2 Dikronike
11 Ha Roboame a fihla Jerusalema,+ kapele-pele a phutha ntlo ea Juda le Benjamine,+ banna ba khethehileng ba likete tse lekholo le mashome a robeli ba shahlileng bakeng sa ntoa,+ hore ba loantše Iseraele e le ho khutlisetsa borena ho Roboame. 2 Joale lentsoe la Jehova la tla ho Shemaia monna oa Molimo oa ’nete, la re: 3 “E-re ho Roboame mora oa Solomone morena oa Juda+ le ho Baiseraele bohle ba Juda le Benjamine, u re, 4 ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le se ke la nyoloha ’me la loantša barab’abo lōna.+ E mong le e mong a khutlele ntlong ea hae, etsoe ntho ena e hlahile ka tšusumetso ea ka.”’”+ Kahoo ba mamela lentsoe la Jehova ’me ba khutla hore ba se ke ba futuhela Jeroboame.+
5 Roboame a tsoela pele ho lula Jerusalema ’me a haha metse e etselitsoeng liqhobosheane Juda. 6 Kahoo a tsosolosa Bethlehema+ le Etame le Tekooa,+ 7 le Bethe-zure+ le Soko le Adulame,+ 8 le Gathe le Maresha+ le Zife,+ 9 le Adoraime le Lakishe+ le Azeka,+ 10 le Zora+ le Ajalone+ le Hebrone,+ metse e etselitsoeng liqhobosheane, e neng e le Juda le Benjamine. 11 Ho ekelletsa moo, a tiisa libaka tse etselitsoeng liqhobosheane+ ’me a beha baeta-pele ho tsona le liphepelo tsa lijo le oli le veine, 12 ’me metseng eohle e fapaneng a beha lithebe tse khōlō le marumo; a tsoela pele ho e tiisa ka tekanyo e khōlō. Juda le Benjamine tsa tsoela pele e le tsa hae.
13 Baprista le Balevi ba neng ba le Iseraele eohle ba ema le eena ba tsoa libakeng tsohle tsa bona. 14 Etsoe Balevi ba ile ba tlohela makhulo+ a bona le matlotlo+ a bona ’me joale ba tla Juda le Jerusalema,+ hobane Jeroboame+ le bara ba hae ba ne ba ba tlositse+ ho sebetseng e le baprista ba Jehova. 15 A ikhethela baprista bakeng sa libaka tse phahameng+ le bakeng sa bademona+ ba nang le sebōpeho sa lipōli le bakeng sa manamane ao a neng a a entse.+ 16 Ba ileng ba ba latela ba tsoa melokong eohle ea Iseraele ba neng ba nehetse lipelo tsa bona ho batla Jehova Molimo oa Iseraele ba ile ba tla Jerusalema ho tla etsetsa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona sehlabelo.+ 17 Ba ’na ba matlafatsa borena ba Juda ’me ba tiisa Roboame mora oa Solomone ka lilemo tse tharo, etsoe ba ile ba tsamaea tseleng ea Davida le Solomone ka lilemo tse tharo.+
18 Joale Roboame a nka Mahalathe hore e be mosali oa hae, morali oa Jerimothe mora oa Davida, le oa Abikaile morali oa Eliabe+ mora oa Jese. 19 Ka mor’a nako a mo tsoalla bara, Jeushe le Shemaria le Zahame. 20 Ka mor’a hae a nka Maaka+ setloholo sa Absalome.+ Ka mor’a nako a mo tsoalla Abija+ le Atai le Ziza le Shelomithe. 21 Roboame o ne a rata Maaka setloholo sa Absalome ho feta basali+ ba bang ba hae kaofela le lirethe tsa hae; etsoe o ne a nkile basali ba leshome le metso e robeli, le lirethe tse mashome a tšeletseng, hoo a ileng a tsoala bara ba mashome a mabeli a metso e robeli le barali ba mashome a tšeletseng. 22 Ka lebaka leo Roboame a khetha Abija mora oa Maaka hore e be hlooho, e be moeta-pele har’a barab’abo, etsoe o ne a nahanne ho mo etsa morena. 23 Leha ho le joalo, a etsa ka kutloisiso ’me a abela ba bang ho bara bohle ba hae hore ba ee linaheng tsohle tsa Juda le Benjamine,+ metseng eohle e etselitsoeng liqhobosheane, ’me a ba fa lijo tse ngata le ho ba fumanela basali ba bangata haholo.+