Jobo
32 Kahoo banna bana ba bararo ba khaotsa ho araba Jobo, etsoe o ne a lokile mahlong+ a hae. 2 Empa bohale ba Elihu mora oa Barakele Mobuze+ oa lelapa la Rame ba tuka. Bohale ba hae ba tukela Jobo ka lebaka la ho bolela hore moea oa hae o lokile ho e-na le Molimo.+ 3 Hape, bohale ba hae ba tukela metsoalle ea hae e meraro ka lebaka la hore e ne e sa fumana karabo empa e phatlalalitse hore Molimo o khopo.+ 4 Elihu o ne a letetse Jobo ka mantsoe, kahobane ba ne ba le baholo ho eena ka matsatsi.+ 5 Butle-butle Elihu a bona hore ha ho karabo melomong+ ea banna bao ba bararo, ’me bohale ba hae ba ’na ba tuka. 6 Elihu mora oa Barakele Mobuze a araba a re:
“Ke monyenyane ka matsatsi
Lōna le hōlile.+
Ke ka lebaka leo ke ileng ka chechela morao ’me ka tšaba
Ho le bolella tsebo ea ka.
7 Ke ile ka re, ‘Matsatsi a lokela ho bua,
Lilemo tse ngata ke tsona tse lokelang ho tsebahatsa bohlale.’+
9 Hase ba nang le matsatsi a mangata feela ba bohlale,+
Kapa hore ke ba hōlileng feela ba utloisisang kahlolo.+
10 Kahoo ke itse, ‘’Mamele.
Ke tla bolela tsebo ea ka.’
11 Bonang! Ke ’nile ka letela mantsoe a lōna,
Ka ’na ka mamela menahano+ ea lōna,
Ho fihlela le ka batla mantsoe ao le lokelang ho a bua.
12 Ke ile ka lula ke lebisitse tlhokomelo ho lōna,
Bonang! ha ho ea khalemelang Jobo,
Ha ho le ea mong ho lōna ea arabang lipolelo tsa hae,
13 E le hore le se ke la re, ‘Re fumane bohlale;+
Ke Molimo ea mo lelekang, eseng motho.’
14 Kaha ha aa teka mantsoe khahlanong le ’na,
Kahoo nke ke ka mo araba ka lipolelo tsa lōna.
15 Ba tšohile, ha baa araba;
Mantsoe a tlohile ho bona.
16 Ke letile, kaha ha ba tsoele pele ho bua;
Etsoe ba eme, ha baa araba.