2 Samuele
5 Ka mor’a nako meloko eohle ea Iseraele ea tla ho Davida Hebrone+ ’me ea re: “Bona! Re lesapo la hao le nama ea hao.+ 2 Maobane le pele+ ha Saule e ne e le morena oa rōna, ke uena ea neng a ntša Baiseraele le ea neng a ba kenya.+ Jehova a re ho uena, ‘U tla lisa+ sechaba sa ka sa Iseraele, ’me u tla ba moeta-pele+ oa Iseraele.’” 3 Kahoo banna bohle ba baholo+ ba Iseraele ba tla ho morena Hebrone, ’me Morena Davida a hlaba selekane+ le bona Hebrone ka pel’a Jehova; ka mor’a moo ba tlotsa+ Davida hore e be morena oa Iseraele.+
4 Davida o ne a le lilemo li mashome a mararo ha e e-ba morena. A busa e le morena ka lilemo tse mashome a mane. 5 A busa Hebrone e le morena oa Juda ka lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng;+ a busa Jerusalema+ e le morena ka lilemo tse mashome a mararo a metso e meraro holim ’a Baiseraele bohle le Bajuda. 6 Ka lebaka leo morena le banna ba hae ba ea Jerusalema ba futuhela Bajebuse+ ba lulang naheng eo, eaba ba qala ho re ho Davida: “U ke ke ua kena mona, empa ka sebele ba foufetseng le ba holofetseng ba tla u leleka,”+ ba nahana hore: “Davida a ke ke a kena mona.” 7 Leha ho le joalo, Davida a hapa qhobosheane ea Sione, ke hore, Motse oa Davida.+ 8 Kahoo Davida a re letsatsing leo: “Mang kapa mang ea hlaselang Bajebuse, a sebelisa kotopo ea metsi,+ a ke a kopane le ba holofetseng le ba foufetseng, ba hloiloeng ke moea oa Davida!” Ke ka lebaka leo ba reng: “Ea foufetseng le ea holofetseng a ke ke a kena ka tlung.” 9 Davida a lula qhobosheaneng, ’me ea bitsoa Motse oa Davida; Davida a qala ho haha ho potoloha ka hohle ho tloha Tutulung+ le ho kenella ka hare. 10 Kahoo Davida a ’na a ba moholo haholo,+ ’me Jehova Molimo oa mabotho+ o ne a e-na le eena.+
11 Hirame+ morena oa Tyre a romela manģosa+ ho Davida, le lifate tsa kedare le ba sebetsang ka lehong le ba sebetsang ka lejoe bakeng sa marako, ’me ba qala ho hahela Davida ntlo.+ 12 Davida a tseba hore Jehova o ne a mo tiisitse ka thata hore e be morena oa Iseraele+ le hore o ne a phahamisitse+ ’muso oa hae ka lebaka la sechaba sa hae sa Iseraele.+
13 Khabareng, Davida a tsoela pele ho nka lirethe+ le basali ba eketsehileng Jerusalema ka mor’a hore a tle ho tsoa Hebrone; Davida a tsoela pele ho tsoalloa bara le barali ba eketsehileng. 14 Ana ke mabitso a bao a ileng a ba tsoalloa Jerusalema: Shamua le Shobabe le Nathane+ le Solomone,+ 15 le Ibhare le Elishua le Nefege le Jafia, 16 le Elishama le Eliada le Elifelete.
17 Bafilista ba utloa hore ba ne ba tlotsitse Davida hore e be morena oa Iseraele.+ Eaba Bafilista bohle baa nyoloha ho tla batla Davida. Ha Davida a utloa ka hona, joale a theohela sebakeng seo ho leng thata ho se atamela.+ 18 Bafilista ba kena ’me ba ’na ba chalaka khohlong ea Barefaime.+ 19 Davida a qala ho botsa+ Jehova, a re: “Na ke nyolohe ke futuhele Bafilista? Na u tla nehelana ka bona letsohong la ka?” Eaba Jehova o re ho Davida: “Nyoloha, kaha ruri ke tla nehelana ka Bafilista matsohong a hao.”+ 20 Kahoo Davida a tla Baale-perazime, eaba Davida o ba bolaela moo. Eaba o re: “Jehova o qhalakantse lira+ tsa ka ka pel’a ka, joaloka lekhalo le entsoeng ke metsi.” Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo lebitso la Baale-perazime.+ 21 Ka lebaka leo ba siea litšoantšo tsa bona tse rapeloang+ moo, kahoo Davida le banna ba hae ba li tlosa.+
22 Hamorao Bafilista ba boela ba nyoloha ’me ba chalaka khohlong ea Barefaime.+ 23 Eaba Davida o botsa+ Jehova, empa a re: “U se ke ua nyoloha. Ba pote ka morao, ’me u ba futuhele ka pel’a lihlahla tsa bak’ha.+ 24 Etlare ha u utloa molumo oa ho tsamaea holim ’a lihlahla tsa bak’ha, nakong eo u nke khato kapele-pele,+ hobane nakong eo Jehova o tla be a u eteletse pele ho ea bolaea lebotho la Bafilista.” 25 Tumellanong le hoo Davida a etsa joalo, feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse,+ ’me a qala ho bolaea+ Bafilista ho tloha Geba+ ho ea fihla Gezere.+