2 Dikronike
27 Jothame+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jerusha+ morali oa Tsadoke. 2 A ’na a etsa se nepahetseng mahlong+ a Jehova, ho ea ka sohle seo ntat’ae Uzia a neng a se entse.+ Feela ha aa ka a kena ka tempeleng ea Jehova.+ Leha ho le joalo, batho ba ne ba sa ntse ba etsa ka mokhoa o senyang.+ 3 A haha heke e ka holimo+ ea ntlo ea Jehova, ’me a haha haholo lerakong la Ofele.+ 4 A haha metse sebakeng se lithaba sa Juda,+ ’me merung+ a haha libaka tse etselitsoeng liqhobosheane le litora.+ 5 A loantša morena oa bara ba Ammone+ ’me qetellong a ba matla ho ba feta, hoo ka selemo seo bara ba Ammone ba ileng ba mo fa litalenta tsa silevera tse lekholo le litekanyo tsa kore tse likete tse leshome tsa koro+ le tse likete tse leshome tsa harese.+ Sena ke seo bara ba Ammone ba ileng ba mo lefa sona, le ka selemo sa bobeli le sa boraro. 6 Kahoo Jothame a ’na a imatlafatsa, etsoe o ile a lokisa litsela tsa hae ka pel’a Jehova Molimo oa hae.
7 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Jothame+ le lintoa tsohle tsa hae le litsela tsa hae, li ngotsoe Bukeng+ ea Marena a Iseraele le a Juda. 8 Ha a qala ho busa o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng.+ 9 Qetellong Jothame a robala le baholo-holo ba hae,+ ’me ba mo pata Motseng oa Davida.+ Mora oa hae Akaze+ a qala ho busa sebakeng sa hae.