Esaia
10 Ho malimabe ba etsang melao+ e kotsi ea tsamaiso le ba ngolang kamehla, ’me ba ngotse khathatso feela, 2 e le hore ba sutumelletse ba tlaase hōle nyeoeng le ho amoha ba hlorileng ba sechaba sa ka toka,+ hore bahlolohali e be thepa ea bona e hapuoeng, le hore ba tlatlape esita le bashanyana ba se nang bo-ntate!+ 3 Le tla etsa’ng letsatsing leo le eloang+ hloko ka lona le la tšenyeho, ha e tsoa hōle?+ Le tla balehela ho mang bakeng sa thuso,+ ’me le tla siea khanya ea lōna hokae,+ 4 haese hore motho o tla inama tlas’a batšoaruoa le hore batho ba ’ne ba oele tlas’a ba bolailoeng?+ Ka lebaka la sena sohle bohale bohle ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+
5 “Eke! Moassyria,+ molamu oa bohale ba ka,+ le thupa e matsohong a bona bakeng sa nyatso ea ka! 6 Ke tla mo romela khahlanong le sechaba sa bokoenehi,+ ’me ke tla mo fa taelo khahlanong le batho bao ke ba halefetseng,+ hore a nke thepa e ngata e hapuoeng le hore a nke se tlatlapuoeng ’me a se etse sebaka sa ho hatakeloa joaloka letsopa literateng.+ 7 Le hoja e ka ’na eaba ha a joalo, o tla ikutloa a batla; le hoja e ka ’na eaba pelo ea hae ha e joalo, o tla rera, kahobane ho felisa ho ka pelong ea hae,+ le ho felisa lichaba eseng ba seng bakae.+ 8 Etsoe o tla re, ‘Na likhosana tsa ka hase marena ka nako e tšoanang?+ 9 Na Kalno ha e tšoane le Karkemishe?+ Na Hamathe+ ha e tšoane le Arpade?+ Na Samaria+ ha e tšoane le Damaseka?+ 10 Neng kapa neng ha letsoho la ka le fihletse mebuso ea molimo oa lefeela eo litšoantšo tsa hae tse betliloeng li fetang tse Jerusalema le Samaria,+ 11 na ho ke ke ha etsahala hore feela joalokaha ke entse ho Samaria le ho melimo ea eona ea lefeela,+ ke etse le ho Jerusalema le ho melimo ea eona ea litšoantšo tse rapeloang?’+
12 “Etlare ha Jehova a felisa mosebetsi oohle oa hae Thabeng ea Sione le Jerusalema, ke tla ahlola litaba bakeng sa litholoana tsa nyeliso ea pelo ea morena oa Assyria le boikhantšo ba ho iphahamisa ha mahlo a hae.+ 13 Etsoe o itse, ‘Ka sebele ke tla nka bohato ka matla a letsoho la ka,+ le ka bohlale ba ka, etsoe ke na le kutloisiso; ke tla tlosa meeli ea lichaba,+ ’me lintho tsa tsona tse bolokiloeng ke tla li nka ka mahahapa,+ ’me ke tla liha baahi joaloka ea matla.+ 14 Joalokaha eka ke sehlaha, letsoho la ka+ le tla fihlela maruo+ a lichaba; joalokaha motho a bokella mahe a tlohetsoeng, ke tla bokella lefatše lohle, ’me ka sebele ho ke ke ha e-ba le ea phuphutsang mapheo kapa ea ahlamisang molomo kapa ea llang joaloka nonyana.’”
15 Na selepe se tla iphahamisetsa ea rathang ka sona, kapa sakha e ikhōlisetse ea e isang pele le morao, joalokaha eka lere ke lona le isang ba le phahamisetsang holimo pele le morao, joalokaha eka molamu o phahamiselitse eo e seng lehong holimo?+ 16 Ka hona Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho, o tla ’ne a romele ho ba hae ba nonneng lefu le senyang, ’me tlas’a khanya ea hae ho tuka ho tla ’ne ho tuke joaloka ho tuka ha mollo.+ 17 Khanya+ ea Iseraele e tla fetoha mollo,+ ’me Mohalaleli oa eona e be lelakabe;+ o tla tuka o chese litlama-tlama tsa eona le lihlahla tsa eona tse meutloa+ ka letsatsi le le leng. 18 O tla felisa khanya ea moru oa eona le ea serapa sa eona sa lifate tsa litholoana, ho tloha moeeng ho ea fihla nameng, ’me e tla tšoana le ho fokola ha ea kulang.+ 19 Lifate tse ling kaofela tsa moru oa eona—palo ea tsona e tla ba eo moshanyana feela a tla khona ho e ngola fatše.+
20 Ka sebele letsatsing leo ba setseng ba Iseraele+ le ba phonyohileng ba ntlo ea Jakobo ha ba sa tla hlola ba itšetleha ka ea ba otlang,+ ’me ka sebele ba tla itšetleha ka Jehova, Mohalaleli oa Iseraele,+ ka ’nete.+ 21 Ho tla khutla masala feela, masala a Jakobo, a khutlele ho Molimo ea Matla.+ 22 Etsoe le hoja batho ba hao, Uena Iseraele, ba ka ba joaloka lehlabathe la leoatle,+ ho tla khutla masala feela har’a bona. Pheliso+ e etselitsoeng qeto e tla phalla ka ho loka,+ 23 kahobane ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, o tla phethisa pheliso+ le qeto e tiileng naheng eohle.+
24 Ka hona sena ke seo ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho, a se boletseng: “Le se ke la tšoha, Lōna sechaba sa ka se lulang Sione,+ ka lebaka la Moassyria, ea neng a le+ shapa ka thupa le ea neng a le phahamisetsa lere la hae ka tsela eo Egepeta e entseng ka eona.+ 25 Etsoe ka mor’a nakoana e seng kae—nyatso+ e tla be e felile, le bohale ba ka, ha ba fela.+ 26 Ka sebele Jehova oa mabotho o tla mo tsokela sephali+ joaloka nakong ea ha Midiane e hlōloa ke lefika Orebe;+ lere la hae le tla ba leoatleng,+ ’me ka sebele o tla le phahamisa ka tsela eo a ileng a etsa ka eona ho Egepeta.+
27 “Letsatsing leo mojaro oa hae o tla tloha lehetleng la hao,+ le joko ea hae e tlohe molaleng oa hao,+ ’me ka sebele joko e tla senyeha+ ka lebaka la oli.”
28 O futuhetse Ajathe;+ o fetetse pele Migrone; o beha lintho tsa hae Mikmashe.+ 29 Ba fetile lelibohong, Geba+ ke sebaka seo ba tla hlola bosiu ho sona, Rama+ e thothometse, Gibea+ ea Saule e balehile. 30 Ntša lentsoe la hao ka mohoo oa litlatse, Uena morali oa Galime.+ Ela hloko, Uena Laisha. Uena ea hlorileng, Anathothe!+ 31 Madmena e balehile. Baahi ba Gebime ba ile moo ho sireletsehileng. 32 E sa ntse e le motšehare bakeng sa hore a emise Nobe.+ O tsoka letsoho ka ho soka thabeng ea morali oa Sione, leralla la Jerusalema.+
33 Bonang! Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho, o khethula makala ka molumo oa lerata le tšabehang;+ ’me a malelele aa rengoa, le a phahameng aa kokobela.+ 34 O khethutse makala a moru ka sesebelisoa sa tšepe, ’me Lebanone e tla lihuoa ke ea matla.+