Jobo
3 Na e tla etsa likōpo tse ngata tse tiileng ho uena,
Kapa e tla u bolella mantsoe a bonolo?
4 Na e tla hlaba selekane le uena,
E le hore u ka e nka joaloka lekhoba ho isa nakong e sa lekanyetsoang?
5 Na u ka bapala le eona joalokaha u bapala le nonyana,
Kapa u ka e tlamela bananyana ba hao?
6 Na balekane ba tla fapanyetsana bakeng sa eona?
Na ba tla e arolela bo-rakhoebo?
8 Beha letsoho la hao holim ’a eona.
Hopola ntoa. U se ke ua etsa joalo hape.
9 Bona! Ka sebele seo motho a se lebeletseng ka eona se tla soetseha.
Motho o tla boela a tabane fatše ha a e bona feela.
11 Ke mang ea mphileng ho hong pele, e le hore ke tšoanele ho mo putsa?
Sohle se tlas’a maholimo ’ohle ke sa ka.+
12 Nke ke ka khutsa ka likarolo tsa eona
Kapa ka matla a eona le ho boheha ha boholo ba eona.
13 Ke mang ea koaholotseng liaparo tsa eona?
Ke mang ea tla kena ka mehlahareng ea eona e ’meli?
14 Ke mang ea butseng mamati a sefahleho sa eona?
Meno a eona ka hohle aa tšosa.
15 E ikhohomosa ka makhakhapha a entseng mela,
A koetsoeng joalokaha eka ke ka tiiso e tiileng.
16 A tlameletsoe ka thata le leng ho le leng,
Le moea o ke ke oa kena pakeng tsa ’ona.
17 A khomarelane;
Aa tšoarana ’me a ke ke a aroloa.
18 Ho thimola ha eona ho khantša leseli,
Mahlo a eona a joaloka mahlaseli a mafube.
19 Molomong oa eona ho tsoa ho tšoelima ha lehalima,
Esita le litlhase tsa mollo lia baleha.
20 Linkong tsa eona ho tsoa mosi,
Joaloka sebōpi se hotelitsoeng ka loli.
21 Moea oa eona o chesa mashala,
Lelakabe le tsoa molomong oa eona.
22 Matla a lutse molaleng oa eona,
Ho felloa ke tšepo ho tlōla ka pel’a eona.
23 Maphethe a nama ea eona aa khomarelana;
A joaloka ntho e etselitsoeng holim ’a eona, e sa sisinyeheng.
24 Pelo ea eona e entsoe joaloka lejoe,
E, e entsoe joaloka leloala.
31 E etsa hore maliba a bele joaloka pitsa;
E etsa hore leoatle le be joaloka pitsa ea mafura.
32 E khantša tsela ka mor’a eona;
Motho o ne a ka nka boliba e le bohlooho-putsoa.
33 Ha ho se tšoanang le eona holim ’a lefatše,
Se entsoeng hore se se ke sa e-ba le tšabo.
34 E bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng.
Ke morena oa libata tsohle tse khōlō.”