Moeklesia
Moeklesia
1 Mantsoe a ’mokelli,+ mora oa Morena Davida oa Jerusalema.+ 2 “Lefeela la mafeela!”+ ho boletse ’mokelli, “lefeela la mafeela! Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela!”+ 3 Motho o ba le molemo ofe mosebetsing oa hae oohle o boima oo a sebetsang+ ka thata ho oona tlas’a letsatsi?+ 4 Moloko oa ea,+ ’me moloko oa tla;+ empa lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 5 Letsatsi le boetse le chabile, letsatsi le liketse,+ ’me le tla le hemesela sebakeng sa lona moo le tlang ho chabela teng.+
6 Moea o ea boroa, ’me o potoloha ho ea leboea.+ O tsoela pele ho potoloha o sa khaotse,+ ’me moea o khutlela moo o potolohang teng.+
7 Melapo eohle e phoroselang ea mariha+ e phallela leoatleng,+ empa leha ho le joalo leoatle ha le tlale.+ Sebakeng seo melapo e phoroselang ea mariha e phallelang ho sona, e khutlela ho sona e le hore e ka phalla.+ 8 Lintho tsohle lia tepeletsa;+ ha ho le ea mong ea khonang ho bua ka hona. Leihlo ha le khotsofalle ho bona,+ leha e le hore tsebe ea tlala ke ho utloa.+ 9 Se leng teng, ke sona se tlang ho ba teng;+ le se entsoeng, ke sona se tlang ho etsoa; kahoo ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi.+ 10 Na ho na le ntho leha e le efe eo ka eona e mong a ka reng: “Bona hona; ho hocha”? E se e ntse e bile teng ka nako e sa lekanyetsoang;+ se leng teng se tsoa nakong ea pele ho rōna.+ 11 Ha ho na sehopotso sa batho ba linakong tsa pele, leha e le hore ho tla ba le sa ba tlang ho ba teng hamorao.+ Ho ke ke ha e-ba le sehopotso sa bona har’a ba tla ba teng hamorao.+
12 ’Na, ’mokelli, ke ne ke le morena oa Iseraele Jerusalema.+ 13 Ke ile ka beha pelo ea ka ho batleng le ho phenyeng bohlale+ kamanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng tlas’a maholimo—mosebetsi oa tlokotsi oo Molimo a o fileng bara ba moloko oa batho oo ba lokelang ho tšoareha ka oona.+ 14 Ke ile ka bona mesebetsi eohle e entsoeng tlas’a letsatsi,+ ’me, bonang! ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea.+
15 Se khopamisitsoeng se ke ke sa otlolloa,+ le se haellang ho ke ke ha etsahala hore se baloe. 16 Ke ile ka bua le pelo ea ka,+ ka re: “Bona! Ke atetsoe ke bohlale ho feta mang kapa mang ea bileng teng pele ho ’na Jerusalema,+ ’me pelo ea ka e ile ea bona bohlale bo boholo le tsebo.”+ 17 Ke ile ka qala ho nehelana ka pelo ea ka ho tsebeng bohlale le ho tsebeng bohlanya,+ ’me ke tseba booatla,+ hore sena le sona ke ho lelekisa moea.+ 18 Etsoe moo bohlale bo leng bongata ho na le matšoenyeho a mangata,+ hoo ea eketsang tsebo a eketsang bohloko.+