Nehemia
7 Eitse hang ha lerako le tsosolositsoe,+ hang-hang ka emisa mamati.+ Joale ha behoa balebeli ba liheke le libini le Balevi. 2 Ka tsoela pele ho beha mor’eso Hanani+ taolong ea Jerusalema le Hanania khosana Qhobosheane,+ kaha e ne e le monna ea tšepahalang haholo+ ’me a tšaba+ Molimo oa ’nete ho feta ba bang ba bangata. 3 Kahoo ka re ho bona: “Liheke+ tsa Jerusalema ha lia lokela ho buloa ho fihlela letsatsi le chesa; ’me ha ba ntse ba eme haufi ba lokela ho koala mamati ba a notlele.+ Le emise balebeli ba baahi ba Jerusalema, e mong le e mong sebakeng sa hae sa ho lebela ’me e mong le e mong ka pel’a ntlo ea hae.”+ 4 Joale motse o ne o pharaletse o le moholo, ’me ho ne ho e-na le batho ba seng bakae ka hare ho oona,+ ’me ho ne ho se na matlo a hahiloeng.
5 Empa Molimo oa ka a ho kenya pelong ea ka hore ke phuthe bahlomphehi le batlatsi ba ’musi le batho hore ba ingolise ho ea ka meloko. Joale ka fumana buka ea ho ngolisoa ka meloko ea ba ileng ba tla pele, ’me ka fumana ho ngotsoe ho eona:
6 Bana ke bara ba profinse+ ba ileng ba tsoa kholehong+ ea batho ba neng ba isitsoe kholehong bao Nebukadnezare+ morena oa Babylona a neng a ba isitse kholehong+ le bao hamorao ba ileng ba khutlela Jerusalema le Juda, e mong le e mong a khutlela motseng oa habo; 7 ba ileng ba kena le Zorobabele,+ Jeshua,+ Nehemia, Azaria, Raamia, Nahamani, Mordekai, Bilshane, Misperethe, Bigvai, Nehume, Baana.
Palo ea banna ba sechaba sa Iseraele: 8 Bara ba Paroshe,+ likete tse peli le lekholo le mashome a supileng a metso e ’meli; 9 bara ba Shefatia, makholo a mararo le mashome a supileng a metso e ’meli; 10 bara ba Ara,+ makholo a tšeletseng le mashome a mahlano a metso e ’meli; 11 bara ba Pahathe-moabe, ba bara ba Jeshua le Joabe, likete tse peli le makholo a robeli le leshome le metso e robeli; 12 bara ba Elame, sekete le makholo a mabeli le mashome a mahlano a metso e mene; 13 bara ba Zatu, makholo a robeli le mashome a mane a metso e mehlano; 14 bara ba Zakai, makholo a supileng le mashome a tšeletseng; 15 bara ba Binui, makholo a tšeletseng le mashome a mane a metso e robeli; 16 bara ba Bebai, makholo a tšeletseng le mashome a mabeli a metso e robeli; 17 bara ba Azgade, likete tse peli le makholo a mararo le mashome a mabeli a metso e ’meli; 18 bara ba Adonikame, makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e supileng; 19 bara ba Bigvai, likete tse peli le mashome a tšeletseng a metso e supileng; 20 bara ba Adine, makholo a tšeletseng le mashome a mahlano a metso e mehlano; 21 bara ba Atere, oa Ezekiase, mashome a robong a metso e robeli; 22 bara ba Hashume,+ makholo a mararo le mashome a mabeli a metso e robeli; 23 bara ba Bezai, makholo a mararo le mashome a mabeli a metso e mene; 24 bara ba Harife, lekholo le leshome le metso e ’meli; 25 bara ba Gibeone,+ mashome a robong a metso e mehlano; 26 banna ba Bethlehema+ le Netofa,+ lekholo le mashome a robeli a metso e robeli; 27 banna ba Anathothe,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e robeli; 28 banna ba Bethe-azmavethe, mashome a mane a metso e ’meli; 29 banna ba Kiriathe-jearime,+ Kefira+ le Beerothe,+ makholo a supileng le mashome a mane a metso e meraro; 30 banna ba Rama le Geba,+ makholo a tšeletseng le mashome a mabeli a motso o mong; 31 banna ba Mikmase,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e ’meli; 32 banna ba Bethele+ le Ai,+ lekholo le mashome a mabeli a metso e meraro; 33 banna ba Nebo e ’ngoe, mashome a mahlano a metso e ’meli; 34 bara ba Elame e mong, sekete le makholo a mabeli le mashome a mahlano a metso e mene; 35 bara ba Harime, makholo a mararo le mashome a mabeli; 36 bara ba Jeriko, makholo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano; 37 bara ba Lode,+ Hadide le Ono,+ makholo a supileng le mashome a mabeli a motso o mong; 38 bara ba Senaa, likete tse tharo le makholo a robong le mashome a mararo.
39 Baprista: Bara ba Jedaia oa ntlo ea Jeshua, makholo a robong le mashome a supileng a metso e meraro; 40 bara ba Imere, sekete le mashome a mahlano a metso e ’meli; 41 bara ba Pashkure, sekete le makholo a mabeli le mashome a mane a metso e supileng; 42 bara ba Harime, sekete le leshome le metso e supileng.
