Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb04 maq. 162-255
  • Democratic Republic of Congo (Kinshasa)

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Democratic Republic of Congo (Kinshasa)
  • Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
  • Lihloohoana
  • Bothata ba ho Tseba Lipaki Tsa Jehova
  • Histori ea Congo—Tse Ling Tsa Lintho Tse Qotsitsoeng Litlalehong Tsa Naha Tsa 1930-60
  • Boipuso ba Sechaba Boa Atamela
  • Baromuoa ba Pele Baa Fihla ’me ba Bula Ofisi ea Lekala
  • Ho Sebelisa ’Nete—E ne e le Phephetso
  • Ho Tobana le Kitawala
  • Molebeli oa Potoloho ea Ileng a Otlolla Lintho
  • Tlhophiso e Molemo e Tlisa Keketseho
  • Ka Mor’a Boipuso—Lilemo Tsa ho Mamella Malumeli a Mang
  • Ho Fihla Baromuoa ba Eketsehileng
  • Liholo Tsa ’Muso Lilemong Tsa Bo-1960
  • Jehova o Sireletsa Bahlanka ba Hae
  • Ho Amoheloa ka Molao Qetellong!
  • Likopano li Fana ka Bopaki bo Boholo
  • Ho Potoloha Bakeng sa ho Sebeletsa Likopano Tsa Potoloho
  • Puso e Ncha ea Lipolotiki e Tlisa Liphetoho
  • Bethele ea Atoloha ho Finyella Litlhoko
  • Lilemo Tsa Bo-1970—E ne e le Nako ea ho ba Sebete le ho ba Seli
  • Ka 1980 Lipaki li Boela li Amoheloa ka Molao
  • Ho Buloa Mahae a Macha a Baromuoa
  • Ha li Tšabe Kimbilikiti
  • Mosebetsi oa Thibeloa
  • Ho Hlophisoa Bocha Bakeng sa Mosebetsi oa Sekhukhu
  • Phokotseho le Keketseho ea Bahoeletsi ba ’Muso
  • Bana ba Isoa Chankaneng
  • Merusu ka Har’a Naha
  • Matšoao a Mang a Phetoho
  • Tokoloho Hape
  • Mathata a ho Tsamaisa Thepa Congo
  • Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi—Ke Tlhohonolofatso Tšimong
  • Mehaho e Tla Sebetsana le Keketseho ea Puso ea Molimo
  • Baromuoa ba Tlil’o Thusa
  • Ho se Jele Paate ha Bakreste Nakong ea Ntoa
  • Makala a Europe aa Thusa Linakong Tse Thata
  • Ntoa ha e Sitise Tsoelo-Pele ea Moea
  • Kaho ea Liholo Tsa ’Muso e Tlisa Thoriso ho Jehova
  • Phetoho Tsamaisong ea Lekala
  • Mosebetsi o sa Ntsane o le Mongata
Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
yb04 maq. 162-255

Democratic Republic of Congo (Kinshasa)

‘Re joaloka peō ea poone ea Afrika ka mokotleng. Kae kapa kae moo re lahleloang teng, ka bonngoe, pula e qetella e tlile ’me rea eketseha.’ Mantsoe ao a ile a buuoa lilemong tse fetang 50 tse fetileng ke Paki e tšepahalang ea Jehova e neng e hlorisitsoe haholo ke ba boholong ho seo ka nako eo se neng se tsejoa e le Belgian Congo. Maqepheng a latelang, u tla tseba kamoo tlhohonolofatso ea Jehova, joaloka pula e khathollang, e tlisitseng keketseho e hlollang ea baboleli ba ’Muso naheng eohle ea Congo.

Naha ena eo hona joale e tsejoang e le Democratic Republic of Congo, kapa Congo (Kinshasa), e bohareng ba Afrika.a Kaha e paroloa ke equator, boholo ba naha bo koahetsoe ke meru e tlokomang. Meru ea eona e sabaletseng le masabasaba a eona ke moo ho lulang liphoofolo tse hlaha tse hlollang ka botle. Ka lebaka la ho ateloa ke lirafshoa, ke khale naha ena e ratoa ke lichaba tse ngata, e hlaseloa le ho ba le lintoa tsa lehae.

Ka 1885, ho ile ha thehoa Congo Free State (Naha e Lokolotsoeng ea Congo) ’me Morena Leopold II oa Belgium e ne e le ’musi e bile e le eena feela ea nang le taolo e feletseng ea eona. Leha ho le joalo, ho hang bophelo ba batho ba Congo bo ne bo sa lokoloha. Banna ba Leopold ba ile ba sebelisa batho ka thata ’me ba ba khahlapetsa ka sehlōhō e le hore ba tlatlape manaka a tlou le rabara. Khalefo ea linaha tsa Europe tse ahelaneng le Belgium e ile ea e-ba matla hoo qetellong Leopold a ileng a inehela tlas’a khatello. Ka 1908, Congo Free State e ile ea felisoa, ea fetoha Belgian Congo, kolone e neng e laoloa ke paramente ea Belgium. Congo e ile ea fumana boipuso ka 1960.

Batho ba Congo ba rata bolumeli haholo. Ho tletse likereke, liseminari le likolo tsa thuto ea bolumeli. Ho tloaelehile ho kopana le batho ba ka qotsang litemana tse ngata tsa Bibele. Leha ho le joalo, joaloka libakeng tse ling, ho ne ho se bonolo ho hloma Bokreste ba ’nete. Empa se ileng sa thatafatsa sena le ho feta Congo ke hore ka nakoana, batho ba ne ba nka hore Lipaki Tsa Jehova ke ntho e le ’ngoe le mokhatlo oa bolumeli o neng o tsejoa e le Kitawala.

Bothata ba ho Tseba Lipaki Tsa Jehova

“Kitawala” e tsoa lentsoeng la Seswahili le bolelang “ho hatella, ho laela kapa ho busa.” Tumellanong le sena, pakane ea mokhatlo ona ka ho khetheha e ne e le ea bopolotiki—hore naha e fumane boipuso ho e-na le ho busoa ke Belgium. Ba bang ba ne ba nahana hore tsela e molemohali ea ho finyella pakane eo ke ka lekoko la bolumeli. Ka masoabi, lihlopha tsa Kitawala li ile tsa fumana lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova, tsa ithuta tsona le ho li aba. Libaka tseo li neng li kopanela ho tsona li ne li khetholloa ka letšoao le reng “Watch Tower.” Nako e telele pele Lipaki Tsa Jehova li e-ba teng, ‘mekhatlo ena ea Watch Tower’ e ile ea ata profinseng ea Katanga ka boroa-bochabela Congo. Ka makholo a lilemo batho ba ne ba nka hore batšehetsi ba Kitawala e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Ho hlakile hore e ne e se tsona.

Litho tsa Kitawala li ne li sotha lithuto tsa Bibele ho tšehetsa maikutlo a tsona a lipolotiki, meetlo ea tumela-khoela le bophelo ba boitšoaro bo bobe. Li ne li hana ho lefa makhetho ’me li hanyetsa babusi ba bo-ralikolone. Lihlopha tse ling tsa tsona li ne li fetohela ba boholong ka ho ba loantša. Ha ho makatse hore ebe ’muso oa Belgium o ile oa li nka li se molaong.

Ka 1956 mokomishinara oa setereke oa Belgian Congo o ile a ngola sehlooho koranteng se neng se fana ka leseli ka tšimoloho ea Kitawala. Sehlooho seo se ne se bua ka Tomo Nyirenda, letsoalloa la Nyasaland (hona joale ke Malawi), ea neng a lula Rhodesia e ka Leboea (hona joale ke Zambia). Kamoo ho bonahalang kateng, Nyirenda o ne a rutiloe litaba tsa bolumeli ke motho ea neng a ile a kopanela le Liithuti Tsa Bibele (hona joale li tsejoa e le Lipaki Tsa Jehova) Cape Town, Afrika Boroa. Sehlooho seo se ile sa re: “[Nyirenda] o ile a kenella Katanga [Congo] ka 1925, . . . a ipitsa Mwana Lesa, ‘Mora oa Molimo.’ O ile a sebelisa hampe tšabo ea batho ba moo ea ho louoa e qalileng mehleng ea boholo-holo, a tšepisa hore ba mo latelang ba ne ba ke ke ba lokolloa ho bo-ngakana-ntšonyana feela empa hape ba ne ba tla fuoa mokhoa oa ho lokolloa makhethong ’ohle le melaong ea balaoli, ebang ke ’muso kapa ke Kereke. Ba sa kang ba amohela molao oa hae ho ile ha thoe ke baloi, ba otloa hore ba ee le mailiili, ba ntan’o khamisoa metsi nakong ea ha ba ‘kolobetsoa’ ka nkane. (Nōkeng e ’ngoe, ho ile ha ntšoa litopo tse 55.) Ka mor’a ho nyatsoa ke motlatsi oa morena oa motse, Tomo o ile a khona ho baleha ’me a khutlela Rhodesia. Kaha ba boholong Rhodesia ba ne ba mo batlela lipolao tseo a li entseng, o ile a tšoaroa, a ahloloa a ba a fanyehoa.”

Ho latela ba boholong Belgium, ho kena ha motho eo ho thoeng ke Mwana Lesa sebakeng sa Katanga ho tloha ka 1923 ho ea ho 1925 ho ile ha tšoaea qaleho ea Kitawala Congo. Ho ne ho tla feta lilemo tse mashome pele Lipaki Tsa Jehova li ka lumelloa ho kena naheng ena le ho lula teng.

Hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha ho ne ho le thata ho tseba hore na bao kannete e leng Lipaki Tsa Jehova ke bafe, ke habohlokoa ho bolela hore Afrika ho na le likereke tse ngata tse ikemetseng. Ba bang ba hakanya hore ho na le mekhatlo e joalo e likete. John S. Mbiti, setsebi malumeling a Afrika, o ile a ngola a re: “Bothata bo boholo bo tobileng Bokreste Afrika ke palo e khōlō ea Likereke, malumeli, lihlopha le lihlotšoana tsa bokhelohi. Boholo ba tsona li simolohile mose ho maoatle. Tse ling tse ngata li qaliloe ke Bakreste ba Maafrika ka bobona, lebaka le leng e le hore ba ne ba sa batle ho lula ka ho sa feleng tlas’a khatello ea baromuoa ba tsoang linaheng lisele, lebaka le leng e le tabatabelo ea batho ka bomong ea ho iphumanela matla, ’me lebaka le leng e le hore ba batla hore Bokreste bo bonahatse setso sa Afrika le mathata a teng, le ka mabaka a mang a fapa-fapaneng.”

Kahoo, ho ne ho e-na le likereke tse ngata tse ikemetseng, tseo boholo ba tsona bo neng bo nkile lithuto tsa bona bolumeling ba molao kapa bo arohile ho bona. E ne e se mokhatlo oa Kitawala feela o etsang tjena. Leha ho le joalo, boteng ba Kitawala bo ile ba fa Bokreste-’mōtoana monyetla o ikhethang oa hore Lipaki Tsa Jehova li se ke tsa kena Congo. Le hoja baeta-pele ba likereke ba ne ba tseba hantle phapang pakeng tsa Kitawala le Lipaki, ka boomo ba ile ba jala pono e fosahetseng ea hore Kitawala le Lipaki Tsa Jehova ke ntho e le ’ngoe.

Likereke li ne li le boemong bo botle ka ho fetisisa ba ho hasa leshano leo. Ho elella mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, malumeli a Bokreste-’mōtoana, haholo-holo Kereke e K’hatholike, ke ’ona a neng a le matla a bile a e-na le tšusumetso e khōlō Belgian Congo. Ka ho fapaneng, Lipaki Tsa Jehova li ne li sa amoheloe ka molao moo, e leng kamoo baruti ba Bokreste-’mōtoana ba neng ba batla ho lule ho le kateng. Ka mōna ba ne ba hana ka balateli ba bona ’me ba sa rate hore Lipaki Tsa Jehova li itšunya-tšunye ka tsela leha e le efe.

Ho ne ho le bonolo ho beha Kitawala molato, eo hangata e neng e bitsoa mokhatlo oa Watch Tower, bakeng sa merusu, bofetoheli le lintoa tsa merabe har’a baahi. Lebitso la Watch Tower le ile la hlouoa ke bahlanka ba ’muso le ba boholong. Sena se ile sa bakela ba batlang ho sebeletsa Jehova Congo mathata a maholo.

Lilemong tse mashome tse ileng tsa lebisa boipusong ba naha ena, khafetsa Lipaki Tsa Jehova linaheng tse ling li ne li romela mangolo ho ba boholong Congo, li hlalosa hore ha ho moo Watch Tower Bible and Tract Society e amanang teng le mokhatlo oa Watch Tower. Leha ho le joalo, ka lilemo, ba boholong ba ile ba tsoela pele ho amahanya mesebetsi ea mokhatlo oo oa bolumeli oa sebaka seo le mosebetsi oa batho ba Jehova. Boholo ba boiteko bo neng bo etsoa nako le nako ba ho romela Lipaki Tsa Jehova Congo bo ne bo sa atlehe.

Kahobane Lipaki li ne li sa lumelloa ho kena ka har’a naha, ha ho tsejoe hakaalo ka Lipaki tsa ’nete tse neng li le naheng eo. Leha ho le joalo, tlhase e hlollang ea se neng se etsahala lilemong tseo tsa pele tse thata e fumanoa litlalehong tsa Congo tse tsoang liofising tsa makala tse haufi le eona. Joale a re hlahlobeng tse ling tsa lintho tse qotsitsoeng historing ena ea Congo ea lilemo tse 30, eo re tlatselelitseng ho eona ka litaba tse ling.

Histori ea Congo—Tse Ling Tsa Lintho Tse Qotsitsoeng Litlalehong Tsa Naha Tsa 1930-60

1930: Ho amohetsoe likōpo tsa lingoliloeng ka poso ho tsoa . . . Belgian Congo.

1932: Re tšepa hore hamorao ho tla khoneha ho paka Belgian Congo le likarolong tse ling tsa Afrika Bohareng tse e-song ho pakeloe.

Ho tloha ka May 1932 ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Afrika Boroa e ile ea fetisetsa likōpo khafetsa ho ba boholong Belgium bakeng sa tumello ea hore basebeletsi ba nako e tletseng ba lumelloe ho kena Congo. Likōpo tsena ha lia ka tsa amoheloa. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho falla ha batho pakeng tsa Congo le Rhodesia e ka Leboea, bara ba bang babo rōna ba Rhodesia ba ile ba khona ho kena Congo, hangata e le ka linako tse khutšoanyane.

1945: Ho hlokahala hore motho a be sebete ho emela Molimo le ’muso oa hae oa Puso ea Molimo [Belgian Congo]. Hase feela hore mosebetsi le lingoliloeng li thibetsoe ka ho feletseng, empa Maafrika a Congo a bolelang hore a kopanela le rōna a mocheng oa ho isoa sebakeng se seng moo a bolokoang a phela joalokaha eka a chankaneng, ka nako e ’ngoe e le ka lilemo tse ’maloa. Mangolo ao re a romelloang ho tsoa Congo a fihla mona ka seoelo [Rhodesia e ka Leboea], ’me ho bonahala eka mangolo a romeloang teng a khutlisoa a sa fihla moo a eang teng; empa . . . ho etsoa sohle se ka khonehang ho thusa basebetsi-’moho le rōna ba ’Muso naheng ena e tletseng baruti.

1948: Ho na le bahoeletsi ba babeli ba ’Muso ba lulang tšimong eo joale, ’me ba ’nile ba romela litlaleho tse ling ofising e Brussels. Re tšepa hore ka letsatsi le leng tšimo ena e khōlō e tla buleha e le hore kosepele ea ’Muso e ka boleloa teng.

1949: Ka lilemo mosebetsi oa bopaki o ntšelitsoe pele har’a mathata a maholo tšimong ena e laoloang ke K’hatholike. Linakong tse fetileng ka linako tse ling baruti ba ne ba bile ba tloaetse ho qobella motho ho ja lekote la letsoai a sa noe metsi e le kotlo ea ho ba e mong oa lipaki tsa Jehova, empa hona joale mekhoa eo ba e sebelisang e tšoana haholo le ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Spain; ba batla hore ’muso o ba etsetse mosebetsi oa bona o khopo oa khatello. Ka lebaka la mosebetsi oa bona oa ho paka, ka lilemo bahoeletsi ba Maafrika ba ’nile ba kenngoa chankaneng ba sebeletsa likahlolo tseo nako ea tsona e sa boleloeng, ’me se mpefatsang litaba le ho feta ke hore ba romeloa kampong e khethehileng ea mahloriso Kasaji, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 500 ho tloha Elisabethville [hona joale ke Lubumbashi]. Mona ba sehla lirapeng tse nyenyane, ’me ba behelloa ka thōko hammoho le malapa a bona kapa malapa a bona a le sieo. . . . Nako e ka ’na ea lelefala hoo e ka bang lilemo tse leshome. Hangata lilemo tse ngata tsa ho behelloa ka thōko hona li mamelloa ho se na le tlhase feela ea tšepo ea tokoloho kapa toka, ntle le haeba ba e reka ka theko e boima ea ho sekisetsa botšepehi ba bona.

Phello e bile hore mosebetsi o etsoa ka sekhukhu; liboka li tšoaroa ka sekhukhu le libaka tseo liboka li tšoareloang ho tsona li lokela ho fetoloa ka ho tšaba ho tšoaroa. Boholo ba ho paka bo ne bo etsoa ka ho etela batho bao ho tsejoang hore ke batho ba nang le botsoalle le ka ho etela metsoalle ea bona, empa esita le maemong a joalo bothata bo ’nile ba hlahela ba bangata. Paki e ile ea tšoaroa eaba e potlakisetsoa kampong ea Kasaji.

Hoo e ka bang nakong ena, Llewelyn Phillips, oa ofisi ea lekala Rhodesia e ka Leboea, o ile a ea Belgian Congo ho ea namolela Lipaki tse hlorisoang moo. ’Musisi-kakaretso le ba bang ba boholong ’musong ba ile ba mamela ha a ntse a hlalosa boleng ba mosebetsi oa boboleli ba ’Muso le phapang pakeng tsa litumelo tsa Lipaki le tsa Kitawala. Ka lekhetlo le leng ’musisi-kakaretso o ile a botsa a tebisitse maikutlo a re: “Haeba ke le thusa, ho tla etsahala’ng ka ’na?” O ne a tseba hantle hore Kereke ea Roma e K’hatholike e ne e e-na le tšusumetso e khōlō naheng eo.

1950: Selemo se fetileng e bile se thata ho feta tsohle, ’me ho baena ba ’nileng ba lula Congo Belge, sena se bolela mathata a maholo. Qalong ea selemo sa tšebeletso ha hoa ka ha amoheloa libuka tsohle le mangolo a rometsoeng tšimong ena ’me puisano e ile ea batla e fela. Ka mor’a moo, ka la 12 January, ’musisi-kakaretso o ile a thibela Mokhatlo ’me a beha kahlolo ea ho koalloa chankaneng ka likhoeli tse peli le tefiso ea li-franc tse 2 000 ho bohle ba kopanelang le Mokhatlo, ba o tšehelitseng ka tsela leha e le efe kapa bao e leng litho tsa Mokhatlo. Qeto ena e ile ea thoholetsoa likoranteng tsa K’hatholike. Ho ile ha tšoaroa batho ba bangata. Mathathamo a nkiloeng selemong se fetileng ho eo e kileng ea e-ba mohlanka oa [phutheho] Elisabethville a ile a sebelisoa e le mokhoa oa ho batla ba makholo ba neng ba kopanela le Mokhatlo, ’me bona hammoho le basali ba bona ba ile ba tšoaroa. Ka mor’a ho sebeletsa kahlolo ea ’ona, Maafrika a Rhodesia e ka Leboea a ile a lelekoa, empa metsoalle eo ha habo eona e leng Congo eona hangata e ne e isoa Kasaji, kampong ea mahloriso e lik’hilomithara tse ngata [tse ka bang 500] ho tloha Elisabethville, moo e meng ea eona e sa ntseng e le hona teng. Ba bang ba baena ba lelekiloeng ba ile ba fuoa lijo tse nyenyane ’me ba qobelloa ho tsamaea lik’hilomithara tsa ho qetela tse 30 ka maoto ho tloha Sakania ho ea moeling oa Rhodesia e ka Leboea.

Morao tjena mapolesa a mautloela a ekelitsoe, ’me ho ba le Bibele feela ho lekane hore motho a belaelloe hore ke e mong oa lipaki tsa Jehova.

Ho sa tsoa amoheloa litaba tse reng baralib’abo rōna ba babeli ba Makhooa ba seterekeng sa Elisabethville ba ahloletsoe ho hlola chankaneng ka matsatsi a 45, ’me ho fanyehiloe lilemo tse tharo haeba ba ka itšoara hantle (e leng seo ha e le hantle se bolelang hore ha ho mosebetsi o tla etsetsoa Morena), ka lebaka la ho ba le Molula-Qhooa le ho paka. Letsatsi le letsatsi ba lebeletse hore ba ka lelekoa.

1951: Ho ’nile ha hatisoa lihlooho tse ngata likoranteng le limakasineng tsa Belgium tse qosang lipaki tsa Jehova le Mokhatlo oa Watch Tower ka hore li amana le mokhatlo o chesehang ka ho feteletseng oa Belgian Congo o bitsoang “Kitawala.” Belgium molao o hloka hore ha motho a araba sehlooho se hatisitsoeng koranteng kapa makasineng, koranta eo kapa makasine eo e lokela ho hatisa karabo eo. Re nkile monyetla ka tokelo ena ho sireletsa mosebetsi oa ’Muso khahlanong le lihlooho tsena tse tletseng liketselletso, ’me likarabo tsa rōna li hatisitsoe.

Ho tloha ka la [12] January, 1949, mosebetsi oa Mokhatlo oa Watch Tower o thibetsoe Belgian Congo ’me lipaki tsa ’nete tsa Jehova li ’nile tsa tlameha ho utloa bohloko ka lebaka la litlaleho tsena tsa bohata. Ho rometsoe mangolo a boipelaetso ho letona la likolone ’me ho fanoe ka bopaki bo bongata ba hore lipaki tsa Jehova le Mokhatlo oa Watch Tower ha li amane le “Kitawala” e batlang ho phethola ’muso, empa mangolo ana a boipelaetso ha aa arajoa.

Libetsa tsa ho buuoa hampe, ho hlorisoa, ho lefisoa, ho otloa, ho kenngoa chankaneng le ho lelekoa, li ’nile tsa sebelisoa Belgian Congo ho leka ho felisa ka ho feletseng ‘boboleli ba Lentsoe’ naheng eo.

1952: Afrika Bohareng le eona e na le “mokoallo oa puso ea lere la tšepe”! Tabeng ea lipaki tsa Jehova, o meeling ea Belgian Congo. Thibelo mosebetsing oa bopaki naheng ena eo boholo ba eona e leng ea Roma e K’hatholike e ntse e tsoela pele ka matla.

Litlaleho tse fokolang tse fumanoang nako le nako tse tsoang naheng ena li bua ka ho lelekoa, ho kenngoa chankaneng, ho otloa le ho tingoa lintho tse ling ho hlahelang bahoeletsi ba Maafrika. Likarolong tse ngata ho bonahala bora bo eketsehile khahlanong le lipaki. Baahi ba naha ena ba lelekelloa likampong tsa mesebetsi haeba ba ka fumanoa ba paka kapa ba e-na le lingoliloeng tsa Watchtower. Esita le ho ba le Bibele ho nkoa e le letšoao la hore motho eo ke e mong oa lipaki tsa Jehova.

Mahae a barab’abo rōna a lula a behiloe leihlo ’me hangata aa phenyekolloa. Mora e mong oabo rōna ea tlalehang sena o re: “[Mapolesa a Belgian Congo] ha a robale ka lebaka la rōna, ho e-na le ho robala, a ea holimo le tlaase a batlana le lipaki tsa Jehova feela. Hona joale ho hobe le ho feta pele.”

Tlaleho e ’ngoe e tsoang ho bahoeletsi ba 30 ea August e ile ea fihla ofising ena ’me botlaaseng ba leqephe ho ngotsoe 1 Bathesalonika 5:25, NW, e reng: “Barab’eso, le tsoele pele ho re rapella.”

Joalokaha re boletse pejana, Lipaki tsa Maafrika tse tsoang Rhodesia e ka Leboea li ile tsa ea Congo. Leha ho le joalo, ha li fumanoa, li ne li koalloa chankaneng ’me hamorao li lelekoa naheng. Le hoja ba bangata ba ile ba sebeletsa likahlolo tse khutšoanyane tsa chankana, bara ba bang babo rōna ba ile ba romeloa ho ea sebetsa likampong tsa mosebetsi ka lilemo tse ’maloa. Mora e mong oabo rōna o ile a qeta lilemo tse ka bang hlano lichankaneng tse sa tšoaneng Congo. Baholehi ba hae ba ne ba mo otla khafetsa. Hape ba ile ba mo bolella hore o ne a ke ke a lokolloa ntle leha a ne a ka khaotsa ho paka.

E ne e le ka 1952 ha mora eo oabo rōna ea tšepahalang a re: ‘Re joaloka peō ea poone ea Afrika ka mokotleng. Kae kapa kae moo re lahleloang teng, ka bonngoe, pula e qetella e tlile ’me rea eketseha.’ Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Rhodesia e ka Leboea e ile ea ngola tjena ka sena: “Ka sebele ‘peō ea poone ea Afrika e ka mokotleng’ e ntse e jaloa Congo ho sa tsotellehe ho hlorisoa ha barab’abo rōna kapa ka lebaka la hona. Ka lekhetlo le leng ofisi ea lekala Lusaka e ile ea amohela litlaleho tsa batho ba makholo a ’maloa ba kopanelang le lipaki sebakeng sa Kolwezi. Leha ho le joalo, hona joale litabeng ho boleloa hore ba bangata ba isoa likarolong tse ling tsa Congo.” Ho hasana hona ha barab’abo rōna ho ile ha fella ka hore ho be le keketseho mosebetsing oa ho etsa barutuoa.

Ha barab’abo rōna ba ntse ba sebetsa ka thata karolong e ka boroa-bochabela ea naha, ’nete e ne e jaloa Léopoldville (hona joale ke Kinshasa). Barab’abo rōna Brazzaville ba ne ba hatetse pele ka potlako ’me ka cheseho ba boleletse ba bang ’nete. Ba bang ba ile ba qala ho tšela Nōka ea Congo ka sekepe ho ea bolela Léopoldville. Ka 1952, Victor Kubakani le mosali oa hae e ne e le bona Lipaki tsa pele tse ileng tsa kolobetsoa Kinshasa. Phutheho e ile ea thehoa ka potlako.

1953: Re na le litlaleho tse bontšang hore barab’abo rōna ba ka bang 250 ba kopanela ka tekanyo e itseng mosebetsing oa boboleli likarolong tse sa tšoaneng tsa naha, empa mohlomong ho na le ba bang ba bangata. Ho pakoa feela ka ho etsa [maeto a ho boela] le ho khanna lithuto tsa Bibele ’me lintho tsena li etsoa ka lingoliloeng tse fokolang kapa ntle ho lingoliloeng, kaha barab’abo rōna ha ho mohla ba tsebang hore na mahae a bona a tla phenyekolloa neng. Mora e mong oabo rōna o ile a longoa ke e mong oa bao ho thoeng ke “metsoalle” ea hae hore o na le libukana tse peli, ’me o ile a ahloleloa likhoeli tse peli chankaneng e Bohareng ea Elisabethville.

1954: Thibelo e feletseng khahlanong le Mokhatlo le mosebetsi oa lipaki tsa Jehova e tsoela pele Belgian Congo . . . Chankaneng lipaki tse tšepahalang li entse mosebetsi oa tsona oa boboleli ho batšoaruoa ba bang, bao ka likutoana tsa pentšele ba ngolang maqetšoaneng lintlha tseo ba tsamaeang le tsona ebe ba bala ho eketsehileng Libibeleng tsa bona tseo ba li fuoeng chankaneng. Ha ho pelaelo hore ke ka lebaka la mosebetsi o joalo lichankaneng tse ling lipaki tsa Jehova li arotsoeng ho batšoaruoa ba bang.

Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova le Kitawala o ne o thibetsoe. Ba boholong ba ile ba hapa lingoliloeng tsa Bibele tse rometsoeng ka har’a naha. Lingoliloeng tse pholohileng ho ba boholong ka linako tse ling li ne li oela liatleng tsa litho tsa Kitawala ebe li li sebelisetsa lithahasello tsa tsona. Lipaki Tsa Jehova le Kitawala li ile tsa tšoaroa, tsa otloa ’me tsa isoa likampong tsa mahloriso. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona.” (Mat. 7:16) Balaoli ba bo-ralikolone ba ile ba bona boitšoaro bo botle ba barab’abo rōna ’me ba qala ho lemoha phapang pakeng tsa bona le Kitawala.

1955: Thibelo e tsoela pele mosebetsing naheng ena ’me ho na le tšepo e fokolang ea hore e tla tlosoa haufinyane, empa sena ha sea fokotsa cheseho ea ba ratang Jehova le ba mo sebeletsang. Ho koalloa chankaneng ha barab’abo rōna ba bangata le ho lelekoa ha bona selemong se fetileng ha hoa etsa hore ba khoehlise.

Tlas’a maemo a leng teng mosebetsi oa ntlo le ntlo ha o khonehe, kahoo ho etsoa [maeto a ho boela] ’me ho khannoa lithuto tsa Bibele. Phutheho e ’ngoe e ngola hore bahoeletsi ba ka rata ho kopanela le boboleling ba phatlalatsa ba litaba tse molemo, le hoja “re sa tsebe hore na ebe Jehova o tla re lumella ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo naheng ena pele ho ntoa ea Armagedone kapa che.”

1957: Ha ho pelaelo hore selemong se fetileng mosebetsi o hapile tlhokomelo ho feta pele, haholo-holo ponong ea ba boholong ’musong le likoranteng. Morao koana ka November, Mor’abo rōna [Milton G.] Henschel o ile a buisana ka ho toba le ’muso oa Belgian Congo Leopoldville ’me ka nako eo a fana ka kōpo ea hore ho tlosoe thibelo ho Mokhatlo le ho lipaki tsa Jehova. Ketelo ena ea pele e ile ea lateloa ke ketelo e ’ngoe Leopoldville ’me hamorao ke baemeli New York le Brussels. Hamorao setsebi litabeng tsa Afrika se tsoang Belgium se ile sa etela ofisi ea lekala ea Rhodesia e ka Leboea, ’me ho ile ha hlaha monyetla oa ho fana ka makolopetso a qaqileng ho hlalosa mosebetsi oa rōna le molaetsa oa rōna.

Khabareng, thibelo e ntse e tsoela pele, ’me barab’abo rōna Belgian Congo ba lokela ho sebetsa tlas’a bothata bo boholo. Ba 216 ba ile ba e-ba teng moketeng oa Sehopotso, le hoja ba ne ba kopane ka lihlotšoana.

1958: Selemong se fetileng, ho sa tsotellehe thibelo e ntseng e tsoela pele boboleling ba litaba tse molemo le ho kenngoa chankaneng ha barab’abo rōna, molaetsa oa ’Muso o utloahetse ka liphello tse matla haholoanyane.

1959: Ka lekhetlo la pele ba boholong ’musong sebakeng sena ba ile ba fana ka tumello e sa ngoloang ea hore barab’abo rōna ba ka tšoara liboka tsa phutheho, ho sa tsotellehe hore thibelo ea molao ea mosebetsi eona ha e e-s’o tlosoe. Ho fihlela nakong ena ho ne ho sa khonehe ho tšoara liboka tsa phutheho, ’me ho ’nile ha tšoaroa liboka tsa lihlotšoana feela bakeng sa thuto ea Bibele malapeng. Joale barab’abo rōna ba ile ba tšoareha ’me ba lokisetsa hore ho be le mokete oa Sehopotso oo e neng e le seboka sa bona sa pele se hlophisitsoeng sa phutheho, ’me [liphuthehong] tse hlano Leopoldville ho ile ha e-ba teng batho bao kakaretso ea bona e bileng 1 019. Bashebelli ba ne ba hloletsoe, eseng feela ke hore liboka li ne li tšoeroe, empa ke ho bona moea oa thabo oa botsoalle ba Bokreste o neng o bontšoa ke barab’abo rōna. Sena se ile sa etsa hore hang-hang batho ba bang ba lemohe hore bao e ne e le batho ba fapaneng le malumeli a mang hobane ‘ba bontša lerato har’a bona.’

Le hoja ho ne ho e-s’o khonehe ho romela baromuoa Congo, qeto ea ho mamellana e tekenetsoeng ka la 10 June, 1958, e ile ea lumella Lipaki Tsa Jehova moo “ho kopana libakeng tse koetsoeng tsa liboka.” Barab’abo rōna ba ne ba thabile hore ebe ba ne ba ka kopana ka bolokolohi. Ka linako tse ling ba lefapha la tšireletso ba ne ba e-ba teng libokeng tsena ’me ba rorisa barab’abo rōna bakeng sa boitšoaro ba bona bo botle le ho laoleha.

Ho ne ho e-na le liphetoho tse ling tse molemo. Ho fihlela ka 1956 likolo tsohle li ne li tšehelitsoe ka lichelete ke mekhatlo ea bolumeli. Ka mor’a moo, letona le lecha la puso ea bokolone le amohelang likhopolo tse ncha le ile la theha likolo tsa ’muso ’me la khothalletsa pono e mamellang lihlopha tse nyenyane haholoanyane. Ho se khone ho khetholla Kitawala le Lipaki Tsa Jehova butle-butle ho ile ha fela nakong ea ha ba boholong ba lemoha phapang pakeng tsa lihlopha tsena. Ho ile ha tšoana le ha pula e seng kae e khathollang e ne e tšolohetse holim’a peō e hasaneng. Hohle batho ba ne ba emela Jehova.

Ka nako eo, morena o ile a tšoara Lipaki tse ’maloa ’me a li tlisa ka pel’a molaoli oa sebaka hore a li ahlole. Molaoli o ile a botsa hore na li ne li entse phoso efe. Morena o ne a sa tsebe. Molaoli o ile a omanya morena eaba o lokolla barab’abo rōna, a fana ka taelo ea hore ba khutlisetsoe mahae ka sepalangoang.

1960: Mosebetsi Belgian Congo o hatetse pele ka ho hlollang selemong se fetileng. Ho sa tsotellehe mathata naheng eo le hore ha e le hantle mosebetsi o ntse o etsoa tlas’a thibelo, ho ’nile ha khoneha hore barab’abo rōna ba tšoare liboka kamehla Liholong Tsa ’Muso.

Ketsahalo e ikhethang e ile ea etsahala nakong ea Sehopotso motseng oa Leopoldville, oo e leng motse-moholo. [Liphutheho] tse tšeletseng motseng oo li ile tsa lokisetsa ho kopana bakeng sa puo ea phatlalatsa ka Sontaha ’me tsa thabela ho bona ba 1 417 ba e-ba teng. Joalokaha e mong oa [balebeli] a ile a ngola ka nako eo: “Re ne re thabile haholo, hobane e ne e le ka lekhetlo la pele re leka ntho e joalo; mangeloi a Jehova a ne a hlomme liahelo ho re pota-pota.”

Histori ena ea lilemo tse 30 e fane ka tlhaloso e khutšoanyane ea mosebetsi Congo, joalokaha ho tlalehiloe ke makala a boahelani. Joale a re boneng kamoo lintho li ileng tsa tsoela pele kateng.

Boipuso ba Sechaba Boa Atamela

Ho elella lilemong tsa bo-1960, ’muso o ne o mameletse mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Congo, o neng o hlokomeloa ke lekala la Rhodesia e ka Leboea, le hoja o ne o sa lumelloa ka molao. Khabareng, ho ne ho hlaha mathata a macha le ho se tsitse. Bochaba bo ne bo le matla esita le ho hanyetsa ’muso oa bokolone le hona ho ne ho le matla. Ka January 1959, ba etsang merusu ba ile ba tlatlapa le ho chesa mabenkele Léopoldville. Hape ba ile ba utsoa ka likerekeng, ba lahlela litšoantšo literateng. Sena se ile sa lebisa sebokeng se pakeng tsa ba boholong Belgium le baemeli ba mekha ea sebaka sena ea lipolotiki. Ba ile ba beha letsatsi la boipuso ba sechaba: La 30 June, 1960. Ho hlakile hore ha ho le ea mong oa Lipaki Tsa Jehova ea neng a bile le karolo merusung.

Naheng eohle, mekha ea sebaka sena ea lipolotiki e ile ea qala ho utoloha. Hangata litho tsa eona li ne li kopanngoa ke likamano tsa lesika ho e-na le maikutlo a tsona a lipolotiki. Li ne li hatella barab’abo rōna haholo hore ba reke likarete tsa mekha ea lipolotiki. Pierre Mafwa, ea neng a kolobelitsoe selemong se ka pele ho seo, o ile a re: “E ne e le Moqebelo ka June 1960. Ke ne ke khutlela hae ke tsoa mosebetsing motšehare o moholo. Ha ke feta boema-fofane ba khale Léopoldville, ke ile ka khahlametsoa ke monna ea nkileng sabole. O ile a kharuma: ‘Karete ea hao ea lipolotiki e hokae?’ Ha kea ka ka araba. Ka potlako o ile a ntlhatha sefahlehong ka sabole, a ntšeha nko. O ile a tsoela pele ho ntlhatha ka sabole. Ke ile ka leka ho baleha empa ka oela fatše. Ke ile ka rapela Jehova, ka mo kōpa hore a nkhopole tsohong e le hore ke boele ke bone mosali oa ka le bana ba tšeletseng. Ka mor’a thapelo ena e khutšoanyane, ke ile ka utloa molumo oa sethunya. Masole a ne a lihile motho enoa ea neng a tla mpolaea ka ho mo thunya mangoleng. Lepolesa le ile la nkisa sepetlele, moo ke ileng ka fumana phekolo. Litemana tsa Bibele li ile tsa nkhothatsa haholo.”

Baromuoa ba Pele Baa Fihla ’me ba Bula Ofisi ea Lekala

Joalokaha re bone, boiteko bo etsoang khafetsa ba ho romela baemeli ba Lipaki Tsa Jehova Congo bo ne bo sa atlehe. Leha ho le joalo, lintho li ne li fetoha lipolotiking, ’me sena se ile sa bula tsela hore Ernest Heuse, e monyenyane, a fihle.

Mor’abo rōna Heuse e ne e le Mobelgium e molelele, ea shahlileng, ea nang le moriri o motšo o harelaneng. Le hoja a ne a sa tšabe, o ne a tseba hore bophelo Congo bo ne bo ke ke ba e-ba bonolo ho eena; ho mosali oa hae, Hélène; kapa ho morali oa hae ea lilemo li 11, Danielle. Semelo sa Ernest se ile sa etsa hore a tšoanelehe bakeng sa se neng se larile ka pele. O ne a kenetse tšebeletso ea Bethele Brussels ka 1947. Selemo hamorao o ile a nyala ’me a ea tšebeletsong ea bopula-maliboho le mosali oa hae. Ka mor’a moo, Ernest o ile a abeloa ho buisana le babuelli ba molao le ba boholong ka bukana e neng e entsoe ka ho khetheha e neng e tšohla phapang pakeng tsa Kitawala le Lipaki Tsa Jehova. Qetellong o ile a sebeletsa e le molebeli oa potoloho.

Ernest o ile a leka ka makhetlo a ’maloa ho fumana litokomane tsa ho kena Congo, ’me o bile a ngolla morena oa Belgium a kōpa tumello. Kōpo eo ha ea ka ea amoheloa. Ho e-na le hoo, lebitso la Ernest le ile la kenngoa lethathamong la ba “sa batleheng” ho kena Congo.

Ernest o ile a qophella. O ile a tla Afrika ’me a leka ho kena Congo a hlaha linaheng tsa boahelani. Boiteko bohle bo ile ba hlōleha. Qetellong, o ile a fumana tumello ea ho ea Brazzaville, motse-moholo oa Rephabliki ea Congo. Ka mor’a moo o ile a palama seketsoana a tšela nōka ho leba Léopoldville. Boteng ba hae bo ile ba tsosa molumo ho ba boholong ba neng ba le mosebetsing. Ba bang ba ne ba re ha aa lokela ho fuoa tumello, kaha lebitso la hae le ne le hlaha lethathamong la ba sa batleheng. Qetellong, e mong oa ba boholong, Cyrille Adoula, eo hamorao e ileng ea e-ba tona-khōlō, o ile a re o tseba boiteko boo Ernest a neng a ile a bo etsa hore a kene Congo. O ile a beha mabaka a hore haeba bao pele e neng e le bo-ralikolone ba ne ba sa rate Heuse, e tlameha ebe ke motsoalle oa Congo. Ernest o ile a fuoa tumello ea nakoana ea ho ba ka har’a naha ’me hamorao a fuoa tumello ea ho lula ka har’a naha. Kahoo, ka May 1961, Lipaki Tsa Jehova li ne li e-na le moemeli Congo ho hlokomela mosebetsi oa ho etsa barutuoa.

Ernest o ile a lokisetsa hore Hélène le Danielle ba tle, ’me ka September, Danielle o ne a kena sekolo Léopoldville. Ofisi ea pele ea lekala e ile ea thehoa motse-moholo ka la 8 June, 1962. Ofisi le sebaka sa bolulo li ne li le foleteng e mekato e meraro Avenue van Eetvelde (hona joale ke Avenue du Marché). Kaha sebaka se ne se le senyenyane, lingoliloeng li ne li bolokoa li le ling setsing sa polokelo. Le hoja boemo bona e ne e se bo phethahetseng, e ne e le tharollo e molemohali hobane ho ne ho e-na le leqeme le leholo la bolulo.

Mor’abo rōna Heuse o ile a qala mosebetsi hang-hang. O ile a alima projector le filimi ofising ea lekala ea Brazzaville. Joale o ile a bapalla liphutheho tsa Léopoldville le batho ba bang ba boholong ’musong filimi ea The Happiness of the New World Society. Barab’abo rōna le batho ba thahasellang ba ne ba qala ho bona hore ho na le mokhatlo oa bara ba motho oa machaba oa Lipaki tseo kaofela li phelang ka khotso le ka thabo. Ba ile ba makala ha ba bona mor’abo rōna e motšo a kolobetsa Makhooa. Ramotse oa Léopoldville o ile a thabela filimi hoo a ileng a re: “Mosebetsi ona [oa Lipaki Tsa Jehova] o lokela ho khothalletsoa ka hohle kamoo ho ka khonehang.” Batho ba ka bang 1 294 ba ile ba e-ba teng makhetlong a pele a mane ao filimi ena e ileng ea bapaloa ka ’ona.

E bile thabo e khōlō hore qetellong ho be le motho ea thusang barab’abo rōna, ka mor’a ho leta ka lilemo-lemo. Pele, ba ne ba sa tsebe barab’abo rōna ba Makhooa. Ba bang ba ne ba ipotsa hore na ebe ba hlile ba teng, kaha ba boholong Belgium ba ne ba boletse hore Lipaki Tsa Jehova li ne li le sieo Belgium. Barab’abo rōna ba ne ba nyakalletse ho ba le Mor’abo rōna Heuse.

Ho Sebelisa ’Nete—E ne e le Phephetso

Ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa ho thusa barab’abo rōna ho sebelisa ’nete bophelong ba bona. Ka mohlala, liqhoebeshano pakeng tsa meloko li ne li tsoela pele, ’me balebeli ba bang ba phutheho ba ne ba sa buise balebeli ba bang. Haeba motho a ne a khaotsoe phuthehong eo ho eona moloko o itseng o leng mongata, o ne a ka amoheloa ke baholo ba phutheho eo ho eona barab’abo rōna ba bangata e leng ba moloko oa habo. Liqeto tse entsoeng phuthehong e ’ngoe li ne li sa tlame e ’ngoe. Meetlo ea meloko e ne e susumetsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, ’me monahano oa meloko o ne o susumelitse liphutheho.

Mathata a mang a ne a bakoa ke meetlo ea meloko. Melokong e meng, kamano pakeng tsa monna le mosali e ne e thehiloe ho tšepahalleng moloko. Ka kakaretso, ho ne ho se na kamano e haufi pakeng tsa monna le mosali. Hangata lenyalo le ne le nkoa e le tokisetso ea moloko. Haeba litho tsa moloko li sa amohele lenyalo le itseng, li ne li ka qobella monna ho tebela mosali oa hae le ho nyala e mong—ea khethiloeng ke tsona.

Ha monna a hlokahala, ho ne ho ka hlaha koluoa. Hangata lelapa la habo monna le ne le ka nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tlung, la siea mosali le bana bohloking. Melokong e meng, monna o ne a tla nkoa a ikarabella haeba mosali a hlokahala, ’me lelapa la habo mosali le ne le ka mo lefisa.

Ho ne ho boetse ho e-na le mathata a mang. Le kajeno, batho ba bangata Congo ba lumela hore ha ho motho ea shoang lefu la tlhaho. Ka lebaka leo, nakong ea lepato, ho etsoa litšebeletso tseo ho nkoang hore li tla ntša ’molai. Ho beoloa moriri, ’me ho etsoa meetlo e meng e mengata. Melokong e meng, ha monna a hlokahala, ho nkoa hore mosali o hloekisoa ke monna eo e leng oa leloko la monna oa hae ka hore a kopanele liphate le eena. Mapatong, hangata ho buuoa le mofu, e leng se bontšang tumelo ea hore moea o tsoela pele ho phela ha ’mele o shoa. Ka lebaka la meetlo ena eohle e metseng ka metso, ho bonolo ho nahana hore na ebe ba batlang ho sebelisa borapeli bo hloekileng ba tobana le mathata afe. Ba bang ba neng ba bolela hore ke Bakreste ba ’nete ba ne ba e-s’o lahle meetlo ena ka ho feletseng ’me ba ne ba bile ba leka ho e kenyelletsa ka phuthehong ea Bokreste.

Ho ne ho hlokahala balebeli ba sebete, ba tšepahalang, ho otlolla lintho. Ba ratang Jehova ba ne ba ikemiselitse ho ithuta ho bona le ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ho ne ho se bonolo ho phethola likhopolo tse metseng ka matla tsa bao ka phoso ba neng ba lumela hore ba se ba ntse ba tseba ’nete. Leha ho le joalo, bothata bo boholohali e ne e le hore batho ba ne ba nka hore Lipaki Tsa Jehova ke ntho e le ’ngoe le Kitawala.

Ha litaba li phasalla naheng eohle tsa hore ofisi ea lekala e butsoe, lihlopha tse ngata tsa barab’abo rōna li ile tsa ngola li kōpa hore li nkoe e le liphutheho. Le lihlopha tsa Kitawala li ile tsa ngola. Tlaleho e ’ngoe e re: “Batho ba bang ba ne ba tsoa bohōle ba lik’hilomithara tse 2 300 ba nkile mathathamo a mabitso a ba batlang ho nkoa e le Lipaki Tsa Jehova. Ka linako tse ling mathathamo ana a ne a ngotsoe pampiring e bophara ba lisenthimithara tse 70 le bolelele ba lisenthimithara tse 90 ’me ka linako tse ling ho ngotsoe mabitso a baahi bohle ba metse e ’meli kapa e meraro.”

Pele ho nkoa batho kapa lihlopha e le Lipaki Tsa Jehova, ho ne ho hlokahala hore ho etsoe qeto ea hore na Bakreste ba ’nete ke bafe le hore na litho tsa Kitawala ke life. Mor’abo rōna Heuse o ile a romela barab’abo rōna ba hōlileng tsebong ho ea batlisisa. Sena se ile sa nka lilemo. A re ke re hlahlobeng tse ling tsa liphihlelo tsa bana ba tšepahalang.

