Esdrase
6 Joale Morena Dariuse a fana ka taelo, ’me ba batlisisa ka tlung ea litlaleho+ tsa matlotlo a behiloeng moo Babylona. 2 Ekbatana, sebakeng se etselitsoeng qhobosheane se neng se le profinseng ea Media,+ ho ile ha fumanoa moqolo, ’me ka har’a oona ho ne ho ngotsoe tlaleho e reng:
3 “Ka selemo sa pele sa Morena Cyruse, Morena Cyruse o ile a fana ka taelo malebana le ntlo ea Molimo e Jerusalema: Ntlo e ke e tsosolosoe hore e be sebaka seo ba lokelang ho nyehela mahlabelo ho sona,+ ’me metheo ea eona e lokela ho tiisoa, bophahamo ba eona e be litsoe tse mashome a tšeletseng, bophara ba eona e be litsoe tse mashome a tšeletseng,+ 4 hammoho le mela e meraro ea majoe a phikoloselitsoeng libakeng tsa ’ona le mola o le mong oa lifate; litšenyehelo li ke li fanoe ho tsoa ntlong ea morena.+ 5 Hape lijana+ tsa ntlo ea Molimo tsa khauta le silevera tseo Nebukadnezare+ a li ntšitseng ka tempeleng e neng e le Jerusalema ’me a li tlisa Babylona li ke li khutlisoe, e le hore li ka fihla tempeleng e Jerusalema sebakeng sa eona ’me li behoe ka tlung ea Molimo.
6 “Joale Tatenai ’musisi ea ka nģ’ane ho Nōka,+ Shethare-boznai le balekane ba bona, babusisi ba tlaasana ba ka ’nģane ho Nōka, suthelang hōle le moo.+ 7 Tlohelang+ mosebetsi o etsoang ntlong eo ea Molimo. ’Musisi oa Bajuda le banna ba baholo ba Bajuda ba tla tsosolosa ntlo eo ea Molimo sebakeng sa eona. 8 Ke fane ka taelo mabapi le seo le tla se etsa ka banna bana ba baholo ba Bajuda, bakeng sa hore ho tsosolosoe ntlo eo ea Molimo; polokelong ea matlotlo ea borena ea lekhetho la ka nģ’ane ho Nōka ho tla fanoa ka litšenyehelo ka potlako+ ho sa khaotsoe ho banna bana ba shahlileng. 9 Se hlokahalang, lipohoana+ hammoho le lipheleu+ le likonyana+ bakeng sa mahlabelo a secheso a Molimo oa leholimo, koro,+ letsoai,+ veine+ le oli,+ feela joalokaha baprista ba Jerusalema ba bolela, ba ke ba li fuoe ka ho tsoelang pele letsatsi le letsatsi ntle ho phoso; 10 e le hore ka ho tsoelang pele+ ba ka hlahisa linyehelo tse khahlisang+ ho Molimo oa maholimo ’me ba rapelle bophelo ba morena le ba bara ba hae.+ 11 Ke fane ka taelo ea hore, ha e le mang kapa mang ea tlōlang molao-taelo ona, ho tla ntšoa sefate+ ka tlung ea hae ’me o tla khokhotheloa+ ho sona, hape ntlo ea hae e tla fetoloa ntloana ea sechaba ka lebaka lena.+ 12 E se eka Molimo ea entseng hore lebitso la hae+ le lule moo a ka liha batho le morena leha e le ofe ea otlollang letsoho la hae ho etsa tlōlo le ho senya+ ntlo eo ea Molimo, e Jerusalema. ’Na, Dariuse, ke fana ka taelo. E ke e phethoe ka potlako.”
13 Joale Tatenai ’musisi ea ka nģ’ane ho Nōka,+ Shethare-boznai le balekane ba bona, feela joalokaha Morena Dariuse a ne a rometse taelo, ba etsa joalo ka potlako. 14 Banna ba baholo ba Bajuda ba ne ba ntse ba haha ebile ba hatela pele tlas’a boprofeta ba moprofeta Hagai+ le Zakaria setloholo sa Ido, ’me ba e haha le ho e phetha ka lebaka la taelo ea Molimo oa Iseraele+ le ka lebaka la taelo ea Cyruse le Dariuse le Artaxerxese morena oa Persia. 15 Ba phetha ntlo ena ka letsatsi la boraro la khoeli ea Adare,+ ke hore, ka selemo sa botšelela sa puso ea Morena Dariuse.
16 Bara ba Iseraele, baprista le Balevi+ le ba bang kaofela ba kileng ba isoa kholehong+ ba tšoara tšebeletso ea khakolo+ ea ntlo ena ea Molimo ka thabo. 17 Bakeng sa khakolo ea ntlo ena ea Molimo ba hlahisa lipoho tse lekholo, lipheleu tse makholo a mabeli, likonyana tse makholo a mane, le liphooko tse leshome le metso e ’meli e le nyehelo ea sebe bakeng sa Baiseraele bohle, ho ea ka palo ea meloko ea Iseraele. 18 Ba beha baprista lihlopheng tsa bona le Balevi lihlopheng tsa bona, bakeng sa tšebeletso ea Molimo e Jerusalema, ho ea ka taelo ea buka ea Moshe.+
19 Ba kileng ba isoa kholehong ba tšoara paseka+ ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli ea pele.+ 20 Kaha baprista le Balevi ba ne ba itlhoekisitse+ e le sehlopha se le seng, kaofela ha bona ba ne ba hloekile, kahoo ba hlaba phofu ea paseka+ bakeng sa bohle ba kileng ba isoa kholehong le bakeng sa barab’abo bona baprista le bakeng sa bona. 21 Joale bara ba Iseraele ba neng ba khutlile Kholehong ba ja,+ le e mong le e mong ea neng a ikaroletse ho bona ho tloha ho se hloekeng+ ha lichaba tsa naha, ho batla Jehova Molimo oa Iseraele. 22 Ba tsoela pele ho tšoara mokete oa mahobe a sa lomosoang+ ka matsatsi a supileng ka thabo; etsoe Jehova o ile a etsa hore ba thabe, ’me o ne a retelelitse pelo ea morena oa Assyria ho bona ho matlafatsa matsoho a bona mosebetsing oa ntlo ea Molimo oa ’nete, Molimo oa Iseraele.