43 Balevi: Bara ba Jeshua, ba Kadmiele, ba bara ba Hodva, mashome a supileng a metso e mene. 44 Libini, bara ba Asafe, lekholo le mashome a mane a metso e robeli. 45 Balebeli ba liheke,+ bara ba Shalume,+ bara ba Atere, bara ba Talmone,+ bara ba Akube,+ bara ba Hatita, bara ba Shobai, lekholo le mashome a mararo a metso e robeli.
46 Banethinime:+ Bara ba Ziha, bara ba Hasufa, bara ba Tabaothe, 47 bara ba Kerose, bara ba Sia, bara ba Padone, 48 bara ba Lebana, bara ba Hagaba, bara ba Salmai, 49 bara ba Hanane, bara ba Gidele, bara ba Gahare, 50 bara ba Reaia, bara ba Rezine, bara ba Nekoda, 51 bara ba Gazame, bara ba Uza, bara ba Pasea, 52 bara ba Besai, bara ba Meunime, bara ba Nefushesime, 53 bara ba Bakbuke, bara ba Hakufa, bara ba Karkure, 54 bara ba Bazlithe, bara ba Mehida, bara ba Harsha, 55 bara ba Barkose, bara ba Sisera, bara ba Tema, 56 bara ba Nezia, bara ba Hatifa.
57 Bara ba bahlanka ba Solomone:+ Bara ba Sothai, bara ba Soferethe, bara ba Perida, 58 bara ba Jaala, bara ba Darkone, bara ba Gidele, 59 bara ba Shefatia, bara ba Hatile, bara ba Pokerethe-hazebaime, bara ba Amone. 60 Banethinime+ bohle le bara ba bahlanka ba Solomone ba ne ba le makholo a mararo le mashome a robong a metso e ’meli.
61 Bana ke bona ba neng ba tsoa Tele-mela, Tele-harsha, Kerube, Adone le Imere, ’me ba ne ba sa khone ho bolela malapa a bo-ntat’a bona le lesika la bona, hore na ke ba Iseraele kapa che: 62 bara ba Delaia, bara ba Tobia, bara ba Nekoda, makholo a tšeletseng le mashome a mane a metso e ’meli. 63 Ho baprista: bara ba Habaia, bara ba Hakoze,+ bara ba Barzilai, ea ileng a nka mosali ho barali ba Barzilai+ Mogileade ’me a rehelloa ka bona. 64 Bana ke bona ba ileng ba batla tlaleho ea bona ea ngoliso, ho tiisa leloko la bona phatlalatsa, ’me ha ea ka ea fumanoa, hoo ba ileng ba thibeloa bopristeng e le ba silafetseng.+ 65 Ka lebaka leo Tirshatha+ a ba bolella hore ha baa lokela ho ja+ linthong tse halalelang ka ho fetisisa ho fihlela moprista a ema ka Urime+ le Thumime.+
66 Phutheho eohle e le sehlopha se le seng e ne e le likete tse mashome a mane a metso e ’meli le makholo a mararo le mashome a tšeletseng, 67 kantle le makhoba a bona+ le makhabunyane a bona, a neng a le likete tse supileng le makholo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng; ba ne ba e-na le libini tsa banna+ le libini tsa basali+ tse makholo a mabeli le mashome a mane a metso e mehlano.[68 Lipere tsa bona li ne li le makholo a supileng le mashome a mararo a metso e tšeletseng, limmoulo tsa bona li le makholo a mabeli le mashome a mane a metso e mehlano.] 69 Likamele li ne li le makholo a mane le mashome a mararo a metso e mehlano. Liesele+ li ne li le likete tse tšeletseng le makholo a supileng le mashome a mabeli.
70 Ho ne ho e-na le karolo ea lihlooho+ tsa malapa a habo ntat’a+ bona e ileng ea nehela mosebetsing. Tirshatha+ a nehela letlotlong lidrakema tsa khauta tse sekete, likotlolo tse mashome a mahlano, liaparo tse telele tsa ka holimo tsa baprista tse makholo a mahlano le mashome a mararo.+ 71 Ho ne ho e-na le ba bang ba lihlooho tsa malapa a habo ntat’a bona ba ileng ba nehela letlotlong bakeng sa mosebetsi lidrakema tsa khauta tse likete tse mashome a mabeli le limina tsa silevera tse likete tse peli le makholo a mabeli. 72 Seo batho ba bang kaofela ba ileng ba nehelana ka sona e ne e le lidrakema tsa khauta tse likete tse mashome a mabeli le limina tsa silevera tse likete tse peli le liaparo tse telele tsa ka holimo tsa baprista tse mashome a tšeletseng a metso e supileng.
73 Baprista le Balevi le balebeli ba liheke le libini+ le ba bang ba sechaba le Banethinime+ le Baiseraele bohle ba ile ba lula metseng ea bona.+ Ha khoeli ea bosupa e thoasa,+ bara ba Iseraele ba ne ba se ba le metseng ea bona.