Jobo
13 “Bonang! Leihlo la ka le bone sena sohle,
Tsebe ea ka e se utloile ’me ea se nahana.
3 Leha ho le joalo, ke ne ke tla bua le Ea Matla ’Ohle,+
Ke ne ke tla khahloa ke ho phehisana le Molimo.
6 Ka kōpo, utloang likhanyetso tsa ka,
Le ele hloko likōpo tse tiileng tsa molomo oa ka.
8 Na le tla mo tšoara ka leeme,
Kapa na le tla tseka molaong bakeng sa Molimo oa ’nete?
9 Na ho ne ho tla ba hotle hore a le botse?+
Kapa na le tla mo etsetsa mano joalokaha motho a etsetsa motho ea shoang mano?
10 Ka sebele o tla le khalemela+
Haeba le leka ho bontša leeme+ ka sephiring;
11 Na ho hlompheha ha hae ho ke ke ha etsa hore le qale ho tšoha,
Le mo tšabe?+
12 Lipolelo tsa lōna tse hopolehang ke maele a molora;
Mepopotlo ea lithebe tsa lōna e joaloka mepopotlo ea lithebe tsa letsopa.+
13 Khutsang ka pel’a ka, e le hore nka bua.
Joale nke ke etsahalloe ke eng kapa eng!
15 Esita leha a ka mpolaea, na ke ne nke ke ka leta?+
Ke ne ke tla pheha khang feela ka pel’a sefahleho sa hae bakeng sa litsela tsa ka.
17 Utloang lentsoe la ka ka ho hlaka,
Polelo ea ka e be litsebeng tsa lōna.
20 U se ke ua nketsa lintho tse peli feela;
Tabeng eo nke ke ka ipata ka lebaka la hao feela;+
21 Suthisetsa letsoho la hao hōle le ’na,
Ho u tšaba—e se eka ho ke ke ha ntšosa.+
22 Hooa e le hore nka araba;
Kapa ke bue, ’me u nkarabe.
23 Ke ka tsela efe ke nang le liphoso le libe?
Ntsebise bofetoheli ba ka le sebe sa ka.
25 Na u tla etsa hore lekhasi le fefoloang ke moea le tsukutlehe,
Kapa u ’ne u lelekise litlhaka tse omeletseng?
26 Etsoe u ntse u ’ngolla lintho tse bohloko+
U etsa hore ke fumane liphello tsa liphoso tsa bocha+ ba ka.