1 Dikronike
16 Ka hona ba tlisa+ areka ea Molimo oa ’nete ’me ba e beha ka har’a tente eo Davida a neng a e hlometse eona;+ ba qala ho hlahisa linyehelo tsa secheso le mahlabelo a kopanetsoeng ka pel’a Molimo oa ’nete.+ 2 Ha Davida a qetile ho nyehela nyehelo ea secheso+ le mahlabelo a kopanetsoeng,+ a tsoela pele ho hlohonolofatsa+ batho ka lebitso la Jehova.+ 3 Ho ekelletsa moo, a arolela+ Baiseraele bohle, monna hammoho le mosali, e mong le e mong polokoe ea bohobe le bohobe ba litholoana tsa palema le bohobe ba morara o omisitsoeng. 4 Joale a beha Balevi ba bang ka pel’a areka ea Jehova hore e be basebeletsi,+ hore ba hopole+ le ho leboha le ho rorisa Jehova Molimo oa Iseraele, 5 Asafe e le hlooho, ’me Zakaria e le oa bobeli ho eena, le Jeiele le Shemiramothe le Jehiele le Matithia le Eliabe le Benaia le Obed-edomo le Jeiele, ka liletsa tsa mofuta o likhoele le ka liharepa, ’me Asafe a letsetsa licymbala holimo, 6 ’me baprista Benaia le Jahaziele ba letsa literompeta tseo kamehla ka pel’a areka ea selekane sa Molimo oa ’nete.
7 Joale letsatsing leo Davida a etsa monehelo ka lekhetlo la pele ho leboha+ Jehova ka Asafe le barab’abo:
8 “Lebohang Jehova;+ le ipiletse lebitsong la hae,+
Tsebahatsang liketso tsa hae har’a lichaba!+
9 Mo bineleng,+ mo tsanyaoleleng lipina tsa thoriso,+
Le nahanisise ka liketso tsohle tsa hae tse hlollang.+
12 Hopolang liketso tsa hae tse hlollang tseo a li entseng,+
Mehlolo ea hae le liqeto tsa boahloli tsa molomo oa hae,+
13 Lōna bana ba Iseraele mohlanka oa hae,+
Lōna bara ba Jakobo, bakhethoa ba hae.+
14 Ke Jehova Molimo+ oa rōna; liqeto tsa hae tsa boahloli+ li lefatšeng lohle.
15 Hopolang selekane sa hae esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Lentsoe leo a le laetseng, ho isa melokong e sekete,+
16 Selekane seo a se hlabileng le Abrahama,+
Le polelo ea hae e hlapanyelitsoeng ho Isaka.+
17 Polelo eo a e emisitseng e le molao oa tsamaiso esita le ho Jakobo,+
E le selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang esita le ho Iseraele,+
18 A re, ‘Ke tla le fa naha ea Kanana,+
E le kabelo ea lefa la lōna.’+
19 Sena se etsahetse nakong ea ha le fokola ka palo,+
E, le fokola haholo, ’me le le bajaki ho eona.+
20 Ba ’na ba tsamaea ho tloha sechabeng se seng ho ea ho se seng,+
Le ho tloha ’musong o mong ho ea ho batho ba bang.+
21 Ha aa ka a lumella leha e le mang hore a ba etsetse bolotsana,+
Empa a khalemela marena ka lebaka la bona,+
22 A re, ‘Le se ke la ama batlotsuoa ba ka,
Le se ke la etsa letho le lebe ho baprofeta ba ka.’+
23 Binelang Jehova, lōna bohle ba lefatše!+
Letsatsi le letsatsi le tsebahatse poloko eo a fanang ka eona!+
24 Phetang khanya ea hae har’a lichaba,
Le phete liketso tsa hae tse hlollang har’a batho bohle.
25 Etsoe Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo,+
O lokela ho tšajoa ho feta melimo e meng kaofela.+
29 Isang ho Jehova khanya ea lebitso la hae,+
Nkang mpho ’me le kene ka pel’a hae.+
Inamelang Jehova ka mokhabo o halalelang.+
30 Utloang bohloko bo boholo ka lebaka la hae, lōna batho bohle ba lefatše!
Le naha e behang e tiisitsoe ka thata:
E ke ke ea sisinngoa le ka mohla.+
33 Ka nako e tšoanang lifate tsa moru li ke li tlerohe ka thabo ka lebaka la Jehova,+
Etsoe o tlil’o ahlola lefatše.+
34 Lebohang Jehova, kaha o molemo,+
Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
35 Le re, ‘Re pholose, Molimo oa poloko ea rōna,+
U re phuthe ’me u re lopolle lichabeng,+
Hore re lebohe lebitso+ la hao le halalelang, hore re bue ka thabo e khaphatsehang ka thoriso ea hao.+
36 Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’”+
Batho bohle ba re, “Amen!” ’me ba rorisa Jehova.+
37 Joale a tlohela Asafe le barab’abo moo ka pel’a areka ea selekane sa Jehova hore ba sebeletse ka pel’a Areka kamehla, ho ea ka se hlokahalang letsatsi ka leng;+ 38 Obed-edomo le barab’abo, ba mashome a tšeletseng a metso e robeli, le Obed-edomo mora oa Jeduthune le Hosa e le balebeli ba liheke; 39 moprista Tsadoke le barab’abo ba baprista ba le ka pel’a tabernakele ea Jehova sebakeng se phahameng se neng se le Gibeone,+ 40 hore ba nyehele ho Jehova linyehelo tsa secheso aletareng ea linyehelo tsa secheso kamehla hoseng le mantsiboea le bakeng sa sohle se ngotsoeng molaong oa Jehova oo a o laetseng Baiseraele;+ 41 hammoho le bona e le Hemane le Jeduthune le banna ba bang kaofela ba khethiloeng ka mabitso hore ba lebohe Jehova, hobane “mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang”;+ 42 hammoho le bona e le Hemane le Jeduthune, hore ba utloahatse literompeta le licymbala le liletsa tsa pina ea Molimo oa ’nete; bara ba Jeduthune ba le hekeng. 43 Batho bohle ba ea e mong le e mong ntlong ea hae.+ Ka lebaka leo Davida a hlohonolofatsa ntlo ea hae.