1 Marena
6 Eitse ka selemo sa makholo a mane le mashome a robeli ka mor’a hore bara ba Iseraele ba tsoe naheng ea Egepeta,+ ka selemo sa bone, ka khoeli ea Zive,+ ke hore, khoeli ea bobeli,+ ka mor’a hore Solomone e be morena oa Iseraele, a hahela Jehova ntlo. 2 Ntlo eo Morena Solomone a ileng a e hahela+ Jehova e ne e le bolelele ba litsoe tse mashome a tšeletseng, ’me bophara ba eona e le tse mashome a mabeli, bophahamo ba eona e le litsoe tse mashome a mararo. 3 Mathule a ka pel’a tempele ea ntlo a ne a le bolelele ba litsoe tse mashome a mabeli, ka pel’a bophara ba ntlo. A ne a le botebo ba litsoe tse leshome, ka pel’a ntlo.
4 A tsoela pele ho etsetsa ntlo eo lifensetere tsa likosene tse nyenyefalang.+ 5 Ho ekelletsa moo, a haha mohaho o lehlakoreng ka hohle pel’a lerako la ntlo, pel’a marako a ntlo ho pota-pota tempele ka hohle le kamore e ka hare-hare,+ ’me a etsa likamore tse mahlakoreng+ ka hohle. 6 Kamore e lehlakoreng e ka tlaase-tlaase e ne e le bophara ba litsoe tse hlano, ’me e bohareng e ne e le bophara ba litsoe tse tšeletseng, ’me ea boraro e ne e le bophara ba litsoe tse supileng; etsoe o ile a fokotsa+ ntlo ka hohle ka ntle, e le hore e se ke ea itšoarella marakong a ntlo.+
7 Ha e le ntlo, ha e ntse e hahuoa, e ile ea hahuoa ka lejoe+ la koari le neng le se le ntse le phethiloe; ha e le lihamore le lilepe kapa lisebelisoa leha e le life tsa tšepe, ha lia ka tsa utluoa ka tlung+ ha e ntse e hahuoa. 8 Monyako+ oa kamore e lehlakoreng e ka tlaase-tlaase o ne o le lehlakoreng le letona la ntlo, ’me ba ne ba nyolohela ho e hare ka litepisi tse matsoelintsoeke, ’me ha ba tloha ho e hare ba nyolohela ho ea boraro. 9 Ho ekelletsa moo, a tsoela pele ho haha ntlo e le hore a ka e phetha,+ ’me a koahela ka har’a ntlo ka libalaka le maballo a lehong la kedare.+ 10 Ho feta moo, a haha likamore tse mahlakoreng+ pel’a ntlo eohle tse bophahamo ba litsoe tse hlano, ’me li ne li itšoareletse ntlong ka lifate+ tsa kedare.
11 Khabareng, lentsoe la Jehova la tla ho Solomone, la re:+ 12 “Ha e le ntlo ena eo u e hahang, haeba u tla tsamaea ka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng+ ’me u phethe liqeto tsa ka tsa boahloli+ ’me u boloke litaelo tsohle tsa ka ka ho tsamaea ho tsona,+ le ’na ka sebele ke tla phetha lentsoe la ka ka uena leo ke le boleletseng ntat’ao Davida;+ 13 ke tla lula har’a bara ba Iseraele,+ ’me nke ke ka tlohela sechaba sa ka sa Iseraele.”+
14 Solomone a tsoela pele ho haha ntlo e le hore a ka e phetha.+ 15 A haha marako a ntlo ka har’a eona ka mapolanka a kedare. A e koahela ka lifate ka hare ho tloha fatše ka tlung ho ea holimo maballong a siling; a tsoela pele ho koahela fatše ka tlung ka mapolanka a junipere.+ 16 Ho ekelletsa moo, a haha litsoe tse mashome a mabeli mahlakoreng a ka morao a ntlo ka mapolanka a kedare, ho tloha fatše ho ea maballong, ’me ka har’a kamore e ka hare-hare,+ a e hahela Sehalalelisiso.+ 17 Ntlo eo e ne e le litsoe tse mashome a mane, ke hore, tempele+ e ka pel’a eona.+ 18 Lehong la kedare le ka har’a ntlo le ne le e-na le litšoantšo tse betliloeng tsa mokhabiso o bōpehileng joaloka leraka+ le meqhaka ea lipalesa tse thuntseng.+ Kaofela ha eona e ne e le lehong la kedare; ho ne ho se lejoe le bonoang.
