2 Samuele
21 Joale ha e-ba le tlala+ matsatsing a Davida ka lilemo tse tharo, lilemo tse latellanang; Davida a batla keletso ho Jehova. Joale Jehova a re: “Ho na le molato oa mali ho Saule le ho ntlo ea hae, hobane o bolaile+ Bagibeone.” 2 Kahoo morena a bitsa Bagibeone+ ’me a bua le bona. (Bagibeone e ne e se ba bara ba Iseraele, empa e ne e le ba ba setseng ba Baamore;+ bara ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyelitse,+ empa Saule o ne a batla ho ba bolaea+ ka lebaka la ho boulella bara ba Iseraele le Juda.) 3 Davida a tsoela pele ho re ho Bagibeone: “Ke tla le etsa’ng, ’me ke tla koahela libe ka’ng,+ e le hore ka sebele le ka hlohonolofatsa lefa+ la Jehova?” 4 Kahoo Bagibeone ba re ho eena: “Hase taba ea silevera kapa khauta+ ho rōna mabapi le Saule le ba ntlo ea hae, leha e le hore ho tsoa ho rōna ho bolaea motho Iseraele.” Eaba o re: “Eng kapa eng eo le e buang ke tla le etsetsa eona.” 5 Eaba ba re ho morena: “Monna ea ileng a re felisa+ le ea ileng a rera+ ho re timetsa hore re se ke ra ba teng sebakeng leha e le sefe sa Iseraele, 6 e-re re fuoe banna ba supileng ba bara ba hae;+ re ba pepese+ ho Jehova Gibea+ ea Saule, mokhethoa oa Jehova.”+ Tumellanong le hoo morena a re: “Ke tla fana ka bona.”
7 Leha ho le joalo, morena a qenehela Mefiboshethe+ mora oa Jonathane mora oa Saule ka lebaka la kano+ ea Jehova e neng e le pakeng tsa bona, pakeng tsa Davida le Jonathane mora oa Saule. 8 Ka lebaka leo morena a nka bara ba babeli ba Rizpa+ morali oa Aja bao a neng a ba tsoaletse Saule, Armoni le Mefiboshethe, le bara ba bahlano ba Mikale+ morali oa Saule bao a neng a ba tsoaletse Adriele+ mora oa Barzilai Momehola. 9 Joale a nehelana ka bona matsohong a Bagibeone eaba ba ba pepesa holim ’a thaba ka pel’a Jehova,+ hoo ka bosupa ba bona ba ileng ba oa hammoho; ba ile ba bolaoa matsatsing a pele a kotulo, qalong ea kotulo ea harese.+ 10 Leha ho le joalo, Rizpa morali oa Aja+ a nka lesela la mokotla+ ’me a ikalla lona holim ’a lefika ho tloha qalong ea kotulo ho fihlela metsi a tšolohela holim ’a bona ho tsoa maholimong;+ ’me ha aa ka a lumella linonyana+ tsa maholimo ho lula holim ’a bona motšehare kapa libata+ tsa naha bosiu.
11 Qetellong ha tlaleheloa+ Davida seo Rizpa morali oa Aja, serethe sa Saule, a se entseng. 12 Kahoo Davida a ea ’me a nka masapo a Saule+ le masapo a mora oa hae Jonathane ho beng ba naha ba Jabeshe-gileade,+ ba neng ba a utsoitse lepatlelong la Bethe-shane,+ moo Bafilista ba neng ba ba fanyehile+ teng letsatsing leo ka lona Bafilista ba ileng ba bolaea Saule Gilboa.+ 13 A nyolla masapo a Saule le masapo a mora oa hae Jonathane moo; ho feta moo, ba bokella masapo a banna ba neng ba pepesitsoe.+ 14 Joale ba pata masapo a Saule le a mora oa hae Jonathane naheng ea Benjamine Zela+ sebakeng sa lepato sa ntat’ae Kishe,+ e le hore ba ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo morena a neng a e laetse. Kahoo Molimo a itumella hore a kōptjoe ka tieo bakeng sa naha ka mor’a sena.+
15 Bafilista+ ba boela ba loantša Baiseraele. Ka lebaka leo Davida hammoho le bahlanka ba hae ba theoha ’me ba loantša Bafilista; eaba Davida oa khathala. 16 Jishbi-benobe, ea neng a le har’a ba tsoetsoeng ke Barefaime,+ eo boima ba lerumo+ la hae e neng e le lishekele tse makholo a mararo tsa koporo le ea neng a hlometse ka sabole e ncha, a nahana ho bolaea Davida. 17 Hang-hang Abishai+ mora oa Tseruja a tla hore a mo thuse+ ’me a hlaba Mofilista eo a mo bolaea. Nakong eo banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “U se ke ua hlola u ea ntoeng le rōna,+ e le hore u se ke ua tima+ lebone+ la Iseraele!”
18 Eitse ka mor’a sena ba boela ba loana le Bafilista Gobe. Joale Sibekai Mohushathe+ a bolaea Safe, ea neng a le har’a ba tsoetsoeng ke Barefaime.+
19 Ba boela ba loana le Bafilista Gobe, eaba Elkanane mora oa Jare-oregime Mobethlehema o bolaea Goliathe Mogathe, eo thekō ea lerumo la hae e neng e le joaloka toloki ea ba sebetsang ka foreimi e etsang masela.+
20 Ntoa ea boela ea e-ba teng Gathe, ha ho ne ho e-na le monna ea boholo bo sa tloaelehang, ea nang le menoana e tšeletseng ho le leng le le leng la matsoho a hae le menoana e tšeletseng ho le leng le le leng la maoto a hae, e mashome a mabeli a metso e mene ka palo; le eena o ne a tsoaletsoe Barefaime.+ 21 A ’na a nyelisa+ Baiseraele. Qetellong Jonathane mora oa Shimei,+ mor’abo Davida, a mo bolaea.
22 Bana ba bane ba ne ba tsoaletsoe Barefaime Gathe; ba oa ka letsoho la Davida le ka matsoho a bahlanka ba hae.+