2 Marena
21 Manase+ o ne a le lilemo li leshome le metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Hefziba. 2 A etsa se sebe mahlong+ a Jehova, ho ea ka lintho tse manyala tsa lichaba+ tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele. 3 Kahoo a boela a haha libaka tse phahameng tseo ntat’ae Ezekiase a neng a li sentse,+ eaba o emisetsa Baale lialetare ’me o etsa palo e halalelang, feela joalokaha Akabe+ morena oa Iseraele a ne a entse; a qala ho inamela+ makhotla ’ohle a maholimo+ ’me a a sebeletsa. 4 A haha lialetare ka tlung ea Jehova,+ eo Jehova a neng a itse mabapi le eona: “Ke tla beha lebitso+ la ka Jerusalema.” 5 A tsoela pele ho hahela makhotla ’ohle a maholimo+ lialetare mabaleng a mabeli a ntlo ea Jehova.+ 6 A fetisa mora oa hae mollong, ’me a sebelisa boselamose+ ’me a batla lipontšo tsa se tlang ’me a etsa hore ho be le ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+ A etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō, ho mo siteloa.
7 Ho ekelletsa moo, a beha setšoantšo+ se betliloeng sa palo e halalelang seo a neng a se entse ka tlung+ eo ka eona Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ka tlung ena le Jerusalema, eo ke e khethileng melokong eohle ea Iseraele, ke tla beha lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 8 Ha ke sa tla boela ke etsa hore maoto a Baiseraele a hlahlathele ho tloha naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona, haeba feela ba hlokomela ho etsa ho ea ka sohle seo ke ba laetseng sona,+ esita le malebana le molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a ba laetseng oona.” 9 Ha baa ka ba mamela, empa Manase a ’na a ba eka hore ba etse se sebe+ ho feta lichaba+ tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele.
10 Jehova a ’na a bua ka bahlanka ba hae baprofeta,+ a re: 11 “Ka lebaka la hore Manase+ morena oa Juda o entse lintho tsena tse manyala,+ o entse bokhopo ho feta sohle seo Baamore+ ba bileng teng pele ho eena ba se entseng, ’me o entse hore esita le Bajuda ba etse sebe+ ka litšoantšo tsa hae tse rapeloang tse nyonyehang. 12 Ke ka lebaka leo Jehova Molimo oa Iseraele a boletseng sena, ‘Bonang! ke tlisa tlokotsi holim ’a Jerusalema+ le Juda, eo haeba mang kapa mang a utloa ka eona litsebe tsa hae ka bobeli li tlang ho hlohlona.+ 13 Ka sebele ke tla otlolla holim ’a Jerusalema khoele+ e lekanyang e sebelisitsoeng ho Samaria+ le kofuto e tsitsisang e sebelisitsoeng ntlong ea Akabe;+ ke tla hlakola+ Jerusalema feela joalokaha motho a hlakola sekotlolo se se nang mohele, a se hlakola ’me a se ribeha.+ 14 Ka sebele ke tla furalla masala+ a lefa+ la ka ’me ke nehelane ka ’ona matsohong a lira tsa ’ona, ’me a tla fetoha se tlatlapuoeng le se nkiloeng ka mahahapa ho lira tsohle tsa ’ona,+ 15 ka lebaka la hore a entse se sebe mahlong a ka ’me a ne a ntšiteloa ka ho tsoelang pele ho tloha letsatsing leo baholo-holo ba ’ona ba tsoileng Egepeta ho fihlela letsatsing lena.’”+
16 Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova. 17 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Manase le tsohle tseo a li entseng le sebe sa hae seo ka sona a ileng a sitoa, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 18 Qetellong Manase a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa serapeng sa ntlo ea hae, serapeng sa Uza;+ mora oa hae Amone a qala ho busa sebakeng sa hae.
19 Amone+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse peli. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Meshulemethe morali oa Haruze ea tsoang Jotba. 20 O ile a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova, feela joalokaha ntat’ae Manase a ne a entse.+ 21 A ’na a tsamaea tseleng eohle eo ntat’ae a neng a tsamaile ka eona,+ ’me a tsoela pele ho sebeletsa litšoantšo tse rapeloang+ tse nyonyehang tseo ntat’ae a neng a li sebelelitse ’me a li inamela. 22 Kahoo a tlohela Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba hae, ’me ha aa ka a tsamaea tseleng ea Jehova.+ 23 Qetellong bahlanka ba Amone ba mo rerela bolotsana ’me ba bolaela morena ka tlung ea hae. 24 Empa batho ba naha ba bolaea bohle ba reretseng Morena Amone bolotsana. Joale batho ba naha ba etsa mora oa hae Josiase morena sebakeng sa hae. 25 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Amone, seo a se entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 26 Kahoo ba mo pata lebitleng la hae serapeng sa Uza;+ mora oa hae Josiase+ a qala ho busa sebakeng sa hae.