng seo ho sona ho nang le lepetso ka tlas’a lefatše, naha ena e atisa ho ba le litšisinyeho tsa lefatše. Mohloli o mong oa boitsebiso o re bonyane ho ba le litšisinyeho tsa lefatše tse hlano letsatsi ka leng, ’me ho na le tse ling tse ngata tseo batho ba sa li utloeng. Bongata ba tsona ha li bake tšitiso ea letho bophelong ba batho, empa ka linako tse ling ho ba le litšisinyeho tse matla tse bakang tšenyo e khōlō.

Ka la 16 July, 1990, ka 4:26 thapama, ho ile ha e-ba le tšisinyeho e ’ngoe e matla e ileng ea lateloa ke tse ling tse nyenyane haufi le Cabanatuan, motse o Luzon bohareng. Profinse ea Benguet le eona e ile ea ameha haholo. Likolo tse ngata le lihotele tsa oa, ka lebaka leo batho ba hlokahala.

Ka nako eo Julio Tabios, eo e neng e le molebeli oa setereke sebakeng seo, o ne a tsamaea le mosali oa hae ba e-ea kopanong ea potoloho sebakeng se lithaba sa Benguet. Mor’abo rōna e mong ea neng a tsamaea ka teraka e laetseng meroho e il’o rekisoa Baguio o ile a ba palamisa. Ka mor’a ho potoloha le lithaba, ba fihla tseleng e patisaneng moo ba neng ba tlameha ho suthela koloi e tlang hore e fete. Ka eona nako eo, majoe a qala ho theteha thabeng. Ba hlokomela hore ke tšisinyeho ea lefatše e matla. Julio o re: “Mor’abo rōna o ile a khona ho chechisetsa teraka ea hae sebakeng se bulehileng, ka mor’a moo lejoe le leholo le ile la oela moo re sa tsoa tloha teng. Re ne re thabetse hore ebe re sireletsehile. Metsotsoana e seng mekae ka mor’a moo, ha e-ba le tšisinyeho e nyenyane ea lefatše, eaba re bona lejoe le leholo le pel’a rōna le tlōla-tlōla joalokaha eka lea tantša.” Mahlakore ’ohle a thaba a ritsa.

Ho ritsa hona ho ile ha koala tsela. Mokhoa feela oa ho fihla kopanong, kapa sebakeng leha e le sefe se seng, e ne e le ho hloa lithaba ka maoto. Ha ho fifala, ba robaletsa ntlong ea motho e mong ea mosa. Ka le hlahlamang, ba hloa thaba e phahameng e le hore ba ka fihla moo ba eang teng. Ha ba le tseleng ba kopana le barab’abo rōna ba bangata ba neng ba thusana mathateng a bakiloeng ke tšisinyeho ea lefatše. Qetellong, ka mor’a ho tsamaea litseleng tse kotsi tsa lithaba, ba fihla Naguey, moo kopano e neng e tla tšoareloa teng. Julio o re: “Barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang, kaha ba ne ba se ba sa lebella hore re tla fihla! Le hoja re ne re khathetse haholo, re ile ra khatholoha ha re bona bara le barali babo rōna ba thabileng ba re amohela.” Ho sa tsotellehe tšisinyeho ea lefatše, ba bangata ba ile ba etsa boiteko ba ho ba teng, ba bontša hore ba ananela lintho tsa moea haholo.

U ka ’na ua hopola hore ho ne ho ntse ho hahoa mehaho e mecha ea lekala ka nako eo. Le hoja mohaho oa bolulo o ne o e-s’o ka o phethoa, tšisinyeho ea lefatše ea 1990 e bile ea pele e neng e bontša hore na mohaho ona o tiile kapa che. Ho tsukutleha ha mohaho ona ho ile ha etsa hore litho tse ling tsa lelapa la Bethele li tšoenyehe, empa mohaho o ile oa etsa seo o hahetsoeng hore o se etse, ’me ha oa ka oa heleha tšisinyehong eo e matla.

Meroallo: Ka lebaka la tlelaemete ea tropike e mongobo, likarolong tse ngata tsa naha ho na pula ea litloebelele. Libaka tse ling li atisa ho ba le meroallo. Leonardo Gameng, ea bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse fetang 46 o re: “Re ne re tlameha ho tsamaea ka maoto sebaka sa lik’hilomithara tse tharo seretseng se khutlang mangoleng.” Juliana Angelo e bile pula-maliboho ea khethehileng profinseng ea Pampanga e neng e atisa ho ba le meroallo. O re: “E le hore re ka finyella batho ba thahasellang ka molaetsa oa ’Muso re ne re palama liketsoana. Ho ne ho hlokahala hore mor’abo rōna ea se sokang a be hlokolosi e le hore a qobe lifate tse nang le linoha tse laletseng, tse ka ’nang tsa oela ka seketsoaneng.” Corazon Gallardo, eo e bileng pula-maliboho ea khethehileng ho tloha ka 1960, o qetile lilemo tse ngata libakeng tsa Pampanga. Ka linako tse ling, ho ne ho se na seketsoana seo a ka se palamang, ’me o hopola hore o ne a tlameha ho tsamaea ka har’a metsi a mo khutlang mahetleng. Ho sa tsotellehe mathata a joalo, o na le boikutlo bo nepahetseng. O ithutile ho tenyetseha le ho tšepa Jehova, a tseba hore ha ho mohla a tla furalla batho ba hae ba tšepahalang.

Haesale qhefeqhefe ena e tsoang Thabeng ea Pinatubo e koahela libaka tse ngata tse tlaase, meroallo ea Pampanga e jele setsi le ho feta hobane hona joale metsi a tšolohela libakeng tse ling. Generoso Canlas, eo e leng molebeli oa potoloho sebakeng seo o boletse hore ka lebaka la metsi, hangata ba ne ba tlameha ho roala likhohlopo kapa ho tsamaea ka maoto ha ba le tšebeletsong ea tšimo. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba tsoela pele ho sa tsotellehe litšitiso tsena.

Moo meroallo e leng mebe haholo ’me e ama sechaba kaofela, Lipaki Tsa Jehova lia thusana li bile li thusa le bao e seng Lipaki. Ka mor’a hore sena se etsahale Davao del Norte, Philippines e ka boroa, ba boholong motseng oo ba ile ba ananela thuso ena hoo ba ileng ba ngola lengolo la kananelo.

Lithaba Tse Foqohang Seretse se Chesang: Ho na le lithaba tse ngata tse foqohang seretse se chesang Philippines, empa e hapang tlhokomelo ea lefatše ka ho fetisisa ke Thaba ea Pinatubo. Ka June 1991 thaba ena e ile ea foqoha seretse se chesang ’me ha thunya mosi o mongata. Motšehare oa fifala joaloka bosiu. Ba bang ba ne ba nahana hore Armagedone ea qala. Molora oa oela ho ea fihla ka bophirimela Cambodia. Ka nako e khutšoanyane, Thaba ea Pinatubo ea foqoha seretse se chesang sa lik’hubike-mithara tse limilione tse likete tse 6,65. Molora oo oa liha marulelo le mehaho. Boholo ba molora ona bo ile ba fetoha qhefeqhefe e ngata e ileng ea hohola matlo ’me ea koahela a mang. Molora ona le qhefeqhefe li ile tsa senya Liholo Tsa ’Muso haholo le mahae a barab’abo rōna. Julius Aguilar, eo ka nako eo e neng e le pula-maliboho oa kamehla Tarlac o re: “Ntlo ea rōna e ile ea koaheloa ke molora.” Lelapa la tlameha ho falla.

Pedro Oandasan e ne e le molebeli oa potoloho sebakeng seo. O re: “Ha ho mohla barab’abo rōna ba kileng ba tlohela borapeli le tšebeletso ea bona ho Jehova. Ba bang teng libokeng ba ne ba e-ba ka holimo ho palo ea bahoeletsi. Ho feta moo, qhefeqhefe ha ea ka ea tapisa lerato la barab’abo rōna mosebetsing oa boboleli. Re ile ra tsoela pele ho paka har’a bao matlo a bona a senyehileng le libakeng tsa koluoa.”

Likoluoa tse kang tsena li fana ka menyetla ea ho bontša lerato la Bokreste. Pele le ka mor’a hore Thaba ea Pinatubo e foqohe seretse se chesang, barab’abo rōna ba ile ba thusana ho tloha sebakeng seo. Kapele-pele ofisi ea lekala e ile ea romela teraka e laetseng raese, ’me ka mor’a ho laolloa, teraka ena e ile ea sebelisetsoa ho tlosa barab’abo rōna metseng e oetsoeng ke koluoa. Ha barab’abo rōna ba Manila ba utloa hore ho na le tlhokahalo, hang-hang ba arabela ka ho romela chelete le liaparo. Motseng oa Betis, Profinseng ea Pampanga, barab’abo rōna ba bacha ba ile ba etsa letšolo la ho thusa ba anngoeng ke koluoa. Har’a ba thusitsoeng ho ne ho e-na le mosali ea thahasellang eo monna oa hae a ’nileng a hanyetsa ’nete. Ha bara bana babo rōna ba bacha ba se ba hahile ntlo ea lelapa lena, sena se ile sa khahla monna enoa hoo hona joale e seng e le Paki!

