2 Samuele
15 Eitse ka mor’a lintho tsena Absalome a re a etsetsoe koloi, e nang le lipere le e nang le banna ba mashome a mahlano ba mathang ka pel’a hae.+ 2 Absalome a tsoha hoseng ’me a ema lehlakoreng la tsela e eang hekeng.+ E ne e re ha motho leha e le ofe a e-na le nyeoe e lokelang ho tla ho morena bakeng sa kahlolo,+ joale Absalome o ne a mo bitsa ’me a re: “U tsoa motseng ofe?” ’me o ne a re: “Mohlanka oa hao o tsoa ho o mong oa meloko ea Iseraele.” 3 Absalome o ne a re ho eena: “Bona, litaba tsa hao li ntle ebile li otlolohile; empa ho morena ha ho ea u utloang.”+ 4 Absalome o ne a tsoela pele ho re: “Hoja ke ne ke behiloe moahloli naheng,+ hore motho e mong le e mong ea nang le nyeoe kapa kahlolo a tle ho ’na! Joale ka sebele ke ne ke tla mo etsa ka toka.”+
5 E ne e re ha motho a atamela ho mo inamela, o ne a otlolla letsoho ’me a mo tšoare+ a mo ake. 6 Absalome a ’na a etsa ntho e joaloka ena ho Baiseraele bohle ba neng ba kena bakeng sa kahlolo ho morena; Absalome a ’na a hapa lipelo tsa batho ba Iseraele.+
7 Eitse bofelong ba lilemo tse mashome a mane Absalome a re ho morena: “Ka kōpo, e-re ke ee Hebrone+ ’me ke phethe boitlamo ba ka boo ke bo entseng ka tieo ho Jehova. 8 Etsoe mohlanka oa hao o entse boitlamo+ bo tiileng ha ke ntse ke lula Geshure+ e Syria, ka re, ‘Haeba ruri Jehova o tla nkhutlisetsa Jerusalema, le ’na ke tla etsetsa Jehova tšebeletso.’”+ 9 Kahoo morena a re ho eena: “E-ea ka khotso.”+ Eaba oa tloha ’me o ea Hebrone.
10 Joale Absalome a romela lihloela+ melokong eohle ea Iseraele, a re: “Hang ha le utloa molumo oa lenaka, le re, ‘Absalome ke morena+ Hebrone!’”+ 11 Joale banna ba makholo a mabeli ba ne ba tsamaile le Absalome ho tloha Jerusalema, ba bitsitsoe ’me ba ea ba sa belaelle letho, ’me ba ne ba sa tsebe letho. 12 Ho ekelletsa moo, ha a nyehela mahlabelo, Absalome a romeletsa ho Akitofele+ Mogilone,+ moeletsi+ oa Davida, ho tsoa motseng oa habo Gilo.+ Morero oa bolotsana+ oa ’na oa e-ba matla haholo, ’me batho ba ne ba eketseha ka palo+ ka ho tsoelang pele ho Absalome.
13 Ka mor’a nako motlalehi oa litaba a fihla ho Davida, a re: “Lipelo+ tsa batho ba Iseraele li setse Absalome morao.” 14 Hang-hang Davida a re ho bahlanka bohle ba hae ba neng ba e-na le eena Jerusalema: “Emang, ’me re baleheng;+ etsoe re ke ke ra phonyoha ka lebaka la Absalome! Tsamaeang ka potlako, esere a potlaka ’me a re fumana eaba o re tlisetsa se sebe ’me o hlasela motse ka bohale ba sabole!”+ 15 Eaba bahlanka ba morena ba re ho morena: “Ho ea ka sohle seo khosi ea ka morena a ka se khethang, bahlanka ba hao ke bana.”+ 16 Kahoo morena a tsoa le bohle ba ntlo ea hae ba le maotong a hae,+ eaba morena o siea basali ba leshome, lirethe,+ hore li hlokomele ntlo. 17 Morena a tsoela pele ho tsoa le batho bohle ba le maotong a hae; ba emisa Bethe-merehake.