19 Kamore e ka hare-hare+ e leng ka har’a ntlo a e lokisa ka hare, hore a behe areka+ ea selekane+ sa Jehova moo. 20 Kamore e ka hare-hare e ne e le bolelele ba litsoe tse mashome a mabeli, le bophara ba litsoe tse mashome a mabeli,+ le bophahamo ba litsoe tse mashome a mabeli; a e koahela ka khauta e hloekileng, ’me a koahela aletare+ ka lehong la kedare. 21 Solomone a tsoela pele ho koahela+ ntlo ka hare ka khauta e hloekileng, le ho etsa hore ketane+ ea khauta e fete ka pel’a kamore e ka hare-hare,+ le ho e koahela ka khauta. 22 Ntlo eo eohle a e koahela ka khauta, ho fihlela ntlo kaofela e phethiloe; aletare+ eohle e neng e le ka nģ’a kamore e ka hare-hare a e koahela ka khauta.+
23 Ho ekelletsa moo, a etsa likerubime+ tse peli tsa lehong la sefate sa oli ka kamoreng e ka hare-hare, e ’ngoe le e ’ngoe e le bophahamo ba litsoe tse leshome. 24 Lepheo le leng la kerubime e ne e le litsoe tse hlano, ’me lepheo le leng la kerubime e le litsoe tse hlano. E ne e le litsoe tse leshome ho tloha ntlheng ea lepheo la eona ho ea ntlheng ea lepheo la eona. 25 Kerubime ea bobeli e ne e le litsoe tse leshome. Likerubime tse peli li ne li e-na le tekanyo e tšoanang le sebōpeho se tšoanang. 26 Bophahamo ba kerubime e ’ngoe e ne e le litsoe tse leshome, ’me ho ne ho le joalo ka kerubime e ’ngoe. 27 Joale a kenya likerubime ka har’a ntlo e ka hare, hoo ba ileng ba phukalatsa mapheo a likerubime.+ Kahoo lepheo la e ’ngoe la fihla leboteng ’me lepheo la kerubime e ’ngoe le ne le fihla leboteng le leng; mapheo a tsona a ne a le ho ella bohareng ba ntlo, lepheo le leng le fihla lepheong le leng. 28 Ho feta moo, a koahela likerubime ka khauta.
29 Marakong ’ohle a ntlo ho pota-pota a betla litšoantšo tsa likerubime+ le litšoantšo tsa lifate tsa palema+ le litšoantšo tsa lithunthung,+ ka hare le ka ntle; 30 fatše ka tlung a koahela ka khauta, ka hare le ka ntle. 31 Monyako oa kamore e ka hare-hare a o etsa ka mamati+ a lehong la lifate tsa oli:+ litšiea tse lehlakoreng, likosene tsa menyako le karolo ea bohlano. 32 Mamati a mabeli e ne e le a lehong la sefate sa oli, eaba o betla holim ’a ’ona litšoantšo tsa likerubime le litšoantšo tsa lifate tsa palema le litšoantšo tsa lithunthung, ’me a a koahela ka khauta; a otlella khauta holim ’a likerubime le litšoantšo tsa lifate tsa palema. 33 Ke tsela eo a ileng a etsa ka eona bakeng sa monyako oa tempele, likosene tsa lehong la sefate sa oli, tse nang le mahlakore a mane a lekanang. 34 Mamati ao a mabeli e ne e le a lehong la junipere.+ Mamati a mabeli a monyako o mong a ne a tsamaea liaseng, ’me mamati a mabeli a monyako o mong a ne a tsamaea liaseng.+ 35 A betla likerubime le litšoantšo tsa lifate tsa palema le litšoantšo tsa lithunthung, ’me a koahela litšoantšo+ tseo ka khauta.
36 A tsoela pele ho haha lebala le ka hare+ le nang le mela+ e meraro ea lejoe le betliloeng le mola oa libalaka tsa lehong la kedare.
37 Ka selemo sa bone ha raloa motheo+ oa ntlo ea Jehova, ka khoeli ea Zive;+ 38 ka selemo sa leshome le motso o mong, ka khoeli ea Bule, ke hore, khoeli ea borobeli, ntlo ea phethoa+ mabapi le lintlha tsohle tsa eona tse qaqileng le polane eohle ea eona; hoo a e hahileng ka lilemo tse supileng.