Ho Tobana le Kitawala

Ka 1960, Pontien Mukanga, mor’abo rōna e mosesaane, ea bonolo, o ile a khetheloa ho ba molebeli oa pele oa potoloho Congo. Ka mor’a ho koetlisoa Congo (Brazzaville), o ile a etela liphutheho Léopoldville le lihlopha tse seng kae tse ka thōko tse leng haufinyane. Leha ho le joalo, kabelo e thata ka ho fetisisa e ne e larile ka pele: kabelo ea ho tobana le Kitawala.

Le leng la maeto a pele ao Mor’abo rōna Mukanga a ileng a a nka ke la ho ea Kisangani (ka nako eo e ne e bitsoa Stanleyville), e lik’hilomithara tse fetang 1 600 ho tloha motse-moholo. Ke hobane’ng ha a ile a ea moo? Lekhooa leo Mor’abo rōna Heuse a ileng a kopana le lona tšebeletsong ea tšimo le ile la mo bontša foto e neng e nkiloe Stanleyville nakoana feela ka mor’a boipuso. Foto eo e ne e e-na le letšoao le leholo ka pel’a seteishene sa terene, le setšoantšo sa Bibele e butsoeng le mantsoe a latelang: “Watch Tower Bible and Tract Society—International Bible Students Association—Kitawala Religion Congolese—Pele ea Pele Patrice E. Lumumba—Pele ea Pele Antoine Gizenga—Pele ea Pele ’Muso oa M.N.C.” Ho totobetse hore Kitawala sebakeng sa Kisangani e ne e sebelisa hampe mabitso a mekhatlo ea molao ea Lipaki Tsa Jehova.

Na ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tsa sebele Kisangani? Mor’abo rōna Mukanga o ile a romeloa ho ea batlisisa. Boitsebiso feela boo lekala le neng le e-na le bona e ne e le hore ho na le monna ea bitsoang Samuel Tshikaka, ea neng a utloile ’nete Bumba ’me a khutlela Kisangani ka 1957. Samuel o ne a sa kopanele le lihlopha leha e le life tsa Kitawala ’me o ne a chesehela ho thusa Mor’abo rōna Mukanga, eo hamorao a ileng a ngola a re: “Ke ile ka tsamaea le Samuel ho ea batlisisa batho ba sebelisang lebitso la Watch Tower. Re ile ra ea ho moruti oa bona, ea ileng a re bolella ka sehlopha sa hae. Re ile ra fumana hore le hoja ba bang ba bona ba ne ba sebelisa Libibele, kaofela ba ne ba lumela hore moea ha o shoe. Ba ne ba ruta lerato ka ho chenchana ka basali.

“Nakoana ke fihlile, mapolesa a ile a leka ho tšoara litho tsa Kitawala motseng oo. Litho tsa Kitawala li ile tsa itoanela. Mapolesa a ile a bitsa masole ho tla thusa. Litho tse ngata tsa Kitawala li ile tsa bolaoa. Letsatsing le hlahlamang seketsoana se tšetseng litopo hammoho le ba ntšitsoeng likotsi se ile sa fihla ka mose ho nōka. Mongoli oa moruti o ne a le ka har’a sona ’me o ile a hopola hore ke ile ka etela moeta-pele oa bona matsatsing a mabeli a fetileng. Ka bohata o ile a nqosa ka hore ke ba lomme ho ba boholong le hore kea ikarabella bakeng sa lefu la ba bolailoeng ntoeng. O ile a bolella metsoalle ea hae ea Kitawala hore e etse bonnete ba hore ha ke balehe, empa ke ile ka khona ho baleha pele ba ka mpolaea.”

Ha likoranta tsa Belgium li tlaleha ketsahalo ena, li ile tsa ngola sehlooho se reng “Ntoa Pakeng Tsa Lipaki Tsa Jehova le Mapolesa.” Leha ho le joalo, ba boholong Congo—ba neng ba tseba phapang pakeng tsa Kitawala le Lipaki Tsa Jehova—ba ile ba fana ka tlaleho e nepahetseng. Ha ho koranta le e ’ngoe Congo e ileng ea qosa Lipaki ka hore li ne li ameha ketsahalong eo!

Ho ile ha etsahala’ng ka Samuel Tshikaka? O ntse a le ’neteng ’me o sebeletsa e le moholo Phuthehong ea Kisangani Tshopo-Est. Hajoale, ho na le bahoeletsi ba 1 536 ba hlophisitsoeng ka liphutheho tse 22 Kisangani. Mora oa Samuel, e leng Lotomo, o sebeletsa e le molebeli oa potoloho, feela joalokaha le Pontien Mukanga e ne e bile molebeli oa potoloho lilemong tse fetileng tse ka bang 40.

Molebeli oa Potoloho ea Ileng a Otlolla Lintho

François Danda e ne e le molebeli e mong oa potoloho ea ileng a sebeletsa ho hlakisa phapang pakeng tsa Lipaki le Kitawala. Oa hlalosa o re: “E ne e le nako e thata, ’me ho ne ho e-na le pherekano e ngata. Kamehla litho tsa Kitawala li ne li beha letšoao le nang le mantsoe a Senyesemane a reng ‘Watch Tower’ libakeng tseo li kopanelang ho tsona. Ho lingoliloeng tsa rōna, ho sa tsotellehe hore na ke ka lipuo life, u ne u ka fumana ho ngotsoe ‘Watch Tower’ leqepheng la bahatisi. Joale, nka hore motho o ne a balile lingoliloeng tsa rōna ’me a batla batho ba Molimo. O ne a ka ’na a fumana sebaka seo ho kopaneloang ho sona se nang le letšoao le reng ‘Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova’ le ngotsoeng ka puo ea sebaka seo le letšoao le leng le ngotsoeng ‘Watch Tower’ ka Senyesemane. Motho eo o ne a ka ’na a leba letšoaong lefe? U ka bona hore na ho ne ho ferekanya hakaakang.

“Barab’abo rōna ba bangata ba ne ba se na tsebo e nepahetseng, ’me ho ne ho e-na le lingoliloeng tse fokolang tse fumanehang. Hangata liphutheho li ne li tsoaka ’nete le lithuto tsa Kitawala, haholo-holo tabeng ea khalalelo ea lenyalo. Motseng o mong oo ke ileng ka o etela, ho ne ho nkoa hore 1 Petrose 2:17, e buang ka ‘ho ba le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna,’ e bolela hore mor’abo rōna leha e le ofe a ka kopanela liphate le baralib’abo rōna ka phuthehong. Haeba morali’abo rōna a ka imisoa ke mor’abo rōna eo e seng monna oa hae, monna oa hae o ne a nka ngoana eo e le oa hae. Joaloka lekholong la pele la lilemo, ‘ba sa rutoang le ba sa tsitsang’ ba ne ba sotha Mangolo.—2 Pet. 3:16.

“Ke ile ka fana ka lipuo tse tobang haholo tsa Mangolo ka melao ea Jehova, ho kopanyelletsa le e amang lenyalo. Ke ile ka bolela hore ho na le lintho tseo re neng re lokela ho li lokisa re sa fele pelo, butle-butle, empa ho chenchana ka basali e ne e se e ’ngoe ea tsona. Ho thabisang ke hore barab’abo rōna ba ile ba utloisisa le ho amohela pono e nepahetseng ea Mangolo. Esita le litho tse ling tsa Kitawala motseng oo li ile tsa amohela ’nete.”

Boiteko ba Mor’abo rōna Mukanga le Mor’abo rōna Danda le ba bang ba tšoanang le bona bo ile ba etsa hore ho hlake ho batho hore Lipaki Tsa Jehova li ne li fapane le Kitawala. Kajeno, ha ho motho ea nkang hore “Kitawala” e amana le “Watch Tower.” Litho tsa Kitawala li ntse li le teng, le hoja li se li sa tuma kapa ho ba matla joaloka nakong e fetileng. Libakeng tse ngata, ha li tsejoe ka ho feletseng.

Tlhophiso e Molemo e Tlisa Keketseho

Ho elella bofelong ba selemo sa tšebeletso sa 1962, bahoeletsi ba fetang 2 000 ba ne ba sebeletsa Jehova ka cheseho naheng eohle ea Congo. Leha ho le joalo, ke barab’abo rōna ba fokolang feela ba neng ba e-na le litšoaneleho tse hlokoang ke Mangolo ho balebeli. Bothata bo bong e ne e le ho se tsebe ho bala le ho ngola, haholo-holo ho ba hōlileng. Bothata bo bong hape e ne e le hore ba bangata ba ne ba lieha ho lumellana le litekanyetso tsa Molimo tse lokileng ka lebaka la hore meetlo e ne e le eona e ba sitisang haholo. Ho feta moo, mang kapa mang ea neng a ile a kopanela le Kitawala o ne a lokela ho leta lilemo tse ngata pele a ka fuoa litokelo leha e le life tsa tšebeletso.

Leha ho le joalo, butle-butle thuto e nepahetseng ea Mangolo le ho sebetsa ha moea oa Jehova li ile tsa thusa banna hore ba tšoanelehele maemo a bolebeli ka liphuthehong. Naheng eohle, balebeli ba potoloho ba sebete le bo-pula-maliboho ba ile ba sebetsa ka thata ho matlafatsa le ho koetlisa barab’abo rōna. Hoo e ka bang ka nako eo, balebeli ba potoloho le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba koetlisitsoeng Zambia ba bile ba kena Katanga le karolong e ka boroa ea Kasai, e leng libaka tseo ntoa ea lehae e neng e kupa ho tsona.

Ka Mor’a Boipuso—Lilemo Tsa ho Mamella Malumeli a Mang

Hopola hore ka 1958 ’muso o ile oa ntša qeto ea ho mamellana e neng e fa barab’abo rōna tokoloho e itseng ea bolumeli. Mathoasong a lilemo tsa bo-1960, barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ba kōpa ba boholong hore ba ba ngolise ka molao. Ba ne ba sa kōpe hore ’muso o ba tšehetse ka lichelete kapa hore ba fuoe thuso e ’ngoe e itseng ea lichelete, empa ba ne ba batla ho ngolisoa ka molao. Ho ngolisoa ho joalo ho ne ho tla ba nolofalletsa ho bolela litaba tse molemo ba sa hlekefetsoe. Sena se ne se potlakile hobane libakeng tse ngata ba boholong ba ne ba hlophisa litlhaselo tse etsoang ho barab’abo rōna. Libaka tseo liboka li tšoareloang ho tsona li ne li chesoa, ’me barab’abo rōna ba ne ba otloa, ba tšoaroa ba bile ba kenngoa chankaneng. Ha barab’abo rōna ba ipelaetsa Lekaleng la Toka, kamehla karabo e ne e re: ‘Re masoabi, empa kaha ha lea ngolisoa ka molao, ha ho letho leo re ka le etsetsang lona.’

Ho phaella bothateng bona ho ne ho e-na le pherekano libakeng tse hare ho naha. Bolaoli ba ’muso o busang bo ne bo sa amoheloe likarolong tse ling tsa naha. Libakeng tse ling, esita le lengolo feela le tsoang ofising ea lekala le ne le lekane ho etsa hore ba boholong sebakeng seo ba lokolle barab’abo rōna chankaneng. Leha ho le joalo, libakeng tse bontšang khanyetso e khōlō, ho ne ho se letho le lekaalo le ka etsoang ho sireletsa barab’abo rōna mahlorisong le ho kenngoeng chankaneng.

Kinshasa, barab’abo rōna ba ne ba sa hanyetsoe hakaalo. Pele ho mona, lipokano tse khōlō motseng ona e ne e le tsa machato le mapato feela. Leha ho le joalo, ka 1964, ofisi ea lekala e ile ea rera ho ba le likopano tse peli tsa potoloho motse-moholo. Ena e ne e tla ba ntho e ncha ho barab’abo rōna ba bangata. Libokeng tse khethehileng, ba ile ba koetlisetsoa ho fana ka lipuo le ho hlophisa mafapha a kopano.

Ka lebaka la thabo, barab’abo rōna ba ile ba bua ka kopano ba sa pate, ’me ’musisi oa seo ka nako eo se neng se tsejoa e le profinse ea Léopoldville o ile a tseba ka eona. Kaha monna enoa o ne a sa rate Lipaki Tsa Jehova, o ile a ngola lengolo stenseleng le neng le lokela ho isoa ho ba boholong sebakeng seo. Lengolo leo le ne le laela hore Paki leha e le efe e fumanoang e bolela kapa e le sebokeng sa borapeli e tšoaroe. Leha ho le joalo, ha ho ne ho romelloa lengolo leo hore ho il’o etsoa likopi tse ngata tsa lona, ho ile ha etsahala hore mosebetsi ona o fuoe mor’abo rōna. Mor’abo rōna o ne a e-na le pampiri e nyenyane e etsang likopi e setseng setokong, ’me o ne a tseba hore mabenkele a Léopoldville a ne a se na thepa. Ha mookameli oa hae a batla likopi tsa lengolo leo, mor’abo rōna o ile a mo bontša shelefo e se nang letho—ho ne ho se na pampiri!

Khabareng, barab’abo rōna ba ne ba rapela Jehova ka tieo ka taba ena. Ho ile ha etsahala’ng? Ka ho sa lebelloang ’muso o ile oa etsa qeto ea ho etsa liprofinse tse ling tse ncha, ’me profinse e neng e busoa ke mohanyetsi enoa e ile ea felisoa! Ho theosa le lilemo, ho na le ba bangata ba neng ba leka ho hlekefetsa kapa ho bolaea batho ba Molimo. Leha ho le joalo, boiteko ba ba joalo bo ne bo nyopa.—Esa. 54:17.

Ho Fihla Baromuoa ba Eketsehileng

Lilemong tsa bo-1960, mokhatlo o hlophisitsoeng o ile oa sebelisa monyetla oa ho romela baromuoa Congo. Ho ile ha thehoa lehae le lenyenyane la baromuoa Kinshasa. Ka March 1964, baromuoa Julian le Madeleine Kissel ba ile ba fihla ba tsoa Canada. Lilemo tse 40 hamorao ba ntse ba sebeletsa ka botšepehi e le litho tsa lelapa la Bethele Kinshasa.

Baromuoa ba bang ba ileng ba tla bofelong ba lilemo tsa bo-1960 hona joale ba se ba lula linaheng tse ling. Ka 1965, Stanley le Bertha Boggus ba ile ba abeloa ho ea Congo ka mor’a ho sebeletsa Haiti. Mor’abo rōna Boggus, eo e neng e le molebeli ea tsamaeang, o ile a khutlela United States ka 1971 ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo. Ho elella bofelong ba 1965, Michael le Barbara Pottage ba ile ba ea lula le baromuoa ba Congo. Hona joale ba Bethele ea Brithani. William le Ann Smith ba ile ba abeloa Congo ka 1966; ba ne ba sebetsa haholo-holo Katanga. Ka lebaka la thibelo, ba ile ba fuoa kabelo e ncha ea ho ea Kenya ka 1986. Manfred Tonak oa Jeremane, ea ileng a fuoa lengolo sehlopheng sa bo44 sa Gileade, o ile a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang Congo. Ha thibelo e etsoa, o ile a abeloa ho ea Kenya. Hona joale ke mohokahanyi oa Komiti ea Lekala Ethiopia. Ka 1969, Dayrell le Susanne Sharp ba ile ba fihla Congo ka mor’a ho fuoa mangolo sehlopheng sa bo47 sa Gileade. Ka mor’a ho lelekoa Congo, ba ile ba abeloa Zambia ’me esale ba ba Bethele ea Lusaka ho tloha ka nako eo. Baromuoa ba bang ba ile ba fuoa kabelo e ncha ea ho ea linaheng tsa Afrika Bophirimela. Ba bang ba bona e ne e le Reinhardt le Heidi Sperlich, ba ileng ba hlokahala ha sefofane se soahlamana. Tsietsi ena e ile ea bakela bohle ba neng ba ba tseba masoabi a maholo.

Ka 1966, lehae la pele la baromuoa kantle ho Kinshasa le ile la buloa Lubumbashi, karolong e ka boroa-bochabela ea naha. Hamorao, mahae a mang a ile a thehoa Kolwezi, ka leboea-bophirimela ho Lubumbashi le Kananga (ka nako eo e ne e le Luluabourg), Kasai. Boteng ba baromuoa e ne e le tšusumetso e matla e fanang ka botsitso e ileng ea thusa barab’abo rōna ho phela ka ’nete. Ka mohlala, Kasai, lintoa pakeng tsa meloko li ne li ntse li le teng pakeng tsa barab’abo rōna. Kaha baromuoa e ne e se ba meloko eo, ba ne ba le boemong bo botle ba ho kena lipakeng ho rarolla mathata le ho etsa seo ka ho hloka leeme linyeoeng tsa boahloli.

Ho tloha ka 1968 ho ea ho 1986, baromuoa ba fetang 60 ba ne ba sebeletsa likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Ba bang ba ne ba bile Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower United States, ’me ba bang ba ne ba bile Sekolong se Seng sa Gileade Jeremane. Ho phaella moo, bo-pula-maliboho ba buang Sefora ba ile ba tla Congo ka ho toba ’me ba fetoha baromuoa. Ba bangata ba ile ba ithuta lipuo tsa sebaka sena, ’me bohle ba ile ba sebetsa ka thata ho tšelisa batho ka litaba tse molemo tsa ’Muso.

Liholo Tsa ’Muso Lilemong Tsa Bo-1960

Metseng e meholoanyane, ka tloaelo libaka tseo ho kopaneloang ho tsona e ne e le mehaho e nang le marulelo feela. Mehaho ea mofuta ona e ne e loketse ka lebaka la mocheso le mongobo o feteletseng, ’me liboka tse ngata li ne li tšoaroa ka shoalane kapa ka matjeke, ha ho pholile. Sena se ne se se na bothata ha pula e sa ne. Leha ho le joalo, nakong ea lipula, hangata liboka li ne li lokela ho tšoaroa letsatsing le leng.

Holo ea pele ea ’Muso e ile ea neheloa ka 1962. E ne e le Kimbanseke, Kinshasa, ’me e ne e sebelisoa ke e ’ngoe ea liphutheho tse tšeletseng tse neng li le teng ka nako eo. Ho tloha ka nako eo, liphutheho tsa Congo li ikitlaelitse haholo kahong ea Liholo Tsa ’Muso. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ne ho e-na le mathata litabeng tsa molao. Ka linako tse ling mor’abo rōna o ne a lumella phutheho hore e sebelise setša sa hae hore e hahe holo, empa ho ne ho sa be le lipampiri tsa molao tse bontšang sena. Ha mor’abo rōna a hlokahala, litho tsa lelapa la hae li ne li tla ’me li ikhapele holo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka har’a eona. Ho ne ho se letho le lekaalo le ka etsoang ho thibela sena. Hamorao, linakong tsa thibelo, liholo tse ngata li ile tsa haptjoa ke ba boholong sebakeng seo ’me ba li sebelisetsa merero ea bona. Mathata ana a ile a etsa hore ho se ke ha hahoa Liholo tse ngata Tsa ’Muso.

Leha ho le joalo, Liholo Tsa ’Muso li ile tsa hahoa naheng eohle. Le hoja boholo ba tsona e ne e se mehaho e majabajaba, kaofela ha tsona li ne li bontša tumelo ea ba li hahileng. Nahana ka seo moromuoa e mong a ileng a se bua mabapi le libaka tseo ho neng ho kopaneloa ho tsona bofelong ba lilemo tsa bo-1960.

“Hore re fihle Holong ea ’Muso Léopoldville, re tlameha ho tsamaea tseleng e tsoang pakeng tsa matlo a hahiloeng ka konkreiti. Bana ba bangata ba re setse morao. Re kena lebaleng le pota-potiloeng ke lerako la konkreiti. Holo ea ’Muso e nang le marulelo feela e ka mor’a ntlo ea barab’abo rōna. Barab’abo rōna ba ntse ba itloaetsa lipina tsa ’Muso. Ho thabisa hakaakang ho ba utloa! Ba bina ka lipelo tsohle tsa bona. Re thabile hore ebe lifate li koahetse holo, li fana ka tšireletso letsatsing. Ho ka lula batho ba ka bang 200. Sethala se entsoe ka konkreiti ’me se na le marulelo a masenke. Haeba sebui se le selelele, se ka ’na sa lokela ho inama hanyenyane. Ho na le lematjana la litsebiso bakeng sa mangolo a tsoang ofising ea lekala le bakeng sa likabelo tsa phutheho. Ho na le tafole ea lingoliloeng. Barab’abo rōna ba behile lipalesa lehlakoreng la sethala. Mabone a parafine a sebelisoa ho khantša e le hore barab’abo rōna ba ka tšoara liboka ka shoalane. Ha re tsamaea, bana bane ba ntse ba eme kantle ’me ba re felehetsa ho ea fihla tseleng e khōlō.

“Joale re kenella hare-hare Congo. Ha re fihla motseng oa matlo a joang, Holo ea ’Muso e hapa mahlo a rōna. Ona ke mohaho o tšehelitsoeng ka lipalo tse robong, o nang le marulelo a teteaneng a makhasi. Ho chekiloe liforo tse nyenyane fatše ho tloha lehlakoreng le leng la holo ho ea ho le leng. Ho makatsang ke hore ha re lula fatše ’me re kenya maoto a rōna ka har’a liforo, ha re ikutloe re lutse habohloko. Ka holim’a sebaka seo mor’abo rōna ea tšoereng seboka a emeng ho sona ho leketlile letšoao le ngotsoeng ka letsoho le reng ‘Holo ea ’Muso’ ’me le ngotsoe ka puo ea sebaka seo. Batho ba ka bang 30 ba tlile sebokeng. Ho ka etsahala hore ebe bahoeletsi ba etsa halofo feela ea palo ena. Ba tseba lipina tse seng kae tsa ’Muso. Le hoja ba se na tsebo e kaalo ea ’mino, ba bina ka cheseho, ’me re bina ka lipelo tsohle tsa rōna.

“Joale re tsamaea ka koloi ho leba karolong e ka leboea ea naha. Re emisa Land Rover ’me re sheba motseng. Re bona seqhoqhoana sa matlo a joang, ao ka nģ’ane ho ’ona ho nang le ntlo e ikhethang ho a mang. Ntlo ena e entsoe ka lithupa tse tenya tsa bamboo tse matahantsoeng hammoho ka thata. Lifensetere le monyako li phuntsoe leboteng leo la bamboo. Marulelo a eona ke joang. Ka pel’a mohaho ona ho na le mohloa o hlokometsoeng hantle o nang le tselana e tšesaane, ’me mohloeng ho na le letšoao le reng: ‘Lipaki Tsa Jehova.’ Ha re tsamaea ka tselana ena, re fihla Holong ea ’Muso ’me re amoheloa ke barab’abo rōna ka thabo. Ha re kena, re hlokomela hore libenche li entsoe ka lithupa tsa bamboo tse tšekalalitsoeng holim’a lipalo tsa bamboo. Ho molemo hore ebe Holo ea ’Muso e na le marulelo a sa neleng! Ho seng joalo, ho ne ho tla hlaha mathata: Ha lipalo tsa bamboo li ka ba metsi, li qala ho mela ’me li hōla ka potlako. Ho e-na le hore benche ea hao e be bophahamo ba lisenthimithara tse 30, e ne e tla ba telele haholo ho feta moo. Lematjana la boitsebiso le bontša likemiso tsa liboka le mangolo a tsoang ofising ea lekala. Barab’abo rōna ba fumana lingoliloeng tafoleng e entsoeng ka lithupa tsa bamboo tse petsotsoeng tse tlanngoeng ka lehlaka.

