Esthere
Esthere
1 Joale eitse matsatsing a Assueruse,+ ke hore, Assueruse ea neng a busa e le morena ho tloha India ho ea Ethiopia, liprofinseng tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng,+ 2 matsatsing ao ha Morena Assueruse a lutse holim ’a terone ea hae ea borena,+ e neng e le Shushane+ qhobosheaneng,+ 3 selemong sa boraro sa ho busa ha hae a tšoara mokete+ bakeng sa likhosana tsohle tsa hae le bahlanka ba hae, lebotho la sesole la Persia+ le Media,+ marena+ le likhosana tsa liprofinse tsa hae, 4 ha a ne a bonahatsa maruo+ a ’muso oa hae o khanyang le tlhompho+ le botle ba boholo ba hae ka matsatsi a mangata, matsatsi a lekholo le mashome a robeli. 5 Ha matsatsi ana a phethahetse, morena a tšoara mokete ka matsatsi a supileng bakeng sa batho bohle ba neng ba fumanoa Shushane qhobosheaneng, bakeng sa ba baholo hammoho le ba banyenyane, lebaleng la serapa sa ntlo ea ’muso ea morena. 6 Ho ne ho e-na le line, k’hothone ea boleng bo botle le e putsoa+ li tlameletsoe liropong tsa lesela la boleng bo botle, le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu+ masaleng a silevera le litšieeng tsa ’mabole, litulo tse kang bethe+ tsa khauta le silevera holim ’a sebaka se katiloeng ka pofiri le ’mabole le perela le ’mabole o motšo.
7 Ho ne ho fetisoa veine hore ho noeloe lijaneng tsa khauta;+ lijana li ne li fapane, ’me veine ea borena+ e ne e le ngata haholo, ho ea ka leruo la morena. 8 Ha e le ka nako ea ho noa ho ea ka molao, ho ne ho se ea qobellang, etsoe ke tsela eo morena a neng a lokiselitse ka eona bakeng sa monna e mong le e mong e moholo ho ba ntlo ea hae, ho etsa ho ea ka ho rata ha e mong le e mong.
9 Hape, Mofumahali Vashti+ a tšoarela basali mokete ka tlung ea borena ea Morena Assueruse.
10 Ka letsatsi la bosupa, ha pelo ea morena e nyakaletse ke veine,+ o ile a re Mehumane, Biztha, Harbona,+ Bigtha le Abagtha, Zethare le Karkase, balaoli ba supileng ba lekhotla ba neng ba sebeletsa+ Morena Assueruse, 11 ba tlise Mofumahali Vashti ka pel’a morena a roetse moqhaka, bakeng sa ho bontša lichaba le likhosana botle ba hae; etsoe o ne a e-na le ponahalo e ntle. 12 Empa Mofumahali Vashti a ’na a hana+ ho tla ka taelo ea morena e ileng ea fetisoa ka balaoli ba lekhotla. Eaba morena o halefa haholo ’me khalefo ea hae ea tuka ka hare ho eena.
13 Morena a re ho banna ba bohlale+ ba nang le tsebo ea linako+ (etsoe ka tsela ena taba ea morena e ne e tlisoa ka pel’a bohle ba neng ba rutehile haholo molaong le linyeoeng, 14 ’me ba neng ba le haufi haholo le eena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarshishe, Merese, Marsena, le Memukane, likhosana tse supileng tsa Persia le Media, tse khonang ho kena ho morena, le tse neng li lutse boemong ba pele ’musong): 15 “Ho tla etsoa eng ka Mofumahali Vashti ho ea ka molao hobane ha aa phetha polelo ea Morena Assueruse ka balaoli ba lekhotla?”
16 Eaba Memukane+ o re ka pel’a morena le likhosana: “Mofumahali Vashti ha aa fosetsa morena feela,+ empa o foselitse le likhosana tsohle le lichaba tsohle tse liprofinseng tsohle tsa Morena Assueruse. 17 Etsoe taba ea mofumahali e tla fihla ho basali bohle hoo mahlong a bona ba tlang ho nyelisa+ beng+ ba bona, ha ba re, ‘Morena Assueruse o itse Mofumahali Vashti a tlisoe ka pel’a hae, ’me ha aa ka a kena.’ 18 Letsatsing lena likhosatsana tsa Persia le Media, tse utloileng taba ea mofumahali, li tla bua le likhosana tsohle tsa morena, ’me ho tla ba le nyeliso e ngata le khalefo. 19 Haeba ho bonahala ho le molemo ho morena,+ lentsoe la borena le ke le tsoe ho eena, ’me le ngoloe har’a melao+ ea Persia le Media, e le hore le se ke la fetoloa,+ hore Vashti a se ke a kena ka pel’a Morena Assueruse; ’me boholo ba hae bo hlomphehang ba bofumahali morena a ke a bo fe motsoalle oa hae, mosali ea molemo ho mo feta. 20 Molao-taelo oa morena oo a tlang ho o etsa o tla utluoa sebakeng sohle se pusong ea hae (etsoe se seholo), ’me basali bohle ba tla hlompha beng+ ba bona,+ ba baholo hammoho le ba banyenyane.”
21 Ntho ena e ne e khahlisa mahlong a morena+ le likhosana, eaba morena o etsa ho ea ka lentsoe la Memukane. 22 Kahoo a romela litokomane tse ngotsoeng+ liprofinseng tsohle tsa morena, profinseng+ ka ’ngoe ho ea ka mokhoa oa eona oa ho ngola le ho sechaba ka seng ka leleme la sona, bakeng sa hore monna e mong le e mong a sebetse ka ho tsoelang pele e le khosana ka tlung ea hae+ le ho bua ka leleme la batho ba habo.