Sefela sa Difela
2 “’Na ke safrone+ feela ea thota e lebōpong la leoatle, khahla ea likhohlo.”+
2 “Joaloka khahla har’a litlama-tlama tse meutloa, kharebe ea ka e joalo har’a barali.”+
3 “Joaloka sefate sa liapole+ har’a lifate tsa moru, moratuoa oa ka o joalo har’a bara.+ Moriti oa hae ke o lakalitse ka matla, hape ke lutse fatše moo, ’me litholoana tsa hae li bile monate mahalapeng a ka. 4 O ile a ntlisa ka tlung ea veine,+ ’me folakha+ ea hae holim ’a ka e ne e le lerato.+ 5 Nkhatholleng ka bohobe ba morara o omisitsoeng,+ le ’matlafatse ka liapole; etsoe ke kulisoa ke lerato.+ 6 Letsoho la hae le letšehali le tlas’a hlooho ea ka; ’me letsoho la hae le letona—lea nkopa.+ 7 Lōna barali ba Jerusalema, ke le hlapantšitse+ ka litšephe tse tšehali+ kapa ka likhama tse tšehali tsa naha, hore le se ke la leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho ’na ho fihlela lona le batla.+
8 “Molumo oa moratuoa oa ka!+ Bonang! Ke enoa oa tla, o hloa lithaba, o tlōlaka maralleng. 9 Moratuoa oa ka o tšoana le tšephe+ kapa manamane a likhama tse tona. Bonang! Enoa o eme ka mor’a lerako la rōna, a talima ka lifensetere, a nyarela ka lekhoakhoa la fensetere.+ 10 Moratuoa oa ka o arabetse ’me a re ho ’na, ‘Ema, uena kharebe ea ka, seponono sa ka,+ ’me u tle.+ 11 Etsoe, bona! nako ea lipula+ e fetile, pula ea litloebelele e khaolitse, e fetile. 12 Lithunthung li hlahile naheng,+ nako ea ho kuta+ sefate sa morara e fihlile, ’me lentsoe la leebana-khoroana+ le utloahetse naheng ea rōna. 13 Ha e le sefate sa feiga,+ se na le ’mala o bontšang ho butsoa bakeng sa lifeiga tsa sona tse butsoang pele;+ ’me lifate tsa morara li thuntse, li fane ka monko oa tsona o monate. Ema, u tle, Uena kharebe ea ka,+ seponono sa ka, ’me u tle. 14 Uena leeba+ la ka le leng tšireletsong ea lefika, sebakeng se patehileng sa tsela e motheō, u mpontše sebōpeho sa hao,+ e-re ke utloe lentsoe la hao, etsoe lentsoe la hao le monate ’me sebōpeho sa hao sea khahleha.’”+
15 “Re tšoareleng liphokojoe,+ liphokojoe tse nyenyane tse senyang lirapa tsa morara, kaha lirapa tsa rōna tsa morara li thuntse.”+
16 “Moratuoa oa ka ke oa ka ’me ’na ke oa hae.+ O lisa+ har’a likhahla.+ 17 Ho fihlela letsatsi le phola le meriti e balehile, u retelehe, Uena moratuoa oa ka; e-ba joaloka tšephe+ kapa joaloka manamane a likhama tse tona holim ’a lithaba tsa karohano.