Maholiotsoana: Har’a likoluoa tsohle tsa tlhaho tse bang teng naheng ena, lifefo kapa maholiotsoana ke ’ona a bakang tšenyo e khōlō ka ho fetisisa. Ka karolelano, sehlopha sena sa lihlekehleke se hlaseloa ke maholiotsoana a ka bang 20 selemo se seng le se seng. Lifefo tsena li fetana ka matla, empa li khetholloa ka meea e matla le lipula tsa litloebelele. Hangata li matla hoo li ka heletsang mehaho. Ho phaella moo, maholiotsoana a senya lijalo tseo balemi ba iphelisang ka tsona.

Hangata, Lipaki li ’nile tsa senyeheloa ke matlo le lijalo. Ka ho makatsang, barab’abo rōna ba ’nile ba tsoela pele ho sa tsotellehe litšitiso tsena. Likarolong tse ling tsa naha, maholiotsoana a ba teng hangata hoo e seng e le ketsahalo e sa tšoseng. Ka mokhoa o babatsehang, barab’abo rōna ba ithutile ho mamella, ’me ba sebetsana le mathata a bophelo hanyane ka hanyane. (Mat. 6:34) Ka sebele, ha barab’abo rōna ba libakeng tse haufi ba utloa ka ba hlokang, ba ithaopela ho romela lijo kapa chelete ho ba thusa. Ka linako tse ling, ka mor’a lifefo tse matla haholo, balebeli ba tsamaeang ba iteanya le ofisi ea lekala, e thabelang ho hlophisa liphallelo.

Ho Romela Lingoliloeng Tsa Bibele

Kaha ho na le lihlekehleke tse ngata Philippines, e ’nile ea e-ba phephetso ho romela lingoliloeng liphuthehong ka nako ebile li le boemong bo botle. Ka lilemo tse ngata ho ne ho sebelisoa poso. Leha ho le joalo, hangata litokollo tsa Molula-Qhooa le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso li ne li sa fihle ka nako hore li ka ithutoa libokeng.

Jehu Amolo, ea sebetsang Lefapheng la Thomello la lekala, o hopola se ileng sa hlohlelletsa hore ho etsoe phetoho ena. Oa hlalosa: “Ntle le ho fihla ka mor’a nako ha lingoliloeng, tefello ea poso e ile ea phahama haholo ka 1997.” Kaha ho ne ho romeloa limakasine tse ka bang 360 000 ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli, ho ne ho lefshoa chelete e ngata.

Ho ile ha etsoa tlhahiso Sehlopheng se Busang ea hore barab’abo rōna ba lekaleng ba tsamaise lingoliloeng tsa rōna. Ka mor’a ho hlahlobisisa maemo, ho ile ha fanoa ka tumello. Literaka li tloha lekaleng la Luzon ka ho toba. Leha ho le joalo, kaha libaka tse ling li arotsoe ke metsi, lekala le sebelisa k’hamphani e ’ngoe e tsamaisang thepa ka sekepe ho li isa libakeng tse itseng sehlopheng sena sa lihlekehleke. Ho tloha libakeng tsena, literaka li nka lingoliloeng ’me li li beha libakeng tseo li eang ho tsona. Ha bakhanni ba le hōle le libaka tseo ba tlohang ho tsona, barab’abo rōna ba ba amohela ka thabo hore ba robaletse malapeng a bona e le hore ba ka phomola hamolemo pele ba tsoela pele ka leeto la bona.

Ntle le ho boloka chelete, barab’abo rōna ba thabetse ho fumana lingoliloeng tseo ba li hlokang ka nako ’me li le boemong bo botle. Molemo o mong oo ba o fumanang ke hore ba ikutloa ba atametse haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng ka lebaka la ho kopana kamehla le barab’abo rōna ba tsoang lekaleng. Ba bangata ba khothatsoa ke ho bona teraka e ngotsoeng Watch Tower e feta.

Ka tsela e itseng, tokisetso ena e fane ka bopaki bo eketsehileng. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ho ile ha e-ba le moroallo Bicol, Luzon e ka boroa, ha ho ne ho isoa lingoliloeng. Likoloi li ile tsa thibeloa ke metsi a mangata ’mileng o moholo. Ho ile ha etsahala hore teraka ea lingoliloeng e eme ka pel’a ntlo ea mor’abo rōna. Ha litho tsa lelapa leo li e bona, tsa re ho bakhanni: “Kenang le je le be le lule mona ho fihlela metsi a kokobela.”

Bakhanni bao e seng Lipaki ba ne ba sa tsebe hore na ba tla ja le ho robala hokae. Ha ba bona se etsahalang, ba ile ba botsa bakhanni ba teraka ea Bethele ba re: “Le amana joang le batho baa?”

Barab’abo rōna ba araba: “Ke barab’abo rōna ba moea.”

Bakhanni ba bang ba re: “Ke kamoo Lipaki li leng kateng! Lea tšepana le hoja le qala ho tsebana.”

Ka Mose Oane ho Meeli

A re feteleng ka nģ’ane ho meeli ea naha ena, ’me re bueng ka Mafilipino a mangata a lulang linaheng tse ling. Sehlohlolong sa ’Muso oa Brithani, batho ba ne ba re “letsatsi ha le likele” pusong ea oona. Joale ba bang ba re: “Mafilipino ha a likelloe ke letsatsi.” Le hoja Philippines e le naha e nyenyane, Mafilipino a hasa-hasane hohle lefatšeng. Ka lebaka la mosebetsi kapa mabaka a mang, Mafilipino a makholo a likete a linaheng tse ling. See se thusitse ba bang ho ithuta ’nete ea Bibele joang? Bao e neng e se e ntse e le Lipaki ba thusitse ba bang joang?

Ricardo Malicsi e ne e le moeletsi lefapheng la litima-mollo boema-fofaneng. Kaha mosebetsi oa hae o ne o mo isa libakeng tse ngata, eena le mosali oa hae ba ne ba sebelisa monyetla ona bakeng sa ho phatlalatsa litaba tse molemo linaheng tse nang le bahoeletsi ba seng bakae. Ha e le hantle, mosebetsi oa boboleli o ne o thibetsoe ho tse ling tsa linaha tsena. Ha ba ntse ba le libakeng tse kang Bangladesh, Iran, Tanzania le Uganda, ba ile ba thabela ho thusa batho ba ’maloa ho tseba Jehova. Maemong a mang, ba atleha ho theha liphutheho. Linaha tse ling tseo ba ileng ba sebetsa le ho bolela ho tsona ke Laos, Myanmar le Somalia. Ba ile ba etsa sena ka lilemo tse 28, ho fihlela Ricardo a e-ea pensheneng. Ba thabile hakaakang hore ebe ba kentse letsoho ho phatlalatseng litaba tse molemo libakeng tse hōle!

Ba bang e ne e se Lipaki ha ba tloha Philippines ho ea sebetsa libakeng tse ling, empa ba fumane ’nete hona moo. Rowena, oa Mok’hatholike, o qalile ka ho sebetsa Bochabela bo Hare. Ha a le moo, o ile a qala ho bala Bibele. Hamorao, a fumana mosebetsi Hong Kong, moo Mafilipino a likete a sebetsang makichineng. O re: “Bosiu bo bong le bo bong ke ne ke rapela Molimo hore a mpe a nthomelle batho ba nepahetseng ba tla ntataisetsa ’Musong oa Molimo.” Thapelo eo e ile ea arabeloa ha baromuoa ba babeli, John le Carlina Porter, ba etela Rowena ’me ba mo thusa ho ithuta Bibele. Rowena a ngolla lekala la Philippines a pheta phihlelo ea hae ’me a kōpa hore motho e mong a etele monna oa hae, ea neng a ntse a le Philippines, ho mo bolella molaetsa oa Bibele.

Mafilipino a seng a falletse linaheng tse ling tse ’maloa e se e le sechaba se seholo. Mathoasong a bo-1900, ho ne ho e-na le khaello ea basebetsi masimong a Hawaii. Mafilipino a mangata a ile a arabela tlhokong eo. Batho ba bang ba pele ba ileng ba kena ’neteng Hawaii ke Mafilipino a falletseng moo. Kajeno, Hawaii ho na le liphutheho tse leshome tsa Seiloko le e le ’ngoe ea Setagalog.

