2 Dikronike
23 Ka selemo sa bosupa Jehojada+ a ba sebete ’me a qala ho hlaba selekane le balaoli ba ba makholo,+ e leng, Azaria mora oa Jerohame, le Ishmaele mora oa Johanane le Azaria mora oa Obede le Maseia mora oa Adaia le Elishafate mora oa Zikri. 2 Ka mor’a moo ba potoloha ho pholletsa le Juda ba phutha Balevi+ metseng eohle ea Juda le lihlooho tsa malapa a habo ntat’a Baiseraele. Kahoo ba tla Jerusalema. 3 Joale phutheho eohle ea hlaba selekane+ le morena ka tlung+ ea Molimo oa ’nete, ka mor’a moo a re ho bona:
“Bonang! Mora+ oa morena o tla busa,+ feela joalokaha Jehova a tšepisitse malebana le bara ba Davida.+ 4 Ena ke ntho eo le tlang ho e etsa: karolo ea boraro ea lōna ba kenang ka sabatha,+ ea baprista le ea Balevi, e tla ba balebeli ba menyako; 5 karolo ea boraro e tla ba ntlong ea morena;+ karolo ea boraro e tla ba Hekeng ea Motheo;+ batho bohle ba tla ba mabaleng+ a ntlo ea Jehova. 6 Le se ke la lumella leha e le mang ho kena ka tlung ea Jehova+ haese baprista le Balevi ba sebeletsang. Ke bona ba tla kena, hobane ke sehlopha se halalelang, ’me batho bohle ba tla boloka tlamo ho Jehova. 7 Balevi ba teele morena hare ka hohle,+ e mong le e mong a tšoere libetsa tsa hae letsohong; mang kapa mang ea kenang ka tlung, o lokela ho bolaoa. Le hlole le morena ha a tsoa le ha a kena.”
8 Balevi le Bajuda bohle ba etsa ho ea ka sohle seo moprista Jehojada+ a neng a se laetse.+ Kahoo e mong le e mong a nka banna ba hae ba neng ba kena ka sabatha hammoho le ba neng ba tsoa ka sabatha,+ etsoe moprista Jehojada o ne a sa lokolla lihlopha mosebetsing. 9 Ho ekelletsa moo, moprista Jehojada a fa balaoli ba ba makholo+ marumo le lithebe le lithebe+ tse chitja tseo e neng e le tsa Morena Davida,+ tse neng li le ka tlung ea Molimo oa ’nete. 10 A tsoela pele ho emisa batho bohle,+ e mong le e mong a tšoere lerumo la hae letsohong, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ea fihla lehlakoreng le letšehali la ntlo, haufi le aletare le haufi le ntlo, ho pota-pota ka hohle haufi le morena. 11 Joale ba ntša+ mora oa morena ’me ba mo roesa mofapa-hlooho+ le Bopaki+ ’me ba mo etsa morena, kahoo Jehojada le bara ba hae ba mo tlotsa+ ’me ba re: “Morena a ke a phele!”+
12 Ha Athalia a utloa molumo oa batho ba mathang ’me ba rorisa morena,+ hang-hang a tla ho sechaba ntlong ea Jehova. 13 Joale a talima, ’me morena o ne a eme haufi le tšiea+ ea hae monyako, likhosana le literompeta+ li le haufi le morena, ’me batho bohle ba naha ba thabile+ ebile ba letsa+ literompeta, le libini tse tšoereng liletsa tsa pina le ba etsang pontšo ea ho fana ka thoriso. Kapele-pele Athalia a hahola liaparo tsa hae ’me a re: “Morero oa bolotsana! Morero oa bolotsana!”+ 14 Empa moprista Jehojada a ntša balaoli ba ba makholo, ba lebotho la sesole ba behiloeng, ’me a re ho bona: “Mo ntšeng ka har’a mela;+ ha e le mang kapa mang ea mo salang morao, o lokela ho bolaoa ka sabole!” Etsoe moprista o ne a itse: “Le se ke la mo bolaela ntlong ea Jehova.” 15 Kahoo ba mo tšoara. Eitse ha a fihla monyako oa heke ea lipere ea ntlo ea morena, hang-hang ba mo bolaela moo.+
16 Joale Jehojada a hlaba selekane pakeng tsa hae le batho bohle le morena hore ba tsoele pele e le batho+ ba Jehova. 17 Ka mor’a moo batho bohle ba tla ntlong ea Baale ’me ba e heletsa;+ ba qhaqha+ lialetare+ tsa hae le litšoantšo tsa hae, ’me Matane+ moprista oa Baale ba mo bolaela+ ka pel’a lialetare. 18 Ho ekelletsa moo, Jehojada a beha mesebetsi ea ntlo ea Jehova matsohong a baprista le Balevi, bao Davida a neng a ba behile ka lihlopha ntlong ea Jehova hore ba nyehele mahlabelo a secheso a Jehova ho ea ka se ngotsoeng molaong oa Moshe,+ ka thabo le ka pina ea botsamaisi ba Davida. 19 Kahoo a emisa balebeli ba liheke lihekeng tsa ntlo ea Jehova hore ho se ke ha e-ba le motho ea sa hloekang tabeng leha e le efe ea ka kenang. 20 Joale a nka balaoli ba ba makholo+ le ba nang le borena le babusi ba batho le batho bohle ba naha ’me a theola morena ntlong ea Jehova.+ Joale ba kena ka heke e ka holimo ba ea ntlong ea morena ’me ba lulisa morena teroneng+ ea ’muso. 21 Batho bohle ba naha ba tsoela pele ho thaba; motse ha oa ka oa khathatsoa, ’me ba ne ba bolaile Athalia ka sabole.+