Esthere
4 Mordekai+ a tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng;+ Mordekai a hahola liaparo tsa hae a apara lesela la mokotla+ ’me a itšela ka molora+ eaba o tsoela bohareng ba motse o hoeletsa ka mohoo o phahameng le o bohloko.+ 2 Qetellong a fihla ka pel’a heke ea morena,+ kaha ha ho ea neng a ka tla hekeng ea morena ka liaparo tsa lesela la mokotla. 3 Liprofinseng+ tsohle tse fapaneng, kae kapa kae moo lentsoe la morena le molao oa hae li neng li fihla teng, ho ne ho e-na le ho siama ho hoholo+ har’a Bajuda, le ho itima lijo+ le ho lla le ho bokolla. Lesela la mokotla+ le molora+ tsa phutholloa joaloka setulo se kang bethe bakeng sa ba bangata. 4 Basali ba bacha ba Esthere le maqhalaha a hae+ ba kena ’me ba mo bolella. Mofumahali a utloa bohloko haholo. Joale a romela liaparo hore ho apesoe Mordekai ’me a hlobolisoe lesela la mokotla. Ha aa ka a li amohela.+ 5 Eaba Esthere o bitsa Hathake,+ e mong oa maqhalaha a morena, eo a neng a entse hore a mo sebeletse, ’me o mo fa taelo malebana le Mordekai, e le hore a ka tseba hore na sena se bolela’ng le hore na sena se mabapi le eng.
6 Kahoo Hathake a tsoela ho Mordekai lepatlelong la motse le neng le le ka pel’a heke ea morena. 7 Joale Mordekai a mo bolella lintho tsohle tse mo hlahetseng+ le se boletsoeng ka ho toba mabapi le chelete eo Hamane a itseng o tla e lefa polokelong ea matlotlo a morena+ khahlanong le Bajuda, ho ba timetsa.+ 8 A mo fa kopi+ ea molao o ngotsoeng o fanoeng Shushane+ bakeng sa hore ba felisoe hore a e bontše Esthere le hore a mo bolelle ’me a mo laele+ hore a kene ho morena a kōpe mohau ho eena+ ’me a etse kōpo ka pel’a hae bakeng sa batho ba habo.+
9 Joale Hathake+ a kena ’me a bolella Esthere mantsoe a Mordekai. 10 Joale Esthere a laela Hathake malebana le Mordekai+ a re: 11 “Bahlanka bohle ba morena le batho ba liprofinse tsa morena baa hlokomela hore, monna kapa mosali leha e le ofe ea kenang ho morena ka lebaleng le ka hare+ a sa bitsoa, molao oa hae+ o le mong ke hore a bolaoe; ke feela haeba morena a ka mo nanabeletsa lere la borena la khauta, ka sebele a tlang ho tsoela pele a phela.+ Ha e le ’na, e se e le matsatsi a mashome a mararo joale ke e-s’o bitsoe hore ke kene ho morena.”
12 Ba bolella Mordekai mantsoe a Esthere. 13 Joale Mordekai ha a araba Esthere a re: “U se ke ua nahana moeeng oa hao hore ho tla pholoha ba ntlo ea morena ho e-na le Bajuda ba bang bohle.+ 14 Etsoe haeba u khutsa ka ho feletseng nakong ena, phomolo le topollo li tla ema bakeng sa Bajuda li tsoa sebakeng se seng;+ empa ha e le uena le ntlo ea ntat’ao, le tla timela. Ke mang ea tsebang ebang ke bakeng sa nako e kang ena u fihletseng boholo bo hlomphehang ba bofumahali?”+
15 Ka lebaka leo Esthere ha a araba Mordekai a re: 16 “Tsamaea, u bokelle Bajuda bohle ba tla fumanoa Shushane+ ’me le itime lijo+ bakeng sa ka ’me le se ke la ja kapa la noa ka matsatsi a mararo,+ bosiu le motšehare. Le ’na le basali ba bacha ba ka,+ ke tla itima lijo ka ho tšoanang, ’me ka mor’a moo ke tla kena ho morena, e leng ho seng tumellanong le molao; haeba ke timela,+ ke tla timela.” 17 Eaba Mordekai o fetela pele ’me o etsa ho ea ka sohle seo Esthere a mo laetseng sona.