2 Marena
23 Joale morena a romeletsa ’me ba bokellela banna bohle ba baholo ba Juda le Jerusalema ho eena. 2 Ka mor’a moo morena a nyolohela ntlong ea Jehova, hammoho le banna bohle ba Juda le baahi bohle ba Jerusalema, le baprista+ le baprofeta le sechaba sohle, ho tloha ho ba banyenyane ho ea ho ba baholo;+ a qala ho bala+ moo ba ntseng ba utloa mantsoe ’ohle a buka+ ea selekane+ e neng e fumanoe ka tlung ea Jehova.+ 3 Morena a ’na a ema haufi le tšiea+ ’me joale a hlaba selekane+ ka pel’a Jehova, hore a latele+ Jehova ’me a boloke litaelo+ tsa hae le bopaki+ ba hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng+ ka pelo+ eohle le ka moea+ oohle ka ho phetha mantsoe a selekane sena a ngotsoeng bukeng ena. Ka lebaka leo sechaba sohle sa ema selekaneng seo.+
4 Morena a tsoela pele ho laela moprista ea phahameng Hilkia+ le baprista ba boemo ba bobeli le balebeli ba menyako+ hore ba ntše tempeleng ea Jehova lisebelisoa tsohle tse etselitsoeng Baale+ le palo e halalelang le makhotla ’ohle a maholimo. Joale a li chesetsa ka ntle ho Jerusalema masimong a Kidrone,+ ’me a tlisa molora oa tsona Bethele.+ 5 A leleka mosebetsing baprista ba melimo esele, bao marena a Juda a neng a ba behile e le hore ba ka etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng metseng ea Juda le libakeng tse potolohileng Jerusalema, le ba etsetsang Baale+ mosi oa sehlabelo, le letsatsi le khoeli le lihlopha tsa linaleli tsa zodiake le makhotla ’ohle a maholimo.+ 6 Ho feta moo, a ntša palo e halalelang+ ntlong ea Jehova a e isa mathōkong a Jerusalema, phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone, ’me a e chesetsa+ phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone ’me a e sila hore e be molora ’me a lahlela molora oa eona sebakeng sa lepato sa bara ba batho. 7 Ho ekelletsa moo, a heletsa matlo a matekatse+ a banna a tempele a neng a le ka tlung ea Jehova, moo basali ba neng ba loha litempelana tsa tente bakeng sa palo e halalelang.
8 Joale a tlisa baprista bohle ba tsoang metseng ea Juda, e le hore a ka etsa hore libaka tse phahameng tseo baprista ba neng ba entse mosi oa sehlabelo ho tsona e be tse sa tšoaneleng borapeli, ho tloha Geba+ ho ea fihla Beerseba;+ a heletsa libaka tse phahameng tsa liheke tse neng li le monyako oa heke ea Joshua, mookameli oa motse, e neng e le ka ho le letšehali ha motho a kena hekeng ea motse. 9 Ke baprista+ ba libaka tse phahameng feela ba neng ba sa nyolohele aletareng ea Jehova Jerusalema, empa ba ne ba ja mahobe a sa lomosoang+ har’a barab’abo bona. 10 A etsa hore Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e be e sa tšoaneleng borapeli, e le hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong+ ho Moloke.+ 11 Ho ekelletsa moo, a etsa hore lipere tseo marena a Juda a neng a li file letsatsi li khaotse ho kena ntlong ea Jehova ka kamore+ ea ho jela ea Nathane-meleke molaoli oa lekhotla, e neng e le mathuleng; a chesa likoloi tsa letsatsi+ mollong. 12 Morena a heletsa lialetare tse neng li le holim ’a marulelo a kamore e marulelong+ ea Akaze tseo marena a Juda a neng a li entse, le lialetare+ tseo Manase a neng a li entse mabaleng a mabeli a ntlo ea Jehova, ka mor’a moo a li silakanya moo, ’me a lahlela lerōle la tsona phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone. 13 Morena a etsa hore libaka tse phahameng tse neng li le ka pel’a+ Jerusalema, tse neng li le ka ho le letona ho Thaba ea Tšenyo, tseo Solomone+ morena oa Iseraele a neng a li hahetse Ashtorethe+ ntho e nyonyehang ea Basidone le Kemoshe+ ntho e nyonyehang ea Moabe le Milkome+ ntho e manyala ea bara ba Ammone, e be tse sa tšoaneleng borapeli. 14 A roba+ litšiea tse halalelang likoto ’me a tsoela pele ho rema lipalo tse halalelang eaba o tlatsa libaka tsa tsona ka masapo a batho. 15 A heletsa le aletare e neng e le Bethele,+ sebaka se phahameng seo Jeroboame+ mora oa Nebate, ea entseng hore Baiseraele ba sitoe,+ a neng a se entse, esita le aletare eo le sebaka se phahameng. Joale a chesa sebaka se phahameng; a se sila hore e be lerōle ’me a chesa palo e halalelang.