Mafilipino a likete a lula United States. Ho na le Lipaki tse ngata har’a ’ona. Phutheho ea pele ea Sefilipino naheng eo e ile ea thehoa Stockton, California, ka 1976. Lekala la United States lea tlaleha: “Tšimo ea Sefilipino e ile ea tsoela pele hantle, ’me ka la 3 September, 1996, ha thehoa potoloho ea pele ea Sefilipino.” Selemong sa tšebeletso sa 2002, ho ne ho e-na le liphutheho tse 37 tsa Sefilipino tse nang le bahoeletsi ba ka bang 2 500 ba sebetsang tlas’a tlhokomelo ea lekala la United States. Ho boetse ho na le liphutheho kapa lihlopha tsa Setagalog Alaska, Australia, Austria, Canada, Jeremane, Guam, Italy le Saipan.

Le hoja Mafilipino ana a le linaheng tse ling, a itšetlehile ka barab’abo rōna ba Philippines hore a fumane lijo tsa moea, kaha lingoliloeng tsohle tsa lipuo tsa Philippines li fetoleloa lekaleng la Manila. Ho phaella moo, linaha tse ling, ho akarelletsa le Guam, Hawaii, le United States, li ba le mananeo a kopano ka Seiloko kapa ka Setagalog. Boitsebiso bohle bo fetoletsoeng, ho akarelletsa le litšoantšiso tse hatisitsoeng, li tsoa Philippines.

Ho Pakela Batho ba Lipuo Tse Ling

Ho pholletsa le lihlekehleke tsena, batho ba buang lipuo tsa sebakeng seo, ka kakaretso ba fumane bopaki bo bongata. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, ho entsoe boiteko ba ho finyella batho bao qalong ba sa kang ba pakeloa ka ho phethahetseng.—Bar. 15:20, 21.

Ka lilemo tse ngata ho ne ho e-na le liphutheho tse seng kae feela tsa Senyesemane Philippines. Le hoja Mafilipino a mang a tseba Senyesemane, a mangata ha a se bue ka mokhoa o phollatsi. Leha ho le joalo, libakeng tse ling ho ne ho hlokahala hore ho be le liboka tsa Senyesemane. Bofelong ba bo-1960, barab’abo rōna ba ile ba hlokomela bothata bona haufi le Clark Air Base e Pampanga. Baralib’abo rōna ba nyetsoeng ke masole a United States a lulang moo ba ne ba sa tsebe puo ea sebakeng seo. Barab’abo rōna ba ile ba hlophisa liboka tsa Senyesemane, ’me tsa tsoela ba lulang sebakeng seo molemo ka lilemo tse ngata.

Ho ile ha e-ba le bothata bo tšoanang Metro Manila. Ho ne ho e-na le morali’abo rōna oa Amerika ea neng a lula sebakeng seo bofelong ba bo-1970 le mathoasong a bo-1980. Pacifico Pantas, eo e leng moholo phuthehong ea Setagalog eo morali enoa oabo rōna a neng a kopanela ho eona, o re: “Ke ne ke mo utloela bohloko hobane o ne a e-ba teng libokeng kamehla empa a sa rue molemo.” Kapele ka mor’a moo, Maamerika a mang a ile a tla phuthehong eo. Ho ile ha etsoa tlhahiso ea hore puo ea phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa li tšoaroe ka Senyesemane. Tokisetso ena e ile ea etsoa ’me Mor’abo rōna Pantas a etella pele. Qetellong, ha phaelloa ka liboka tse ling, ’me ba bang ba mengoa hore ba thuse. David le Josie Ledbetter, ba neng ba sebeletsa lekaleng, ba ile ba amohela memo eo. Ho theosa le lilemo mosebetsi oa boboleli o ile oa beha litholoana, ’me sehlopha seo se senyenyane se fetohile liphutheho tse peli tsa Senyesemane.

Ho ba le liphutheho tsa Senyesemane ho tsoetse batho ba bangata molemo. Monica, ea tsoang California, ke e mong oa bona. O ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ha a le moo. Batsoali ba hae—bao e leng Mak’hatholike a popota—ba ne ba hanyetsa ka matla. Ba ile ba etsa qeto ea ho romela Monica sebakeng sa Mak’hatholike Philippines. ’Mè oa hae o ile a mo isa Manila ’me a mo siea ha nkhon’oae oa Mok’hatholike, a se na phasepoto. Leha Monica a ne a ka fumana phutheho o ne a ke ke a tsoela pele ho ithuta kaha o ne a sa tsebe Setagalog, hobane a hōletse United States. Leha ho le joalo, morali’abo rōna ea neng a ithuta le eena ha a le California o ile a letsetsa Josie Ledbetter ho tiisa hore ho be le motho ea etelang Monica. Josie a re ho se ho e-na le phutheho ea Senyesemane. Ke sona seo Monica a neng a se hloka! Josie o re: “Likhoeling tse tšeletseng tseo Monica a neng a le ‘botlamuoeng’ ka tsona Philippines, o ile a kolobetsoa. Ka mor’a libeke tse peli Monica a kolobelitsoe, ’mè oa hae o ile a re: ‘Phasepoto ea hao ke ena. Khutlela hae.’ Monica e ne e se e le Paki.” O ile a leboha hakaakang hore ebe ho na le phutheho ea Senyesemane!

Ho bile le molemo o mong. Barab’abo rōna ba finyeletse libaka tseo ho seng mohla li kileng tsa sebetsoa. Ho na le libaka tse ngata tsa barui Metro Manila, ’me ba bangata ba bona ba bua Senyesemane. Kahoo, Senyesemane se butse monyetla oa ho finyella libaka tsena.

Ho boetse ho entsoe boiteko ba ho paka libakeng tsa Machaena. Bohareng ba bo-1970, ho ile ha thehoa sehlopha sa thuto ea buka ea Sechaena. Thuto ena ea buka e ne e tšoareloa lebenkeleng la lieta la Cristina Go. Leha ho le joalo, sehlopha sena se ne se le senyenyane haholo ’me se hloka thuso.

Elizabeth Leach, ea ileng a tla Philippines ha a nyaloa ke Raymond Leach eo e leng moromuoa, o ne a sebelelitse Hong Kong ka lilemo tse 16. Phihlelo ea Elizabeth ea Secanton le ea ho thusa Machaena ho ithuta ’nete e bile molemo haholo. Nakong eo, Esther Atanacio (eo hona joale e leng Esther So) e ne e le e mong oa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba abetsoeng tšimo eo. Esther oa hopola: “Ha re qala ho sebetsa sebakeng seo, batho ba ne ba sa tsebe Lipaki Tsa Jehova.” Leha ho le joalo, butle-butle Machaena a Manila a ile a rutoa lebitso la Jehova le batho ba hae.

Le hoja bo-pula-maliboho bana ba ne ba tseba Secanton, ba ile ba tlameha ho ithuta mofuta o mong oa puo ena, kaha mofuta o ka sehloohong oa Sechaena se buuoang Manila ke Sefujian. Mohlankana e mong ea bitsoang Ching Cheung Chua, ea neng a sa tsoa kena ’neteng, o ile a qala ho kopanela le sehlopha sena. Kaha o ne a tseba Sefujian, o ne a toloka libokeng.

Sehlopha sena se ile sa tsoela pele butle-butle. Ka August 1984 ho ile ha thehoa phutheho e nyenyane. Ho sa ntse ho e-na le liphephetso tse ngata, empa ba bangata ba thusang ba thabela ho bolela tšimong ena eo ho eona batho ba neng ba e-s’o pakeloe ka ho phethahetseng.

Esita le ba sa Utloeng Litsebeng Baa “Utloa”

Ha nako e ntse e feta, ho ile ha bonahala e le thato ea Jehova hore ho lebisoe tlhokomelo puong le tšimong e ’ngoe—e leng ea litholo. Le ho fihlela mathoasong a bo-1990, Philippines ho ne ho se na litokisetso tsa ho thusa litholo ho ithuta ka Jehova. Le hoja ho ne ho e-na le litholo tse seng kae tse neng li kopanela liphuthehong, ho ne ho e-na le mekhelo e itseng. Ka mohlala, Manuel Runio, eo ’mè oa hae e neng e le Paki, o ile a thusoa ho ithuta ’nete ea Bibele ke morali’abo rōna ea neng a ithuta le eena ka ho mo ngolla pampiring. O ile a kolobetsoa ka 1976. Sehlekehlekeng sa Cebu, Lorna le Luz, bao e leng mafahla a litholo, ba ile ba rutoa Bibele ke malome oa bona oa sefofu. Ho tlile joang hore pula-maliboho ea foufetseng a rute batho ba litholo? Ka thuso ea motho e mong, a sebelisa litšoantšo. Hape, motsoal’ae o ne a sebelisa litšoantšo ho tolokela mafahla seo a neng a se bua e le hore a utloisise, kaha ha ho mohla a kileng a ithuta puo ea matsoho. Bobeli ba ’ona a kolobelitsoe ka 1985. Leha ho le joalo, boiteko bo joalo bo ne bo sa tloaeleha ’me bo etsoa seoelo.