18 Bahlanka bohle ba hae ba ne ba tšela lehlakoreng la hae; Bakerethe bohle le Bapelethe+ bohle le Bagathe+ bohle, banna ba makholo a tšeletseng ba neng ba mo latetse ho tsoa Gathe,+ ba ne ba tšela ka pel’a sefahleho sa morena. 19 Joale morena a re ho Itai+ Mogathe: “Ke hobane’ng ha le uena u lokela ho ea le rōna? Khutla+ ’me u lule le morena; kaha u osele ’me, ntle ho moo, u moholehuoa ho tsoa sebakeng sa heno. 20 Ke maobane ha u ne u tla ’me na kajeno ke tla etsa hore u hlahlathele+ le rōna, hore u tsamaee ha ke e-ea kae kapa kae moo ke eang teng? Khutla ’me u boele morao le barab’eno, [’me e se eka Jehova a ka u bontša] mosa o lerato+ le botšepehi!”+ 21 Empa Itai a araba morena a re: “Ka Jehova ea phelang le ka khosi ea ka morena ea phelang,+ sebakeng seo khosi ea ka morena a ka bang ho sona, ebang ke bakeng sa lefu kapa bakeng sa bophelo, ke hona moo mohlanka oa hao a tla ba teng!”+ 22 Eaba Davida o re ho Itai:+ “Tsamaea ’me u tšele.” Kahoo Itai Mogathe a tšela, hammoho le batho bohle ba hae le bana bohle ba banyenyane ba neng ba e-na le eena.
23 Batho bohle ba naha ba ne ba lla ka lentsoe le phahameng, ’me batho bohle ba ne ba tšela, ’me morena o ne a eme phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone,+ ’me batho bohle ba ne ba tšela tseleng e bulehileng e eang lefeelleng. 24 Bonang! ho ne ho e-na le Tsadoke+ ’me a e-na le Balevi+ bohle ba jereng+ areka+ ea selekane ea Molimo oa ’nete; ba beha areka ea Molimo oa ’nete fatše pel’a Abiathare+ ho fihlela batho bohle ba qetile ho tšela ho tsoa motseng. 25 Empa morena a re ho Tsadoke: “Khutlisetsa areka+ ea Molimo oa ’nete motseng.+ Haeba ke tla fumana kamohelo mahlong a Jehova, ka sebele o tla boela a nkhutlise ’me a ntumelle ho e bona le sebaka sa eona sa bolulo.+ 26 Empa haeba sena ke seo a tla se bua, ‘Ha kea khahloa ke uena,’ ke ’na enoa, a ke a nketse feela joalokaha ho le molemo mahlong a hae.”+ 27 Morena a tsoela pele ho re ho moprista Tsadoke: “U seboni,+ na ha ho joalo? Khutlela motseng ka khotso, le mora oa hao Akimaze le Jonathane+ mora oa Abiathare, bara ba lōna ba babeli, hammoho le lōna. 28 Bonang, ke tla lieha malibohong a lefeella ho fihlela lentsoe le tla ho tsoa ho lōna ho ntsebisa.”+ 29 Tumellanong le hoo Tsadoke le Abiathare ba khutlisetsa areka ea Molimo oa ’nete Jerusalema, eaba ba tsoela pele ho lula moo.
30 Davida o ne a nyoloha ka moepa oa Mehloaare,+ a nyoloha a ntse a lla, a ikoahetse hlooho;+ o ne a tsamaea a sa roala letho maotong, ’me e mong le e mong ho batho bohle ba neng ba e-na le eena o ne a ikoahetse hlooho, ’me ba nyoloha ba ntse ba lla. 31 Ha tlaleheloa Davida, ha thoe: “Akitofele o har’a ba rerang bolotsana+ le Absalome.”+ Eaba Davida o re:+ “Ka kōpo, Jehova,+ fetola keletso ea Akitofele booatla!”+
32 Eitse ha Davida a fihla tlhōrōng ea thaba moo batho ba neng ba tloaetse ho inamela Molimo teng, Hushai+ Moareke+ o ne a tlil’o mo khahlanyetsa, seaparo sa hae se selelele sa ka holimo se hahotsoe ’me a le mobu hloohong.+ 33 Leha ho le joalo, Davida a re ho eena: “Haeba u ne u tšetse le ’na, joale ka sebele u ne u tla ba mojaro ho ’na.+ 34 Empa haeba u khutlela motseng ’me u re ho Absalome, ‘Ke mohlanka oa hao, Morena. Ke ’nile ka ba mohlanka oa ntat’ao, ka nako eo, empa joale ke mohlanka oa hao,’+ joale u nyopise+ keletso ea Akitofele bakeng sa ka. 35 Na baprista Tsadoke le Abiathare ha ba hammoho le uena moo?+ Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u ka e utloang ntlong ea morena u lokela ho e bolella baprista Tsadoke le Abiathare.+ 36 Bona! Bara ba bona ba babeli ba na le bona moo, Akimaze+ oa Tsadoke le Jonathane+ oa Abiathare; le nthomelle ka bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le ka e utloang.” 37 Kahoo Hushai, motsoalle oa Davida,+ a kena motseng. Ha e le Absalome,+ a tla Jerusalema.