Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb14 maq. 112-113
  • Mekhatlo ea Sekhukhu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mekhatlo ea Sekhukhu
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
yb14 maq. 112-113

SIERRA LEONE LE GUINEA

Mekhatlo ea Sekhukhu

MEKHATLO ea sekhukhu e atile haholo Afrika Bophirimela ’me litho tsa eona ke batho ba merabe, litso le lipuo tse sa tšoaneng. Mekhatlo ena e laola litho tsa eona litabeng tsa likamano tsa sechaba, thuto le lipolotiki. Leha ho le joalo, ntho e ka sehloohong eo mekhatlo ena e sebetsanang le eona ke litaba tsa bolumeli. Mekhatlo ea sekhukhu e ’meli ho e meholo ka ho fetisisa ke Poro (oa banna) le Sande (oa basali).a Ka mohlala, mokhatlo oa Poro, o loanela “ho laola meea le ho tiisa hore e thusa banna.”—Initiation, 1986.

Litho tse ncha tsa Poro li rutoa liphiri tsa meea le tsa boloi ebile lia phatsoa. Litho tse ncha tsa Sande le tsona li rutoa meetlo ea bodemona ’me lia bolotsoa, le hoja lebollo la basali le se le felisitsoe libakeng tse ling.

Mekhatlo e meng ea sekhukhu e laola boitšoaro ba batho mabapi le ho kopanela liphate le ho sebelisa litlhare ho phekola bohlanya kapa maloetse a mang. Ha ntoa ea lehae e ntse e kupa Sierra Leone, mokhatlo o mong oa sekhukhu o ile oa re sethunya se ke ke sa khona ho bolaea litho tsa oona. Empa ho ne ho se joalo.

Litho tsa mekhatlo ena li qobelloa ho boloka makunutu. Motho ea sa mameleng melao ea mokhatlo oa sekhukhu o ipeha kotsing ea ho bolaoa.

a Libakeng tse ling, Sande e bitsoa Bondo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela