Mantaha la 28 July
Ya nang le lona o matla ho feta ya nang le batho ba lefatshe.—1 Joh. 4:4.
Ha o ikutlwa o tshohile, nahana ka dintho tseo Jehova a tla di etsa nakong e tlang ha Satane a se a fedisitswe. Pontsho e ileng ya fanwa kopanong ya setereke ya 2014 e ile ya bontsha Ntate a buisana le lelapa la hae ka hore na 2 Timothea 3:1-5 e ka reng haeba e ne e ka hlalosa hore na bophelo bo ne bo tla ba jwang Paradeiseng, o ile a re: “Lefatsheng le letjha bophelo bo tla ba monate. Batho ba tla rata batho ba bang, ba rate nnete, ba ikokobetse, ba rorise Modimo, ba mamele batswadi, ba be le teboho, ba tshepahale, ba rate ba malapa a bona, ba dumellane le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba dule ba bua batho ba bang hantle, ba ithibe, ba be bonolo, ba rate dintho tse ntle, ba se ke ba fetohela batho ba bang, ba se ke ba eba manganga, ba se ke ba ikakasa, ba rate Modimo ho ena le ho rata menate, ba phele ka tsela e bontshang hore ba rata Modimo. Batho ba jwalo o ba kgomarele.” Na o na le ho qoqa le lelapa la hao kapa badumedimmoho ka hore na bophelo bo tla ba jwang lefatsheng le letjha? w24.01 6 ¶13-14
Labobedi la 29 July
O a nkgahlisa.—Luka 3:22.
Ho a kgothatsa ho tseba hore Jehova o amohela batho ba hae e le sehlopha. Bibele e re: “Jehova o rata batho ba hae.” (Pes. 149:4) Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding batho ba bang ba ka nyahama hoo ba ka ipotsang potso ena: ‘Na Jehova o a nkamohela?’ Bahlanka ba bangata ba Jehova ba tshepahalang ba neng ba phela mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, ka dinako tse ding ba ne ba utlwa ho le thata ho dumela hore Jehova o a ba amohela. (1 Sam. 1:6-10; Job 29:2, 4; Pes. 51:11) Bibele e bontsha ka ho hlaka hore batho ba sa phethahalang ba ka kgahlisa Jehova. Jwang? Re lokela ho bontsha tumelo ho Jesu Kreste mme re kolobetswe. (Joh. 3:16) Ha re etsa jwalo, re tla be re bontsha batho ba bang hore re baketse dibe tsa rona le hore re tshepisitse Modimo ho etsa thato ya hae. (Dik. 2:38; 3:19) Jehova o a thaba ha re nka mehato ena e le hore re be le kamano e ntle le yena. Jehova o tla re amohela a be a re nke re le metswalle ya hae e haufi haeba re leka kahohle hore re phelele tshepiso eo re mo etseditseng yona ya ho mo sebeletsa.—Pes. 25:14. w24.03 26 ¶1-2
Laboraro la 30 July
Re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.—Dik. 4:20.
Re ka etsisa mohlala wa barutuwa ka hore re tswele pele ho bua le batho ka molaetsa wa Bibele le ha mmuso o thibela mosebetsi wa rona. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla re thusa ho phetha tshebeletso ya rona. Ka hoo, rapella sebete le bohlale. Kopa Jehova hore a o thuse ho sebetsana le mathata. Bongata ba rona re sebetsana le ho kula mmeleng kapa maikutlong, ho hlokahallwa ke moratuwa, ho sebetsana le maemo a boima ka lapeng, ho hloriswa le mathata a mang a mangata. Dintho tse kang mafu a sewa le dintwa di entse hore ho be thata le ho feta ho sebetsana le mathata ana. Phetlela Jehova sefuba sa hao. Mo jwetse ka boemo boo o sebetsanang le bona jwalo ka ha o ne o tla bolella motswalle wa hao ya haufiufi. O kgodisehe hore Jehova “o tla o thusa.” (Pes. 37:3, 5) Ho dula re rapela ho tla re thusa ho ‘mamella ha re ena le mathata.’ (Bar. 12:12) Jehova o tseba mathata ao barapedi ba hae ba nang le ona ebile “o utlwa sello sa bona ha ba kopa thuso.”—Pes. 145:18, 19. w23.05 5-6 ¶12-15