Ho bile le liketsahalo tse ’maloa tse lebisitseng ho pakeleng litholo. Ha Dean le Karen Jacek bao e leng baromuoa ba ne ba le Bethele ea Brooklyn bakeng sa koetliso bohareng ba 1993, barab’abo rōna ba sebetsang Lefapheng la Litšebeletso Tsa Phetolelo ba ile ba ba botsa hore na ho etsoa eng ho thusa litholo Philippines. Morali’abo rōna e mong e mocha oa Philippines o ile a ngolisa sekolong sa puo ea matsoho e le hore a ka bua le motsoalle oa hae oa setholo eo lelapa labo e leng Lipaki. Hape, Liza Presnillo le bo-pula-maliboho-’moho le eena ba Navotas, Metro Manila, ba ile ba kopana le litholo tšimong ea bona empa ba ne ba sa khone ho bua le tsona. Bo-pula-maliboho bana ba ne ba nahana ho ithuta puo ea matsoho e le hore ba ka bolella litholo molaetsa oa ’Muso.

Lekala le ile la utloela hore Ana Liza Acebedo, eo e leng pula-maliboho oa kamehla Manila, o ne a sebetsa sekolong sa litholo ’me e le e mong oa Lipaki tse seng kae feela Philippines tse neng li tseba puo ea matsoho hantle. O ile a botsoa: “Na u ka rata ho ruta litho tse ling tsa Bethele puo ea matsoho?”

O ile a lumela! O ne a atisa ho ipotsa hore na litholo tsohle li tla pakeloa joang. Ho ile ha qalisoa sekolo seo liithuti tsa sona li neng li akarelletsa litho tsa lelapa la Bethele le bo-pula-maliboho ba kamehla. Baralib’abo rōna ba Navotas ba ne ba se ba ngolisitse sekolong se seng sa puo ea matsoho, ’me ba tsoela pele ka sona.

Eaba mosebetsi oa ho thusa litholo o tsoela pele ka potlako. Pele ho feta likhoeli tse tšeletseng, lipuo li ne li se li tolokeloa puong ea matsoho liphuthehong tse tharo tsa Metro Manila. Ka 1994, ho ile ha lokisetsoa hore lipuo li tolokoe ka lekhetlo la pele likopanong tse nyenyane le tse khōlō. E ’ngoe ea lipakane tsa pele e bile ho thusa bana ba litholo ba Lipaki. Ba ’maloa ho bona e bile litholo tsa pele tse ileng tsa kolobetsoa. Manuel Runio, ea neng a e-ba teng libokeng kamehla ka lilemo tse ngata moo lipuo li neng li sa tolokeloe puong ea matsoho, o ile a thabela ho rua molemo litokisetsong tsena tse ncha.

Kapele ka mor’a moo, libaka tse ling naheng ena li ile tsa kōpa thuso. Liza Presnillo o ile a romeloa Olongapo le pula-maliboho-’moho le eena hore ba e’o sebetsa e le bo-pula-maliboho ba nakoana ba khethehileng tšimong ea litholo. Ba bangata ba ile ba thusoa. Bohareng ba 2002, ho ne ho se ho thehiloe lihlopha tsa puo ea matsoho libakeng tse 20 ka ntle ho Manila. Ho thehoa ha Phutheho ea Puo ea Matsoho ea Metro Manila ka April 1999, e leng ea pele naheng eo, e bile bohato ba bohlokoa. Joel Acebes, e mong oa litho tsa lelapa la Bethele tse bileng sehlopheng sa pele sa puo ea matsoho ’me hona joale e le moholo oa phutheho eo, o re: “Re thabetse ho sebelisoa ke Jehova mosebetsing ona oa bohlokoa.” E, esita le litholo li “utloa” molaetsa oa ’Muso. Ho bona mosebetsi o seng o entsoe tšimong ena e neng e e-s’o sebetsoe hoa thabisa.

Ho Hlokahala Mehaho e Meholoanyane

Kaha ho ile ha sebetsoa tšimo e ncha ka bo-1990 ’me masimo a khale a sebetsoa ka ho phethahetseng, ho bile le keketseho e tsitsitseng lenaneng la bahoeletsi le la ba bacha ba kopanelang le liphutheho. Ho ’nile ha hlokahala limakasine tse eketsehileng, ’me ha fetoleloa libuka le libukana tse eketsehileng lipuong tsa Philippines ho feta leha e le neng pele. Ka lebaka leo ho bile le keketseho e khōlō palong ea basebetsi ba lekaleng—ba hatisang, ba fetolelang, ba hlahlobang liphoso lingoliloenng le ba etsang mesebetsi e meng e hlokahalang bakeng sa barab’abo rōna le liphutheho. Kapele ka mor’a hore mohaho oa bolulo o phethoe ka 1991, o ne o se o tletse. O ne o hahetsoe batho ba 250. Ka 1999, litho tsa lelapa la Bethele li ne li le 350.

Setšeng sa lekala ho ne ho sa ntse ho e-na le sebaka, kahoo Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho hahoe mohaho o mong oa bolulo, o tšoanang le o phethiloeng ka 1991. Mosebetsi o ile oa qala ka 1999 ’me oa phethoa bofelong ba 2001. Mohaho ona o batla o kopola mehaho ea bolulo e ntseng e le teng habeli. Ho hahiloe liofisi tse eketsehileng, tse neng li hlokahala haholo ho finyella litlhoko tsa keketseho tšimong. Mehaho e meng e akarelletsa sebaka se seholoanyane sa ho hlatsoetsa liaparo, tlelase ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi le laebrari e ntlafalitsoeng. Basebetsi ba nang le phihlelo ba sebakeng seo le basebeletsi ba machaba ba ile ba tla Bethele ka nakoana e le hore ba ka phetha mosebetsi ona. Ka mor’a ho phetha mohaho ona o mocha, baithaopi bana ba ile ba sala e le hore ba ka nchafatsa mohaho oa 1991. Mosebetsi o ne o le mongata mererong e joalo ea kaho, empa pakane e ne e le ’ngoe—e leng ho haha mehaho e tšehetsang boboleli ba ’nete ea Bibele e fanang ka bophelo.

Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se Finyella Litlhoko

Ha ho ne ho thehoa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi United States ka 1987, barab’abo rōna ba bangata ba Philippines ba ile ba qala ho ipotsa, ‘Na re tla ke re khone ho rua molemo koetlisong ee?’ Karabo e ile ea tla ka 1993. Ho ile ha etsoa tsebiso ea hore ho tla buloa sekolo Philippines selemong se latelang. Sekolo sena se ne se tla fana ka koetliso e eketsehileng bakeng sa barab’abo rōna ba tšoanelehang ba nang le phihlelo ea ho hlophisa lintho e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang. Barab’abo rōna ba makholo ba ile ba kenya likōpo.

Balebeli ba potoloho ba babeli le moromuoa ba ile ba koetlisetsoa ho ba barupeli. Sehlopha sa pele se ile sa qala ka January 1994. Ba koetlisitsoeng ka tsela ena ba tšoanelehela ho sebeletsa barab’abo bona liphuthehong. Phutheho e ’ngoe e ile ea ngola tjena ka seithuti se kopanelang ho eona se fumaneng lengolo sekolong sena: “Ha ho bapisoa le pele a e-ea sekolong, ho na le phapang e khōlō tseleng eo a fanang lipuo ka eona.”

Liithuti tse ngata li ile tsa tela lintho tse bonahalang e le hore li rue molemo koetlisong ena ea moea. Ronald Moleño e ne e le setsebi sa lik’hemik’hale. O ile a memeloa sekolong sena, empa ka nako e batlang e tšoana, k’hamphani e ’ngoe ea mo tšepisa mosebetsi o lefang haholo, ntlo, inshorense le melemo e meng. Ronald a nahanisisa ka menyetla ena e ’meli ’me a khetha oa moea. O fumane lengolo sehlopheng sa bo18 sa sekolo sena ’me a tsoela pele ho thabela tšebeletso ea bopula-maliboho. Ronald o sa tsoa memeloa ho kenela tšebeletso ea boromuoa Papua New Guinea.

