2 Marena
7 Joale Elisha a re: “Mamelang lentsoe la Jehova.+ Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Hosasane hoo e ka bang ka nako ena tekanyo ea seah ea phofo e thumisehileng e tla rekoa ka shekele, ’me litekanyo tse peli tsa seah ea harese li tla rekoa ka shekele tseleng ea heke ea Samaria.’”+ 2 Eaba mothusi eo morena a neng a itšetlehile+ ka letsoho la hae o araba monna oa Molimo oa ’nete ’me o re: “Haeba Jehova a ne a etsa likhoro tsa moroallo maholimong,+ na ntho ee e ne e tla etsahala?”+ Eaba o re: “Bona! u iponela ka mahlo,+ empa u ke ke ua e ja.”+
3 Ho ne ho e-na le banna ba bane, ba balepera, ba neng ba le monyako oa heke;+ ba qala ho buisana ba re: “Ke hobane’ng ha re lutse moo ho fihlela re shoele? 4 Haeba re ne re itse, ‘A re keneng motseng,’ ha tlala e le motseng, ka ho tšoanang re ne re tla shoella moo.+ Haeba re lula mona, ka ho tšoanang re tla lokela ho shoa. Kahoo joale tloong ’me re futuheleng liahelo tsa Basyria. Haeba ba re boloka re phela, re tla phela; empa haeba ba re bolaea, joale re tla lokela ho shoa.” 5 Ka lebaka leo ba tloha ka shoalane hore ba kene liahelong tsa Basyria; ba fihla mathōkong a liahelo tsa Basyria, ’me bonang! ho ne ho se na motho moo.
6 Jehova o ne a entse hore lebotho la Basyria le utloe molumo oa likoloi tsa ntoa, molumo oa lipere, molumo oa lebotho le leholo+ la sesole, hoo ba ileng ba buisana ba re: “Bonang! Morena oa Iseraele o re hiretse marena a Bahethe+ le marena a Egepeta hore a re futuhele!” 7 Kapele-pele ba ema eaba ba qala ho baleha ka shoalane+ ’me ba siea litente tsa bona le lipere+ tsa bona le liesele tsa bona—liahelo li le kamoo li neng li le kateng—’me ba ’na ba balehisa meea ea bona.+
8 Ha balepera bana ba fihla mathōkong a liahelo, joale ba kena ka tenteng e ’ngoe eaba ba qala ho ja le ho noa ’me ba nka silevera le khauta le liaparo moo ’me ba tsamaea eaba baa li pata. Ka mor’a moo ba khutla eaba ba kena ka tenteng e ’ngoe ’me ba nka lintho moo ba tsamaea ’me ba li pata.+
9 Qetellong ba qala ho buisana ba re: “Seo re se etsang ha sea nepahala. Letsatsi lena ke letsatsi la litaba tse molemo!+ Haeba re tsilatsila, ’me re leta ho fihlela ka meso, re tla ba molato.+ Kahoo joale tloong ’me re keneng re tlalehele ntlo ea morena.” 10 Kahoo ba tla ’me ba bitsa balebeli ba liheke+ ba motse ’me ba ba tlalehela, ba re: “Re ile ra kena liahelong tsa Basyria, ’me, bonang! ho ne ho se na motho moo leha e le molumo oa motho, haese lipere tse tlanngoeng le liesele tse tlanngoeng le litente tse tlohetsoeng feela li le joalo.”+ 11 Hang-hang balebeli ba liheke ba hoeletsa ’me ba tlalehela ba ntlo ea morena ka hare.
12 Kapele-pele morena a tsoha bosiu ’me a re ho bahlanka ba hae:+ “Ka kōpo, e-reng ke le bolelle seo Basyria ba re entseng sona. Ba tseba hantle hore re lapile;+ kahoo ba tsoile liahelong ho ea ipata masimong,+ ba re, ‘Ba tla tsoa motseng, re tla ba tšoara ba phela, ’me re tla kena motseng.’” 13 Joale e mong oa bahlanka ba hae a araba ’me a re: “Ka kōpo, e-re ba nke tse hlano tsa lipere tse setseng, tse setseng motseng.+ Bonang! Ba tšoana le bongata bohle ba Iseraele bo setseng ho oona. Bonang! Ba tšoana le bongata bohle ba Iseraele bo timetseng. A re romeletseng ’me re bone.”14 Ka lebaka leo ba nka likoloi tse peli hammoho le lipere ’me morena a re ba sale lebotho la Basyria morao, a re: “E-eang ’me le bone.” 15 Eaba ba ba latela ho ea fihla Jordane; bonang! tsela eohle e ne e tletse liaparo le lisebelisoa+ tseo Basyria ba neng ba li lahlile ha ba ne ba tloha ka potlako.+ Joale manģosa a khutla ’me a tlalehela morena.
16 Batho ba tsoa ’me ba tlatlapa+ liahelo tsa Basyria; kahoo tekanyo ea seah ea phofo e thumisehileng ea rekoa ka shekele, ’me litekanyo tse peli tsa seah ea harese tsa rekoa ka shekele, ho ea ka lentsoe+ la Jehova. 17 Morena o ne a behile mothusi eo a neng a itšetlehile+ ka letsoho la hae hore a ikarabelle tseleng ea heke; batho ba ’na ba mo hatakela+ tseleng ea heke, hoo a ileng a shoa, feela joalokaha monna oa Molimo oa ’nete a ne a buile,+ ha a bua ka nako eo morena a neng a theohetse ho eena. 18 Kahoo ha etsahala feela joalokaha monna oa Molimo oa ’nete a ne a boleletse morena, a re: “Litekanyo tse peli tsa seah ea harese li tla rekoa ka shekele le tekanyo ea seah ea phofo e thumisehileng e tla rekoa ka shekele hosasane ka nako ena tseleng ea heke ea Samaria.”+ 19 Empa mothusi a araba monna oa Molimo oa ’nete ’me a re: “Esita le haeba Jehova a ne a etsa likhoro tsa moroallo maholimong, na ho ne ho ka etsahala ho ea ka lentsoe lee?”+ Eaba o re: “Bona! u iponela ka mahlo, empa u ke ke ua e ja.”+ 20 Kahoo ha etsahala joalo ho eena, ha batho ba ntse ba mo hatakela+ tseleng ea heke, hoo a ileng a shoa.