2 Marena
4 Joale ho ne ho e-na le mosali ea itseng oa basali ba bara+ ba baprofeta ea ileng a hoeletsa Elisha, a re: “Mohlanka oa hao, monna oa ka, o shoele; u tseba hantle hore mohlanka oa hao o ne a tšaba+ Jehova a sa khaotse, ’me ea kolotoang+ o tlile ho tla nka bana ba ka ka bobeli hore e be makhoba a hae.” 2 Eaba Elisha o re ho eena: “Ke u etsetse eng?+ Mpolelle; u na le eng ka tlung?” Eaba o re: “Lekhabunyane la hao ha le na letho ka tlung haese nkho ea oli e nang le molongoana.”+ 3 Joale a re: “E-ea, u ikōpele lijana ka ntle, ho baahelani bohle ba hao, lijana tse se nang letho. U se ke ua inkela tse ’maloa feela. 4 U tsamaee ’me u koale lemati ka mor’a hao le bara ba hao, ’me u tšele oli ka har’a lijana tsena kaofela, ’me tse tletseng u li behelle ka thōko.” 5 Ka mor’a moo mosali eo a tloha ho eena.
Ha a koala lemati ka mor’a hae le bara ba hae, ba atametsa lijana ho eena, ’me a tšela oli.+ 6 Eitse hang ha lijana li tletse a tsoela pele ho re ho mora oa hae: “Atametsa sejana se seng hape ho ’na.”+ Empa a re ho eena: “Ha ho na sejana se seng.” Eaba oli ea khaotsa.+ 7 Kahoo a kena ’me a bolella monna oa Molimo oa ’nete, joale monna eo a re: “E-ea, u rekise oli u lefe melato ea hao,+ ’me uena le bara ba hao le lokela ho phela ka e setseng.”+
8 Eitse ka letsatsi le leng Elisha a fetela pele Shuneme,+ moo ho neng ho e-na le mosali ea hlaheletseng, eaba mosali eo o qala ho mo qophella+ hore a je bohobe. E ne e re nako le nako ha a feta ka tsela, ebe o fapohela moo ho ja bohobe. 9 Qetellong a re ho monna oa hae:+ “Bona! joale, ke tseba hantle hore ke monna ea halalelang oa Molimo+ ea fetang ho rōna kamehla. 10 Ka kōpo, a re etse kamore e marulelong+ e nyenyane lerakong ’me re mo behele setulo se kang bethe le tafole le setulo le seluloana sa lebone moo; etlare neng kapa neng ha a tla ho rōna a ka fapohela moo.”+
11 Eitse ka letsatsi le leng joalokaha e le tloaelo a kena moo ’me a fapohela kamoreng e marulelong a robala teng. 12 Kahoo a re ho mohlanka oa hae Gehazi:+ “Bitsa mosali enoa oa Moshuneme.”+ Eaba oa mo bitsa e le hore mosali eo a ka ema ka pel’a hae. 13 Joale a re ho mohlanka: “Ka kōpo, e-re ho eena, ‘Bona! u ikhorelelitse bakeng sa rōna ka khoreletso ena eohle.+ Ke’ng seo u ka se etsetsoang?+ Na ho na le letho le ka buuoang le morena+ kapa le molaoli+ oa lebotho bakeng sa hao?’” Eaba mosali eo o re: “Ke lula+ har’a batho ba heso.” 14 A tsoela pele ho re: “Joale, ke’ng seo a ka se etsetsoang?” Joale Gehazi a re: “Kannete, ha a na mora,+ ’me monna oa hae o tsofetse.” 15 Kapele-pele a re: “Mo bitse.” Kahoo a mo bitsa, ’me a ’na a ema monyako. 16 Joale a re: “Selemong se tlang ka nako ena e behiloeng u tla be u kopile mora.”+ Empa mosali eo a re: “Che, mong’a ka, Uena monna oa Molimo oa ’nete! U se ke ua buela lekhabunyane la hao leshano.”
17 Leha ho le joalo, mosali eo a ima ’me a tsoala mora+ selemong se tlang ka nako ena e behiloeng, feela joalokaha Elisha a ne a mo boleletse.+ 18 Ngoana eo a ’na a hōla, ’me eare ka letsatsi le leng joalokaha e le tloaelo a tsoela ho ntat’ae a e-na le bakotuli.+ 19 A ’na a re ho ntat’ae: “Jo! hlooho ea ka, hlooho ea ka!”+ Qetellong a re ho mohlanka: “Mo ise ho ’m ’ae.”+ 20 Tumellanong le hoo a mo nka ’me a mo tlisa ho ’m ’ae. A ’na a lula mangoleng a hae ho fihlela motšehare, ’me qetellong a shoa.+ 21 Joale a tsoa eaba o mo robatsa holim ’a setulo se kang bethe+ sa monna oa Molimo+ oa ’nete ’me a mo koalla monyako eaba oa tsoa. 22 Joale a bitsa monna oa hae ’me a re: “Ka kōpo, nthomelle e mong oa bahlanka le e ’ngoe ea liesele tse tšehali, ’me ke mathe ho ea fihla ho monna oa Molimo oa ’nete ke be ke khutle.”+ 23 Empa eena a re: “Ke hobane’ng ha u e-ea ho eena kajeno? Hase mathoasong a khoeli+ leha e le hore ke sabatha.” Leha ho le joalo, mosali a re: “Ho lokile.” 24 Kahoo a qhaneha esele e tšehali+ ’me a re ho mohlanka oa hae: “Kalla ’me u tsoele pele. U se ke ua tlohela ho kalla ka lebaka la ka ntle le haeba ke u boleletse joalo.”
25 A tsamaea eaba o fihla ho monna oa Molimo oa ’nete Thabeng ea Karmele. Eitse hang ha monna oa Molimo oa ’nete a mo bona a le ka pele, kapele-pele a re ho mohlanka oa hae Gehazi:+ “Bona! Mosali oa Moshuneme ke eane. 26 Joale, ka kōpo, matha u mo khahlanyetse ’me u re ho eena, ‘Na u ntse u ikela hantle? Na monna oa hao o ntse a ikela hantle? Na ngoana o ntse a ikela hantle?’” Eaba o re: “Ho ntse ho ikela hantle.” 27 Ha mosali a fihla ho monna oa Molimo oa ’nete thabeng, hang-hang a mo tšoara ka maoto.+ Eaba Gehazi oa atamela ho mo sutumeletsa hōle, empa monna oa Molimo+ oa ’nete a re: “Mo tlohele,+ etsoe moea oa hae o utloile bohloko ka hare ho eena; Jehova o mpatetse+ hona ’me ha aa mpolella hona.” 28 Joale mosali eo a re: “Na ke ile ka kōpa mora ka moren ’a ka? Na ha kea ka ka re, ‘U se ke ua ntšepisa bohata’?”+
29 Kapele-pele Elisha a re ho Gehazi:+ “Itlame letheka+ ’me u nke lere+ la ka letsohong la hao ’me u tsamaee. Haeba u teana le mang kapa mang, u se ke ua mo lumelisa;+ haeba mang kapa mang a u lumelisa, u se ke ua mo araba. U behe lere la ka holim ’a sefahleho sa moshanyana eo.”+ 30 Eaba ’mè oa moshanyana o re: “Ka Jehova ea phelang+ le ka moea oa hao o phelang,+ nke ke ka u siea.”+ Kahoo a ema ’me a tsamaea le eena. 31 Gehazi a fetela pele ka pel’a bona ’me joale a beha lere holim ’a sefahleho sa moshanyana, empa ho ne ho se lentsoe leha e le ho ela hloko.+ Kahoo a khutla ho ea mo khahlanyetsa ’me a mo bolella, a re: “Moshanyana eo ha aa ka a tsoha.”+
32 Qetellong Elisha a kena ka tlung, ’me moshanyana o ne a shoele, a robalitsoe setulong sa hae se kang bethe.+ 33 Joale a kena ’me a koala lemati ka mor’a bona ka bobeli+ ’me a qala ho rapela Jehova.+ 34 Qetellong a nyoloha eaba o robala holim ’a ngoana+ eo ’me o beha molomo oa hae holim ’a molomo oa hae le mahlo a hae holim ’a mahlo a hae le liatla tsa hae holim ’a liatla tsa hae eaba o tsoela pele a iname holim ’a hae, ’me butle-butle nama ea moshanyana eo ea futhumala. 35 Joale a qala ho tsamaea hape ka tlung, a ea koana hang ’me a ea koana hang, ka mor’a moo a nyoloha ’me a inama holim ’a hae. Moshanyana eo a qala ho thimola hoo e ka bang ka makhetlo a supileng, ka mor’a moo moshanyana eo a tutuboloha.+ 36 Joale a bitsa Gehazi ’me a re: “Bitsa mosali enoa oa Moshuneme.”+ Kahoo a mo bitsa ’me a kena ho eena. Joale a re: “Phahamisa mora oa hao.”+ 37 A kena ’me a itihela maotong a hae ’me a inamela ho eena,+ ka mor’a moo a phahamisa mora oa hae eaba oa tsoa.+
38 Elisha a khutlela Gilgale,+ ’me ho ne ho e-na le tlala+ naheng. Ha bara+ ba baprofeta ba ntse ba lutse ka pel’a hae,+ ka mor’a nako a re ho mohlanka oa hae:+ “Beha pitsa e khōlō ifo ’me u phehele bara ba baprofeta sechu.”+ 39 Ka lebaka leo e mong ea itseng a tsoa ho ea masimong ho ea kha tika-motse,+ eaba o fumana sefate sa morara sa naheng ’me a qala ho kha maraka a naheng ho sona, a tlatsa seaparo sa hae, eaba oa tla ’me o a khabella ka pitseng ea sechu, etsoe ba ne ba sa a tloaela. 40 Hamorao ba se ngoathela banna bao hore ba je. Eitse hang ha ba ja sechu, ba hoeletsa ’me ba qala ho re: “Uena monna oa Molimo+ oa ’nete, ho na le lefu ka pitseng.”+ Ha baa ka ba khona ho ja. 41 Kahoo a re: “Joale, latang phofo.” Ka mor’a hore a e tšele ka pitseng, a tsoela pele ho re: “Ngoathela batho e le hore ba ka ja.” Ho ne ho se letho le kotsi ka pitseng.+
42 Ho ne ho e-na le monna ea tsoang Baale-shalisha,+ eaba o tlisetsa+ monna oa Molimo oa ’nete bohobe ba litholoana tsa pele tse butsoitseng,+ mahobe+ a mashome a mabeli a harese, le lijo-thollo tse ncha ka mokotleng oa hae oa bohobe. Joale a re: “Bo nehe batho e le hore ba ka ja.”+ 43 Leha ho le joalo, mosebeletsi oa hae a re: “Ke tla beha see joang ka pel’a banna ba lekholo?”+ Eaba o re: “Bo nehe batho e le hore ba ka ja, etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ho tla jeoa ’me ho be le masalla.’”+ 44 Eaba o se beha ka pel’a bona, ba qala ho ja, ’me ba e-ba le masalla ho ea ka lentsoe la Jehova.+