Wilson Tepait o ile a tlameha ho etsa qeto ka mor’a ho ba sehlopheng sa pele. O ne a sebetsa mosebetsi oa botichere o lefang haholo, empa joale a memeloa ho ba pula-maliboho ea khethehileng moo tlhokahalo e leng khōlō. O re: “Ke ne ke thabela mosebetsi oa ho ruta empa hape ke tseba hore ke lokela ho etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele bophelong ba ka.” A amohela tokelo ea ho ba pula-maliboho ea khethehileng ’me a bona hore Jehova o hlohonolofatsa tšebeletso ea hae tšimong eo. Hona joale Wilson ke molebeli oa setereke Philippines e ka boroa.

Liithuti tse ngata sekolong sena li tsoa Philippines. Leha ho le joalo, Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa hore ho be le liithuti tse tsoang linaheng tse ling tsa Asia. Linaha tse rometseng liithuti li akarelletsa: Cambodia, Hong Kong, Indonesia, Malaysia, Nepal, Sri Lanka le Thailand. Liithuti tse ling li tsoa linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoeng. Thupelo eo liithuti li e fumanang e bile phihlelo e matlafatsang. Morupeli Anibal Zamora o re: “Liithuti tse tsoang linaheng tseo ho tsona mosebetsi o thibetsoeng li bolela kamoo li ’nileng tsa tšepa Jehova kateng maemong ’ohle. Sena se matlafatsa liithuti tsa Philippines.” Ka lehlakoreng le leng, liithuti tse tsoang linaheng tse ling li ithuta kamoo barab’abo rōna ba Mafilipino ba futsanehileng ba sebelelitseng Jehova kateng tlas’a maemo a boima.

Nidhu David, eo e leng seithuti se tsoang Sri Lanka, o itse: “Ke phihlelo eo nke keng ka e lebala. E bile koetliso ea likhoeli tse peli e tsoang ho Jehova Molimo. E bile ho thabisang hakaakang!”

Mehaho ea sekolo e hona lekaleng. Liithuti ha li rue molemo feela lenaneong le lokiselitsoeng la sekolo empa li boetse li ithuta ka ho bona ka mahlo kamoo mosebetsi o hlophisoang kateng lekaleng. Ho ba har’a bara le barali babo rōna ba ratang lintho tsa moea Bethele ho etsa hore ba be le mehlala e metle ea tumelo eo ba ka e etsisang. Hape, barab’abo rōna ba tsoang linaheng tseo ho nang le bahoeletsi ba fokolang kapa tseo mosebetsi o thibetsoeng ho tsona ba khona ho bonela mokhatlo o hlophisitsoeng haufi.

Ho fihlela joale, ba 922 ba fumane mangolo lihlopheng tse 35. Har’a liithuti tsa Mafilipino tse fumaneng mangolo, hona joale tse 75 ke balebeli ba tsamaeang ’me tse ling tse ngata ke balebeli ba potoloho ba tšoarang molepo lipotolohong tse 193 tse lihlekehlekeng tsena. Tse tšeletseng li abetsoe Bethele, ’me tse leshome ke baromuoa Papua New Guinea le Micronesia. Ba makholo ke bo-pula-maliboho ba kamehla tšimong ea habo bona kapa moo tlhokahalo e leng khōlō. Ka lilemo tse fetang robeli haesale sekolo sena se buloa, ho kolobelitsoe ba fetang 65 000 naheng ena. Ho na le moea o motle oa bopula-maliboho, ’me liphutheho ka kakaretso lia hōla. Ka sebele re ka bona hore bara bana babo rōna ba sebelisa seo ba ithutileng sona sekolong sena, e leng ho tlatsetsang khatelo-peleng e ntle.

Khatelo-pele

Lihlekehlekeng tsena ho finyelloa lintho tse hlollang. Barab’abo rōna ba chesehang ba kopanelang liphuthehong tse ka bang 3 500 ka mafolofolo ba bolela litaba tse molemo tsa ’muso o molemo ka ho fetisisa oo motho a ka nahanang ka oona, e leng ’Muso oa Molimo.

Litlaleho tsa morao tjena li khothatsa haholo. Likhoeling tse supileng tse fetileng tsa selemo sa tšebeletso sa 2002, ho ne ho finyelloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi khoeli le khoeli. Ka August, ho ne ho se ho e-na le bahoeletsi ba 142 124 ba bolellang batho molaetsa oa ’Muso. Batho ba lihlekehleke tsena tse ngata ba tsebisoa lebitso la Jehova le morero oa hae. Bahlanka ba Jehova ba sebakeng seo ba etsa se tšoanang le se boletsoeng esale pele ho Esaia 24:15: ‘Ba tlotlisa lebitso la Jehova lihlekehlekeng tsa leoatle.’

Bo-pula-maliboho ba kamehla ba likete ba har’a baboleli bana ba chesehang. Ka 1950, ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba 307 feela, empa bofelong ba April 2002, ho ne ho e-na le ba 21 793. Ho phaella moo ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 386 le bo-pula-maliboho ba thusang ba 15 458 khoeling eo, ’me kakaretso e ne e le ba 37 637, kapa karolo ea 27 lekholong ea bahoeletsi bohle. Ba bang ba bangata ba bontšitse hore ba batla ho ba bahlanka ba Molimo ba nako e tletseng. Selemong sa tšebeletso sa 2002, ho ile ha khethoa bo-pula-maliboho ba kamehla ba 5 638.

Sena sohle se beha litholoana tse ntle. Batho ba likete ba tsoela pele ho arabela hamolemo. Ba bileng teng Sehopotsong ka March 2002 ba ne ba le 430 010. Khoeli le khoeli ho khannoa lithuto tsa Bibele tse ka bang 100 000. Selemong sa tšebeletso sa 2002, ho ile ha kolobetsoa barutuoa ba bacha ba 6 892. Ka 1948, Paki e le ’ngoe e ne e lokela ho pakela batho ba 5 359 naheng eo. Kajeno e lokela ho pakela ba 549. Ha Jehova a sa ntse a butse monyetla, ho sa na le tšepo ea hore ba bang ba likete ba tla ikopanya le barorisi ba Jehova lihlekehlekeng tsa maoatle.

Ho Ikemisetsa ho Tsoela Pele

Ha C. T. Russell a etile ka 1912, ho ile ha jaloa peō ea ’nete e seng kae Philippines. Butle-butle, peō ena e ile ea mela ea ba ea hōla. E ile ea beha litholoana tse ntle hobane ba bang ba ile ba emela ’nete ‘nakong e tšoanelang le nakong e likhathatso.’ (2 Tim. 4:2) Haholo-holo ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, khōlo e ile ea potlaka ho fihlela kajeno, ha ba likete tse mashome e le barorisi ba Jehova ba mafolofolo. Ka tsela eo, ba sebetsa ba thabile tlotlisong ea lebitso la Molimo hammoho le ba bang ba ka bang limilione tse tšeletseng bao e leng litho tsa phutheho ea lefatše ka bophara ea batho ba Jehova.

Joalokaha tlaleho ena e bontša, hase kamehla mosebetsi o bileng bobebe. Ho sa tsotellehe botle ba naha ena, ho finyella baahi ba lihlekehleke tsena tse ngata ho ile ha beha mokoka oa baboleli bana ba ’Muso tekong. Ba bang ba tobana le leoatle le befileng e le hore ba ka finyella libakeng tse ka thōko. Ba bangata ba tsamaea ka maoto lithabeng tse nang le mefero e le hore ba ka fumana batho ba kang linku. Le hoja lihlekehlekeng tsa Philippines ho bile le likoluoa tse ngata haholo—tse kang litšisinyeho tsa lefatše, meroallo, lifefo le lithaba tse foqohang seretse se chesang—lintho tsena ha lia emisa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova tse tšepahalang.

Li tšoana le Baiseraele ba neng ba le naheng e tsosolositsoeng ka morero oa ho tsosolosa borapeli bo hloekileng. Ba ne ba tobane le mathata, empa thabo ea Jehova e ne e le qhobosheane ea bona. Le kajeno, Lipaki Tsa Jehova li bontšitse ka ho hlaka hore li matla le hore li tšepa Molimo. Lia tseba hore Jehova o na le tsona ’me li lumela seo Pesaleme ea 121:7 e se buang ha e re: “Jehova o tla u lebela khahlanong le tlokotsi eohle. O tla lebela moea oa hao.” Ka tšehetso ea Jehova, li lebeletse ho thusa batho ba bangata kamoo li ka khonang kateng pele tsamaiso ena e fela. Ka mor’a moo, li lebeletse ho ruta ba limilione ba tsositsoeng lefatšeng lohle, ho akarelletsa le lihlekehlekeng tsena tse 7 100. Joale naha ena e tla khanya ka botle bo kang ba paradeise, thorisong ea ’Mōpi.

