2 Dikronike
31 Hang ha ba qetile sena sohle, Baiseraele bohle ba ileng ba fumanoa ba tsoela metseng ea Juda, ’me ba qhaqha litšiea tse halalelang+ le ho rema lipalo tse halalelang+ le ho heletsa libaka tse phahameng+ le lialetare Juda eohle le Benjamine le Efraime le Manase ho fihlela ba qetile; ka mor’a moo bara bohle ba Iseraele ba khutlela metseng ea bona, e mong le e mong letlotlong la hae.
2 Joale Ezekiase a beha lihlopha tsa baprista le tsa Balevi lihlopheng tsa bona, se seng le se seng tumellanong le tšebeletso ea sona bakeng sa baprista+ le bakeng sa Balevi mabapi le nyehelo ea secheso le mahlabelo a kopanetsoeng hore li sebeletse le ho leboha le ho fana ka thoriso+ lihekeng tsa liahelo tsa Jehova. 3 Ho ne ho e-na le karolo ea morena e tsoang thepeng ea hae bakeng sa linyehelo tsa secheso, bakeng sa linyehelo tsa secheso tsa hoseng+ le mantsiboea, le linyehelo tsa secheso bakeng sa lisabatha+ le bakeng sa likhoeli tse thoasitseng le bakeng sa linako tsa mokete,+ ho ea ka se ngoliloeng molaong oa Jehova.+
4 Ho feta moo, a re batho, baahi ba Jerusalema, ba fane ka karolo ea baprista+ le ea Balevi,+ e le hore ba ka khomarela+ molao oa Jehova ka tieo.+ 5 Hang ha lentsoe leo le hlaha, bara ba Iseraele+ ba eketsa litholoana tsa pele tsa lijo-thollo,+ veine+ e ncha, le oli+ le mahe a linotši+ le lihlahisoa tsohle tsa naha,+ ’me ba tlisa karolo ea leshome ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bongata. 6 Bara ba Iseraele le ba Juda ba neng ba lula metseng ea Juda, le bona ba tlisa karolo ea leshome ea likhomo le linku le karolo ea leshome ea lintho tse halalelang,+ lintho tse halalelitsoeng ho Jehova Molimo oa bona. Ba li tlisa ’me kahoo ba fana ka liqubu-qubu. 7 Ka khoeli ea boraro+ ba qala ho etsa liqubu ka ho beha karolo e ka tlaase-tlaase, ’me ka khoeli ea bosupa+ ba qeta. 8 Ha Ezekiase le likhosana ba tla ’me ba bona liqubu, ba boka Jehova le sechaba sa hae sa Iseraele.+
9 Ka mor’a nako Ezekiase a botsa baprista le Balevi malebana le liqubu. 10 Joale Azaria moprista ea ka sehloohong oa ntlo ea Tsadoke a re ho eena, e, a re: “Ho tloha nakong ea ha ba qala ho tlisa monehelo+ ka tlung ea Jehova ho ’nile ha jeoa ha khoroa+ ’me ha sala lintho tse ngata;+ etsoe Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae,+ ’me ho setseng ke lintho tsena tse ngata haholo.”
11 Eaba Ezekiase o re ho lokisoe likamore+ tsa ho jela ka tlung ea Jehova. Ka lebaka leo ba li lokisa. 12 Ka botšepehi+ ba ’na ba tlisa monehelo+ le karolo ea leshome+ le lintho tse halalelang; Konania Molevi o ne a ba laola e le moeta-pele, ’me Shimei mor’abo e le oa bobeli. 13 Jehiele le Azazia le Nahathe le Asahele le Jerimothe le Jozabade le Eliele le Ismakia le Mahathe le Benaia e ne e le balaoli lehlakoreng la Konania le Shimei mor’abo, ka taelo ea Morena Ezekiase, ’me Azaria e ne e le ea etellang pele oa ntlo ea Molimo oa ’nete. 14 Kore mora oa Imna Molevi e ne e le molebeli oa heke ka bochabela, a ikarabella linyehelong tsa boithaopo+ tsa Molimo oa ’nete, ho fana ka monehelo+ oa Jehova le lintho tse halalelang ka ho fetisisa.+ 15 Taolong ea hae e ne e le Edene le Miniamine le Jeshua le Shemaia, Amaria le Shekania, metseng ea baprista,+ boemong ba ho tšeptjoa, hore ba fe barab’abo bona ba lihlopheng, e moholo le e monyenyane ka ho lekana; 16 kantle le ba batona ba ngolisitsoeng ka meloko ea bona ho tloha ka ba lilemo li tharo ho ea holimo,+ bohle ba tlang ntlong ea Jehova e le taba e tloaelehileng ea letsatsi le leng le le leng, bakeng sa tšebeletso ea bona ka tlamo ho ea ka lihlopha tsa bona.
17 Bana ke ba ngolisitsoeng ka meloko ea baprista ka matlo a bo-ntat’a+ bona le a Balevi, ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli+ ho ea holimo, ka mesebetsi ea bona lihlopheng tsa bona; 18 bakeng sa ho ngolisoa ka meloko har’a bana ba bona ba banyenyane kaofela, basali ba bona le bara ba bona le barali ba bona, bakeng sa phutheho eohle, hobane boemong ba bona ba ho tšeptjoa ba ile ba ikhalaletsa bakeng sa se halalelang; 19 le bakeng sa bara ba Arone, baprista, masimong+ a makhulo a metse ea bona. Metseng eohle e fapaneng ho ne ho e-na le banna ba khethiloeng ka mabitso a bona, hore ba fane ka likarolo ho e mong le e mong e motona har’a baprista le ho bohle ba ngolisitsoeng ka meloko har’a Balevi.
20 Ezekiase a etsa tjena Juda eohle, ’me a tsoela pele ho etsa se setle+ le se nepahetseng+ le se tšepahalang+ ka pel’a Jehova Molimo oa hae. 21 Mosebetsing o mong le o mong oo a ileng a o qala tšebeletsong ea ntlo ea Molimo oa ’nete le molaong+ le taelong ea ho batla+ Molimo oa hae, a etsa ka pelo+ eohle ea hae, ’me a atleha.+