2 Dikronike
5 Qetellong mosebetsi oohle oo Solomone a neng a lokela ho o etsetsa ntlo ea Jehova o ne o phethiloe,+ ’me Solomone a qala ho kenya lintho tse halalelitsoeng ke ntat’ae Davida; a kenya silevera le khauta le lisebelisoa tsohle matlotlong a ntlo ea Molimo oa ’nete.+ 2 Joale Solomone a bokellela Jerusalema banna ba baholo ba Iseraele+ le lihlooho tsohle tsa meloko,+ marenana a malapa a habo ntat’a bona a bara ba Iseraele, ho nyolla+ areka+ ea selekane sa Jehova Motseng oa Davida,+ ke ho re, Sione.+ 3 Kahoo banna bohle ba Iseraele ba phuthehela ho morena moketeng oa khoeli ea bosupa.+
4 Kahoo banna bohle ba baholo ba Iseraele ba tla,+ ’me Balevi ba qala ho jara Areka.+ 5 Ba nyolla Areka+ le tente ea pokano+ le lisebelisoa+ tsohle tse halalelang tse neng li le ka tenteng. Baprista le Balevi ba li nyolla.+ 6 Morena Solomone le phutheho eohle ea Baiseraele ba neng ba boloka taetsano ea bona le eena ka pel’a Areka ba ne ba etsa sehlabelo+ ka linku le likhomo tse neng li ke ke tsa baloa kapa tsa lekanngoa ka bongata. 7 Joale baprista ba kenya areka ea selekane sa Jehova sebakeng sa eona, ka kamoreng e ka hare-hare+ ea ntlo, ka Sehalalelisisong,+ ka tlas’a mapheo a likerubime.+ 8 Kahoo likerubime li ne li lutse li phukalalitse mapheo ka holim ’a sebaka sa Areka, hoo likerubime li neng li koahetse Areka le lipalo+ tsa eona ka holimo.+ 9 Empa lipalo li ne li le telele, hoo lintlha tsa lipalo tseo li neng li bonahala Sehalalelong ka pel’a kamore e ka hare-hare, empa li ne li sa bonahale ka ntle, ’me li ntse li le moo ho fihlela letsatsing lena.+ 10 Ho ne ho se na letho ka Arekeng haese matlapa+ a mabeli ao Moshe a neng a fane ka ’ona Horebe,+ ha Jehova a ne a etsa selekane+ le bara ba Iseraele ha ba ne ba tsoa Egepeta.+
11 Eitse ha baprista ba tsoa sebakeng se halalelang (etsoe baprista bohle ba neng ba ka fumanoa ba ne ba ikhalalelitse+—ho ne ho sa hlokahale hore ho bolokoe lihlopha); 12 le Balevi bao e neng e le libini tsa bona kaofela, ke hore, tsa Asafe, tsa Hemane, tsa Jeduthune le tsa bara ba bona le tsa barab’abo bona ba apereng lesela la boleng bo botle ba tšoere licymbala le liletsa tse likhoele+ le liharepa, ba eme ka bochabela ho aletare ’me ba e-na le baprista ba lekholo le mashome a mabeli ba letsang literompeta; 13 eitse hang ha liletsi tsa literompeta le libini li le joaloka motho a le mong+ ka ho etsa hore molumo o le mong o rorisang le ho leboha Jehova o utloahale, le hang ha li phahamisitse molumo ka literompeta le licymbala le ka liletsa tsa pina+ le ka ho rorisa+ Jehova, “etsoe o molemo, kaha mosa oa hae o lerato+ o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,” ntlo ea tlala leru,+ ntlo ea Jehova,+ 14 ’me baprista ba ne ba sa khone ho ema hore ba sebeletse ka lebaka la leru;+ etsoe khanya+ ea Jehova e ne e tletse ntlo ea Molimo oa ’nete.