2 Marena
11 Joale ha e le Athalia+ ’mè oa Akazia,+ a bona hore mora oa hae o shoele. Kahoo a ema ’me a timetsa bana bohle ba ’muso. 2 Leha ho le joalo, Josheba morali oa Morena Jorame, khaitseli ea Akazia, a nka Joase+ mora oa Akazia ’me a mo utsoa har’a bara ba morena ba neng ba lokela ho bolaoa, eena le mosali ea mo hlokomelang, a mo kenya ka kamoreng e ka hare ea litulo tse kang bethe, ba mo patela+ sefahleho sa Athalia, ’me ha aa ka a bolaoa. 3 A hlola le eena ntlong ea Jehova a ipatile ka lilemo tse tšeletseng, ha Athalia a ntse a busa naheng eo.+
4 Ka selemo sa bosupa Jehojada+ a romeletsa ’me a nka balaoli ba ba makholo ba balebeli ba Karia+ le ba limathi+ ’me a ba tlisa ho eena ntlong ea Jehova eaba o hlaba selekane+ le bona ’me o ba hlapantša+ ntlong ea Jehova, ka mor’a moo a ba bontša mora oa morena. 5 A tsoela pele ho ba laela, a re: “Ena ke ntho eo le tla e etsa: Karolo ea boraro ea lōna e tla kena ka sabatha ’me e lebele ntlo ea morena ka tieo;+ 6 karolo ea boraro e tla ba Hekeng ea Motheo, ’me karolo e ’ngoe ea boraro e tla ba hekeng e ka mor’a limathi; le lebele ntlo+ ka tieo ka ho sielana sebaka. 7 Ho na le lihlopha tse peli har’a lōna tseo kaofela li tsoang ka sabatha, ’me li tla lebela ntlo ea Jehova ka tieo molemong oa morena. 8 Le teele morena hare ka hohle, e mong le e mong a tšoere libetsa tsa hae letsohong; mang kapa mang ea kenang ka har’a mela o tla bolaoa. Le hlole le morena ha a tsoa le ha a kena.”
9 Balaoli ba ba makholo+ ba etsa ho ea ka sohle seo moprista Jehojada a neng a se laetse. Kahoo e mong le e mong a nka banna ba hae ba neng ba kena ka sabatha, hammoho le ba neng ba tsoa ka sabatha, joale ba kena ho moprista Jehojada. 10 Joale moprista a fa balaoli ba ba makholo marumo le lithebe tse chitja tseo e neng e le tsa Morena Davida, tse neng li le ka tlung ea Jehova. 11 Limathi+ tsa ’na tsa ema se seng le seng se tšoere libetsa tsa sona letsohong, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ea fihla lehlakoreng le letšehali la ntlo, haufi le aletare+ le haufi le ntlo, ho pota-pota ka hohle haufi le morena. 12 Joale a ntša mora+ oa morena ’me a mo roesa mofapa-hlooho+ le Bopaki;+ kahoo ba mo etsa morena+ ’me ba mo tlotsa.+ Ba qala ho opa liatla+ ba re: “Morena a ke a phele!”+
13 Ha Athalia a utloa molumo oa batho ba mathang, hang-hang a tla ho sechaba ntlong ea Jehova. 14 Joale a talima, ’me morena o ne a eme moo haufi le tšiea+ ho ea ka tloaelo, ’me baokameli le literompeta ba le haufi le morena, ’me batho bohle ba naha ba thabile+ ebile ba letsa literompeta. Kapele-pele Athalia+ a hahola liaparo tsa hae ’me a qala ho hooa: “Morero oa bolotsana! Morero oa bolotsana!” 15 Empa moprista Jehojada a laela balaoli ba ba makholo, ba lebotho la sesole+ ba behiloeng, ’me a re ho bona: “Mo ntšeng ka har’a mela, ’me, ha e le mang kapa mang ea mo salang morao, a ke a bolaoe ka sabole!” Etsoe moprista o ne a itse: “A se ke a bolaeloa ka tlung ea Jehova.” 16 Kahoo ba mo tšoara ’me a tla ka tsela ea monyako oa lipere oa ntlo+ ea morena, ’me a bolaeloa moo.+
17 Joale Jehojada a hlaba selekane+ pakeng tsa Jehova+ le morena+ le batho, hore e be batho ba Jehova; le pakeng tsa morena le batho. 18 Ka mor’a moo batho bohle ba naha ba tla ntlong ea Baale ’me ba heletsa lialetare+ tsa hae; litšoantšo tsa hae ba li qhaqha ka ho phethahetseng,+ ’me Matane moprista oa Baale ba mo bolaela ka pel’a lialetare.+
Moprista a beha balebeli ntlong ea Jehova. 19 Ho ekelletsa moo, a nka balaoli ba ba makholo le balebeli ba Karia+ le limathi+ le batho bohle ba naha, e le hore ba ka theola morena ntlong ea Jehova; ba tla butle-butle ka tsela ea heke ea limathi ho ea ntlong ea morena; a qala ho lula teroneng+ ea marena. 20 Batho bohle ba naha ba tsoela pele ho thaba; motse ha oa ka oa khathatsoa, ’me ba ne ba bolaile Athalia ka sabole ntlong ea morena.