Esthere
10 Morena Assueruse a laela hore ho etsoe mosebetsi o qobelloang+ naheng le lihlekehlekeng+ tsa leoatle.
2 Ha e le mosebetsi oohle oa hae o matla le matla a hae le se boletsoeng ka ho toba ka boholo ba Mordekai+ boo morena a ileng a mo tlotlisa+ ka bona, na ha lia ngoloa Bukeng ea litaba+ tsa linako tsa marena a Media le Persia?+ 3 Etsoe Mordekai Mojuda e ne e le oa bobeli+ ho Morena Assueruse ’me a le moholo har’a Bajuda ’me a amoheleha ho letšoele la barab’abo, a sebetsa se molemo bakeng sa batho ba habo ’me a bolela khotso+ ho bana bohle ba bona.