Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Samoa
Tlaleho ena ea Lipaki Tsa Jehova sebakeng sena se bitsoang “’Mè oa Mapolynesia” e bua ka batho ba inehetseng ho Molimo le ba ikemiselitseng ho lula ba tšepahala. Iphumanele hore na ho joang ho bolela litaba tse molemo metseng eo ho eona ho chesang ho bileng ho leng mongobo, moo batho ba teng ba tsebang Bibele hantle ba bileng ba ratang bolumeli hoo ba nang le puo e khethehileng eo ba e sebelisang ha ba rapela kapa ba bua ka Molimo. U tla utloa ka Lipaki tse hlōtseng mathata a bokuli a neng a bonahala eka a maholohali ’me li ntse li tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Bala ka lelapa le leng le neng le tsamaea lik’hilomithara tse 22 lithabeng e le hore le be teng libokeng, u be u fumane hore na ke hobane’ng ha motseng o mong bana ba ne ba tloaetse ho hoeletsa ba re: “Armagedone ke eo!”
Linaha Tsa Yugoslavia ea Mehleng
Sebakeng seo ho bileng le liqhoebeshano tsa morabe le tsa bolumeli tse bakileng tšollo ea mali le lehloeo, ho na le pale e ikhethang ea batho ba bileng le tumelo le sebete. Ha mor’abo rōna a hlalosa sehlopha sa Lipaki se ileng sa qabelloa motseng nako e telele ka ho fetisisa mehleng ena, o re: “Le hoja re ne re le Macroatia, Maserbia le Mabosnia—e leng eona merabe e neng e bolaeana ka ntle—rōna re ne re momahane borapeling bo hloekileng.” Ha u bala tlaleho ena, tumelo ea hao e tla matlafala ha u bona kamoo barab’abo rōna ba ileng ba tšepahala kateng nakong ea khotso le ea ntoa.