LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • This Week
La 28 July–la 3 August
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2025 | July

LA 28 JULY–LA 3 AUGUST

DIPROVERBIA 24

Pina ya 38 le Thapelo | Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

1. Dula o Itokiseditse Mathata

(10 mets.)

Ithute mme o be bohlale (Pr 24:5; it-2-E 610 ¶8)

Tswela pele ho rapela, ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho ya dibokeng le ha o nyahame (Pr 24:10; w09 12/15 18 ¶12-13)

Ho ba le tumelo e matla le ho rata Jehova ho ka re thusa hore re phahame le ka mora hore re hlahelwe ke mathata (Pr 24:16; w20.12 15)

Moradi wa bo rona ya tshwerweng ke lefu le kotsi o sebetsa a thabile le motswalle wa hae ka ntlo le ntlo. Ho na le ntho eo a e shebisitseng monga ntlo thaboleteng.

2. Matlotlo a Patilweng

(10 mets.)

  • Pr 24:27—Maele aa a re rutang? (w09 10/15 12)

  • O ithutileng mmalong wa Bibele wa bekeng ee?

3. Mmalo wa Bibele

(4 mets.) Pr 24:​1-20 (th thuto ya 11)

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

4. Ha o Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Puisano e fela pele o bua ka molaetsa wa Bibele. (lmd thuto ya 2 ntlha ya 4)

5. Ha o Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ya 3 ntlha ya 4)

6. Ha o Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Hlalosetsa motho hore na re ithuta Bibele le batho jwang ebe o mo fa karete ya lenaneo la ho ithuta Bibele. (lmd thuto ya 4 ntlha ya 3)

7. Puo

(3 mets.) lmd dintlha tsa A ntlha ya 11—Sehlooho: Modimo o re File Bibele (th thuto ya 6)

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Pina ya 99

8. A re Thusaneng Nakong ya Mathata

(15 mets.) Puisano.

Ka tshohanyetso ho ka ba le lefu la sewa, koduwa ya tlhaho, mohwanto, ntwa kapa mahloriso. Ha mathata a jwalo a hlaha bara le baradi ba bo rona ba a thusana le ho kgothatsana. Le haeba maemo ana a sa re ama ka ho toba, re utlwela bana ba bo rona bao a ba ammeng bohloko mme re etsa sohle seo re ka se kgonang ho ba thusa.—1Ko 12:​25, 26.

Ditshwantsho: Bara le baradi ba bo rona ba thusa Bakrestemmoho ka ditsela tse fapaneng. 1 Bara le baradi ba bo rona ba haha Holo ya Mmuso e sentsweng ke koduwa ya tlhaho. 2. Bara le baradi ba bo rona ba amohela mme le moradi wa hae ba baphaphathehi ka mofuthu. 3. Moradi wa bo rona o ntsha monehelo Holong ya Mmuso. 4. Bara le baradi ba bo rona ba fa Bakrestemmoho ba baphaphathehi dintho tseo ba di hlokang Holong ya Mmuso. 5. Baithaopi ba fana ka dibotlolo tse tshetseng metsi. 6 Morabo rona o a rapela.

Bala 1 Marena 13:6 le Jakobo 5:16b ebe o botsa bamamedi potso e latelang:

  • Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore bahlanka ba Modimo ba rapellane?

Bala Mareka 12:​42-44 le 2 Bakorinthe 8:​1-4 ebe o botsa bamamedi potso e latelang:

  • Ke hobaneng ha re sa lokela ho tlohela ho ntsha monehelo wa mosebetsi wa lefatshe lohle ho thusa bana ba bo rona ba hlokang le hoja re ena le ho honyenyane?

Shebellang VIDEO ya Ho Matlafatsa Bara ba bo Rona le ha re Thibetswe ebe o botsa bamamedi dipotso tse latelang:

  • Ke dintho dife tseo bara ba bo rona ba ileng ba di etsa ho bontsha hore ba itelletse ho thusa Bakrestemmoho le bona ba neng ba dula moo mosebetsi wa rona o neng o thibetswe Botjhabela ba Europe?

  • Bara ba bo rona ba ile ba etsang ho mamela taelo ya hore ba bokane ha mmoho le ho kgothatsana nakong eo mosebetsi o neng o thibetswe naheng ya ha habo bona?—Heb 10:​24, 25

9. Thuto ya Bibele ya Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ya 4-5

Dintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ya 112 le Thapelo

Tse ka Hare
Tora ya ho Lebela (E Ithutwang)—2025 | May

Sehlooho se Ithutwang sa 21: Beke ya la 28 July 2025–la 3 August 2025

14 Batlang Motse o Tla Tshwarella

Additional Reading

Other articles in this issue

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share