“Re tsamaea ka koloi re leba boroa Katanga, ’me re fihla ha letsatsi le qeta ho likela. Mona ho batla ho pholile, ’me ho hlokahala hore re apare liaparo tse futhumetseng haholoanyane. Re fihla motseng, ’me ha re atamela Holo ea ’Muso, re utloa barab’abo rōna ba bina. Hangata barab’abo rōna ba metseng ha ba na lioache, kahoo ba sheba letsatsi ho hakanyetsa ha e le nako ea liboka. Ba fihlang pele holong hangata ba qala ho bina ho fihlela ba bangata ba se ba fihlile ’me seboka se ka qala. Re ipetetsa setulong se entsoeng ka kutu ea sefate e petsotsoeng ka lehare eaba e behoa holim’a lintho tse peli tse e tšehelitseng. Lingoliloeng li bolokiloe k’haboteng ea khale, empa li ke ke tsa bolokoa moo nako e telele ka lebaka la maphele le bohloa tse jang pampiri. Ha seboka se fela, barab’abo rōna ba re mema hore re ke re shebe holo ea bona. Mabota a entsoe ka makala a manyenyane a tlanngoeng ka mahlaka eaba a pharoa ka mobu. Marulelo a sa neleng a entsoe ka joang bo lohiloeng.”

Jehova o Sireletsa Bahlanka ba Hae

Lilemong tsa bo-1960, lintoa tsa lehae le pefo li ne li tloaelehile. Batho ba bangata ba ile ba hlokahala, ho kopanyelletsa le batho ba bang ba Jehova. Ho ne ho hlokahala tumelo le sebete hore barab’abo rōna ba kopane hammoho, kaha ka linako tse ling ho ne ho nkoa hore liboka ke lipokano tsa lipolotiki. Profinseng ea Équateur, masole a hlometseng a ile a atamela Holo ea ’Muso moo barab’abo rōna ba neng ba tšoere seboka. Masole a ile a lemoha ka potlako hore barab’abo rōna ba ne ba ile moo ho ea rapela Molimo, eseng ho ntšetsa pele lipolotiki. Ka lebaka leo, masole a ile a tloha, a bolela hore a ne a se khahlanong le bolumeli ebile a ne a se khahlanong le Molimo.

Ketsahalong e ’ngoe, Kisangani, Bernard Mayunga le bahoeletsi ba bang ba ile ba phuthoa ke marabele a neng a batla marena a moo, ao a neng a rerile ho a bolaea. Ha Bernard a botsoa hore na ke oa moloko ofe, o ile a re: “Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova.” Mookameli oa marabele o ile a makatsoa ke karabo ena ’me a batla tlhaloso. Bernard o ile a paka ka Mangolo, ka mor’a moo mookameli oa marabele a re: “Haeba batho bohle ba ne ba tšoana le lōna, lintoa li ne li ke ke tsa e-ba teng.” Bernard o ile a lokolloa hammoho le Lipaki tse ling tse neng li tšoeroe.

Ho Amoheloa ka Molao Qetellong!

Ho fihlela ka 1965, Bethele ea Congo e ne e ntse e le foleteng e bohareng ba Kinshasa. Sebaka seo se ne se le senyenyane ’me se tletse. Palo ea bahoeletsi ba ’Muso e ne e haba 4 000, ’me ho ne ho hlokahala mehaho e meholoanyane. Ka mor’a ho batla ka mafolofolo, barab’abo rōna ba ile ba fumana ntlo e neng e e-na le lilemo tse tšeletseng feela e hahiloe, e 764 Avenue des Elephants, Limete, Kinshasa. Mohaho ona o ne o e-na le mekato e ’meli le likamore tse ’nè tsa ho robala. Barab’abo rōna ba ile ba qala ho sebetsa le ho fetola kamore e khōlō ea ho phomola le ea ho jela e mokatong oa pele hore e be ofisi. Ba ile ba sebelisa karache bakeng sa ho romella thepa le ho etsa likopi tsa lingoliloeng. Mohaho ona o ile oa atolosoa ka 1972.

Ka November 1965, Joseph-Désiré Mobutu o ile a ketola ’muso ka likhoka. Ofisi ea lekala e ile ea boela ea etsa kōpo ea hore re amoheloe ka molao, ’me ka la 9 June, 1966, Mopresidente Mobutu o ile a saena taelo e lumellang seo. Joale batho ba Jehova ba ne ba ka thabela litokelo le menyetla e tšoanang le malumeli a mang ’ohle a amoheloang ka molao Congo. Seo barab’abo rōna ba neng ba se sebelelitse le ho se rapella ho tloha ka 1932 se ile sa qetella se phethahetse. Ba ne ba lokolohile ho bolela phatlalatsa, ho tšoara likopano tse khōlō le ho ba le litša. Leha ho le joalo, tokoloho ena e ne e tla nka lilemo tse tšeletseng feela.

Likopano li Fana ka Bopaki bo Boholo

Barab’abo rōna ba ne ba thabile hakaakang ha ba hlophisa likopano tsa potoloho ba sirelelitsoe ke molao! Letoto la pele e ne e le likopano tse 11 tseo ho tsona ho bileng teng batho ba 11 214 ’me ha kolobetsoa ba 465.

Likopano li ile tsa halefisa likereke tsa sebaka sena. Baruti ba ne ba loanne ka mabifi hore Lipaki Tsa Jehova li se ke tsa amoheloa ka molao sebakeng sena se behang litholoana, seo baruti ba neng ba nka e le sa bona. Gandajika, Profinseng ea Kasai, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba ipelaetsa ho ramotse. Kaha ramotse ha aa ka a tšosoa ke bona, ba ile ba romela bacha setšeng sa kopano ho tla ferekanya seboka. Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala hore ebe kopanong eo ho ne ho ntse ho bontšoa filimi e thehiloeng Bibeleng ’me letšoele le leholo le ne le phuthehetse ho tla e bona. Ka potlako le litlokotsebe li ile tsa lula fatše tsa e shebella. Li ile tsa khahloa ke seo li ileng tsa se bona. Ha rolo ka ’ngoe e ntse e fetoloa, letšoele le baloang ka likete tse ’maloa le ile la hoeletsa la re: “Pele ea Pele Lipaki Tsa Jehova!”

Joale Lipaki Tsa Jehova li ne li e-na le tumello ea ho tšoara likopano tse khōlō, empa ho ne ho hlokahala litokisetso tse ngata pele li ka etsa joalo. Ho ne ho hlokahala hore li hlophise litšoantšiso tsa Bibele, ’me litšoantšiso tseo li ne li hloka liaparo tsa teng. Barab’abo rōna ba ne ba lokela ho kenya thepa ea molumo le ho etsa hore e sebetse. Ba ile ba finyella sena sohle hobane ba ne ba labalabela ho ithaopa le ho ithuta.

Ho Potoloha Bakeng sa ho Sebeletsa Likopano Tsa Potoloho

Ka 1964 ho ne ho e-na le lipotoloho tse lekaneng Congo ho etsa litereke tse peli. Ka 1969 ho ile ha thehoa setereke sa boraro Kasai, ’me ka 1970 li ne li le ’nè. Ka lebaka la litsela tse mpe, hangata ho ne ho le thata hore balebeli ba setereke le ba bang ba ee likopanong tse khōlō le tse nyenyane. Ka mohlala, a re tsamaeeng le molebeli oa setereke, William Smith, ha a le leetong le eang kopanong ea potoloho.

“Ho ne ho bile le meroallo e bakiloeng ke pula mahaeng, kahoo linōka li ne li e-ja litlhokoa. Re ne re e-ea Kamina, moo ho neng ho reriloe hore ho be le kopano ea potoloho. Hore re fihle moo re ne re lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse fetang 320 ka koloi. Lipula tsa likhohola li ne li entse hore litsela tse ling li be qhefeqhefe, ’me libakeng tse ling metsi a ne a entse hore litsela li se ke tsa bonahala. Phula e ’ngoe e ne e fetohile letša. Likoloi, literaka, le likoloi tsa ’muso li ne li emisitsoe hohle ha batho ba ntse ba emetse hore metsi a kokobele. Ba bangata ba ne ba lebeletse ho leta libeke tse peli.

“Ke ne ke tseba hore barab’abo rōna ba ne ba lebeletse lenaneo la kopano ka tabatabelo. Ba bang e ka ’na eaba ba ne ba tsamaile matsatsi-tsatsi hore ba tl’o ba teng. Ke ile ka botsa hore na ebe ho na le tsela e potang ka thōko ho phula eo. Ke ile ka makala ha batho ba mpolella hore Lipaki Tsa Jehova li ne li hahile tsela e nyenyane e potang ka thōko, empa kahobane ho ne ho tetebela, Lipaki li ne li sa lumelle mang kapa mang ho e sebelisa ho fihlela molebeli oa setereke a fetile ha a leba Kamina.

“Barab’abo rōna ba tsoang metseng e ’meli ba ne ba sebelitse letsatsi lohle, bosiu bohle, ho fihlela letsatsing le hlahlamang ho bula tsela e ncha, e neng e pota ka thōko ho karolo ea tsela eo ho leng thata ho feta ho eona. Ka potlako ke ile ka fumana barab’abo rōna ’me ra lokisetsa ho khanna koloi ea jipi tseleng eo ba neng ba e entse. Ho ne ho e-na le letšoele la batho ba neng ba tlil’o bona hore na ebe jipi e ne e tla khona ho feta kapa che. Re ile ra nyahama hakaakang ha re bona jipi e tetebela ka mor’a ho tsamaea nako e khutšoanyane tseleng e ncha!

“Le hoja barab’abo rōna ba ile ba e sututsa, ha ea ka ea sisinyeha. Ba ne ba sebelitse ka thata haholo, ’me lifahlehong tsa bona ho ile ha bonahala hore ba nyahame. Leha ho le joalo, ba ne ba e-s’o felloe ke boikemisetso ba ho thusa molebeli oa setereke ho ea kopanong. Bashebelli ba ile ba nahana hore tsela e ncha e tla baka kotsi ho e-na le ho fana ka thuso, ’me ba ile ba khutlela likoloing tsa bona. Barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho leka hape. Lekhetlong lena ba ile ba theola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka har’a jipi, e neng e le boima ka lebaka la lingoliloeng, thepa ea molumo, jenereithara le lintho tse ling. Barab’abo rōna ba ile ba cheka le ho sututsa, ’me mabili a ile a qala ho potoloha butle ’me jipi ea ea pele.

“Hora hamorao, ho ile ha ketekoa ho feta ha rōna ka katleho seretseng ka mehoo ea thabo le ho bina lipina tsa ’Muso. Barab’abo rōna ba ne ba finyeletse seo batho ba neng ba lutse ka likoloing tsa bona ba neng ba nahana hore se ke ke sa etsahala. Kopano e ile ea atleha ka lebaka la mosebetsi o boima oa barab’abo rōna. Jehova o ne a e-na le batho ba hae ’me o ile a ba thusa hore ba etse thato ea hae.”

Puso e Ncha ea Lipolotiki e Tlisa Liphetoho

Ho ne ho se bonolo ho finyella batho ba hasaneng sebakeng sa lisekoere-k’hilomithara tse likete sa meru ea equator e nang le pula e ngata le sa lesabasaba. Ha baromuoa ba bolela litoropong tse khōloanyane, bara le barali babo rōna ba sebaka sena ba neng ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba bula tšimo ea mahaeng. Leha ho le joalo, batho ba bangata metseng ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola, e leng se neng se etsa hore ho be thata ho haha liphutheho tse matla. Ho feta moo, ka potlako liphetoho lipolotiking tsa sechaba li ile tsa ama bophelo ba barab’abo rōna.

Selemo sa 1970 se ile sa tsebahala ka ho qaleha ha tsamaiso ea mokha o le mong oa lipolotiki. Mokha ona o ne o tsejoa e le Mokhatlo oa Sechaba oa Phetoho (Mouvement Populaire de la Révolution ka Sefora), kapa MPR. Leano la oona e ne e le ho khutlela meetlong, ’me sena se ne se akarelletsa ho reha litoropo le metse mabitso a macha. Stanleyville e ne e se e le Kisangani, ’me Elisabethville e ile ea fetoha Lubumbashi. Ka 1971 ’muso o ile oa fetola lebitso la naha le nōka ea eona e khōlō ho tloha ho Congo ho ea ho Zaire. Chelete e ile ea fetoha ho tloha ho li-franc ho ea ho li-zaire. ’Muso o ne o batla hore le batho ba fetole mabitso a bona: Mabitso ao ho neng ho nkoa hore ke a Bokreste a ile a nkeloa sebaka ke mabitso a sebele a Seafrika. Lithae li ile tsa thibeloa, kaha li ne li amahanngoa le Makhooa. Litabeng tsena tsohle, barab’abo rōna ba ile ba mamela ka tlhompho.—Mat. 22:21.

Ho latela khopolo ea lipolotiki, e mong le e mong ea hlahetseng Congo ka tlhaho e ne e le setho se mafolofolo sa MPR. E le hore batho ba se ke ba felloa ke mesebetsi, ba kene sekolo kapa ba rekise ’marakeng, ba ne ba tlangoa ho ba le karete ea lipolotiki. Ho feta moo, ho ne ho lebeletsoe hore batho ba qhoaele beche ea mokha oa lipolotiki, haholo-holo ha ba kena ofising ea ’muso. E ne e le nako e thata bakeng sa batho ba Jehova. Barab’abo rōna ba ile ba felloa ke mesebetsi, ’me bana ba lelekoa likolong.

Leha ho le joalo, liofisiri tse ling tsa ’muso li ne li utloisisa boemo ba Lipaki Tsa Jehova. Letona la tsa ka hare le ile la botsa mor’abo rōna ea le sebeletsang hore na ke hobane’ng a sa qhoaele beche ea mokha. Mor’abo rōna o ile a hlalosa mabaka a hae a Mangolo. Letona le ile la re: “Rea le tseba, re ke ke ra le bakela mathata; empa mokhatlo oa bacha o tla le tšoarisa bothata.”

Ho ile ha tlalehoa hore Mopresidente Mobutu ka boeena, ka mor’a ho amohela litletlebo tse ngata ka Lipaki Tsa Jehova, o ile a re ho litho tsa mokha oa hae sebokeng se seng: ‘Haeba ho tla etsahala hore ke be le mathata, a ke ke a bakoa ke Lipaki Tsa Jehova. Hopolang hore na Jesu o ile a ekoa ke mang. Ke Judase, e mong oa barutuoa ba Hae. Haeba ho e-na le motho ea tla nkeka, e tla ba motho ea ntseng a e-ja le ’na.’

Bethele ea Atoloha ho Finyella Litlhoko

Nathan H. Knorr, oa ntlo-khōlō Brooklyn, o ile a etela Congo ka January 1971. Taba e ’ngoe e ileng ea tšohloa nakong ea ketelo ea hae ke ho atolosoa ha Lehae la Bethele le liofisi. Ka 1970 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 14 000 liphuthehong tse 194 le lihlopha tse ka thōko tse fetang 200. Ka lebaka la tlhoko e ntseng e eketseha ea lingoliloeng Congo, sebaka sa polokelo Bethele se ne se se se le senyenyane haholo. E bile thabo e kaakang ha Mor’abo rōna Knorr a phatlalatsa hore ho tla atolosoa mohaho o seng o ntse o le teng! Setsebi sa meralo ea ho haha se ile sa etsa lipolane tsa mohaho o mocha oa mekato e ’meli, oo boholo ba oona bo fetang ba o seng o ntse o le teng habeli. O ne o e-na le ofisi e khōlō, sebaka se seholo sa polokelo le likamore tse eketsehileng tsa ho robala.

Ka June 1971 lipolane li ile tsa amoheloa ’me mosebetsi oa qala. Don Ward oa Dahomey (hona joale ke Benin) o ile a romeloa mona ho tla okamela mosebetsi oa kaho. Baithaopi ba bangata ba tsoang liphuthehong tse 39 Kinshasa ba ile ba tla thusa, ’me hammoho ba ile ba qetela ho haha. Katoloso ena eohle tšimong le Bethele e ne e halefisa malumeli a Bokreste-’mōtoana le ho feta, joalokaha re tla bona.

Lilemo Tsa Bo-1970—E ne e le Nako ea ho ba Sebete le ho ba Seli

Ka December 1971 ’muso o ile oa fetisa molao o laolang malumeli a mangata a macha le lihlopha tsa merapelo tse neng li thehoa naheng ka bophara. Ho latela molao ona o mocha, ke malumeli a mararo feela ao e neng e le a molao: Kereke ea Roma e K’hatholike, likereke tsa Boprostanta le kereke ea Kimbangu, e leng bolumeli ba sebaka seo. Ka 1972 ho ile ha amoheloa malumeli a mang a mararo: Boislamo, Boorthodox ba Magerike le Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Malumeli a mangata a manyenyane a ile a khetha ho oela tlas’a Boprostanta.

Kahoo, ho tloha ka 1971 ho fihlela ka 1980, ho ne ho e-na le nako ea ho se amoheloe ka molao kapa nako ea thibelo e seng matla, e leng seo ka litsela tse ling se neng se khina mesebetsi ea batho ba Molimo. Le hoja Lipaki Tsa Jehova li ne li sa amoheloe ka molao, ho ne ho sa ntšoa taelo ea hore baromuoa ba lelekoe, ’me Bethele e ne e sa khathatsoa. Lehae la baromuoa Kananga le ile la koaloa, empa mahae a leng Bukavu, Kisangani, Kolwezi le Lubumbashi ha aa ka a koaloa. Barab’abo rōna ba ne ba se ba ke ke ba hlophisa likopano tse khōlō tsa setereke. Leha ho le joalo, libakeng tse ngata barab’abo rōna ba ne ba kopana Liholong tsa bona Tsa ’Muso. Ba ne ba tšoara likopano tse nyenyane tsa potoloho liholong tse khōloanyane. Boholo ba lintho bo ne bo itšetlehile ka ba boholong sebakeng seo. Libakeng tseo ho tsona ho neng ho e-na le khanyetso e matla, barab’abo rōna ba ne ba ka lebella mahloriso le merusu. Barab’abo rōna ba makholo ba ile ba kenngoa chankaneng. Moo ba boholong sebakeng seo ba neng ba se likhathatso, barab’abo rōna ba ne ba ka ntšetsa pele mesebetsi ea bolumeli ba bona ka bolokolohi.

Ho sa tsotellehe lithibelo, Lipaki li ile tsa tsoela pele ho paka ka sebete. Sehlopha sa barab’abo rōna ba bararo le morali’abo rōna se ile sa ea ’marakeng ho ea pakela ba bang. Banna ba babeli ba ile ba atamela ’me ba tšoara e mong oa barab’abo rōna nakong ea ha a tsamaisetsa motho ea thahasellang buka. Ba ile ba mo isa ntlo-khōlō ea mokha oa lipolotiki ’me ba mo siea ka har’a ntlo a emetse hore mookameli oa mokha a fihle. Mookameli oa mokha o ile a kena ’me a fumana mor’abo rōna a fa monna e mong ea letileng ka tlung eo buka ea Did Man Get Here by Evolution or by Creation?

Mookameli o ile a kharuma: “U ntse u jala mashano a hao moo?”

Mor’abo rōna o ile a re: “Haeba motho a ka u botsa a re, ‘Na motho o bile teng ka ho iphetola ha lintho kapa ka pōpo?’ u ne u tla re’ng?”

Se ile sa khitla lejoe ho mookameli. Ha a retelehela ho banna ba neng ba tšoere mor’abo rōna, o ile a re: “Mo lokolleng. Ha a etse letho le tlōlang molao.”

Mor’abo rōna o ile a khutlela ’marakeng ’me a tsoela pele a fana ka bopaki. Hamorao ho ile ha etsahala hore mookameli a fete ’me a mo bone. Mookameli o ile a supa mor’abo rōna ’me a re ho bao a nang le bona: “He banna, monna enoa o sebete eh!”

Ka 1974 molebeli oa lekala Ernest Heuse o ile a tlameha ho khutlela Belgium ka keletso ea lingaka tsa hae. Ernest o ne a tšoeroe ke borurusi ba matšoafo ka nako e telele, ’me ho hlaseloa ke malaria khafetsa ho ile ha etsa hore a fokolloe ke bophelo le ho feta. Barab’abo rōna ba ne ba rata lelapa la ba Heuse; ba ne ba tlatselitse haholo mosebetsing. Ha ba le Belgium, ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka cheseho. Ernest o ile a hlokahala ka 1986; mosali oa hae, Hélène, o ile a hlokahala lilemo tse robeli hamorao. Molebeli oa lekala Kinshasa e ile ea e-ba Timothy A. Holmes, ea neng a ile a sebeletsa e le moromuoa ho tloha ka 1966.

Ka 1980 Lipaki li Boela li Amoheloa ka Molao

Ka la 30 April, 1980, mopresidente oa rephabliki o ile a saena taelo e amohelang Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova ka molao. Batho ba ne ba thahasella ’nete ho feta pele, ’me ba 90 226 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong ’me ho ne ho khannoa lithuto tsa Bibele tse ka bang 35 000 malapeng a batho ba thahasellang. Ho ile ha tlalehoa litlhōrō tse ncha palong ea bahoeletsi le bo-pula-maliboho. Ho ne ho hlokahala mehaho e ntlafetseng ho hlokomela litlhoko tsa tšimo ka tsela e molemo haholoanyane. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba thaba ha Sehlopha se Busang se lumela hore ho rekoe setša se seholo ho feta seo Congo e neng e se e ntse e e-na le sona ka makhetlo a mabeli le halofo. Leha ho le joalo, ho ile ha hlaha mathata, joalokaha re tla bona.

Ka lilemo tse ngata barab’abo rōna ba ne ba sa khone ho hlophisa likopano tse khōlō tsa setereke. Joale ba ne ba se ba lokolohile ho etsa joalo. Ka 1980 Likopano Tsa Setereke Tsa “Lerato la Bomolimo” tse hlano li ile tsa tšoaroa naheng ka bophara. Ba bang ba tlileng kopanong ba ne ba ile ba tlameha ho tsamaea sebaka se selelele. Malapa a mangata a ile a tsamaea lik’hilomithara tse fetang 400 bakeng sa ho ea kopanong. Bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba sebakeng se ka thōko haholo ba ile ba qeta libeke tse peli ba palame libaesekele ba tsamaea lik’hilomithara tse fetang 700 lehlabatheng le tebileng le har’a moru o nang le pula e ngata. Baeti ba bang ba ne ba bile ba tsoa Congo (Brazzaville), Burundi le Rwanda.

Lilemong tse ileng tsa latela, ho ne ho hlokahala hore ho hlophisoe likopano tsa setereke libakeng tse eketsehileng. Ke ’nete hore barab’abo rōna ba ne ba e-na le tokoloho ea bolumeli, empa khatello ea moruo e ne e eketseha. Ba bangata ba ne ba phela ka thata. Theko ea lintho e ne e le holimo haholo, empa meputso e ne e fokola. Lipalangoang li ne li lefisa theko e boima haholo hoo ho neng ho le thata bakeng sa bongata ba barab’abo rōna hore ba ee hōle. Ka lebaka leo, ka lerato ofisi ea lekala e ile ea hlophisa likopano tse eketsehileng haufi le moo barab’abo rōna ba bangata ba neng ba lula teng.

Ho tsamaea litseleng tsa Congo ho ka ba thata haholo: Ho na le lifate tse oeleng, marokho a senyehileng, lehlabathe le tebileng le mekoti e tletseng seretse. Baemeli ba lekala le basali ba bona ka linako tsohle ba ’nile ba bontša moea oa boitelo ha ba sebeletsa likopanong tse nyenyane le tse khōlō. Leha ho le joalo, boitelo ba bona bo bonyenyane ha bo bapisoa le ba bara le barali babo rōna ba tšepahalang bao hangata ba lokelang ho tsamaea matsatsi-tsatsi ka maoto le ho robala naheng. Ho sa ntsane ho tloaelehile hore barab’abo rōna ba tsamaee ka maoto lik’hilomithara tse 50 ho ea ho tse 150 ha ba ea likopanong tsa setereke.

Ho Buloa Mahae a Macha a Baromuoa

Ho amoheloa ka molao ka 1980 ho ile ha bula monyetla oa hore baromuoa ba bacha ba kene ka har’a naha. Ka 1981 ho ile ha buloa lehae le lecha Goma (Profinseng ea Kivu). Lilemong tse peli tse latelang, ho ile ha buloa mahae a eketsehileng Likasi (Katanga), Mbuji-Mayi (Kasai), Kikwit (Bandundu) le motseng o koung oa Matadi (Congo e ka Tlaase). Mahae a neng a koetsoe a ile a buloa hape. Qetellong ka 1986 ho ile ha buloa lehae Isiro (Profinseng ea Orientale), e leng ho ileng ha etsa hore kakaretso ea mahae a baromuoa naheng ena e be 11. Mahae ana a ne a boetse a sebelisoa e le litsi tsa polokelo ea lingoliloeng. Baromuoa e ne e le bahokahanyi pakeng tsa ofisi ea lekala le tšimo. Bara le barali babo rōna sebakeng sena ba ne ba ananela khothatso le koetliso eo ba e filoeng ke bona. Selemo sa tšebeletso sa 1981 se ile sa fela ka tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 25 753. Ho ne ho e-na le menyetla e mengata ea keketseho.

Ha li Tšabe Kimbilikiti

Kimbilikiti ke lebitso la moea oa moloko. Moea ona o rapeloa ke batho ba moloko oa Rega, ba lulang hare-hare karolong e nang le meru e mengata e ka bochabela bo bohareng naheng ena. Bophelo ba batho bana—bao boholo e leng litsomi, balemi le batšoasi ba litlhapi—bo laoloa ke litumelo tsa bolumeli tse amahanngoang le Kimbilikiti. Sehlotšoana sena sa bokhelohi se na le liphiri tse ngata, ’me baruti ba sona ba na le taolo e khōlō ho ba tšabang moea ona.

Lipaki Tsa Jehova sebakeng sena ha li tšabe Kimbilikiti hobane lia tseba hore Jehova ke eena Molimo a le mong feela oa ’nete. Ke tsona feela tse sa etseng lintho tse batloang ke baruti ba Kimbilikiti, tse kang ho nyehela lipōli le likhoho tse jeoang ke bona baruti.

Ho tloha ka 1978, litho tsa sehlotšoana sena sa bokhelohi li ile tsa qala ho hlorisa Lipaki Tsa Jehova phatlalatsa. Li ile tsa chesa Liholo Tsa ’Muso tse ngata, tsa leleka bara ba bang babo rōna malapeng a bona ’me tsa hapa thepa ea bona. Sehlotšoana sena sa bokhelohi se ne se bile se sebelisa boloi le ho betsa e le moo se lekang ntle ho katleho ho ntša barab’abo rōna kotsi. Eitse ka August 1983, litho tsa sehlotšoana sena sa bokhelohi tsa phethahatsa leano le tšabehang—li ile tsa bolaea ka mabifi barab’abo rōna ba robeli haufi le motse oa Pangi.

Ketsahalo ena e nyarosang e ile ea tšosa phutheho, haholo-holo ba neng ba shoetsoe ke banna ba ratoang kapa bo-ntate. Ofisi ea lekala le barab’abo rōna sebakeng seo ba ile ba lokisetsa ka potlako hore ho be le lijo tsa moea esita le thuso ea lintho tse bonahalang bakeng sa malapa a amehileng.

Khabareng, babolai ba ne ba inka ba sireletsehile sebakeng sena se thōko, se morung. Leha ho le joalo, qetellong ba molato ba ile ba tšoaroa. Nyeoe e ile ea tšoareloa lekhotleng la setereke Kindu. Baqosuoa ba ne ba tiisa hore moea oa Kimbilikiti ke oona o neng o ba susumelelitse ho bolaea. Leha ho le joalo, mochochisi o ile a bolela hore na ha e le hantle molato e ne e le oa mang. O ile a re: “[Litho tse ling tsa moloko oa Rega] tseo nakong e fetileng li neng li ile tsa kopanela litšebeletsong tsa Kimbilikiti li bile li tseba liphiri tsa eona, hona joale e se e le Lipaki Tsa Jehova. Li senotse liphiri, haholo-holo tse amanang le hore ha ho na moea o bitsoang Kimbilikiti. Ka lebaka leo, li pepesitse bohata ba linyehelo tse batloang ke moea ona oo ho latela Lipaki Tsa Jehova, e leng thetso e khōlō e hlophisitsoeng ke banna ba hōlileng ba okametseng mekete eo.”

Kahoo, baqosuoa ke bona ba ileng ba fumanoa ba le molato, eseng moea oa Kimbilikiti. Ha ba etsa boipiletso, lekhotla le phahameng haholoanyane le Bukavu le ile la tšehetsa kahlolo ea lefu e neng e filoe babolai bao. Bachochisi ba sechaba ba ile ba lemosa ka liphello tse neng li tla hlahela barapeli ba Kimbilikiti haeba nakong e tlang ba ka hlasela Lipaki Tsa Jehova.b

Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha e-ba le lintho tse ling tse ileng tsa etsahala, empa hona joale litho tsa sehlotšoana seo sa bokhelohi lia lemoha hore li ke ke tsa pata lintho tse joalo morung kapa tsa tšepa hore Kimbilikiti e sa pheleng e tla li sireletsa. Khabareng, ka botšepehi Lipaki Tsa Jehova li tsoela pele ho thusa ba bang ho itokolla sehlotšoaneng sena sa bokhelohi. Ka lerato Jehova o hlohonolofalitse boiteko bona. Hona joale ho na le bahoeletsi ba chesehang ba fetang 300 ba sebeletsang liphuthehong tse sebakeng sena. Ba rata Jehova; ha ba tšabe Kimbilikiti.

Mosebetsi oa Thibeloa

Ka 1985 mosebetsi oa ’Muso o ne o atlehile haholo Congo. Bethele e ncha e ne e se e qalile ho hahoa setšeng se neng se ile sa rekoa ka 1980. Baithaopi ba tsoang linaheng lisele ba ka bang 60 ba ne ba le teng ho tla thusa. Selemo sa tšebeletso se ile sa fela ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 35 000 tšimong le tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho. Baromuoa ba 60 ba ne ba bolela ka cheseho naheng eohle. Balebeli ba tsamaeang ba ne ba koetlisa baholo ba liphutheho le bo-pula-maliboho. Ho ne ho bonahala ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le malala-a-laotsoe bakeng sa keketseho e khōlō.

Leha ho le joalo, hase bohle ba neng ba thabela nala ea moea le ea nama ea batho ba Molimo. Baruti ba ne ba sebelisa bo-ralipolotiki ho sitisa mesebetsi ea barab’abo rōna. Ka la 12 March, 1986, Mopresidente Mobutu o ile a saena taelo e thibelang mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Letsatsing le hlahlamang, thibelo ena e ile ea phatlalatsoa seea-le-moeeng sa sechaba. Seboholi se seng se ile sa re: “Joale ha re sa tla hlola re utloela ka Lipaki Tsa Jehova [Congo].” Se ne se fositse hakaakang!

Ofisi ea lekala e ile ea bitsa baromuoa ba bane ba neng ba ile ba sebeletsa e le balebeli ba setereke ’me ea abela barab’abo rōna ba sebakeng seo ho etsa mosebetsi oa setereke. Kaha baromuoa ba ne ba se ba sa khone ho bolela phatlalatsa, e ne eka ba thibetsoe ho tloha hae. Barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ile ba sebelisa temoho e khōlō ha ba bolela. (Mat. 10:16) Ka masoabi, batho ba bangata ba thahasellang ba ile ba tšoha ’me ba khaotsa ho ithuta. Liholo tse ling Tsa ’Muso li ile tsa koaloa kapa tsa senngoa. Tse ling li ile tsa haptjoa ke mokha oa lipolotiki. Barab’abo rōna ba ne ba tlameha ho bokana ka lihlotšoana. Barab’abo rōna ba ile ba tšoaroa bosiu malapeng a bona, ’me thepa ea bona ea utsuoa.

Profinseng ea Équateur, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba otloa ’me ba kenngoa chankaneng. Pula-maliboho e mong ea khethehileng o ile a otloa habohloko ’me a koalloa chankaneng ka likhoeli tse tharo. Sena sohle e ne e le ka lebaka la tsebiso e ileng ea etsoa seea-le-moeeng. Ho fihlela mothating ona, ho ne ho e-s’o ntšoe molao o thibelang mosebetsi. Nakoana ka mor’a tsebiso ea thibelo, barab’abo rōna ba ile ba etsa boipiletso empa ba se ke ba arajoa. Eaba ka June 1986, mopresidente oa naha o bua le sechaba ’me puong eo o ile a nyatsa Lipaki ka hore ha li rate naha ebile ha li hlomphe ba boholong.

Lintho li ne li fetohile ka ho panya ha leihlo hakaakang! Ka nako le motsotso batho ba neng ba kile ba hlomphuoa ba ne ba se ba sa hlomphuoe. Kaho ea lekala le lecha e ile ea emisa, ’me moo ho neng ho tletse mosebetsi o lerata o thabisang ho ile ha khutsa. Baithaopi bohle ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba tlameha ho tsoa ka har’a naha, ’me thepa ea kaho ea rekisoa. Barab’abo rōna ba ka bang 20 ba sebakeng sena ba ile ba sala ba lebetse setša.

Joale, ka tšohanyetso ho ile ha amoheloa lengolo la la 26 June, 1986, le tsoang ho mookameli oa tšireletso le bolelang hore baromuoa bohle ba lokela ho tsoa ka har’a naha. Thibelo ena e ne e tla fapana haholo le ea 1972, eo ho eona baromuoa ba neng ba ka sala ka har’a naha. Ho ile ha utloisa bohloko hakaakang ho bona Lefapha la Thomello le tletse thoto ha baromuoa ba phutha lintho tsa bona ba itokisetsa ho tsamaea! Ka July, baromuoa ba 23 ba ile ba leba linaheng tse ling. Ba neng ba tsoile naheng ba ile phomolong ha baa ka ba hlola ba khutla. Joale ho ile ha qaleha nako e ’ngoe ea ho hloekisa Congo.

Ho Hlophisoa Bocha Bakeng sa Mosebetsi oa Sekhukhu

Haeba bahanyetsi ba ne ba nahana hore ba ne ba tla nyahamisa batho ba Jehova kapa ba ba felise, ba ne ba fositse. Ba ne ba sa tsebe matla a moea o halalelang oa Jehova le boikemisetso ba batho ba Molimo. Baromuoa ba seng bakae ba nang le phihlelo ba ile ba khona ho sala naheng eo. Basebetsi ba lekaleng ba ile ba tsoela pele ba hlokomela mosebetsi oa boboleli ba ’Muso ba le malapeng a ’maloa. Barab’abo rōna ba ile ba tšoarela Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho malapeng naheng eohle.

Ho ne ho se na khaello ea lijo tsa moea. Barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho hatisa le ho aba lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ofisi ea lekala e ile ea romela likemiso tsa kopano ea setereke le kopano ea potoloho liphuthehong, moo boitsebiso bo likemisong tseo bo ileng ba fanoa e le lipuo. Ha balebeli ba potoloho ba etetse liphutheho, ba ne ba bapala litšoantšiso tsa kopano ka lipuo tsa sebaka seo. Sena se ile sa etsoa selemo le selemo ho tloha ka 1986 ho fihlela thibelo e tlosoa. Le hoja sena sohle se ne se e-na le mosebetsi o mongata, barab’abo rōna ba ile ba rua molemo o moholo.

Khabareng, baholo ba ile ba buisana le ba boholong ’musong ho hlalosa boemo ba rōna ba ho se jele paate lipolotiking le ho leka ho hlakisa hore ho se jele paate hase ho fetohela ’muso. Ka tsela ena, lebitso la Jehova le morero oa hae li ile tsa tsebahala ho bohle, ho kopanyelletsa le ba boholong ka ho fetisisa naheng ena. Bahlanka ba Jehova ba ile ba hlahella e le batho ba ikhethang—bao joang kapa joang ba sa jeleng paate leha ho le joalo e le batho ba khotso le ba sa fetoheleng ’muso.

Phokotseho le Keketseho ea Bahoeletsi ba ’Muso

Tlaleho ea tšebeletso ea 1987 e ile ea bontša ho fokotseha ha karolo ea 6 lekholong palong ea bahoeletsi. Ba bang ba ne ba tšaba ’me ba sa batle ho amahanngoa le mokhatlo o thibetsoeng. Ho ile ha qaleha mahloriso a mabifi libakeng tse ngata.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling khanyetso e ne e hlahisa liphello tseo bahanyetsi ba sa li lebellang. Ka mohlala, morena e mong o ile a epa pitso e khethehileng bakeng sa ho tla senya Lipaki Tsa Jehova lebitso. Morena o ile a phahamisa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ’me a bolella batho hore ba lokela ho tšoara e mong le e mong ea abang buka eo. Batho ba ile ba re ba batla ho hlahloba buka eo e le hore ba tle ba e tsebe. O ile a lumela, ’me ba ile ba rata seo ba ileng ba se bona. Eaba ba bang ba kōpa buka eo ho pula-maliboho ea khethehileng ea neng a lula motseng o mong. Pula-maliboho ea khethehileng o sa ntsane a hopola: “Ke ile ka qala lithuto tsa Bibele tse leshome. Ke ne ke e-s’o bolele motseng oa morena eo. Haeba a ne a sa re bua hampe, mohlomong batho bao ba ka be ba sa ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ’nete!”

Barab’abo rōna ba ile ba ikamahanya le maemo a macha. Le hoja ba ne ba thibetsoe ka litsela tse ngata, ‘ba ne ba sa patisoa hoo ba ke keng ba sisinyeha.’ (2 Bakor. 4:8) Selemo sa tšebeletso sa 1988 se ile sa fela ho e-na le keketseho ea karolo ea 7 lekholong ea bahoeletsi. Ho ne ho khannoa lithuto tsa Bibele tse ka bang 60 000. Barab’abo rōna ba tsoang Lefapheng la Tšebeletso Bethele ba ile ba etela metse e meholo ho khothatsa esita le ho teana le baholo ba libaka tseo le balebeli ba tsamaeang. Khabareng, ofisi ea lekala e ile ea tsoela pele ho hlokomela Congo (Brazzaville) ea boahelani, moo le teng mosebetsi o neng o thibetsoe, le ho hlokomela Burundi.

Mor’abo rōna ea neng a sebetsa e le hlooho ea sekolo Kolwezi o ile a hana ho nka kano ea lipolotiki. Ka lebaka la sena o ile a otloa habohloko eaba o isoa Lubumbashi, moo bahanyetsi ba hae ba neng ba nahana hore o ne a tla bolaoa. A khobile matšoafo, mor’abo rōna o ile a hlalosa lebaka la boemo ba hae ba ho se jele paate. O ile a lokolloa ’me a khutlisetsoa Kolwezi. Ho ile ha thoe ba neng ba mo otlile ba kōpe tšoarelo! O ile a boela a fuoa mosebetsi oa botichere ’me a etsoa mohlahlobi!

Ka October 1988, marena a moo a ile a hapa setša sa kaho ea Bethele Kinshasa ’me a ikhapela lingoliloeng tsa Bibele tse ngata haholo. Masole a ne a tloaetse ho utsoa libuka le Libibele ka mabokose, ebe a li rekisa limmarakeng tsa sebaka seo. Batho ba ne ba li reka, e leng se neng se etsa hore barab’abo rōna ba fumane e se e le malala-a-laotsoe bakeng sa ho qala lithuto tsa Bibele le bona.c

Ka 1989 palo ea bahoeletsi ba ’Muso e ile ea fihla ho 40 707, ho sa tsotellehe thibelo. Lira tsa bolumeli tsa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa halefa. Eo e neng e le letona la toka ka nako eo, ’me hape e le motsoalle ea tsejoang oa Kereke e K’hatholike, o ile a romela bachochisi bohle ba Congo lengolo le bontšang hore o nyahamisitsoe ke hore ebe mosebetsi oa batho ba Jehova o ne o ntse o tsoela pele. O ile a khothalletsa hore Lipaki Tsa Jehova li qosoe le hore Liholo Tsa ’Muso li koaloe. Hamorao, puong e neng e etsetsoa baeta-pele ba bolumeli, o ile a hlalosa hore batho ba Jehova ke “bademona ba sebele.” Sena se ile sa baka mahloriso ha habo letona lena profinseng ea Bandundu.

Bana ba Isoa Chankaneng

Nakong eona eo, bana ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba tšoaroa ba le sekolong ka lebaka la ho hana ho kopanela meketeng e meng ea lipolotiki. Le ntate oa bashemane ba babeli o ile a tšoaroa ’me a kenngoa chankaneng hammoho le bara ba hae ba banyenyane. Balebeli ba chankana ba ile ba laeloa hore ba se ke ba ba fa lijo. A maketse, molebeli e mong o ile a botsa: “Chankaneng ena re na le babolai le masholu, ’me re ba fa lijo. Ke hobane’ng ha re ka tima monna eo le bara ba hae ba babeli lijo?” Ha molebeli eo a sa fumane karabo e utloahalang, eena ka boeena o ile a ba fa lijo. Bashemane ba ile ba qeta matsatsi a 11 chankaneng, ’me ntat’a bona oa pula-maliboho ea khethehileng o ile a qeta matsatsi a 7. Ho hang teko ena ha ea ka ea ba nyahamisa.

Toropong ea Kikwit, monna e mong eo e neng e se e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a tšoaroa ka mor’a hore mosali oa hae oa Paki le barali ba babeli ba kenngoe chankaneng. Ha ba boholong ba fumana hore monna eo e ne e se Paki, ba ile ba mo laela hore a tlohe chankaneng. O ile a hana ho tsamaea, a bolela hore o ne a ke ke a siea mosali oa hae le bana. Ha a qetella a lokolotsoe le lelapa la hae, o ile a ithuta Bibele ’me a kolobetsoa. Hona joale ke moholo oa phutheho.

Merusu ka Har’a Naha

Ka September 1991 ho ile ha e-ba le phetohelo ea sesole Kinshasa, ’me ea lateloa ke bosholu bo ileng ba ja setsi. Sena se ile sa fella ka khaello e khōlō ea lijo le peterole esita le ho hlokahala ho hoholo ha mesebetsi le ho phahama ka sekhahla ha theko ea lintho. Liofisi tsa lekala tsa Lipaki Tsa Jehova Afrika Boroa le Fora li ile tsa romela liphallelo.

Ha lekala la Congo le ntse le loanela ho rarolla mathata a lona, le ne le boetse le hlokomela baphaphathehi ba tsoang linaheng tsa boahelani e leng Angola le Sudan. Karolong e ka leboea-bochabela Congo, Zekaria Belemo, eo ka nako eo e neng e le molebeli ea tsamaeang, o ile a etela sehlopha sa barab’abo rōna ba baphaphathehi ba tsoang Sudan. O ile a buisana le bona ka Senyesemane sa hae se methoang, se neng se fetoleloa ka Searabe. Zekaria o ile a ipotsa hore na ebe barab’abo rōna ba utloisisitse boholo ba puo ea hae. Hoo e ka bang lilemo tse hlano hamorao, bahlankana ba babeli ba etetseng Bethele ba ile ba mo atamela eaba baa botsa: “Na u sa re hopola? Re ne re le har’a ba ileng ba mamela puo ea hao kampong ea baphaphathehi. Re ile ra hopola khothatso eohle eo u ileng ua re fa eona ’me ra qala ho ithuta Bibele.” Hamorao, bahlankana bana ba ile ba nehela bophelo ba bona ho Jehova.

Lintoa tsa meloko e ne e le bothata bo bong bo tsoelang pele naheng ena. Ba bangata ba tsoang Kasai ba ne ba falletse ka boroa Katanga. Ka 1992 le ka 1993, Makatanga a ile a ba leleka profinseng eo. Boholo ba ba tsoang Kasai ba ile ba tlameha ho siea mesebetsi, thepa le mahae. Ba ile ba boloka bophelo ba bona ka ho balehela likampong kapa libakeng tse ling moo ba neng ba ka kopana hammoho hore ba sireletsehe. Ba fetang 100 000 ba ile ba khutlela hae Kasai. Har’a bona ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 4 000. Le hoja barab’abo rōna ba neng ba lula haufi le moo ba ne ba le kojoana li mahetleng ho bile ho e-na le leqeme la lijo, ba ile ba etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho thusa. Phutheho e ’ngoe e tseleng e khōlō ka leboea ho tloha Katanga e ile ea romela barab’abo rōna hore ba khahlametse teraka e ’ngoe le e ’ngoe e fihlang bakeng sa ho bona haeba ho e-na le Lipaki tse palameng. Ha barab’abo rōna ba fumanoe, ba ne ba fuoa tlhokomelo e hlokahalang.

Lekala la Afrika Boroa le ile la romela literaka tse ngata tse tletseng lijo le meriana hore li abeloe barab’abo rōna ba se nang mahae ba letileng likampong. Tokisetso ena e ile ea boloka bophelo. Le Sehlopha se Busang se ile sa bolella barab’abo rōna ba Kinshasa hore ba reke lijo, meriana, mehoma le likharafu e le hore malapa a ka boela a ea Kasai ’me a lema masimo a ’ona.

Matšoao a Mang a Phetoho

Puo ea mopresidente le seboka sa hae le bo-ralitaba ka la 24 April, 1990, li ile tsa tšoaea phetoho e khōlō boikutlong ba ’muso ka Lipaki Tsa Jehova. Sebokeng sa mopresidente le bo-ralitaba ba naheng ena le ba linaheng lisele, o ile a ba tiisetsa hore ’muso o fane ka tokoloho lintlheng tsohle tsa motheo, ho kopanyelletsa le tokoloho ea phatlalatso ea litaba le tokoloho ea bolumeli. Sena se ile sa lumella barab’abo rōna ho bolela le ho bokana ka bolokolohi haholoanyane. Ba neng ba kentsoe chankaneng ba ile ba lokolloa.

Na u sa hopola seboholi sela sa seea-le-moea se ileng sa phatlalatsa ka kholiseho ka 1986 hore ba ke ke ba hlola ba utloela ka Lipaki Tsa Jehova Congo? Ntho eo se neng se nahana hore e tla etsahala ha ea ka ea etsahala. Ha thibelo e qala ka 1986, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 34 207 Congo. Ho elella bofelong ba selemo sa tšebeletso sa 1990, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 50 677 Congo, ’me batho ba 156 590 ba ne ba e-ba teng Sehopotsong. Peō ea poone ea Afrika ka mokotleng oa rōna e ne e ikatisitse ho sa tsotellehe khanyetso, ketselletso, mahloriso le bohale ba baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki. Ka 1997, ha ’muso oa Mopresidente Mobutu o ketoloa, seboholi sane ke sona se ileng sa lokela ho baleha ka har’a naha, eseng Lipaki Tsa Jehova.

Tokoloho Hape

Taelo ea mopresidente ea 1986 e ile ea thibela mesebetsi eohle ea Lipaki Tsa Jehova ’me ea felisa mokhatlo oa tsona oa molao naheng ena. Leha ho le joalo, ka la 8 January, 1993, Lekhotla le ka Holimo-limo la Toka Zaire (Congo) le ile la phatlalatsa qeto nyeoeng ea Lipaki Tsa Jehova Khahlanong le Rephablike ea Zaire. Lekhotla le ile la etsa qeto ea hore taelo ea mopresidente e ne e se na toka ’me la e hlakola. See se ile sa tlisa thabo e kaakang ho barab’abo rōna!

Qeto eo ea Lekhotla le ka Holimo-limo e ile ea baka lipuo hobane lekhotla le ne le sebelisitse molao-motheo o mocha oa nakoana, o neng o sa ratoe ke mopresidente le batšehetsi ba hae. Ba bang ba ne ba nka qeto eo e fana ka mohlala bakeng sa liqeto tse tlang tsa lekhotla. Lipaki li ile tsa shebella pharela ena, empa see e ile ea e-ba bopaki bo boholo hakaakang bo tlisang thoriso lebitsong la Jehova! Lihlooho tse ngata tsa likoranta li ile tsa bua ka nyeoe ena ea bohlokoa. Ka mor’a moo Lefapha la Toka le ile la tsebisa babusisi ba liprofinse tse fapaneng hore Lipaki Tsa Jehova li ne li boetse li lumeletsoe ka molao ho phetha mesebetsi ea tsona ea bolumeli. E bile tlhōlo e kaakang bakeng sa batho ba Jehova le borapeli ba ’nete!

Mathata a ho Tsamaisa Thepa Congo

Congo ke naha e khōlō. Leha ho le joalo, ntle ho moeli o monyenyane oa lebōpo la leoatle Bas-Congo, naha ena e kopetsoe hare ke linaha tse ling. Boholo ba thepa e khōlō bo fihlela koung ea Matadi. Ho na le seporo se le seng sa terene le tsela e le ’ngoe e lokisitsoeng pakeng tsa Matadi le motse-moholo, e bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 300.

Makala a Europe a ile a romella lekala la Congo literaka tse hulang ka mabili a mane, tse ’nileng tsa sebelisoa hamolemo bakeng sa ho romela thepa le bakeng sa mesebetsi ea kaho. Ho tloha ka 1999, setsi sa polokelo sa Bethele se ’nile sa sebetsa Matadi. E bile thuso e khōlō hobane lingoliloeng li ka laolloa likepeng ka ho toba ’me tsa bolokoa polokelong ea lingoliloeng ho fihlela teraka e tsoang lekaleng e fihla ’me e li isa Kinshasa.

Lilemong tsa bo-1980, ho ne ho ntse ho le bonolo ho tsamaea ka koloi ka har’a naha ho tloha Kinshasa ho ea Lubumbashi, e ema litsing tsa polokelo ea libuka tse mahaeng a baromuoa Kananga le Mbuji-Mayi. Le hoja sefofane sa jete se ne se ka fofa pakeng tsa Kinshasa le Lubumbashi ka lihora tse peli, teraka e tletseng e ne e nka libeke tse peli ho phetha leeto! Leha ho le joalo, ha lilemo li ntse li feta, litsela li ile tsa mpefala hoo li neng li se li sa tsamaehe. Le hoja ho e-na le linōka tseo ho ka tsamauoang ho tsona ka sekepe sebaka se selelele, likepe tse kenellang ka hare ho naha tse tlohang Kinshasa ha li tšepahale. Ntle ho mathata ana, merusu ea lipolotiki ha e ee moriting libakeng tse ling, e leng se lekanyetsang ka ho eketsehileng sebaka se potolohileng Kinshasa seo likoloi tse tlohang Bethele li ka fihlang ho sona. Tsela e molemo ea ho romella lingoliloeng tse tlohang lekaleng ’me li ea libakeng tse hōle ke ka sefofane.

Makala a mang a ile a bontša moea oa tšebelisano-’moho bakeng sa ho isa lingoliloeng ho barab’abo rōna. Lekala la Cameroon le tsamaisa lingoliloeng ka literaka ho pholletsa le Central African Republic le ho kenella ka leboea ho Congo. Lekala la Rwanda le la Kenya a thusa likarolo tse ka bochabela tsa naha. Liphutheho tse libakeng tse ling ka boroa li amohela lingoliloeng tsa tsona Afrika Boroa le Zambia.

Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi—Ke Tlhohonolofatso Tšimong

Ka 1995, sehlopha sa pele sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se ile sa hlophisoa Kinshasa. Ka April 2003, barab’abo rōna ba fetang 400 ba ne ba se ba koetlisitsoe lihlopheng tse 16. Liithuti tse 5 ho bona ke balebeli ba setereke, ’me ba fetang 60 ba sebeletsa mosebetsing oa potoloho. Ba bang ba 50 ba khethiloe hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng. Bara bana babo rōna ba ipaka hore ke letlotlo la sebele ho etseng hore ho be le cheseho e eketsehileng mosebetsing oa boboleli.

Ho ba bang, ho ne ho se bonolo ho ea sekolong. Ha Georges Mutombo a amohela lengolo le mo memelang ho ea sekolong, o ne a lula sebakeng se neng se laoloa ke mabotho a khahlanong le ’muso. O ile a lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse 400 ka baesekele ho ea Kamina pele a khona ho palama sefofane se eang Kinshasa, moo sekolo se neng se tla tšoareloa teng. Leeto la hae le ne le akarelletsa ho mamella matsatsi a mararo a pula le ho feta libakeng tse 16 tseo masole a hlahlobang lintho ho tsona. O ile a boela a tsamaea sebakeng seo tlōlo ea molao e neng e jele setsi ho sona. Ka lekhetlo le leng o ile a lelekisoa ke sehlopha sa linokoane tseo le tsona li neng li palame libaesekele. Li ile tsa tlohela ho mo lelekisa ha thaere ea baesekele e ka pele-pele e taboha. Ho hlakile hore linokoane li ile tsa lemoha hore Georges ke Paki ka ponahalo ea hae. Li ile tsa hoeletsa tsa bolela hore li ke ke tsa hlola li mo lelekisa, kaha lia bona hore Molimo oa hae, Jehova, o ne a e-na le eena.

Mehaho e Tla Sebetsana le Keketseho ea Puso ea Molimo

Ho tloha ka 1965 ofisi ea lekala e ne e le 764 Avenue des Elephants, Limete, Kinshasa. Ka 1991 ho ile ha rekoa setša karolong ea naha ea liindasteri. Mehaho e meraro e meholo e setšeng sena nakong e fetileng e ne e le ea k’hamphani ea masela ’me hamorao ea sebelisoa e le mabenkele ao ho lokisetsoang ho ’ona. Barab’abo rōna ba ile ba lokisa mehaho eo e le hore mesebetsi ea lekala e ka etsetsoa sebakeng se le seng. Le hoja ho se sireletsehe le ho se tsitse ha lipolotiki ho ile ha liehisa mosebetsi oa kaho, mosebetsi mehahong e mecha ea lekala o ile oa qala ka 1993 ha ho fihla bahlanka ba sebeletsang naheng e ’ngoe. Ka April 1996, basebetsi ba lekala ba ile ba falla Avenue des Elephants ba ea mehahong e mecha. Ka mor’a ho falla, moholo e mong oa Bethele o ile a re: “Ho bona lelapa lohle le le ’moho hape ho re hopotsa lilemong tse leshome tse fetileng ha mosebetsi oa rōna o thibeloa. Re leboha Jehova Molimo ka botebo le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang bakeng sa mehaho ena e metle.” Ka October 1996 palo ea bahoeletsi e ile ea fihla tlhōrōng e ncha ea ba 100 000. Barab’abo rōna ba ile ba thabisoa ke hore ho ne ho e-na le monyetla oa keketseho e ’ngoe.

Baromuoa ba Tlil’o Thusa

Lilemong tsa bo-1990, ho ile ha boela ha e-ba bonolo hore baromuoa ba kene ka har’a naha ho tla sebetsa le baromuoa ba supileng ba ileng ba khona ho sala ka har’a naha lilemong tsohle tsa thibelo. Ka July 1995, Sébastien Johnson le mosali oa hae, Gisela, ba ile ba fuoa kabelo e ncha ea ho ea Congo ba tsoa Senegal. Baromuoa ba bang ba ile ba ba latela ka mor’a nako e khutšoanyane. Ba bang ba ne ba tsoa United States ka mor’a ho fuoa mangolo Gileade, ha ba bang ba ne ba tsoa Belgium, Brithani le Fora. Ka March 1998, Christian le Juliette Belotti ba ile ba fihla ba tsoa French Guiana. Ka January 1999, Peter Wilhjelm le mosali oa hae, Anna-Lise, ba ile ba fuoa kabelo e ncha ho tloha Senegal. Hamorao, baromuoa ba eketsehileng ba ile ba tla Congo ba tsoa Cameroon, Mali le Senegal.

Ka December 1999 lehae le lecha la baromuoa le ile la buloa sebakeng sa bolulo Kinshasa. Baromuoa ba 12 ba lula lehaeng lena. Lubumbashi, haesale ho e-na le lehae la baromuoa ntle ho tšitiso ho tloha ka 1965. Lehae la bobeli le ile la buloa moo ka 2003. Hajoale, banyalani ba robeli ba sebeletsa lehaeng lena. Ho ile ha thehoa lehae le lecha la baromuoa ka May 2002 Goma, ka bochabela ho naha, ’me ho ile ha abeloa baromuoa ba bane teng. Baromuoa ba tsoela pele ho ba tlhohonolofatso tšimong ena e khōlō le e behang.

Ho se Jele Paate ha Bakreste Nakong ea Ntoa

Boholo ba baromuoa bana bo ile ba fihla nakong ea ha ho e-na le phetoho e mabifi naheng ena. Ka October 1996 ntoa e ile ea kupa karolong e ka bochabela ea naha ’me ea potlakela ho namela le libakeng tse ling. Morero oa ntoa ena e ne e le ho ketola Mopresidente Mobutu. Ka la 17 May, 1997, mabotho a Laurent-Désiré Kabila a ile a kena Kinshasa, ’me e ile ea e-ba mopresidente.

Ha batho ba shebeletseng TV lefatšeng ka bophara ba ne ba shebile litšoantšo tse tšosang tsa baphaphathehi ba futsanehileng ba hlasetsoeng ke tlala le maloetse, batho ba Jehova ba ile ba tsoela pele ho phatlalatsa molaetsa oa Bibele oa tšepo le matšeliso. Ka masoabi, ba likete-kete ba ile ba bolaoa ntoeng, ho kopanyelletsa le Lipaki tse ka bang 50. Ka lebaka la ntoa, ba bangata ba ile ba bolaoa ke k’holera le maloetse a mang.

Ka lebaka la ntoa, batho ba bangata ha ba na likarete tsa boitsebahatso. Sena se bakela barab’abo rōna mathata ha ba le maetong ho ea bolela. Litseleng, ho na le libaka tse ngata tseo masole a hlahlobang lintho ho tsona. Bahoeletsi ba phutheho e ’ngoe ba ne ba se na likarete tsa boitsebahatso, kahoo moholo e mong o ile a etsa tlhahiso ea hore barab’abo rōna ba hlahise likarete tsa Advance Medical Directive/Release, ’me ba ile ba etsa joalo. Sebakeng se seng sa tlhahlobo, masole a ile a re ho bona: “Ha re batle ntho tsena. Re batla karete ea boitsebahatso ea moahi e mong le e mong!”

Barab’abo rōna ba ile ba re: “Ena ke karete e re tsebahatsang hore re Lipaki Tsa Jehova.” Masole a ile a ba lumella ho feta.

Kisangani, masole a tsoang linaheng tse ling a neng a loanela mabotho a ’muso a ile a koalla barab’abo rōna ba banyenyane ba bane chankaneng. Bara bana babo rōna ba ne ba qositsoe ka bohata ka hore ba file lira boitsebiso. Hoseng ho hong le ho hong, masole ana a tsoang linaheng tse ling a ne a khetha batšoaruoa ba leshome, a ba isa morung ebe aa ba bolaea. Hoseng ho hong, a ile a khetha barab’abo rōna ba babeli hammoho le batšoaruoa ba bang ba robeli. Ba ile ba leba morung. Ha ba le tseleng teraka e ile ea ema ka lebaka la hore ho ne ho e-na le setopo ka har’a tsela. Masole ana a tsoang linaheng tse ling a ile a laela barab’abo rōna ba babeli hore ba se epele. Ha ba qetile mosebetsi oo, barab’abo rōna ba ile ba emela hore teraka e khutle, kaha e ne e ile ea tsamaea ea ba siea. Le hoja ba ne ba e-na le monyetla oa ho baleha, ha baa ka ba etsa joalo hobane ba ne ba sa batle ho beha bophelo ba barab’abo bona ba babeli ba neng ba setse chankaneng kotsing. Teraka e ile ea khutla e sa nka batšoaruoa ba robeli ba neng ba thuntsoe. Ha ba khutlela chankaneng, e mong le e mong o ne a makaletse ho bona bara bana babo rōna ba babeli ba khutla ba phela. Nakoana ka mor’a moo, mamati a chankana a ile a buleha ha mabotho a lireng a hapa toropo ena. Masole a tsoang linaheng tse ling a ile a baleha, ’me barab’abo rōna ba lokolloa.

Makala a Europe aa Thusa Linakong Tse Thata

Boholo ba Congo bo bone liphello tsa ntoa ho tloha ka 1996, ’me batho ba bangata ba ’nile ba lelekoa mahae. Barab’abo rōna ba likete tse ’maloa Congo ba ile ba balehela likampong tsa baphaphathehi Tanzania le Zambia. Ha boholo ba Congo bo haptjoa ke mabotho a marabele, ho ile ha e-ba thata ka ho eketsehileng hore ofisi ea lekala e buisane le barab’abo rōna ba libakeng tse hapiloeng le ho ba hlokomela. Likomiti tsa liphallelo li ile tsa thehoa metseng e meholo bakeng sa ho aba liphallelo. Lelapa la Bethele le ile la bontša moea oa boikemisetso le boitelo ka ho sebetsa ho fihlela bosiu ho thusa ho abeng liphallelo. Lipaki Tsa Jehova Belgium, Fora le Switzerland li ile tsa isa lijo tse ngata, liaparo le meriana hammoho le lipara tse 18 500 tsa lieta le likobo tse 1 000 Congo ka sefofane. Ho sa ntsane ho fanoa ka liphallelo. Mahlomola a mangata a ntse a bebofatsoa. Lipaki Tsa Jehova le ba bang ba rua molemo.

Ka October 1998 ho ile ha hatisoa sehlooho se seng koranteng ea Kinshasa. Se ile sa re: “Liphutheho tsa Bakreste tsa Lipaki Tsa Jehova linaheng tse fapaneng tsa Europe li ile tsa ikopanya ho bokella lithane tse fetang 400 tsa liphallelo bakeng sa Congo-Kinshasa le Congo-Brazzaville. Ka lebaka la tšebelisano-’moho ea baithaopi ba tsoang Engelane, Fora le Switzerland, lithane tse 37 tsa raese, lebese le phofo, linaoa le libiskiti tsa livithamine li se li rometsoe Kinshasa, ho tloha Ostend, Belgium, ka sefofane ho ea fihla ntlo-khōlō ea naha ena ea Lipaki Tsa Jehova Kinshasa. Sefofane se seng . . . se tla fihla . . . ka lithane tse 38 tsa lijo.

“Hoa thahasellisa hore ebe Lipaki Tsa Jehova li thusitse baphaphathehi Afrika Bochabela haesale ho tloha ka bohato bo neng bo reretsoe ho timetsa morabe ka ho feletseng Rwanda. . . . ’Muelli oa Lipaki Tsa Jehova o ile a bolela hore menehelo ena ea boithatelo, e kopanyelletsang lithane tse fetang 200 tsa lijo le meriana, e thusitse ho loantša seoa sa k’holera. Ka nako eo Lipaki Tsa Jehova tse tsoang Fora le Belgium li ile tsa theha lihlopha tse ’maloa ho thusa baphaphathehi likampong. O ile a boela a bua ka menehelo eo Lipaki Tsa Jehova li e entseng bakeng sa ba hlokang Europe Bochabela le Bosnia.”

Ntoa ha e Sitise Tsoelo-Pele ea Moea

Ka September 1998, marabele a ile a hlasela motse oa Ndjili o ka thōko ho Kinshasa. Har’a moferefere oo, sehlopha sa barab’abo rōna se ile sa batla setšabelo ntlong eo molebeli oa potoloho a neng a lula ho eona. Molebeli oa potoloho o ile a rapella sehlopha seo eaba o se balla Esaia 28:16. Temana eo e re: “Ha ho ea bontšang tumelo ho lona ea tla tšoha.” O ile a khothalletsa bohle ho khoba matšoafo le ho itšetleha ka Jehova ho ba tataisa.

Ba bang ba ile ba etsa tlhahiso ea hore ba tšele borokho hore ba tsoe Ndjili, ha ba bang ba ile ba etsa tlhahiso ea ho nka tsela ea seporo. Qetellong, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea hore ba lokela ho lula moo ba neng ba le teng. Matsatsi a mararo hamorao, mabotho a ’muso a ile a boela a laola sebaka seo. Barab’abo rōna ba ile ba fumana hore haeba ba ne ba ile ba tsamaea, ebang ke ka ho tšela borokho kapa ho nka tsela ea seporo, ba ka be ba ile ba tšoaseha ntoeng.

Mor’abo rōna ea tsoang Phuthehong ea Museka Kipuzi, Katanga, o ne a ntse a rekisetsa masole tlhapi. Ka mor’a ho qoqa, lesole le ile la mo qosa ka hore ke sehloela sa mokha oa bohanyetsi. O ile a tlangoa, a otloa haholo eaba o isoa ntlo-khōlō ea sesole sebakeng seo. E ne e le bosiu ha a fihla. Masole a ile a laela mor’abo rōna hore a a tantšetse. Mor’abo rōna o ile a re: “Le ka thabela ho tantša ha ka joang ho le lefifi?”

A ile a re: “U ka bina he.” Ka pelo eohle ea hae, mor’abo rōna o ile a bina “Jarisa Jehova Phahlo ea Hao.” A anngoe ke mantsoe ao, masole a ile a mo kōpa hore a bine pina eo hape. O ile a e bina ka lekhetlo la bobeli. Lesole le leng le ile la mo kōpa hore a bine pina e ’ngoe. Lekhetlong lena o ile a bina “Rea U Boka Jehova,” ka Sekiluba, e leng puo ea habo. Ha a qeta, baholehi ba hae ba ile ba mo tlamolla. Hoseng ho hlahlamang masole a ile a mo khutlisetsa toropong ’me a batlisisa motseng oa habo mor’abo rōna ho fumana hore na hase sehloela. Pele masole a tsamaea, a ile a re ho eena: “U ne u le haufi le ho shoa, empa joale u ke ke ua shoa. Bolumeli ba hao bo u pholositse! Re khahliloe haholo ke mantsoe a lipina tse peli tseo u li binneng. U se ke ua tela ho sebeletsa Molimo oa hao!”

Kaho ea Liholo Tsa ’Muso e Tlisa Thoriso ho Jehova

Lilemong tsa morao tjena Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se entse boiteko bo khethehileng ho thusa kahong ea Liholo Tsa ’Muso linaheng tse futsanehileng. Barab’abo rōna Congo ba ile ba thabela khato ena kaha ho ne ho e-na le tlhoko e tebileng ea Liholo Tsa ’Muso. Ka mohlala, Kinshasa ho ne ho e-na le liphutheho tse 298 empa liholo tse loketseng li ne li sa fihle le ho 20. Naheng eohle ho ne ho hlokahala liholo tse makholo. Ka April 1999 lenaneo la kaho ea Liholo Tsa ’Muso le ile la qala Kinshasa. Hamorao le ile la fetela liprofinseng tse ling tsa Congo. Mathoasong a 2003 ho ne ho qetiloe Liholo Tsa ’Muso tse ka bang 175 Congo (Kinshasa) le Congo (Brazzaville).

Monna ea neng a tsebile ’nete ho tloha lilemong tsa bo-1950 o ile a khahloa haholo ke ha a bona ho hahoa Holo ea ’Muso e shebaneng le sebaka seo a lulang ho sona. O ile a re: “Ha ho mohla nkileng ka nkela Lipaki hloohong. Hona joale ke khona ho bona litholoana tsa boiteko ba tsona. Li hahile Holo ea ’Muso haufi le ntlo ea moen’a ka, ’me joale ho na le e ’ngoe e shebaneng le sebaka seo ke lulang ho sona. Ho bonahala eka Lipaki li ntšetse morao hohle moo ke eang teng!” Monna enoa o ile a amohela memo ea ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste le ha Holo ena e ncha ea ’Muso e neheloa. Hona joale o ba teng libokeng kamehla.

Liphutheho tse tharo Matete li ne li tšoarela liboka tsa tsona mohahong o seng maemong a matle, oo li ileng tsa o reka ka 1994. Barab’abo rōna ba ne ba se na chelete ea ho lokisa mohaho ona, kahoo o ile oa lula o le boemong boo ka lilemo tse tšeletseng. Ka nģ’ane ho seterata ho tloha holong ho ne ho e-na le kereke e khōlō. Ha kereke ena e ne e hahoa, moruti o ile a re Lipaki Tsa Jehova li ne li tlil’o tsamaea haufinyane. Baahelani ba ile ba soma barab’abo rōna hobane ba ne ba se na sebaka se setle seo ba kopanelang ho sona. Esita le ha phutheho e qala ho etsa litene ho lokisetsa kaho ea Holo e ncha ea ’Muso, baahelani ba bang ba ile ba tsoela pele ho soma. Ba ile ba makala hakaakang ha ba bona liphello! Hona joale ba re Lipaki Tsa Jehova li na le mohaho o motle ka ho fetisisa sebakeng seo. Moahelani e mong eo ho neng ho se mohla a kileng a batla ho bua le Lipaki o ile a khahloa ke seo barab’abo rōna ba se finyeletseng. O ile a tla setšeng sena ’me a tšepisa hore o tla mamela Lipaki lekhetlong le latelang ha li mo etela.

Sebakeng se seng sa kaho, mosali e mong o ile a atamela morali’abo rōna ea neng a ntse a phehela basebetsi lijo. Mosali eo o ile a botsa a re: “Le ntse le haha kereke?”

Morali’abo rōna o ile a re: “Re ntse re haha Holo ea rōna ea ’Muso.”

Mosali eo o ile a re: “Mohaho ona o tla tšoana feela le lōna. Le lula le hloekile le le makhethe. Kereke ea lōna e tla tšoana le lōna!”

Phetoho Tsamaisong ea Lekala

Bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa tšimo, ho ile ha hlokahala hore ho hlophisoe bocha Komiti ea Lekala. Ka May 1996 Sehlopha se Busang se ile sa etsa liphetoho. Ka la 20 May, 1996, Sébastien Johnson o ile a khetheloa ho ba mohokahanyi oa Komiti ea Lekala. Eena le Peter Ludwig, ea neng a ekelitsoe ho litho tsa komiti ena likhoeling tse peli pejana, ba ile ba theha Komiti ea Lekala e fokolitsoeng e ileng ea hlokomela mosebetsi. Lilemong tse ileng tsa latela, ba bang ba ile ba khethoa: David Nawej, Christian Belotti, Benjamin Bandiwila, Peter Wilhjelm, Robert Elongo, Delphin Kavusa le Uno Nilsson. Ka mabaka a bophelo, Peter Ludwig le mosali oa hae, Petra, ba ile ba lokela ho khutlela Jeremane, moo hona joale ba sebeletsang ofising ea lekala.

Barab’abo rōna ba Komiting ea Lekala ba sebetsa ka thata ho fetisetsa tataiso ea puso ea Molimo tšimong eohle. Ho phaella moo, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba abeloa ho ea Congo ba tsoa Amerika Leboea, Europe le Japane ho sebeletsa e le bahlanka ba machaba, basebeletsi ba Bethele linaheng lisele le baromuoa. Selemong sa tšebeletso sa 2003, lelapa la Bethele la Kinshasa le ile la eketseha la e-ba le litho tse fetang 250. Karolelano ea lilemo e ne e le 34.

Mosebetsi o sa Ntsane o le Mongata

Moprofeta oa boholo-holo o ile a ngola a re: “Ho hlohonolofatsoe monna ea shahlileng ea tšepang Jehova, le eo Jehova e leng tšepo ea hae.” (Jer. 17:7) Ho sa tsotellehe ntoa e sa eeng moriting libakeng tse ’maloa Congo, barab’abo rōna ba tsoela pele ho tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’Muso ho ba bang. Le hoja ntoa ea lehae e sitisa boiteko ba ofisi ea lekala ba ho fana ka thuso ea moea naheng eohle, e bile ho khothatsang ho bona palo ea bahoeletsi e fihla tlhōrōng e phahameng ka ho fetisisa ea ba 122 857.

Tlalehong ena, re phetile liphihlelo tsa bahlanka ba tšepahalang ba Congo. Ha ho khonehe ho bolela mabitso a bara le barali bohle babo rōna ba bileng le seabo ho sireletseng le ho theheng ka molao litaba tse molemo Congo. Leha ho le joalo, bohle ba ka kholiseha hore Jehova oa ba ananela. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena a re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.”—Baheb. 6:10.

Ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Ho na le masimo a macha a lokelang ho buloa. Ho hlokahala hore ho hahoe Liholo Tsa ’Muso. Ho hlokahala hore ho atolosoe mehaho ea lekala. Leha ho le joalo, ha re sheba lilemo tse fetang 50 tsa mosebetsi oa puso ea Molimo Congo, re lumellana le se ileng sa boleloa ke mor’abo rōna ka 1952 ha a re: ‘Re joaloka peō ea poone ea Afrika e ka mokotleng. Kae kapa kae moo re lahleloang teng, ka bonngoe, pula e qetella e tlile ’me rea eketseha.’ Ka nyakallo re letetse ho bona hore na Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo, o tla hōlisa peō ea ’Muso ho fihlela kae.—1 Bakor. 3:6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho theosa le lilemo, naha ena e ’nile ea bitsoa Congo Free State, Belgian Congo, Congo, Zaire, ’me ho tloha ka 1997 ea bitsoa Democratic Republic of Congo. Le hoja ho se molaong, e bitsoa Congo (Kinshasa) ho e khetholla ho Congo (Brazzaville) ea boahelani. Tlalehong ena eohle, re tla sebelisa lebitso la Congo.

b Bona Molula-Qhooa oa March 1, 1985, leqepheng la 3-10.

c Qeto ea Lekhotla le ka Holimo-limo qetellong e ile ea khutlisetsa barab’abo rōna tokelo ea ho boela setšeng se hapiloeng moo kaho ea Bethele e neng e qalile teng mathoasong a bo-1980. Hamorao masole a ile a se hapa. Leha ho le joalo, ha masole a qetella a tsoile ka 2000, ba boholong sebakeng seo ba ile ba arola setša sohle hore e be litša tse nyenyane, eaba ba li rekisetsa batho ba mek’huk’hu ntle ho molao. Hona joale ho na le batho ba mek’huk’hu ba makholo ba lulang sebakeng seo. Ke hona bothata boo bo tla rarolloa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 229]

“Joale ha re sa tla hlola re utloela ka Lipaki Tsa Jehova [Congo]”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 249]

“U ne u le haufi le ho shoa, empa joale u ke ke ua shoa. Bolumeli ba hao bo u pholositse!”

[Lebokose le leqepheng la 168]

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Congo (Kinshasa)

Naha: Democratic Republic of Congo e paroloa ke equator, ’me e khōlō ho Congo (Brazzaville) ea boahelani ka makhetlo a fetang a tšeletseng. Boholo ba Congo e ka leboea bo koahetsoe ke meru e nang le pula e ngata, e teteaneng hoo khanya ea letsatsi e phunyeletsang ka thata. Karolong e ka bochabela ea naha, ho na le lithaba le libaka tse foqohang seretse se chesang. Congo Bophirimela e iphaphathile ka lebōpo la Leoatle la Atlantic ka lik’hilomithara tse 37.

Batho: Batho ba Congo ba limilione tse 55 ba emela merabe e fetang 200 ea Afrika. Har’a baahi, ba etsang karolo ea 50 lekholong ba ipolela hore ke Mak’hatholike; ba etsang karolo ea 20 lekholong, ke Maprostanta; ba etsang karolo ea 10 lekholong, ke Makimbangu; ’me ba etsang karolo ea 10 lekholong ke Mamosleme.

Puo: Ho buuoa lipuo tse ngata. Le hoja puo e sebelisoang linthong tsa molao e le Sefora, lipuo tse khōlō tsa Seafrika ke Selingala, Sekingwana, Seswahili, Sekongo le Setshiluba.

Mokhoa oa boipheliso: Congo e na le lirafshoa tse ngata—petroleum, litaemane, khauta, silevera, uranium—empa ntoa ea morao tjena naheng ena e fokolitse thepa e romeloang linaheng tse ling haholo ’me e ekelitse sekoloto seo e nang le sona linaheng tse ling. Malapa a lulang mahaeng a lema boholo ba lijo tsa ’ona, ho kopanyelletsa cassava, poone le raese.

Liphoofolo tse hlaha: Liphoofolo tse hlaha li ngata. Merung ho tletse litšoene le likorilla. Naheng e bulehileng haholoanyane, ho na le matsa, mangau, litau, litšukulu le liqoaha. Linōkeng ho na le likoena le likubu.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 173, 174]

O Ile a Batla ’Nete ’me a e Fumana

Henry Kanama e ne e le setho sa Kereke ea Evangeli Luena empa qetellong o ile a lemoha hore bolumeli boo ha bo na ’nete. O ne a tloaetse ho ea lithabeng bakeng sa ho rapela le ho thuisa. Ha a le moo o ile a kopana le sehlopha se ileng sa bolela hore se buisana le meea e sa bonahaleng. Litho tsa sehlopha sena li ile tsa bolella Henry hore li nahana hore Molimo o hōle, le hoja li sa tsebe hore na o hokae.

Henry o ile a qala ho batla Molimo oa ’nete. Hamorao, o ile a kopana le monna ea ileng a mo fa makasine ea Tsoha! ka Sefora. Ka potlako Henry o ile a lemoha ’nete ea Bibele. Sena ke seo a neng a ntse a se batla! O ile a ngolla Lipaki Tsa Jehova atereseng eo a e fumaneng makasineng eo, ’me ka potlako o ne a thabela ho ithuta Bibele ka ngollano. Qetellong, Henry le mosali oa hae, Elisabeth le metsoalle e meng ba ile ba ngola ba botsa hore na ba ka kolobetsoa joang. Lengolo le latelang le ile la ba bolella hore ba iteanye le liofisi tsa makala linaheng tsa boahelani. Boholo ba tsona li ne li le hōle.

Sehlotšoana se entsoeng ka Henry le Elisabeth hammoho le Hyppolite Banza le mosali oa hae, Julienne, se ile sa etsa qeto ea ho ea Rhodesia e ka Leboea. Bohle ba ne ba hlokomela hore sena se ne se bolela hore ba tla lokela ho ithuta Secibemba bakeng sa ho tebisa tsebo ea bona ea ’nete. Ba ile ba bala litšenyehelo ’me ba ea teng. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng moo, ba ile ba kolobetsoa ka 1956.

Hona selemong seo ba ile ba khutlela Congo, moo ba ileng ba bolella ba bang litaba tse molemo ka cheseho. Ka 1961, Henry le metsoalle e meng ea hae ba ile ba tšoaroa ’me ba kenngoa chankaneng. Ba ile ba qosoa ka hore ke balateli ba Kitawala ba neng ba bolaile morena oa moo ea neng a rerile lefu la morena e mong. Ho hlakile hore ho ne ho se na bopaki ba sena, ’me hamorao ba ile ba lokolloa.

Joale Henry le Elisabeth ba ile ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Ba ile ba qetella e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ’me hamorao ba sebeletsa mosebetsing oa potoloho. Le hoja Henry a ile a hlokahala ka 1991, Elisabeth e ntse e le pula-maliboho oa kamehla. E mong oa bara ba bona, e leng Ilunga, o sebeletsa mosebetsing oa potoloho.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 178]

Albert Luyinu—Paki e Tšepahalang

Albert o tsebile ’nete ka lekhetlo la pele ka 1951 ka motho eo a neng a sebetsa le eena, ea bitsoang Simon Mampouya, oa Congo (Brazzaville). Albert e ne e le motho oa pele oa Congo eo e neng e le ngaka ea meno, ’me boemo ba hae bo hlomphehang bo ile ba etsa hore ho be thata hore a emele ’nete. Eena le mosali oa hae ba ile ba kolobetsoa ka mor’a mokete oa Sehopotso ka 1954. Kolobetso e ile ea etsoa bosiu hobane mosebetsi o ne o thibetsoe ka nako eo.

Ho tloha ka 1958 ho ea ho 1996, Albert o ile a sebeletsa e le moemeli oa molao oa Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova, e leng mokhatlo oa sebakeng seo o ngolisitsoeng oa Lipaki. O sa hopola ha a ne a toloka puo ea lenyalo e neng e fanoa ke Mor’abo rōna Heuse ka pel’a bamameli ba 1 800. Qalong puo e ile ea hlalosa boikarabelo ba mosali oa Mokreste. Albert o sa hopola hore o ne a natefetsoe ha ho buuoa ka boikarabelo ba basali ho banna ha a sheba mosali oa hae le barali ba bang babo rōna ba neng ba le teng. Leha ho le joalo, o sa hopola hore ha a utloa hore na boikarabelo ba monna oa Mokreste ke bofe, o ile a ikutloa a le mosesaane ’me e se letho. Qetellong ea puo, e ne eka lefatše le ka ngamoha a kene!

[Setšoantšo]

Albert le Emilie Luyinu

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 191-193]

Puisano le Pontien Mukanga

O Hlahile ka: 1929

O Kolobelitsoe ka: 1955

Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a sebeletsa e le molebeli oa pele oa potoloho Congo.

Ka 1955, ke ile ka ea sepetlele ke tšoeroe ke leino. Ngaka ea meno, Albert Luyinu, e ile ea mphekola eaba e mpontša Tšenolo 21:3, 4, e buang ka nako eo ka eona ho ke keng ha hlola ho e-ba le bohloko. Ke ile ka fa Albert aterese ea ka, ’me a nketela mantsiboeeng ’ona ao. Ke ile ka hatela pele moeeng ka potlako ’me ka kolobetsoa hona selemong seo.

Ke ile ka khethoa ho ba molebeli oa potoloho bakeng sa Congo eohle ka 1960. Mosebetsi oa potoloho o ne o se bobebe. Ke ne ke tsamaea ka matsatsi-tsatsi, esita le ka libeke-beke ke palame ka morao literakeng tse tletseng haholo tse tsamaeang litseleng tse mpe le hona e le letsatsing le bataolang. Menoang e ne e sa mphe tšoeea bosiu. Hangata teraka e ne e robeha, ’me ke ne ke tlameha ho leta ho fihlela e lokisoa. Ke ne ke tsamaea ke le mong moo ho se nang litsela ’me ka linako tse ling ke ne ke lahleha.

Ka lekhetlo le leng ke ile ka etela toropong e ka leboea Congo. Ke ne ke e-na le Leon Anzapa. Re ile ra tsamaea hammoho ka libaesekele re lebile toropong e bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 120. Re ile ra lahleha ’me ra tlameha ho robaletsa bosiu bo le bong ka ntlong ea likhoho. Botsikoane ba likhoho bo ne bo re loma, kahoo, mong’a moo o ile a besa mollo o monyenyane fatše bohareng, le hoja ho ne ho se na lifensetere.

Bosiung boo ntoa e ile ea kupa pakeng tsa mora oa moo re robetseng teng le baahi ba bang ba motse. Ka potlako mong’a moo le eena e ile eaba ha a sa botsa o se a kena ntoeng. Re ile ra tseba hore ha a ka hlōloa, re tla kena tsietsing. Ha rea ka ra bo hlotha bosiung boo ka lebaka la botsikoane, mosi le ntoa.

Pele ho mafube, re ile ra nyenyelepa re palame libaesekele, empa ra lahleha hape ka mor’a lik’hilomithara tse seng kae. Re ile ra tsamaea joalo letsatsi lohle, re tsamaea tseleng e seng e sa tsamauoe. Ha letsatsi le ea malikelong, kaha Leon o ne a lapile a bile a khathetse, o ile a lihuoa ke baesekele. O ile a oela lejoeng ka sefahleho, ’me la mo tabola molomo o ka holimo. O ne a tsoa mali haholo, empa re ile ra tsamaea ho fihlela re fihla motseng. Ha baahi ba motse ba bona Leon, ba ile ba batla ho tseba hore na ke mang ea neng a mo ntšitse kotsi. Re ile ra hlalosa hore o ne a lihuoe ke baesekele. Ba ile ba hana ho amohela tlhaloso eo ’me ba nqosa ka hore ke ’na ea mo ntšitseng leqeba. Le bosiung boo bohle ha rea ka ra bo hlotha; Leon o ne a opeloa, ’me baahi ba motse ba batla ho mpha kotlo ka hore le ’na ba ’ntše leqeba. Hoseng ho hlahlamang re ile ra tsamaea joalo ho fihlela qetellong re fihla motseng oo ho oona ho neng ho e-na le moriana. Ba ile ba tšela molomo oa Leon ka moriana o thibelang maqeba ho petla ’me ba koala leqeba leo ka lintho tse tšeletseng tse kopanyang leqeba. Ka mor’a moo re ile ra tsamaea lik’hilomithara tse 80 ra leba Gemena, moo qetellong ke ileng ka siea Leon hore a phekoloe sepetleleng se senyenyane. Ke ile ka tsoela pele ke le mong ho ea kopana le mosali oa ka, ka mor’a moo ra sebetsa ho theosa le nōka ho leba Kinshasa.

Mosali oa Pontien, e leng Marie, hangata o ne a e-ba teng maetong ana. O ile a hlokahala ka 1963. Ka 1966, Pontien o ile a nyala hape ’me a tsoela pele mosebetsing oa potoloho ho fihlela ka 1969. O ntse a le tšebeletsong ea nako e tletseng, e le pula-maliboho oa kamehla.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 195, 196]

Puisano le François Danda

O Hlahile ka: 1935

O Kolobelitsoe ka: 1959

Pale ea Bophelo ba Hae: E bile molebeli ea tsamaeang ho tloha ka 1963 ho ea ho 1986. O sebelelitse Bethele ea Congo ho tloha ka 1986 ho ea ho 1996. Hona joale ke moholo ebile ke pula-maliboho ea khethehileng.

Ka 1974, ke ne ke etela phutheho ea Kenge, Profinseng ea Bandundu, ha ba supileng ba rōna re tšoaroa ke masole a mokha o busang. Qoso e ka sehloohong e ne e le hore re hanne ho kopanela meketeng ea lipolotiki e tlotlisang hlooho ea naha. A ile a re kenya ka har’a sele e se nang lifensetere e bophara ba limithara tse peli le bolelele ba limithara tse peli. Ha ho le ea mong oa rōna ea neng a khona ho lula kapa ho robala fatše; re ne re khona feela ho itšetleha ka ba bang. Re ne re lumeletsoe ho tsoa habeli feela ka letsatsi, ’me re bile ka seleng eo ka matsatsi a 45. Ha mosali oa ka, Henriette, a utloa se etsahetseng, o ile a tsamaea lik’hilomithara tse 290 ho tloha Kinshasa ho tla mpona. Leha ho le joalo, ba ile ba mo lumella hore a mpone hanngoe feela ka beke.

Ka letsatsi le leng mochochisi oa ’muso o ile a etela chankana ena. O ne a etselitsoe mokete oa lipolotiki oa ho mo tlotlisa. Bohle ba ne ba bina lipina tsa lipolotiki ba bile ba pheta mapetjo a mokha, haese rōna feela. Mochochisi o ne a loloma ke bohale ’me a ntša taelo ea hore ke laele barab’abo rōna ba tšeletseng hore re bine. Ke ile ka mo araba ka ho re ke ne ke se na matla holim’a bona le hore ke qeto ea bona hore na baa bina kapa che. Ke ile ka otloa ka lebaka la sena.

Hamorao, re ile ra palamisoa ka morao koloing e hulang ka mabili a mane. Masole a mabeli a ile a palama ho re lebela, ’me mochochisi eena o ile a palama ka pele le mokhanni. Re ne re habile motseng oa Bandundu, motse-moholo oa profinse e bitsoang ka lona lebitso leo. Koloi ena e ne e fofa. Ke ile ka bolella barab’abo rōna hore ba itšoarelle ka thata, eaba ke qala ho rapela. Hantle feela moo ke qetang thapelo, koloi e ile ea tjeka ka potlako haholo eaba e hlaba hlohlolingoane. E bile ho makatsang hore ebe ha ho ea ileng a shoa kapa a tsoa kotsi. Re ile ra ikutloa hore Jehova o ne a re sirelelitse. Ha re se re tsositse koloi, mochochisi o ile a laela masole ao a mabeli hore a re khutlisetse chankaneng ka maoto. Koloi e ile ea tsoela pele ho leba Bandundu.

Ha re khutlela chankaneng, masole a ile a bolella ba boholong se neng se etsahetse ’me a ba kōpa ka tieo hore ba re lokolle. Mookameli oa chankana o ile a khahloa ke litaba tsena haholo, a lumela hore Molimo o ne a re sirelelitse. Re ile ra qeta matsatsi a seng makae a latelang re le seleng e tloaelehileng ’me ra lumelloa ho tsama-tsamaea lebaleng le batšoaruoa ba bang. Ka mor’a moo re ile ra lokolloa.

Ka mor’a ho sebeletsa mosebetsing oa potoloho ka lilemo tse 24, François le Henriette ba ile ba memeloa ho ea Bethele. Lilemo tse leshome hamorao ba ile ba ea mosebetsing oa bopula-maliboho bo khethehileng. Henriette o hlokahetse ka la 16 August, 1998.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 200-202]

Puisano le Michael Pottage

O Hlahile ka: 1939

O Kolobelitsoe ka: 1956

Pale ea Bophelo ba Hae: Michael le mosali oa hae, Barbara, ba ile ba sebeletsa Congo ka lilemo tse 29. Hona joale ba Bethele ea Brithani, ’me Michael ke moholo phuthehong ea Selingala London.

Bothata ba rōna bo boholo e ne e le ho ithuta puo. Qalong re ile ra lokela ho bua Sefora phollatsi, e leng puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao Congo. Tseo e ne e sa le linyane. Katanga, re ile ra ithuta Seswahili; Kananga, re ile ra lokela ho ipabola ka Setshiluba; ’me ha re abeloa Kinshasa, re ile ra ithuta Selingala.

Sena sohle se ile sa ipaka se le molemo haholo. Tabeng ea pele, barab’abo rōna ba ne ba re phutholohela kapele ha re etsa boiteko ba ho buisana le bona. Ba ile ba nka boiteko ba rōna ba ho bua lipuo tsa bona e le bopaki ba hore rea ba rata ebile re ba thahasella e le kannete. Molemo oa bobeli e ne e le hore tšebeletso e ile ea e-ba le liphello tse khōlō ka ho eketsehileng. Hangata ha mong’a ntlo a ne a utloa re bua puo ea hae, pele o ne a makala, ka mor’a moo a thaba, a ntan’o hlompha le ho lakatsa ho utloa seo re tlil’o se bua.

Ha re ne re tsamaea re le mosebetsing oa setereke, ho tseba ha rōna lipuo tsa sebaka sena ho ile ha re sireletsa maemong a neng a ka ba kotsi. Ho ne ho tloaelehile hore masole le ba mokha oa lipolotiki ba thibe tsela linakong tse mahlonoko ’me ba ne ba sebelisa seo bakeng sa ho qhekella batho ho ba nkela chelete. Batho ba tsoang linaheng tse ling ke bona bao haholo-holo ba neng ba nkoa e le ba ka hlaseloang habonolo le bao ho ka fumanoang chelete e ngata ho bona. Ha re emisoa moo ho thibiloeng tsela, re ne re lumelisa masole ka puo ea sebaka seo. Sena se ne se etsa hore a chechele morao ka ho makala. Joale a ne a re botsa hore na re bo-mang. Ha re khona ho bua ho feta feela tumeliso e bonolo ’me re khona ho hlalosa ka puo ea bona hore na ehlile re etsa eng, hangata a ne a thabela seo, a kōpa lingoliloeng tsa rōna ebe a re lakaletsa leeto le sireletsehileng le tlhohonolofatso ea Molimo.

Hangata re ne re angoa ka botebo ke lerato la sebele la boitelo le neng le bontšoa ke barab’abo rōna ba Maafrika. Ka lilemo tse ngata Congo e ne e le naha e nang le mokha o le mong oa lipolotiki ’me ba sa jeleng paate joaloka Lipaki Tsa Jehova ba ne ba hanyetsoa ka matla ’me ka linako tse ling e le ka mabifi. Boemong bona, re ne re tsamaea ka koloi ea jipi mosebetsing oa setereke, re sebeletsa barab’abo rōna likopanong.

Ke sa ntsane ke hopola kopano e ’ngoe hantle. Lenaneong la mantsiboea letsatsing la ho qetela, mookameli oa sebaka seo oa mokha oa lipolotiki o ile a pota ka mor’a sethala. O ne a tahiloe a bile a le tala ka hanong, a tsitlallela hore re mo lumelle ho ea sethaleng ho bolella bohle hore ba lokela ho reka karete ea lipolotiki. Ha re hana, o ile a halefa a ba a re hlapaola, a bolela hore Lipaki Tsa Jehova li khahlanong le ’muso ’me li lokela ho kenngoa chankaneng. Bara ba bang babo rōna ba ile ba atleha ho mo khothalletsa hore a tsamaee. O ile a tsamaea a bua a hoelelitse hore o il’o re tlaleha ho motsamaisi ’me o tla khutla ho tla chesa jipi ea rōna le ntlo ea joang eo re neng re lula ho eona. Re ne re tseba hore o tiile.

Barab’abo rōna ba ile ba etsa ketso e babatsehang. Ho e-na le ho baleha ka tšabo, ba ile ba re potoloha, ba re khothalletsa hore re tšepe Jehova ’me re siee litaba matsohong a hae. Ka mor’a moo ba ile ba chenchana ho lebela ntlo ea rōna ea joang le jipi bosiu bohle. E bile phihlelo e amang maikutlo haholo. Hase feela hore barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho shoa bakeng sa ho re sireletsa, empa hape ba ne ba ikemiselitse ho amohela bokhopo leha e le bofe bo neng bo ka ’na ba ba hlahela ha re qeta ho tsamaea ka lebaka la ho hana ho tšehetsa mokha oa lipolotiki. Ha re e-s’o lebale pontšo ena ea lerato la boitelo la Bokreste, hammoho le lipontšo tse ling tse ngata tse amang maikutlo tsa lerato tseo re li boneng lilemong tseo re li qetileng Congo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 211-213]

Puisano le Terence Latham

O Hlahile ka: 1945

O Kolobelitsoe ka: 1964

Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a qeta lilemo tse 12 e le moromuoa. O ile a ithuta Sefora, Selingala le Seswahili. Hajoale o sebeletsa Spain le mosali oa hae le bana ba babeli.

E ne e le ka 1969 ha ’na le Raymond Knowles re ea Kisangani ka sefofane. Ka nako eo motse ona o ne o e-na le baahi ba ka bang 230 000 ’me e ne e le motse-moholo oa profinse e ka leboea-bochabela Congo.

Re ile ra amoheloa ka mofuthu hakaakang ke bahoeletsi ba seng bakae le batho ba bangata ba thahasellang sebakeng seo! Ba ile ba re fa limpho tse ngata—liphopho, liphaenapole le libanana hammoho le litholoana tse ling tseo re neng re qala ho li bona tsa litropikeng. Ba bang ba ne ba bile ba tlisitse likhoho tse phelang le likolopata. Ka mosa Samuel Tshikaka o ile a re fa bolulo ha hae. Leha ho le joalo, nakoana hamorao re ile ra fumana ntlo eo re ileng ra e hira. Ka mor’a moo Nicholas le Mary Fone esita le Paul le Marilyn Evans ba ile ba tla. Re ne re thabile hakaakang! Re le ’moho re ile ra nchafatsa ra ba ra penta lehae la pele la baromuoa Kisangani. Le ne le se le pota-potiloe ke mofilibithi oa lifate tsa morara le joang bo bolelele, ’me nakong ea ha re ntse re hloekisa, re ile ra ntša linakeli tse peli ka har’a marulelo. Hamorao, Peter le Ann Barnes ba ile ba tla lula le rōna lehaeng leo la baromuoa, hammoho le Ann Harkness, eo e neng e se e le mosali oa ka.

Ke lilemong tsa pele tse ’nè tsa ho bolela Kisangani moo re ileng ra ithuta Selingala le Seswahili ’me ra atamelana le batho ba moo ba ratang baeti le ba nang le botsoalle. Re ne re e-na le lithuto tse ngata hoo re neng re lokela ho sebetsa ho tloha ka malungoalungoana ho fihlela ka phirimana ho li hlokomela kaofela. Lilemong tseo re li qetileng Kisangani, re ile ra bona sehlopha sa bahoeletsi ba ka tlaase ho leshome se hōla ho ba liphutheho tse robeli.