Khabareng, Lipaki Tsa Jehova li ikemiselitse ho tsoela pele li tšepile Jehova hore a hlohonolofatse mosebetsi oa tsona. Li leka ka matla ho phela tumellanong le mantsoe a moprofeta oa Molimo a reng: “Ba ke ba ise khanya ho Jehova, ’me ba bolele thoriso ea hae lihlekehlekeng.”—Esa. 42:12.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 232]

“E tlameha ebe Molimo o na le uena, ho seng joalo u ka be u shoele”

[Lebokose le leqepheng la 153]

Ho Jaloa Peō ea Pele ea ’Nete

Charles T. Russell le sehlopha seo a neng a tsamaea le sona ba ile ba etela Philippines ka 1912. Le hoja e bile baemeli ba pele ba rometsoeng ke mokhatlo sebakeng seo ba e-tsoa ntlo-khōlō e Brooklyn, litlaleho li bontša hore ho ne ho se ho ntse ho e-na le Liithuti Tsa Bibele tse peli Philippines ’me li ne li thusa ba bang ho ithuta ’nete ea Bibele. Louise Bell, oa United States, o ile a ngola:

“’Na le monna oa ka re ile ra ea Philippines ka 1908 ’me ra etsa mosebetsi oa botichere. E ne e le rōna feela Maamerika motseng oa Sibalom. Re ile ra odara lipampitšana tsa Bibele tse boima ba lik’hilograma tse makholo Brooklyn. Ho tloha New York li ile tsa romeloa San Francisco, eaba li tšela Leoatle la Pacific li ea Manila, ’me tsa romeloa Sibalom ka liketsoana.

“Ha re fumana monyetla re ne re aba lipampitšana tseo ’me re buisana le batho ba sebaka seo. Ha rea ka ra boloka tlaleho ea lihora tseo re li sebelitseng kapa libuka tseo re li tsamaisitseng. Le hoja batho ba moo e ne e le Mak’hatholike, ba bangata ba ile ba re mamela ka thabo. Re ne re le matichere a koetliselitsoeng bongaka, empa ka ho khetheha re ne re le manģosa a litaba tse molemo.

“Re ne re tsamaea ka maoto kapa re palama lipere litseleng tse mpe. Ka nako e ’ngoe re ne re robala fatše fulurung ea leqala ’me re jella tlhapi le raese sejaneng se le seng.

“Ha Moruti Russell a ne a etetse Manila ka 1912, re ile ra mo romella thelekramo.”

Morali’abo rōna Bell o ile a ba teng puong ea Mor’abo rōna Russell ea sehlooho se reng “Bafu ba Hokae?” e neng e tšoaretsoe Manila Grand Opera House.

[Lebokose le leqepheng la 156]

Tlhaloso e Akaretsang ea Philippines

Naha: Ho na le lihlekehleke tse ka bang 7 100 naheng ena e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse ka bang 300 000. Lihlekehleke tsena li sebakeng se boholo ba lik’hilomithara tse 1 850 ho tloha leboea ho ea boroa le tse 1 125 ho tloha bochabela ho ea bophirimela. Boholo ba tsona boa fapana—se seholo ka ho fetisisa se feta Portugal hanyenyane ’me se senyenyane ka ho fetisisa se senyenyane hoo se koaheloang ke metsi ha leoatle le befile.

Batho: Ba bangata ke litloholo tsa batho ba Malaysia, le hoja ba bang ba e-na le limelo tsa Machaena, Masepanishe kapa Maamerika.

Puo: Har’a lipuo tse ngata tsa Philippines, tse buuoang ke batho ba bangata ke Sebicol, Secebuano, Sehiligaynon, Seiloko, Sepangasinan, Sesamar-Leyte le Setagalog. Senyesemane le Sepilipino ke lipuo tse tloaelehileng sebakeng seo. Boholo ba puo ea Sepilipino bo nkuoe Setagalogong.

Mokhoa oa ho iphelisa: Litoropong ho na le mesebetsi e mengata e sa tšoaneng, empa mahaeng ba bangata ke lihoai kapa batšoasi ba litlhapi. Libakeng tse ngata ho lengoa lijo tse kang raese, ’moba, libanana, likokonate le liphaenapole.

Lijo: Ho jeoa raese linakong tsohle tsa lijo. Tlhapi le lijo tse ling tsa leoatle li tloaelehile, hammoho le meroho le litholoana tse melang litropikeng.

Tlelaemete: Naha ena e na le tlelaemete ea litropikeng, ’me thempereichara ea tšoana lihlekehlekeng tsohle. Ka kakaretso naheng ena ho na pula e ngata.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 161, 162]

Puisano le Hilarion Amores

O Hlahile ka: 1920

O Kolobelitsoe ka: 1943

Pale ea Bophelo ba Hae: O ithutile ’nete nakong ea tlhaselo ea Majapane Ntoeng ea II ea Lefatše. Naheng ena ho ne ho e-na le Lipaki tse seng kae ka nako eo.

Ke kolobelitsoe nakong ea ntoa ha barab’abo rōna ba sa ntse ba khona ho paka ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, re ne re lokela ho ba hlokolosi hobane batho ba ne ba belaella mosebetsi oa rōna. Qetellong, re ile ra tlameha ho balehela libakeng tse ka thōko, empa ka 1945 ra khutlela Manila.

Ka nako eo, ke ile ka ba le tokelo ea ho fetolela Molula-Qhooa ka Setagalog. Ho ne ho hlokahala hore re sebetse ho fihlela ka hora ea bobeli hoseng. Ho ile ha etsoa likopi tsa boitsebiso bo fetoletsoeng ’me tsa romeloa lihlopheng tsa Lipaki. Ho ne ho hlokahala boitelo, empa re ne re thabile haholo hobane barab’abo rōna ba ne ba hlokomeloa moeeng.

Lilemong tsohle tseo ke bileng ’neteng ka tsona, ke bone hore Jehova o mohau. O hlokomela batho ba hae e le kannete, moeeng le nameng. Ke hopola liphallelo tse ileng tsa romeloa Philippines ka mor’a ntoa. Khele, ke batho ba bangata hakaakang ba ileng ba fuoa marikhoe, lieta le liaparo tse ling! Bo-pula-maliboho ba ileng ba rua molemo ka tsela ena ba ile ba leboha haholo hoo ba ileng ba ikitlaetsa haholoanyane tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka sebele Jehova o hlokomela batho ba hae, ’me o fana ka sohle seo ba se hlokang.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 173, 174]

Moromuoa ea Ratehang

Neal Callaway

O Hlahile ka: 1926

O Kolobelitsoe ka: 1941

Pale ea Bophelo ba Hae: O hlahetse lelapeng la Lipaki, ’me o qalile tšebeletso ea nako e tletseng ha a qeta sekolo. A memeloa sehlopheng sa bo12 sa Sekolo sa Gileade; a romeloa Philippines, moo a ileng a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang.

Neal Callaway e ne e le moromuoa ea chesehang, eo barab’abo rōna ba neng ba mo rata haholo. Kaha o ne a amehile ka ho teba ka mosebetsi oa ’Muso ’me ka nako e tšoanang a le botsoalle, o ile a sebeletsa likarolong tsohle tsa naha. O bua ka mosebetsi oa hae oa ho tsamaea.

“Ka linako tse ling re ne re e-hloa maralla ka lihora tse peli pele re fihla tšimong, re bina lipina tsa ’Muso ha re ntse re tsamaea. Re ne re tsamaea re kolokile re le sehlopha sa batho ba 15 ho isa ho ba 20 ’me re bina, ke ile ka ikutloa ke thabile hore ebe ke amohetse kabelo ea ka ea ho ea linaheng tse ling.

“Ho isa Lentsoe la Molimo matlong ana a itekanetseng a libakeng tse ka thōko, ho bona batho bana ba ikokobelitseng ba lutse fatše ba mametse lentsoe le leng le le leng le buuoang, ’me hamorao ke ba bona Holong ea ’Muso ketelong ea ka e latelang—sena se ile sa etsa hore ke batle ho sebetsa ka thata haholoanyane ha ke bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo.”

Neal o ile a nyala Nenita, e leng morali’abo rōna oa Mindoro, ’me ba ile ba sebeletsa hammoho ka botšepehi ho fihlela Neal a e-shoa ka 1985. Barab’abo rōna ba Mafilipino ba sa ntse ba bontša hore baa mo rata ha ba bua ka eena. E mong o itse: “Mor’abo rōna Callaway e ne e le motho ea molemo ea neng a utloana le barab’abo rōna. O ne a tseba ho ikamahanya le maemo ’ohle.”a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Pale ea bophelo ba Mor’abo rōna Callaway e hlaha “Molula-Qhooeng” (oa Senyesemane) oa August 1, 1971.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 177]

Puisano le Inelda Salvador

O Hlahile ka: 1931

O Kolobelitsoe ka: 1949

Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a romeloa Thailand e le moromuoa ka March 1967.

Ke ne ke ferekane ha ke utloa hore ke tla romeloa Thailand ke le moromuoa. Ke ne ke thabile ebile ke batla ke tšoenyehile, ’me ke ipotsa lipotso tse ngata.

E ne e le la 30 March, 1967, ha ke fihla sebakeng seo. Puo ea moo e ne e sa tloaeleha. Ke puo e nang le mekhoa e mengata ea ho bitsa mantsoe ka molumo o fatše, o phahameng, o tebileng le o bohale. Ho ne ho le thata ho ithuta puo ena, empa barab’abo rōna ba sebakeng sena le ba linaheng tse ling ba ile ba nthusa ka lerato.

Ho tloha ka 1967 ho ea ho 1987, ke ne ke le Sukhumwit. Eaba ke kōptjoa ho ea phuthehong e ’ngoe. Ho ne ho se bonolo hobane ke ne ke tlameha ho siea bara le barali babo rōna bao ke sebelitseng le bona ka lilemo tse 20. Ke kamoo ke neng ke ikutloa kateng ha ke ea Thon Buri. Ha e le hantle, ho itšetlehile ka boikutlo ba motho ka mong. Ka mor’a lilemo tse 12 ke le Thon Buri, ke ile ka khutlela Sukhumwit ka 1999. Baromuoa ba bang ba re ho ne ho tšoana leha ke khutlela haeso. Empa ho ’na, phutheho leha e le efe eo ke abetsoeng ho eona e ka ba hae.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 178]

Seo re se Hopolang ka ho Ithuta Puo

Benito le Elizabeth Gundayao

Pale ea Bophelo ba Bona: Benito, a tsamaea le mosali oa hae, Elizabeth, o ne a etsa mosebetsi oa ho potoloha Philippines. Ka 1980 ba ile ba romeloa Hong Kong e le baromuoa. Ha ba le moo ba ile ba thusa batho ba 53 ho ithuta ’nete.

Ho ithuta Secanton ho ne ho le boima ho batho ba sa tsebeng Sechaena. Ka sebele ho hlokahala boiteko bo matla le mamello hammoho le boikokobetso.

Ka lekhetlo le leng, ke ne ke leka ho re, “Ke ea ’marakeng.” Ka Secanton, ke ile ka re, “Ke ea manyolong a likhoho.” Ha mosali oa ka a le tšebeletsong ea tšimo o ile a bua a thabile a re, “Oh, kea mo tseba,” ha a bua ka morali’abo rōna eo mong’a ntlo a mo tsebang. Empa mantsoe a mosali oa ka a ne a bolela hore, “Oh, kea mo ja.” Mong’a ntlo o ile a makala hakaakang! Re ke ke ra lebala liphihlelo tseo re bileng le tsona tšimong ea batho ba buang Sechaena.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 181, 182]

Puisano le Lydia Pamplona

O Hlahile ka: 1944

O Kolobelitsoe ka: 1954

Pale ea Bophelo ba Hae: Ka mor’a ho ba le phihlelo e le pula-maliboho ea khethehileng Philippines, o ile a memeloa ho sebeletsa Papua New Guinea ka 1980. O thusitse batho ba fetang 84 ho ithuta ’nete.

Ke ile ka thabela kabelo ea ka hobane ka nako e telele ke ’nile ka lakatsa ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō. Ke ne ke boetse ke le leqe hobane e ne e le lekhetlo la pele ke tloha hae. Ke ne ke sa tsebe hakaalo ka Papua New Guinea, ’me ho honyenyane hoo ke neng ke ho tseba ho ne ho ntšosa. ’Mè o ile a nkhothatsa a re: “Jehova Molimo o tla re hlokomela hohle moo re etsang thato ea hae teng.” Ke ile ka ngola lengolo ke amohela kabelo eo.

Ha ke fihla moo, barab’abo rōna ba ne ba le mosa haholo, ’me batho ba le botsoalle. Ke ne ke tsamaisa libuka le limakasine tse ngata khoeli le khoeli, tse fetang tseo ke neng ke li tsamaisa Philippines. Empa puo le litloaelo tsa teng li ne li fapane haholo le tsa ka. Ke ile ka nahana: ‘Ho lokile, ke tla sebeletsa mona ka lilemo tse seng kae ebe ke khutlela hae ke e’o bula maliboho le ’Mè hape.’

Ka mor’a ho ithuta lipuo tse peli tse buuoang ke batho ba bangata ba sebaka seo le ho phela joaloka batho ba moo, ke ile ka ba tseba hamolemo. Ho theosa le lilemo tse fetang 20 tseo ke bileng sebakeng seo ka tsona, ke bile le tokelo ea ho ruta ba bangata ’nete, ke rutile ba bang ho bala le ho ngola e le hore ba ka ithuta hantle ’me ba etse hore ’nete e be ea bona. Tlhohonolofatso ena le tse ling tse ngata li etsa hore ke ikutloe hore Papua New Guinea e se e le haeso. Haeba Jehova a rata, ke thabela ho sebelisoa tšebeletsong ea hae ho fihlela a re mosebetsi o phethiloe kapa ho fihlela bofelong ba matsatsi a ka mona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 191, 192]

Puisano le Filemon Damaso

O Hlahile ka: 1932

O Kolobelitsoe ka: 1951

Pale ea Bophelo ba Hae: O qalile tšebeletso ea nako e tletseng ka 1953. Hamorao o ile a nyala ’me ea e-ba molebeli oa potoloho. Ka mor’a hore a hōlise bana, o ile a tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng e le pula-maliboho ea khethehileng le mosali oa hae. O bile likabelong tse sa tšoaneng Sehlekehlekeng sa Visayan le sa Mindanao ho fihlela hona joale.

Mathata a sithabetsang a ile a etsa hore tšebeletso ea nako e tletseng e be boima lilemong tsa bo-1960. Ho ne ho e-na le khaello ea lijo ka lebaka la likhoto tse ngata tse neng li senya poone le raese. Re ne re sa khone ho ea paka litoropong hobane liaparo le lieta tsa rōna li ne li tabohile.

Kahoo re ne re e-ea libakeng tse tletseng masimo, tse lithaba le metseng e hōle e qalikaneng—hangata re e-ea re sa roala lieta. Ke batlile ke hlōleha ho fana ka puo ea ka kopanong ea potoloho hobane ke ne ke se na liaparo tse tšoanelehang. Leha ho le joalo, molebeli oa setereke, Mor’abo rōna Bernardino, ka mosa o ile a nkalima hempe ea hae, ’me ka fana ka puo ea ka. Ka sebele, batho ba bangata ba ne ba futsanehile ho re feta. Kaha re ne re ikemiselitse ho mamella, Jehova o ile a re hlohonolofatsa.

Ka 1982, re ile ra tobana le liteko ka lebaka la ho se jele paate. Mindanao, bofetoheli khahlanong le ’muso bo ne bo jele setsi. Kaha ke ne ke khannela bao ho thoeng ke liofisiri tsa marabele lithuto tsa Bibele, mabotho a ’muso a ile a re ke “tichere” ea mahana-puso. Leha ho le joalo, ofisiri ea ’muso e ile ea hlalosa hore sohle seo re se rutang se tsoa ka Bibeleng ’me ha ho moo se amanang teng le lipolotiki.

Ka nako e tšoanang, marabele a ne a ntlhoile hobane mosebetsing oa ka oa boboleli, batho ba pele bao ke ileng ka ba pakela e bile motsamaisi ea khethiloeng ke ’masepala le molaoli oa sesole. Empa ha aa ka a re ntša kotsi hobane ofisiri e ’ngoe ea marabele eo ke neng ke ithuta le eona e ile ea re buella.

Ka lilemo tse mashome, Jehova o ile a re thusa ho hlōla mathata le liteko. Re leboha Jehova ka mohau oa hae le tšireletso!—Liprov. 18:10; 29:25.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 217, 218]

Puisano le Pacifico Pantas

O Hlahile ka: 1926

O Kolobelitsoe ka: 1946

Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a fumana lengolo sehlopheng sa bo16 sa Gileade ka 1951. Joale ke moholo Motseng oa Quezon.

Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, ha re le profinseng ea Laguna, baahelani ba rōna e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba ’memela ho bala libuka tseo ba neng ba e-na le tsona laebraring ea bona. Libuka tseo li ne li le monate: Creation, Vindication, Reconciliation, Religion, Lira, Children le tse ling tse ngata. Ha Majapane a ne a chesa motse oa rōna, ha rea ka ra hlola re bonana hape le Lipaki, empa ka mor’a nako e ka etsang selemo ke ile ka li fumana hape Manila. Ke ile ka qala ho kopanela libokeng, ’me ka mor’a hore ke kolobetsoe, ka kena sehlopheng sa bo-pula-maliboho. Kabelo ea rōna e ne e le ho sebetsa profinseng eohle ea Tayabas, eo hamorao e ileng ea bitsoa Quezon. Re ne re paka motseng o mong le o mong, ’me re robala ka har’a libese tse se nang letho, mahaeng a batho ba thahasellang le libakeng tse ling.

Ha re fihla Mauban, lebotho la masole a sekhukhu le ile la hlasela motse. Re ne re robetse mokatong oa bobeli oa holo ea sechaba. Ra tsosoa ke lerata. Kamoo ho neng ho bonahala kateng, mapolesa ka mokatong o ka tlaase a ne a thibeletsoe. Re ile ra utloa ha a akhela lithunya tsa ’ona fatše.

Likhukhuni li ile tsa nyolohela mokatong oa bobeli. E mong oa tsona a khantša ka toche ’me a re: “Le bo-mang?” Ra ikhakanya joalokaha eka re robetse. A botsa hape ’me a phaella: “Na le lihloela tsa sepolesa sa Philippines?”

Ra araba: “Che, monghali.”

A re: “Empa le apere liaparo tsa k’haki.”

Ra hlalosa hore liaparo tseo re li apereng re li fuoe le hore lieta tsa rōna li rometsoe ke barab’abo rōna ba Amerika ka mekotla ea liphallelo.

Molaoli a re: “Ho lokile, ke tla nka lieta.” Kahoo ka li rōla. A nka le borikhoe ba ka. Kaofela ha rōna ra sala re apere liaparo tsa ka hare feela. Ntho e ntle ke hore re ne re e-na le liaparo tse ling haufinyane. Ha e le hantle, re ne re thabetse hore ebe ba nkile liaparo tsa rōna. Ho seng joalo, batho ba motse oohle ba ne ba ka nahana hore re lihloela tsa likhukhuni!

Ra reka lieta tsa mapolanka, ra khutlela Manila, ’me ra fetela Lihlekehlekeng Tsa Visayan ra tsoela pele ka ho paka.

Mor’abo rōna Pantas o ne a le tšebeletsong ea nako e tletseng ’me ea e-ba mosebeletsi oa barab’abo rōna (eo hona joale a bitsoang molebeli oa potoloho) pele a ea Sekolong sa Gileade. Ha a khutlela Philippines, ea e-ba molebeli oa setereke ’me a sebeletsa ofising ea lekala pele a e-ba le bana.

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 168, 169]

PHILIPPINES—LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA

1908: Liithuti tse peli tsa Bibele tse tsoang United States li qala ho paka motseng oa Sibalom.

1910

1912: Charles T. Russell o fana ka puo Manila Grand Opera House.

1934: Ho thehoa ofisi ea lekala. Ho hatisoa bukana ea Escape to the Kingdom ka Setagalog.

1940

1947: Ho fihla baromuoa ba pele ba fumaneng mangolo Gileade.

1961: Ho qalisoa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso.

1964: Bo-pula-maliboho ba Mafilipino ba mengoa ka lekhetlo la pele hore e be baromuoa linaheng tsa boahelani.

1970

1978: Ho qalisoa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho.

1991: Ho phethoa mohaho o mocha oa lekala ’me oa neheloa. Thaba ea Pinatubo ea phatloha.

1993: Ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Setagalog.

2000

2000: Ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha e feletseng ka Setagalog.

2002: Ho na le bahoeletsi ba 142 124 ba mafolofolo Philippines.

[Krafo]

(Sheba sengoliloeng)

Kakaretso ea Bahoeletsi

Kakaretso ea Bo-pula-maliboho

150 000

100 000

50 000

1940 1970 2000

[Chate e leqepheng la 199]

(Sheba sengoliloeng)

Chate ea Keketseho ea ba Bileng Teng Likopanong (1948-99)

350 000

300 000

250 000

200 000

150 000

100 000

50 000

0

1948 1954 1960 1966 1972 1978 1984 1990 1996 1999

[Limmapa tse leqepheng la 157]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

PHILIPPINES

LUZON

Vigan

Baguio

Lingayen

Cabanatuan

Thaba ea Pinatubo

Olongapo

Motse oa Quezon

MANILA

MINDORO

LIHLEKEHLEKE TSA VISAYAN

Masbate

CEBU

MINDANAO

Surigao

Davao

PALAWAN

El Nido

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 150]

[Setšoantšo se leqepheng la 154]

Charles T. Russell le William Hall ha ba etetse Philippines ka 1912

[Setšoantšo se leqepheng la 159]

Joseph dos Santos, eo u mo bonang mona a e-na le mosali oa hae, Rosario, ka 1948, o ile a lula e le mohoeletsi oa ’Muso ea chesehang ho sa tsotellehe ho kenngoa ha hae teronkong ka sehlōhō ka lilemo tse tharo nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše

[Setšoantšo se leqepheng la 163]

Barab’abo rōna ba Philippines bao e bileng ba pele ba ileng ba romeloa Sekolong sa Gileade, e leng: Adolfo Dionisio, Salvador Liwag le Macario Baswel

[Setšoantšo se leqepheng la 164]

Ho haola le lithaba ho ea paka

[Setšoantšo se leqepheng la 183]

Bo-pula-maliboho ba likete ba ruile molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho

[Setšoantšo se leqepheng la 186]

Mokhoa oa khatiso oa “phototypesetting” o sebetsang ka k’homphieutha o qalile ho sebelisoa ka 1980

[Setšoantšo se leqepheng la 189]

Litaba tse molemo li boleloa ka lipuo tse ngata tsa Philippines

[Setšoantšo se leqepheng la 199]

Kopano ea Machaba ea “Thuto ea Bomolimo” ea 1993

[Setšoantšo se leqepheng la 199]

Kolobetso Kopanong ea Setereke ea “Barorisi ba Thabileng” ea 1995

[Setšoantšo se leqepheng la 200]

Baromuoa ba Mafilipino ba neng ba etetse hae nakong ea kopano

[Setšoantšo se leqepheng la 202]

“Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste” ka Setagalog e ile ea lokolloa kopanong ka 1993

[Setšoantšo se leqepheng la 204]

Ho fetolela Bibele ho sebelisoa lik’homphieutha

[Setšoantšo se leqepheng la 205]

Pula-maliboho ea thabileng o fumana “Phetolelo ea Lefatše le Lecha” e feletseng ka puo ea hae

[Setšoantšo se leqepheng la 207]

Komiti ea Lekala, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: (ba lutseng) Denton Hopkinson, Felix Salango; (ba emeng) Felix Fajardo, David Ledbetter le Raymond Leach

[Setšoantšo se leqepheng la 211]

Baphaphathehi ba bangata ba Mavietnam ba ithutile ’nete ha ba sa le Philippines

[Setšoantšo se leqepheng la 215]

Natividad le Leodegario Barlaan ba qetile lilemo tse fetang tse 60 motho ka mong tšebeletsong ea nako e tletseng

[Litšoantšo tse leqepheng la 222, 223]

Liholo Tsa ’Muso tse hahiloeng lilemong tsa morao tjena

[Litšoantšo tse leqepheng la 224]

Holo ea Kopano ea Metro Manila (ka holimo) le Liholo tse ling tsa Kopano, ka ntle ho Manila

[Setšoantšo se leqepheng la 228]

Ka ho le letšehali: John Barr o fana ka puo lenaneong la nehelo ea lekala ka 1991

[Setšoantšo se leqepheng la 228]

Ka tlaase: Mehaho ea lekala ka 1991

[Setšoantšo se leqepheng la 235]

Tlhōlo ea Lipaki Tsa Jehova e hlahisoa likoranteng

[Litšoantšo tse leqepheng la 236]

Litšisinyeho tsa lefatše, lithaba tse foqohang seretse se chesang le meroallo li baka mathata, empa bahoeletsi ba chesehang ba tsoela pele ho bolela

[Setšoantšo se leqepheng la 246]

Bo-pula-maliboho ba chesehang ba ithutile puo ea matsoho e le hore ba ka thusa litholo ho rua molemo mananeong a moea

[Setšoantšo se leqepheng la 246]

Liithuti le barupeli sehlopheng sa pele ka har’a naha sa puo ea matsoho sa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, mathoasong a 2002

[Setšoantšo se leqepheng la 251]

Sehlopha sa bo27 sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Philippines

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela