2 Marena
9 Moprofeta Elisha a bitsa e mong oa bara+ ba baprofeta joale a re ho eena: “Itlame letheka+ ’me u nke botlolo+ ena ea oli letsohong la hao u ee Ramothe-gileade.+ 2 Ha u fihlile moo, u bone Jehu+ mora oa Josafate mora oa Nimshi moo; u kene u mo emise har’a barab’abo ’me u mo kenye ka kamoreng e ka hare-hare.+ 3 U nke botlolo ea oli ’me u mo tšele ka eona hloohong+ u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ke u tlotsa hore u be morena+ oa Iseraele.”’ U bule lemati u balehe ’me u se ke ua leta.”
4 Mohlanka, mohlanka oa moprofeta, a ea Ramothe-gileade. 5 Ha a fihla, balaoli ba lebotho la sesole ba ne ba lutse moo. Joale a re: “Ho na le lentsoe leo ke nang le lona bakeng sa hao,+ Uena molaoli.” Eaba Jehu o re: “Bakeng sa ofe ho rōna kaofela?” Joale a re: “Bakeng sa hao, Uena molaoli.” 6 Kahoo a ema ’me a kena ka tlung; a mo tšela ka oli hloohong ’me a re ho eena: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ke u tlotsa hore u be morena+ oa sechaba+ sa Jehova, ke hore, oa Iseraele. 7 U hlasele ntlo ea morena oa hao Akabe, ’me ke tla pheteletsa+ mali a bahlanka ba ka baprofeta le mali a bahlanka bohle ba Jehova letsohong la Jezebele.+ 8 Ntlo eohle ea Akabe e tla timela; ke tla felisa ho Akabe+ mang kapa mang ea ntšetsang metsi lerakong+ le mang kapa mang ea se nang thuso+ le eo e seng oa bohlokoa Iseraele. 9 Ke tla etsa hore ntlo ea Akabe e be joaloka ntlo ea Jeroboame+ mora oa Nebate le joaloka ntlo ea Basha+ mora oa Akija. 10 Lintja li tla jella+ Jezebele tšimong e Jezriele, ’me ha ho ea tla mo pata.’” Eaba o bula lemati ’me o qala ho baleha.+
11 Ha e le Jehu, a tsoa ho ea ho bahlanka ba morena oa hae, ’me ba qala ho re ho eena: “Na ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ikela hantle?+ Ke hobane’ng ha monna enoa ea hlanyang+ a tlile ho uena?” Empa a re ho bona: “Le tseba monna eo hantle le lipuo tsa hae.” 12 Empa ba re: “Ke bohata! Ka kōpo, re bolelle.” Joale a re: “O buile tjena le tjena le ’na, a re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ke u tlotsa hore u be morena oa Iseraele.”’”+ 13 Eaba ka potlako e mong le e mong o nka seaparo+ sa hae ’me o se beha tlas’a hae holim ’a litepisi tse sa koaheloang ka letho, ’me ba qala ho letsa lenaka+ ba re: “Jehu ke morena!”+ 14 Jehu+ mora oa Josafate mora oa Nimshi+ a rerela Jorame bolotsana.+
Jorame o ne a ntse a lebetse Ramothe-gileade,+ eena le Baiseraele bohle, ka lebaka la Hazaele+ morena oa Syria. 15 Hamorao Morena Jorame+ a khutlela Jezriele+ hore a fole maqebeng ao Basyria ba neng ba mo ntšitse ’ona ha a ne a loantša Hazaele morena oa Syria.
Joale Jehu a re: “Haeba meea ea lōna e lumela, le se ke la tlohela leha e le mang hore a tsoe a balehe motseng ho ea tlaleha Jezriele.” 16 Jehu a qala ho kalla ’me a ea Jezriele; etsoe Jorame o ne a robetse moo, ’me Akazia morena oa Juda o ne a theohile ho ea bona Jorame. 17 Molebeli+ o ne a eme holim ’a tora Jezriele,+ eaba o bona letšoele le nyolohang la banna ba Jehu ha a tla, ’me hang-hang a re: “Ke bona letšoele le nyolohang la banna.” Eaba Jorame o re: “Nka monna ea palameng pere ’me u mo romele ho ba khahlanyetsa, ’me u re a re, ‘Na khotso e teng?’”+ 18 Ka lebaka leo mopalami oa pere a ea ho mo khahlanyetsa ’me a re: “Sena ke seo morena a se boletseng, ‘Na khotso e teng?’” Empa Jehu a re: “U na le taba efe le ‘khotso’?+ Fetela ka mor’a ka!”
Molebeli+ a tsoela pele ho tlaleha, a re: “Lenģosa le fihlile ho bona, empa ha lea khutla.” 19 Kahoo a romela mopalami oa bobeli oa pere, eo eitseng ha a fihla ho bona, a ileng a re: “Sena ke seo morena a se boletseng, ‘Na khotso e teng?’” Empa Jehu a re: “U na le taba efe le ‘khotso’?+ Fetela ka mor’a ka!”
20 Molebeli a tsoela pele ho tlaleha, a re: “O fihlile ho bona, empa ha aa khutla; ho palama ke ho palama ho tšoanang le ha Jehu+ setloholo sa Nimshi,+ etsoe o palama joaloka lehlanya.” 21 Eaba Jorame o re: “Qhaneha!”+ Kahoo koloi ea hae ea ntoa ea qhanehoa ’me Jorame morena oa Iseraele le Akazia+ morena oa Juda ba tsoa, e mong le e mong a le ka koloing ea hae ea ntoa. Ha ba tsoela pele ho ea khahlanyetsa Jehu, ba mo fumana tšimong ea Nabothe+ Mojezriele.
22 Eitse hang ha Jorame a bona Jehu, kapele-pele a re: “Na khotso e teng, Jehu?” Empa a re: “Ke khotso+ ea eng e ka bang teng hafeela ho e-na le bohlola ba ’m ’ao Jezebele+ le boloi+ ba hae bo bongata?” 23 Hang-hang Jorame a tjekisa koloi ka matsoho, e le hore a ka baleha, ’me a re ho Akazia: “Akazia, ho na le qhekello!”+ 24 Jehu a tšoara seqha+ ka letsoho ’me a fula Jorame pakeng tsa mahetla, hoo motsu o ileng oa tsoa pelong ea hae, ’me a oela ka koloing ea hae ea ntoa.+ 25 Joale a re ho mothusi+ oa hae Bidkare: “Mo phahamise; u mo lahlele tšimong ea Nabothe Mojezriele;+ etsoe hopola: ’Na le uena re ne re palame likoloi tse huloang ke lihlopha tsa lipere ka mor’a ntat’ae Akabe, ’me Jehova a bua phatlalatso+ ena khahlanong le eena: 26 ‘“Ka sebele maobane ke bone mali+ a Nabothe le mali a bara ba hae,” ho bolela Jehova, “’me ka sebele ke tla u buseletsa+ tšimong ena,” ho bolela Jehova.’ Kahoo joale, mo phahamise; u mo lahlele tšimong ho ea ka lentsoe la Jehova.”+
27 Akazia+ morena oa Juda a ho bona ’me a baleha ka tsela ea ntlo ea serapa.+ (Hamorao Jehu a mo lelekisa ’me a re: “Le eena ka ho tšoanang! Le mo hlabe!” [Kahoo ba mo hlaba] ha a sa ntse a le ka koloing tseleng e nyolohelang Gure, e haufi le Ibleame.+ A tsoela pele ho balehela Megido+ ’me a shoella moo. 28 Joale bahlanka ba hae ba mo nka ka koloi ho ea Jerusalema, ’me kahoo ba mo pata lebitleng la hae le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida.+ 29 E ne e le ka selemo sa leshome le motso o mong sa Jorame+ mora oa Akabe ha Akazia+ e e-ba morena oa Juda.)
30 Qetellong Jehu a fihla Jezriele,+ ’me Jezebele+ a utloa ka hona. A itaka+ mahlo ka setlolo se takang se setšo ’me a itokisa hlooho hantle+ eaba o talima tlaase ka fensetere. 31 Jehu a kena ka heke. Joale Jezebele a re: “Na ho iketse hantle ka Zimri+ ’molai oa morena oa hae?” 32 Eaba Jehu o phahamisetsa sefahleho sa hae nģ’a fensetere ’me o re: “Ke mang ea nang le ’na? Ke mang?”+ Kapele-pele balaoli ba lekhotla+ ba babeli kapa ba bararo ba talima tlaase ho eena. 33 Kahoo a re: “Mo liheleng!”+ Joale ba mo lihela, ’me mali a mang a hae a qaphaletsa holim ’a lerako le holim ’a lipere; joale a mo hatakela.+ 34 Ka mor’a moo a kena ’me a ja le ho noa eaba o re: “Ka kōpo, hlokomelang enoa ea rohakiloeng+ ’me le mo pate, etsoe ke morali oa morena.”+ 35 Ha ba il’o mo pata, ha baa ka ba fumana letho la hae haese lehata le maoto le liatla.+ 36 Ha ba khutla ’me ba mo bolella, a tsoela pele ho re: “Ke lentsoe la Jehova leo a le buileng ka+ mohlanka oa hae Elia Motishba, a re, ‘Tšimong ea Jezriele lintja li tla ja nama ea Jezebele.+ 37 Ka sebele setopo sa Jezebele se tla fetoha moiteli+ holim ’a tšimo ea Jezriele, e le hore ba se ke ba re: “Enoa ke Jezebele.”’”