2 Samuele
23 Ana ke mantsoe a ho qetela a Davida:+
“Se boleloang ke Davida mora oa Jese,+
Le se boleloang ke monna ea shahlileng ea ileng a phahamisetsoa holimo,+
Motlotsuoa+ oa Molimo oa Jakobo,
Le ea khahlehang oa lipina tsa thoriso tsa Iseraele.
3 Molimo oa Iseraele o itse,
Lefika la Iseraele le buile le ’na,+
‘Ha ea busang holim ’a moloko oa batho a lokile,+
A busa ka ho tšaba Molimo,+
4 Joale ho joaloka leseli la hoseng, ha letsatsi le chaba,+
Hoseng ho se nang maru.
Ho tloha khanyeng, ho tloha puleng, ho na le joang lefatšeng.’+
5 Etsoe na ntlo ea ka ha e joalo ho Molimo?+
Hobane ke selekane+ se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang seo a nkabetseng sona,
Se hlophisitsoeng hantle nthong e ’ngoe le e ’ngoe le se tiisitsoeng.+
Hobane ke sona poloko+ eohle ea ka le thabo eohle ea ka,
Na hase lebaka leo ka lona a tlang ho se hōlisa?+
6 Empa batho+ ba se nang molemo baa lelekoa,+ joaloka lihlahla tse meutloa,+ kaofela ha bona;
Etsoe ha baa lokela ho nkoa ka letsoho.
7 Ha motho a ba ama
O lokela hore ebe o hlometse ka ho feletseng ka tšepe le ka thekō ea lerumo,
Ba tla chesoa ka mollo ka ho feletseng.”+
8 Ana ke mabitso a banna ba matla+ bao e neng e le ba Davida: Joshebe-bashebethe Motakmone, hlooho ea ba bararo. O ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a robeli ba bolailoeng ka nako e le ’ngoe. 9 Pel’a hae e ne e le Eleazare mora oa Dodo mora oa Akoki ea neng a le har’a banna ba bararo ba matla ba nang le Davida ha ba ne ba nyelisa Bafilista. Ba ne ba bokane moo bakeng sa ntoa, kahoo banna ba Iseraele ba ikhula. 10 Ke eena ea ileng a ema ’me a ’na a bolaea Bafilista ho fihlela letsoho la hae le tepella ’me letsoho la hae le khomaretse sabole,+ hoo Jehova a ileng a tlisa poloko e khōlō letsatsing leo;+ ha e le batho, ba khutla ba mo setse morao hore feela ba e’o hlobolisa ba bolailoeng.+
11 Pel’a hae e ne e le Shama mora oa Age Moharare.+ Bafilista ba bokana Lehi, moo ka nako eo ho neng ho e-na le tšimo e tletseng lensisi;+ batho ba baleha ka lebaka la Bafilista. 12 Empa a ema har’a tšimo eaba oa e lopolla ’me a ’na a bolaea Bafilista, hoo Jehova a ileng a tlisa poloko e khōlō.+
13 Ba bararo ho ba mashome a mararo ba ka sehloohong ba theoha ’me ba tla ho Davida lehaheng la Adulame+ ha ho kotuloa; motsana oa litente oa Bafilista o ne o hlonngoe khohlong ea Barefaime.+ 14 Nakong eo Davida o ne a le sebakeng seo ho leng thata ho se atamela;+ nakong eo setsi se ka thōko sa sesole+ sa Bafilista se ne se le Bethlehema. 15 Ka mor’a nakoana Davida a bolela takatso ea hae ’me a re: “Hoja nka noa metsi a tsoang selibeng sa Bethlehema se hekeng!” 16 Eaba banna ba bararo ba matla ba kena ka mahahapa liahelong tsa Bafilista ’me ba kha metsi selibeng sa Bethlehema se hekeng ’me ba tla ba a nkile ba a tlisa ho Davida; ha aa ka a lumela ho a noa, empa a a qhalla+ fatše bakeng sa Jehova. 17 A tsoela pele ho re: “Ke ho sa utloahaleng, Jehova, hore ke etse sena! [Na ke tla noa] mali+ a banna ba tsamaeang ka ho beha meea ea bona kotsing?” Ha aa ka a lumela ho a noa.
Tsena ke lintho tseo banna bao ba bararo ba matla ba ileng ba li etsa.
18 Ha e le Abishai+ mor’abo Joabe mora oa Tseruja,+ e ne e le hlooho ea ba mashome a mararo, ’me o ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a mararo ba bolailoeng, ’me o ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba bao ba bararo. 19 Le hoja a ne a hlaheletse esita le ho feta ba bang kaofela ba mashome a mararo, ’me e ile ea e-ba molaoli oa bona, ha aa ka a fihla boemong ba ba bararo ba pele.
20 Ha e le Benaia+ mora oa Jehojada mora oa monna ea sebete, ea ileng a etsa liketso tse ngata Kabziele,+ a bolaea bara ba babeli ba Ariele oa Moabe; a theoha ’me a bolaela tau ka har’a sekoti sa metsi letsatsing la ha lehloa le khethehile. 21 Ke eena ea ileng a bolaea monna oa Moegepeta eo e neng e le oa boholo bo sa tloaelehang. Le hoja ho ne ho e-na le lerumo letsohong la Moegepeta, leha ho le joalo o ile a theohela ho eena ka molamu ’me a hloibila lerumo letsohong la Moegepeta eaba o mo bolaea ka lerumo la hae.+ 22 Benaia+ mora oa Jehojada a etsa lintho tsena; o ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba banna bao ba bararo ba matla. 23 Le hoja a ne a hlaheletse esita le ho feta ba mashome a mararo, ha aa ka a fihla boemong ba bao ba bararo; empa Davida o ne a mo behile hore e be molebeli oa hae.
24 Asahele+ mor’abo Joabe o ne a le har’a ba mashome a mararo; Elkanane mora oa Dodo oa Bethlehema, 25 Shama Moharode, Elika Moharode,26 Heleze Mopelete, Ira mora oa Ikeshe Motekooa, 27 Abi-ezere Moanathothe,+ Mebunai Mohushathe, 28 Zalmone Moakoki, Maharai Monetofa, 29 Helebe mora oa Baana Monetofa, Itai mora oa Ribai oa Gibea oa bara ba Benjamine, 30 Benaia Mopirathone, Hidai oa liphuleng tsa melapo e phoroselang tsa Gashe,+31 Abi-albone Moaraba, Azmavethe Mobare-hume, 32 Eliaba Moshalbone, bara ba Jashene, Jonathane, 33 Shama Moharare, Akiame mora oa Sharare Moharare, 34 Elifelete mora oa Ahasabai mora oa Momakathe, Eliame mora oa Akitofele+ Mogilone, 35 Hezro Mokarmele, Parai Moarabe, 36 Igale mora oa Nathane oa Zoba, Bani Mogade, 37 Zeleke Moammone, Naharai Mobeerothe, bajari ba lihlomo ba Joabe mora oa Tseruja, 38 Ira Moithere, Garebe Moithere, 39 Uria+ Mohethe—kaofela ba mashome a mararo a metso e supileng.