Esthere
8 Letsatsing leo Morena Assueruse a fa Mofumahali Esthere ntlo ea Hamane,+ ea bontšang bora ho Bajuda;+ ’me Mordekai a tla ka pel’a morena, hobane Esthere o ne a boletse hore na ke eng le eena.+ 2 Joale morena a rōla lesale la hae la tiiso+ leo a ileng a le amoha Hamane ’me a le fa Mordekai; Esthere a tsoela pele ho beha Mordekai hore a okamele ntlo ea Hamane.+
3 Ho feta moo, Esthere a boela a bua ka pel’a morena ’me a itihela ka pel’a maoto a hae a lla ’me a mo kōpa+ mohau hore a tlose bobe+ ba Hamane Moagage le morero oa hae+ oo a neng a ile a o rerela Bajuda.+ 4 Joale morena a nanabeletsa Esthere lere la borena la khauta,+ eaba Esthere oa phahama ’me o ema ka pel’a morena. 5 Joale a re: “Haeba ho morena ho bonahala ho le molemo, haeba ke fumane kamohelo+ ka pel’a hae ’me ntho ena e loketse ka pel’a morena ebile ke le molemo ka pel’a mahlo a hae, ho ke ho ngoloe hore ho etsolloe litokomane tse ngotsoeng,+ morero oa Hamane mora oa Hamedatha Moagage,+ tseo a li ngotseng bakeng sa ho timetsa Bajuda+ ba liprofinseng+ tsohle tsa morena. 6 Etsoe nka mamella joang ha ke talima tlokotsi e tla hlahela batho ba heso, ’me ke tla mamella joang ha ke talima timetso ea beng ka ’na?”
7 Kahoo Morena Assueruse a re ho Mofumahali Esthere le ho Mordekai oa Mojuda: “Bonang! Ntlo ea Hamane ke e file Esthere,+ ’me eena ba mo fanyehile thupeng,+ ka lebaka la hore o ile a otlolla letsoho la hae khahlanong le Bajuda. 8 Le ngole molemong oa Bajuda ho ea ka se molemo mahlong a lōna lebitsong la morena ’me le se tiise ka lesale la tiiso la morena; etsoe sengoliloeng se ngotsoeng lebitsong la morena+ ’me sa tiisoa ka lesale la tiiso la morena ho ke ke ha khoneha hore se etsolloe.”+
9 Tumellanong le hoo bangoli+ ba morena ba bitsoa ka nako eo khoeling ea boraro, ke hore, khoeli ea Sivane, letsatsing la eona la mashome a mabeli a metso e meraro; ha ngoloa ho ea ka sohle seo Mordekai a se laetseng Bajuda le babusisi ba liprofinse+ le babusisi le likhosana tsa liprofinse ho tloha India ho ea Ethiopia, liprofinse+ tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng, profinse ka ’ngoe ka mokhoa oa eona oa ho ngola+ le sechaba ka seng ka leleme la sona,+ le ho Bajuda ka mokhoa oa bona oa ho ngola le ka leleme la bona.+
10 A ngola lebitsong la Morena+ Assueruse ’me a tiisa+ ka lesale la tiiso la morena+ ’me litokomane tse ngotsoeng a li romela ka matsoho a batsamaisi ba melaetsa ba lipere,+ ba palame lipere tsa ho tsamaisa melaetsa tse neng li sebelisoa tšebeletsong ea borena, lipetsana tse tona tsa lipere tse tšehali tse lebelo, 11 hore morena o lumeletse Bajuda ba neng ba le metseng eohle e fapaneng hore ba phuthehe+ le ho emela meea ea bona, ho felisa le ho bolaea le ho timetsa lebotho lohle la sechaba+ le profinse le neng le bontša bora khahlanong le bona, bana ba banyenyane le basali, le ho tlatlapa thepa ea bona e hapuoeng,+ 12 ka letsatsi le le leng+ liprofinseng tsohle tsa Morena Assueruse, letsatsing la leshome le metso e meraro+ la khoeli ea leshome le metso e ’meli, ke hore, khoeli ea Adare.+ 13 Kopi+ ea sengoliloeng e ne e lokela ho fanoa e le molao liprofinseng tsohle tse fapaneng, e phatlalatsoe ho lichaba tsohle, hore Bajuda ba lokele letsatsi lena la ho iphetetsa+ ho lira tsa bona. 14 Batsamaisi ba melaetsa+ ba tloha, ba palame lipere tsa ho tsamaisa melaetsa tse sebelisoang tšebeletsong ea borena, ba susumelletsoa ho tsamaea ’me ba potlakisoa+ ke lentsoe la morena; ’me molao o ne o fanoe Shushane+ qhobosheaneng.
15 Ha e le Mordekai, a tloha ka pel’a morena a apere seaparo sa borena+ se seputsoa le line, a roetse moqhaka o moholo oa khauta, ’me a apere seaparo sa ka holimo sa lesela la boleng bo botle,+ esita le sa boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu.+ Motse oa Shushane oa tlerola litlatse ’me oa thaba. 16 Bakeng sa Bajuda ha hlaha leseli le nyakallo+ le thabo e khaphatsehang le tlhompho. 17 Liprofinseng tsohle tse fapaneng le metseng e fapaneng kae kapa kae moo lentsoe la morena le molao oa hae li neng li fihla teng ha e-ba le nyakallo le thabo e khaphatsehang bakeng sa Bajuda, mokete+ le letsatsi le letle; ’me lichaba+ tse ngata naheng eo tsa ipolela hore ke Bajuda, kaha li ne li tšaba+ Bajuda.