16 Ha Josiase a reteleha, a bona libaka tsa lepato tse neng li le moo thabeng. Kahoo a romeletsa ’me a nka masapo libakeng tseo tsa lepato eaba o a chesetsa holim ’a aletare, e le hore a ka e etsa e sa tšoaneleng borapeli, ho ea ka lentsoe+ la Jehova leo monna oa Molimo oa ’nete a neng a le phatlalalitse,+ ea phatlalalitseng lintho tsena. 17 Joale a re: “Lejoe leo la lebitla leo ke le bonang ke’ng?” Eaba banna ba motse ba re ho eena: “Ke sebaka sa lepato+ sa monna oa Molimo oa ’nete ea neng a tsoa Juda+ ’me a phatlalatsa lintho tsena tseo u li entseng khahlanong le aletare ea Bethele.”+ 18 Kahoo a re: “A ke a phomole.+ Le se ke la lumella leha e le mang ho khathatsa masapo a hae.” Ka lebaka leo ba tlohela masapo a hae hammoho le masapo a moprofeta+ ea neng a tsoa Samaria.
19 Hape Josiase a tlosa matlo+ ’ohle a libaka tse phahameng a neng a le metseng+ ea Samaria ao marena+ a Iseraele a neng a a hahetse ho baka khopiso,+ eaba o tsoela pele ho a etsa ho ea ka liketso tsohle tseo a neng a li entse Bethele.+ 20 Ka lebaka leo a etsa sehlabelo ka baprista+ bohle ba libaka tse phahameng ba neng ba le lialetareng ’me a chesa masapo a batho holim ’a tsona.+ Ka mor’a moo a khutlela Jerusalema.
21 Joale morena a laela batho bohle, a re: “Tšoarelang Jehova Molimo oa lōna paseka ho ea ka se ngotsoeng bukeng ena ea selekane.”+ 22 Etsoe ha ho paseka e kang ena e ileng ea tšoaroa ho tloha matsatsing a baahloli ba neng ba ahlotse Iseraele, kapa matsatsing ’ohle a marena a Iseraele le marena a Juda. 23 Empa ka selemo sa leshome le metso e robeli sa Morena Josiase paseka ena e ile ea tšoareloa Jehova Jerusalema.
24 Hape Josiase a tlosa ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele+ le literafime+ le litšoantšo tse rapeloang+ tse nyonyehang le lintho tsohle tse nyonyehang+ tse neng li hlahile naheng ea Juda le Jerusalema e le hore a ka phetha mantsoe a molao+ a neng a ngotsoe bukeng+ eo moprista Hilkia a neng a e fumane ntlong ea Jehova. 25 Pele ho eena ha hoa ka ha e-ba le morena ea joaloka eena ea ileng a khutlela+ ho Jehova ka pelo ea hae eohle le ka moea+ oa hae oohle le ka mafolofolo a hae ’ohle, ho ea ka molao oohle oa Moshe; leha e le hore ka mor’a hae ho ile ha hlaha ea joaloka eena.
26 Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a khutla bohaleng ba hae bo tukang, boo ka bona a ileng a tukela Bajuda+ ka lebaka la lintho tsohle tse halefisang tseo ka tsona Manase a neng a entse hore ba sitoe.+ 27 Empa Jehova a re: “Juda,+ le eona, ke tla e tlosa ponong ea ka,+ feela joalokaha ke tlositse Iseraele;+ ka sebele ke tla lahla motse ona oo ke o khethileng, eona Jerusalema, le ntlo eo ka eona ke itseng, ‘Lebitso la ka le tla hlola moo.’”+
28 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Josiase le tsohle tseo a li entseng, na ha lia ngoloa bukeng+ ea litaba tsa matsatsi a marena a Juda? 29 Matsatsing a hae Faro Neko+ morena oa Egepeta a nyolohela ho morena oa Assyria ka nōka ea Eufrate,+ ’me Morena Josiase a ea ho mo khahlanyetsa;+ empa a mo bolaela+ Megido+ hang ha a mo bona. 30 Kahoo bahlanka ba hae ba mo tsamaisa a shoele ka koloi ho tloha Megido ’me ba mo tlisa Jerusalema ba mo pata lebitleng la hae. Joale batho ba naha ba nka Joakaze mora oa Josiase ba mo tlotsa ’me ba mo etsa morena sebakeng sa ntat’ae.
31 Joakaze+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e meraro ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia oa Libna. 32 A qala ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho ea ka sohle seo baholo-holo ba hae ba neng ba se entse.+ 33 Faro Neko+ a mo kenya litlamong Ribla+ naheng ea Hamathe, ho mo thibela ho busa Jerusalema, ’me a lefisa naha litalenta tsa silevera+ tse lekholo le talenta ea khauta.+ 34 Ho feta moo, Faro Neko a etsa Eliakime mora oa Josiase morena sebakeng sa ntat’ae Josiase ’me a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime; a nka Joakaze a ntan’o mo tlisa Egepeta, moo qetellong a ileng a shoela teng.+ 35 Jojakime a fa Faro silevera+ le khauta. Ke naha feela eo a ileng a e lefisa lekhetho,+ hore a fane ka silevera ka taelo ea Faro. Ho ea ka tekanyetso ea lekhetho ea motho ka mong o ile a batla silevera le khauta ho batho ba naha, hore a e fe Faro Neko.
36 Jojakime+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le motso o mong. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Zebida morali oa Pedaia ea tsoang Ruma. 37 A tsoela pele ho etsa se sebe+ mahlong a Jehova, ho ea ka sohle seo baholo-holo ba hae ba neng ba se entse.