2 Marena
14 Ka selemo sa bobeli sa Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele, Amazia mora oa Joase morena oa Juda ea e-ba morena. 2 O ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e robong. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jehoadine oa Jerusalema. 3 A tsoela pele ho etsa se lokileng mahlong a Jehova, feela eseng joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ A etsa ho ea ka sohle seo ntat’ae Joase a neng a se entse. 4 Ke libaka tse phahameng feela tse sa kang tsa nyamela.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo le mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng.+ 5 Eitse hang ha ’muso o tiile letsohong la hae, a qala ho bolaea+ bahlanka ba hae ba neng ba bolaile morena ntat’ae.+ 6 Ha aa ka a bolaea bara ba babolai, ho ea ka se ngoliloeng bukeng ea molao oa Moshe oo Jehova a o laetseng, a re: “Bo-ntate ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bara, le bara ha baa lokela ho bolaoa ka lebaka la bo-ntate; empa e mong le e mong o lokela ho bolaoa ka lebaka la sebe sa hae.”+ 7 A bolaea Baedomo+ Phuleng ea Letsoai,+ banna ba likete tse leshome, eaba o hapa Sela ntoeng, ’me ea rehoa lebitso la Jokthiele ho fihlela letsatsing lena.
8 Joale Amazia a romela manģosa ho Joase mora oa Joakaze mora oa Jehu morena oa Iseraele, a re: “Tloo. A re shebane mahlong.”+ 9 Eaba Joase morena oa Iseraele o romeletsa ho Amazia morena oa Juda, o re: “Setlama-tlama se meutloa se neng se le Lebanone se ile sa romeletsa ho kedare+ e neng e le Lebanone, sa re, ‘Neha mora oa ka morali oa hao hore e be mosali oa hae.’ Leha ho le joalo, sebata sa naha se neng se le Lebanone sa feta ’me sa hatakela setlama-tlama se meutloa. 10 Ruri u bolaile+ Edomo, ’me pelo ea hao e u phahamisitse.+ Thabela tlhompho+ ea hao ’me u lule ka tlung ea hao. Joale, ke hobane’ng ha u kenella ho qabaneng tlas’a maemo a sa khahliseng+ e le hore u oe, uena hammoho le Juda?” 11 Amazia ha aa ka a mamela.
Kahoo Joase morena oa Iseraele a nyoloha, eaba ba shebana mahlong, eena le Amazia morena oa Juda, ba le Bethe-shemeshe,+ ea Juda. 12 Bajuda ba hlōloa ka pel’a Baiseraele, hoo e mong le e mong a ileng a balehela tenteng ea hae. 13 Ke Amazia morena oa Juda mora oa Joase mora oa Akazia eo Joase morena oa Iseraele a ileng a mo hapa Bethe-shemeshe, ka mor’a moo ba tla Jerusalema eaba o phunya lerako la Jerusalema Hekeng ea Efraime+ ho fihlela Hekeng e Sekhutlong,+ litsoe tse makholo a mane. 14 A nka khauta eohle le silevera le lintho tsohle tse ka fumanoang ntlong ea Jehova+ le ka matlotlong a ntlo ea morena le batšoaruoa ba phapanyetsano ’me a ntan’o khutlela Samaria.
15 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Joase, seo a se entseng le matla a hae le kamoo a ileng a loantša Amazia morena oa Juda kateng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 16 Qetellong Joase a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa Samaria+ le marena a Iseraele, ’me mora oa hae Jeroboame+ a qala ho busa sebakeng sa hae.
17 Amazia+ mora oa Joase morena oa Juda a tsoela pele ho phela lilemo tse leshome le metso e mehlano ka mor’a lefu la Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele. 18 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Amazia, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 19 Qetellong ba etsa selekane khahlanong le eena ka morero oa bolotsana+ Jerusalema, ’me a balehela Lakishe;+ empa ba romeletsa hore a lelekisetsoe Lakishe ’me ba mo bolaela teng. 20 Kahoo ba mo nka ka lipere ’me a patoa Jerusalema le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida.+ 21 Joale batho bohle ba Juda ba nka Azaria,+ eo ka nako eo a neng a le lilemo li leshome le metso e tšeletseng,+ ’me ba mo etsa morena sebakeng sa ntat’ae Amazia. 22 A haha Elathe+ ’me a e busetsa ho Juda ka mor’a hore morena a robale le baholo-holo ba hae.
23 Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa Amazia mora oa Joase morena oa Juda, Jeroboame+ mora oa Joase morena oa Iseraele ea e-ba morena Samaria ka lilemo tse mashome a mane a motso o mong. 24 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova. Ha aa ka a furalla libe tsohle tsa Jeroboame mora oa Nebate, tseo ka tsona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe.+ 25 Ke eena ea ileng a busetsa moeli oa Iseraele ho tloha moo ho kenoang teng Hamathe+ ho fihlela leoatleng la Araba,+ ho ea ka lentsoe la Jehova Molimo oa Iseraele ea neng a buile ka mohlanka oa hae Jonase+ mora oa Amitai, moprofeta ea neng a tsoa Gathe-hefere.+ 26 Etsoe Jehova o ne a bone mahloreho a bohloko haholo a Baiseraele.+ Ho ne ho se ea se nang thuso le eo e seng oa bohlokoa, kapa mothusi bakeng sa Baiseraele.+ 27 Jehova o ne a tšepisitse ho se hlakole lebitso la Iseraele ka tlas’a maholimo.+ Ka lebaka leo a ba pholosa+ ka letsoho la Jeroboame mora oa Joase.
28 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Jeroboame le tsohle tseo a li entseng le matla a hae, kamoo a ileng a loana le kamoo a ileng a busetsa Damaseka+ le Hamathe ho Juda e Iseraele, na ha lia ngoloa bukeng ea litaba tsa matsatsi a marena a Iseraele? 29 Qetellong Jeroboame a robala le baholo-holo ba hae, le marena a Iseraele, ’me mora oa hae Zakaria+ a qala ho busa sebakeng sa hae.