2 Dikronike
21 Qetellong Josafate a robala le baholo-holo+ ba hae ’me a patoa le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida; mora oa hae Jorame+ a qala ho busa sebakeng sa hae. 2 O ne a e-na le barab’abo, bara ba Josafate, Azaria le Jehiele le Zakaria le Azaria le Mikaele le Shefatia, bana bohle e le bara ba Josafate morena oa Iseraele. 3 Ka lebaka leo ntat’a bona a ba fa limpho+ tse ngata tsa silevera le tsa khauta le lintho tse ntle hammoho le metse e etselitsoeng liqhobosheane Juda; a fa Jorame ’muso,+ kaha e ne e le letsibolo.+
4 Ha Jorame a hloella ’musong oa ntat’ae a etsa hore boemo ba hae bo be matla, kahoo a bolaea barab’abo+ bohle ka sabole hammoho le likhosana tse ling tsa Iseraele. 5 Jorame o ne a le lilemo li mashome a mararo a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa+ Jerusalema ka lilemo tse robeli. 6 A tsoela pele ho tsamaea tseleng ea marena a Iseraele,+ feela joalokaha ba ntlo ea Akabe ba ne ba entse; etsoe morali oa Akabe e ne e le mosali oa hae,+ ’me a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+ 7 Jehova o ne a sa batle ho felisa+ ntlo ea Davida, ka lebaka la selekane+ seo a neng a se hlabile le Davida, feela joalokaha a ne a itse o tla fa eena+ le bara ba hae lebone kamehla.+
8 Matsatsing a hae Baedomo+ ba fetohela Bajuda+ ’me joale ba etsa hore morena a ba buse.+ 9 Kahoo Jorame hammoho le baokameli ba hae ba fetela pele hammoho le likoloi tsohle. A tsoha bosiu ’me a qala ho bolaea Baedomo ba neng ba mo pota-potile hammoho le baokameli ba likoloi. 10 Empa Edomo ea tsoela pele ho fetohela Juda ho fihlela letsatsing lena. Joale Libna+ ea qala ho mo fetohela ka nako e tšoanang, hobane o ne a tlohetse Jehova Molimo oa baholo-holo ba hae.+ 11 Le eena o ne a entse libaka tse phahameng+ lithabeng tsa Juda, e le ho etsa hore baahi ba Jerusalema ba be le likamano tse litšila,+ hape e le hore a ka leleka Juda.+
12 Qetellong ha fihla ho eena lengolo+ le tsoang ho moprofeta Elia,+ le re: “Sena ke seo Jehova Molimo oa moholo-holo oa hao Davida a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore ha ua tsamaea litseleng tsa ntat’ao Josafate kapa litseleng tsa Asa+ morena oa Juda, 13 empa u tsamaea tseleng ea marena a Iseraele+ ’me u etsa hore Bajuda le baahi ba Jerusalema ba be le likamano tse litšila+ ka tsela e tšoanang le eo ka eona ntlo ea Akabe e entseng hore ho be le likamano tse litšila,+ esita le barab’eno, ba ntlo ea ntat’ao, ba neng ba le molemo ho u feta, u ba bolaile;+ 14 bona! Jehova o otla+ batho+ ba hao le bara+ ba hao le basali ba hao le thepa ea hao. 15 U tla ba le maloetse a mangata,+ u be le lefu la mala, ho fihlela mala a hao a tsoile ka lebaka la boloetse letsatsi le letsatsi.’”+
16 Ka lebaka leo Jehova a tsosetsa Jorame moea+ oa Bafilista+ le Maarabia a neng a le lehlakoreng la Baethiopia.+ 17 Kahoo ba nyolohela Juda ’me ba e kena ka mahahapa le ho hapa thepa eohle e neng e ka fumanoa ka tlung ea morena le bara+ ba hae le basali ba hae,+ ’me ha aa ka a sieloa mora haese Joakaze, mora oa hae e monyenyane. 18 Ka mor’a sena sohle Jehova a mo otla ka maleng ka boloetse bo sa foleng.+ 19 Eitse matsatsing a latelang, esita le ha nako ea lilemo tse peli tse feletseng e felile, mala+ a hae a tsoa nakong ea boloetse ba hae, ’me qetellong a shoa ka mafu a hae a mabe; batho ba hae ha baa ka ba mo etsetsa secheso se tšoanang le secheso+ sa baholo-holo ba hae. 20 O ne a le lilemo li mashome a mararo a metso e ’meli ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse robeli. Qetellong a ikela a sa ratehe.+ Kahoo ba mo pata Motseng oa Davida,+ empa eseng libakeng tsa lepato tsa marena.