Ka lekhetlo le leng ha re ne re tsamaea ka koloi tseleng ea Ituri, ba bangata ba rōna ba ile ba bona motse oa Mapygmy. Re ne re labalabela ho bolela ho baahi bao. Litsebi tse ling li re Mapygmy a nka hore moru ke ’mè oa ’ona kapa ntate oa ’ona hobane o a fa lijo, liaparo le bolulo. Ka lebaka leo, Mapygmy a nka moru o halalela ’me a lumela hore a ka buisana le oona ka mokete o bitsoang molimo. Mokete ona o akarelletsa ho tjeka le ho bina ho pota-pota mollo. Motjeko o tsamaisana le terompeta ea molimo, e leng phala e telele ea lehong eo banna ba e letsang ho hlahisa ’mino le melumo ea liphoofolo.

Re ne re khahliloe ke mokhoa o thahasellisang oo batho bana ba sa luleng nģ’a e le ’ngoe ba ahileng ka oona, bao ka tloaelo ba lulang sebakeng se le seng khoeli e le ’ngoe feela kapa nako e isang moo. Liahelong tsa bona ho ne ho e-na le mehaho eo ho robaloang ho eona e bōpehileng joaloka ntlo ea linotši e hahiloeng ka lifate tse nyenyane le makhasi. Mehaho ena e ne e e-na le monyako o le mong feela ’me e ne e ka hahoa ka lihora tse peli kapa ka tlaase ho moo. O mong le o mong o ne o lekane hore feela batho ba seng bakae ba robale ba finne mankoko ka har’a oona. Bana ba bang ba ile ba atamela ho tla ama letlalo la rōna le moriri; ba ne ba qala ho bona makhooa. E bile tokelo e kaakang ho kopana le batho bao ba nang le botsoalle ba morung le ho bolela har’a bona! Ba ile ba re bolella hore ba kile ba kopana le Lipaki tse ileng tsa ba etela li tsoa metseng e haufi le liahelo tsa bona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 215, 216]

Puisano le David Nawej

O Hlahile ka: 1955

O Kolobelitsoe ka: 1974

Pale ea Bophelo ba Hae: Ke eena ea sebelelitseng ka nako e telele ka ho fetisisa Bethele ho litho tsohle tsa lelapa la Bethele tsa Congo. Hape ke setho sa Komiti ea Lekala.

Ka 1976, ke ile ka makala ha ke fumana lengolo le ’memelang ho tla Bethele. Mantsoe a reng “ho potlakile” le “hang-hang” a ne a sehetsoe mōla ka tlas’a ’ona lengolong leo. Ke ne ke lula Kolwezi, e ka bang lik’hilomithara tse 2 450 ho tloha Kinshasa. Ho ne ho se bonolo ho tloha lapeng, empa ke ne ke batla ho arabela joaloka Esaia ha a ne a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esa. 6:8.

Ha ke fihla Bethele, barab’abo rōna ba ile ba mpontša mochine o thaepang ’me ba mpotsa hore na ke tseba ho thaepa. Ke ile ka bolela hore ke serōki ’me ke tseba ho sebelisa mochine o rōkang empa eseng o thaepang. Leha ho le joalo, ke ile ka theohela ’me ka ithuta ho thaepa. Ka nako eo ke ne ke sebetsa lefapheng la Phetolelo le lefapheng la Tšebeletso.

Hamorao ke ile ka isoa lefapheng la Ngollano. Karolo ea kabelo ena e ne e le ho sebetsana le litlankane tseo batho ba li sehang ho lingoliloeng tsa rōna ebe ba li romela ofising. Hangata ba ne ba kōpa lingoliloeng tse ling. Ke ne ke atisa ho ipotsa hore na batho ba ne ba nka khato efe ka lingoliloeng tseo ba li amohetseng. Ke tseba se ileng sa etsahala ketsahalong e ’ngoe. Bahlankana ba babeli ba ile ba hatela pele ka potlako. Hamorao e ile ea e-ba bo-pula-maliboho, ’me hamorao ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ha ba memeloa ho tla Bethele, ke ile ka lula le e mong.

Ka linako tse ling batho ba ne ba ngolla Bethele ba kōpa chelete. Ho ne ho e-na le lengolo le ngotsoeng ka masene, le hlalosang hore mosebetsi oa rōna ke oa boithaopo ’me le khothalletsa motho hore a ithute Bibele. Neng-neng khale, ho na le mor’abo rōna ea ileng a mpolella hore o ile a amohela ’nete ka lebaka la lengolo le joalo. O ile a mpontša lona. Lilemong tse ngata pele ho moo, o ne a ile a ngolla Bethele a kōpa chelete. O ile a amohela khothatso eo a ileng a e fuoa ’me hona joale o ’neteng.

Hamorao ke ile ka sebetsana le litaba tsa molao. Ka lekhetlo le leng ke ile ka thusa barab’abo rōna ba sebaka sena ba neng ba qosoa ka hore ha baa qhoaela beche ea mokha. Ke ile ka iteta sebete ’me ka re ho ba boholong: “Beche ee e paka eng? Ntoa ea lehae e sa tsoa lala, ’me bohle bao le neng le ba loantša ba ne ba qhoaetse libeche. Beche ena ha e bolele letho; hase bopaki ba seo motho a hlileng a se nahanang. Seo e hlileng e leng sa bohlokoa ke seo motho a leng sona ka hare. Lipaki Tsa Jehova ke baahi bao le ka mohla ba ke keng ba qala ntoa ea lehae. Boikutlo bona ba ho boloka molao ke ba bohlokoa haholo ho feta beche.” Barab’abo rōna ba ile ba lokolloa. Kamehla Jehova o ne a re thusa maemong a joalo.

Hona joale ke se ke sebelelitse Bethele ka lilemo tse fetang 27. Le hoja ke e-na le mefokolo e itseng ’meleng hape ke sa kena sekolo hakaalo, ke lula ke ikitlaetsa e le hore Jehova a ka ntšebelisa. Bethele ho sa ntsane ho e-na le litlhoko tse potlakileng le tse hlokang ho etsoa hang-hang!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 219, 220]

Puisano le Godfrey Bint

O Hlahile ka: 1945

O Kolobelitsoe ka: 1956

Pale ea Bophelo ba Hae: O fumane lengolo sehlopheng sa bo47 sa Gileade. O ile a sebeletsa Congo ka lilemo tse 17. Hajoale o sebeletsa Komiting ea Lekala Rwanda. O bua Sefora, Selingala, Senyesemane, Seswahili le Setshiluba.

Ka 1973, ke ne ke le tšebeletsong ea tšimo Kananga le mor’abo rōna oa sebakeng seo. Ba boholong ba ile ba fihla lelapeng leo re neng re khanna thuto ea Bibele ho lona ’me ba re tšoara. Re ile ra qeta libeke tse latelang tse peli chankaneng. Nakong ena, moromuoa-’moho le ’na, e leng Mike Gates, o ile a re tlisetsa lijo, kaha li ne li le sieo ho hang chankaneng. Qetellong, re ile ra lokolloa. Likhoeli tse tharo hamorao, ka letsatsi leo ’na le Mike re neng re lokiselitse ho palama sefofane ho ea kopanong ea machaba Engelane, re ile ra utloa hore bara bohle babo rōna phuthehong e haufi ba ne ba tšoeroe. Re ne re batla ho ba bona le ho ba fa lijo. Re ile ra makatsoa ke hore ha re kōpa ho bona barab’abo rōna, ’maseterata o ile a laela hore re tšoaroe. Ha re ntse re emetse hore bese ea chankana e re ise chankaneng, re ile ra utloa ha sefofane sa rōna se tloha. U ka inahanela hore na molumo oo o ile oa re utloisa bohloko joang!

Ha re fihla chankaneng, ke ile ka hlokomela hore batšoaruoa ba bangata bao ke neng ke koaletsoe le bona likhoeling tse tharo tse fetileng, ba ne ba ntse ba le chankaneng. Kaha joale mphato oa ka ea neng a ntlisetsa lijo le eena o ne a tšoeroe, batšoaruoa ba ile ba botsa: “Lekhetlong lee ke mang ea tla u tlisetsa lijo?”

Re ile ra re barab’abo rōna ba tla re tlisetsa lijo, empa batšoaruoa ba ile ba sisinya lihlooho. Ba ne ba tseba hore ha ho sa na Lipaki tse ling tsa Makhooa sebakeng seo. Ba ile ba makala hakaakang letsatsing le hlahlamang ha barab’abo rōna ba Congo ba fihla ka lijo tse ngata hoo re ileng ra li arolela bona batšoaruoa bao! E ne e le bopaki bo babatsehang mabapi le mokhatlo oa rōna oa machaba oa bara ba motho le lerato le re kopanyang. Bara bao babo rōna ba ratehang ba ileng ba re tlisetsa lijo ba ile ba ipeha kotsing ea ho kenngoa chankaneng ka lebaka la ketso ena. Re ile ra lokolloa ka mor’a matsatsi a mahlano. Ka mor’a moo re ile ra ea Engelane ka sefofane, ra fihla hantle feela ha kopano e qala.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 224-226]

Puisano le Nzey Katasi Pandi

O Hlahile ka: 1945

O Kolobelitsoe ka: 1971

Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a sebeletsa ntle ho tšabo masimong a thata e le morali’abo rōna oa lesoha ’me hamorao a tsamaea le monna oa hae mosebetsing oa potoloho ho tloha ka 1988 ho ea ho 1996. Hona joale o tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng Kinshasa.

Ka 1970, ke ne ke bala Bibele ha ke utloa motho a kokota monyako oa moo ke lulang teng Kinshasa. E ne e le monna ea nang le mora oa hae e monyenyane. Moshemane o ile a qala ho bua ka Bibele ’me a kōpa hore ke phetle Bibele ea ka ho Matheu 24:14. Kamehla ke ne ke inka ke le motho ea ratang lintho tsa bolumeli, empa ha kea ka ka khona ho fumana lengolo leo. O ile a nthusa, ’me ra qoqa hamonate.

Mor’abo rōna o ile a bona hore ke na le thahasello ’me a ’memela ho ba teng libokeng Sontaheng se latelang. Li ne li tšoareloa ka mor’a ntlo ea mor’abo rōna, kaha mosebetsi oa Bopaki o ne o thibetsoe. Ke ile ka rata puo ’me ka emela Thuto ea Molula-Qhooa. Hona mantsiboeeng ao, barab’abo rōna ba ile ba tla moo ke lulang teng ’me ba qala ho nkhannela thuto.

Hamorao, ke ile ka kolobetsoa ’me ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso, ke ile ka bala hore ho na le tlhokahalo e khōlō likarolong tse ling tsa naha. Ke ile ka botsa hore na nka ea Kenge, Profinseng ea Bandundu. Barab’abo rōna ba ile ba lumela, empa ba ntemosa hore ba bang ba ile ba tšoaroa hona moo. Ke ile ka nahana, ‘Ba ke ke ba khona ho tšoara e mong le e mong.’ Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho ea.

Ke ile ka fihla mantsiboea ’me ka thabela ho tseba hore molebeli oa potoloho, e leng François Danda, o ne a etetse phutheho eo. Hoseng ho hlahlamang ke ile ka ea sebokeng sa tšebeletso ea tšimo, ka makala ha ke fumana hore François le bara ba bang babo rōna ba ’maloa ba ne ba tšoeroe. Mookameli oa tšireletso o ile a batla ho buisana le ’na. O ile a re: “Rea tseba hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova. U ka lula Kenge haeba u batla, empa haeba re ka u bona u tsamaea u nkile mokotla, re tla u tšoara.”

Baahi ba motse ba ne ba halefisitsoe haholo ke mookameli oa tšireletso le bao a sebetsang le bona. Ba ne ba tseba hore Lipaki Tsa Jehova li ne li sa ntše mang kapa mang kotsi. Batho ba ne ba bolela hore basebetsi ba tsa tšireletso ba lokela ho tsoa letšolo ho loantša bonokoane—ho ne ho e-na le linokoane tse ngata—ho e-na le ho senya nako ea bona ka Lipaki Tsa Jehova. Qetellong barab’abo rōna ba ile ba lokolloa.

Ke ile ka khetheloa ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng ka 1975 ’me ka etela litoropo le metse e mengata, ke lula libeke tse peli kapa tse tharo sebakeng ka seng. Ka mor’a nako e khutšoanyane, ho ile ha thehoa lihlopha tse tšeletseng tsa batho ba thahasellang. Ke ile ka ngolla lekala, ke kōpa hore ho romeloe barab’abo rōna ho tla lisa le ho hlokomela lihlopha tseo.

Ke ile ka kopana le Jean-Baptiste Pandi, eo le eena e neng e le pula-maliboho ea khethehileng. Nakong e fetileng, ke ne ke ile ka bua le baromuoa ka lenyalo le tšebeletso ea nako e tletseng. Ba ile ba mpolella hore haeba ke batla ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ka nako e telele, ho ne ho tla ba bonolo haeba ke se na bana. Jean-Baptiste o ile a lumela, ’me ra nyalana. Batho ba lumela hore bana ba tla fana ka tšireletseho ha motho a se a hōlile. Leha ho le joalo, linako li fetohile, ’me ke tseba batsoali ba bangata ba ileng ba soetseha haholo. ’Na le Jean-Baptiste ha rea soetsoa ke letho.

Ho theosa le lilemo, re bone ha batho ba bangata ba amohela ’nete. Ke thabisitsoe ka ho khetheha ke lelapa leso. Ha kea thusa Ntate le ’Mè feela, empa ke thusitse le likhaitseli tsa ka tse ’nè le ngoan’eso oa ngoanana hore ba amohele ’nete.

Pesaleme ea 68:11 e re: “Basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.” Sena se bolela hore rōna baralib’abo rōna re na le boikarabelo bo boholo ’me re lokela ho etsa seo re ka se khonang. Ke leboha Jehova haholo hore ebe o ntumeletse ho ba le seabo.

[Lebokose le leqepheng la 240]

Phetolelo ea Lijo Tsa Moea

Le hoja Sefora e le puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao Congo, Selingala ke eona puo e khōlō e buuoang Kinshasa le haufi le Nōka ea Congo. Le hoja Selingala se se na mantsoe a mangata, se na le lipolelo tse bolelang ho hongata. Ka mohlala, polelo e reng “ho baka” ke kobongola motema, eo ka ho toba e bolelang “ho fetola pelo.” Polelo e ’ngoe e amanang le pelo le maikutlo ke kokitisa motema, eo ka ho toba e bolelang “ho kokobetsa pelo” kapa, ka mantsoe a mang, “ho khoba matšoafo.”

Molula-Qhooa o ’nile oa fetoleloa ka Selingala ka lilemo tse mashome. Hajoale, lingoliloeng li fetoleloa ka lipuo tse latelang tse buuoang Congo: Sekiluba, Sekinande, Sekipende, Sekisonge, Sekituba, Selingala, Selingombe, Selomongo, Semashi, Semonokutuba, Sengbaka, Seotetela, Seswahili (Congo), Setshiluba le Seuruundu.

[Lebokose le leqepheng la 247]

Oa Cheseha le Hoja a Holofetse

Richard ea lilemo li 20 o holofetse ’me o qetile lilemo tse 15 a sa tsohe liphateng. O khona ho tsamaisa hlooho feela. Leha ho le joalo, ka January 1997 e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Kamehla Richard o pakela ba mo etelang kamoreng ea hae. Ha a bua, lentsoe la hae le bontša ho kholiseha. Ka ho tloaelehileng, o bolela ka lihora tse leshome ka khoeli. Ka la 12 April, 1998, o ile a nkoa ka lempara ho ea kolobetsoa nōkeng e haufi le habo. Hona joale o khona ho ba teng kamehla libokeng. O boetse o ruta e mong oa beng ka eena ’nete, ’me motho eo o ba teng libokeng tsa Bokreste ’me o hatela pele hantle. Le hoja a fokola ’meleng, mora enoa oabo rōna o matlafalitsoe ke moea oa Molimo.

[Lebokose le leqepheng la 248]

“Hase ba Lefatše”

Ka letsatsi le leng sekolong, Esther ea lilemo li 12 o ile a makala ha tichere ea hae e re seithuti se seng le se seng se eme ka pel’a sehlopha ’me se bine pina ea sechaba. Ha e le nako ea hore Esther a bine, ka tlhompho o ile a bolella tichere hore a ke ke a khona ho e bina. Esther o pheta se ileng sa etsahala ka mor’a moo:

“Tichere e ne e halefile. Ke ile ka e botsa hore na nka bina pina e ’ngoe. E ile ea lumela. Ke ile ka bina pina e reng ‘Hase ba Lefatše.’ Ka mor’a moo tichere e ile ea re sehlopha sohle se lokela ho opa liatla, ’me se ile sa etsa joalo.

“Ha sehlopha se qhalana, tichere e ile ea mpitsetsa ka thōko ’me ea re e ratile pina eo e le kannete, haholo-holo mantsoe a eona. E ile ea eketsa ea re: ‘Kea bona hore lōna Lipaki Tsa Jehova le hlile le arohile lefatšeng. Boitšoaro ba hao ka tlelaseng le bona bo bontša sena.’

“Le ngoana e mong eo ke leng sehlopheng se le seng le eena o ne a thabile haholo. O ile a qala ho botsa lipotso ’me ke ile ka li araba. Ha selemo se fela, re ile ra lokela ho arohana, empa ke ile ka mo khothalletsa hore a batle Lipaki Tsa Jehova sebakeng seo a neng a fallela ho sona. O ile a etsa joalo ’me hona joale ke morali’abo rōna.”

[Lebokose le leqepheng la 251]

Botšepehi bo Tlotlisa Molimo

Mora e mong oabo rōna o ne a sebetsa fekthering. Ka letsatsi le leng ka lebaka la phoso ea sehlopha seo mor’abo rōna a neng a sebetsa le sona, karolo e ’ngoe ea thepa e ile ea senyeha. Mookameli o ile a etsa qeto ea ho leleka basebetsi bohle. O ile a ba fa moputso oa bona ’me a re ba tsamaee. Ha mor’abo rōna a fihla hae, o ile a hlokomela hore o ne a fuoe li-franc tse 500 (ka holimonyana ho R6,93) ka holimo ho chelete eo a loketseng ho e fumana, kahoo o ile a khutlisa chelete eo. O ile a sebelisa monyetla oo ho fana ka bopaki, ’me mookameli o ile a khahloa ke botšepehi ba mor’abo rōna hoo a ileng a re a ’ne a tsoele pele ho mo sebeletsa.

[Chate/Krafo e leqepheng la 176, 177]

CONGO (KINSHASA)—LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA

1932: Ho etsoa boiteko ba ho romela Lipaki Tsa Jehova Congo.

1940

1949: Qeto e tiisa thibelo e seng molaong ea Lipaki Tsa Jehova.

1960

1960: Congo e fumana boipuso, ’me ho qaleha nako ea ho mamellana bolumeling.

1962: Ho thehoa ofisi ea lekala Léopoldville (hona joale ke Kinshasa). Baromuoa ba pele baa fihla.

1966: Lipaki Tsa Jehova li amoheloa ka molao.

1971: Ho amoheloa ka molao hoa hlakoloa.

1980

1980: Li boetse li amoheloa ka molao.

1986: Lipaki Tsa Jehova lia thibeloa.

1990: Tokoloho ea bolumeli ea amoheloa le hoja e se ka molao.

1993: Lekhotla le ka Holimo-limo le hlakola thibelo ea 1986. Mosebetsi oa qala lekaleng le lecha.

2000

2003: Bahoeletsi ba 122 857 ba mafolofolo Congo (Kinshasa).

[Krafo]

(Sheba sengoliloeng)

Bahoeletsi ka Kakaretso

Bo-pula-maliboho ka Kakaretso

120 000

80 000

40 000

1940 1960 1980 2000

[Limmapa tse leqepheng la 169]

SUDAN

CENTRAL AFRICAN REPUBLIC

REPHABLIKI EA CONGO

BRAZZAVILLE

DEMOCRATIC REPUBLIC OF CONGO

Isiro

Bumba

Nōka ea Congo

Kisangani

Goma

Bukavu

Bandundu

KINSHASA

KASAI

Kenge

Kikwit

Matadi

Kananga

Mbuji-Mayi

KATANGA

Kamina

Luena

Kolwezi

Likasi

Lubumbashi

ANGOLA

ZAMBIA

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 162]

[Setšoantšo se leqepheng la 185]

Hélène, Ernest le Danielle Heuse ba Kinshasa lilemong tsa bo-1960

[Litšoantšo tse leqepheng la 186]

Litšoantšo tsa kolobetso e ileng ea etsoa likopanong tsa machaba tse ileng tsa bontšoa filiming ea “The Happiness of the New World Society” li ile tsa khahla bashebelli ba bangata ba Macongo

[Setšoantšo se leqepheng la 199]

Madeleine le Julian Kissel

[Setšoantšo se leqepheng la 205]

Libaka tse seng majabajaba tseo liboka li tšoareloang ho tsona li ile tsa hahoa naheng eohle

[Setšoantšo se leqepheng la 207]

Ofisi ea lekala Kinshasa, ka 1965

[Setšoantšo se leqepheng la 208]

Kopano Kolwezi, ka 1967

[Setšoantšo se leqepheng la 209]

Litsela tse mpe li ne li etsa hore ho be thata ho tsamaea ka koloi

[Setšoantšo se leqepheng la 221]

Kopano ea Setereke ea “Lerato la Bomolimo” Kinshasa, ka 1980, e ne e le kopano ea pele e khōlō e ileng ea tšoaroa moo ka mor’a lilemo tse robeli

[Setšoantšo se leqepheng la 223]

Ba bangata ba tsamaea ka maoto ka matsatsi-tsatsi ba nkile lijo le thepa, e le hore feela ba ee likopanong tse nyenyane le tse khōlō

[Setšoantšo se leqepheng la 228]

Ka December 1985, likhoeli tse tharo feela pele ho etsoa thibelo e matla, Kopano ea “Baboloki ba Botšepehi” e ile ea tšoaroa Kinshasa

[Setšoantšo se leqepheng la 230]

Nakong ea thibelo, barab’abo rōna ba ile ba mamella ho kenngoa chankaneng le ho otloa ka sehlōhō

[Setšoantšo se leqepheng la 235]

Zekaria Belemo, ea sebeletsang e le molebeli ea tsamaeang o etela sehlopha sa barab’abo rōna ba baphaphathehi ba tsoang Sudan

[Litšoantšo tse leqepheng la 237]

Likoloi tse matla li sebelisoa ho tsamaisa lingoliloeng litseleng tsa naha ena tse mpe

[Setšoantšo se leqepheng la 238]

Sehlopha sa pele sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Congo (Kinshasa) ka 1995

[Setšoantšo se leqepheng la 241]

Gisela le Sébastien Johnson

[Setšoantšo se leqepheng la 243]

Baromuoa ba 12 ba lula lehaeng lena Kinshasa

[Setšoantšo se leqepheng la 244, 245]

Liphallelo li ile tsa fihla li tsoa Europe ’me tsa abeloa ba li hlokang ka 1998

[Litšoantšo tse leqepheng la 246]

Balebeli ba tsamaeang, ba kang Ilunga Kanama (ea tlaase ka ho le letšehali) le Mazela Mitelezi (ea ka ho le letšehali fotong e ka hare), ba tobana le mathata a mangata libakeng tse tsekolotsoeng ke ntoa

[Litšoantšo tse leqepheng la 252, 253]

(1) Mehaho ea Bethele Kinshasa

(2-4) Liholo Tsa ’Muso tse sa tsoa hahoa

(5) Mor’abo rōna o thusa kahong ea Holo ea ’Muso

[Setšoantšo se leqepheng la 254]

Komiti ea Lekala, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Peter Wilhjelm, Benjamin Bandiwila, Christian Belotti, David Nawej, Delphin Kavusa, Robert Elongo, Sébastien Johnson le Uno Nilsson

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela