2 Dikronike
25 Amazia+ ea e-ba morena ha a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e robong. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Joadane+ oa Jerusalema. 2 A tsoela pele ho etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova, feela eseng ka pelo e feletseng.+ 3 Eitse hang ha ’muso o le matla ho eena, ka potlako a bolaea+ bahlanka ba hae ba neng ba bolaile morena ntat’ae. 4 Ha aa ka a bolaea bara ba bona, empa a etsa ho ea ka se ngoliloeng molaong, bukeng ea Moshe,+ oo Jehova a o laetseng, a re: “Bo-ntate ha baa lokela ho shoela bara,+ leha e le hore bara ba lokela ho shoela bo-ntate;+ empa e mong le e mong o lokela ho shoela sebe sa hae.”+
5 Amazia a phutha Bajuda ’me a ba emisa ho ea ka ntlo ea baholo-holo, ka balaoli ba ba likete+ le ka balaoli ba ba makholo+ bakeng sa Juda eohle le Benjamine; a tsoela pele ho ba ngolisa ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli+ ho ea holimo, ’me qetellong a fumana e le banna ba khethehileng ba likete tse makholo a mararo ba tsoelang lebothong, ba tšoarang lerumo le thebe e khōlō. 6 Ho ekelletsa moo, ka litalenta tsa silevera tse lekholo a hira banna ba likete tse lekholo ba sebete, ba matla ba tsoang Iseraele. 7 Monna ea itseng oa Molimo+ oa ’nete a tla ho eena, a re: “Morena, u se ke ua lumella hore lebotho la Iseraele le tle le uena, kaha Jehova ha a eo ho Iseraele, ke hore, bara bohle ba Efraime. 8 Empa tloo, u nke bohato, u be sebete bakeng sa ntoa. Molimo oa ’nete a ka etsa hore u khoptjoe ka pel’a sera; etsoe Molimo o na le matla a ho thusa+ le a ho baka ho khoptjoa.”+ 9 Eaba Amazia+ o re ho monna oa Molimo oa ’nete: “Empa ho ka etsoa’ng ka litalenta tse lekholo tseo ke li fileng lihlopha tsa masole a Iseraele?” Eaba monna oa Molimo oa ’nete o re: “Jehova o na le mokhoa oa ho u fa se sengata ho feta sena.”+ 10 Ka lebaka leo Amazia a li arola, ke hore, lihlopha tsa masole tse neng li tlile ho eena li tsoa Efraime, hore li ee ha habo tsona. Leha ho le joalo, bohale ba tsona ba tukela Juda haholo, hoo li ileng tsa khutlela ha habo tsona li halefile haholo.+
11 Amazia a ba sebete ’me a etella pele batho ba hae eaba o ea Phuleng ea Letsoai;+ a bolaea bara ba Seire, ba likete tse leshome ho bona.+ 12 Ho ne ho e-na le ba likete tse leshome bao bara ba Juda ba ileng ba ba hapa ba phela. Kahoo ba ba tlisa holim ’a lefika, ’me ba ba lihela ba le holim ’a lefika; kaofela ha bona ba phatloha.+ 13 Ha e le litho tsa sehlopha sa masole tseo Amazia a neng a li khutlisitse hore li se ke tsa ea le eena ntoeng, tsa qala ho futuhela metse ea Juda, ho tloha Samaria+ ho fihlela Bethe-horone,+ ’me tsa bolaea ba likete tse tharo ho bona le ho nka lintho tse ngata tse tlatlapuoeng.
14 Empa joale eitse ka mor’a hore Amazia a tle a tsoa bolaea Baedomo a tlisa melimo ea bara ba Seire ’me a ikemisetsa eona e le melimo,+ eaba o qala ho inama+ ka pel’a eona, ’me a qala ho e etsetsa mosi oa sehlabelo. 15 Ka lebaka leo bohale ba Jehova ba tukela Amazia, kahoo a mo romela moprofeta ’me a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u batlile+ melimo+ ea batho e sa kang ea lopolla batho ba eona letsohong la hao?”+ 16 Eitse ha a bua le eena kapele-pele morena a re ho eena: “Na re u entse moeletsi oa morena? Tlohela.+ Ke hobane’ng ha ba lokela ho u bolaea?” Ka lebaka leo moprofeta a tlohela, empa a re: “Ka sebele kea tseba hore Molimo o entse qeto e tiileng ea ho u felisa,+ hobane u entse sena+ ’me ha ua mamela keletso ea ka.”
17 Joale Amazia morena oa Juda a tšoara therisano ’me a romeletsa ho Joase mora oa Joakaze mora oa Jehu morena oa Iseraele,+ a re: “Tloo! A re shebane mahlong.” 18 Eaba Joase morena oa Iseraele o romeletsa ho Amazia morena oa Juda, o re:+ “Setlama-tlama se meutloa se neng se le Lebanone se ile sa romeletsa ho kedare e neng e le Lebanone,+ sa re, ‘Neha mora oa ka morali oa hao hore e be mosali oa hae.’+ Leha ho le joalo, sebata+ sa naha se neng se le Lebanone se ile sa feta ’me sa hatakela setlama-tlama se meutloa. 19 U ipoleletse ho re, Bona! u bolaile Edomo. Pelo+ ea hao e u phahamisitse hore u tlotlisoe.+ Joale tsoela pele u lutse ka tlung ea hao. Ke hobane’ng ha u kenella ho qabaneng u le boemong+ bo bobe e le hore u oe, uena hammoho le Juda?”
20 Empa Amazia ha aa ka a mamela; kaha ho ne ho tsoa ho Molimo+ oa ’nete ka morero oa ho nehelana ka bona letsohong la hae, hobane ba ne ba batlile melimo ea Edomo. 21 Kahoo Joase morena oa Iseraele a nyoloha,+ eaba ba shebana mahlong,+ eena le Amazia morena oa Juda, ba le Bethe-shemeshe,+ ea Juda. 22 Bajuda ba hlōloa ka pel’a Baiseraele,+ hoo e mong le e mong a ileng a balehela tenteng ea hae.+ 23 Ke Amazia morena oa Juda, mora oa Joase mora oa Joakaze, eo Joase morena oa Iseraele a ileng a mo tšoara Bethe-shemeshe, ka mor’a moo a mo tlisa Jerusalema+ eaba o phunya lerako la Jerusalema, ho tloha Hekeng ea Efraime+ ho fihlela Hekeng e Sekhutlong,+ litsoe tse makholo a mane. 24 A nka khauta eohle le silevera le lintho tsohle tse neng li ka fumanoa ka tlung ea Molimo oa ’nete tse ho Obed-edomo+ le matlotlo a ntlo+ ea morena le batšoaruoa ba phapanyetsano, a ntan’o khutlela Samaria.+
25 Amazia+ mora oa Joase morena oa Juda a tsoela pele ho phela lilemo tse leshome le metso e mehlano+ ka mor’a lefu la Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele. 26 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Amazia, tsa pele le tsa ho qetela, bonang! na ha lia ngoloa Bukeng+ ea Marena a Juda le a Iseraele?+ 27 Ho tloha nakong ea ha Amazia a kheloha ho lateleng Jehova, ba mo etsetsa morero+ oa bolotsana Jerusalema. Qetellong a balehela Lakishe;+ empa ba romeletsa hore a saloe morao Lakishe ’me ba mo bolaela teng.+ 28 Kahoo ba mo nka ka lipere+ ’me ba mo pata le baholo-holo ba hae motseng oa Juda.+